Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 30

Ananela ho ba Setho sa Lelapa la Jehova

Ananela ho ba Setho sa Lelapa la Jehova

“O ile wa boela wa mo etsa ya ka tlaasana ho ba kang medimo, jwale wa mo rwesa moqhaka wa kganya le bokgabane.”​—PES. 8:5.

PINA YA 123 Ikokobelletse Taolo ya Modimo ka Botshepehi

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ha re nahana ka dintho tsohle tseo Jehova a di bopileng, re ka ipotsang?

HA RE nahanisisa ka dintho tsohle tseo Jehova a di bopileng, re ka ikutlwa jwalo ka mopesaleme Davida ha a ne a rapela Jehova a re: “Ha ke bona mahodimo a hao, mesebetsi ya menwana ya hao, kgwedi le dinaledi tseo o di lokisitseng, motho ya shwang ke eng hore o nne o mo hopole le mora wa motho wa lefatshe ke eng hore o mo hlokomele?” (Pes. 8:​3, 4) Jwalo ka Davida, ha re sheba ka moo re leng banyane ka teng bokahohleng bohle, re a hlollwa ha re bona hore Jehova o re nka re le bohlokwa. Le ha ho le jwalo, re tla bona hore Jehova o ne a tsotella Adama le Eva ebile o ne a ba nka e le karolo ya lelapa la hae.

2. Jehova o ne a batla hore Adama le Eva ba etseng?

2 Adama le Eva e ne e le bana ba pele ba Jehova mona lefatsheng mme Jehova e ne e le Ntate wa bona ya ba ratang. O ne a file banyalani bana mosebetsi oo ba lokelang ho o etsa. Modimo o ile a re ho bona: “Atang le ngatafale le tlale lefatshe mme le le buse.” (Gen. 1:​28) Ba ne ba lokela hore ba be le bana le hore ba hlokomele lefatshe. Haeba Adama le Eva ba ne ba ile ba mamela Jehova, bona le bana ba bona ba ka be ba bile karolo ya lelapa la Modimo ka ho sa feleng.

3. Ke hobaneng ha re ka re Adama le Eva ba ne ba ena le karolo ya bohlokwa lelapeng la Jehova?

3 Adama le Eva ba ne ba ena le karolo ya bohlokwa lelapeng la Jehova. Davida ha a bua ka tsela eo Jehova a bopileng batho ka yona ho Pesaleme ya 8:​5, o re: “O ile wa boela wa mo etsa ya ka tlaasana ho ba kang medimo, [kapa mangeloi, NWT] jwale wa mo rwesa moqhaka wa kganya le bokgabane.” Ke nnete hore Jehova ha a ka a fa batho matla, bohlale le bokgoni bo tshwanang le ba mangeloi. (Pes. 103:​20) Le ha ho le jwalo, batho ba “ka tlaasana” ho mangeloi ao a matla. Ka nnete ntho ena e a hlolla. Ruri Jehova o ile a fa batswadi ba rona ba pele bophelo bo monate.

4. Ho ile ha etsahalang ka Adama le Eva, hona re tlo bua ka eng sehloohong see?

 4 Ka maswabi, Adama le Eva ba ile ba lahlehelwa ke ho ba karolo ya lelapa la Jehova. Ntho ena e entse hore bana ba bona ba be le mathata jwalo ka ha re tla bona ha re ntse re ithuta sehloohong sena. Empa morero wa Jehova ha o eso ka o fetoha. O batla hore batho ba mo mamelang e be bana ba hae ka ho sa feleng. A re qaleng ka ho bona hore na Jehova o bontshitse jwang hore re batho ba bohlokwa ho yena. Re tla boela re bone hore na re lokela ho etsang hona jwale e le hore re bontshe hore re batla ho ba karolo ya lelapa la Modimo. Qetellong re tla bua ka ditlhohonolofatso tseo bana ba Jehova ba tlang ho di thabela ka ho sa feleng lefatsheng.

JEHOVA O BONTSHITSE JWANG HORE O NKA BATHO E LE BA BOHLOKWA?

Ke ka ditsela dife Jehova a bontshitseng hore o re nka re le batho ba bohlokwa? (Sheba serapa sa 5-11) *

5. Re ka bontsha jwang hore re ananela hore ebe Modimo o re entse ka setshwantsho sa hae?

5 Jehova o re bontshitse hore o re nka re le ba bohlokwa ka hore a re bope ka setshwantsho sa hae. (Gen. 1:​26, 27) Ka ha re bopilwe ka setshwantsho sa Modimo, re ka kgona ho ba le makgabane a tshwanang le a hae a kang lerato, mosa, botshepehi le ho loka. (Pes. 86:​15; 145:​17) Ha re eba le makgabane ana, re tla be re rorisa Jehova ebile re bontsha hore re ananela hore o re entse ka setshwantsho sa hae. (1 Pet. 1:​14-16) Ha re itshwara ka tsela e thabisang Ntate wa rona, re a thaba le ho kgotsofala. Taba ya hore Jehova o re entse ka setshwantsho sa hae, e a bontsha hore re ka kgona ho ba batho bao a ba batlang lelapeng la hae.

6. Jehova o bontshitse jwang hore o nka batho e le ba bohlokwa ha a ne a ba etsetsa lefatshe?

6 Jehova o re etseditse lehae le letle. Pele a bopa motho wa pele, Jehova o ile a lokisa lefatshe hore batho ba kgone ho phela ho lona. (Jobo 38:​4-⁠6; Jer. 10:​12) Ka ha Jehova o a fana ebile o a re nahanela, o ile a etsa dintho tse ngata tseo re ka di thabelang. (Pes. 104:​14, 15, 24) Ka dinako tse ding, o ne a ipha nako ya ho nahana ka dintho tseo a di bopileng mme “a bona hore ho molemo.” (Gen. 1:​10, 12, 31) O ile a bontsha hore o nka batho e le ba bohlokwa ka hore a re ba “laole” dintho tsohle tse ntle tseo a di bopileng lefatsheng. (Pes. 8:⁠6) Morero wa Modimo ke hore batho ba phethahetseng ba thabele ho hlokomela dintho tsena tse ntle tseo a di bopileng ka ho sa feleng. Na o dula o leboha Jehova ka dintho tse ntle tseo a re tshepisitseng tsona?

7. Joshua 24:​15 e bontsha jwang hore batho ba na le bolokolohi ba ho iketsetsa diqeto?

7 Jehova o re file bolokolohi ba ho iketsetsa diqeto. Re ka ikgethela hore na re batla ho etsa eng bophelong. (Bala Joshua 24:​15.) Taba ya hore re na le bokgoni ba ho iketsetsa diqeto e bontsha hore re na le bolokolohi. Modimo wa rona ya lerato o a thaba ha re kgetha ho mo sebeletsa. (Pes. 84:​11; Liprov. 27:​11) Re ka sebedisa bolokolohi bona ho etsa diqeto tse ngata tse nepahetseng. Nahana ka mohlala o mong o bontshang ka moo Jesu a ileng a sebedisa bolokolohi ba ho iketsetsa diqeto ka teng.

8. Jesu o ile a sebedisa bolokolohi ba hae ba ho iketsetsa diqeto ka tsela efe?

8 Re ka etsisa Jesu ka hore re kgethe ho beha dithahasello tsa batho ba bang pele ho tsa rona. Ka letsatsi le leng Jesu le barutuwa ba hae ba ne ba kgathetse haholo yaba ba ya sebakeng se thotseng moo ba neng ba nahanne hore ba tla phomola teng empa ha ba a ka ba kgona ho phomola. Ba ile ba fumana batho ba bangata ba neng ba batla ho rutwa ke Jesu. Jesu ha a ka a teneha empa o ile a ba hauhela. O ile a etsang ho bontsha hore o a ba hauhela? O ile ‘a qala ho ba ruta dintho tse ngata.’ (Mar. 6:​30-34) Ha re etsisa Jesu ka hore re sebedise nako le matla a rona ho thusa batho ba bang, re rorisa Ntate wa rona. (Mat. 5:​14-16) Hape re bontsha Jehova hore re batla ho ba karolo ya lelapa la hae.

