Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 31

Na o Ikemiseditse ho Letela Jehova?

Na o Ikemiseditse ho Letela Jehova?

“Ke tla letela Modimo.”​—MIK. 7:7.

PINA YA 128 Mamella ho Isa Bofelong

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1, 2. Re tlo bua ka eng sehloohong see?

O IKUTLWA jwang haeba o lebelletse ntho e itseng eo o e hlokang ebe ha e fihle ka nako eo o e lebelletseng? Na o tshwenyeha ka yona? Mohlomong o ikutlwa jwalo ka ha Liproverbia 13:​12 e hlalosa ha e re: “Tebello e tjhetjhisetswang morao e kudisa pelo.” Empa o tla ikutlwa jwang haeba o utlwa lebaka le utlwahalang le hlalosang hore na ke hobaneng ha ntho eo o e lebelletseng e sa fihla ka nako eo? O ka nna wa ba le mamello mme wa ikemisetsa ho e emela.

2 Sehloohong sena re tlo bua ka melaomotheo ya Bibele e mmalwa e tla re thusa hore re dule re “letela Modimo.” (Mik. 7:7) Ebe re bua ka maemo a mabedi moo re lokelang ho emela Jehova ka mamello hore a nke kgato. Qetellong re tlo bua ka ditlhohonolofatso tseo Jehova a tla di fa batho ba ikemiseditseng ho mo emela.

MELAOMOTHEO YA BIBELE E RE RUTANG HORE RE BE LE MAMELLO

3. Liproverbia 13:​11 e re ruta eng?

3 Liproverbia 13:​11 e a re ruta hore na ke hobaneng ha re lokela ho ba le mamello. E re: “Dintho tsa bohlokwa tse hlahiswang ke lefeela di a fokotseha, empa ya bokellang ka letsoho ke yena ya eketsang.” O ithutang temaneng ee? Ke bohlale hore motho a etse dintho hanyane ka hanyane ka mamello.

4. Liproverbia 4:​18 e re ruta eng?

4 Liproverbia 4:​18 e re: “Tsela ya ba lokileng e jwalo ka lesedi le kganyang le ntseng le kganya ka ho eketsehileng ho fihlela motshehare o moholo.” Mantswe ana a bontsha ka ho hlaka hore Jehova o thusa bahlanka ba hae hore ba utlwisise morero wa hae hanyane ka hanyane. Temana ena e boetse e re thusa ho utlwisisa hore na Mokreste o etsa diphetoho jwang bophelong ba hae e le hore e be motswalle wa Jehova. Ho nka nako hore motho e be motswalle wa Jehova. Haeba re ithuta Lentswe la Modimo mme re mamela keletso e tswang ho lona le e tswang ho mokgatlo wa hae, butlebutle re tla ba le makgabane a tshwanang le a Kreste. Re tla boela re tsebe Modimo haholwanyane. Bona ka moo Jesu a ileng a bontsha taba ena ka teng.

Feela jwalo ka ha semela se hola butlebutle, ka ho tshwanang motho ya mamelang molaetsa wa Mmuso wa Modimo le yena o etsa diphetoho hanyane ka hanyane (Sheba serapa sa 5)

5. Jesu o ile a sebedisa mohlala ofe ho bontsha hore ho nka nako hore motho a etse diphetoho?

5 Jesu o ile a sebedisa mohlala ho hlalosa ka moo molaetsa wa Mmuso oo re o rutang batho o tshwanang le peo e nyane e holang butlebutle dipelong tsa batho ba lokileng. O ile a re: “Peo e a hlaha mme e a hola e ba telele, hore na jwang [molemi] ha a tsebe. Mobu o beha ditholwana butlebutle, lekgasi la jwang pele, e ntano ba hloohwana ya lehlaka qetellong dithollo tse tletseng hloohwaneng.” (Mar. 4:​27, 28) Jesu o ne a bolelang? O ne a hlalosa hore feela jwalo ka ha semela se nka nako ho hola, motho ya amohelang molaetsa wa Mmuso o tla nka nako ho etsa diphetoho. Ka mohlala, ha batho bao re ithutang Bibele le bona e eba metswalle ya Jehova re qala ho bona ka diphetoho tseo ba di etsang. (Baef. 4:​22-24) Re lokela ho hopola hore ke Jehova ya etsang hore peo eo e nyane e hole.​—1 Bakor. 3:7.

