Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 28

Phehella Kgotso o Qobe Tlhodisano

Phehella Kgotso o Qobe Tlhodisano

“A re se keng ra fetoha ba ipoledisang, ba hlohlelletsang tlhodisano, ba honohelanang.”​—BAGAL. 5:26.

PINA YA 101 Ho Sebetsa Mmoho

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ho hlodisana ho ka ama batho jwang?

BATHO ba bangata mehleng ena, ba rata ho hlodisana ba sa tsotelle hore na batho ba bang ba tla ameha jwang ke diketso tsa bona. Rakgwebo a ka leka ho etsa dintho tse ka utlwisang batho ba bang bohloko hobane feela a batla ho atleha ho ba feta. Sebapadi se ka lematsa se hlodisanang le sona ka boomo hobane feela se batla hore se hlole papadi. Moithuti ya batlang ho ya yunivesithi e tummeng haholo a ka qopitsa nakong ya ditlhahlobo. Bakreste ba a tseba hore dintho tseo di fosahetse hobane ke karolo ya “mesebetsi ya nama.” (Bagal. 5:​19-21) Empa na ho ka etsahala hore ba bang ba bahlanka ba Jehova ba hlohlelletse ho hlodisana ka phuthehong ba sa elellwe? Potso ena ke ya bohlokwa hobane ha batho ba hlodisana ho ke ke ha eba le bonngwe ka phuthehong.

2. Re tlo bua kang sehloohong see?

2 Sehloohong sena re tlo bua ka dintho tse ka etsang hore re hlodisane le Bakrestemmoho le rona. Re tla boela re hlahlobe mehlala ya banna le basadi ba ka Bibeleng ba tshepahalang ba sa kang ba itumella ho ba le moya wa tlhodisano. Empa pele, a re ke re boneng hore na ke hobaneng ha re ka etsa dintho ka tsela e itseng.

HLAHLOBA MABAKA AO O ETSANG DINTHO KA ONA

3. Re lokela ho ipotsa dipotso dife?

3 Ke hantle hore nako le nako re hlahlobe mabaka ao re etsang dintho ka ona. Re ka ipotsa: ‘Na ke ipona ke le bohlokwa ha ke ipapisa le batho ba bang? Na ke lakatsa ho hlahella ho feta batho bohle kapa ho ipona ke le betere ho feta modumedimmoho ya itseng? Kapa na ke sebetsa ka thata hore ke kgahlise Jehova?’ Ke hobaneng ha re lokela ho ipotsa dipotso tsee? Ela hloko hore na Bibele e reng.

4. Bagalata 6:​3, 4 e re ke hobaneng ha re sa lokela ho ipapisa le batho ba bang?

4 Bibele e re kgothalletsa hore re qobe ho ipapisa le batho ba bang. (Bala Bagalata 6:​3, 4.) Hobaneng? Lebaka le leng ke hobane haeba re nahana hore re etsa dintho hantle ho feta Mokrestemmoho le rona ya itseng, re ka ikgohomosa. Le leng ke hore haeba re ipapisa le Bakrestemmoho le rona ba etsang dintho hantle ho re feta, re ka nyahama. Ho nahana ka tsela ena ha ho a nepahala. (Bar. 12:3) Moradiwabo rona Katerina * ya dulang Greece o re: “Ke ne ke tlwaetse ho ipapisa le batho ba bonahalang ba le batle, ba le mafolofolo boboleding le ba neng ba kgona ho etsa metswalle. Ka hoo, ke ile ka ikutlwa ke se na thuso.” Re lokela ho hopola hore Jehova ha a re hulela ho yena hobane re le batle, re le dikgeleke puong kapa hobane re ratwa ke batho ba bangata empa hobane re mo rata hape re batla ho mamela Mora wa hae.​—Joh. 6:​44; 1 Bakor. 1:​26-31.

5. O ithutang mohlaleng wa Morabo rona Hyun?

5 Re ka boela ra ipotsa: ‘Na ke tsejwa ke le motho wa kgotso kapa ke le motho ya ratang dikgang?’ A ko nahane ka mohlala wa Morabo rona Hyun ya dulang South Korea. Ka nako e nngwe o ne a nahana hore batho ba nang le mesebetsi e itseng ka phuthehong ba batla ho itlhahisa ba le bohlokwa ho mo feta. O re: “Ke ne ke dula ke ba tshwaya diphoso mme hangata ke ne ke sa dumellane le dintho tseo ba di buang.” Ho ile ha etsahalang? O re: “Boitshwaro ba ka bo ile ba etsa hore ho se ke ha eba le bonngwe ka phuthehong.” Metswalle e meng ya Morabo rona Hyun e ile ya mo thusa ho elellwa bothata ba hae. Morabo rona Hyun o ile a etsa diphetoho mme hona jwale ke moholo ya sebetsang hantle haholo. Haeba re bona hore re na le tlwaelo ya ho hlodisana ho ena le ho phehella kgotso, re lokela ho etsa diphetoho kapele.

