Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 34

U ka ‘Latsoa’ Molemo oa Jehova Joang?

U ka ‘Latsoa’ Molemo oa Jehova Joang?

“Latsoang ’me le bone hore Jehova o molemo; ho thaba monna ea shahlileng ea tšabelang ho eena.”​—PES. 34:8.

PINA EA 117 Jehova o Molemo

SEO RE TLʼO ITHUTA SONA *

1-2. Ho ea ka Pesaleme ea 34:8 re lokela ho etsa’ng e le hore re bone hore Jehova o molemo?

A RE re motho o u fa lijo tseo u e-s’o ka u li ja hohang. Mohlomong u ka tseba hore na li joang ka ho li sheba, ho utloa monko oa tsona, ho tseba hore na li phehiloe joang kapa ka ho botsa batho ba bang hore na baa li rata kapa che. Leha ho le joalo, tsela feela eo u ka tsebang hore oa li rata ke ka hore u li latsoe.

2 Re ka ithuta hore Jehova o molemo ka ho bala Bibele le lingoloa tsa rona hammoho le ho utloa batho ba bang ba bua kamoo a ba hlohonolofalitseng kateng. Leha ho le joalo, e le hore re utloisise kamoo Jehova a leng molemo kateng, re lokela ho ‘latsoa’ molemo oa hae ka borona. (Bala Pesaleme ea 34:8.) A re boneng hore na re ka etsa joalo joang. A re re re batla ho sebeletsa Jehova ka nako e tletseng empa rea hlokomela hore re lokela ho fokotsa lintho tse itseng bophelong. Mohlomong re balile tšepiso ea Jesu ka makhetlo e re’ng haeba re beha ’Muso pele, Jehova o tla re ekelletsa lintho tseo re li hlokang empa ha re e-s’o bone tšepiso eo e phethahala bophelong ba rona. (Mat. 6:​33) Leha ho le joalo, kaha re tšepa tšepiso eo ea Jesu re sebelisa chelete hantle, re fokotsa nako eo re sebetsang ka eona ’me re qeta nako e ngata mosebetsing oa boboleli. Ha re etsa joalo, re tla bona hore Jehova o re hlokomela e le kannete ’me re tla ‘latsoa’ molemo oa hae.

3. Ho ea ka Pesaleme ea 16:​1, 2, Jehova o molemo ho batho bafe?

3 Jehova o “molemo ho bohle” ho akarelletsa le ho batho ba sa mo tsebeng. (Pes. 145:9; Mat. 5:​45) Leha ho le joalo, ka ho khetheha Jehova o etsetsa batho ba mo ratang le ba mo sebeletsang ka moea oohle lintho tse ngata tse ntle. (Bala Pesaleme ea 16:​1, 2.) A re bueng ka lintho tse ling tse ntle tseo Jehova a re etselitseng tsona.

4. Jehova o bontša batho ba batlang ho ba metsoalle ea hae joang hore o molemo?

4 Kamehla ha re sebelisa lintho tseo re ithutileng tsona ho Jehova, re bona kamoo li re thusang kateng. Ka mohlala, ha re ne re ithuta ka eena ’me re qala ho mo rata, o ile a re thusa hore re khaotse ho nahana le ho etsa lintho tseo a sa li rateng. (Bakol. 1:​21) Hape ha re ne re inehela ho Jehova ’me re kolobetsoa, re ile ra bona hore o molemo haholo ha a ne a re thusa hore re be le letsoalo le se nang molato le hore re be metsoalle ea hae.​—1 Pet. 3:21.