6-7. Re ithutang tseleng eo Jehova a ileng a bopa lefatshe ka yona?

6 Dinthong tsohle tseo Jehova a di etsang, ka mamello o nka nako yohle eo a e hlokang hore a etse mosebetsi wa hae. O etsa jwalo ho rorisa lebitso la hae le ho thusa batho ba bang. Ka mohlala, nahana ka moo Jehova a ileng a lokisa lefatshe butlebutle bakeng sa batho.

7 Ha Bibele e hlalosa ka moo Jehova a ileng a bopa lefatshe ka teng e re o ile a beha “ditekanyo tsa lona,” “ditshehetso tsa lona tse sekoti” le “lejwe la lona la sekgutlo.” (Jobo 38:5, 6) O ile a ba a nka nako ho sheba mosebetsi wa hae. (Gen. 1:​10, 12) O nahana hore mangeloi a ile a ikutlwa jwang ha a bona dintho tseo Jehova a ntseng a di bopa? E tlameha ebe a ne a thabile haholo. Ke ka hoo a ileng a qala ho “hlaba ditlatse.” (Jobo 38:7) Re ithutang? Ho ile ha nka dilemo tse ngata hore Jehova a etse lefatshe, dinaledi le dintho tsohle tse phelang empa e itse ha a sheba mosebetsi wa hae ohle, o ile a re o ne o le “molemo haholo.”​—Gen. 1:31.

8. Re tlo bua ka eng hona jwale?

8 Jwalo ka ha re bone dirapeng tse fetileng re ka fumana melaomotheo e mengata ka Lentsweng la Modimo e bontshang bohlokwa ba hore re be le mamello. Hona jwale re tlo bua ka maemo a mabedi ao ho ona re lokelang ho emela Jehova.

KE NENG MOO HO HLOKAHALANG HORE RE LETELE JEHOVA?

9. Ke boemong bofe moo re lokelang ho letela Jehova?

9 Ho ka nna ha hlokahala hore re letele Jehova hore a arabe dithapelo tsa rona. Ha re kopa Jehova hore a re fe matla a ho mamella bothata bo itseng kapa a re thuse ho tlohela ho etsa ntho e itseng eo a sa e rateng, re ka nna ra bona eka o nka nako ho araba dithapelo tsa rona. Ke hobaneng ha Jehova a sa arabe dithapelo tsa rona hanghang?

10. Ke hobaneng ha re lokela ho ba le mamello ha re rapela?

10 Jehova o mamela dithapelo tsa rona ka hloko. (Pes. 65:2) O a bona hore re na le tumelo ho yena ha re mo rapela ho tswa botebong ba dipelo tsa rona. (Baheb. 11:6) Jehova o boetse o a thaba ha a bona re ikemiseditse ho etsa dintho tse dumellanang le dithapelo tsa rona le ha re etsa thato ya hae. (1 Joh. 3:​22) Ka hoo, ha re kopa Jehova hore a re thuse hore re tlohele ho etsa ntho eo a sa e rateng, ho ka nna ha hlokahala hore re be le mamello mme re leke ka hohle ho etsa diphetoho. Jesu o ile a re thusa ho utlwisisa hore dithapelo tse ding tsa rona di ke ke tsa arajwa hanghang. O ile a re: “Le nne le kope, mme le tla fuwa; le nne le batle, mme le tla fumana; le nne le kokote, mme le tla bulelwa. Etswe e mong le e mong ya kopang o a amohela, e mong le e mong ya batlang o a fumana, mme e mong le e mong ya kokotang o tla bulelwa.” (Mat. 7:​7, 8) Ha re mamela keletso ena mme re ‘phehella thapelong’ re tla kgodiseha hore Ntate wa rona o a re utlwa mme o tla arabela dithapelo tsa rona.​—Bakol. 4:2.

Re dula re rapela Jehova le ho ba le tumelo ho yena ha re ntse re mo letetse (Sheba serapa sa 11) *

11. Baheberu 4:​16 e ka re thusa jwang ha re bona eka dithapelo tsa rona ha di arajwe hanghang?

11 Le hoja re ka bona eka dithapelo tsa rona di dieha ho arajwa, Jehova o tshepisa hore o tla di araba “ka nako e nepahetseng.” (Bala Baheberu 4:​16.) Ke ka hoo re sa lokelang ho beha Jehova molato haeba a sa arabe dithapelo tsa rona kapele ka moo re neng re nahanne ka teng. Ka mohlala, e se le dilemo tse ngata batho ba bangata ba rapella hore Mmuso wa Modimo o tlo fedisa lefatshe lena. Le Jesu o ile a re re lokela ho rapella Mmuso ona. (Mat. 6:​10) E tla be e le bowatla haeba re ka tlohela ho tshepa Modimo ka lebaka la hobane a sa fedise lefatshe ka nako eo rona batho re lebelletseng hore o tla le fedisa ka yona. (Hab. 2:3; Mat. 24:​44) Re etsa hantle ha re tswela pele ho emela Jehova mme re mo rapela ka tshepo ya hore o tla re araba. Jehova o tla fedisa lefatshe ka nako e nepahetseng hobane o se a ntse a kgethile “letsatsi leo le hora.” Letsatsi leo e tla ba le nepahetseng bakeng sa rona bohle.​—Mat. 24:​36; 2 Pet. 3:15.

Re ka ithuta eng ka ho ba le mamello mohlaleng wa Josefa? (Sheba serapa sa 12-14)

12. Ke boemong bofe boo ho ka bang thata hore re be le mamello?

12 Re ka nna ra hloka ho ba le mamello nakong eo re ntseng re emetse hore toka e phethahatswe. Hangata batho ba tshwara batho ba bong bo fapaneng le ba bona hampe ho akarelletsa le ba morabe, setso le ba naha e fapaneng le ya bona. Batho ba bang ba tshwarwa hampe hobane ba holofetse kapa ba ena le mafu a kelello. Bahlanka ba Jehova ba bangata ba ile ba mamella ho tshwarwa ka tsela e hlokang toka ka lebaka la dintho tseo ba di dumelang tse thehilweng Bibeleng. Haeba re tshwerwe ka tsela eo, re lokela ho dula re hopola mantswe a Jesu a reng: “Ya mameletseng ho isa bofelong ke yena ya tla pholoha.” (Mat. 24:​13) O tla etsang haeba o tseba hore motho e mong ya itseng o entse sebe se tebileng ka phuthehong? Haeba baholo ba tseba ka sebe seo na o tla ba le mamello mme o tshepe hore ba tla sebetsana le taba eo ka tsela ya Jehova? Baholo ba tla lokela ho etsang ha motho a entse sebe se tebileng?

13. Jehova o batla hore baholo ba etseng ha motho a entse sebe se tebileng?

13 Ha baholo ba elellwa hore motho o entse sebe se tebileng ka phuthehong, ba rapella “bohlale bo tswang hodimo” e le hore ba bone dintho ka tsela eo Jehova a di bonang ka yona. (Jak. 3:​17) Morero wa bona ke ho ‘kgutlisa moetsadibe phosong ya tsela ya hae’ haeba ho kgoneha. (Jak. 5:​19, 20) Ba boetse ba batla ho etsa ka hohle ka moo ba ka kgonang ho sireletsa phutheho le ho tshedisa ba utlwisitsweng bohloko. (2 Bakor. 1:​3, 4) Ha baholo ba fumana hore motho o entse sebe se tebileng, ba qala pele ka ho batla dintlha kaofela, e leng ntho e ka nkang nako. Ka mora moo, ba a rapela le ho fana ka keletso e hlahang ka mangolong ebe ba fana ka kgalemelo ho mofosi “ka tekanyo e loketseng.” (Jer. 30:​11) Le hoja baholo ba sa diehe ho sebetsa taba, ha ba etse qeto ka lepotlapotla. Ha baholo ba latela tataiso ya Jehova phutheho yohle e tla fumana molemo. Le hoja baholo ba ka etsa dintho ka tsela e nepahetseng, batho ba ileng ba angwa ke diketso tsa mofosi ba ntse ba ka nna ba utlwa bohloko. Haeba o boemong boo, o ka etsang hore o se ke wa utlwa bohloko haholo?

14. Ke mohlala ofe wa Bibele o ka o kgothatsang haeba Mokrestemmoho a o utlwisitse bohloko haholo?

14 Na motho e mong kapa Mokrestemmoho o kile a o utlwisa bohloko haholo? O ka fumana mehlala e metle e hlahang ka Lentsweng la Modimo e re rutang hore na ke jwang re ka emelang Jehova hore a lokise dintho. Ka mohlala, le hoja barababo Josefa ba ile ba mo tshwara hampe ha a ka a dumella hore dibe tsa bona di etse hore a dule a kwatile. Ho ena le hoo, o ile a dula a sebeletsa Jehova mme Jehova o ile a mo putsa hobane o ile a mamella. (Gen. 39:​21) Ha nako e ntse e eya, Josefa o ile a tshwarela batho ba ileng ba mo utlwisa bohloko mme a bona ka moo Jehova a ileng a mo hlohonolofatsa ka teng. (Gen. 45:5) Le rona jwalo ka Josefa re a kgothala ha re atamela haufi le Jehova mme re mo emela hore a lokise dintho ka nako e nepahetseng.​—Pes. 7:​17; 73:28.

15. Ke eng e ileng ya thusa moradiwabo rona e mong hore a mamelle ho utlwiswa bohloko?

15 Ke nnete hore ha se ka mehla re ka tshwarwang hampe jwalo ka Josefa empa kaofela ha rona re utlwa bohloko haeba re tshwarwa hampe ka tsela le ha e le efe. Haeba motho e mong a re utlwisitse bohloko ho akarelletsa le ya sa rapeleng Jehova, ho sebedisa melaomotheo ya Bibele ho tla re thusa. (Bafil. 2:​3, 4) Nahana ka mohlala ona. Moradiwabo rona o ile a utlwa bohloko haholo ha a utlwa hore mosebetsimmoho le yena o ntse a mo bua hampe ho ba bang. Ho ena le hore moradiwabo rona a potlakele ho halefa, o ile a nka nako a nahana ka mohlala wa Jesu. Ha batho ba ne ba mo hlapaola, ha a ka a iphetetsa ka hore le yena a ba hlapaole. (1 Pet. 2:​21, 23) Moradiwabo rona a nahanne ka mohlala ona, o ile a etsa qeto ya ho se etse letho ka ntho e ileng ya mo etsahalla. Ha morao o ile a hlokomela hore mosebetsimmoho le yena o ne a kula mme a ena le dintho tse ngata tse mo tshwenyang. Moradiwabo rona o ile a nahana hore dintho tseo mosebetsimmoho a neng a di bua o ne a di buiswa ke hobane a ne a tshwenyehile haholo. Moradiwabo rona o ile a thaba haholo hore ebe o ile a mamella ho utlwiswa bohloko mme ka lebaka leo o ile a ba le kgotso.

16. O ka kgothatswa ke eng haeba o sa tshwarwa ka toka? (1 Petrose 3:12)

16 Haeba o utlwisitswe bohloko ke ho hloka toka kapa lebaka le ha e le lefe, hopola hore Jehova o haufi le ba “dipelo di robehileng.” (Pes. 34:​18) Ka ha o a mamella ebile o lahlela morwalo wa hao ho yena o a o rata. (Pes. 55:​22) Ke Moahlodi wa lefatshe lohle ebile o bona ntho e nngwe le e nngwe e etsahalang. (Bala 1 Petrose 3:​12.) Haeba o na le mathata ao o sa kgoneng ho a rarolla, na o ikemiseditse ho emela Jehova?

BATHO BA EMELANG JEHOVA BA TLA FUMANA DITLHOHONOLOFATSO TSE NGATA

17. Ho Esaia 30:​18 Jehova o tshepisa hore o tla etsa eng?

17 Haufinyane Ntate wa rona o tla re hlohonolofatsa a sebedisa Mmuso wa hae. Esaia 30:​18 e re: “Jehova o tla lebella hore a le bontshe mohau, ka hona o tla ema hore a le bontshe mohau. Etswe Jehova ke Modimo wa kahlolo. Ho thaba bohle ba mo lebeletseng.” Batho ba dulang ba letetse Jehova ba tla fumana ditlhohonolofatso tse ngata hona jwale le lefatsheng le letjha.

18. Re tlo fumana ditlhohonolofatso dife?

18 Ha batho ba Modimo ba se ba phela lefatsheng le letjha, ha ba sa tla hlola ba mamella mathata ao ba nang le ona hona jwale. Bohloko le ho hloka toka ha di sa tla hlola di eba teng. (Tšen. 21:4) Ha re sa tla hlola re tshwenyeha ka lebaka la dintho tseo re se nang tsona hobane ho tla be ho ena le dintho tse ngata tseo re di hlokang. (Pes. 72:​16; Esa. 54:​13) Eo e tla be e le nako e thabisang haholo.

19. Jehova o ntse a re lokisetsa eng hona jwale?

19 Hona jwale Jehova o re lokisetsa ho phela tlasa Mmuso wa hae ka hore a re thuse hore re tlohele ho etsa dintho tse mpe tseo re neng re di etsa le ho ba le makgabane a mo thabisang. O se ke wa nyahama yaba o tlohela ho sebeletsa Jehova. Bophelo bo monate bo sa tla. Ha re ntse re emetse nako eo, e se eka re ka tswela pele re letetse Jehova ka mamello ha a ntse a phetha mosebetsi wa hae.

PINA YA 118 Re fe Tumelo e Matla

^ par. 5 Na o kile wa utlwa motho ya sebeleditseng Jehova ka nako e telele a re, ‘Ke ne ke sa nahana hore ke tla tsofala ke be mokana re ntse re phela lefatsheng lena le kgopo’? Kaofela ha rona re batla hore Jehova a fedise lefatshe lena le kgopo haholo nakong ena e thata. Le ha ho le jwalo, re lokela ho ithuta hore re be le mamello. Sehloohong sena re tlo bona melaomotheo ya Bibele e tla re thusa hore re emele Jehova. Re tla boela re bue ka maemo a mabedi ao ho ona re lokelang ho emela Jehova ka mamello. Qetellong re bue ka dintho tse molemo tseo Jehova a di tshepisang batho ba ikemiseditseng ho mo letela ka mamello.

^ par. 56 SETSHWANTSHO: Haesale moradiwabo rona a rapela Jehova ho tloha a sa le monyane. Batswadi ba hae ba ile ba mo ruta ho rapela e sa le ngwana. O ile a qala ho ba pulamadiboho e sa le motjha mme o ne a dula a kopa Jehova hore a hlohonolofatse tshebeletso ya hae. Ka mora dilemo tse ngata, monna wa hae o ile a kula haholo mme o ile a kopa Jehova ka tiyo hore a mo fe matla ao a a hlokang ho mamella bothata bona. Hona jwale ke mohlolohadi mme o ntse a tswela pele ho rapela Jehova a kgodisehile hore o tla arabela dithapelo tsa hae feela jwalo ka ha a ile a di araba dinakong tse fetileng.