Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 31

Na U Ikemiselitse ho Letela Jehova?

Na U Ikemiselitse ho Letela Jehova?

“Ke tla letela Molimo.”​—MIK. 7:7.

PINA EA 128 Mamellang ho Fihlela Qetellong

SEO RE TLʼO ITHUTA SONA *

1-2. Re tl’o bua ka’ng sehloohong see?

U IKUTLOA joang haeba u lebelletse ntho e itseng eo u e hlokang ebe ha e fihle ka nako eo u e lebelletse’ng? Na u tšoenyeha ka eona? Mohlomong u ikutloa joalokaha Liproverbia 13:​12 e hlalosa ha e re: “Tebello e chechisetsoang morao e kulisa pelo.” Empa u tla ikutloa joang haeba u utloa lebaka le utloahalang le hlalosang hore na ke hobane’ng ha ntho eo u e lebelletseng e sa fihla ka nako eo? U ka ’na oa ba le mamello ’me oa ikemisetsa ho e emela.

2 Sehloohong sena re tl’o bua ka melao-motheo ea Bibele e ’maloa e tla re thusa hore re lule re “letela Molimo.” (Mik. 7:7) Ebe re bua ka maemo a mabeli moo re lokelang ho emela Jehova ka mamello hore a nke khato. Qetellong re tl’o bua ka litlhohonolofatso tseo Jehova a tla li fa batho ba ikemiselitseng ho mo emela.

MELAO-MOTHEO EA BIBELE E RE RUTANG HORE RE BE LE MAMELLO

3. Liproverbia 13:​11 e re ruta’ng?

3 Liproverbia 13:​11 ea re ruta hore na ke hobane’ng ha re lokela ho ba le mamello. E re: “Lintho tsa bohlokoa tse hlahisoang ke lefeela lia fokotseha, empa ea bokellang ka letsoho ke eena ea eketsang.” U ithuta’ng temaneng ee? Ke bohlale hore motho a etse lintho hanyane ka hanyane ka mamello.

4. Liproverbia 4:​18 e re ruta’ng?

4 Liproverbia 4:​18 e re: “Tsela ea ba lokileng e joaloka leseli le khanyang le ntseng le khanya ka ho eketsehileng ho fihlela motšehare o moholo.” Mantsoe ana bontša ka ho hlaka hore Jehova o thusa bahlanka ba hae hore ba utloisise morero oa hae hanyane ka hanyane. Temana ena e boetse e re thusa ho utloisisa hore na Mokreste o etsa liphetoho joang bophelong ba hae e le hore e be motsoalle oa Jehova. Ho nka nako hore motho e be motsoalle oa Jehova. Haeba re ithuta Lentsoe la Molimo ’me re mamela keletso e tsoang ho lona le e tsoang ho mokhatlo oa hae, butle-butle re tla ba le makhabane a tšoanang le a Kreste. Re tla boela re tsebe Molimo haholoanyane. Bona kamoo Jesu a ileng a bontša taba ena kateng.

Feela joalokaha semela se hola butle-butle, ka ho tšoanang motho ea mamelang molaetsa oa ’Muso oa Molimo le eena o etsa liphetoho hanyane ka hanyane (Sheba serapa sa 5)

5. Jesu o ile a sebelisa mohlala ofe ho bontša hore ho nka nako hore motho a etse liphetoho?

5 Jesu o ile a sebelisa mohlala ho hlalosa kamoo molaetsa oa ’Muso oo re o rutang batho o tšoanang le peo e nyane e holang butle-butle lipelong tsa batho ba lokileng. O ile a re: “Peo ea hlaha ’me ea hola e ba telele, hore na joang [molemi] ha a tsebe. Mobu o beha litholoana butle-butle, lekhasi la joang pele, e ntan’o ba hloohoana ea lehlaka qetellong lithollo tse tletseng hloohoaneng.” (Mar. 4:​27, 28) Jesu o ne a bolela’ng? O ne a hlalosa hore feela joalokaha semela se nka nako ho hola, motho ea amohelang molaetsa oa ’Muso o tla nka nako ho etsa liphetoho. Ka mohlala, ha batho bao re ithutang Bibele le bona e e-ba metsoalle ea Jehova, re qala ho bona ka liphetoho tseo ba li etsang. (Baef. 4:​22-24) Re lokela ho hopola hore ke Jehova ea etsang hore peo eo e nyane e hole.​—1 Bakor. 3:7.

