Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 23

Ha o Mong Hobane Jehova o Dula a Ena le Wena

Ha o Mong Hobane Jehova o Dula a Ena le Wena

“Jehova o haufi le bohle ba ipiletsang ho yena.”​—PES. 145:18.

PINA YA 28 Ho Fumana Botswalle ba Jehova

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ke hobaneng ha bahlanka ba Jehova ka dinako tse ding ba ikutlwa eka ba bang?

KA DINAKO tse ding bongata ba rona re na le ho ikutlwa eka re bang. Batho ba bang ba nka nako e telele ba ikutlwa eka ha ba na mang wee empa ba bang bona ha ba nke nako e telele. Re ka nna ra ikutlwa eka re metwaitwai esita le ha re le hara batho ba bangata. Ho thata ho batho ba bang hore ba etse metswalle ha ba fihla phuthehong e ntjha. Ba bang ba tswa malapeng a tlwaetseng ho etsa dintho mmoho mme ha ba tloha ba ya dibakeng tse hole le malapa a bona ba ikutlwa eka ba bang. Ba bang ba hopola ho qeta nako le batho bao ba ba ratang ba seng ba hlokahetse. Bakreste ba bang haholoholo ba sa tswa ithuta Bibele, ba ikutlwa eka ha ba na mang wee nakong eo ba hloriswang le ho hanyetswa ke ba lelapa le metswalle bao e seng Dipaki.

2. Re tlo araba dipotso dife?

2 Jehova o a tseba ebile o utlwisisa ntho e nngwe le e nngwe ka rona. O a bona ha re ikutlwa eka re bang mme o batla ho re thusa hore re se ke ra ba le maikutlo ao. Jehova o re thusa jwang? Re ka etsang hore re se ke ra ikutlwa eka re bang? Hona re ka thusa batho ba bang ka phuthehong ba ikutlwang eka ba bang jwang? A re ke re utlwe dikarabo tsa dipotso tsena.

JEHOVA O A RE TSOTELLA

Jehova o ile a romela lengeloi hore le tiisetse Elia hore ha a mong (Sheba serapa sa 3)

3. Jehova o ile a etsang ho bontsha hore o kgathalla Elia?

3 Jehova o batla hore bahlanka ba hae bohle ba thabe. O haufi le e mong le e mong wa rona ebile o a bona ha re utlwile bohloko kapa re nyahame. (Pes. 145:18, 19) A ko nahane ka moo Jehova a neng a amehile ka teng ka moprofeta Elia. Monna eo ya tshepahalang o phetse dinakong tse thata mehleng ya Iseraele. Batho ba matla Iseraele ba neng ba sa batle Jehova ba ne ba hlorisa bahlanka ba Modimo mme ba ne ba batla ho bolaya Elia ka ho kgetheha. (1 Mar. 19:1, 2) Ntho e ka nnang yaba e ile ya nyahamisa Elia le ho feta ke ho nahana hore ke yena feela moprofeta ya setseng ya sebeletsang Jehova. (1 Mar. 19:10) Modimo o ile a hlokomela boemo boo ka potlako. Ka hoo o ile a roma lengeloi ho ya tiisetsa moprofeta wa hae hore ha a mong, ho ntse ho ena le batho ba bangata ba mo sebeletsang ka botshepehi Iseraele.​—1 Mar. 19:5, 18.

4. Mareka 10:29, 30 e bontsha jwang hore Jehova o tsotella bahlanka ba hae bao ho ka nnang ha etsahala hore batho ba bang ha ba ba tshehetse?

