Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 30

Ananela ho ba Setho sa Lelapa la Jehova

Ananela ho ba Setho sa Lelapa la Jehova

“U ile oa boela oa mo etsa ea ka tlaasana ho ba kang melimo, joale oa mo roesa moqhaka oa khanya le bokhabane.”​—PES. 8:5.

PINA EA 123 Lulang le Ikokobeletsa Molimo

SEO RE TLʼO ITHUTA SONA *

1. Ha re nahana ka lintho tsohle tseo Jehova a li bopileng, re ka ipotsa’ng?

HA RE nahanisisa ka lintho tsohle tseo Jehova a li bopileng, re ka ikutloa joaloka mopesaleme Davida ha a ne a rapela Jehova a re: “Ha ke bona maholimo a hao, mesebetsi ea menoana ea hao, khoeli le linaleli tseo u li lokisitseng, motho ea shoang ke’ng hore u ’ne u mo hopole, le mora oa motho oa lefatše ke’ng hore u mo hlokomele?” (Pes. 8:​3, 4) Joaloka Davida, ha re sheba kamoo re leng banyane kateng bokahohleng bohle, rea hlolloa ha re bona hore Jehova o re nka re le bohlokoa. Leha ho le joalo, re tla bona hore Jehova o ne a tsotella Adama le Eva ebile o ne a ba nka e le karolo ea lelapa la hae.

2. Jehova o ne a batla hore Adama le Eva ba etse’ng?

2 Adama le Eva e ne e le bana ba pele ba Jehova mona lefatšeng ’me Jehova e ne e le ntate oa bona ea ba ratang. O ne a file banyalani bana mosebetsi oo ba lokelang ho o etsa. Molimo o ile a re ho bona: “Atang le ngatafale le tlale lefatše ’me le le buse.” (Gen. 1:​28) Ba ne ba lokela hore ba be le bana le hore ba hlokomele lefatše. Haeba Adama le Eva ba ne ba ile ba mamela Jehova, bona le bana ba bona ba ka be ba bile karolo ea lelapa la Molimo ka ho sa feleng.

3. Ke hobane’ng ha re ka re Adama le Eva ba ne ba e-na le karolo ea bohlokoa lelapeng la Jehova?

3 Adama le Eva ba ne ba e-na le karolo ea bohlokoa lelapeng la Jehova. Davida ha a bua ka tsela eo Jehova a bopileng batho ka eona ho Pesaleme ea 8:​5, o re: “U ile oa boela oa mo etsa ea ka tlaasana ho ba kang melimo, [kapa mangeloi, NWT] joale oa mo roesa moqhaka oa khanya le bokhabane.” Ke ’nete hore Jehova ha aa ka a fa batho matla, bohlale le bokhoni bo tšoanang le ba mangeloi. (Pes. 103:​20) Leha ho le joalo, batho ba “ka tlaasana” ho mangeloi ao a matla. Kannete ntho ena ea hlolla. Ruri Jehova o ile a fa batsoali ba rona ba pele bophelo bo monate.

4. Ho ile ha etsahala’ng ka Adama le Eva, hona re tl’o bua ka’ng sehloohong see?

 4 Ka masoabi, Adama le Eva ba ile ba lahleheloa ke ho ba karolo ea lelapa la Jehova. Ntho ena e entse hore bana ba bona ba be le mathata joalokaha re tla bona ha re ntse re ithuta sehloohong sena. Empa morero oa Jehova ha o e-s’o ka o fetoha. O batla hore batho ba mo mamelang e be bana ba hae ka ho sa feleng. A re qaleng ka ho bona hore na Jehova o bontšitse joang hore re batho ba bohlokoa ho eena. Re tla boela re bone hore na re lokela ho etsa’ng hona joale e le hore re bontše hore re batla ho ba karolo ea lelapa la Molimo. Qetellong re tla bua ka litlhohonolofatso tseo bana ba Jehova ba tlang ho li thabela ka ho sa feleng lefatšeng.

JEHOVA O BONTŠITSE JOANG HORE O NKA BATHO E LE BA BOHLOKOA?