9. Batswadi ba lokela ho dula ba hopola eng?

9 Jehova o file batho bokgoni ba hore ba be le bana ha mmoho le boikarabelo ba hore ba ba rute ho mo rata le ho mo sebeletsa. Haeba o motswadi, na o ananela mpho ee ya bohlokwa? Jehova o file mangeloi bokgoni ba ho etsa dintho tse ngata tse hlollang empa ha a a fa bokgoni ba ho ba le bana. Ka hoo haeba o motswadi, o lokela ho ananela monyetla ona oo Jehova a o fileng wona wa hore o hodise bana. Batswadi ba fuwe boikarabelo ba bohlokwa ba hore ba hodise bana ba bona “ka tayo le kelello e laolwang ke Jehova.” (Baef. 6:⁠4; Deut. 6:​5-⁠7; Pes. 127:⁠3) Mokgatlo wa Modimo o fana ka dithulusi tse ngata tse thehilweng Bibeleng tse kang dingolwa, divideo, mmino le dihlooho tse hlahang websaeteng e le hore di thuse batswadi ho hodisa bana ba bona. Ho hlakile hore Ntate wa rona le Mora wa hae ba rata bana haholo. (Luka 18:​15-17) Jehova o a thaba ha batswadi ba itshetleha ka yena le ho etsa ka hohle ho hlokomela bana ba bona. Ha batswadi ba etsa jwalo, ba thusa bana ba bona hore ba be le tshepo ya hore le bona e tla ba karolo ya lelapa la Jehova ka ho sa feleng.

10, 11. Jehova o re file monyetla ofe a sebedisa thekollo?

10 Jehova o fane ka Mora wa hae eo a mo ratang e le hore re ka ba karolo ya lelapa la hae hape. Jwalo ka ha re bone  serapeng sa bone, Adama le Eva ha ba a ka ba hlola e eba karolo ya lelapa la Jehova le bana ba bona. (Bar. 5:​12) Adama le Eva ba ile ba kgetha ho se mamele Modimo ka boomo, ka hoo ba ile ba tshwanelwa ke hore ba tloswe lelapeng la hae. Empa ho ne ho tla etsahalang ka bana ba bona? Ka ha Jehova o rata batho, o ile a etsa hore bana ba Adama le Eva ba mo mamelang ba kgone ho ba karolo ya lelapa la hae. O ile a etsa jwalo ka hore a fane ka Mora wa hae a le mong feela, e leng Jesu Kreste e le sehlabelo. (Joh. 3:​16; Bar. 5:​19) Ka lebaka la sehlabelo sa Jesu, Modimo o ile a kgetha batho ba tshepahalang ba 144 000 hore e be bara ba hae.​—Bar. 8:​15-17; Tšen. 14:1.

11 Hape batho ba bangata ba tshepahalang ba se ba ntse ba etsa thato ya Modimo. Ba na le tshepo ya ho ba karolo ya lelapa la hae ka ho sa feleng ka mora teko ya ho qetela qetellong ya dilemo tse sekete. (Pes. 25:​14; Bar. 8:​20, 21) Ka ha ba na le tshepo ena, ba se ba ntse ba bitsa Jehova e leng Mmopi wa bona ‘Ntate.’ (Mat. 6:⁠9) Batho ba tsositsweng bafung le bona ba tla fuwa monyetla wa hore ba ithute hore na Jehova o lebeletse eng ho bona. Ba mo mamelang le bona ba tla qetella e eba karolo ya lelapa la hae.

12. Re tlo araba potso efe hona jwale?

12 Jwalo ka ha re bone, Jehova o entse dintho tse ngata ho bontsha hore o nka batho e le ba bohlokwa. O se a ntse a kgethile batlotsuwa hore e be bara ba hae hape o file ba “bongata bo boholo” tshepo ya hore e tla ba bana ba hae ka ho sa feleng lefatsheng le letjha. (Tšen. 7:⁠9) Re ka etsa eng hona jwale ho bontsha Jehova hore re batla ho ba karolo ya lelapa la hae ka ho sa feleng?

BONTSHA JEHOVA HORE O BATLA HO BA KAROLO YA LELAPA LA HAE

13. Re lokela ho etsang e le hore re be karolo ya lelapa la Modimo? (Mareka 12:⁠30)

13 Bontsha hore o rata Jehova ka ho mo sebeletsa ka pelo ya hao yohle. (Bala Mareka 12:30.) Dinthong tsohle tseo Modimo a re fileng tsona, re ka re e nngwe ya bohlokwa eo a re fileng yona ke ho mo rapela. Re bontsha hore re rata Jehova ka hore re “boloke ditaelo tsa hae.” (1 Joh. 5:3) Ha Jesu a ne a re bolella hore Ntate wa hae o batla re etseng, o ile a re laela hore re etse batho barutuwa mme re ba kolobetse. (Mat. 28:​19) O ile a boela a re laela hore re ratane. (Joh. 13:​35) Jehova o tla etsa hore batho ba mo mamelang e be karolo ya lelapa la hae.​—Pes. 15:​1, 2.

14. Re ka bontsha jwang hore re rata batho ba bang? (Matheu 9:​36-38; Baroma 12:⁠10)

14 Rata batho ba bang. Ho makgabane ao Jehova a nang le ona, lerato ke la bohlokwa ka ho fetisisa. (1 Joh. 4:8) Jehova o bontshitse hore o a re rata le pele re ka mo tseba. (1 Joh. 4:​9, 10) Ha re rata batho ba bang, re tla be re mo etsisa. (Baef. 5:1) Tsela e nngwe ya ho bontsha hore re rata batho ke ka hore re ba thuse hore ba ithute ka Jehova ha ho ntse ho ena le nako ya hore ba etse jwalo. (Bala Matheu 9:​36-38.) Ha re etsa jwalo, re ba fa monyetla wa hore le bona ba be le tshepo ya ho ba karolo ya lelapa la Modimo. Ka mora hore motho a kolobetswe, re lokela ho tswela pele re mo rata le ho mo hlompha. (1 Joh. 4:​20, 21) Re ka etsa jwalo jwang? Ntho e nngwe eo re ka e etsang ke hore re mo tshepe. Ka mohlala, haeba a entse ntho e itseng, re ke ke ra nahana hore o entse jwalo hobane a itjhebile boyena feela. Ho ena le hoo, re tla mo hlompha mme re nke hore o re phahametse.​—Bala Baroma 12:​10; Bafil. 2:3.

15. Re lokela ho bontsha mohau le mosa ho bomang?

15 Eba mohau le ho ba mosa ho batho bohle. Haeba re batla ho ba karolo ya batho ba bitsang Jehova Ntate wa bona ka ho sa feleng, re lokela ho sebedisa dintho tseo re ithutileng tsona ka Lentsweng la hae bophelong ba rona. Ka mohlala, Jesu o ile a re ruta hore re lokela ho bontsha mohau le mosa ho batho bohle, esita le ho dira tsa rona. (Luka 6:​32-36) Ka dinako tse ding, ho ka ba thata ho etsa jwalo. Haeba ho jwalo, re lokela ho ithuta ho nahana le ho etsa dintho jwalo ka Jesu. Ha re leka ka hohle ka moo re ka kgonang ho mamela Jehova le ho etsisa Jesu, re bontsha Ntate wa rona hore re batla ho ba karolo ya lelapa la hae ka ho sa feleng.

16. Re ka sireletsa botumo ba lelapa la Jehova jwang?

16 Sireletsa botumo ba lelapa la Jehova. Ka lapeng, hangata ngwana wa moshanyana ya monyane o etsisa abuti wa hae. Haeba abuti wa hae a sebedisa melaomotheo ya Bibele bophelong ba hae, e tla ba mohlala o motle ho ngwanabo. Haeba a etsa dintho tse mpe, ngwanabo ya monyane a ka nna a mo etsisa. Ho ka etsahala ntho e tshwanang ka lelapeng la Jehova. Haeba Mokreste ya neng a tshepahala e eba mokwenehi kapa a kgetha ho etsa boitshwaro bo bobe kapa dintho tse mpe bophelong ba hae, batho ba bang ka phuthehong ba ka nna ba batla ho mo etsisa. Batho ba etsang dintho tsena ba senya botumo ba lelapa la Jehova. (1 Bathes. 4:​3-⁠8) Re lokela ho qoba ho etsisa batho ba etsang dintho tse mpe mme re se ke ra dumella ntho le ha e le efe hore e senye kamano ya rona le Ntate wa rona ya lerato.

17. Re lokela ho qoba ho nahana eng, hona hobaneng?

17 Tshepa Jehova ho ena le ho tshepa dintho tseo o nang le tsona. Jehova o tshepisa hore o tla re fa dijo, diaparo le bodulo haeba re batla Mmuso wa hae pele le ho phela ka melao ya hae e lokileng. (Pes. 55:​22; Mat. 6:​33) Ha re tshepa tshepiso eo, re ke ke ra nahana hore dintho tseo lefatshe lena le fanang ka tsona di tla re sireletsa le ho re thabisa ka ho sa feleng. Re a tseba hore tsela feela ya hore re be le kgotso e le ka nnete ke ka ho etsa thato ya Jehova. (Bafil. 4:​6, 7) Le haeba re ena le tjhelete ya ho reka dintho tse ngata, re lokela ho ipotsa hore na ebe re na le nako le matla a ho di sebedisa le ho di hlokomela. Na re tla di rata ho feta tekano? Re lokela ho hopola hore Modimo o lebelletse hore re etse mosebetsi oo a re fileng wona lelapeng la hae. Ka hoo ha re a lokela ho dumella eng kapa eng ho re sitisa. Ha re batle ho tshwana le monna ya ileng a hana monyetla wa ho sebeletsa Jehova le ho ba e mong wa bara ba hae ka lebaka feela la ho rata dintho tseo a neng a ena le tsona haholo.​—Mar. 10:​17-22.

DINTHO TSEO BANA BA JEHOVA BA TLA DI THABELA KA HO SA FELENG

18. Batho ba mamelang Modimo ba tla thabela eng ka ho sa feleng?

18 Batho ba mamelang ba tla ba le monyetla o babatsehang wa ho rata Jehova le ho mo sebeletsa ka ho sa feleng. Ba nang le tshepo ya ho phela lefatsheng le bona ba tla thabela ho hlokomela lehae lena le letle leo Jehova a ba etseditseng lona. Haufinyane Mmuso wa Modimo o tla etsa hore lefatshe le dintho tsohle tse ho lona di ntjhafale. Jesu o tla fedisa mathata ohle a bakilweng ke Adama le Eva ha ba ne ba etsa qeto ya ho tlohela lelapa la Modimo. Jehova o tla tsosa batho ba bangata mme a ba fe monyetla wa ho phela ka ho sa feleng lefatsheng la paradeise ba phethahetse. (Luka 23:​42, 43) Ha batho bao e leng karolo ya lelapa la Jehova ba phethahala, ba tla ba le “kganya le bokgabane” boo Davida a buileng ka bona.​—⁠Pes. 8:⁠5.

19. Re lokela ho hopola eng?

19 Haeba o e mong wa ba “bongata bo boholo,” o na le tshepo e babatsehang. Modimo o a o rata ebile o batla hore o be karolo ya lelapa la hae. Ka hoo etsa ka hohle ka moo o ka kgonang ho mo kgahlisa. Letsatsi le letsatsi, dula o nahana ka ditshepiso tseo Modimo a re tshepisang tsona. Ananela monyetla wa ho sebeletsa Jehova hona jwale le wa ho tlo mo sebeletsa ka ho sa feleng nakong e tlang.

PINA YA 107 Modimo o re Behela Mohlala wa Lerato

^ par. 5 E le hore lelapa e be le thabileng, setho ka seng se lokela ho tseba hore na ho lebelletswe eng ho sona le hore se sebedisane hantle le ditho tse ding. Ntate o etella lelapa la hae pele ka tsela e lerato, mme o a mo tshehetsa ha bana bona ba mamela batswadi ba bona. Ntho ena e tshwana hantle le e etsahalang lelapeng la Jehova. Modimo o na le morero ka rona mme haeba re mo mamela, re tla ba karolo ya lelapa la hae ka ho sa feleng.

^ par. 55 SETSHWANTSHO: Ka ha Modimo o re bopile ka setshwantsho sa hae, re kgona ho mo etsisa. Banyalani ba etsisa Modimo ka ho bontshana lerato le kutlwelo bohloko mme ba etsa ntho e tshwanang ho bara ba bona. Banyalani bana ba rata Jehova. Ba bontsha hore ba ananela mpho eo ba e fuweng ya ho hodisa bana ka hore ba ba rute ho rata le ho sebeletsa Jehova. Banyalani ba bontsha bana ba bona video ho ba hlalosetsa hore na ke hobaneng ha Jehova a ile a fana ka Jesu e le thekollo. Ba boetse ba a ba ruta hore lefatsheng la Paradeise, re tlo hlokomela lefatshe le diphoofolo ka ho sa feleng.