5. Re khona ho bona hore Jehova o molemo joang ha re etsa mosebetsi oa boboleli?

5 Re boetse re khona ho bona hore Jehova o molemo ha re etsa mosebetsi oa boboleli. Na u motho ea lihlong? Bahlanka ba bangata ba Jehova ba lihlong. Mohlomong pele u e-ba e mong oa bahlanka ba Jehova, u ne u sa nahana hore ka le leng u ka ea ntlong ea motho eo u sa mo tsebeng ’me u mo bolelle molaetsa oa Bibele. Empa hona joale u se u etsa mosebetsi oo kamehla ’me Jehova o u thusitse hore o u thabele. Jehova o u thusitse ka litsela tse ling tse ngata. O u thusitse hore u khobe matšoafo ha u kopana le motho ea u hanyetsang tšimong. Hape o ile a u thusa hore u hopole lengolo le nepahetseng leo u ka le ballang motho ea thabelang molaetsa oa Bibele. Jehova o boetse o u file matla a hore u tsoele pele u bolela molaetsa oa Bibele esita le ha batho ba sa batle ho u mamela.​—Jer. 20:​7-9.

6. Tsela eo Jehova a re koetlisang ka eona e bontša joang hore o molemo?

6 Jehova o boetse o re bontšitse hore o molemo ka hore a re koetlisetse ho etsa mosebetsi oa boboleli. (Joh. 6:​45) Libokeng tsa har’a beke, re fumana mehlala ea seo re ka se buang le batho tšimong ’me re khothalletsoa ho sebelisa mehlala eo. Qalong re ka ’na ra ikutloa re tšaba ho bolela molaetsa oa Bibele re sebelisa mekhoa e mecha empa ha re se re e leka, re ka bona hore ea atleha. Ha re le libokeng le likopanong re khothalletsoa hore re leke litsela tse ncha tsa ho bolela molaetsa oa Bibele tseo re sa li tloaelang. Re ka ’na ra tšoha ha re nahana ho sebelisa mekhoa eo empa ha re e leka, Jehova o tla re hlohonolofatsa. Hona joale re tla bua ka litlhohonolofatso tse ling tseo Jehova a tla re fa tsona ha re leka litsela tse ncha tsa ho mo sebeletsa kahohle kamoo re ka khonang ho sa tsotellehe hore na maemo a rona ke afe. Ka mor’a moo, re tla bua ka hore na re ka etsa’ng e le hore re sebeletse Jehova ka ho eketsehileng.

JEHOVA O HLOHONOLOFATSA BATHO BA MO TŠEPANG

7. Re fumana litlhohonolofatso life ha re leka ho sebeletsa Jehova haholoanyane?

7 Re ba metsoalle ea Jehova e haufi-ufi. Nahana ka mohlala oa Mor’abo rona Samuel * ea sebeletsang e le moholo Colombia le mosali oa hae. Banyalani bana e ne e le bo-pula-maliboho phuthehong ea ha bo bona empa ba ne ba batla ho sebeletsa Jehova haholoanyane ka ho thusa phutheho e ’ngoe e hlokang thuso. E le hore ba etse joalo, ho ne ho e-na le lintho tseo ba neng ba lokela ho li tela. Mor’abo rona Samuel o re: “Re ile ra mamela Matheu 6:​33 eaba re khaotsa ho reka lintho tseo re neng re sa li hloke. Empa ntho e thata ka ho fetisisa e ne e le ho tloha ntlong ea rona. E ne e hahiloe ka tsela eo re e batlang ebile re ne re sa e kolote.” Ha banyalani bana ba ea phuthehong eo e ncha, ba ile ba hlokomela hore ba khona ho phela ka chelete e nyane ho feta e ngata eo ba neng ba e fumana pele. Mor’abo rona Samuel o re: “Re bone hore Jehova oa re tataisa ebile o araba lithapelo tsa rona. Re khona ho bona hore re thabisa Jehova le hore oa re rata ka tsela eo re qalang ho e bona.” Na u ka khona ho sebeletsa Jehova haholoanyane ka tsela e itseng? Haeba ho joalo, u ka kholiseha hore u tla ba motsoalle oa hae ea haufi-ufi ’me u tla u hlokomela.​—Pes. 18:25.

