Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 24

O ka Qoba Maraba a Satane

O ka Qoba Maraba a Satane

“Tswa lerabeng la Diabolose.”​—2 TIM. 2:26.

PINA YA 36 Re Lebela Dipelo Tsa Rona

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ke hobaneng ha re ka tshwantsha Satane le setsomi?

NTHO eo setsomi se e batlang feela ke ho tshwasa phoofolo kapa ho e bolaya. Jwalo ka ha e mong wa metswalle ya bohata ya Jobo a ile a bontsha, se ka sebedisa difi kapa maraba a sa tshwaneng. (Jobo 18:8-10) Setsomi se ka nna sa hohela phofu ya sona jwang? Se sheba phoofolo eo ka hloko ho bona hore na e tsamaela kae, e ratang le hore na ke leraba lefe le ka e tshwasang e sa lebella. Satane o tshwana le setsomi seo hantle. O ithuta rona. O sheba metsamao ya rona le hore na re ratang. Ka mora moo, o re tjhehela leraba leo a tshepang hore le tla re tshwasa re sa lebella. Ho ntse ho le jwalo, Bibele e a re kgodisa hore le haeba re ka tshwaswa, re ka kgona ho itshwasolla. E boetse ya re bontsha hore na re ka qoba maraba ao jwang ka ho feletseng.

Boikgohomoso le meharo ke maraba a Satane a atlehang ka ho fetisisa (Sheba serapa sa 2) *

2. Satane o sebedisa maraba afe a mabedi a ka sehloohong a atlehang?

Maraba a mabedi a ka sehloohong ao Satane a a sebedisang ke boikgohomoso le meharo. * Ho theosa le dilemo, haesale Satane a atleha ho sebedisa maraba ana a mabedi. O tshwana le motho ya tjhehang dinonyana ya di hohelang hore di tle sefing. (Pes. 91:3) Empa ha re a lokela ho tshwaswa ke Satane. Hobaneng? Hobane Jehova o re boleletse maraba ao Satane a a sebedisang ho re tshwasa.​—2 Bakor. 2:11.

Mehlala e ka Bibeleng e ka re thusa ho bona hore na re ka qoba kapa ra itshwasolla marabeng a Diabolose jwang (Sheba serapa sa 3) *

3. Ke hobaneng ha Jehova a fane ka mehlala ya batho ba ileng ba ikgohomosa le ho ba meharo ka Bibeleng?

3 Tsela e nngwe eo Jehova a re lemosang ka yona hore re se ke ra ikgohomosa le ho ba meharo, ke ho re kgothaletsa ho ithuta mehlaleng ya batho ba bang. O tla bona mehlaleng eo re tlo e hlahloba hore na Satane o ile a kgona jwang ho tshwasa esita le bahlanka ba Jehova ba mo sebeleditseng ka nako e telele. Na taba eo e bolela hore le rona re se re ntse re hlotswe? Ho hang. Jehova o fane ka mehlala ena ka Bibeleng hore “e be temoso ho rona.” (1 Bakor. 10:11) O a tseba hore re ka ithuta mehlaleng eo yaba re qoba ho tshwaswa ke Diabolose.

LERABA LA HO IKGOHOMOSA

Sheba serapa sa 4

4. Ho tla etsahalang haeba re ikgohomosa?

Satane o batla hore re ikgohomose. O a tseba hore ha re ka ikgohomosa re tla tshwana le yena ebe re lahlehelwa ke tshepo ya ho phela ka ho sa feleng. (Liprov. 16:18) Ka hoo, moapostola Pauluse o ile a re eletsa hore re se ke ra “ikgohomosa ka boikakaso yaba [re] wela kahlolong eo Diabolose a ahlotsweng ka yona.” (1 Tim. 3:6, 7) Kaofela ha rona ntho eo e ka re etsahalla ho sa tsotellehe hore na re na le nako e kae re sebeletsa Jehova.

