Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 29

U se ke oa Ipapisa le Batho ba Bang

U se ke oa Ipapisa le Batho ba Bang

E mong le e mong . . . a be le sesosa sa thabo e khaphatsehang mabapi le eena a le mong, eseng ka ho ipapisa le motho e mong.’​—BAGAL. 6:4.

PINA EA 34 Re Sebeletsa Jehova ka Botšepehi

SEO RE TLʼO ITHUTA SONA *

1. Ke honane’ng ha Jehova a sa re bapise le batho ba bang?

JEHOVA o rata lintho tse sa tšoaneng. Re bona taba ena linthong tseo a li bopileng ho akarelletsa limela tse sa tšoaneng, liphoofolo le batho. Kaofela ha rona rea ikhetha. Kahoo, ha ho mohla Jehova a u bapisang le batho ba bang. O hlahloba pelo ea hao ’me oa bona hore na u motho ea joang. (1 Sam. 16:7) O boetse o tseba lintho tseo u khonang ho li etsa, tseo u sa khoneng ho li etsa le hore na u holisitsoe joang. Hape a ke ke a u kopa hore u etse ntho eo u ke keng oa e khona. Re lokela ho etsisa Jehova ka hore re ipone ka tsela eo a re bonang ka eona. Ha re etsa joalo, re tla ba le “kelello e hlaphohileng” ’me re ke ke ra inka re le bohlokoa haholo kapa ra ikhalala.​—Bar. 12:3.

2. Ke honane’ng ha re sa lokela ho ipapisa le batho ba bang?

2 Ke ’nete hore ho ithuta mohlaleng o motle oa mora kapa morali’abo rona ea atlehang tšimong ho ka re tsoela molemo. (Baheb. 13:7) Mohlala oa bona o ka re thusa ho bona hore na re ka etsa mosebetsi oa boboleli joang ka tsela e atlehang. (Bafil. 3:17) Empa ho na le phapang pakeng tsa ho etsisa mohlala oa motho ea itseng le ho ipapisa le eena. Haeba re ipapisa le batho ba bang, re ka nyahama le ho honohela batho ba bang kapa ra ikutloa re se na thuso. Empa sehloohong se fetileng re ile ra ithuta hore ha re hlolisana le Bakreste-’moho, re ka senya kamano ea rona le Jehova. Kahoo, Jehova o re ho rona: “E mong le e mong a ke a leke seo mosebetsi oa hae o leng sona, joale o tla ba le sesosa sa thabo e khaphatsehang mabapi le eena a le mong, eseng ka ho ipapisa le motho e mong.”​—Bagal. 6:4.

3. Ke liphetoho life tseo u ileng oa li etsa tse u thabisang?

3 Jehova o batla hore u thabisoe ke lintho tsohle tseo u khonang ho mo etsetsa tsona. Ka mohlala, haeba u kolobelitsoe, e tlameha ebe u ile oa thaba haholo hore ebe u ile oa khona ho etsa joalo. U ile oa etsa qeto eo u le mong hobane u rata Molimo. Nahana ka lintho tsohle tseo u ileng oa khona ho li etsa ho tloha ka nako eo. Ka mohlala, na u se u rata ho bala Bibele le ho ithuta haholoanyane? Na u se u khona ho rapela Jehova ho tsoa botebong ba pelo ho feta pele? (Pes. 141:2) Na u se u nolofalloa ho bua le batho le ho sebelisa lithulusi tsa ho ruta ha u le tšimong? Hona haeba u na le lelapa, na Jehova o u thusitse ho ba monna, mosali kapa motsoali ea molemo? U ka thaba haholo ha u bona liphetoho tsohle tseo u ileng oa li etsa.

4. Re tl’o bua ka’ng sehloohong see?

4 Re ka thusa batho ba bang hore ba thabisoe ke lintho tseo ba li etsetsang Jehova. Re ka boela ra ba thusa hore ba se ke ba ipapisa le batho ba bang. Sehloohong sena, re tla bona hore na batsoali ba ka thusa bana ba bona joang, banyalani ba ka thusana joang le hore na baholo le batho ba bang ka phuthehong ba ka thusa bara le barali ba bo rona joang. Qetellong, re tla bua ka melao-motheo e meng e ka Bibeleng e ka re thusang hore re be le lintho tseo re ka khonang ho li finyella ho ea ka bokhoni le maemo a rona.

BATSOALI LE BANYALANI BA KA ETSA’NG?

