Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA BOPHELO

“Ke Ithutile Lintho Tse Ngata ho Batho ba Bang”

“Ke Ithutile Lintho Tse Ngata ho Batho ba Bang”

HO NE ho le lefifi le letšo-letšo lithabeng tsa Algeria, moo sehlopha sa masole a haeso a neng a hlomme liahelo teng ’me ntoa e ne e ntse e kupa ka matla sebakeng seo. Ke ne ke katile ke le mong, ke ipatile ka mekotla e tšetseng lehlabathe e entsoeng qubu ke tšoere sethunya ka letsoho. Ka tšohanyetso, ke ile ka utloa eka ho na le motho ea tlang. Eaba kea hoama. Ke ne ke qeta ho feta lilemo tsa bocha ’me ke ne ke sa batle ho bolaea kapa ho bolaoa. Ke ile ka hoeletsa ka re: “Molimo Nthuse!”

Bophelo ba ka bo ile ba fetoha bosiung boo bo tšosang hobane ke ile ka qala ho batla ho tseba ka ’Mopi. Empa pele ke le phetela ka tsa mohla bosiu boo, e reng ke le bolelle hore na ke lintho life tse ileng tsa etsahala ha ke sa le monyane tse ileng tsa etsa hore ke batle ho tseba ka Molimo.

LINTHO TSEO NTATE A NTHUTILENG TSONA

Ke hlahile ka 1937 toropong ea Guesnain, e nang le merafo ka leboea ho Fora. Ntate oa ka o ne a sebetsa merafong ea mashala ’me ke ile ka ithuta bohlokoa ba ho sebetsa ka thata ho eena. Ke ile ka boela ka ithuta ho rata toka ho eena, e leng ntho e ileng ea mo susumetsa hore a loanele ho sireletsa basebetsi ba merafo ba neng ba tlameha ho mamella maemo a kotsi a mosebetsing. E le ho ba thusa hore ba ntlafatse maemo a bona, ntate o ile a kena mekhatlong ea basebetsi le mehoantong. O ne a boetse a koatisoa ke boikaketsi boo a neng a bo bona ho baruti. Boholo ba bona ba ne ba phela hamonate empa ho ntse ho le joalo, ba ne ba kopa chelete le lijo ho basebetsi ba merafo ba neng ba sebetsa ka thata hore ba khone ho phela. Ntate o ne a nyonya boitšoaro ba baruti hoo a sa kang a itšoenya ka ho nthuta ka litaba tsa bolumeli. Ha e le hantle, ha ho mohla re neng re bua ka Molimo.

Ha ke ntse ke hola, le ’na ke ile ka qala ho hloea ho hloka toka. Ho hloka toka hoo ho ne ho akarelletsa khethollo eo bajaki ba Fora ba neng ba e bontšoa ke batho ba Fora. Ke ne ke bapala bolo le bana ba falelletseng moo ’me ke ne ke thabela ho ba le bona. Ntle ho moo, ’mè oa ka o ne a tsoa Poland, e ne e se Mofora. Ke ne ke labalabela hore merabe eohle e phele ka khotso le ka teka-tekano.

KE ILE KA QALA HO NAHANA KA HO TEBA KA BOPHELO

Ha ke ntse ke le sesoleng

’Muso o ile oa re ke ee sesoleng ka 1957. Ke kahoo ke ileng ka qetella ke le lithabeng tsa Algeria bosiung bane. Ka mor’a hore ke re: “Molimo nthuse!” Ke ile ka kopana le tonki e seng lesole la ba lireng. Ho ile ha ba ha re kokololo! Ho ntse ho le joalo, ketsahalo eo le ntoa ka boeona li ile tsa etsa hore ke nahane haholo ka morero oa bophelo. Ke hobane’ng ha re phela? Na Molimo oa re tsotella? Na re tla ke re be le khotso ka ho sa feleng?

