Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 34

O ka ‘Latswa’ Molemo wa Jehova Jwang?

O ka ‘Latswa’ Molemo wa Jehova Jwang?

“Latswang mme le bone hore Jehova o molemo; Ho thaba monna ya shahlileng ya tshabelang ho yena.”​—PES. 34:8.

PINA YA 117 Jehova o Molemo

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1, 2. Ho ya ka Pesaleme ya 34:8 re lokela ho etsang e le hore re bone hore Jehova o molemo?

A RE re motho o o fa dijo tseo o eso ka o di ja ho hang. Mohlomong o ka tseba hore na di jwang ka ho di sheba, ho utlwa monko wa tsona, ho tseba hore na di phehilwe jwang kapa ka ho botsa batho ba bang hore na ba a di rata kapa tjhe. Le ha ho le jwalo, tsela feela eo o ka tsebang hore o a di rata ke ka hore o di latswe.

2 Re ka ithuta hore Jehova o molemo ka ho bala Bibele le dingolwa tsa rona ha mmoho le ho utlwa batho ba bang ba bua ka moo a ba hlohonolofaditseng ka teng. Le ha ho le jwalo e le hore re utlwisise ka moo Jehova a leng molemo ka teng, re lokela ho ‘latswa’ molemo wa hae ka borona. (Bala Pesaleme ya 34:8.) A re boneng hore na re ka etsa jwalo jwang. A re re re batla ho sebeletsa Jehova ka nako e tletseng empa re a hlokomela hore re lokela ho fokotsa dintho tse itseng bophelong. Mohlomong re badile tshepiso ya Jesu ka makgetlo, e reng haeba re beha Mmuso pele Jehova o tla re ekelletsa dintho tseo re di hlokang empa ha re eso bone tshepiso eo e phethahala bophelong ba rona. (Mat. 6:​33) Le ha ho le jwalo, ka ha re tshepa tshepiso eo ya Jesu re sebedisa tjhelete hantle, re fokotsa nako eo re sebetsang ka yona mme re qeta nako e ngata mosebetsing wa boboledi. Ha re etsa jwalo, re tla bona hore Jehova o re hlokomela e le ka nnete mme re tla ‘latswa’ molemo wa hae.

3. Ho ya ka Pesaleme ya 16:​1, 2 Jehova o molemo ho batho bafe?

3 Jehova o “molemo ho bohle” ho akarelletsa le ho batho ba sa mo tsebeng. (Pes. 145:9; Mat. 5:​45) Le ha ho le jwalo, ka ho kgetheha Jehova o etsetsa batho ba mo ratang le ba mo sebeletsang ka moya wohle dintho tse ngata tse ntle. (Bala Pesaleme ya 16:​1, 2.) A re bueng ka dintho tse ding tse ntle tseo Jehova a re etseditseng tsona.

4. Jehova o bontsha batho ba batlang ho ba metswalle ya hae jwang hore o molemo?

4 Ka mehla ha re sebedisa dintho tseo re ithutileng tsona ho Jehova re bona ka moo di re thusang ka teng. Ka mohlala, ha re ne re ithuta ka yena mme re qala ho mo rata, o ile a re thusa hore re kgaotse ho nahana le ho etsa dintho tseo a sa di rateng. (Bakol. 1:​21) Hape ha re ne re inehela ho Jehova mme re kolobetswa, re ile ra bona hore o molemo haholo ha a ne a re thusa hore re be le letswalo le se nang molato le hore re be metswalle ya hae.​—1 Pet. 3:21.