Batsoali, bontšang ngoana e mong le e mong oa lona hore le thabela lintho tse ntle tseo a li etsang (Sheba serapa sa 5 le 6) *

5. Ho ea ka Baefese 6:4, batsoali ba lokela ho qoba ho etsa’ng?

5 Batsoali ba lokela ho ela hloko hore ba se ke ba bapisa bana ba bona le bana ba bang kapa ba lebelle hore bana ba bona ba etse lintho tseo ba ke keng ba khona ho li etsa. Ha batsoali ba etsa joalo, ba ka nyahamisa bana ba bona haholo. (Bala Baefese 6:4.) Morali’abo rona Sachiko * o re: “Matichere a ka a ne a lebeletse hore ke pase ho feta bana ba bang ka tlelaseng. Hape ’mè oa ka o ne a batla hore ke pase sekolong e le hore tichere ea ka le ntate oa ka eo e seng Paki ea Jehova, ba bone hore Lipaki li sebetsa ka thata. Ha e le hantle, o ne a batla hore ke lule ke nepa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ha re ne re ngola litlhahlobo, e leng ntho e neng e ke ke ea khoneha hore ke e etse. Le hoja ke qetile sekolo lilemo tse ngata tse fetileng, ka linako tse ling kea ipotsa hore na ebe Jehova o thabisoa ke lintho tse ngata tseo ke khonang ho mo etsetsa tsona.”

6. Batsoali ba ka ithuta’ng ho Pesaleme ea 131:1, 2?

6 Batsoali ba ka ithuta ntlha ea bohlokoa lengolong la Pesaleme ea 131:1, 2. (E bale.) Morena Davida o ile a re ha aa ka a etsa ‘lintho tse kholo haholo’ kapa tse fetang matla a hae. Kaha e ne e le motho ea ikokobelitseng, o ne a khotsofetse ebile a e-na le khotso. Batsoali ba ka ithuta’ng mantsoeng a Davida? E le hore batsoali e be batho ba ikokobelitseng, ha baa lokela ho lebella ho etsa lintho tse fetang matla a bona kapa hore bana ba bona ba etse tse fetang matla a bona. Batsoali ba ka etsa hore bana ba bona ba ikutloe e le batho ba bohlokoa ka hore ba ba thuse ho bona hore na ke lintho life tseo ba ka khonang ho li etsa le tseo ba sa khoneng ho li etsa. Hape ba ka ba thusa hore ba ipehele lintho tseo ba ka khonang ho li finyella. Morali’abo rona Marina o re: “’Mè oa ka o ne a sa mpapise le banab’eso kapa bana ba bang. O nthutile hore re na le bokhoni bo fapaneng le hore e mong le e mong oa rona ke motho oa bohlokoa ho Jehova. Ka lebaka la hae, ha se hangata ke ipapisang le batho ba bang.”

7-8. Monna a ka bontša joang hore o hlompha mosali oa hae?

7 Monna oa Mokreste o lokela ho hlompha mosali oa hae. (1 Pet. 3:7) Ho hlompha ho akarelletsa ho tsotella motho e mong. Ka mohlala, monna o bontša hore o hlompha mosali oa hae ka hore a mo nke e le motho oa bohlokoa. Ha a kope mosali oa hae hore a etse lintho tseo a ke keng a khona ho li etsa. Hape ha ho mohla a mo bapisang le basali ba bang. Ebe mosali a ka ikutloa joang haeba monna oa hae a mo bapisa le basali ba bang? Monna oa Morali’abo rona Rosa eo e seng Paki hangata o mo bapisa le basali ba bang. Mantsoe a hae a bohloko a entse hore Morali’abo rona Rosa a se ke a itšepa. O re: “Ke hloka hore ke lule ke hopotsoa hore Jehova o ’nka ke le motho oa bohlokoa.” Leha ho le joalo, monna oa Mokreste o hlompha mosali oa hae. Oa tseba hore ho etsa joalo ho ama kamano ea hae le mosali oa hae le kamano ea hae le Jehova. *

8 Monna ea hlomphang mosali oa hae o bua hantle ka eena bathong, oa mo bolella hore oa mo rata ebile oa mo babatsa. (Liprov. 31:28) Monna oa Morali’abo rona Katerina eo ho builoeng ka eena sehloohong se fetileng, o ile a etsa joalo ho mo thusa ha a ne a utloa eka ha se motho oa bohlokoa. Ha Morali’abo rona Katerina a ne a le monyane, ’mè oa hae o ne a lula a mo tšoaea liphoso ’me hangata a mo bapisa le banana ba bang ho akarelletsa le metsoalle ea hae. Ka lebaka leo, Morali’abo rona Katerina o ile a qala ho ipapisa le batho ba bang ’me a tsoela pele ho etsa joalo le ka mor’a hore e be Paki ea Jehova. Leha ho le joalo, monna oa hae o ile a mo thusa hore a khaotse ho etsa joalo ’me a ipone ka tsela e nepahetseng. Morali’abo rona Katerina o re: “Monna oa ka oa nthata, oa mpabatsa ha ke entse lintho tse ntle ebile oa nthapella. Hape o nkhopotsa makhabane a Jehova le ho nthusa hore ke fetole tsela eo ke nahanang ka eona.”

BAHOLO LE BATHO BA BANG KA PHUTHEHONG BA KA ETSA’NG?

9-10. Baholo ba ile ba thusa morali’abo rona ea neng a tloaetse ho ipapisa le batho ba bang joang?

9 Baholo ba ka thusa batho ba tloaetseng ho ipapisa le batho ba bang joang? Nahana ka ntho e ileng ea etsahalla Morali’abo rona Hanuni ea neng a babatsoa seoelo ha e ne e le ngoana. O re: “Ke ne ke le lihlong ’me ke nka bana ba bang ba le bohlokoa ho mpheta. Ke qalile ho ipapisa le batho ba bang ho tloha ha ke le monyane.” Le ka mor’a hore ebe Paki ea Jehova, Morali’abo rona Hanuni o ne a ntse a ipapisa le batho ba bang. Ka lebaka leo, o ne a ikutloa e se motho oa bohlokoa ka phuthehong. Leha ho le joalo, hona joale ke pula-maliboho e thabileng. Ke’ng e mo thusitseng hore a fetole tsela eo a neng a ikutloa ka eona?

10 Morali’abo rona Hanuni o re o ile a thusoa ke baholo. Ba ne ba mo bolella hore ke motho oa bohlokoa ka phuthehong ’me ba mo babatsa ka lebaka la mohlala oa hae o motle. O re: “Baholo ba ile ba nkopa ka makhetlo a ’maloa hore ke khothatse baralib’abo rona ba bang ba neng ba hloka thuso. Mosebetsi oo o ile oa etsa hore ke ikutloe ke le motho oa bohlokoa. Ke hopola ha baholo ba ne ba nteboha hore ebe ke ile ka khothatsa baralib’abo rona ba bang ba bacha. Ka mor’a moo, ba ile ba mpalla lengolo la 1 Bathesalonika 1:2, 3. Ntho eo e ile ea nthabisa haholo. Ke leboha baholo bana ba lerato haholo, kaha hona joale kea tseba hore ke motho oa bohlokoa ka phuthehong.”

11. Re ka thusa batho ba “hateletsoeng” le ba “moea o ikokobelitseng” ba boletsoeng ho Esaia 57:15 joang?

11 Bala Esaia 57:15. Jehova o otsotella motho e mong le e mong ea “hateletsoeng le ea moea o ikokobelitseng.” Ha se baholo feela ba ka khothatsang bara le barali bana ba bo rona empa kaofela re ka ba khothatsa. Re ka ba khothatsa ka hore re ba bontše hore rea ba khathalla. Jehova o batla re ba bontše hore na o ba rata hakae. (Liprov. 19:17) Re ka boela ra thusa bara le barali ba bo rona ka hore re be batho ba ikokobelitseng le ka hore re se ke ra ikhantša. Ha re batle ho bua haholo ka rona hoo re ka etsang hore batho ba bang ba be mona. Ho e-na le ho etsa joalo, re batla hore lintho tseo re li buang le tseo re li etsang, li khothatse bara le barali ba bo rona.​—1 Pet. 4:10, 11.

Barutuoa ba Jesu ba ne ba khona ho ba haufi le eena hobane ho ne ho se mohla a etsang eka o ba phahametse. O ne a thabela ho ba le metsoalle ea hae (Sheba serapa sa 12)

12. Ke honane’ng ha batho ba boemong bo tlaase ba ne ba rata ho ba le Jesu? (Sheba setšoantšo se ka ntle.)

12 Re ka ithuta lintho tse ngata tabeng ea hore na re ka tšoara batho ba bang joang ka ho nahana kamoo Jesu a neng a tšoara balateli ba hae kateng. Le hoja e ne e le motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela, o ne a e-na le “maikutlo a bonolo ’me [a] ikokobelitse pelong.” (Mat. 11:28-30) O ne a sa ikhohomose ka lebaka la tsela eo a neng a le bohlale ka eona le ka lebaka la lintho tseo a neng a li tseba. O ne a ruta ka tsela e bonolo, a sebelisa mehlala eo ho leng bonolo hore batho ba e utloisise e neng e ama batho ba boemo bo tlaase lipelo. (Luka 10:21) Jesu o ne a fapane le baeta-pele ba bolumeli ba ikhohomosang, o ne a lula a etsa hore batho ba bang ba ikutloe e le ba bohlokoa ho Molimo. (Joh. 6:37) O ne a lula a hlompha batho ba boemo bo tlaase.

