Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 20

Lula U Thabile ha U Ntse U Etsa Mosebetsi oa Boboleli

Lula U Thabile ha U Ntse U Etsa Mosebetsi oa Boboleli

“Jala peo ea hao . . . ’me u se ke oa lumella letsoho la hao hore le phomole.”​—MOEK. 11:6.

PINA EA 70 Le Batle ba Lipelo li Ntle

SELELEKELA *

Ka mor’a hore Jesu a ee leholimong, ka cheseho barutuoa ba hae ba bolela Jerusalema le libakeng tse ling tse ngata (Sheba serapa sa 1)

1. Jesu o behetse balateli ba hae mohlala ofe, hona ba ile ba etsa’ng? (Sheba setšoantšo se sekoahelong.)

HA JESU a ne a le lefatšeng, o ne a lula a ruta batho a bile a e-na le tšepo ea hore ba tla mo mamela ’me o ne a batla hore balateli ba hae le bona ba be le maikutlo a tšoanang ha ba ntse ba etsa mosebetsi ona. (Joh. 4:​35, 36) Ha Jesu a ntse a e-na le barutuoa ba hae, ba ne ba etsa mosebetsi oa boboleli ka mafolo-folo. (Luka 10:​1, 5-11, 17) Leha ho le joalo, ka mor’a hore Jesu a tšoaroe le ho bolaoa, barutuoa ba hae ba ne ba se ba sa thabele ho etsa mosebetsi oa boboleli. (Joh. 16:​32) Empa ka mor’a hore a tsosoe, o ile a ba khothalletsa hore ba lule ba etsa mosebetsi oa boboleli. Kahoo, ka mor’a hore a nyolohele leholimong, ba ile ba bolela ka mafolo-folo hoo lira tsa bona li ileng tsa tletleba tsa re: “Bonang! le tlatsitse Jerusalema thuto ea lona.”​—Lik. 5:​28.

2. Jehova o hlohonolofalitse mosebetsi oa boboleli joang?

2 Jesu o ne a tataisa mosebetsi o neng o etsoa ke Bakreste ba mehleng eo ’me Jehova o ile a ba hlohonolofatsa kaha batho ba bangata ba ile ba amohela molaetsa oa bona. Ka mohlala, ka Pentekonta ea 33, ho ile ha kolobetsoa batho ba ka bang 3 000. (Lik. 2:​41) Ka mor’a moo, palo ea barutuoa e ile ea tsoela pele ho eketseha haholo. (Lik. 6:7) Leha ho le joalo, Jesu o ile a re mosebetsi oa boboleli o ne o tla atleha le ho feta matsatsing a ho qetela.​—Joh. 14:​12; Lik. 1:8.

3-4. Ke hobane’ng ha bahoeletsi ba bang ba thatafalloa ke ho etsa mosebetsi oa boboleli, hona re tl’o bua ka’ng sehloohong see?

3 Kaofela ha rona re leka ho lula re thabile ha re etsa mosebetsi oa boboleli. Linaheng tse ling, ho bonolo hore bahoeletsi ba thabele ho etsa mosebetsi oo. Hobane’ng? Lebaka ke hobane ho na le batho ba bangata ba batlang ho ithuta Bibele, hoo ba bang ba lokelang ho ema ho fihlela ho e-ba le Lipaki tse ka ithutang le bona. Empa linaheng tse ling, bahoeletsi ba thatafalloa ke ho etsa mosebetsi ona oa boboleli hobane hangata batho ha ba be teng malapeng ’me ha ba ba fumana ba le teng, ha ba thabele molaetsa oa Bibele hakaalo.

4 Haeba u lula sebakeng seo ho leng thata ho etsa mosebetsi oa boboleli, mohlomong litlhahiso tse tla fanoa sehloohong sena li tla u thusa. Re tla bua ka hore na bahoeletsi ba bang ba ile ba etsa’ng e le hore ba fumane batho ba bangata tšimong. Re tla boela re bone hore na ke hobane’ng ha re ka lula re thabile ho sa tsotellehe hore na batho ba mamela molaetsa oa rona kapa che.