5. Ho ya ka Moeklesia 7:16, 20, motho a ka ikgohomosa jwang?

5 Hangata batho ba ikgohomosang ba itjheba bobona feela. Satane o leka hore re ikgohomose ka hore re itjhebe borona ho feta ho nahana ka Jehova haholoholo ha re ena le mathata. Mohlala, na o se o kile wa etselletswa? Kapa na o kile wa tshwarwa ka ho hloka toka? Satane a ka batla hore o behe Jehova kapa banabeno molato. Hape o batla hore o nahane hore tsela feela ya ho rarolla mathata a hao ke ho etsa dintho ka tsela ya hao eseng ho mamela ditaelo tseo Jehova a re fang tsona ka Lentsweng la hae.​—Bala Moeklesia 7:16, 20.

6. O ka ithutang mohlaleng wa moradiwabo rona wa Netherlands?

6 A ko nahane ka mohlala wa moradiwabo rona e mong wa Netherlands ya neng a tenwa ke mefokolo ya batho ba bang. O ile a etsa qeto ya hore a ke ke a kgona ho ba mamella ho hang. O re: “Ke ne ke utlwa ke se na mang wee ebile ke sa kgone ho ba le maikutlo a fapaneng le ao ke neng ke ena le ona. Ke ile ka bolella mohatsaka hore re lokela ho ya phuthehong e nngwe.” Moradi eo wabo rona o ile a shebella lenaneo la JW Broadcasting® la March 2016. Lenaneo leo le ile la mo thusa ho bona hore na a ka sebetsana le mefokolo ya batho ba bang jwang. O re: “Ke ile ka bona hore ke lokela ho ikokobetsa le ho nahana ka diphoso tsa ka ho ena le hore ke leke ho fetola Bakrestemmoho le nna. Lenaneo leo le ile la nthusa hore ke nahane haholo ka Jehova le bobusi ba hae.” Re ithutang? Dula o nahana ka Jehova ha o ena le mathata. Mo kope hore a o thuse ho bona batho ba bang ka tsela ya hae. Le hoja Jehova a bona diphoso tsa bona, o ikemiseditse ho ba tshwarela. O batla hore le wena o mo etsise.​—1 Joh. 4:20.

Sheba serapa sa 7

7. Ho ile ha etsahalang ka Morena Uzia?

7 Ka ha Morena Uzia wa Juda o ne a ikgohomosa, ha a ka a mamela taelo eo a neng a e fuwe yaba o etsa ntho eo a neng a sa lokela ho e etsa. Uzia o ne a ena le bokgoni ba ho etsa dintho hantle. O ile a hlola dintwa tse ngata, a haha metse e mengata hape o ne a atlehile le temong. ‘Modimo wa nnete o ile a mo atlehisa.’ (2 Likron. 26:3-7, 10) Bibele e re: “Le ha ho le jwalo, hang ha a le matla, pelo ya hae ya ikgohomosa ho fihlela boemong ba ho baka tshenyo.” Jehova o ne a fane ka taelo ya hore ke baprista feela ba neng ba dumelletswe ho tjhesa dibano tempeleng. Empa Morena Uzia o ile a ya tempeleng yaba o tjhesa dibano. Jehova ha a ka a thabiswa ke ntho eo yaba o otla monna eo ya ikgohomosang ka lepera. Uzia e ile ya eba molepera bophelo bohle ba hae.​—2 Likron. 26:16-21.

8. Re nahanne ka 1 Bakorinthe 4:6, 7, re ka qoba ho ikgohomosa jwang?

8 Na ho ikgohomosa ho ka etsa hore le rona re wele lerabeng le tshwanang le leo Uzia a ileng a wela ho lona? Nahana ka mohlala wa José. E ne e le rakgwebo ya atlehileng haholo ebile e le moholo ya hlomphuwang. O ne a fana ka dipuo dikopanong tsa potoloho le tsa setereke mme hangata bapotolohi ba ne ba kopa dikeletso ho yena. O re: “Ke ne ke itshepa ho tlola, ke beheletse Jehova thoko le nna. Hape ke ne ke nahana hore ke na le tumelo, yaba ha ke mamele melao le ditemoso tsa Jehova.” Morabo rona José o ile a etsa sebe se tebileng yaba o a kgaolwa. Dilemo tse mmalwa tse fetileng, o ile a kgutlisetswa ka phuthehong. Hona jwale o re: “Jehova o nthutile hore ntho ya bohlokwa ha se ho ba le maemo ka phuthehong empa ke ho etsa dintho tseo yena a reng re di etse.” Re lokela ho hopola hore bokgoni le mesebetsi eo re nang le yona ka phuthehong di tswa ho Jehova. (Bala 1 Bakorinthe 4:6, 7.) Haeba re ikgohomosa, Jehova a ke ke a re sebedisa.

