Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 26

U ka Khona ho Etsa Batho Barutuoa

U ka Khona ho Etsa Batho Barutuoa

Molimo ke eena . . . a sebetsang ho lona e le hore le rate le be le sebetse.”​BAFIL. 2:13.

PINA EA 64 Ho Kotula ka Thabo

SEO RE TLʼO ITHUTA SONA *

1. Jehova o u etselitse’ng?

HO TLILE joang hore u be e mong oa Lipaki Tsa Jehova? Mohlomong u ile oa utloa molaetsa oa Bibele ho batsoali ba hao, mosebetsi-’moho, moithuti-’moho kapa ha e mong oa Lipaki Tsa Jehova a ne a u etetse lapeng. (Mar. 13:10) Ka mor’a moo, motho eo o ile a etsa boiteko ’me a qeta nako e ngata a ithuta Bibele le uena. Ha u ntse u ithuta, u ile oa hlokomela hore Jehova oa u rata eaba le uena u qala ho mo rata. Jehova o ile a u hulela ka phuthehong ’me kaha u morutuoa oa Jesu Kreste, u se u e-na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng. (Joh. 6:44) Re kholisehile hore u ananela hore ebe Jehova o ile a susumelletsa motho e mong hore a ithute Bibele le uena le hore o u amohetse u le e mong oa bahlanka ba hae.

2. Re tl’o bua ka’ng sehloohong see?

2 Kaha re se re tseba Bibele, re na le monyetla o babatsehang oa ho thusa batho ba bang hore ba tsamaee le rona tseleng ena e isang bophelong bo sa feleng. Ho ka ’na ha e-ba bonolo hore re bolele molaetsa oa Bibele ka ntlo le ntlo empa ra thatafalloa ke ho ithuta Bibele le batho. Na ke tsela eo u ikutloang ka eona? Haeba ho joalo, mohlomong litlhahiso tse fanoeng sehloohong sena li tla u thusa. Re tla bua ka hore na ke’ng e re susumelletsang hore re etse batho barutuoa. Re tla boela re bue ka hore na ke joang re ka hlolang mathata a ka re sitisang hore re ithute Bibele le batho. A re qale ka ho bua ka hore ke hobane’ng ha re lokela ho bolela le ho ruta molaetsa oa Bibele.

JESU O RE LAETSE HORE RE BOLELE LE HO RUTA MOLAETSA OA BIBELE

3. Ke hobane’ng ha re bolela molaetsa oa ’Muso oa Molimo?

3 Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a fa balateli ba hae mosebetsi o neng o e-na le likarolo tse peli. O ile a qala ka ho ba bolella hore ba bolele molaetsa oa ’Muso oa Molimo ’me a ba bontša hore na ba lokela ho etsa mosebetsi oo joang. (Mat. 10:7; Luka 8:1) Ka mohlala, Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae hore na ba lokela ho etsa’ng ha batho ba mamela molaetsa oa ’Muso le ha ba sa o mamele. (Luka 9:2-5) Hape o ile a bolela hore na balateli ba hae ba ne ba tla etsa mosebetsi ona ho isa boholeng bofe ha a ne a re ba ne ba tla fana ka “bopaki ho lichaba tsohle.” (Mat. 24:14; Lik. 1:8) Ho sa tsotellehe hore na batho ba mamela molaetsa oo kapa che, barutuoa ba ne ba lokela ho bolella batho ka ’Muso oa Molimo le hore na o tla finyella’ng.

4. Ho ea ka Matheu 28:18-20, ke’ng eo re lokelang ho e etsa ntle le ho bolela ka ’Muso?

4 Ke ntho efe ea bobeli eo Jesu a ileng a re barutuoa ba hae ba e etse? O ile a bolella balateli ba hae hore ba rute batho ho boloka lintho tsohle tseo a ba laetseng tsona. Empa na mosebetsi oa ho bolela le ho ruta batho e ne e le oa Bakreste ba pele feela joalokaha batho ba bolela? Ha ho joalo, Jesu o ile a bontša hore mosebetsi ona oa bohlokoa o ne o tla tsoela pele le mehleng ena “ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.” (Bala Matheu 28:18-20.) E ka ’na eaba Jesu o ile a fana ka taelo ena ha a ne a le ka pel’a barutuoa ba hae ba fetang 500. (1 Bakor. 15:6) Jesu o ile a bontša Johanne ka ho hlaka ponong hore o batla hore barutuoa bohle ba hae ba thuse batho ba bang ho ithuta ka Jehova.​—Tšen. 22:17.