13. Jesu o ile a bontša barutuoa ba hae mosa le hore oa ba rata joang?

13 Tsela eo Jesu a neng a tšoara barutuoa ba hae ka eona, e ne e bontša hore ke motho ea mosa hape o lerato. O ne a tseba hore ba na le bokhoni bo fapaneng le hore maemo a bona ha a tšoane. Kahoo, ba ne ba ke ke ba khona ho etsa lintho tse tšoanang kapa ho etsa mosebetsi o lekanang tšebeletsong. Leha ho le joalo, o ne a ananela boiteko bohle bo neng bo etsoa ke e mong le e mong oa bona. Re bona taba ena papisong eo a ileng a e etsa ea litalenta. Papisong ena, mong’a makhoba o fa lekhoba le leng le le leng mosebetsi “ho ea ka bokhoni ba lona.” Ho makhoba a mabeli a sebelitseng ka thata, le leng le ile la tla le ho hongata ho feta le leng. Mong’a makhoba o ile a babatsa makhoba ao a mabeli ka mantsoe a tšoanang a re: “U entse hantle, lekhoba le molemo le le tšepahalang!”​—Mat. 25:14-23.

14. Re ka etsisa Jesu joang tseleng eo re tšoarang ba bang ka eona?

14 Jesu o mosa ’me o lula a sebetsana le rona ka lerato. Oa tseba hore re na le bokhoni bo fapaneng le hore maemo a rona ha a tšoane ’me oa thaba ha re etsa boiteko bohle boo re ka bo khonang. Le rona re lokela ho tšoara batho ba bang joaloka Jesu. Ha rea lokela ho etsa hore mora kapa morali’abo rona a ikutloe a se na thuso kapa a le lihlong hobane a sa khone ho etsa lintho joaloka batho ba bang. Ho e-na le hoo, re lokela hore kamehla re lule re babatsa bara le barali ba bo rona ha ba ntse ba sebeletsa Jehova kahohle kamoo ba ka khonang.

IPEHELE LINTHO TSEO U KA KHONANG HO LI FINYELLA

Thabisoa ke lintho tseo u ipehetseng tsona tseo u ka khonang ho li finyella (Sheba serapa sa 15 le 16) *

15-16. Morali’abo rona o ile a thuseha joang ka hore a be le lintho tseo a khonang ho li finyella?

15 Haeba re ipehela lintho tseo re batlang ho li finyella tšebeletsong ea Jehova, re tla thaba ebile bophelo ba rona bo tla ba le morero. Leha ho le joalo, ntho ea bohlokoa ke hore re ipehele lintho tseo re ka khonang ho li finyella ho latela bokhoni ba rona le maemo a rona, eseng ho latela batho ba bang. Haeba re ipehela lintho tseo re batlang ho li finyella re ipapisitse le batho ba bang, re tla utloa bohloko re be re nyahame. (Luka 14:28) Nahana ka mohlala oa Morali’abo rona Midori oa pula-maliboho.

16 Ntate oa Morali’abo rona Midori eo e seng Paki, o ne a rata ho mo tlotlolla ka ho mo bapisa le banab’abo le bana bao a kenang sekolo le bona. Morali’abo rona Midori o re: “Ke ne ke ikutloa ke se na thuso.” Leha ho le joalo, Morali’abo rona Midori o ile a qala ho itšepa. O re: “Ke bala Bibele letsatsi le leng le le leng e le hore nka ba le khotso pelong ea ka le hore ke bone hore Jehova oa nthata.” Ho ekelletsa moo, o ile a ipehela lintho tseo a ka khonang ho li finyella ’me o ile a rapela Jehova hore a mo thuse ntlheng eo. Ntho eo e ile ea thusa Morali’abo rona Midori hore a thabele lintho tseo a khonang ho li etsetsa Jehova.