8. U ithutile’ng ho Mor’abo rona Ivan le Morali’abo rona Viktoria?

8 Re fumana thabo tšebeletsong ea rona. Utloa hore na morabo rona Ivan le moraliʼabo rona Viktoria e leng banyalani ba sebeletsang e le bo-pula-maliboho Kyrgyzstan ba reʼng. Ba ile ba etsa qeto ea hore ba se ke ba e-ba le lintho tse ngata e le hore ba ka khona ho ithaopela ho etsa mosebetsi le ha e le ofe ho akarelletsa le ho thusa kahong. Mor’abo rona Ivan o re: “Re ne re sebetsa ka thata mosebetsing o mong le o mong oo re neng re o fuoa. Le hoja re ne re ikutloa re khathetse ha letsatsi le likela, re ne re thabisoa ke ho tseba hore re sebelisitse matla a rona kaofela mosebetsing oa Jehova. Hape re ne re thabisoa ke ho ba le metsoalle e mengata e mecha le ho ba le linako tse monate le eona.”​—Mar. 10:​29, 30.

9. Morali’abo rona e mong kulang o entse’ng hore a sebeletse Jehova haholoanyane, hona o ile a fumana molemo ofe?

9 Rea thaba ha re sebeletsa Jehova le hoja re e-ba le mathata. Ka mohlala, Morali’abo rona Mirreh oa mohlolohali ea seng a holile ea lulang Bophirimela ba Afrika, e ne e le ngaka ’me o ile a tlohela mosebetsi oo e le hore e be pula-maliboho. Morali’abo rona Mirreh o na le lefu la masapo le manonyeletso ’me o khona ho sebetsa hora feela mosebetsing oa ntlo le ntlo. Leha ho le joalo, o khona ho qeta nako e ngata a etsa mosebetsi oa phatlalatsa. O na le lipoelo tse ngata le batho ba bangata bao a ithutang Bibele le bona ’me o bala le ba bang ba bona ka founu. Ke’ng e susumellelitseng Morali’abo rona Mirreh hore a sebeletse Jehova haholoanyane? O re: “Ke rata Jehova le Kreste Jesu haholo. Hape ke lula ke kopa Jehova hore a nthuse hore ke mo sebeletse kahohle kamoo nka khonang kateng.”​—Mat. 22:​36, 37.

10. Joalokaha 1 Petrose 5:​10 e bontša, ke’ng eo Jehova a tla e fa batho ba mo sebeletsang haholoanyane?

10 Jehova o re koetlisa ka ho eketsehileng. Mor’abo rona Kenny eo e leng pula-maliboho Mauritius o bone bonnete ba taba ena. Ha a ntse a ithuta Bibele, o ile a tlohela univesithi, a kolobetsoa eaba o kenela tšebeletso ea nako e tletseng. O re: “Ke leka ho etsisa moprofeta Esaia ea ileng a re: ‘Ke ’na enoa! Roma ’na.’ ” (Esa. 6:8) Mor’abo rona Kenny o sebelitse kahong ebile o thusitse ho fetolela lingoloa tse thehiloeng Bibeleng ka puo eo a e antseng. O re: “Ke fumane koetliso e nthusitseng hore ke tsebe lintho tseo ke neng ke hloka ho li tseba e le hore ke etse mesebetsi eo ke e fuoeng.” Leha ho le joalo, mor’abo rona ha aa ka a ithuta ho etsa mosebetsi feela. O boetse o re: “Ke ile ka ithuta hore ho na le lintho tseo ke sa khoneng ho li etsa le hore ho na le makhabane ao ke hlokang ho ba le ’ona e le hore ke be mohlanka oa Jehova ea mo thabisang.” (Bala 1 Petrose 5:​10.) Mohlomong le uena u ka etsa liphetoho bophelong ba hao e le hore Jehova a u koetlise ka ho eketsehileng.

Banyalani ba sebetsa tšimong eo ho nang le tlhoko ea bahoeletsi; morali’abo rona e mocha o kahong ea Holo ea ’Muso; banyalani ba holileng ba paka ka fono. Batho bana ba thabisoa ke mosebetsi oa bona (Sheba serapa sa 11)

11. Baralib’abo rona ba South Korea ba ile ba etsa’ng e le hore ba etse mosebetsi oa boboleli, hona ba se ba khona ho etsa’ng? (Sheba setšoantšo se ka ntle.)