5. Re kgona ho bona hore Jehova o molemo jwang ha re etsa mosebetsi wa boboledi?

5 Re boetse re kgona ho bona hore Jehova o molemo ha re etsa mosebetsi wa boboledi. Na o motho ya dihlong? Bahlanka ba bangata ba Jehova ba dihlong. Mohlomong pele o eba e mong wa bahlanka ba Jehova, o ne o sa nahana hore ka le leng o ka ya ntlong ya motho eo o sa mo tsebeng mme o mo bolelle molaetsa wa Bibele. Empa hona jwale o se o etsa mosebetsi oo ka mehla mme Jehova o o thusitse hore o o thabele. Jehova o o thusitse ka ditsela tse ding tse ngata. O o thusitse hore o kgobe matshwafo ha o kopana le motho ya o hanyetsang tshimong. Hape o o thusitse hore o hopole lengolo le nepahetseng leo o ka le ballang motho ya thabelang molaetsa wa Bibele. Jehova o boetse o o file matla a hore o tswele pele o bolela molaetsa wa Bibele esita le ha batho ba sa batle ho o mamela.​—Jer. 20:​7-9.

6. Tsela eo Jehova a re kwetlisang ka yona e bontsha jwang hore o molemo?

6 Jehova o boetse o re bontshitse hore o molemo ka hore a re kwetlisetse ho etsa mosebetsi wa boboledi. (Joh. 6:​45) Dibokeng tsa hara beke, re fumana mehlala ya seo re ka se buang le batho tshimong mme re kgothalletswa ho sebedisa mehlala eo. Qalong re ka nna ra ikutlwa re tshaba ho bolela molaetsa wa Bibele re sebedisa mekgwa e metjha empa ha re se re e leka re ka bona hore e a atleha. Ha re le dibokeng le dikopanong re kgothalletswa hore re leke ditsela tse ntjha tsa ho bolela molaetsa wa Bibele tseo re sa di tlwaelang. Re ka nna ra tshoha ha re nahana ho sebedisa mekgwa eo empa ha re e leka Jehova o tla re hlohonolofatsa. Hona jwale re tla bua ka ditlhohonolofatso tse ding tseo Jehova a tla re fa tsona ha re leka ditsela tse ntjha tsa ho mo sebeletsa ka hohle ka moo re ka kgonang ho sa tsotellehe hore na maemo a rona ke afe. Ka mora moo, re tla bua ka hore na re ka etsang e le hore re sebeletse Jehova ka ho eketsehileng.

JEHOVA O HLOHONOLOFATSA BATHO BA MO TSHEPANG

7. Re fumana ditlhohonolofatso dife ha re leka ho sebeletsa Jehova haholwanyane?

7 Re ba metswalle ya Jehova e haufiufi. Nahana ka mohlala wa morabo rona Samuel * ya sebeletsang e le moholo Colombia le mosadi wa hae. Banyalani bana e ne e le bopulamadiboho phuthehong ya habo bona empa ba ne ba batla ho sebeletsa Jehova haholwanyane ka ho thusa phutheho e nngwe e hlokang thuso. E le hore ba etse jwalo, ho ne ho ena le dintho tseo ba neng ba lokela ho di tela. Morabo rona Samuel o re: “Re ile ra mamela Matheu 6:​33 yaba re kgaotsa ho reka dintho tseo re neng re sa di hloke. Empa ntho e thata ka ho fetisisa e ne e le ho tloha ntlong ya rona. E ne e hahilwe ka tsela eo re e batlang ebile re ne re sa e kolote.” Ha banyalani bana ba ya phuthehong eo e ntjha, ba ile ba hlokomela hore ba kgona ho phela ka tjhelete e nyane ho feta e ngata eo ba neng ba e fumana pele. Morabo rona Samuel o re: “Re bone hore Jehova o a re tataisa ebile o araba dithapelo tsa rona. Re kgona ho bona hore re thabisa Jehova le hore o a re rata ka tsela eo re qalang ho e bona.” Na o ka kgona ho sebeletsa Jehova haholwanyane ka tsela e itseng? Haeba ho jwalo, o ka kgodiseha hore o tla ba motswalle wa hae mme o tla o hlokomela.​—Pes. 18:25.

