Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 17

Jehova o U Rata Haholo

Jehova o U Rata Haholo

“Jehova o khahlisoa ke batho ba hae.”​—PES. 149:4.

PINA EA 108 Molimo oa re Rata

SELELEKELA *

Ntate oa rona “o khahlisoa” ke e mong le e mong oa rona (Sheba serapa sa 1)

1. Jehova o elelloa’ng ka batho ba hae?

JEHOVA MOLIMO “o khahlisoa ke batho ba hae.” (Pes. 149:4) Taba ena e re hlatsoa lipelo. Jehova o bona makhabane a rona, oa bona hore re ka khona ho etsa’ng hape o re hulela ho eena. Haeba re lula re mo tšepahalla, o tla lula a e-na le rona ka ho sa feleng.​—Joh. 6:44.

2. Ke hobane’ng ha batho ba bang ba thatafalloa ho lumela hore Jehova oa ba rata?

2 Motho e mong a ka ’na a re: ‘Kea tseba hore Jehova o rata batho ba hae e le sehlopha empa ke kholisoa ke’ng hore o ntsotella ke le motho ka mong?’ Ke’ng ntho e ka etsang hore motho a ipotse potso eo? Morali’abo rona Oksana *, ea hotseng habohloko o re: “Ke ile ka thaba haholo ha ke ne ke kolobetsoa le ha ke qala ho ba pula-maliboho. Empa lilemo tse 15 hamorao, ke ile ka qala ho hopola lintho tse bohloko tse ntlhahetseng. Ke ile ka etsa qeto ea hore Jehova ha a sa nkamohela le ho nthata.” Morali’abo rona Yua eo le eena a bileng le mathata a mangata ha e ntse e le ngoana o re: “Ke ile ka inehela ho Jehova hobane ke ne ke batla ho mo thabisa. Empa ke ne ke kholisehile hore Jehova a ke ke a nthata.”

3. Re tl’o bua ka’ng sehloohong see?

Joaloka Bakreste bao ba tšepahalang, le uena u rata Jehova haholo empa u ka ’na oa belaella taba ea hore oa o rata. Ke hobane’ng ha u lokela ho kholiseha hore u thatohatsi ho Jehova? Hape u ka thusoa ke’ng nakong eo u nahanang hore Jehova ha a u rate? A re ke re batleng likarabo.

HO BELAELLA LERATO LA JEHOVA HO KOTSI

4. Ke hobane’ng ha ho le kotsi ho belaella lerato leo Jehova a re ratang ka lona?

4 Lerato le na le matla a ho susumetsa motho hore a etse ntho e itseng. Haeba re kholisehile hore Jehova oa re rata le ho re tšehetsa, re tla susumeletseha hore re mo sebeletse ka lipelo tsohle tsa rona ho sa tsotellehe mathata. Empa haeba re belaella taba ea hore Jehova oa re rata, ‘matla a rona a tla fokola.’ (Liprov. 24:​10) Hape, haeba re nyahame ebile re felloa ke tumelo ea hore Jehova oa re rata, re tla iphumana re le mahlatsipa a litlhaselo tsa Satane.​—Baef. 6:16.

5. Ho belaella taba ea hore Molimo oa re rata, ho amme batho ba bang joang?

5 Bakreste ba bang ba tšepahalang mehleng ena ba nyahamisitsoe ke ho ba le lipelaelo. Mor’abo rona James oa moholo o re: “Le hoja ke ne ke sebetsa Bethele ebile ke thabela ho sebetsa le phutheho ea puo e ’ngoe, ke ne ke ipotsa hore na ehlile Jehova o amohela mahlabelo a ka. Boemong bo bong, ke ile ka ba ka ipotsa hore na Jehova o mamela lithapelo tsa ka.” Morali’abo rona Eva eo le eena a leng tšebeletsong ea nako e tletseng o re: “Ke hlokometse hore ho belaella taba ea hore Jehova oa re rata ho kotsi hobane ho u lahlisa morethetho oa ho mo sebeletsa. Ntho eo e ama takatso ea ho etsa thato ea Jehova hape e u amoha thabo ea ho mo sebeletsa.” Mor’abo rona Michael oa moholo hape e le pula-maliboho ea kamehla o re: “Haeba u sa lumele hore Molimo oa u tsotella, u tla suthela hole le eena.”