11 Bakreste ba nang le boiphihlelo le bona ba hloka ho koetlisoa ha ba leka mokhoa o mocha oa tšebeletso. Nakong ea seoa sa Corona, baholo ba phutheho ea South Korea ba ile ba re: “Batho ba bang ka phuthehong ba neng ba nahana hore ba ke ke ba khona ho etsa mosebetsi oa boboleli hobane ba kula hona joale ba se ba o etsa ba sebelisa marang-rang. Baralib’abo rona ba bararo ba ka bang lilemo li 80 ba ithutile ho sebelisa k’homphieutha ’me hona joale ba etsa mosebetsi oa boboleli hoo e ka bang letsatsi le leng le le leng.” (Pes. 92:​14, 15) Na u ka rata ho eketsa tšebeletso ea hao e le hore u latsoe molemo oa Jehova haholoanyane? Nahana ka lintho tse ling tseo u ka li etsang e le hore u khone ho etsa joalo.

U KA ETSA’NG E LE HORE U SEBELETSE JEHOVA HAHOLOANYANE?

12. Ke’ng eo Jehova a e tšepisang batho ba mo tšepang?

12 Ithute ho tšepa Jehova. O re tšepisa hore o tla re hlohonolofatsa ha re mo tšepa ’me re mo sebeletsa kahohle kamoo re ka khonang kateng. (Mal. 3:​10) Morali’abo rona Fabiola ea lulang Colombia o ile a bona ha Jehova a phethahatsa tšepiso ena bophelong ba hae. O ne a batla ho ba pula-maliboho ea kamehla hang feela ha a qeta ho kolobetsoa. Leha ho le joalo, o ne a lokela ho sebetsa e le hore a hlokomele monna oa hae le bana ba bona ba bararo. Kahoo, ha nako ea hore a behe meja fatše e se e fihlile o ile a rapela Jehova haholo hore a mo thuse. O re: “Hangata batho ba ema nako e telele pele ba fumana chelete ea bona ea penshene empa ’na ke ile ka qala ho e fumana ka mor’a khoeli feela. E ne eka kea lora!” Likhoeli tse peli ka mor’a moo o ile a qala ho ba pula-maliboho. Hona joale o lilemo li ka bang 70 ’me e se e le lilemo tse fetang 20 e le pula-maliboho. Nakong ena eohle, o se a thusitse batho ba robeli hore ba kolobetsoe. O re: “Le hoja ka linako tse ling ke ikutloa ke se na matla, Jehova o nthusitse letsatsi le letsatsi hore ke lule ke le pula-maliboho.”

Abrahama, Sara, Jakobo le baprista ba ileng ba tšela Noka ea Jordane ba ile ba bontša joang hore ba tšepa Jehova? (Sheba serapa sa 13)

13-14. Ke mehlala efe e ka re thusang hore re tšepe Jehova le hore re eketse tšebeletso ea rona?

13 Ithute mehlaleng ea batho ba ileng ba tšepa Jehova. Bibele e na le mehlala e mengata ea batho ba ileng ba sebetsa ka thata tšebeletsong ea Jehova. Maemong a mangata, bahlanka bao ba Jehova ba ne ba lokela ho etsa boiteko pele Jehova a ba hlohonolofatsa ka tsela e khethehileng. Ka mohlala, Abrahama o ne a lokela ho tloha ha hae “le hoja a ne a sa tsebe moo a neng a e-ea teng” e le hore Jehova a mo hlohonolofatse. (Baheb. 11:8) Jakobo eena o ile a loana le lengeloi e le hore Jehova a mo hlohonolofatse ka tsela e khethehileng. (Gen. 32:​24-30) Nakong eo sechaba sa Iseraele se neng se le haufi le ho kena Naheng e Tšepisitsoeng, baprista ba ne ba lokela ho kena ka maoto moeling oa Noka ea Jordane pele batho ba ka khona ho tšela.​—Josh. 3:​14-16.

14 U ka boela oa ithuta mehlaleng ea Lipaki tse ileng tsa tšepa Jehova mehleng ena ’me tsa sebeletsa Jehova ka ho eketsehileng. Ka mohlala, Mor’abo rona Payton le mosali oa hae Diana ba ne ba rata ho bala lihlooho tsa “Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata” * tse buang ka bara le barali ba bo rona ba ileng ba eketsa tšebeletso ea bona ho Jehova. Mor’abo rona Payton o re: “Ha re ne re bala lipale tsa bona, re ne re utloa eka re shebelletse motho ea jang lijo tse monate. Ha re ntse re bala lihlooho tseo le rona re ne re batla ho ‘latsoa ’me re bone hore Jehova o molemo.’ ” Qetellong Mor’abo rona Payton le mosali oa hae ba ile ba ea moo ho hlokoang bahoeletsi ba eketsehileng. Na u kile oa bala lihlooho tsee? Kapa oa shebella video ea Ho Paka Tšimong e ka Thōko​—Australia le ea Ho Paka Libakeng Tse ka Thōko​—Ireland tse ho jw.org? Livideo tsena li ka u thusa ho bona hore na u ka eketsa tšebeletso ea hao joang.

15. Metsoalle e nepahetseng e ka re thusa joang?

15 Khetha metsoalle e nepahetseng. Hangata ho ba bonolo hore re je lijo tseo re qalang ho li ja haeba re li ja le batho ba li thabelang. Ka ho tšoanang, haeba re qeta nako le batho bao Jehova a tlang pele bophelong ba bona, ho tla ba bonolo hore re batle litsela tseo re ka eketsang tšebeletso ea rona ho Molimo. Banyalani ba bang e leng Mor’abo rona Kent le Morali’abo rona Veronica ba ile ba bona hore taba eo ke ’nete. Mor’abo rona Kent o re: “Ba malapa le metsoalle ea rona ba re khothallelitse hore re leke litsela tse ncha tseo re ka sebeletsang Jehova ka tsona. Re hlokometse hore ho qeta nako le batho ba batlang ’Muso pele bophelong ba bona, ho re thusitse hore re se ke ra tšaba ho leka mekhoa e mecha ea ho sebeletsa Jehova.” Hona joale Mor’abo rona Kent le Morali’abo rona Veronica ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba khethehileng Serbia.

16. Joalokaha papiso ea Jesu e ho Luka 12:​16-21 e bontša, ke hobane’ng ha re lokela ho ikemisetsa ho tela lintho tse itseng?

16 Tela lintho tse itseng bakeng sa Jehova. Ha se hore re lokela ho tela lintho tsohle tseo re li ratang e le hore re khahlise Jehova. (Moek. 5:​19, 20) Leha ho le joalo, haeba re khetha hore re se ke ra sebeletsa Molimo haholoanyane hobane re sa batle ho tela lintho tse itseng tseo re li ratang, re tla be re etsa phoso e tšoanang le ea monna eo Jesu a buileng ka eena papisong ea hae ea ileng a sebetsa ka thata hore a be le lintho tse ngata tse ntle empa a se na taba le Molimo. (Bala Luka 12:​16-21.) Mor’abo rona Christian ea lulang Fora o re: “Ke ne ke sa fe Jehova le lelapa la ka matla a ka ’ohle le nako ea ka.” Eena le mosali oa hae ba ile ba etsa qeto ea hore e be bo-pula-maliboho. Empa ba ile ba lokela ho tlohela mesebetsi ea bona e le hore e be bo-pula-maliboho. E le hore ba iphelise, ba ile ba qala khoebo e nyane ea ho hloekisa ’me ba khotsofalletse chelete e nyane eo ba e fumanang. Na baa ikoahlaea ka qeto eo ba e entseng? Mor’abo rona Christian o re: “Re thabela tšimo ho feta neng kapa neng le ho bona batho bao re ithutang Bibele le bona ba ithuta ka Jehova.”