6-7. Re ithuta’ng tseleng eo Jehova a ileng a bopa lefatše ka eona?

6 Linthong tsohle tseo Jehova a li etsang, ka mamello o nka nako eohle eo a e hlokang hore a etse mosebetsi oa hae. O etsa joalo ho rorisa lebitso la hae le ho thusa batho ba bang. Ka mohlala, nahana kamoo Jehova a ileng a lokisa lefatše butle-butle bakeng sa batho.

7 Ha Bibele e hlalosa kamoo Jehova a ileng a bopa lefatše kateng e re o ile a beha “litekanyo tsa lona,” “litšehetso tsa lona tse sekoti” le “lejoe la lona la sekhutlo.” (Jobo 38:​5, 6) O ile a ba a nka nako ho sheba mosebetsi oa hae. (Gen. 1:​10, 12) U nahana hore mangeloi a ile a ikutloa joang ha a bona lintho tseo Jehova a ntseng a li bopa? E tlameha ebe a ne a thabile haholo. Ke kahoo a ileng a qala ho “hlaba litlatse.” (Jobo 38:7) Re ithuta’ng? Ho ile ha nka lilemo tse ngata hore Jehova a etse lefatše, linaleli le lintho tsohle tse phelang empa e itse ha a sheba mosebetsi oa hae oohle, o ile a re o ne o le “molemo haholo.”​—Gen. 1:31.

8. Re tl’o bua ka’ng hona joale?

Joalokaha re bone lirapeng tse fetileng, re ka fumana melao-motheo e mengata ka Lentsoeng la Molimo e bontšang bohlokoa ba hore re be le mamello. Hona joale re tl’o bua ka maemo a mabeli ao ho ’ona re lokelang ho emela Jehova.

KE NENG MOO HO HLOKAHALANG HORE RE LETELE JEHOVA?

9. Ke boemong bofe moo re lokelang ho letela Jehova?

9 Ho ka ’na ha hlokahala hore re letele Jehova hore a arabe lithapelo tsa rona. Ha re kopa Jehova hore a re fe matla a ho mamella bothata bo itseng kapa a re thuse ho tlohela ho etsa ntho e itseng eo a sa e rateng, re ka ’na ra bona eka o nka nako ho araba lithapelo tsa rona. Ke hobane’ng ha Jehova a sa arabe lithapelo tsa rona hang-hang?

10. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba le mamello ha re rapela?

10 Jehova o mamela lithapelo tsa rona ka hloko. (Pes. 65:2) Oa bona hore re na le tumelo ho eena ha re mo rapela ho tsoa botebong ba lipelo tsa rona. (Baheb. 11:6) Jehova o boetse oa thaba ha a bona re ikemiselitse ho etsa lintho tse lumellanang le lithapelo tsa rona le ha re etsa thato ea hae. (1 Joh. 3:​22) Kahoo, ha re kopa Jehova hore a re thuse hore re tlohele ho etsa ntho eo a sa e rateng, ho ka ’na ha hlokahala hore re be le mamello ’me re leke kahohle ho etsa liphetoho. Jesu o ile a re thusa ho utloisisa hore lithapelo tse ling tsa rona li ke ke tsa arajoa hang-hang. O ile a re: “Le ’ne kope, ’me le tla fuoa; le ’ne le batle, ’me le tla fumana; le ’ne le kokote, ’me le tla buleloa. Etsoe e mong le e mong ea kopang oa amohela, e mong le e mong ea batlang oa fumana, ’me e mong le e mong ea kokotang o tla buleloa.” (Mat. 7:​7, 8) Ha re mamela keletso ena ’me re ‘phehella thapelong’ re tla kholiseha hore ntate oa rona oa re utloa ’me o tla arabela lithapelo tsa rona.​—Bakol. 4:2.