Neng-neng ha ke nkile matsatsi a phomolo ke chaketse lapeng, ke ile ka kopana le Paki ea Jehova. E ile ea mpha kopi ea phetolelo sa Sefora ea La Sainte Bible, ea kereke ea Roma eo ke ileng ka qala ho e bala ha ke khutlela Algeria. Litemana tseo ka ho khetheha li ileng tsa nkotla ka hare ke tsa Tšenolo 21:​3, 4. Li re: “Tente ea Molimo e ho moloko oa batho . . . O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.” * Litemana tsena li ile tsa ’makatsa haholo. Ke ile ka ipotsa: ‘Na ehlile litaba tsee li tla phethahala?’ Ka nako eo, ke ne ke sa tsebe letho ka Molimo le ka Bibele.

Ka mor’a hore ke qete tšebeletso ea ka ea sesole ka 1959, ke ile ka kopana le François oa Paki ea ileng a nthuta Bibele. Mohlala, o ile a mpontša ka Bibeleng hore Molimo o na le lebitso e leng Jehova. (Pes. 83:​18) O ile a boela a ntlhalosetsa hore Jehova o tla etsa hore toka e be teng lefatšeng, a etse lefatše paradeise a be a phethahatse Tšenolo 21:​3, 4.

Lithuto tseo li ne li utloahala tsa ba tsa nkama pelo haholo. Leha ho le joalo, ke ile ka halefisoa haholo ke baruti bao ke neng ke batla ho pepesa lithuto tseo ba neng ba li ruta tse sa tsoeng ka Bibeleng. Ho bonahala eka ke ne ke ntse ke susumelitsoe ke tsela eo ntate a neng a etsa lintho ka eona ’me ke ne ke se na mamello. Ke ne ke batla ho etsa ho hong ka eona nako eo.

François le metsoalle ea ka e mecha ea Lipaki ba ile ba nthusa hore ke khobe matšoafo. Ba ile ba hlalosa hore mosebetsi oa rona re le Bakreste ha se ho ahlola empa ke ho fa batho tšepo ka ho ba bolella litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo. Mosebetsi ona ke oo Jesu a ileng a o etsa a ba a re balateli ba hae ba o etse. (Mat. 24:​14; Luka 4:​43) Ke ile ka boela ka ithuta ho bua le batho ka mosa le ka tsela e nahanelang ho sa tsotellehe hore na ba lumela’ng. Bibele e re: “Lekhoba la Morena ha ho hlokahale hore le loane empa ho hlokahala hore le be bonolo ho bohle.”​—2 Tim. 2:24.

Ke ile ka etsa liphetoho bophelong ba ka eaba ke kolobetsoa ka 1959 kopanong ea potoloho. Kopanong eo, ke ile ka kopana le Morali’abo rona Angèle ea ileng a nkhahla haholo. Ke ile ka qala ho ea libokeng tsa phutheho eo a neng a le ho eona eaba re nyalana ka 1960. Ke mosali oa ’makhonthe, o rateha haholo hape ke mpho ea bohlokoa e tsoang ho Jehova.​—Liprov. 19:14.

Mohla lechato la rona

KE ITHUTILE HAHOLO HO BATHO BA BOHLALE LE BA NANG LE BOIPHIHLELO

Ho theosa le lilemo, ke ithutile lintho tse ngata tsa bohlokoa ho barab’abo rona ba bohlale le ba nang le boiphihlelo. Taba ea bohlokoa-hlokoa ke ena: E le hore u atlehe ho etsa mosebetsi oo u o fuoang, u lokela hore u be motho ea ikokobelitseng hape u sebelise keletso e hlahang ho Liproverbia 15:​22 e reng: “Ha baeletsi ba le bangata ho na le se finyelloang.”

Re potolohong Fora ka 1965

Ka 1964, ke ile ka bona bonnete ba mantsoe ao a bululetsoeng. Selemong seo, ke ile ka qala ho ba molebeli oa potoloho ke etela liphutheho ho ea li khothatsa le ho li matlafatsa tumelong. Empa ka nako eo, ke ne ke le lilemo li 27 hape ke se na boiphihlelo bo bokaalo. Kahoo, ke ile ka etsa liphoso. Leha ho le joalo, ke ile ka leka ho ithuta ho tsona. Ka holimo ho tsohle, ke ile ka ithuta lintho tsa bohlokoa haholo ho “baeletsi” ba nang le bokhoni le boiphihlelo.