8. O ithutileng ho morabo rona Ivan le moradiwabo rona Viktoria?

8 Re fumana thabo tshebeletsong ya rona. Utlwa hore na morabo rona Ivan le moradiwabo rona Viktoria e leng banyalani ba sebeletsang e le bopulamadiboho Kyrgyzstan ba reng. Ba ile ba etsa qeto ya hore ba se ke ba eba le dintho tse ngata e le hore ba ka kgona ho ithaopela ho etsa mosebetsi le ha e le ofe ho akarelletsa le ho thusa kahong. Morabo rona Ivan o re: “Re ne re sebetsa ka thata mosebetsing o mong le o mong oo re neng re o fuwa. Le hoja re ne re ikutlwa re kgathetse ha letsatsi le dikela, re ne re thabiswa ke ho tseba hore re sebedisitse matla a rona kaofela mosebetsing wa Jehova. Hape re ne re thabiswa ke ho ba le metswalle e mengata e metjha le ho ba le dinako tse monate le yona.”​—Mar. 10:​29, 30.

9. Moradiwabo rona e mong ya kulang o entse eng hore a sebeletse Jehova haholwanyane, hona o ile a fumana molemo ofe?

9 Re a thaba ha re sebeletsa Jehova le hoja re eba le mathata. Ka mohlala, moradiwabo rona Mirreh wa mohlolohadi ya seng a hodile ya dulang Bophirimela ba Afrika e ne e le ngaka mme o ile a tlohela mosebetsi oo e le hore e be pulamadiboho. Moradiwabo rona Mirreh o na le lefu la masapo le manonyeletso mme o kgona ho sebetsa hora feela mosebetsing wa ntlo le ntlo. Le ha ho le jwalo, o kgona ho qeta nako e ngata a etsa mosebetsi wa phatlalatsa. O na le dipoelo tse ngata le batho ba bangata bao a ithutang Bibele le bona mme o bala le ba bang ba bona ka founu. Ke eng e susumelleditseng moradiwabo rona Mirreh hore a sebeletse Jehova haholwanyane? O re: “Ke rata Jehova le Kreste Jesu haholo. Hape ke dula ke kopa Jehova hore a nthuse hore ke mo sebeletse ka hohle ka moo nka kgonang ka teng.”​—Mat. 22:​36, 37.

10. Jwalo ka ha 1 Petrose 5:​10 e bontsha, ke eng eo Jehova a tla e fa batho ba mo sebeletsang haholwanyane?

10 Jehova o re kwetlisa ka ho eketsehileng. Morabo rona Kenny eo e leng pulamadiboho Mauritius o bone bonnete ba taba ena. Ha a ntse a ithuta Bibele o ile a tlohela yunivesithi, a kolobetswa yaba o kenela tshebeletso ya nako e tletseng. O re: “Ke leka ho etsisa moprofeta Esaia ya ileng a re: ‘Ke nna enwa! Roma nna.’ ” (Esa. 6:8) Morabo rona Kenny o sebeditse kahong ebile o thusitse ho fetolela dingolwa tse thehilweng Bibeleng ka puo eo a e antseng. O re: Ke fumane kwetliso e nthusitseng hore ke tsebe dintho tseo ke neng ke hloka ho di tseba e le hore ke etse mesebetsi eo ke e fuweng. Le ha ho le jwalo, morabo rona ha a ka a ithuta ho etsa mosebetsi feela. O boetse o re: “Ke ile ka ithuta hore ho na le dintho tseo ke sa kgoneng ho di etsa le hore ho na le makgabane ao ke hlokang ho ba le ona e le hore ke be mohlanka wa Jehova ya mo thabisang.” (Bala 1 Petrose 5:​10.) Mohlomong le wena o ka etsa diphetoho bophelong ba hao e le hore Jehova a o kwetlise ka ho eketsehileng.

Banyalani ba sebetsa tshimong eo ho nang le tlhoko ya bahweletsi; moradiwabo rona e motjha o kahong ya Holo ya Mmuso; banyalani ba hodileng ba paka ka founu. Batho bana ba thabiswa ke mosebetsi wa bona (See paragraph 11)

11. Baradibabo rona ba South Korea ba ile ba etsang e le hore ba etse mosebetsi wa boboledi, hona ba se ba kgona ho etsang? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

11 Bakreste ba nang le boiphihlelo le bona ba hloka ho kwetliswa ha ba leka mokgwa o motjha wa tshebeletso. Nakong ya sewa sa Corona, baholo ba phutheho ya South Korea ba ile ba re: “Batho ba bang ka phuthehong ba neng ba nahana hore ba ke ke ba kgona ho etsa mosebetsi wa boboledi hobane ba kula hona jwale ba se ba o etsa ba sebedisa marangrang. Baradibabo rona ba bararo ba ka bang dilemo di 80 ba ithutile ho sebedisa khompiyutha mme hona jwale ba etsa mosebetsi wa boboledi hoo e ka bang letsatsi le leng le le leng.” (Pes. 92:​14, 15) Na o ka rata ho eketsa tshebeletso ya hao e le hore o latswe molemo wa Jehova haholwanyane? Nahana ka dintho tse ding tseo o ka di etsang e le hore o kgone ho etsa jwalo.

O KA ETSANG E LE HORE O SEBELETSE JEHOVA HAHOLWANYANE?

12. Ke eng eo Jehova a e tshepisang batho ba mo tshepang?

12 Ithute ho tshepa Jehova. O re tshepisa hore o tla re hlohonolofatsa ha re mo tshepa mme re mo sebeletsa ka hohle ka moo re ka kgonang ka teng. (Mal. 3:​10) Moradiwabo rona Fabiola ya dulang Colombia o ile a bona ha Jehova a phethahatsa tshepiso ena bophelong ba hae. O ne a batla ho ba pulamadiboho ya ka mehla hang feela ha a qeta ho kolobetswa. Le ha ho le jwalo, o ne a lokela ho sebetsa e le hore a hlokomele monna wa hae le bana ba bona ba bararo. Ka hoo, ha nako ya hore a behe meja fatshe e se e fihlile o ile a rapela Jehova haholo hore a mo thuse. O re: “Hangata batho ba ema nako e telele pele ba fumana tjhelete ya bona ya penshene empa nna ke ile ka qala ho e fumana ka mora kgwedi feela. E ne eka ke a lora!” Dikgwedi tse pedi ka mora moo o ile a qala ho ba pulamadiboho. Hona jwale o dilemo di ka bang 70 mme e se e le dilemo tse fetang 20 e le pulamadiboho. Nakong ena yohle, o se a thusitse batho ba robedi hore ba kolobetswe. O re: “Le hoja ka dinako tse ding ke ikutlwa ke se na matla, Jehova o nthusitse letsatsi le letsatsi hore ke dule ke le pulamadiboho.”

Abrahama, Sara, Jakobo le baprista ba ileng ba tshela Noka ya Jordane ba ile ba bontsha jwang hore ba tshepa Jehova? (Sheba serapa sa 13)

13, 14. Ke mehlala efe e ka re thusang hore re tshepe Jehova le hore re eketse tshebeletso ya rona?

13 Ithute mehlaleng ya batho ba ileng ba tshepa Jehova. Bibele e na le mehlala e mengata ya batho ba ileng ba sebetsa ka thata tshebeletsong ya Jehova. Maemong a mangata, bahlanka bao ba Jehova ba ne ba lokela ho etsa boiteko pele Jehova a ba hlohonolofatsa ka tsela e kgethehileng. Ka mohlala, Abrahama o ne a lokela ho tloha ha hae “le hoja a ne a sa tsebe moo a neng a eya teng” e le hore Jehova a mo hlohonolofatse. (Baheb. 11:8) Jakobo yena o ile a lwana le lengeloi e le hore Jehova a mo hlohonolofatse ka tsela e kgethehileng. (Gen. 32:​24-30) Nakong eo setjhaba sa Iseraele se neng se le haufi le ho kena Naheng e Tshepisitsweng, baprista ba ne ba lokela ho kena ka maoto moeding wa Noka ya Jordane pele batho ba ka kgona ho tshela.​—Josh. 3:​14-16.