LERABA LA HO BA MEHARO

Sheba serapa sa 9

9. Satane le Eva ba ile ba etsang ka lebaka la ho ba meharo?

9 Ha re nahana ka ho ba meharo, re hopola Satane Diabolose. Ka ha Satane e ne e le lengeloi la Jehova, ho ka etsahala hore ebe o ne a ena le mesebetsi e mengata ya bohlokwa. Empa o ne a sa kgotsofala. O ne a batla ho rapelwa e leng ntho e tshwanelang Jehova feela. Satane o batla hore re tshwane le yena, ka hoo o leka ho etsa hore re se ke ra kgotsofalla dintho tseo re nang le tsona. Lekgetlo la pele leo a ileng a leka ho etsa jwalo, ke ha a ne a bua le Eva. Ka lerato Jehova o ile a fa Eva le monna wa hae dijo tse ngata tse kgotsofatsang le tse monate mme o ile a re ba je ditholwana tsa “sefate se seng le se seng sa serapa” ntle le se le seng. (Gen. 2:16) Le ha ho le jwalo, Satane o ile a qhekella Eva hore a nahane hore o lokela ho ja tholwana ya sefate se thibetsweng. Eva ha a ka a kgotsofalla dintho tseo a neng a ena le tsona, o ile a ba meharo. Re a tseba hore na ho ile ha etsahalang ka mora moo. O ile a etsa sebe yaba o a shwa.​—Gen. 3:6, 19.

Sheba serapa sa 10

10. Morena Davida o ile a wela lerabeng la ho ba meharo jwang?

10 Ka lebaka la ho ba meharo, Morena Davida o ile a lebala dintho tseo Jehova a mo fileng tsona tse kang, maruo, botumo le ho hlola dira tsa hae tse ngata. Davida le yena o ile a ananela le ho dumela hore dintho tseo Modimo a mo fileng tsona di ne di le ngata ‘ho feta ka moo a ka di phetang.’ (Pes. 40:5) Empa ho ile ha etsahala hore Davida a lebale dintho tseo Jehova a mo fileng tsona. O ne a se a sa kgotsofalla dintho tseo a nang le tsona. Le hoja Davida a ne a ena le basadi ba bangata, o ile a ba meharo yaba o batla mosadi wa motho e mong. Mosadi eo e ne le Bathe-sheba mme monna wa hae e ne e le Uria Mohethe. Davida o ile a inahana boyena yaba o etsa thobalano le Bathe-sheba yaba Bathe-sheba o a ima. Davida ha a ka a etsa bohlola feela empa o ile a etsa hore Uria a bolawe. (2 Sam. 11:2-15) Davida o ne a nahanang? Na o ne a nahana hore Jehova ha a mmone? Mohlanka eo ya tshepahalang wa Jehova, o ile a wela lerabeng la ho ba meharo le ho inahana boyena yaba o ipakela mathata a mangata. Empa ha morao, Davida o ile a amohela phoso ya hae yaba o a baka. O ile a thaba haholo ha Jehova a mo tshwarela.​—2 Sam. 12:7-13.

11. Ho ya ka Baefese 5:3, 4, keng e ka re thusang hore re se ke ba meharo?

11 Re ithutang mohlaleng wa Davida? Re ithuta hore re ka kgona ho hlola ho ba meharo haeba feela re dula re leboha Jehova ka dintho tseo a re fileng tsona. (Bala Baefese 5:3, 4.) Re lokela ho kgotsofalla dintho tseo re nang le tsona. Hangata ha re qala ho ithuta Bibele le batho, re ba kgothalletsa hore ba nahane ka ntho eo ba e ananelang ebe ba leboha Jehova. Haeba motho a etsa jwalo letsatsi ka leng, o tla be a buile le Jehova ka dintho tse supileng tse sa tshwaneng ka beke. (1 Bathes. 5:18) Na le wena o etsa ntho e tshwanang? Haeba o nahanisisa ka dintho tsohle tseo Jehova a o etseditseng tsona, o tla kgona ho mo leboha. Hape ha o le motho ya lebohang, o tla kgotsofalla dintho tseo o nang le tsona. Ha o le motho ya kgotsofalang, o ke ke wa ba meharo.