Ke hopola ntho e ileng ea etsahala ha ke sa tsoa ba mopotolohi. Ka mor’a ho etela phutheho e ’ngoe Paris, mor’abo rona ea nang le boiphihlelo, o ile a kopa hore a ke a tl’o bua le ’na lekunutung. Eaba ke re: “Ha ho na bothata.”

O ile a re: “Louis, ha ngaka e ile lapeng la motho e ee be e il’o bona mang?”

Eaba ke re: “E il’o bona mokuli.”

Eaba o re: “O nepile. Empa ke hlokometse hore u qeta nako e ngata haholo u na le batho ba nang le kamano e ntle le Molimo ba kang molebeli oa phutheho. Phutheho ea rona e na le bara le barali ba bo rona ba bangata ba lihlong, ba nyahameng le ba sa tsoa kena ka phuthehong. Ba tla ananela haholo ha u ka ipha nako ea bona esita le ha u ka ea malapeng a bona ho ea thabela lijo.”

Keletso eo ea mor’abo rona e ne e le bohlokoa hape e le molemo haholo. Tsela eo a neng a rata linku tsa Molimo ka eona e ile ea nkama maikutlo. Kahoo, le hoja ho ne ho le thata ho lumela hore ke entse phoso, ke ile ka sebelisa keletso eo hang-hang. Ke leboha Jehova ka barab’abo rona ba joalo.

Ka selemo sa 1969 le sa 1973, ke ile ka khethoa hore ke be molebeli oa lefapha la tšebeletso ea lijo likopanong tse peli tsa machaba tse neng li tšoaretsoe Colombes, Paris. Kopanong ea 1973, batho ba ka bang 60 000 ba ne ba lokela ho fuoa lijo ka matsatsi a mahlano. Ke ne ke tšohile ke sa tsebe hore na ebe ke tla khona ho etsa mosebetsi oo. Empa le lekhetlong lena, ntho ea bohlokoa e ile ea e-ba ho sebelisa Liproverbia 15:​22 e leng ho kopa keletso ho ba bohlale. Ke ile ka ea ho barab’abo rona bao e leng khale ba sebeletsa Jehova le ba nang le boiphihlelo litabeng tsa lijo. Ba ne ba akarelletsa basebetsi ba lilakha, batho ba lemang moroho, ba phehang le ba rekisang. Re ile ra khona ho phetha mosebetsi oo o boima hammoho.

Ka 1973, re ile ra memeloa ho ea Bethele e Fora le mosali oa ka. Mosebetsi oa ka ha re fihla moo le oona o ile oa e-ba boima haholo. Ke ne ke tlameha ho romela lingoliloeng ho barab’abo rona ba naheng ea Cameroon e Afrika, moo mosebetsi oa rona o neng o thibetsoe lipakeng tsa 1970 le 1993. Le lekhetlong lena ke ne ke tšohile. Mor’abo rona ea neng a lebela mosebetsi oo, e ka ’na eaba o ile a bona hore ke tšohile eaba o nkhothatsa ka ho re: “Barab’abo rona ba Cameroon ba tlaleng e kholo haholo ea lijo tse ba thusang ho ba le kamano e ntle le Jehova. Ha re ba fepe!” Eaba re etsa joalo.

Ke sebokeng se khethehileng se tšoaretsoeng Nigeria le Lipaki tse tsoang Cameroon, ka 1973

Ke ile ka ba le maeto a ’maloa a ho ea linaheng tse sehelanang meeli le Cameroon ho ea kopana le baholo ba tsoang naheng eo. Barab’abo rona bao ba sebete le ba bohlale ba ile ba nthusa hore re etse litlhophiso tse hlokahalang e le hore barab’abo rona ba Cameroon ba ka lula ba fumana lingoliloeng. Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko boo ba rona. Ha e le hantle, ka lilemo tse ka bang 20, bahlanka ba Jehova naheng eo ha baa ka ba fetoa ke Molula-Qhooa le sengoliloeng seo ka nako eo se neng se bitsoa Our Kingdom Service.