O SE KE WA IKGOHOMOSA LE HO BA MOHONO

6. Ho ya ka Bagalata 5:​26, ke dintho dife tse ka etsang hore re hlodisane?

6 Bala Bagalata 5:​26. Ke dintho dife tse ka etsang hore batho ba batle ho hlodisana? E nngwe ya tsona ke boikgohomoso. Motho ya ikgohomosang o a ikgantsha hape ha a nahane ka batho ba bang. Ntho e nngwe ke ho ba mohono. Motho ya mohono o kgalla dintho tsa batho ba bang ebile o batla le ho ba nkela tsona. Ka hoo, motho ya mohono ha e le hantle o na le lehloyo. Ka hona, re batla ho qoba dintho tseo ka hohlehohle.

7. Ke mohlala ofe o bontshang hore na ho ikgohomosa le ho ba mohono ho ka baka bothata bofe?

7 Boikgohomoso le mohono di ka tshwantshwa le ditshila tse bang teng ka hara mafura a tsamaisang sefofane. Sefofane se ka kgona ho fofa empa ditshila tseo di ka kwala diphaepe tse tsamaisang mafura yaba di etsa hore dienjene di hloke matla ebe sefofane se a swahlamana. Ka tsela e tshwanang, motho e mong a ka nna a ba le nako a sebeletsa Jehova empa haeba motho eo a ikgohomosa hape a le mohono, o tla tswa kotsi. (Liprov. 16:​18) O tla tlohela ho sebeletsa Jehova, a ikutlwise bohloko ha mmoho le batho ba bang. Ka hoo, re ka etsang hore re se ke ra ikgohomosa le ho ba mohono?

8. Re ka hlola ho ikgohomosa jwang?

8 Re ka hlola ho ikgohomosa ka hore re hopole keletso eo moapostola Pauluse a ileng a e fa Bafilipi e reng: “Le [se ke la etsa] letho ka lebaka la ho rata dikgang kapa ka lebaka la ho ipoledisa, empa ka ho ikokobetsa kelellong le nka hore ba bang ba le phahametse.” (Bafil. 2:3) Haeba re nka batho ba bang ba re phahametse, re ke ke ra hlodisana ka hore ke mang ya nang le ditalenta kapa bokgoni bo fetang ba e mong. Ho ena le hoo, re tla ba thabela. Taba eo ke nnete haholo haeba batho bao ba sebedisa bokgoni ba bona hore ba rorise Jehova. Hape haeba Bakrestemmoho le rona ba nang le bokgoni ba mamela keletso ya Pauluse, ba tla ameha haholo ka makgabane ao ba a ratang ka rona. Ka ho etsa jwalo, re tla etsa hore ho be le kgotso le bonngwe ka phuthehong.

9. Re ka qoba ho ba mohono jwang?

9 Re ka hlola mohono ka ho inyenyefatsa, e leng ho bolelang hore re tsebe moo matla a rona a fellang teng. Ha re inyenyefatsa, re ke ke ra batla ho bontsha batho hore re na le talenta kapa bokgoni bo fetang ba batho ba bang. Ho ena le hoo, re tla leka ho ithuta ho batho ba nang le bokgoni bo fetang boo re nang le bona. Mohlala, a re re morabo rona o kgona ho fana ka dipuo tse monate haholo. Re ka mo botsa hore na o lokisetsa dipuo tsa hae jwang. Haeba moradiwabo rona a le motle haholo dipitseng, re ka mo botsa hore na re ka etsang e le hore le rona re ntlafatse. Hape haeba Mokreste ya motjha dilemong a thatafallwa ke ho ba le metswalle, a ka kopa keletso ho motho ya kgonang ho etsa metswalle. Ha re etsa dintho tsena, re tla qoba ho ba mona ebe re ntlafatsa bokgoni boo re nang le bona.