4 Jehova o a tseba hore ha re kgetha ho mo sebeletsa ba bang ba rona re tlameha ho tela dintho tse ngata. Dintho tseo di ka akarelletsa ho se tshehetswe ke ba lelapa le metswalle bao e seng Dipaki. E ka nna yaba moapostola Petrose o ne a tshwenyehile hoo a ileng a botsa Jesu a re: “Re siile dintho tsohle mme ra o latela; re tla fumana eng?” (Mat. 19:27) Jesu o ile a tiisetsa barutuwa ba hae hore ba tla fumana lelapa le leholo ka phuthehong. (Bala Mareka 10:29, 30.) Hape Jehova e leng Hlooho ya lelapa lena, o tshepisa hore o tla tshehetsa bohle ba batlang ho mo sebeletsa. (Pes. 9:10) Nahana ka dintho tseo o ka di etsang tse ka etsang hore Jehova a o thuse ho hlola bothata ba ho ikutlwa eka o mong.

O KA ETSANG HAEBA O IKUTLWA EKA O MONG?

5. Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa ho nahana ka moo Jehova a o thusang ka teng?

5 Nahana ka moo Jehova a ntseng a o thusa ka teng. (Pes. 55:22) Ha o etsa jwalo, ntho eo e tla o thusa hore o bone hore ha o mong. Moradiwabo rona Carol, * wa lesoha eo e neng e le yena feela Paki lelapeng labo o re: “Ha ke nahana ka moo Jehova a ileng a nthusa ka teng hore ke mamelle dinako tse thata, ntho eo e nthusa hore ke bone hore ha ke mong. Hape e ntiisetsa hore Jehova o tla dula a nthusa.”

6. 1 Petrose 5:9, 10 e ka kgothatsa batho ba ikutlwang eka ba bang jwang?

6 Nahana ka moo Jehova a thusang bara le baradibabo rona ba ikutlwang eka ha ba na mang wee. (Bala 1 Petrose 5:9, 10.) Morabo rona Hiroshi eo e bileng Paki nako e telele a le mong lelapeng labo o re: “Ka phuthehong motho e mong le e mong o na le mathata. Ho tseba hore re sebeletsa Jehova ka hohle ka moo re ka kgonang ho kgothatsa le rona bao e leng rona feela Dipaki.”

7. Ho rapela ho o thusa jwang?

7 Dula o rapela, o bala Bibele mme o ya le dibokeng. O lokela ho bolella Jehova hore na o ikutlwa jwang. (1 Pet. 5:7) Moradiwabo rona Massiel o re: “E nngwe ya dintho tsa bohlokwa tse nthusitseng hore ke sebetsane le ho ikutlwa eka ke mong ke ho rapela Jehova haholo.” Moradi enwa wabo rona o ile a ikutlwa eka o mong ha a ne a qala ho ba Paki ka ha ba lelapa labo ba ne ba sa sebeletse Jehova. Hape o re, “Jehova e ne e le Ntate wa ka mme ke ne ke dula ke mo rapela hangata feela letsatsi le letsatsi, ke mo bolella ka moo ke ikutlwang ka teng.”

Ho mamela mmalo wa Bibele le dingolwa tse rekotilweng ho ka thusa batho ba ikutlwang ba le bang (Sheba serapa sa 8) *

8. Ho bala Lentswe la Modimo le ho nahanisisa ka lona ho o thusa jwang?

8 Bala Lentswe la Modimo ka mehla mme o nahanisise ka ditlaleho tse o tiisetsang hore Jehova o a o rata. Moradiwabo rona Bianca eo lelapa labo le dulang le bua dintho tse mo nyahamisang o re: “Ho bala le ho nahanisisa ka ditlaleho tsa Bibele le dipale tsa bophelo tsa bahlanka ba Jehova ba ileng ba mamella maemo a tshwanang le a ka ho nthusa haholo.” Bakreste ba bang ba tshwara mangolo a ba kgothatsang ka hlooho a kang Pesaleme ya 27:10 le Esaia 41:10. Batho ba bang ba re ho mamela dintho tse rekotilweng ha ba lokisetsa diboka le ha ba bala Bibele ho ba thusa haholo hore ba se ke ba ikutlwa eka ba bang.