Ka 1977, ’na le Angèle re ile ra thabela ho ea Nigeria re il’o ba le seboka le bapotolohi le basali ba bona ba tsoang Cameroon

KE ITHUTILE LINTHO TSE NGATA HO LEHAKOE LA PELO EA KA

Ho tloha hang feela ha ke qala ho ratana le Angèle, ke ile ka hlokomela hore o na le kamano e haufi-ufi le Jehova. Ka mor’a hore re nyalane, ke ile ka bona bopaki ba taba eo hantle. Mohlala, bosiu ba letsatsi leo re nyalaneng ka lona, o ile a re ke rapelle hore Jehova a re thuse hore re mo sebeletse kahohle kamoo re ka khonang. Jehova o ile a arabela thapelo eo.

Angèle o boetse o nthusitse hore ke tšepe Jehova haholoanyane. Mohlala, ha re ne re koptjoa hore re il’o sebetsa Bethele ka 1973, ke ne ke le lesisitheho hobane ke ne ke rata mosebetsi oa potoloho. Empa Angèle o ile a nkhopotsa hore re inehetse ho Jehova. Kahoo, na ha rea lokela ho etsa eng kapa eng eo mokhatlo oa hae o re kopang hore re e etse? (Baheb. 13:​17) Ke ne ke sitoa ho pheha khang ka taba eo. Kahoo, re ile ra ea Bethele. Lilemo tsohle tseo re li phetseng ’moho, ke bone hore mosali oa ka o bohlale, o na le kelello e hlaphohileng, o rata Jehova ’me makhabane ao ke ’ona a entseng hore lenyalo la rona le tiee a ba a re thusa hore re etse liqeto tse nepahetseng.

Ke na le Angèle serapeng sa Bethele Fora

Le hoja re ntse re tsofala, Angèle o ntse a tsoela pele ho ba mosali oa ’makhonthe le ea ntšehetsang. Mohlala, e le hore re khone ho ea likolong tsa puso ea Molimo, tseo boholo ba tsona li tšoaroang ka puo ea Sekhooa, ’na le Angèle re ile ra qala ho sebetsa ka thata ho ithuta puo eo. Kahoo, re ile ra etsa qeto ea ho ea phuthehong e buang Sekhooa le hoja re ne re se re le lilemong tsa bo-70 ka nako eo. Kaha ke ne ke e-na le boikarabello ba ho ba setho sa Komiti ea Lekala la Fora, ho ithuta puo e ’ngoe ho ne ho se bonolo. Empa ’na le Angèle re ile ra thusana. Le hoja re le lilemong tsa bo-80 hona joale, re ntse re tsoela pele ho lokisetsa liboka ka Sekhooa le Sefora. Re boetse re leka hore hangata kamoo re ka khonang re be teng libokeng le tšimong ea phutheho ea rona. Jehova o hlohonolofalitse boiteko ba rona ba ho ithuta Sekhooa.

Re ile ra thaba le ho feta ka 2017. ’Na le Angèle re ile ra ba le tlotla ea ho ea Sekolong sa Litho Tsa Likomiti Tsa Makala le Basali ba Bona se neng se tšoaretsoe Setsing sa Thupelo sa Watchtower se Patterson, Amerika.

Kannete Jehova ke morupeli e moholo. (Esa. 30:​20) Kahoo, ha ho makatse hore ebe batho ba hae e bang ba baholo kapa ba banyane, ba fumana thupelo e molemo ka ho fetisisa. (Deut. 4:​5-8) Ke bone hore ha bacha ba mamela Jehova hape ba mamela batho ba nang le boiphihlelo, ba khona ho etsa liqeto tse nepahetseng ba be ba atlehe ha ba se ba holile. Liproverbia 9:9 e re: “Fa motho ea bohlale ’me o tla hlalefa haholo. Fa motho ea lokileng tsebo ’me o tla eketsa ho ithuta.”

Ka linako tse ling, ke ikhopotsa mohla letsatsi lane leo ke neng ke le lithabeng tsa Algeria lilemong tse ka bang tse 60 tse fetileng. Ke ne ke sa tsebe hore ke ne ke tl’o ba le bophelo bo monate hakana. Ke ithutile lintho tse ngata haholo ho batho ba bang. Jehova o re file bophelo bo monate le bo khotsofatsang haholo le mosali oa ka. Kahoo, re ikemiselitse hore re ke ke ra khaotsa ho ithuta ho ntate oa rona le ho bara le barali ba bo rona ba bohlale le ba ratang Jehova.

^ ser. 11 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang.