Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Sehlooho Se Ithutoang Sa 23

Ha U Mong Hobane Jehova o Lula a E-⁠na le Uena

Ha U Mong Hobane Jehova o Lula a E-⁠na le Uena

“Jehova o haufi le bohle ba ipiletsang ho eena.”​PES. 145:18.

PINA EA 28 E-ba Motsoalle oa Jehova

SEO RE TLʼO ITHUTA SONA *

1. Ke hobane’ng ha bahlanka ba Jehova ka linako tse ling ba ikutloa eka ba bang?

KA LINAKO tse ling bongata ba rona re na le ho ikutloa eka re bang. Batho ba bang ba nka nako e telele ba ikutloa eka ha ba na mang oe empa ba bang bona ha ba nke nako e telele. Re ka ’na ra ikutloa eka re metoai-toai esita le ha re le har’a batho ba bangata. Ho thata ho batho ba bang hore ba etse metsoalle ha ba fihla phuthehong e ncha. Ba bang ba tsoa malapeng a tloaetseng ho etsa lintho ’moho ’me ha ba tloha ba ea libakeng tse hole le malapa a bona ba ikutloa eka ba bang. Ba bang ba hopola ho qeta nako le batho bao ba ba ratang ba seng ba hlokahetse. Bakreste ba bang haholo-holo ba sa tsoa ithuta Bibele, ba ikutloa eka ha ba na mang oe nakong eo ba hlorisoang le ho hanyetsoa ke ba lelapa le metsoalle bao e seng Lipaki.

2. Re tl’o araba lipotso life?

2 Jehova oa tseba ebile o utloisisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka rona. Oa bona ha re ikutloa eka re bang ’me o batla ho re thusa hore re se ke ra ba le maikutlo ao. Jehova o re thusa joang? Re ka etsa’ng hore re se ke ra ikutloa eka re bang? Hona re ka thusa batho ba bang ka phuthehong ba ikutloang eka ba bang joang? A re ke re utloe likarabo tsa lipotso tsena.

JEHOVA OA RE TSOTELLA

Jehova o ile a romela lengeloi hore le tiisetse Elia hore ha a mong (Sheba serapa sa 3)

3. Jehova o ile a etsa’ng ho bontša hore o tsotella Elia?

3 Jehova o batla hore bahlanka ba hae bohle ba thabe. O haufi le e mong le e mong oa rona ebile oa bona ha re utloile bohloko kapa re nyahame. (Pes. 145:​18, 19) Ak’u nahane kamoo Jehova a neng a amehile kateng ka moprofeta Elia. Monna eo ea tšepahalang o phetse linakong tse thata mehleng ea Iseraele. Batho ba matla Iseraele ba neng ba sa batle Jehova ba ne ba hlorisa bahlanka ba Molimo ’me ba ne ba batla ho bolaea Elia ka ho khetheha. (1 Mar. 19:​1, 2) Ntho e ka ’nang eaba e ile ea nyahamisa Elia le ho feta ke ho nahana hore ke eena feela moprofeta ea setseng ea sebeletsang Jehova. (1 Mar. 19:​10) Molimo o ile a hlokomela boemo boo ka potlako. Kahoo, o ile a roma lengeloi ho ea tiisetsa moprofeta oa hae hore ha a mong, ho ntse ho e-na le batho ba bangata ba mo sebeletsang ka botšepehi Iseraele.​—1 Mar. 19:​5, 18.

4. Mareka 10:​29, 30 e bontša joang hore Jehova o tsotella bahlanka ba hae bao ho ka ’nang ha etsahala hore batho ba bang ha ba ba tšehetse?

4 Jehova oa tseba hore ha re khetha ho mo sebeletsa, ba bang ba rona re tlameha ho tela lintho tse ngata. Lintho tseo li ka akarelletsa ho se tšehetsoe ke ba lelapa le metsoalle bao e seng Lipaki. E ka ’na eaba moapostola Petrose o ne a tšoenyehile hoo a ileng a botsa Jesu a re: “Re siile lintho tsohle ’me ra u latela; re tla fumana eng?” (Mat. 19:​27) Jesu o ile a tiisetsa barutuoa ba hae hore ba tla fumana lelapa le leholo ka phuthehong. (Bala Mareka 10:​29, 30.) Hape Jehova e leng hlooho ea lelapa lena, o tšepisa hore o tla tšehetsa bohle ba batlang ho mo sebeletsa. (Pes. 9:​10) Nahana ka lintho tseo u ka li etsang tse ka etsang hore Jehova a u thuse ho hlola bothata ba ho ikutloa eka u mong.

U KA ETSA’NG HAEBA U IKUTLOA EKA U MONG?

5. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho nahana kamoo Jehova a u thusang kateng?

5 Nahana kamoo Jehova a ntseng a u thusa kateng. (Pes. 55:​22) Ha u etsa joalo, ntho eo e tla u thusa hore u bone hore ha u mong. Morali’abo rona Carol * oa lesoha eo e neng e le eena feela Paki lelapeng la bo o re: “Ha ke nahana kamoo Jehova a ileng a nthusa kateng hore ke mamelle linako tse thata, ntho eo e nthusa hore ke bone hore ha ke mong. Hape e ntiisetsa hore Jehova o tla lula a nthusa.”

6. 1 Petrose 5:​9, 10 e ka khothatsa batho ba ikutloang eka ba bang joang?

6 Nahana kamoo Jehova a thusang bara le barali ba bo rona ba ikutloang eka ha ba na mang oe. (Bala 1 Petrose 5:​9, 10.) Mor’abo rona Hiroshi eo e bileng Paki nako e telele a le mong lelapeng la bo o re: “Ka phuthehong, motho e mong le e mong o na le mathata. Ho tseba hore re sebeletsa Jehova kahohle kamoo re ka khonang ho khothatsa le rona bao e leng rona feela Lipaki.”

7. Ho rapela ho u thusa joang?

7 Lula u rapela, u bala Bibele ’me u ea le libokeng. U lokela ho bolella Jehova hore na u ikutloa joang. (1 Pet. 5:7) Morali’abo rona Massiel o re: “E ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa tse nthusitseng hore ke sebetsane le ho ikutloa eka ke mong ke ho rapela Jehova haholo.” Morali enoa oa bo rona o ile a ikutloa eka o mong ha a ne a qala ho ba Paki kaha ba lelapa la bo ba ne ba sa sebeletse Jehova. Hape o re: “Jehova e ne e le Ntate oa ka ’me ke ne ke lula ke mo rapela hangata feela letsatsi le letsatsi, ke mo bolella kamoo ke ikutloang kateng.”

Ho mamela ’malo oa Bibele le lingoliloeng tse rekotiloeng ho ka thusa batho ba ikutloang ba le bang (Sheba serapa sa 8) *

8. Ho bala Lentsoe la Molimo le ho nahanisisa ka lona ho u thusa joang?

8 Bala Lentsoe la Molimo kamehla ’me u nahanisise ka litlaleho tse u tiisetsang hore Jehova oa u rata. Morali’abo rona Bianca eo lelapa la bo le lulang le bua lintho tse mo nyahamisang o re: “Ho bala le ho nahanisisa ka litlaleho tsa Bibele le lipale tsa bophelo tsa bahlanka ba Jehova ba ileng ba mamella maemo a tšoanang le a ka, ho nthusa haholo.” Bakreste ba bang ba tšoara mangolo a ba khothatsang ka hlooho a kang Pesaleme ea 27:​10 le Esaia 41:​10. Batho ba bang ba re ho mamela lintho tse rekotiloeng ha ba lokisetsa liboka le ha ba bala Bibele ho ba thusa haholo hore ba se ke ba ikutloa eka ba bang.

9. Ho ea libokeng ho u thusa joang?

9 Etsa kahohle hore u be teng libokeng kamehla. Liboka li tla u khothatsa hape u tla tseba bara le barali ba bo rona. (Baheb. 10:​24, 25) Morali’abo rona Massiel eo re buileng ka eena o re: “Le hoja ke ne ke le lihlong, ke ne ke e-ea libokeng kamehla ’me ke arabela. Ntho ena e nthusitse hore ke ikutloe ke le haufi le bara le barali ba bo rona.”

10. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re be metsoalle le Bakreste ba tšepahalang?

10 E-ba motsoalle le Bakreste ba tšepahalang. E-ba motsoalle le batho bao u ka ithutang ho bona ka phuthehong, e ka ’na ea e-ba ba morabe o fapaneng le oa hao kapa lilemo tse sa lekaneng le tsa hao. Bibele e re hopotsa hore bohlale re bo fumana “har’a ba holileng.” (Jobo 12:​12) Batho ba holileng le bona ba ka ithuta ho hongata ho bacha ba tšepahalang. Davida o ne a le monyane haholo ho Jonathane empa ntho eo ha e-ea ka ea ba thibela hore e be metsoalle e haufi-ufi. (1 Sam. 18:1) Davida le Jonathane ba ile ba thusana ho sebeletsa Jehova ho sa tsotellehe mathata a mangata ao ba neng ba e-na le ’ona. (1 Sam. 23:​16-18) Morali’abo rona Irina eo e leng eena feela Paki lelapeng la bo o re: “Bara le barali ba bo rona ba ka ba joaloka batsoali ba rona kapa bana ba bo rona. Jehova a ka etsa hore e be lelapa leo re le hlokang.”

11. U ka etsa’ng hore u be le metsoalle?

11 Ho ba le metsoalle e mecha ho ka ’na ha se be bonolo haholo-holo haeba u le lihlong. Morali’abo rona Ratna ea lihlong ea ileng a ithuta Bibele le hoja a hanyetsoa o re: “Ke ile ka bona hore ke hloka hore bara le barali ba bo rona ka phuthehong ba nthuse.” Ho ka ba thata hore u bolelle motho e mong hore na u ikutloa joang empa ha u se u mo bolelletse, e ka ba motsoalle oa hao ea haufi-ufi. Metsoalle ea hao e batla ho u khothatsa le ho u tšehetsa empa e hloka hore u e bolelle hore na e ka etsa joalo joang.

12. Ho ea tšebeletsong ea tšimo ho ka u thusa joang hore u be le metsoalle?

12 E ’ngoe ea litsela tse ka etsang hore u be le metsoalle ka phuthehong, ke hore u ee tšebeletsong ea tšimo le bara le barali ba bo rona. Morali’abo Carol eo re buileng ka eena o re: “Ke ile ka fumana metsoalle e mengata ka hore ke qete nako e ngata ke e-na le baralib’abo rona tšebeletsong ea tšimo le ho etsa lintho tse ling tšebeletsong ea Jehova. Ka lilemo tse ngata Jehova o ile a nthusa a sebelisa metsoalle ena ea ka.” Kamehla ke ntho e ntle ho ba metsoalle le Bakreste ba tšepahalang. Jehova o sebelisa metsoalle eo ho u khothatsa nakong eo u nyahameng kapa u ikutloang eka ha o na mang oe.​—Liprov. 17:17.

THUSA BA BANG HORE BA IKUTLOE E LE KAROLO EA PHUTHEHO

13. Motho e mong le e mong ka phuthehong o na le boikarabelo bofe?

13 Motho e mong le e mong o na le boikarabelo ba ho etsa hore ho be le khotso ka phuthehong le hore ho se ke ha e-ba le motho ea ikutloang eka ha a na mang oe. (Joh. 13:​35) Ntho eo re e etsang kapa eo re e buang e ka khothatsa batho ba bang haholo. Morali’abo rona e mong o re: “Ha ke ne ke ithuta Bibele, bara le barali ba bo rona e ile ea e-ba lelapa le so. Ke ne nke ke ka ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova hoja ba se ke ba nthusa.” U ka etsa’ng ho thusa batho bao ba lelapa la bo e seng Lipaki Tsa Jehova hore ba ikutloe e le karolo ea phutheho?