Sheba serapa sa 12

12. Judase Iskariota o ile a etsang ka lebaka la ho ba meharo?

12 Ho ba meharo ho ile ha etsa hore Judase Iskariota e be lehlabaphio. Empa qalong e ne se motho ya mobe. (Luka 6:13, 16) Jesu o ile a mo kgetha hore e be moapostola. Judase o ne a ena le bokgoni hape a ka tsheptjwa etswe e ne le yena ya neng a tshwara tjhelete. Jesu le baapostola ba ne ba sebedisa tjhelete eo bakeng sa ditlhoko tsa bona ha ba ntse ba etsa mosebetsi wa boboledi. Tjhelete eo e ne e tshwana le monehelo wa mosebetsi wa lefatshe lohle. Empa ka mora nako, Judase o ile a qalella ho utswa le hoja ka makgetlo a ile a utlwa ha Jesu a lemosa batho ka ho ba meharo. (Mar. 7:22, 23; Luka 11:39; 12:15) Judase o ile a iphapanyetsa ditemoso tseo.

13. Judase o ile a bontsha neng ka ho hlaka hore o meharo?

13 Judase o ile a bontsha ka ho hlaka hore o meharo nakwana pele Jesu a bolawa. Jesu le barutuwa ba hae ho akarelletsa le Maria le ausi wa hae Maretha e ne e le baeti ha Simone molepera. Ha ba ntse ba eja, Maria o ile a ema yaba o tshela oli e turu e nkgang ha monate hloohong ya Jesu. Judase le barutuwa ba bang ba ile ba kwata haholo. Mohlomong barutuwa ba bang ba ile ba nahana hore tjhelete eo e ka be e sebedisitswe boboleding. Empa Judase o ne a ena le maikutlo a fapaneng. “E ne e le leshodu” mme o ne a batla ho utswa tjhelete. Ha morao, ho ba meharo ho ile ha etsa hore Judase a tswe Jesu tlase ka lebaka la tjhelete.​—Joh. 12:2-6; Mat. 26:6-16; Luka 22:3-6.

14. Banyalani ba bang ba ile ba sebedisa keletso e ho Luka 16:13 jwang?

14 Jesu o ile a hopotsa balatedi ba hae thuto ena ya bohlokwa: “Le ke ke la ba makgoba a Modimo le a Maruo.” (Bala Luka 16:13.) Taba ena e ntse e le nnete. A ko bone hore na banyalani ba bang ba Romania ba ile ba susumetswa jwang ke mantswe ao a Jesu. Ba ile ba fumana mosebetsi wa nakwana naheng e nngwe e ruileng. Ba re: “Re ne re ena le sekoloto se seholo sa banka, ka hoo re ile ra nahana hore mohlomong mosebetsi ona o tswa ho Jehova.” Le ha ho le jwalo, ho ne ho ena le bothata. Mosebetsi oo o ne o tlo ama tshebeletso ya bona ho Jehova. Ka mora ho bala sehlooho se reng “Dula O Tshepahala ka ho ba le Pelo e Momahaneng” se ho Molula-Qhooa wa August 15, 2008, ba ile ba etsa qeto. Ba re: “Haeba ho ba le tjhelete e ngata e ne e le sepheo sa rona sa ho sebetsa naheng e nngwe, taba eo e ne e tlo bolela hore setswalle sa rona le Jehova ha se bohlokwa ho hang. Re ne re kgodisehile hore kamano ya rona le Jehova e ne e tlo senyeha.” Ka hoo, ha ba a ka ba nka mosebetsi oo. Ho ile ha etsahalang? Morabo rona o ile a fumana mosebetsi naheng ya habo bona o ileng wa ba thusa ho patalla ditlhoko tsa bona. Mohatsae o re: “Ka mehla Jehova o thusa bahlanka ba hae.” Banyalani bana ba thabile hore ebe ba kgethile Jehova e le Monghadi wa bona ho fapana le tjhelete.