6. Re lokela ho etsa’ng haeba re e-na le lipelaelo tsa hore Molimo ha a re rate?

6 Lipale tsena li bontša hantle hore na ho ba le lipelaelo ho ka senya tumelo ea rona ho le hokae. Empa re lokela ho etsa’ng haeba lipelaelo tse joalo li qala ho ba teng ka likelellong tsa rona? Re lokela ho li leleka hang-hang! Kopa Jehova hore a u fe ‘khotso ea hae e fetang monahano oohle e tla lebela pelo ea hao le matla a hao a kelello ka Kreste Jesu’ e le hore e u thuse u tlose lipelaelo tse u ‘hlokisang botsitso.’ (Pes. 139:​23; Bafil. 4:​6, 7) U lule u hopola hore ha u mong. Bara le barali ba bo rona ba bang ba tšepahalang, ba ntse ba sebetsana le ho hlola lipelaelo. Esita le bahlanka ba Jehova ba nakong e fetileng ba ile ba sebetsana le bothata bo tšoanang. A re ke re boneng hore na re ka ithuta’ng mohlaleng oa moapostola Pauluse.

RE ITHUTA’NG MOHLALENG OA PAULUSE?

7. Pauluse o ne a e-na le mathata afe?

7 Na ka linako tse ling, u ee u utloe u imeloa ke mesebetsi e mengata eo u nang le eona, u utloe hore u ke ke oa khona ho e etsa kaofela? Haeba ho joalo, u tla utloisisa Pauluse hantle. O ile a tšoenyeha, e seng ka phutheho e le ’ngoe feela empa “ka liphutheho tsohle.” (2 Bakor. 11:​23-28) Na ho kula ho etsa hore maemong a mangata u lule u sa thaba? Pauluse o ne a e-na le “moutloa nameng” o neng o hana ho mo tlohela oo e ka ’nang eaba e ne e le bothata ba ho kula ’me o ne a le tsietsing a batla hore o mo tlohele. (2 Bakor. 12:​7-10) Na mefokolo ea hao ea u nyahamisa? Ho ne ho le joalo le ka Pauluse maemong a mang. O ile a ipitsa “monna ea soto” hobane o ne a e-na le ntoa e sa eeng moriting le mefokolo ea hae.​—Bar. 7:​21-24.

8. Pauluse o ile a thusoa ke’ng hore a mamelle mathata a hae?

8 Pauluse o ile a tsoela pele ho sebeletsa Jehova ho sa tsotellehe maemo a nyahamisang le liteko tse sa tšoaneng. O ile a nka matla a ho etsa joalo kae? Le hoja a ne a elelloa mefokolo ea hae hantle, o ne a e-na le tumelo e sa thekeseleng mabapi le thekollo. O ne a tloaelane le tšepiso ea Jesu e reng: “E mong le e mong ea bontšang tumelo ho [Jesu] . . . a be le bophelo bo sa feleng.” (Joh. 3:​16; Bar. 6:​23) Ha ho pelaelo hore Pauluse ke e mong oa ba neng ba e-na le tumelo thekollong. O ne a kholisehile hore Jehova o malala-a-laotsoe ho tšoarela batho ba entseng libe tse tebileng haholo haeba feela ba bakile.​—Pes. 86:5.

9. Re ithuta’ng mantsoeng a Pauluse a hlahang a Bagalata 2:20?

9 Pauluse o ne a boetse a e-na le tumelo matleng a lerato la Molimo le ileng la bontšoa ke Kreste. (Bala Bagalata 2:​20.) Na u hlokometse mantsoe a khothatsang qetellong ea temana eo? Pauluse o re: “Mora oa Molimo . . . [o ile] a nthata ’me a inehela bakeng sa ka.” Pauluse o ne se na moeli oa hore na Molimo o mo rata hakae joalokaha eka o ne a re: ‘Kea bona hore na ke hobane’ng ha Jehova a rata Bakreste-’moho le ’na empa ha ke lumele hore ’na a ka nthata.’ Pauluse o ile a hopotsa Baroma a re: “Ha re sa ntse re le baetsalibe, Kreste o ile a re shoela.” (Bar. 5:8) Tsela eo Molimo a re ratang ka eona ha e na moeli.

10. Re ithuta’ng ho Baroma 8:​38, 39?

10 Bala Baroma 8:​38, 39. Pauluse o ne a kholisehile kahohle-hohle hore na lerato la Molimo le matla hakae. O ile a re ha ho letho le ka ‘re arohanyang le lerato la Molimo.’ Pauluse o ne a tseba hore na Jehova o ile a sebetsana joang ka mamello le Baiseraele. O ne a boetse a tseba kamoo Jehova a ileng a mo bontša mohau kateng. Re ka hlalosa maikutlo a Pauluse ka tsela ena: ‘Kaha Jehova o rometse Mora oa hae hore a tl’o nchoela, ha ke na lebaka la ho belaella taba ea hore oa nthata.’​—Bar. 8:32.