14 O ka boela wa ithuta mehlaleng ya Dipaki tse ileng tsa tshepa Jehova mehleng ena mme tsa sebeletsa Jehova ka ho eketsehileng. Ka mohlala, morabo rona Payton le mosadi wa hae Diana ba ne ba rata ho bala dihlooho tsa “Ba ile ba Itlhahisa ka ho Rata” * tse buang ka bara le baradibabo rona ba ileng ba eketsa tshebeletso ya bona ho Jehova. Morabo rona Payton o re: “Ha re ne re bala dipale tsa bona, re ne re utlwa eka re shebelletse motho ya jang dijo tse monate. Ha re ntse re bala dihlooho tseo, le rona re ne re batla ho ‘latswa mme re bone hore Jehova o molemo.’” Qetellong morabo rona Payton le mosadi wa hae ba ile ba ilo sebeletsa moo ho hlokwang bahweletsi ba eketsehileng. Na o kile wa bala dihlooho tsee? Kapa wa shebella video ya Ho Paka Tshimong e ka Thoko​—Australia le ya Ho Paka Dibakeng Tse ka Thoko​—Ireland tse ho jw.org? Divideo tsena di ka o thusa ho bona hore na o ka eketsa tshebeletso ya hao jwang.

15. Metswalle e nepahetseng e ka re thusa jwang?

15 Kgetha metswalle e nepahetseng. Hangata ho ba bonolo hore re je dijo tseo re qalang ho di ja haeba re di ja le batho ba di thabelang. Ka ho tshwanang, haeba re qeta nako le batho bao Jehova a tlang pele bophelong ba bona, ho tla ba bonolo hore re batle ditsela tseo re ka eketsang tshebeletso ya rona ho Modimo. Banyalani ba bang e leng morabo rona Kent le moradiwabo rona Veronica ba ile ba bona hore taba eo ke nnete. Morabo rona Kent o re: “Ba malapa le metswalle ya rona ba re kgothalleditse hore re leke ditsela tse ntjha tseo re ka sebeletsang Jehova ka tsona. Re hlokometse hore ho qeta nako le batho ba batlang Mmuso pele bophelong ba bona ho re thusitse hore re se ke ra tshaba ho leka mekgwa e metjha ya ho sebeletsa Jehova.” Hona jwale morabo rona Kent le moradiwabo rona Veronica ba sebeletsa e le bopulamadiboho ba kgethehileng Serbia.

16. Jwalo ka ha papiso ya Jesu e ho Luka 12:​16-21 e bontsha, ke hobaneng ha re lokela ho ikemisetsa ho tela dintho tse itseng?

16 Tela dintho tse itseng bakeng sa Jehova. Ha se hore re lokela ho tela dintho tsohle tseo re di ratang e le hore re kgahlise Jehova. (Moek. 5:​19, 20) Le ha ho le jwalo, haeba re kgetha hore re se ke ra sebeletsa Modimo haholwanyane hobane re sa batle ho tela dintho tse itseng tseo re di ratang, re tla be re etsa phoso e tshwanang le ya monna eo Jesu a buileng ka yena papisong ya hae ya ileng a sebetsa ka thata hore a be le dintho tse ngata tse ntle empa a se na taba le Modimo. (Bala Luka 12:​16-21.) Morabo rona Christian ya dulang Fora o re: “Ke ne ke sa fe Jehova le lelapa la ka matla a ka ohle le nako ya ka.” Yena le mosadi wa hae ba ile ba etsa qeto ya hore e be bopulamadiboho. Empa ba ile ba lokela ho tlohela mesebetsi ya bona e le hore e be bopulamadiboho. E le hore ba iphedise, ba ile ba qala kgwebo e nyane ya ho hlwekisa mme ba kgotsofalletse tjhelete e nyane eo ba e fumanang. Na ba a ikwahlaya ka qeto eo ba e entseng? Morabo rona Christian o re: “Re thabela tshimo ho feta neng kapa neng le ho bona batho bao re ithutang Bibele le bona ba ithuta ka Jehova.”