QOBA MARABA A SATANE

15. Re kgodiswa keng hore re ka kgona ho itshwasolla marabeng a Satane?

15 Re lokela ho etsang haeba re hlokomela hore re a ikgohomosa kapa re meharo? Re ka fetoha. Pauluse o ile a re batho ‘ba tshwasitsweng ke’ Diabolose ba phela, ba ka kgona ho itshwasolla. (2 Tim. 2:26) Ntho eo e ile ya etsahalla Davida ka ha o ile a mamela keletso ya Nathane e matla, a tlohela ho ba meharo yaba o lokisa setswalle sa hae le Jehova. Le ka mohla o se ke wa lebala hore Jehova o matla ho feta Satane. Ka hoo, haeba re dumela hore Jehova a re thuse, re ka itshwasolla marabeng ao Diabolose a re tjhehetseng ona.

16. Re ka thuswa keng ho qoba maraba a Satane?

16 Ha re a lokela ho itshwasolla marabeng a Satane feela empa re tlameha ho a qoba ka ho feletseng. Re ka etsa jwalo haeba feela re dumella Modimo hore a re thuse. Empa ha re a lokela ho itshepa ho tlola. Esita le bahlanka ba Jehova ba mo sebeleditseng ka nako e telele, ba ile ba ikgohomosa le ho ba meharo. Ka hoo, kopa Jehova letsatsi ka leng a o thuse ho bona haeba o ena le mekgwa eo e mebe e ka susumetsang tsela eo o nahanang le ho etsa dintho ka yona. (Pes. 139:23, 24) Leka ka hohle hore o se ke wa ikgohomosa le ho ba meharo.

17. Haufinyane ho tla etsahalang ka Diabolose sera sa rona?

17 Haesale ho theosa le dilemo Satane e le setsomi. Empa haufinyane, o tla kwallwa mme qetellong a bolawe. (Tšen. 20:1-3, 10) Re tatetse hore letsatsi leo le fihle. Ho fihlela ka nako eo, dula o itebetse kgahlanong le maraba a Satane. O sebetse ka thata hore o se ke wa ikgohomosa le ho ba meharo. Ikemisetse ho ‘hanyetsa Diabolose mme o tla o baleha.’​—Jak. 4:7.

PINA YA 127 Ke Tshwanetse ho ba Motho wa Mofuta Ofe?

^ par. 5 Satane o tshwana le setsomi se hlwahlwa. O leka ho re tshwasa ho sa tsotellehe hore na re na le nako e kae re sebeletsa Jehova. Sehloohong sena, re tlo bona hore na Satane o leka ho sebedisa boikgohomoso le meharo jwang ho senya setswalle sa rona le Modimo. Re tla boela re hlahlobe mehlala ya batho ba ileng ba wela lerabeng la ho ikgohomosa le ho ba meharo, re be re bone hore na re ka qoba maraba ao jwang.

^ par. 2 TLHALOSO: Sehlooho sena se bua haholo ka boikgohomoso, e leng boikutlo boo motho a nang le bona ba hore o phahametse batho ba bang hape se bua ka meharo, e leng takatso e feteletseng ya ho batla ho ba le tjhelete e ngata, matla, ho etsa thobalano kapa dintho tse ding ka tsela e feteletseng.

^ par. 53 DITSHWANTSHO: Ka boikgohomoso bohle, morabo rona o hana ho mamela keletso. Moradiwabo rona ya nang le dintho tse ngata o batla tse fetang moo.

^ par. 55 DITSHWANTSHO: Lengeloi le Morena Uzia ba ile ba ikgohomosa. Ho ba meharo ho ile ha etsa hore Eva a je tholwana e thibetsweng, Davida a etse bohlola le Bathe-sheba le Judase a utswe tjhelete.