LULA U THABILE LE HA HO LE THATA HORE U FUMANE BATHO

5. Bahoeletsi ba bangata ba na le mathata afe?

5 Ho ntse ho e-ba thata le ho feta hore Lipaki Tsa Jehova li fumane batho malapeng a bona. Bahoeletsi ba bang ba lula libakeng tseo mehaho ea teng e kampetsoeng le ho sireletsoa ka thata. Libakeng tseo, ho ka ’na ha e-ba le motho ea katileng ea sa lumelleng batho hore ba kene haeba ho se na motho ea itseng ea lulang moo eo ba eang ho eena. Libakeng tse ling, bahoeletsi ba khona ho bolela ka ntlo le ntlo habonolo ba sa sitisoe ke letho empa ba fumana batho ba ’maloa malapeng a bona. Ba bang bona ba ruta batho molaetsa oa Bibele mahaeng kapa libakeng tse ka thoko moo ho lulang batho ba ’maloa. Bahoeletsi ba ka ’na ba tsamaea nako e telele e le hore ba fumane motho a le mong eo ba ka mo bolellang molaetsa oa Bibele ebe ba fumana motho eo a le sieo lapeng. Haeba re kopana le mathata ana ha rea lokela ho tela. Re ka etsa’ng hore re hlole mathata aa e le hore re khone ho bua le batho ba bangata?

6. Bahoeletsi ba tšoana joang le batho ba chehang litlhapi?

6 Jesu o ile a bapisa mosebetsi oa boboleli le mosebetsi o etsoang ke motho ea chehang litlhapi. (Mar. 1:​17) Ho ka ’na ha feta matsatsi a mangata batho ba chehang litlhapi ba sa li fumane. Ho e-na le hore ba tele, ba fetola tsela eo ba chehang ka eona. Ba fetola nako, sebaka kapa mokhoa oo ba chehang litlhapi ka oona. Le rona re ka etsa liphetoho tse tšoanang tšebeletsong ea rona. A re ke re bueng ka lintho tseo re ka lekang ho li etsa.

Ha u bolela molaetsa oa Bibele sebakeng seo batho ba sa fumaneheng malapeng, leka ho ea ho bona ka linako tse sa tšoaneng, libakeng tse sa tšoaneng kapa u sebelise mekhoa e sa tšoaneng (Sheba serapa sa 7 ho ea ho sa 10) *

7. Ke’ng e ka ’nang ea etsahala haeba re ruta molaetsa oa Bibele ka linako tse sa tšoaneng?

7 Leka ho fumana batho ka linako tse sa tšoaneng. Re ka buisana le batho ba bangata ka molaetsa oa Bibele haeba re ea ho bona ka nako eo ba leng teng malapeng, etsoe ha ho na hore ba ke ke ba khutlela malapeng a bona. Bara le barali ba bo rona ba bangata ba bone ho le molemo hore ba bolelle batho molaetsa oa Bibele motšehare kapa mantsiboea hobane ba fumana batho ba bangata ba le teng malapeng. Hape ho ka etsahala hore ka nako eo, ba iketlile ebile ba batla ho qoqa le rona. Kapa mohlomong u ka leka ho etsa ntho eo Mor’abo rona David oa moholo a e etsang. O re nakoana ka mor’a hore eena le mohoeletsi eo a tsamaeang le eena ba bolele molaetsa oa Bibele ka ntlo le ntlo, ba khutlela matlong ao ba sa kang ba fumana batho ho ’ona. O re: “Kea makala ha re khutlela matlong ao ’me re fumana batho ba bangata ba le teng.” *

Ha u bolela molaetsa oa Bibele sebakeng seo batho ba sa fumaneheng malapeng, leka ho ea ho bona ka linako tse sa tšoaneng (Sheba serapa sa 7 le 8)