17. Ke eng e ka etsang hore re be leqe ho leka tsela e ntjha ya ho bolela molaetsa wa Bibele?

17 Ikemisetse ho leka mekgwa e metjha ya ho sebeletsa Jehova. (Lik. 17:​16, 17; 20:​20, 21) Moradiwabo rona Shirley eo e leng pulamadiboho Amerika o ile a tlameha ho fetola tsela eo a bolelang molaetsa wa Bibele ka yona nakong ya sewa sa Corona. Qalong o ne a le leqe ho paka ka founu. Le ha ho le jwalo, ka mora hore molebedi wa potoloho a ba kwetlise, o ile a qala ho bolela molaetsa wa Bibele a sebedisa mokgwa ona ka mehla. O re: “Qalong ke ne ke tshaba ho sebedisa mokgwa ona empa hona jwale ke se ke thabela ho o sebedisa ka mehla. Re kgona ho fumana batho ba bangata ho feta bao re neng re ba fumana ha re ne re eya ka ntlo le ntlo.”

18. Re ka sitiswa ke eng haeba re ena le mathata a re sitisang ho eketsa tshebeletso ya rona?

18 Eba le ntho eo o batlang ho e etsa mme o leke ho e finyella. Ha re ena le mathata re rapela Jehova hore a re thuse ebe re sebedisa matla a rona a ho nahana ho bona hore na re ka sebetsana le ona jwang. (Liprov. 3:​21) Moradiwabo rona Sonia ya sebeletsang e le pulamadiboho ya ka mehla sehlopheng se buang Seromani Europe o re: “Ke rata ho ngola dintho tseo ke batlang ho di finyella pampiring ebe ke e beha moo nka e bonang teng. Tafoleng ya ka ke na le setshwantsho se nang le ditsela tse pedi tse yang nqa tse fapaneng. Ha ke tlameha ho etsa qeto, ke sheba ditsela tseo tse pedi ebe ke a ipotsa hore na qeto eo ke batlang ho e etsa e tla nthusa hore ke finyelle ntho eo ke batlang ho e finyella kapa tjhe.” Moradiwabo rona Sonia o leka hore mathata a hae a se ke a mo nyahamisa. O re: “Ke lokela ho kgetha hore na ke tla sheba boemo bofe kapa bofe boo ke bang le bona e le lebota le nthibelang ho finyella ntho eo ke batlang ho e finyella kapa e le borokgo bo nthusang hore ke e finyelle.”

19. Re lokela ho ikemisetsa ho etsang?

19 Jehova o re hlohonolofatsa ka ditsela tse ngata. Re ka bontsha hore re ananela dintho tseo a re etsetsang tsona ka ho etsa ka hohle ka moo re ka kgonang ho mo rorisa. (Baheb. 13:​15) Re ka etsa jwalo ka ho batla ditsela tse ntjha tseo re ka eketsang tshebeletso ya rona ka tsona mme Jehova o tla re hlohonolofatsa ka ho eketsehileng. Letsatsi le letsatsi a re batleng ditsela tseo re ka “latswang mme [re] bone hore Jehova o molemo.” Ha re etsa jwalo, re tla tshwana le Jesu ya ileng a re: “Dijo tsa ka ke hore ke etse thato ya ya nthomileng le hore ke qete mosebetsi wa hae.”​—Joh. 4:34.

PINA YA 80 “Latswang Mme le Bone Hore Jehova o Molemo”

^ par. 5 Jehova ke Mohlodi wa dintho tsohle tse molemo. O fa batho bohle dintho tse ntle ho akarelletsa le ba kgopo. Empa ka ho kgetheha o rata ho etsetsa bahlanka ba hae ba tshepahalang dintho tse ntle. Sehloohong sena, re tlo bona ka moo Jehova a fang bahlanka ba hae dintho tse molemo ka teng. Re tla boela re bone ka moo Jehova a fang batho ba eketsang tshebeletso ya bona dintho tse molemo ka tsela e ikgethang ka teng.

^ par. 7 Mabitso a mang a fetotswe.

^ par. 14 Dihlooho tsena tse neng di hlaha ho Tora ya ho Lebela hona jwale di se di hlaha ho jw.org. Eya ho MABAPI LE RONA > DINTHO TSE ETSWANG KE DIPAKI TSA JEHOVA > HO EKETSA NAKO YA RONA TSHEBELETSONG YA JEHOVA.