Ho Jehova, ntho ea bohlokoa ke hore na re etsa’ng hona joale le nakong e tlang e seng liphoso tseo re li entseng khale (Sheba serapa sa 11) *

11. Le hoja Pauluse a ile a etsa libe tse kang tse ho 1 Timothea 1:​12-15, o ile a kholisoa ke’ng hore Molimo o ne a mo rata?

11 Bala 1 Timothea 1:​12-15. Ho ka etsahala hore ebe ka linako tse ling Pauluse o ne a utloisoa bohloko ke bophelo ba hae ba nakong e fetileng. O ile a itlhalosa e le moetsalibe ea “ka pele-pele” ’me ha ho makatse. Pele Pauluse a tseba ’nete, o ne a hlorisa Bakreste motseng o mong ka mor’a o mong, a ba lahlela lichankaneng a bile a lumella hore ba bang ba bolaoe. (Lik. 26:​10, 11) U nahana hore Pauluse o ne a ikutloa joang ha a kopana le Mokreste ea mocha eo mohlomong batsoali ba hae ba ileng ba bolaoa ka tumello ea Pauluse? Pauluse o ile a ikoahlaela liphoso tsa hae empa o ne a tseba hore a ke ke a fetola lintho tse etsahetseng. O ile a lumela hore Kreste o mo shoetse eaba ka kholiseho o re: “Ke seo ke leng sona ka mosa o sa tšoanelang oa Molimo.” (1 Bakor. 15:​3, 10) Re ithuta’ng? Amohela hore Kreste o u shoetse le hore u betlile tsela bakeng sa hao e le hore u ka ba le setsoalle se haufi-ufi le Jehova. (Lik. 3:​19) Ntho ea bohlokoa ho Jehova ke hore na re etsa’ng hona joale le nakong e tlang e seng liphoso tseo re li entseng khale, ebang re ne re le Lipaki Tsa Jehova ka nako eo kapa che.​—Esa. 1:18.

12. Mantsoe a ho 1 Johanne 3:​19, 20, a ka re thusa joang haeba re utloa re se na thuso kapa re sa ratoe?

12 Ha u nahana ka taba ea hore Jesu o shoetse hore a koahele libe tsa rona, u ka ’na oa re: ‘Ha ke tšoaneloe ke hore ebe Jesu o nchoetse.’ Ke hobane’ng ha u ka ikutloa ka tsela eo? Lipelo tsa rona tse sa phethahalang li ka re thetsa, tsa etsa hore re ikutloe re se na thuso ebile re sa ratoe. (Bala 1 Johanne 3:​19, 20.) Maemong ao, re lokela ho hopola hore “Molimo o moholo ho lipelo tsa rona.” Lerato la Ntate oa rona le boikemisetso ba hae ba ho re tšoarela li matla ho feta menahano e fosahetseng eo re ka bang le eona ka lipelong tsa rona. Re lokela ho ikholisa ka borona hore Jehova oa re rata. E le hore re etse joalo, re lokela ho ithuta Lentsoe la hae khafetsa, re rapele hangata hape re ikamahanye le bahlanka ba hae ba tšepahalang ka linako tsohle. Ke hobane’ng ha ho etsa lintho tsee ho le bohlokoa?

KAMOO HO ITHUTA BIBELE, THAPELO LE METSOALLE LI KA U THUSANG KATENG

13. Ho ithuta Bibele ho ka u thusa joang? (Sheba le lebokose le reng “ Lentsoe la Molimo le ba Thusitse Joang?”)

13 Ithute Lentsoe la Molimo letsatsi ka leng u tle u bone hore na Jehova o na le makhabane a ratehang hakaakang. U tla utloisisa hore na o u rata ho le hokae. Ha u thuisa ka karolo e itseng ea Bibele letsatsi ka leng, u tla khona ho nahana hantle, u khone “otlolla lintho” ka pelong le kelellong ea hao. (2 Tim. 3:​16) Mor’abo rona Kevin oa moholo ea neng a loantšana le maikutlo a ho se itšepe o re: “Ho bala le ho thuisa ka Pesaleme ea 103 ho nthusitse hore ke utloisise le ho tseba hore na ha e le hantle Jehova o ikutloa joang ka ’na.” Morali’abo rona Eva eo re buileng ka eena o re: “Ke qetella letsatsi la ka ka hore ke khutse ebe ke thuisa ka hore na Jehova o ikutloa joang. Ho etsa joalo ho nthusa hore ke be le khotso hape ho matlafatsa tumelo ea ka.”