Ke ka litsela life Jehova a bontšitseng hore o re nka re le batho ba bohlokoa? (Sheba serapa sa 5-11) *

5. Re ka bontša joang hore re ananela hore ebe Molimo o re entse ka setšoantšo sa hae?

5 Jehova o re bontšitse hore o re nka re le ba bohlokoa ka hore a re bope ka setšoantšo sa hae. (Gen. 1:​26, 27) Kaha re bopiloe ka setšoantšo sa Molimo, re ka khona ho ba le makhabane a tšoanang le a hae a kang lerato, mosa, botšepehi le ho loka. (Pes. 86:​15; 145:​17) Ha re e-ba le makhabane ana, re tla be re rorisa Jehova ebile re bontša hore re ananela hore o re entse ka setšoantšo sa hae. (1 Pet. 1:​14-16) Ha re itšoara ka tsela e thabisang ntate oa rona, rea thaba le ho khotsofala. Taba ea hore Jehova o re entse ka setšoantšo sa hae, ea bontša hore re ka khona ho ba batho bao a ba batlang lelapeng la hae.

6. Jehova o bontšitse joang hore o nka batho e le ba bohlokoa ha a ne a ba etsetsa lefatše?

6 Jehova o re etselitse lehae le letle. Pele a bopa motho oa pele, Jehova o ile a lokisa lefatše hore batho ba khone ho phela ho lona. (Jobo 38:​4-6; Jer. 10:​12) Kaha Jehova oa fana ebile oa re nahanela, o ile a etsa lintho tse ngata tseo re ka li thabelang. (Pes. 104:​14, 15, 24) Ka linako tse ling, o ne a ipha nako ea ho nahana ka lintho tseo a li bopileng ’me “a bona hore ho molemo.” (Gen. 1:​10, 12, 31) O ile a bontša hore o nka batho e le ba bohlokoa ka hore a re ba “laole” lintho tsohle tse ntle tseo a li bopileng lefatšeng. (Pes. 8:6) Morero oa Molimo ke hore batho ba phethahetseng ba thabele ho hlokomela lintho tsena tse ntle tseo a li bopileng ka ho sa feleng. Na u lula u leboha Jehova ka lintho tse ntle tseo a re tšepisitseng tsona?

7. Joshua 24:​15 e bontša joang hore batho ba na le bolokolohi ba ho iketsetsa liqeto?

7 Jehova o re file bolokolohi ba ho iketsetsa liqeto. Re ka ikhethela hore na re batla ho etsa’ng bophelong. (Bala Joshua 24:​15.) Taba ea hore re na le bokhoni ba ho iketsetsa liqeto e bontša hore re na le bolokolohi. Molimo oa rona ea lerato oa thaba ha re khetha ho mo sebeletsa. (Pes. 84:​11; Liprov. 27:​11) Re ka sebelisa bolokolohi bona ho etsa liqeto tse ngata tse nepahetseng. Nahana ka mohlala o mong o bontšang kamoo Jesu a ileng a sebelisa bolokolohi ba ho iketsetsa liqeto kateng.

8. Jesu o ile a sebelisa bolokolohi ba hae ba ho iketsetsa liqeto ka tsela efe?

8 Re ka etsisa Jesu ka hore re khethe ho beha lithahasello tsa batho ba bang pele ho tsa rona. Ka letsatsi le leng, Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba khathetse haholo eaba ba ea sebakeng se thotseng moo ba neng ba nahanne hore ba tla phomola teng empa ha baa ka ba khona ho phomola. Ba ile ba fumana batho ba bangata ba neng ba batla ho rutoa ke Jesu. Jesu ha aa ka a teneha empa o ile a ba hauhela. O ile a etsa’ng ho bontša hore oa ba hauhela? O ile ‘a qala ho ba ruta lintho tse ngata.’ (Mar. 6:​30-34) Ha re etsisa Jesu ka hore re sebelise nako le matla a rona ho thusa batho ba bang, re rorisa ntate oa rona. (Mat. 5:​14-16) Hape re bontša Jehova hore re batla ho ba karolo ea lelapa la hae.

9. Batsoali ba lokela ho lula ba hopola’ng?

9 Jehova o file batho bokhoni ba hore ba be le bana hammoho le boikarabelo ba hore ba ba rute ho mo rata le ho mo sebeletsa. Haeba u motsoali, na u ananela mpho ee ea bohlokoa? Jehova o file mangeloi bokhoni ba ho etsa lintho tse ngata tse hlollang empa ha aa fa bokhoni ba ho ba le bana. Kahoo haeba u motsoali, u lokela ho ananela monyetla ona oo Jehova a u fileng oona oa hore u holise bana. Batsoali ba fuoe boikarabelo ba bohlokoa ba hore ba holise bana ba bona “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baef. 6:4; Deut. 6:​5-7; Pes. 127:3) Mokhatlo oa Molimo o fana ka lithulusi tse ngata tse thehiloeng Bibeleng tse kang lingoliloeng, livideo, ’mino le lihlooho tse hlahang websaeteng e le hore li thuse batsoali ho holisa bana ba bona. Ho hlakile hore ntate oa rona le Mora oa hae ba rata bana haholo. (Luka 18:​15-17) Jehova oa thaba ha batsoali ba itšetleha ka eena le ho etsa kahohle ho hlokomela bana ba bona. Ha batsoali ba etsa joalo, ba thusa bana ba bona hore ba be le tšepo ea hore le bona e tla ba karolo ea lelapa la Jehova ka ho sa feleng.

10, 11. Jehova o re file monyetla ofe a sebelisa thekollo?

10 Jehova o fane ka Mora oa hae eo a mo ratang e le hore re ka ba karolo ea lelapa la hae hape. Joalokaha re bone  serapeng sa bone, Adama le Eva ha baa ka ba hlola e e-ba karolo ea lelapa la Jehova le bana ba bona. (Bar. 5:​12) Adama le Eva ba ile ba khetha ho se mamele Molimo ka boomo, kahoo ba ile ba tšoaneloa ke hore ba tlosoe lelapeng la hae. Empa ho ne ho tla etsahala’ng ka bana ba bona? Kaha Jehova o rata batho, o ile a etsa hore bana ba Adama le Eva ba mo mamelang ba khone ho ba karolo ea lelapa la hae. O ile a etsa joaloka hore a fane ka Mora oa hae a le mong feela, e leng Jesu Kreste e le sehlabelo. (Joh. 3:​16; Bar. 5:​19) Ka lebaka la sehlabelo sa Jesu, Molimo o ile a khetha batho ba tšepahalang ba 144 000 hore e be bara ba hae.​—Bar. 8:​15-17; Tšen. 14:1.

11 Hape batho ba bangata ba tšepahalang ba se ba ntse ba etsa thato ea Molimo. Ba na le tšepo ea ho ba karolo ea lelapa la hae ka ho sa feleng ka mor’a teko ea ho qetela qetellong ea Lilemo Tse Sekete. (Pes. 25:​14; Bar. 8:​20, 21) Kaha ba na le tšepo ena, ba se ba ntse ba bitsa Jehova e leng ’Mopi oa bona ‘ntate.’ (Mat. 6:9) Batho ba tsositsoeng bafung le bona ba tla fuoa monyetla oa hore ba ithute hore na Jehova o lebeletse’ng ho bona. Ba mo mamelang le bona ba tla qetella e e-ba karolo ea lelapa la hae.

12. Re tl’o araba potso efe hona joale?

12 Joalokaha re bone, Jehova o entse lintho tse ngata ho bontša hore o nka batho e le ba bohlokoa. O se a ntse a khethile batlotsuoa hore e be bara ba hae hape o file ba “bongata bo boholo” tšepo ea hore e tla ba bana ba hae ka ho sa feleng lefatšeng le lecha. (Tšen. 7:9) Re ka etsa’ng hona joale ho bontša Jehova hore re batla ho ba karolo ea lelapa la hae ka ho sa feleng?

BONTŠA JEHOVA HORE U BATLA HO BA KAROLO EA LELAPA LA HAE

13. Re lokela ho etsa’ng e le hore re be karolo ea lelapa la Molimo? (Mareka 12:30)

13 Bontša hore u rata Jehova ka ho mo sebeletsa ka pelo ea hao eohle. (Bala Mareka 12:​30.) Linthong tsohle tseo Molimo a re fileng tsona, re ka re e ’ngoe ea bohlokoa ke ho mo rapela. Re bontša hore re rata Jehova ka hore re “boloke litaelo tsa hae.” (1 Joh. 5:3) Ha Jesu a ne a re bolella hore ntate oa hae o batla re etse’ng, o ile a re laela hore re etse batho barutuoa ’me re ba kolobetse. (Mat. 28:​19) O ile a boela a re laela hore re ratane. (Joh. 13:​35) Jehova o tla etsa hore batho ba mo mamelang e be karolo ea lelapa la hae.​—Pes. 15:​1, 2.