9. Ho ya dibokeng ho o thusa jwang?

9 Etsa ka hohle hore o be teng dibokeng ka mehla. Diboka di tla o kgothatsa hape o tla tseba bara le baradibabo rona. (Baheb. 10:​24, 25) Moradiwabo rona Massiel eo re buileng ka yena o re: “Le hoja ke ne ke le dihlong ke ne ke ya dibokeng ka mehla mme ke arabela. Ntho ena e nthusitse hore ke ikutlwe ke le haufi le bara le baradibabo rona.”

10. Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore re be metswalle le Bakreste ba tshepahalang?

10 Eba motswalle le Bakreste ba tshepahalang. Eba motswalle le batho bao o ka ithutang ho bona ka phuthehong, e ka nna ya eba ba morabe o fapaneng le wa hao kapa dilemo tse sa lekaneng le tsa hao. Bibele e re hopotsa hore bohlale re bo fumana “hara ba hodileng.” (Jobo 12:12) Batho ba hodileng le bona ba ka ithuta ho hongata ho batjha ba tshepahalang. Davida o ne a le monyane haholo ho Jonathane empa ntho eo ha e a ka ya ba thibela hore e be metswalle e haufiufi. (1 Sam. 18:1) Davida le Jonathane ba ile ba thusana ho sebeletsa Jehova ho sa tsotellehe mathata a mangata ao ba neng ba ena le ona. (1 Sam. 23:16-18) Moradiwabo rona Irina eo e leng yena feela Paki lelapeng labo o re: “Bara le baradibabo rona ba ka ba jwalo ka batswadi ba rona kapa banababo rona. Jehova a ka etsa hore e be lelapa leo re le hlokang.”

11. O ka etsang hore o be le metswalle?

11 Ho ba le metswalle e metjha ho ka nna ha se be bonolo, haholoholo haeba o le dihlong. Moradiwabo rona Ratna ya dihlong ya ileng a ithuta Bibele le hoja a hanyetswa o re: “Ke ile ka bona hore ke hloka hore bara le baradibabo rona ka phuthehong ba nthuse.” Ho ka ba thata hore o bolelle motho e mong hore na o ikutlwa jwang empa ha o se o mo bolelletse e ka ba motswalle wa hao ya haufiufi. Metswalle ya hao e batla ho o kgothatsa le ho o tshehetsa empa e hloka hore o e bolelle hore na e ka etsa jwalo jwang.

12. Ho ya tshebeletsong ya tshimo ho ka o thusa jwang hore o be le metswalle?

12 E nngwe ya ditsela tse ka etsang hore o be le metswalle ka phuthehong ke hore o ye tshebeletsong ya tshimo le bara le baradibabo rona. Moradiwabo Carol eo re buileng ka yena o re: “Ke ile ka fumana metswalle e mengata ka hore ke qete nako e ngata ke ena le baradibabo rona tshebeletsong ya tshimo le ho etsa dintho tse ding tshebeletsong ya Jehova. Ka dilemo tse ngata Jehova o ile a nthusa a sebedisa metswalle ena ya ka.” Ka mehla ke ntho e ntle ho ba metswalle le Bakreste ba tshepahalang. Jehova o sebedisa metswalle eo ho o kgothatsa nakong eo o nyahameng kapa o ikutlwang eka ha o na mang wee.​—Liprov. 17:17.

THUSA BA BANG HORE BA IKUTLWE E LE KAROLO YA PHUTHEHO

13. Motho e mong le e mong ka phuthehong o na le boikarabelo bofe?

13 Motho e mong le e mong o na le boikarabelo ba ho etsa hore ho be le kgotso ka phuthehong le hore ho se ke ha eba le motho ya ikutlwang eka ha a na mang wee. (Joh. 13:35) Ntho eo re e etsang kapa eo re e buang e ka kgothatsa batho ba bang haholo. Moradiwabo rona e mong o re: “Ha ke ne ke ithuta Bibele, bara le baradibabo rona e ile ya eba lelapa leso. Ke ne nke ke ka ba e mong wa Dipaki Tsa Jehova hoja ba se ke ba nthusa.” O ka etsang ho thusa batho bao ba lelapa labo eseng Dipaki Tsa Jehova hore ba ikutlwe e le karolo ya phutheho?