ITHUTE MEHLALENG E KA BIBELENG

Gideone o ile a bopa kgotso le Baefraime hobane o ne a ikokobeditse (Sheba serapa sa 10-12)

10. Gideone o ile a ba le bothata bofe?

10 A ko nahane ka dintho tse ileng tsa etsahalla Gideone wa leloko la Manase le banna ba moloko wa Efraime. Gideone le banna ba 300 ba ne ba hlotse ntwa ka thuso ya Jehova mme ba ne ba ka ikotla sefuba ka taba eo. Banna ba Efraime ba ile ba kopana le Gideone ho ya pheha kgang le yena eseng ho mo babatsa. Ho bonahala eka banna bao ba ne ba kwatile hore ebe Gideone ha a ka a re ba ilo mo thusa qalong ha a ne a lwantsha dira tsa Modimo. Ba ne ba amehile feela ka hore moloko wa bona o hlomphuwe hoo ba sa kang ba bona taba ya bohlokwa ya hore Gideone o ne a kentse letsoho hore lebitso la Jehova le tlotliswe le hore batho ba hae ba sireletswe.​—Baahl. 8:1.

11. Gideone o ile a reng ho banna ba Efraime?

11 Ka boikokobetso Gideone o ile a re ho banna ba Efraime: “Ke entseng ha ho bapiswa le lona?” Ka mora moo, o ile a ba etsetsa mohlala wa ka moo Jehova a ba thusitseng ka teng. Ka lebaka leo, ba ile ba theola maikutlo. (Baahl. 8:​2, 3) Gideone o ne a ikemiseditse ho se ikgohomose e le hore a phehelle kgotso hara batho ba Modimo.

12. Re ithutang mohlaleng wa Baefraime le wa Gideone?

12 Re ithutang tlalehong ee? Mohlaleng wa batho ba Efraime, re ithuta hore ha re a lokela ho ameha haholo ka ho sireletsa botumo ba rona ho feta ho hlompha Jehova. Dihlooho tsa malapa le baholo ba ka ithuta thuto ya bohlokwa ho Gideone. Haeba motho e mong a kwatisitswe ke ntho eo re e entseng, re lokela ho utlwisisa hore na ke hobaneng ha a ikutlwa jwalo. Re ka boela ra mo babatsa ka dintho tse ntle tseo a di entseng. Ho tla hlokahala hore re ikokobetse, haholo haeba ho hlakile hore motho e mong ke yena ya phoso. Ho bopa kgotso ho bohlokwa ho feta ho ikgohomosa.

Anna o ile a boela a ba le kgotso hobane o ile a tshepa Jehova hore o tla lokisa dintho (Sheba serapa sa 13 le 14)

13. Anna o ile a ba le bothata bofe, hona o ile a bo hlola jwang?

13 A ko nahane hape ka mohlala wa Anna. O ne a nyetswe ke Elkana wa Molevi ya neng a mo rata haholo. Empa Elkana o ne a ena le mosadi e mong ya bitswang Penina. Elkana o ne a rata Anna haholo ho feta Penina. Le ha ho le jwalo, ‘Penina o ne a ena le bana empa Anna o ne a se na bana.’ Ka hoo, Penina “o ne a mo tshwenya haholo ka morero wa ho etsa hore a ikutlwe a ferekane.” Anna o ile a etsang? O ile a utlwa bohloko haholo. O ne “a lla mme a sa je.” (1 Sam. 1:​2, 6, 7) Ho ntse ho le jwalo, ha ho na moo Bibeleng e reng Anna o ile a leka ho iphetetsa ka tsela e itseng. Ho ena le hoo, o ile a bua le Jehova ho tswa pelong a ba a tshepa hore Jehova o tla mo thusa. Empa na Penina o ile a fetoha tseleng eo a neng a tshwara Anna ka yona? Bibele ha e re bolelle. Empa re a tseba hore Anna o ile a ba le kgotso mme a lwanela hore a dule a ena le yona. “Sefahleho sa hae ha se a ka sa hlola se tshwenyeha.”​—1 Sam. 1:​10, 18.

14. Re ithutang mohlaleng wa Anna?

14 Re ka ithutang mohlaleng wa Anna? Haeba motho e mong a batla ho hlodisana le wena ka tsela e itseng, o hopole hore ke wena ya ka laolang boemo boo. O se ke wa itumella hore o hlodisane le motho eo. Ho ena le hore o lefe bobe ka bobe, leka ho etsa kgotso le motho eo. (Bar. 12:​17-21) Esita le haeba motho eo a sa batle ho fetoha, wena o tla ba le kgotso.

Apolose le Pauluse ba ne ba sa hloyana hobane ba ile ba hlokomela hore Jehova ke yena ya neng a ba thusa mosebetsing wa bona (Sheba serapa sa 15-18)

15. Apolose le Pauluse ba ne ba tshwana kang?

15 Ha re bone hape hore na re ka ithutang mohlaleng wa morutuwa Apolose le moapostola Pauluse. Banna bao ba ne ba tseba mangolo hantle. Ba ne ba tsebahala hape e le mesuwe e hlwahlwa haholo. Hape ba ne ba thusitse batho ba bangata hore e be barutuwa. Empa banna bao ba ne ba sa monelane.