14. Re ka bontša joang hore re rata batho ba bang? (Matheu 9:​36-38; Baroma 12:10)

14 Rata batho ba bang. Ho makhabane ao Jehova a nang le ’ona, lerato ke la bohlokoa ka ho fetisisa. (1 Joh. 4:8) Jehova o bontšitse hore oa re rata le pele re ka mo tseba. (1 Joh. 4:​9, 10) Ha re rata batho ba bang, re tla be re mo etsisa. (Baef. 5:1) Tsela e ’ngoe ea ho bontša hore re rata batho ke ka hore re ba thuse hore ba ithute ka Jehova ha ho ntse ho e-na le nako ea hore ba etse joalo. (Bala Matheu 9:​36-38.) Ha re etsa joalo, re ba fa monyetla oa hore le bona ba be le tšepo ea ho ba karolo ea lelapa la Molimo. Ka mor’a hore motho a kolobetsoe, re lokela ho tsoela pele re mo rata le ho mo hlompha. (1 Joh. 4:​20, 21) Re ka etsa joalo joang? Ntho e ’ngoe eo re ka e etsang ke hore re mo tšepe. Ka mohlala, haeba a entse ntho e itseng, re ke ke ra nahana hore o entse joalo hobane a ichebile boeena feela. Ho e-na le hoo, re tla mo hlompha ’me re nke hore o re phahametse.​—Bala Baroma 12:​10; Bafil. 2:3.

15. Re lokela ho bontša mohau le mosa ho bo-mang?

15 E-ba mohau le ho ba mosa ho batho bohle. Haeba re batla ho ba karolo ea batho ba bitsang Jehova ntate oa bona ka ho sa feleng, re lokela ho sebelisa lintho tseo re ithutileng tsona ka Lentsoeng la hae bophelong ba rona. Ka mohlala, Jesu o ile a re ruta hore re lokela ho bontša mohau le mosa ho batho bohle, esita le ho lira tsa rona. (Luka 6:​32-36) Ka linako tse ling, ho ka ba thata ho etsa joalo. Haeba ho joalo, re lokela ho ithuta ho nahana le ho etsa lintho joaloka Jesu. Ha re leka kahohle kamoo re ka khonang ho mamela Jehova le ho etsisa Jesu, re bontša ntate oa rona hore re batla ho ba karolo ea lelapa la hae ka ho sa feleng.

16. Re ka sireletsa botumo ba lelapa la Jehova joang?

16 Sireletsa botumo ba lelapa la Jehova. Ka lapeng, hangata ngoana oa moshanyana ea monyane o etsisa abuti oa hae. Haeba abuti oa hae a sebelisa melao-motheo ea Bibele bophelong ba hae, e tla ba mohlala o motle ho ngoan’abo. Haeba a etsa lintho tse mpe, ngoan’abo ea monyane a ka ’na a mo etsisa. Ho ka etsahala ntho e tšoanang ka lelapeng la Jehova. Haeba Mokreste ea neng a tšepahala e e-ba mokoenehi kapa a khetha ho etsa boitšoaro bo bobe kapa lintho tse mpe bophelong ba hae, batho ba bang ka phuthehong ba ka ’na ba batla ho mo etsisa. Batho ba etsang lintho tsena ba senya botumo ba lelapa la Jehova. (1 Bathes. 4:​3-8) Re lokela ho qoba ho etsisa batho ba etsang lintho tse mpe ’me re se ke ra lumella ntho le ha e le efe hore e senye kamano ea rona le ntate oa rona ea lerato.