17. Ke’ng e ka etsang hore re be leqe ho leka tsela e ncha ea ho bolela molaetsa oa Bibele?

17 Ikemisetse ho leka mekhoa e mecha ea ho sebeletsa Jehova. (Lik. 17:​16, 17; 20:​20, 21) Morali’abo rona Shirley eo e leng pula-maliboho Amerika o ile a tlameha ho fetola tsela eo a bolela’ng molaetsa oa Bibele ka eona nakong ea seoa sa Corona. Qalong o ne a le leqe ho paka ka founu. Leha ho le joalo, ka mor’a hore molebeli oa potoloho a ba koetlise, o ile a qala ho bolela molaetsa oa Bibele a sebelisa mokhoa ona kamehla. O re: “Qalong ke ne ke tšaba ho sebelisa mokhoa ona empa hona joale ke se ke thabela ho o sebelisa kamehla. Re khona ho fumana batho ba bangata ho feta bao re neng re ba fumana ha re ne re e-ea ka ntlo le ntlo.”

18. Re ka sitisoa ke’ng haeba re e-na le mathata a re sitisang ho eketsa tšebeletso ea rona?

18 E-ba le ntho eo u batlang ho e etsa ’me u leke ho e finyella. Ha re e-na le mathata, re rapela Jehova hore a re thuse ebe re sebelisa matla a rona a ho nahana ho bona hore na re ka sebetsana le ’ona joang. (Liprov. 3:​21) Morali’abo rona Sonia ea sebeletsang e le pula-maliboho ea kamehla sehlopheng se buang Seromani Europe o re: “Ke rata ho ngola lintho tseo ke batlang ho li finyella pampiring ebe ke e beha moo nka e bonang teng. Tafoleng ea ka ke na le setšoantšo se nang le litsela tse peli tse eang ng’a tse fapaneng. Ha ke tlameha ho etsa qeto, ke sheba litsela tseo tse peli ebe kea ipotsa hore na qeto eo ke batlang ho e etsa e tla nthusa hore ke finyelle ntho eo ke batlang ho e finyella kapa che.” Morali’abo rona Sonia o leka hore mathata a hae a se ke a mo nyahamisa. O re: “Ke lokela ho khetha hore na ke tla sheba boemo bofe kapa bofe boo ke bang le bona e le lebota le nthibelang ho finyella ntho eo ke batlang ho e finyella kapa e le borokho bo nthusang hore ke e finyelle.”

19. Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?

19 Jehova o re hlohonolofatsa ka litsela tse ngata. Re ka bontša hore re ananela lintho tseo a re etsetsang tsona ka ho etsa kahohle kamoo re ka khonang ho mo rorisa. (Baheb. 13:​15) Re ka etsa joalo ka ho batla litsela tse ncha tseo re ka eketsang tšebeletso ea rona ka tsona ’me Jehova o tla re hlohonolofatsa ka ho eketsehileng. Letsatsi le letsatsi a re batleng litsela tseo re ka “latsoang ’me [re] bone hore Jehova o molemo.” Ha re etsa joalo, re tla tšoana le Jesu ea ileng a re: “Lijo tsa ka ke hore ke etse thato ea ea nthomileng le hore ke qete mosebetsi oa hae.”​—Joh. 4:34.

PINA EA 80 “Latsoang ’Me le Bone Hore Jehova o Molemo”

^ ser. 5 Jehova ke Mohloli oa lintho tsohle tse molemo. O fa batho bohle lintho tse ntle ho akarelletsa le ba khopo. Empa ka ho khetheha o rata ho etsetsa bahlanka ba hae ba tšepahalang lintho tse ntle. Sehloohong sena, re tl’o bona kamoo Jehova a fang bahlanka ba hae lintho tse molemo kateng. Re tla boela re bone kamoo Jehova a fang batho ba eketsang tšebeletso ea bona lintho tse molemo ka tsela e ikhethang kateng.

^ ser. 7 Mabitso a mang a fetotsoe.

^ ser. 14 Lihlooho tsena tse neng li hlaha ho Molula-Qhooa hona joale li se li hlaha ho jw.org. E-ea ho MABAPI LE RONA > LIPALE.