16. O ka re Apolose e ne e le motho ya jwang?

16 Apolose e ne e le “letswallwa la Alexandria,” e leng sebaka se neng se tumme ka thuto mehleng ya hae. E ne e le kgeleke puong hape o ne a “rutehile haholo Mangolong.” (Lik. 18:​24) Ha Apolose a ne a le Korinthe, batho ba bang ka phuthehong ba ile ba bontsha hore ba rata yena ho feta batho ba bang ho akarelletsa le Pauluse. (1 Bakor. 1:​12, 13) Na Apolose o ile a kgothalletsa moya oo wa ho se be le bonngwe? Ha re nahane hore o ile a etsa jwalo. Ebile nakwana ka mora hore Apolose a tlohe Korinthe, Pauluse o ile a mo kopa hore a kgutlele moo hape. (1 Bakor. 16:​12) Pauluse a ka be a sa bua ntho eo haeba a ne a utlwa eka Apolose o arola phutheho. Ka hona ho a hlaka hore Apolose o ile a sebedisa bokgoni ba hae ka tsela e nepahetseng e leng ho phatlalatsa molaetsa wa Mmuso le ho matlafatsa bara babo. Re boetse re kgodisehile hore Apolose o ne a ikokobeditse. Mohlala, ha ho na moo Bibele e reng Apolose o ile a halefa ha Akuila le Prisilla “ba mo qaqisetsa tsela ya Modimo ka mokgwa o nepahetseng haholwanyane.”​—Lik. 18:​24-28.

17. Pauluse o ile a phehella kgotso jwang?

17 Moapostola Pauluse o ne a tseba mosebetsi o motle oo Apolose a o entseng. Empa Pauluse ha a ka a ikutlwa a fokola ha a bapiswa le Apolose. Re kgona ho bona hore Pauluse o ne a ikokobeditse hape a inyenyefaditse keletsong eo a ileng a e ngolla Bakorinthe. Ho ena le hore a ye le kgongwana hodimo ha batho ba re: “Nna ke wa Pauluse,” o ile a isa thoriso yohle ho Jehova Modimo le Jesu Kreste.​—1 Bakor. 3:​3-6.

18. Ho 1 Bakorinthe 4:​6, 7, re ithutang ka Apolose le Pauluse?

18 Re ka ithutang mohlaleng wa Apolose le Pauluse? Re ka sebeletsa Jehova ka thata ra ba ra thusa batho ba bangata hore ba kolobetswe. Empa re a utlwisisa hore re kgona ho etsa dintho tsohle hobane Jehova a re thusa. Ho na le thuto e nngwe ya bohlokwa hape eo re ka ithutang yona mohlaleng wa Apolose le Pauluse ya hore ha re ena le boikarabelo bo bongata haholo ka phuthehong, ke monyetla wa rona wa hore re phehelle kgotso. Re a thaba ha banna ba kgethilweng ba phehella kgotso le bonngwe ka hore ba itshetlehe ka Lentswe la Modimo ha ba fana ka keletso le hore ba thuse phutheho ho latela Jesu le ho mo mamela.​—Bala 1 Bakorinthe 4:​6, 7.

19. Re lokela ho etsang kaofela ha rona? (Sheba le lebokose le reng “ Qoba ho Hlodisana le ba Bang.”)

19 Re le batho ka bomong re na le ditalenta le bokgoni bo sa tshwaneng. Re ka sebedisa dintho tseo “ho sebeletsaneng.” (1 Pet. 4:​10) Re ka utlwa eka ha ho letho le lekaalo leo re le etsang empa dintho tse nyenyane tseo re di etsang ho bopa kgotso di ka tshwana le meroko e menyenyane e kgonang ho kopanya seaparo. Ka hoo, ntho le ha e le efe eo o e etsang, e thusa hore phutheho e momahane. E se eka kaofela ha rona re ke ke ra ba le moya wa tlhodisano. A re ikemisetseng ho phehella kgotso le bonngwe ka phuthehong.​—Baef. 4:3.

PINA YA 80 “Latswang Mme le Bone Hore Jehova o Molemo”

^ par. 5 Feela jwalo ka ha nkgo ya letsopa e ka pshatleha ha bonolo ha e na le matlere, moya wa tlhodisano le wona o ka etsa hore phutheho e se ke ya momahana. Haeba phutheho e se matla hape ho se na bonngwe, ho ke ke ha eba bonolo hore batho ba sebeletse Modimo ka kgotso. Sehloohong sena re tlo bona hore na re ka qoba ho hlodisana jwang le hore na re ka etsang hore ho be le kgotso ka phuthehong.

^ par. 4 Mabitso a mang a fetotswe.