14. U ka etsa’ng hore u be motsoalle oa batho ba fihlang ka phuthehong?

14 Leka ho ba motsoalle oa batho ba fihlang ka phuthehong. Re ka qala ka ho amohela ba fihlang ka mofuthu. (Bar. 15:7) Leha ho le joalo, ha re batle ho ba lumelisa feela empa re batla ho ba metsoalle ea bona ha nako e ntse e-ea. Kahoo, e-ba mosa ’me u ba bontše hore oa ba khathalla. Leka ho utloisisa hore na ba na le mathata afe ntle le hore u ba botse lipotso tse tla etsa hore ba ikutloe ba le lihlong. Ho ka ’na ha e-ba thata hore batho ba bang ba bue maikutlo a bona, kahoo u se ke oa ba qobella hore ba bue. Ho e-na le hoo, ka mosa ba botse lipotso tse ke keng tsa ba hlabisa lihlong ’me u ba mamele ka hloko. Ka mohlala, u ka ’na oa ba botsa hore na ho tlile joang hore ba ithute Bibele.

15. Bakreste ba nang le boiphihlelo ba ka thusa batho ba bang joang ka phuthehong?

15 Ha batho bohle ka phuthehong ba tsotellana, tumelo ea bona ea matlafala, haholo-holo ha e le baholo ba bontšang hore baa ba tsotella. Morali’abo rona Melissa eo ’mè oa hae a mo holiselitseng ka phuthehong o re: “Ke ananela barab’abo rona ba neng ba tšoana le ntate ho ’na, ba neng ba qeta nako le ’na ebile ba nkhathalla ha ke ntse ke tla ke hola. Nako le nako ha ke ne ke batla ho bua, ho ne ho e-na le motho eo nka buang le eena.” Mor’abo rona Mauricio ea mocha lilemong o ile a ikutloa eka ha a na mang oe ha motho eo a neng a ithuta Bibele le eena a tlohela phutheho, o re: “Baholo ba ne ba nkhathalla ’me ntho eo e ile ea nthusa haholo. Ba ne ba lula ba qoqa le ’na. Ba ne ba e-ea le ’na tšimong, ba mpolella lintho tsa bohlokoa tseo ba li fumaneng ha ba ne ba ithuta Bibele ebile ba bapala le ’na.” Hona joale Morali’abo rona Melissa le Mor’abo rona Mauricio ba sebeletsa Jehova ka nako e tletseng.

Na ho na le motho e mong phuthehong ea lona ea ka ananelang ha u ka qeta nako le eena? (Sheba serapa sa 16 ho ea ho sa 19) *

16, 17. Re ka etsa’ng hape ho thusa batho ba bang?

16 Batla litsela tsa ho ba thusa. (Bagal. 6:​10) Mor’abo rona Leo eo e leng moromuoa naheng e hole le lelapa la bo o re: “Hangata motho o hloka hore batho ba mo bontše mosa ka nako e nepahetseng. Ke hopola ka letsatsi le leng ha ke ne ke hlahetsoe ke kotsi ea koloi. Ke ne ke tšoenyehile haholo ha ke fihla ntlong. Empa banyalani ba bang ba ile ba ’mema hore re tl’o ja lijo hammoho. Ha ke hopole hantle hore na re ile ra ja’ng empa ntho eo ke e hopolang ke hore ba ile ba ’mamela ka mosa. Ka mor’a moo, ke ile ka ikutloa ke imolohile.”

17 Kaofela ha rona re thabela ho ba likopanong tse kholo le tse nyane, haholo-holo hobane ke moo re khonang ho ba le bara le barali ba bo rona le ho qoqa ka lenaneo la kopano. Leha ho le joalo, Morali’abo rona Carol eo re buileng ka eena o re: “Ke ikutloa ke le motoai-toai ha ke le likopanong.” Ebe ke hobane’ng ha a ikutloa joalo? O re: “Le hoja ke e-ba har’a bara le barali ba bo rona ba bangata, ke ikutloa ke le mong hobane ba lula ba e-na le ba malapa a bona.” Ba bang ba thatafalloa ke ho ea kopanong ka lekhetlo la pele ka mor’a ho hlokahalloa ke balekane ba bona. Na ho na le motho eo u mo tsebang ea maemong a kang aa? Ho ka ba joang hore u meme motho eo nakong e tlang hore a be le lelapa le no likopanong le libokeng?

18. Re ka sebelisa 2 Bakorinthe 6:​11-13 joang ha re mema batho ba bang?

18 Qeta nako le bona. Leka ho ithabisa le bara le barali ba bo rona ba fapaneng, haholo-holo ba ikutloang eka ke metoai-toai. Re batla hore ‘lipelo tsa rona li atolohe’ haholo-holo ho batho ba ikutloang ba se na mang oe. (Bala 2 Bakorinthe 6:​11-13.) Morali’abo rona Melissa eo re buileng ka eena o re: “Re ne re lula re thabile ha bara le barali ba bo rona ba re memela malapeng a bona hore re qete nako le bona kapa re tsamaee le bona ha ba nka maeto.” Na ho na le motho e mong phuthehong ea lona eo u ka mo memang?

19. Ke maemong afe ao re ka bang le nako le Bakreste-’moho le rona?

19 Ho na le linako tseo Bakreste-’moho le rona ba ka thabang haholo ha re ka qeta nako le bona. Ho ka ba thata hore ba bang ba be le ba malapa a bona ao e seng Lipaki Tsa Jehova ha ba keteka matsatsi a phomolo. Ba bang ba ka ’na ba utloa bohloko haholo ka matsatsi a itseng a kang letsatsi leo motho eo ba mo ratang a hlokahetseng ka lona. Ha re ithaopela ho qeta nako le bara le barali ba bo rona ba maemong ana, re tla be re bontša hore re ba rata e le kannete.​—Bafil. 2:20.

20. Mantsoe a Jesu a ho Matheu 12:​48-50 a ka re thusa joang ha re ikutloa eka re bang?

20 Ho na le lintho tse ngata tse ka etsang hore Mokreste a ikutloe eka o mong. Leha ho le joalo, ha rea lokela ho lebala hore Jehova o utloisisa kamoo re ikutloang kateng. Hangata o sebelisa bara le barali ba bo rona ho re fa ntho eo re e hlokang. (Bala Matheu 12:​48-50.) Kahoo, re bontša Jehova hore re ananela bara le barali ba bo rona ka ho ba thusa kahohle kamoo re ka khonang kateng. Ho sa tsotellehe hore na re ikutloa joang, ha re bang hobane Jehova o lula a e-na le rona.

PINA EA 46 Rea U Leboha, Jehova

^ ser. 5 Na ka linako tse ling u na le ho ikutloa eka u mong? Haeba ho joalo, kholiseha hore Jehova oa tseba hore na u ikutloa joang ’me u batla ho u thusa. Sehloohong sena, re tl’o bua ka lintho tseo u ka li etsang tse ka u thusang haeba u ikutloa eka u mong. Re tl’o boela re bone hore na re ka khothatsa bara le barali ba bo rona joang ba ikutloang eka ha ba na mang oe.

^ ser. 5 Mabitso a mang a fetotsoe.

^ ser. 60 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Mor’abo rona eo mosali oa hae a hlokahetseng o mametse ’malo oa Bibele o rekotiloeng le lingoliloeng ’me li mo thusa haholo.

^ ser. 62 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Mor’abo rona le morali oa hae ba etela mor’abo rona ea holileng oa phuthehong ea ha bo bona ’me ba mo tšoara ka mosa.