14. Thapelo e ka re thusa joang?

14 Rapela khafetsa. (1 Bathes. 5:​17) Setsoalle se tiileng pakeng tsa batho ba babeli se tiisoa ke hore ba lule ba buisana le ho phetlelana lifuba. Hoa tšoana le ka setsoalle sa rona le Jehova. Ha re ntša maikutlo a rona, menahano ea rona le lintho tseo re amehileng ka tsona thapelong, re bontša hore rea mo tšepa le hore rea tseba hore oa re rata. (Pes. 94:​17-19; 1 Joh. 5:​14, 15) Morali’abo rona Yua eo re buileng ka eena o re: “Ha ke rapela, ke leka hore ke se ke ka bua ka lintho tseo ke li entseng letsatsing leo feela. Ke phetlela Jehova sefuba ebe ke mo bolella maikutlo a ka. Butle-butle, ke ile ka qala ho bona Jehova e se mookameli oa khoebo e itseng empa e le Ntate ea ratang bana ba hae haholo.”​—Sheba lebokose le reng “ Na U e Balile?

15. Jehova o bontša joang hore o amehile ka rona?

15 Ikamahanye le metsoalle e tšepahalang kaha ke mpho e tsoang ho Jehova. (Jak. 1:​17) Ntate oa rona oa bontša hore o amehile ka rona ka ho re fa bara le barali ba bo rona ba re ratang “ka linako tsohle.” (Liprov. 17:​17) Lengolong leo Pauluse a ileng a le ngolla Bakolose, o ile a bua ka Bakreste ba ileng ba mo tšehetsa a ba hlalosa e le “thuso e matlafatsang ho [eena].” (Bakol. 4:​10, 11) Esita le Kreste Jesu o ne a hloka thuso ea metsoalle ea hae a bile a e ananela e bang kea batho kapa mangeloi.​—Luka 22:​28, 43.

16. Metsoalle e tšepahalang e ka re thusa hore re lule re le haufi le Jehova joang?

16 Na u rua molemo ka botlalo mphong eo Jehova a re fileng eona ea metsoalle e tšepahalang? Ho bua ka lintho tse re tšoenyang le Mokreste ea nang le tumelo e matla ha se letšoao la hore rea fokola empa ke ntho e ka re sireletsang. Hlokomela hore na Mor’abo James eo re buileng ka eena o itseng: “Ho ba motsoalle oa Bakreste ba nang le tumelo e matla ho nthusitse haholo. Ha ke bipetsoa ke menahano e sa nepahalang, metsoalle ena e babatsehang e ’mamela ka hloko e be e nkhopotse hore e nthata haholo. E etsa hore ke utloe le maling mona hore Jehova oa ntsotella hape oa nthata.” Kannete ho bohlokoa hore re hahe le ho etsa setsoalle se momahaneng le Bakreste-’moho le rona.

LOANELA HO RATOA KE JEHOVA

17-18. Re lokela ho mamela mang, hona hobane’ng?

17 Satane o batla hore re khaotse ho etsa lintho tse nepahetseng. O batla re lumele hore Jehova ha a re rate le hore a ke ke a re sireletsa. Empa joalokaha re bone, ntho eo ke leshano.

18 Jehova oa u rata. U lehakoe la pelo ea hae. Haeba u mo mamela, u “tla lula leratong” la hae joaloka Jesu. (Joh. 15:​10) Kahoo, u se ka oa mamela Satane kapa pelo ea hao e thetsang. Ho e-na le hoo, mamela Jehova ea bonang lintho tsohle tse ntle ho e mong le e mong oa rona. Kholiseha hore “o khahlisoa ke batho ba hae,” ho akareletsa le uena.

PINA EA 141 Mpho ea Bophelo

^ ser. 5 Bara le barali ba bo rona ba bang ba fumana ho le thata ho lumela hore Jehova oa ba rata. Sehloohong sena, re tl’o bua ka hore na ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Jehova o re rata re le batho ka bomong. Re tla boela re bone hore na re ka hlola lipelaelo tseo re ka ’nang ra ba le tsona joang tsa hore na oa re rata.

^ ser. 2 Mabitso a mang a fetotsoe.

^ ser. 67 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Nakong e fetileng, Pauluse o ile a kenya letsoho hore Bakreste ba bangata ba isoe lichankaneng. Ha a amohela ntho eo Jesu a mo etselitseng eona, o ile a fetoha eaba o khothatsa Bakreste-’moho le eena ho akareletsa le bao ho ka etsahalang hore ebe o ile a hlorisa beng ka bona.