14. O ka etsang hore o be motswalle wa batho ba fihlang ka phuthehong?

14 Leka ho ba motswalle wa batho ba fihlang ka phuthehong. Re ka qala ka ho amohela ba fihlang ka mofuthu. (Bar. 15:7) Le ha ho le jwalo, ha re batle ho ba dumedisa feela empa re batla ho ba metswalle ya bona ha nako e ntse e ya. Ka hoo e ba mosa mme o ba bontshe hore o a ba kgathalla. Leka ho utlwisisa hore na ba na le mathata afe ntle le hore o ba botse dipotso tse tla etsa hore ba ikutlwe ba le dihlong. Ho ka nna ha ba thata hore batho ba bang ba bue maikutlo a bona ka hoo o se ke wa ba qobella hore ba bue. Ho ena le hoo, ka mosa ba botse dipotso tse ke keng tsa ba hlabisa dihlong mme o ba mamele ka hloko. Ka mohlala, o ka nna wa ba botsa hore na ho tlile jwang hore ba ithute Bibele.

15. Bakreste ba nang le boiphihlelo ba ka thusa batho ba bang jwang ka phuthehong?

15 Ha batho bohle ka phuthehong ba tsotellana, tumelo ya bona ya matlafala, haholoholo ha e le baholo ba bontshang hore ba a ba tsotella. Moradiwabo rona Melissa eo mme wa hae a mo hodiseditseng ka phuthehong o re: “Ke ananela barababo rona ba neng ba tshwana le ntate ho nna, ba neng ba qeta nako le nna ebile ba ntsotella ha ke ntse ke tla ke hola. Nako le nako ha ke ne ke batla ho bua, ho ne ho ena le motho eo nka buang le yena.” Morabo rona Mauricio ya motjha dilemong o ile a ikutlwa eka ha a na mang wee ha motho eo a neng a ithuta Bibele le yena a tlohela phutheho, o re: “Baholo ba ne ba nkgathalla mme ntho eo e ile ya nthusa haholo. Ba ne ba dula ba qoqa le nna. Ba ne ba ya le nna tshimong, ba mpolella dintho tsa bohlokwa tseo ba di fumaneng ha ba ne ba ithuta Bibele ebile ba bapala le nna.” Hona jwale moradiwabo rona Melissa le morabo rona Mauricio ba sebeletsa Jehova ka nako e tletseng.

Na ho na le motho e mong phuthehong ya lona ya ka ananelang ha o ka qeta nako le yena? (Sheba serapa sa 16-19) *

16, 17. Re ka etsang hape ho thusa batho ba bang?

16 Batla ditsela tsa ho ba thusa. (Bagal. 6:10) Morabo rona Leo eo e leng moromuwa naheng e hole le lelapa labo o re: “Hangata motho o hloka hore batho ba mo bontshe mosa ka nako e nepahetseng. Ke hopola ka letsatsi le leng ha ke ne ke hlahetswe ke kotsi ya koloi. Ke ne ke tshwenyehile haholo ha ke fihla ntlong. Empa banyalani ba bang ba ile ba mmema hore re tlo ja dijo ha mmoho. Ha ke hopole hantle hore na re ile ra ja eng empa ntho eo ke e hopolang ke hore ba ile ba mmamela ka mosa. Ka mora moo, ke ile ka ikutlwa ke imolohile.”