LULA U SEBELETSA JEHOVA KAHOHLE KAMOO U KA KHONANG

17. Ke’ng e ka re thusang hore re fetole tsela eo re nahanang ka eona, hona Jehova o tla re thusa joang?

17 Ho nka nako ho fetola tsela e mpe eo re ikutloang ka eona ka rona. Kahoo, Jehova o re khothalletsa ho re ‘re nchafale matleng a susumetsang likelello tsa rona.’ (Baef. 4:23, 24) E le hore re etse joalo, re lokela ho rapela, ho ithuta Lentsoe la Molimo le ho nahanisisa ka lona. Lula u etsa lintho tsena ’me u kope Jehova a u fe matla. Moea oa hae o halalelang u tla u thusa hore u tlohele ho ipapisa le batho ba bang. Jehova o tla u thusa hore u tsebe haeba u e-ba mohono kapa u qala ho ikhohomosa ’me o tla u thusa hore u etse liphetoho kapele bophelong ba hao.

18. Mantsoe a hlahang ho 2 Likronike 6:29, 30 a u khothatsa joang?

18 Bala 2 Likronike 6:29, 30. Jehova oa tseba hore na re ikutloa joang. O boetse oa tseba hore re loantšana le ho se phethahale le tšusumetso e mpe ea lefatše lena. Jehova o re rata le ho feta ha a ntse a re bona re loantša lintho tsena.

19. Ke mohlala ofe oo Jehova a o sebelisang ho bontša hore na o ikutloa joang ka rona?

19 Jehova o sebelisa mohlala oa tsela eo ’mè a ratang ngoana oa hae ka eona ho bontša hore na o ikutloa joang ka rona. (Esa. 49:15) Nahana ka mohlala oa Morali’abo rona Rachel. O re: “Morali oa ka Stephanie o hlahile pele ho nako. Ha ke ne ke qala ho mo bona o ne a le monyane haholo. Empa ngaka e ile ea ntumella hore ke mo kuke letsatsi le leng le le leng khoeling ea pele a qeta ho hlaha, ha a ntse a le sepetlele. Linako tseo li ile tsa thusa ’na le ngoana oa ka hore re be le kamano e haufi-ufi. Hona joale o se a e-na le lilemo tse tšeletseng empa ha a lekane le lithaka tsa hae. Ke mo rata haholo feela hobane o ile a loanela ho phela ’me o entse hore ke thabe haholo bophelong.” Ho khothatsa hakaakang ho tseba hore Jehova le eena o re rata ka tsela eo ha a bona re loanela ho mo sebeletsa ka moea oohle!

20. Bahlanka ba Jehova ba na le lebaka lefe la ho thaba?

20 Kaha u mohlanka oa Jehova, oa ikhetha hape u motho oa bohlokoa haholo lelapeng la hae. Jehova ha aa ka a u hulela ho eena hobane u le bohlokoa ho feta batho ba bang. Ho e-na le hoo, o ile a u hula hobane a bona hore u motho ea ikokobelitseng, ea ikemiselitseng ho ithuta ka eena le ho etsa liphetoho. (Pes. 25:9) Kholiseha hore oa thaba ha a bona o etsa sohle seo u ka se khonang ho mo sebeletsa. Taba ea hore oa mamella ebile oa tšepahala e bontša hore u na le “pelo e ntle le e molemo.” (Luka 8:15) Kahoo, tsoela pele u sebeletsa Jehova kahohle kamoo u ka khonang. Ha u etsa joalo, u tla ba le lebaka la ho thaba “mabapi le [uena u] le mong.”

PINA EA 38 O tla le Matlafatsa

^ ser. 5 Jehova ha aa re bapise le batho ba bang. Empa rona re ka ’na ra ipapisa le batho ba bang ’me ra ikutloa eka ha re mo sebeletse hantle. Sehloohong sena, re tl’o bua ka hore na ke honane’ng ha ho le kotsi ho ipapisa le batho ba bang. Re tla boela re bone hore na re ka thusa ba malapa a rona joang le batho ba bang ka phuthehong hore ba ipone kamoo Jehova a ba bonang kateng.

^ ser. 5 Mabitso a mang a fetotsoe.

^ ser. 7 Le hoja lintlha tsena li bua haholo le banna empa melao-motheo e mengata ea sebetsa le ho basali.

^ ser. 58 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Nakong ea borapeli ba lelapa, batsoali ba thabetse ho bona hore na ngoana e mong le e mong o entse’ng bakeng sa areka ea Noe.

^ ser. 62 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Morali’abo rona ea holisang ngoana oa hae e monyenyane a le mong o hlophisa maemo a hae hore a khone ho ba pula-maliboho e thusang ’me o thabile ha a khonne ho etsa joalo.