Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Na batho ba mehleng ea Bibele ba ne ba sebelisa joang ba loli ho etsa likepe?

Joang ba loli

BATHO ba bangata baa tseba hore mehleng ea khale, batho ba Egepeta ba ne ba ngolla nthong ea ho ngolla e neng e entsoe ka joang ba loli. Bagerike le Baroma le bona ba ne ba ngolla nthong eo e entsoeng ka loli. * Empa ha se batho ba bangata ba neng ba tseba hore joang ba loli bo ne bo boetse bo sebelisetsoa ho etsa likepe.

Likepe tse peli tse entsoeng ka loli li behiloe ka mabitleng a khale a Egepeta

Lilemo tse fetang 2 500 tse fetileng, moprofeta Esaia o ile a ngola hore batho ba lulang “sebakeng sa linoka tsa Ethiopia” ba ile ba romela “baromuoa ka leoatle le ka likepe tsa loli holim’a metsi.” Hamorao, moprofeta Jeremia o ile a bolela esale pele hore ha Bamede le Bapersia ba hlasela Bababylona, ba tla chesa “likepe [tsa bona] tsa loli” ho ba thibela hore ba se ke ba baleha.​—Esa. 18:​1, 2; Jer. 51:32.

Bibele e bululetsoe ke Molimo, kahoo, e ke ke ea e-ba ntho e makatsang ho baithuti ba Bibele ho tseba hore baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba fumana hore joang ba loli kannete bo ne bo sebelisetsoa ho etsa likepe mehleng ea Bibele. (2 Tim. 3:​16) Baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba fumana’ng? Ba ile ba fumana bopaki bo hlakileng ba hore likepe li ne li etsoa ka joang ba loli Egepeta.

LIKEPE TSE ENTSOENG KA LOLI LI NE LI ETSOA JOANG?

Mabitleng a Egepeta a khale, ho ne ho e-na le litšoantšo le lintho tse toroiloeng maboteng tse bontšang kamoo batho ba neng ba kotula joang ba loli kateng ebe ba etsa likepe ka bona. Banna ba ne ba khaola mahlaka a loli ebe baa a bokella, baa a tlama ebe baa a otlanya fatše ho etsa hore a tiee. Mahlaka a loli a khutlo-tharo. Kahoo, ha mahlaka ao a tlanngoe hammoho ka thata aa tiea. Ho ea ka buka ea A Companion to Ancient Egypt, likepe tse entsoeng ka joang ba loli li ne li ka ba bolelele ba limithara tse 17 ’me li ka beha masokoana a ka bang 10 kapa 12 lehlakoreng ka leng.

Litšoantšo tse toroiloeng maboteng a Egepeta tse bontšang kamoo likepe tsa loli li entsoeng kateng

KE HOBANE’NG HA BATHO BA NENG BA ETSA LIKEPE BA ILE BA SEBELISA LOLI?

Hangata joang ba loli bo ne bo fumaneha ka bongata phuleng ea Noka ea Nile. Ho feta moo, ho ne ho le bonolo ho etsa likepe tse entsoeng ka joang boo. Esita le nakong eo batho ba neng ba se ba sebelisa patsi ho etsa likepe tse kholo, ho bonahala batho ba chehang litlhapi le batho ba tsomang ba ile ba tsoela pele ho sebelisa loli ho etsa likepe tse nyane.

Batho ba ile ba tsoela pele ho sebelisa likepe tse entsoeng ka loli nako e telele. Ho ea ka mongoli oa Segerike e leng Plutarch ea phetseng mehleng ea baapostola, o re batho mehleng ea hae ba ne ba ntse ba tloaetse ho sebelisa likepe tse entsoeng ka loli ka nako eo.

^ ser. 3 Joang ba loli bo holela sebakeng seo ho lulang ho e-na le metsi le linokeng tseo metsi a teng a sa phalleng ka potlako. Joang bona bo ka hola ba e-ba bolelele ba limithara tse hlano ’me kutu ea bona ea e-ba botenya ba lisenthimithara tse 15.