17 Kaofela ha rona re thabela ho ba dikopanong tse kgolo le tse nyane, haholoholo hobane ke moo re kgonang ho ba le bara le baradibabo rona le ho qoqa ka lenaneo la kopano. Le ha ho le jwalo, moradiwabo rona Carol eo re buileng ka yena o re: “Ke ikutlwa ke le motwaitwai ha ke le dikopanong.” Ebe ke hobaneng ha a ikutlwa jwalo? O re: “Le hoja ke ba hara bara le baradibabo rona ba bangata, ke ikutlwa ke le mong hobane ba dula ba ena le ba malapa a bona.” Ba bang ba thatafallwa ke ho ya kopanong ka lekgetlo la pele ka mora ho hlokahallwa ke balekane ba bona. Na ho na le motho eo o mo tsebang ya maemong a kang aa? Ho ka ba jwang hore o meme motho eo nakong e tlang hore a be le lelapa leno dikopanong le dibokeng?

18. Re ka sebedisa 2 Bakorinthe 6:11-13 jwang ha re mema batho ba bang?

18 Qeta nako le bona. Leka ho ithabisa le bara le baradibabo rona ba fapaneng, haholoholo ba ikutlwang eka ke metwaitwai. Re batla hore ‘dipelo tsa rona di atolohe’ haholoholo ho batho ba ikutlwang ba se na mang wee. (Bala 2 Bakorinthe 6:11-13.) Moradiwabo rona Melissa eo re buileng ka yena o re: “Re ne re dula re thabile ha bara le baradibabo rona ba re memela malapeng a bona hore re qete nako le bona kapa re tsamaye le bona ha ba nka maeto.” Na ho na le motho e mong phuthehong ya lona eo o ka mo memang?

19. Ke maemong afe ao re ka qetang nako le Bakrestemmoho le rona?

19 Ho na le dinako tseo Bakrestemmoho le rona ba ka thabang haholo ha re ka qeta nako le bona. Ho ka ba thata hore ba bang ba be le ba malapa a bona bao eseng Dipaki Tsa Jehova ha ba keteka matsatsi a phomolo. Ba bang ba ka nna ba utlwa bohloko haholo ka matsatsi a itseng a kang letsatsi leo motho eo ba mo ratang a hlokahetseng ka lona. Ha re ithaopela ho qeta nako le bara le baradibabo rona ba maemong ana, re tla be re bontsha hore re ba rata e le ka nnete.​—Bafil. 2:20.

20. Mantswe a Jesu a ho Matheu 12:48-50 a ka re thusa jwang ha re ikutlwa eka re bang?

20 Ho na le dintho tse ngata tse ka etsang hore Mokreste a ikutlwe eka o mong. Le ha ho le jwalo, ha re a lokela ho lebala hore Jehova o utlwisisa ka moo re ikutlwang ka teng. Hangata o sebedisa bara le baradibabo rona ho re fa ntho eo re e hlokang. (Bala Matheu 12:48-50.) Ka hoo re bontsha Jehova hore re ananela bara le baradibabo rona ka ho ba thusa ka hohle ka moo re ka kgonang ka teng. Ho sa tsotellehe hore na re ikutlwa jwang, ha re bang hobane Jehova o dula a ena le rona.

PINA YA 46 Re a o leboha, Jehova

^ par. 5 Na ka dinako tse ding o na le ho ikutlwa eka o mong? Haeba ho jwalo, kgodiseha hore Jehova o a tseba hore na o ikutlwa jwang mme o batla ho o thusa. Sehloohong sena re tlo bua ka dintho tseo o ka di etsang tse ka o thusang haeba o ikutlwa eka o mong. Re tlo boela re bone hore na re ka kgothatsa bara le baradibabo rona jwang ba ikutlwang eka ha ba na mang wee.

^ par. 5 Mabitso a mang a fetotswe.

^ par. 60 DITSHWANTSHO: Morabo rona eo mosadi wa hae a hlokahetseng o mametse mmalo wa Bibele o rekotilweng le dingolwa mme di mo thusa haholo.

^ par. 62 DITSHWANTSHO: Morabo rona le moradi wa hae ba etela morabo rona ya hodileng wa phuthehong ya habo bona mme ba mo bontsha mosa.