8. Re ka sebelisa Moeklesia 11:6 joang ha re etsa mosebetsi oa boboleli?

8 Ha rea lokela ho tela. Ke eona ntho eo re ithutang eona lengolong la rona la sehlooho. (Bala Moeklesia 11:6.) Mor’abo rona David eo re sa tsoa bua ka eena ha aa ka a tela. Ntlong e ’ngoe o ile a qetella a fumane mong’a ntlo ka mor’a makhetlo a mangata a ntse a sa mo fumane. Monna eo a mo fumaneng o ne a thabela ho qoqa ka Bibele ’me o ile a re: “E se e le lilemo tse ka bang robeli ke lula sebakeng sena empa ha ke e-s’o bone Lipaki Tsa Jehova li tlile haka mona.” Mor’abo rona David o re: “Ke hlokometse hore ha u se u fumane batho malapeng a bona, hangata ba mamela molaetsa oo re ba bolellang oona.”

Ha u bolela molaetsa oa Bibele sebakeng seo batho ba sa fumaneheng malapeng, ba leke libakeng tse sa tšoaneng (Sheba serapa sa 9)

9. Bahoeletsi ba bang ba entse’ng e le hore ba fumane batho bao ho leng thata ho ba fumana malapeng?

9 Leka ho fumana batho libakeng tse sa tšoaneng. Bahoeletsi ba bang ba fetotse libaka tseo ba bolellang batho molaetsa oa Bibele e le hore ba fumane batho bao ho leng thata hore ba ba fumane malapeng. Ka mohlala, ho etsa mosebetsi oa phatlalatsa le ho sebelisa litoroli e bile mokhoa o atlehang oa ho kopana le batho ba lulang mehahong e meholo moo ba sa lumelloang hore ba bolele molaetsa oa Bibele ka ntlo le ntlo. Ho etsa joalo ho ba thusitse hore ba buisane le batho bao ho neng ho ka ba thata hore ba buisane le bona. Hape bahoeletsi ba bangata ba hlokometse hore batho ba thabela ho qoqa kapa ho nka lingoliloeng ha ba le liphakeng, limmarakeng kapa libakeng tsa khoebo. Mor’abo rona Floiran eo e leng molebeli oa potoloho Bolivia o re: “Rea limmarakeng le libakeng tsa khoebo lipakeng tsa hora ea pele le ea boraro motšehare ha batho ba rekisang ba sa phathahana haholo. Hangata re qoqa hamonate ebile re qala ho ithuta Bibele le bona.”

Ha u bolela molaetsa oa Bibele sebakeng seo batho ba sa fumaneheng malapeng, leka ho sebelisa mekhoa e sa tšoaneng (Sheba serapa sa 10)

10. U ka sebelisa mekhoa efe e le hore u buisane le batho ka molaetsa oa Bibele?

10 Leka mekhoa e sa tšoaneng. A re re u lekile ho buisana le motho ka makhetlo a mangata. U lekile ho ea ho eena ka linako tse sa tšoaneng empa u ntse u sa mo fumane lapeng. Na ho na le litsela tse ling tseo u ka fumanang motho eo ka tsona? Morali’abo rona Katarína o re: “Ke ngolla batho bao ke sa ba fumaneng malapeng mangolo, ebe ke ba ngolla ntho eo ke neng ke tla ba bolella eona haeba ke ne ke ba fumane.” Re ithuta’ng mohlaleng oa hae? Re ithuta hore re lokela ho sebelisa mekhoa e sa tšoaneng e le hore re buisane le batho bohle ba tšimong ea ha bo rona.

LULA U THABILE LE HA BATHO BA SA BATLE HO MAMELA

11. Ke hobane’ng ha batho ba bang ba sa batle ho mamela molaetsa oa rona?

11 Batho ba bang ha ba batle ho mamela molaetsa oa rona. Ba bona ho sa hlokahale hore ba ithute ka Molimo kapa ka Bibele. Ha ba lumele ho Molimo hobane ba bona mathata a teng lefatšeng. Ha ba rate Bibele hobane ba bona boikaketsi ba baeta-pele ba bolumeli ba reng ba mamela Bibele empa ba etsa lintho tse fosahetseng. Ba bang bona ba amehile haholo ka mesebetsi ea bona, malapa le mathata ao ba nang le ’ona ’me ba nahana hore Bibele e ke ke ea khona ho ba thusa. Re ka lula re thabile joang le ha batho bao re ba bolellang molaetsa oa Bibele ba nahana hore ha o bohlokoa?

12. Mantsoe a ho Bafilipi 2:4 a ka re thusa joang tšimong?

12 Bontša hore u tsotella batho ba bang. Batho ba bangata bao qalong ba neng ba sa mamele molaetsa oa Bibele, hamorao ba ile ba o mamela ha ba bona hore rea ba tsotella. (Bala Bafilipi 2:4.) Ka mohlala, Mor’abo rona David eo re buileng ka eena o re: “Haeba motho a re ha a batle ho mamela molaetsa oa rona, ke beha Bibele kapa sengoliloeng seo ke se tšoereng ebe ke re: ‘Nka rata ho utloa hore na ke hobane’ng ha u ikutloa ka tsela eo.’ ” Kahoo, batho ba tla hlokomela ha re ba tsotella. Ba ka ’na ba lebala hore na re buile ka’ng empa ho ka etsahala hore ba se ke ba lebala kamoo ba ileng ba ikutloa kateng ha re ne re qoqa le bona. Esita le ha batho ba sa batle ho bua le rona, re ka ba bontša hore rea ba tsotella ka tsela eo re itšoarang ka eona le ka ho ba botsoalle.

13. Re ka fetola molaetsa oa rona joang hore o bue ka lintho tseo motho e mong le e mong a li thabelang?

13 Re bontša hore re tsotella batho haeba re fetola molaetsa oa rona hore o bue ka lintho tseo mong’a ntlo a li hlokang le tseo a li thabelang. Ka mohlala, na ho na le ntho e bontšang hore ho na le bana ntlong eo? Batsoali ba ka ’na ba batla ho utloa keletso ea Bibele ka ho holisa bana kapa ka hore na lelapa la bona le ka thaba joang. Na monyako oa bona o notletsoe ka thata? Re ka ’na ra khetha ho bua ka bosholu bo tletseng lefatšeng le kamoo bo etsang hore batho ba bangata ba lule ba tšohile kateng ’me taba eo e ka etsa hore mong’a ntlo a thabele ho utloa hore bo tla fela. Nako le nako ha u kopana le batho ba batlang ho u mamela, leka ho ba thusa hore ba utloisise hore na keletso ea Bibele e ka ba thusa joang. Morali’abo rona Katarína eo re buileng ka eena o re: “Ke lula ke nahana kamoo Bibele e nthusitseng kateng bophelong ba ka.” Ntho eo e thusitse Morali’abo rona Katarína hore a bue le batho a kholisehile ka hore na u lumela’ng ’me batho bao a buang le bona ba khona ho hlokomela taba eo.

14. Ho ea ka Liproverbia 27:​17, bahoeletsi ba ka thusana joang ha ba etsa mosebetsi oa boboleli?

14 Lumella hore batho ba bang ba u thuse. Pauluse o ile a ruta Timothea mekhoa e sa tšoaneng ea ho bolela le ho ruta ’me o ile a khothalletsa Timothea hore le eena a rute ba bang ka tsela e tšoanang. (1 Bakor. 4:​17) Joaloka Timothea, le rona re ka ithuta ho bara le barali ba bo rona ba nang le boiphihlelo ka phuthehong. (Bala Liproverbia 27:​17.) Nahana ka mohlala oa Mor’abo rona Shawn. Ka nako e itseng, e ne e le pula-maliboho mahaeng moo batho ba bangata ba neng ba rata bolumeli ba bona. O ile a etsa’ng hore a lule a thabile? O re: “Ke ne ke sebetsa tšimo le motho e mong ha ho khoneha. Ha re ne re tloha ntlong e ’ngoe re e-ea ho e ’ngoe, re ne re sebelisa nako eo ho thusana hore re ntlafatse tsela eo re rutang ka eona. Ka mohlala, re ne re buisana ka tsela eo re buileng le batho ka eona ebe re bua ka hore na re ka araba mong’a ntlo joang ka tsela e fapaneng haeba re ka ba boemong boo hape.”

15. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re rapele ha re etsa mosebetsi oa boboleli?

15 Kopa hore Jehova a u thuse. Kopa hore Jehova a u thuse kamehla ha u etsa mosebetsi oa boboleli. Ha ho na ntho eo re ka khonang ho e finyella ntle le thuso ea moea oa hae o halalelang. (Pes. 127:1; Luka 11:​13) U lokela ho toba taba ha u rapela hore Jehova a u thuse. Ka mohlala, u ka mo kopa hore a u thuse hore u fumane motho ea batlang ho ithuta ka eena le ea ikemiselitseng ho mo mamela. Ka mor’a moo, u lokela ho etsa lintho tse lumellanang le ntho eo u e rapelletseng ka hore u bolelle batho bohle bao u kopanang le bona molaetsa oa Bibele.

16. Ke hobane’ng ha re lokela ho ithuta e le hore re atlehe tšimong?

16 Ipehele nako ea ho ithuta. Lentsoe la Molimo le re: ‘Le ipakele e le lona thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.’ (Bar. 12:2) Ha re ithuta ka Molimo, re mo tseba haholoanyane ’me ntho eo e tla re thusa hore re bue le batho ba bang re kholisehile ka lintho tseo re li buang. Morali’abo rona Katarína eo re buileng ka eena o re: “Nakong e fetileng, ke ile ka hlokomela hore ke lokela ho matlafatsa tumelo ea ka, ka lintho tsa pele tseo ke ileng ithuta tsona Bibeleng. Kahoo, ke ile ka etsa lipatlisiso ka lintho tse bontšang hore na ho na le ’Mopi, na kannete Bibele ke Lentsoe la Molimo le hore Molimo o na le mokhatlo o mo emelang kajeno.” Morali’abo rona Katarína o re ho ithuta ho matlafalitse tumelo ea hae ’me ho entse hore a thabele tšimo le ho feta.

KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO LULA RE THABILE HA RE BOLELA MOLAETSA OA BIBELE?

17. Ke hobane’ng ha Jesu a ne a lula a thabile tšebeletsong ea hae?

17 Jesu o ne a lula a thabile ’me o ile a tsoela pele a ruta batho le ha ba bang ba ne ba sa mamele molaetsa oa hae. Ebe ke hobane’ng? Lebaka ke hobane o ne a tseba hore batho ba bangata ba hloka ho tseba ’nete ’me o ne a batla ho fa batho ba bangata kamoo ho ka khonehang monyetla oa hore ba mamele molaetsa oa ’Muso oa Molimo. Hape o ne a tseba hore batho ba neng ba sa mo mamele qalong, ba ka ’na ba qetella ba mo mametse. Nahana ka ntho e ileng ea etsahala lelapeng la bo Jesu. Nakong eo Jesu a neng a etsa tšebeletso ea hae e nkileng lilemo tse tharo le halofo, bana ba bo ha baa ka ba e-ba barutuoa ba hae. (Joh. 7:5) Leha ho le joalo, e ile ea ba Bakreste ka mor’a hore a tsosoe.​—Lik. 1:14.

18. Ke hobane’ng ha re tsoela pele ho bolela?

18 Ha re tsebe hore na ke mang ea tla qetella e le mohlanka oa Jehova. Batho ba bang ba nka nako e telele hore ba amohele molaetsa oa rona. Esita le ba bang ba sa batleng ho re mamela, ba bona boitšoaro ba rona bo botle le kamoo re thabileng kateng ’me ba ka ’na ba qetella ba “tlotlisa Molimo.”​—1 Pet. 2:12.

19. Ho ea ka 1 Bakorinthe 3:​6, 7, re lokela ho hopola’ng?

19 Le hoja re lema ebile re nosetsa, re lokela ho hopola hore ke Molimo ea holisang. (Bala 1 Bakorinthe 3:​6, 7.) Mor’abo rona Getahun oa Ethiopia o re: “Ke ne ke le Paki ke le mong ka lilemo tse fetang 20 moo ke neng ke lula teng tšimong e sa sebetsoeng kamehla. Empa hona joale ho se ho e-na le bahoeletsi ba 14. Ba 13 ke bahoeletsi ba kolobelitsoeng ho akarelletsa le mosali oa ka le bana ba ka ba bararo ’me batho ba ka bang 32 ba tla libokeng.” Mor’abo rona Getahun o thabile hore ebe o ile a tsoela pele a bolela ha a ntse a emetse hore Jehova a hulele batho ba ikokobelitseng mokhatlong oa hae.​—Joh. 6:44.

20. Re tšoana le batho ba pholosang batho ka litsela life?

20 Jehova o nka batho bohle e le ba bohlokoa. O re file tlotla ea ho sebetsa le Mora oa hae ho bokella batho ho tsoa lichabeng tsohle pele bofelo bo tla. (Hag. 2:7) Mosebetsi oa boboleli o ka bapisoa le mosebetsi oa ho pholosa batho ’me rona re tšoana le batho ba rometsoeng ho il’o pholosa batho ba sa khoneng ho tsoa ka morafong. Le hoja ho ka fumanoa batho ba ’maloa ba phela, mosebetsi o etsoang ke batho ba ba pholosang ke oa bohlokoa. Mosebetsi oo ba o etsang o tšoana le mosebetsi oa rona oa boboleli. Ha re tsebe hore na ke batho ba ba kae ba tla pholoha lefatše lena le busoang ke Satane. Empa Jehova a ka sebelisa e mong le e mong oa rona hore a ba thuse. Mor’abo rona Andreas ea lulang Bolivia o re: “Kea tseba hore motho e mong le e mong ea ithutang Bibele ’me a kolobetsoa o etsa joalo hobane batho ba bangata ba mo thusitse.” E se eka le rona re ka lula re thabile ha re bolella batho molaetsa oa Bibele. Ha re etsa joalo, Jehova o tla re hlohonolofatsa ’me mosebetsi oa rona oa boboleli o tla re thabisa haholo.

PINA EA 66 Phatlalatsang Litaba Tse Molemo

^ ser. 5 Re ka lula re thabile joang ha re ntse re etsa mosebetsi oa boboleli le hoja re sa fumane batho ba bangata malapeng a bona kapa ba bang ba sa mamele molaetsa oa rona? Sehlooho sena se tla re thusa hore re fumane litsela tse sa tšoaneng tsa hore re ’ne re bolelle batho molaetsa oa Bibele ’me re lule re thabile.

^ ser. 7 Bahoeletsi ba lokela ho sebelisa mekhoa e sa tšoaneng ea ho bolela molaetsa oa Bibele joalokaha ho bontšitsoe sehloohong sena ka tsela e lumellanang le melao ea naha e mabapi le ho sebelisa boitsebiso ba motho.

^ ser. 60 TLHALOSO EA ITŠOANTŠO: (ho tloha holimo ho ea tlaase): Mor’abo rona le mohatsa oa hae ba bolela molaetsa oa Bibele moo ho leng thata ho fumana batho malapeng. Motho oa pele o mosebetsing, oa bobeli o sepetlele ’me oa boraro o ile lishopong. Ba leka ho fumana motho oa pele ka hore ba mo etele mantsiboea. Ba kopana le motho oa bobeli ha ba ntse ba etsa mosebetsi oa phatlalatsa haufi le sepetlele. Ba leka ho fumana motho oa boraro ka hore ba mo founele.