5. Ho ea ka 1 Bakorinthe 3:6-9, Pauluse o ile a re mosebetsi oa ho bolela le oa ho ruta o amana joang?

5 Moapostola Pauluse o ile a tšoantša mosebetsi oa ho etsa barutuoa le ho hlaolela lijalo, e le ha a bontša hore ha rea lokela ho jala peo feela empa ho na le ho hong hoo re tlamehang ho ho etsa. O ile a hopotsa Bakorinthe a re: “Ke ile ka lema, Apolose a nosetsa . . . Lona le tšimo ea Molimo e lengoang.” (Bala 1 Bakorinthe 3:6-9.) Joaloka basebetsi ‘tšimong ea Molimo,’ ha re jale peo feela empa re boetse rea e nosetsa, ebe kamehla rea sheba hore na e ntse e hola joang. (Joh. 4:35) Ho feta moo, rea hlokomela hore ke Molimo ea etsang hore peo e hole.

6. Ha re ruta batho Bibele, re lokela ho ba thusa hore ba etse’ng?

6 Re batla batho ba nang “le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.” (Lik. 13:48) E le hore batho bao e be barutuoa, re lokela ho ba thusa (1) ho utloisisa, (2) ho lumela, le (3) ho etsa lintho tseo ba ithutang tsona ka Bibeleng. (Joh. 17:3; Bakol. 2:6, 7; 1 Bathes. 2:13) Bohle ka phuthehong ba ka thusa batho ba ithutang Bibele ka ho ba behela mohlala, ho ba bontša lerato le ho etsa hore ba ikutloe ba amohelehile ha ba le libokeng. (Joh. 13:35) Ha u ruta motho, u ka nka nako le matla u mo thusa ho tlohela litloaelo le litumelo “tse metseng ka matla.” (2 Bakor. 10:4, 5) Ho ka nka likhoeli tse ngata u thusa motho hore a etse liphetoho e le hore a kolobetsoe. Leha ho le joalo, boiteko boo u bo etsang ke ba bohlokoa haholo.

LERATO LE RE SUSUMETSA HO ETSA BATHO BARUTUOA

7. Ke’ng e re susumelletsang ho etsa mosebetsi oa boboleli le ho etsa batho barutuoa?

7 Ke hobane’ng ha re etsa mosebetsi oa boboleli le ho etsa batho barutuoa? Lebaka la pele ke hobane re rata Jehova. Ha u leka kahohle ho mamela taelo ea ho etsa mosebetsi oa boboleli le ho etsa barutuoa, u bontša hore u rata Molimo. (1 Joh. 5:3) Nahana ka taba ena: Ho rata Jehova ho se ho u susumelitse ho etsa mosebetsi oa boboleli ka ntlo le ntlo. Na ho ne ho le bonolo ho mamela taelo eo? Mohlomong ha ho joalo. Na u ne u tšohile lekhetlo la pele ha u ne u etsa mosebetsi oa boboleli? Ha ho pelaelo hore u ne u tšohile. Empa u ne u tseba hore mosebetsi ona ke oo Jesu a batlang hore o u etse ’me u mametse taelo ea hae. Mohlomong ka mor’a nako e itseng, u ile oa fumana ho se ho le bonolo ho etsa mosebetsi oo. Empa u ikutloa joang ka ho ithuta Bibele le motho? Na u ikutloa u tšohile ha u nahana ka taba eo? Mohlomong. Kopa Jehova a u thuse hore u se ke oa tšaba le hore a u fe sebete sa ho ithuta Bibele le motho ’me o tla u thusa hore u batle ho etsa batho barutuoa.

8. Ho ea ka Mareka 6:34, ke’ng hape e re susumelletsang ho ruta batho ba bang?

8 Lebaka la bobeli, kaha re rata baahisani ba rona, re susumelletseha ho ba ruta Bibele. Ka lekhetlo le leng, Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba khathetse haholo ka mor’a ho etsa mosebetsi oa boboleli. Ba ne ba hloka sebaka sa ho phomola, leha ho le joalo, bongata bo ile ba ba fumana. Jesu o ile a susumetsoa ke khauho ’me a qala ho bo ruta “lintho tse ngata.” (Bala Mareka 6:34.) Le hoja Jesu a ne a khathetse, o ile a itela. Hobane’ng? O ile a ipeha boemong ba batho bao. O ile a bona kamoo ba neng ba sotleha kateng le kamoo ba se nang tšepo ’me o ne a batla ho ba thusa. Le kajeno, batho ba boemong bo tšoanang. Batho kajeno ba na le mathata ’me ha ba na tšepo le ha ba bonahala ba thabile ba bile ba khotsofetse bophelong. Ba joaloka linku tse lahlehileng, tse hlokang molisa ea ka li tataisang. Moapostola Pauluse o ile a re batho ba tjena ke ba sa tsebeng Molimo le ba se nang tšepo. (Baef. 2:12) Ba ‘tseleng e isang timetsong.’ (Mat. 7:13) Ha re bona kamoo batho ba tšimong ea rona ba hlokang ho tseba Molimo kateng, lerato le kutloelo-bohloko li etsa hore re ba thuse ’me re ka etsa joalo ka ho ithuta Bibele le bona.

9. Ho ea ka Bafilipi 2:13, Jehova a ka u thusa joang?

9 Mohlomong u tšaba ho ithuta Bibele le motho hobane u hlokomela hore u tla lokela ho nka nako e ngata u lokisetsa le ho ithuta le eena. Haeba ho joalo, bolella Jehova kamoo u ikutloang kateng. Mo kope hore a u thuse u batle motho eo u ka ithutang Bibele le eena. (Bala Bafilipi 2:13.) Moapostola Johanne o ile a re tiisetsa hore Molimo o tla araba lithapelo tsa rona haeba re rapela tumellanong le thato ea hae. (1 Joh. 5:14, 15) Ka hona, u ka kholiseha hore Jehova o tla u thusa hore u batle ho etsa batho barutuoa.

KAMOO RE KA HLOLANG MATHATA A MANG KATENG

10-11. Ke’ng e ka ’nang ea re thibela ho ithuta Bibele le batho?

10 Re nka mosebetsi oa rona oa ho ruta e le oa bohlokoa le hoja re kopana le mathata a ka etsang hore re se ke ra o etsa kamoo re ka ratang kateng. A re ke re boneng hore na a mang a mathata ao ke afe le hore na re ka a hlola joang.

11 Maemo a rona a ka ’na a re sitisa. Ka mohlala, bahoeletsi ba bang ba se ba holile haholo kapa baa kula. Na le uena u boemong bo tšoanang? Haeba ho joalo, hlokomela e ’ngoe ea lintho tseo re ithutileng tsona nakong ea seoa sa Corona. Re ile ra bona hore re ka khona ho ithuta Bibele le batho re sebelisa lifouno tsa rona kapa lisebelisoa tse ling tsa elektronike. Ka hona, u ka khona ho ithuta Bibele le motho u le ha hao. Hape ho na le molemo o mong. Batho ba bang ba ka ’na ba rata ho ithuta Bibele empa ba sa fumanehe nakong eo re bolelang ka eona. Leha ho le joalo, ba ka fumaneha hoseng kapa mantsiboea. Na u ka ithuta Bibele le motho ka linako tseo? Jesu o ile a ruta Nikodemase bosiu e leng nako eo Nikodemase a neng a e thabela.​—Joh. 3:1, 2.

12. Ke lintho life tse ka re kholisang hore re ka khona ho ithuta Bibele le batho?

12 Re ka ’na ra nahana hore re ke ke ra khona ho ithuta Bibele le motho. Mohlomong re nahana hore re hloka ho ba le bokhoni kapa tsebo e eketsehileng e le hore re ka khona ho ithuta Bibele le motho. Haeba u ikutloa ka tsela eo, hlokomela lintlha tse tharo tse ka u kholisang hore u ka khona ho ithuta Bibele le motho. Ea pele, Jehova o u nka u tšoaneleha ho ruta batho ba bang. (2 Bakor. 3:5) Ea bobeli, Jesu ea nang le “matla ’ohle leholimong le lefatšeng,” o u laetse hore u rute batho ba bang. (Mat. 28:18) Ea boraro, u ka kopa thuso ho ba bang. Ha Jesu a ne a bua, o ne a itšetlehile ka lintho tseo Ntate oa hae a mo rutileng tsona ’me le uena u ka etsa joalo. (Joh. 8:28; 12:49) Ho ekelletsa moo, u ka kopa molebeli oa sehlopha sa tšebeletso ea tšimo, pula-maliboho kapa mohoeletsi ea nang le boiphihlelo hore a u thuse ho ithuta Bibele le motho. Tsela e ’ngoe e ka u thusang ke ka hore u tsamaee le e mong oa bahoeletsi bana ha a il’o ithuta Bibele le motho.

13. Ke hobane’ng ha re lokela ho ikemisetsa ho sebelisa mekhoa e mecha ea ho ruta?

13 Re ka ’na ra fumana ho le thata ho sebelisa mekhoa e mecha le lithulusi tse ncha tsa ho ruta. Hona joale tsela eo re seng re ithuta Bibele le batho ka eona e se e fetohile. Buka eo re seng re ithuta Bibele le batho ka eona ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! e hloka hore re lokisetse le ho ruta batho ka tsela e fapaneng le eo re neng re ba ruta ka eona pele. Ha re ruta, re se re bala lirapa tse ’maloa ebe re buisana haholoanyane le moithuti. Re sebelisa livideo tse eketsehileng le lithulusi tsa elektronike tse kang JW Library®. Haeba u sa tsebe ho sebelisa lithulusi tsena, kopa motho e mong hore a u thuse. Re le batho, re rata ho etsa lintho ka tsela eo re e tloaetseng ebile ha ho bonolo hore re etse lintho ka tsela e ncha. Ka thuso ea Jehova le batho ba bang, ho tla ba bonolo hore u sebelise mekhoa eo e mecha u be u thabele ho ithuta Bibele le batho. Pula-maliboho e ’ngoe e ile ea re mokhoa ona oa ho ithuta ke o “hlasimollang ho motho ea rutang le ea ithutang.”

14. Ke’ng eo re lokelang ho e hopola ha re sebetsa tšimong e thata, hona 1 Bakorinthe 3:6, 7 e re khothatsa joang?

14 E ka ’na eaba re sebetsa tšimo eo ho leng thata hore re ithute Bibele le batho. Batho ba bang ba ka ’na ba se ke ba thabela molaetsa oa rona kapa ba re hanyetsa. Ke’ng e ka re thusang hore re lule re e-na le tšepo ea hore batho ba joalo ba ka mamela molaetsa oa Bibele? Hopola hore maemo a batho a ka fetoha kapele lefatšeng lena le tletseng mathata ’me ba neng ba sa mamele molaetsa oa rona ba ka hlokomela hore ba hloka tataiso ea Molimo bophelong ba bona. (Mat. 5:3) Batho ba neng ba lula ba hana lingoloa tsa rona pele, hamorao ba ile ba lumela ho ithuta Bibele le rona. Re boetse rea tseba hore Jehova ke Mong’a kotulo. (Mat. 9:38) O batla hore re ’ne re leme le ho nosetsa ’me ke eena ea tla holisa. (1 Bakor. 3:6, 7) Ke ho khothatsang hakaakang ho hopola hore le hoja hona joale ho se na motho eo re ithutang Bibele le eena, Jehova ha aa re putse ho ea ka hore na re tsamaisitse lingoliloeng tse kae kapa hore na re ithuta Bibele le bo-mang, o re putsa hobane re etsa boiteko ba ho thusa batho ba bang. *