Re lula re rapela Jehova le ho ba le tumelo ho eena ha re ntse re mo letetse (Sheba serapa sa 11) *

11. Baheberu 4:​16 e ka re thusa joang ha re bona eka lithapelo tsa rona ha li arajoe hang-hang?

11 Le hoja re ka bona eka lithapelo tsa rona li lieha ho arajoa, Jehova o tšepisa hore o tla li araba “ka nako e nepahetseng.” (Bala Baheberu 4:​16.) Ke kahoo re sa lokelang ho beha Jehova molato haeba a sa arabe lithapelo tsa rona kapele kamoo re neng re nahanne kateng. Ka mohlala, e se le lilemo tse ngata batho ba bangata ba rapella hore ’Muso oa Molimo o tl’o felisa lefatše lena. Le Jesu o ile a re re lokela ho rapella ’Muso ona. (Mat. 6:​10) E tla be e le booatla haeba re ka tlohela ho tšepa Molimo ka lebaka la hobane a sa felise lefatše ka nako eo rona batho re lebelletseng hore o tla le felisa ka eona. (Hab. 2:3; Mat. 24:​44) Re etsa hantle ha re tsoela pele ho emela Jehova ’me re mo rapela ka tšepo ea hore o tla re araba. Jehova o tla felisa lefatše ka nako e nepahetseng hobane o se a ntse a khethile “letsatsi leo le hora.” Letsatsi leo e tla ba le nepahetseng bakeng sa rona bohle.​—Mat. 24:​36; 2 Pet. 3:15.

Re ka ithuta’ng ka ho ba le mamello mohlaleng oa Josefa? (Sheba serapa sa 12-14)

12. Ke boemong bofe boo ho ka bang thata hore re be le mamello?

12 Re ka ’na ra hloka ho ba le mamello nakong eo re ntseng re emetse hore toka e phethahatsoe. Hangata batho ba tšoara batho ba bong bo fapaneng le ba bona hampe ho akarelletsa le ba morabe, setso le ba naha e fapaneng le ea bona. Batho ba bang ba tšoaroa hampe hobane ba holofetse kapa ba e-na le mafu a kelello. Bahlanka ba Jehova ba bangata ba ile ba mamella ho tšoaroa ka tsela e hlokang toka ka lebaka la lintho tseo ba li lumelang tse thehiloeng Bibeleng. Haeba re tšoeroe ka tsela eo, re lokela ho lula re hopola mantsoe a Jesu a re’ng: “Ea mameletseng ho isa bofelong ke eena ea tla pholoha.” (Mat. 24:​13) U tla etsa’ng haeba u tseba hore motho e mong ea itseng u entse sebe se tebileng ka phuthehong? Haeba baholo ba tseba ka sebe seo, na u tla ba le mamello ’me u tšepe hore ba tla sebetsana le taba eo ka tsela ea Jehova? Baholo ba tla lokela ho etsa’ng ha motho a entse sebe se tebileng?

13. Jehova o batla hore baholo ba etse’ng ha motho a entse sebe se tebileng?

13 Ha baholo ba elelloa hore motho o entse sebe se tebileng ka phuthehong, ba rapella “bohlale bo tsoang holimo” e le hore ba bone lintho ka tsela eo Jehova a li bonang ka eona. (Jak. 3:​17) Morero oa bona ke ho ‘khutlisa moetsa-libe phosong ea tsela ea hae’ haeba ho khoneha. (Jak. 5:​19, 20) Ba boetse ba batla ho etsa kahohle kamoo ba ka khonang ho sireletsa phutheho le ho tšelisa ba utloisitsoeng bohloko. (2 Bakor. 1:​3, 4) Ha baholo ba fumana hore motho o entse sebe se tebileng, ba qala pele ka ho batla lintlha kaofela, e leng ntho e ka nkang nako. Ka mor’a moo, baa rapela le ho fana ka keletso e hlahang ka mangolong ebe ba fana ka khalemelo ho mofosi “ka tekanyo e loketseng.” (Jer. 30:​11) Le hoja baholo ba sa liehe ho sebetsa taba, ha ba etse qeto ka lepotla-potla. Ha baholo ba latela tataiso ea Jehova, phutheho eohle e tla fumana molemo. Le hoja baholo ba ka etsa lintho ka tsela e nepahetseng, batho ba ileng ba angoa ke liketso tsa mofosi ba ntse ba ka ’na ba utloa bohloko. Haeba u boemong boo, u ka etsa’ng hore u se ke oa utloa bohloko haholo?

14. Ke mohlala ofe oa Bibele o ka u khothatsang haeba Mokreste-’moho a u utloisitse bohloko haholo?

14 Na motho e mong kapa Mokreste-’moho o kile a u utloisa bohloko haholo? U ka fumana mehlala e metle e hlahang ka Lentsoeng la Molimo e re rutang hore na ke joang re ka emelang Jehova hore a lokise lintho. Ka mohlala, le hoja barab’abo Josefa ba ile ba mo tšoara hampe, ha aa ka a lumella hore libe tsa bona li etse hore a lule a koatile. Ho e-na le hoo, o ile a lula a sebeletsa Jehova ’me Jehova o ile a mo putsa hobane o ile a mamella. (Gen. 39:​21) Ha nako e ntse e-ea, Josefa o ile a tšoarela batho ba ileng ba mo utloisa bohloko ’me a bona kamoo Jehova a ileng a mo hlohonolofatsa kateng. (Gen. 45:5) Le rona joaloka Josefa rea khothala ha re atamela haufi le Jehova ’me re mo emela hore a lokise lintho ka nako e nepahetseng.​—Pes. 7:​17; 73:28.

15. Ke’ng e ileng ea thusa morali’abo rona e mong hore a mamelle ho utloisoa bohloko?

15 Ke ’nete hore ha se kamehla re ka tšoaroang hampe joaloka Josefa empa kaofela ha rona re utloa bohloko haeba re tšoaroa hampe ka tsela le ha e le efe. Haeba motho e mong a re utloisitse bohloko ho akarelletsa le ea sa rapeleng Jehova, ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ho tla re thusa. (Bafil. 2:​3, 4) Nahana ka mohlala ona. Morali’abo rona o ile a utloa bohloko haholo ha a utloa hore mosebetsi-’moho le eena o ntse a mo bua hampe ho ba bang. Ho e-na le hore morali’abo rona a potlakele ho halefa, o ile a nka nako a nahana ka mohlala oa Jesu. Ha batho ba ne ba mo hlapaola, ha aa ka a iphetetsa ka hore le eena a ba hlapaole. (1 Pet. 2:​21, 23) Morali’abo rona a nahanne ka mohlala ona, o ile a etsa qeto ea ho se etse letho ka ntho e ileng ea mo etsahalla. Hamorao o ile a hlokomela hore mosebetsi-’moho le eena o ne a kula ’me a e-na le lintho tse ngata tse mo tšoenyang. Morali’abo rona o ile a nahana hore lintho tseo mosebetsi-’moho a neng a li bua o ne a li buisoa ke hobane a ne a tšoenyehile haholo. Morali’abo rona o ile a thaba haholo hore ebe o ile a mamella ho utloisoa bohloko ’me ka lebaka leo o ile a ba le khotso.

16. U ka khothatsoa ke’ng haeba u sa tšoaroa ka toka? (1 Petrose 3:12)

16 Haeba u utloisitsoe bohloko ke ho hloka toka kapa lebaka le ha e le lefe, hopola hore Jehova o haufi le ba “lipelo li robehileng.” (Pes. 34:​18) Kaha oa mamella ebile u lahlela moroalo oa hao ho eena, oa u rata. (Pes. 55:​22) Ke Moahloli oa lefatše lohle ebile o bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahalang. (Bala 1 Petrose 3:​12.) Haeba u na le mathata ao u sa khoneng ho a rarolla, na u ikemiselitse ho emela Jehova?

BATHO BA EMELANG JEHOVA BA TLA FUMANA LITLHOHONOLOFATSO TSE NGATA

17. Ho Esaia 30:​18, Jehova o tšepisa hore o tla etsa’ng?

17 Haufinyane ntate oa rona o tla re hlohonolofatsa a sebelisa ’Muso oa hae. Esaia 30:​18 e re: “Jehova o tla lebella hore a le bontše mohau, ka hona o tla ema hore a le bontše mohau. Etsoe Jehova ke Molimo oa kahlolo. Ho thaba bohle ba mo lebeletseng.” Batho ba lulang ba letetse Jehova ba tla fumana litlhohonolofatso tse ngata hona joale le lefatšeng le lecha.

18. Re tl’o fumana litlhohonolofatso life?

18 Ha batho ba Molimo ba se ba phela lefatšeng le lecha, ha ba sa tla hlola ba mamella mathata ao ba nang le ’ona hona joale. Bohloko le ho hloka toka ha li sa tla hlola li e-ba teng. (Tšen. 21:4) Ha re sa tla hlola re tšoenyeha ka lebaka la lintho tseo re se nang tsona hobane ho tla be ho e-na le lintho tse ngata tseo re li hlokang. (Pes. 72:​16; Esa. 54:​13) Eo e tla be e le nako e thabisang haholo.

19. Jehova o ntse a re lokisetsa’ng hona joale?

19 Hona joale Jehova o re lokisetsa ho phela tlas’a ’Muso oa hae ka hore a re thuse hore re tlohele ho etsa lintho tse mpe tseo re neng re li etsa le ho ba le makhabane a mo thabisang. U se ke oa nyahama eaba u tlohela ho sebeletsa Jehova. Bophelo bo monate bo sa tla. Ha re ntse re emetse nako eo, e se eka re ka tsoela pele re letetse Jehova ka mamello ha a ntse a phetha mosebetsi oa hae.

PINA EA 118 Re Thuse ho ba le Tumelo

^ ser. 5 Na u kile oa utloa motho ea sebelelitseng Jehova ka nako e telele a re: ‘Ke ne ke sa nahana hore ke tla tsofala ke be mokana re ntse re phela lefatšeng lena le khopo’? Kaofela ha rona re batla hore Jehova a felise lefatše lena le khopo haholo nakong ena e thata. Leha ho le joalo, re lokela ho ithuta hore re be le mamello. Sehloohong sena re tl’o bona melao-motheo ea Bibele e tla re thusa hore re emele Jehova. Re tla boela re bue ka maemo a mabeli ao ho ’ona re lokelang ho emela Jehova ka mamello. Qetellong re bue ka lintho tse molemo tseo Jehova a li tšepisang batho ba ikemiselitseng ho mo letela ka mamello.

^ ser. 56 SETŠOANTŠO: Haesale morali’abo rona a rapela Jehova ho tloha a sa le monyane. Batsoali ba hae ba ile ba mo ruta ho rapela e sa le ngoana. O ile a qala ho ba pula-maliboho e sa le mocha ’me o ne a lula a kopa Jehova hore a hlohonolofatse tšebeletso ea hae. Ka mor’a lilemo tse ngata, monna oa hae o ile a kula haholo ’me o ile a kopa Jehova ka tieo hore a mo fe matla ao a a hlokang ho mamella bothata bona. Hona joale ke mohlolohali ’me o ntse a tsoela pele ho rapela Jehova a kholisehile hore o tla arabela lithapelo tsa hae feela joalokaha a ile a li araba linakong tse fetileng.