17. Re lokela ho qoba ho nahana’ng, hona hobane’ng?

17 Tšepa Jehova ho e-na le ho tšepa lintho tseo u nang le tsona. Jehova o tšepisa hore o tla re fa lijo, liaparo le bolulo haeba re batla ’Muso oa hae pele le ho phela ka melao ea hae e lokileng. (Pes. 55:​22; Mat. 6:​33) Ha re tšepa tšepiso eo, re ke ke ra nahana hore lintho tseo lefatše lena le fanang ka tsona li tla re sireletsa le ho re thabisa ka ho sa feleng. Rea tseba hore tsela feela ea hore re be le khotso e le kannete ke ka ho etsa thato ea Jehova. (Bafil. 4:​6, 7) Le haeba re e-na le chelete ea ho reka lintho tse ngata, re lokela ho ipotsa hore na ebe re na le nako le matla a ho li sebelisa le ho li hlokomela. Na re tla li rata ho feta tekano? Re lokela ho hopola hore Molimo o lebelletse hore re etse mosebetsi oo a re fileng oona lelapeng la hae. Kahoo, ha rea lokela ho lumella eng kapa eng ho re sitisa. Ha re batle ho tšoana le monna ea ileng a hana monyetla oa ho sebeletsa Jehova le ho ba e mong oa bara ba hae ka lebaka feela la ho rata lintho tseo a neng a e-na le tsona haholo.​—Mar. 10:​17-22.

LINTHO TSEO BANA BA JEHOVA BA TLA LI THABELA KA HO SA FELENG

18. Batho ba mamelang Molimo ba tla thabela eng ka ho sa feleng?

18 Batho ba mamelang ba tla ba le monyetla o babatsehang oa ho rata Jehova le ho mo sebeletsa ka ho sa feleng. Ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng le bona ba tla thabela ho hlokomela lehae lena le letle leo Jehova a ba etselitseng lona. Haufinyane ’Muso oa Molimo o tla etsa hore lefatše le lintho tsohle tse ho lona li nchafale. Jesu o tla felisa mathata ’ohle a bakiloeng ke Adama le Eva ha ba ne ba etsa qeto ea ho tlohela lelapa la Molimo. Jehova o tla tsosa batho ba bangata ’me a ba fe monyetla oa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise ba phethahetse. (Luka 23:​42, 43) Ha batho bao e leng karolo ea lelapa la Jehova ba phethahala, ba tla ba le “khanya le bokhabane” boo Davida a buileng ka bona.​—Pes. 8:5.

19. Re lokela ho hopola’ng?

19 Haeba u e mong oa ba “bongata bo boholo,” u na le tšepo e babatsehang. Molimo oa u rata ebile o batla hore u be karolo ea lelapa la hae. Kahoo, etsa kahohle kamoo u ka khonang ho mo khahlisa. Letsatsi le letsatsi, lula u nahana ka litšepiso tseo Molimo a re tšepisang tsona. Ananela monyetla oa ho sebeletsa Jehova hona joale le oa ho tl’o mo sebeletsa ka ho sa feleng nakong e tlang.

PINA EA 107 E-bang Lerato Joaloka Jehova

^ ser. 5 E le hore lelapa e be le thabileng, setho ka seng se lokela ho tseba hore na ho lebelletsoe’ng ho sona le hore se sebelisane hantle le litho tse ling. Ntate o etella lelapa la hae pele ka tsela e lerato, ’mè oa mo tšehetsa ha bana bona ba mamela batsoali ba bona. Ntho ena e tšoana hantle le e etsahalang lelapeng la Jehova. Molimo o na le morero ka rona ’me haeba re mo mamela, re tla ba karolo ea lelapa la hae ka ho sa feleng.

^ ser. 55 SETŠOANTŠO: Kaha Molimo o re bopile ka setšoantšo sa hae, re khona ho mo etsisa. Banyalani ba etsisa Molimo ka ho bontšana lerato le kutloelo-bohloko ’me ba etsa ntho e tšoanang ho bara ba bona. Banyalani bana ba rata Jehova. Ba bontša hore ba ananela mpho eo ba e fuoeng ea ho holisa bana ka hore ba ba rute ho rata le ho sebeletsa Jehova. Banyalani ba bontša bana ba bona video ho ba hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha Jehova a ile a fana ka Jesu e le thekollo. Ba boetse baa ba ruta hore lefatšeng la Paradeise, re tlo hlokomela lefatše le liphoofolo ka ho sa feleng.