FUMANA THABO KA HO ETSA BATHO BARUTUOA

Bona kamoo mosebetsi oa ho bolela le ho ruta o ka thusang motho kateng (Sheba serapa sa 15-17) *

15. Jehova o ikutloa joang ha motho a lumela ho ithuta Bibele ’me a etsa lintho tseo a ithutileng tsona?

15 Jehova oa thaba ha motho a lumela ho ithuta Bibele le rona ’me a bolella ba bang lintho tseo a ithutileng tsona. (Liprov. 23:15, 16) Jehova o thaba haholo ha a bona hore na ho etsahala’ng kajeno. Ka mohlala, selemong sa tšebeletso sa 2020, re ile ra ithuta Bibele le batho ba 7 705 765 ho sa tsotellehe lefu la seoa le bileng teng ’me batho ba 241 994 ba ile ba inehela ho Jehova le ho kolobetsoa. Barutuoa bana ba bacha le bona ba tla ithuta Bibele le batho ba bang ’me ba ba thuse hore e be barutuoa. (Luka 6:40) Ha ho pelaelo hore Jehova oa thaba ha re etsa batho barutuoa.

16. Re ka ikemisetsa ho etsa’ng?

16 Ho etsa batho barutuoa ha ho bonolo empa ka thuso ea Jehova, re ka nka karolo ho ruta ba bacha ka phuthehong hore ba rate ntate oa rona. Na re ka ikemisetsa ho ithuta Bibele bonyane le motho a le mong? Re ka hlolloa ke hore na ho tla etsahala’ng ha re sebelisa menyetla eohle e ka hlahang ea ho kopa batho hore ba ithute Bibele le rona. Re ka kholiseha hore Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba rona.

17. Re tla ikutloa joang ha re ithuta Bibele le batho?

17 Re na le monyetla o babatsehang hakaakang oa ho bolela le ho ruta batho Bibele! Kannete mosebetsi ona oa re thabisa. Moapostola Pauluse ea thusitseng batho ba bangata Thesalonika hore e be barutuoa, o ile a bua kamoo a neng a ikutloa kateng a re: “Etsoe tšepo ea rona kapa thabo kapa moqhaka oa thabo e khaphatsehang ke eng​—na ha e le hantle ha se lona?​—ka pel’a Morena oa rona Jesu ho beng teng ha hae? Ka sebele le khanya ea rona le thabo ea rona.” (1 Bathes. 2:19, 20; Lik. 17:1-4) Batho ba bangata kajeno ba ikutloa ka tsela e tšoanang. Morali’abo rona Stéphanie le monna oa hae, ba se ba thusitse batho ba bangata hore ba kolobetsoe ’me o re: “Ha ho na ntho e nthabisang ho feta ho thusa batho hore ba inehele ho Jehova.”

PINA EA 57 A re Ruteng Batho Bohle

^ ser. 5 Jehova o re file monyetla o babatsehang oa hore re bolele le ho ruta batho ho boloka lintho tsohle tseo Jesu a li laetseng. Ke’ng e re susumelletsang hore re rute batho ba bang? Ke mathata afe ao re bang le ’ona ha re bolela le ha re etsa batho barutuoa? Hona re ka hlola mathata ao joang? Sehlooho sena se tla araba lipotso tseo.

^ ser. 14 E le hore re bone hore na joaloka phutheho re ka thusa joang ho etsa barutuoa, bala sehlooho sa Molula-Qhooa oa March 2021 se reng “Phutheho e ka Thusa Batho ba Ithutang Bibele Joang Hore ba Kolobetsoe?

^ ser. 53 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Bona kamoo ho ithuta Bibele ho ka thusang motho hore a etse liphetoho kateng: Qalong bophelo ba hae bo bonahala bo se na morero, a bile a sa tsebe Jehova. Hamorao Lipaki Tsa Jehova li ile tsa mo etela ’me a lumela ho ithuta Bibele. Lintho tseo a ithutileng tsona li ile tsa etsa hore a inehele le hore a kolobetsoe. Ka mor’a nako, le eena o etsa batho barutuoa. Qetellong, bohle ba thabela bophelo Paradeiseng.