Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 35

Nka Bara le Baradibabo Rona ba Hodileng e le ba Bohlokwa

Nka Bara le Baradibabo Rona ba Hodileng e le ba Bohlokwa

“Hlooho e putswa ke moqhaka wa botle.”​—LIPROV. 16:31.

PINA YA 138 Botle ba ho ba Hlooho Putswa

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1, 2. (a) Ho ya ka Liproverbia 16:​31, re lokela ho nka batho ba seng ba hodile jwang? (b) Re tlo araba dipotso dife sehloohong see?

PHAKENG e Arkansas, U.S.A., ho na le ditaemane. Le ha ho le jwalo, ditaemane tseo di hohle feela mobung ebile ha di eso hlwekiswe. Ka hoo, batho ba bangata ba di bonang ba ka nna ba se hlokomele hore ke majwe a bohlokwa mme ba ka nna ba se be le taba le ona.

2 Ka ditsela tse itseng, bara le baradibabo rona ba seng ba hodile ba tshwana le ditaemane tseo, ke matlotlo a bohlokwa. Lentswe la Modimo le tshwantsha moriri o moputswa le moqhaka. (Bala Liproverbia 16:​31; 20:​29) Le ha ho le jwalo, ho ka ba bonolo ho hlokomoloha matlotlo ana. Haeba batjha ba utlwisisa hore batho ba baholo ba bohlokwa, ba tla fumana ho molemo ho feta maruo. Sehloohong sena re tlo araba dipotso tse tharo: Ke hobaneng ha Jehova a nka batho ba hodileng e le ba bohlokwa? Ke hobaneng ha e le batho ba bohlokwa mokgatlong wa Jehova? Re ka etsang hore re ithute mohlaleng wa bona?

KE HOBANENG HA JEHOVA A NKA BATHO BA HODILENG E LE BA BOHLOKWA?

Batho ba hodileng ke ba bohlokwa ho Jehova Modimo le ho batho ba hae (Sheba serapa sa 3)

3. Ho ya ka Pesaleme ya 92:​12-15, ke hobaneng ha ba hodileng e le ba bohlokwa ho Jehova?

3 Jehova Modimo o nka batho ba hodileng e le ba bohlokwa. O a tseba hore na ke batho ba jwang ebile o ananela makgabane a bona. O a thaba ha a bona ba hodileng ba fa batjha bohlale boo ba ileng ba bo fumana ka dilemo tse ngata tseo ba di qetileng ba sebeletsa Jehova. (Jobo 12:​12; Liprov. 1:​1-4) Hape Jehova o a ba ananela hobane ba mamelletse. (Mal. 3:​16) Ba ile ba eba le mathata bophelong ba bona empa ba ile ba dula ba ntse ba tshepa Jehova. Ba na le tshepo e matla ka bokamoso ho feta ha ba ne ba qala ho ithuta ka Modimo. Jehova o a ba rata hobane ba ntse ba tswela pele ho ruta ka lebitso la hae esita le “nakong ya bohlooho putswa.”​—Bala Pesaleme ya 92:​12-15.

4. Ke eng e ka kgothatsang bara le baradibabo rona ba seng ba hodile?

4 Haeba o ntse o hola, kgodiseha hore Jehova o hopola mosebetsi oo o ileng wa o etsa nakong e fetileng. (Baheb. 6:​10) Ka mafolofolo o ile wa tshehetsa mosebetsi wa ho ruta batho Bibele mme o ile wa thabisa Ntate wa rona. O ile wa mamella mathata esita le a neng a o utlwisa bohloko haholo. O ile wa mamela le ho sireletsa melao ya Jehova e lokileng, wa phetha mesebetsi ya bohlokwa ka mokgatlong wa Jehova mme wa kwetlisa le ba bang. O ile wa etsa ka hohle ka moo o ka kgonang ho tsamaya le mokgatlo wa Jehova ha o ntse o etsa diphetoho. O ile wa tshehetsa le ho kgothatsa ba tshebeletsong ya nako e tletseng. Jehova Modimo o o rata haholo hobane o a tshepahala. O tshepisa hore “a ke ke a tlohela ba tshepahalang ba hae.” (Pes. 37:​28) Jehova o fana ka tshepiso ena e reng: “Ho isa bohloohoputsweng ba motho ke tla nne ke mamelle.” (Esa. 46:4) Ka hoo o se ke wa nahana hore ka ha o se o hodile, ha o sa le motho wa bohlokwa mokgatlong wa Jehova. O motho wa bohlokwa haholo.

BATHO BA HODILENG KE BA BOHLOKWA KA MOKGATLONG WA MODIMO

5. Ke taba efe eo batho ba hodileng ba lokelang ho dula ba e hopola?

5 Ho na le ho hongata hoo batho ba hodileng ba ka ho etsang ka mokgatlong wa Jehova. Le hoja ba ka nna ba se be le matla jwalo ka pele ba na le boiphihlelo bo bongata boo ba ileng ba bo fumana ka dilemo tsa ngata. Jehova a ka tswela pele ho ba sebedisa ka ditsela tse ngata jwalo ka ha re tla bona mehlaleng ya batho ba mehleng ya pele le ba hona jwale.

6, 7. Fana ka mehlala ya batho ba hodileng ba hlahang ka Bibeleng bao Jehova a ileng a ba hlohonolofatsa ka lebaka la ho mo sebeletsa ka botshepehi.

6 Ho na le mehlala e metle ka Bibeleng ya batho ba ileng ba tswela pele ho sebeletsa Jehova le ha ba se ba hodile. Ka mohlala, Moshe o ne a le dilemo tse ka bang 80 ha a ne a qala ho sebeletsa e le moprofeta le moemedi wa Jehova ho setjhaba sa Iseraele. Jehova o ile a tswela pele a sebedisa Daniele e le moprofeta ha a ne a le dilemo tse ka bang tse ka hodimo ho 90. Moapostola Johanne e ka nna yaba o ne a le dilemo tse ka bang 90 ha a ne a budulelwa hore a ngole buka ya Tšenolo.

7 Bahlanka ba bangata ba tshepahalang ba ne ba sa tsebahale ebile ho ne ho ka nna ha eba bonolo hore ba se ke ba elwa hloko. Le ha ho le jwalo, Jehova o ile a ba ela hloko a ba a ba putsa ka lebaka la ho tshepahala ha bona. Ka mohlala, Bibele ha e bue haholo ka monna ya neng “a lokile mme a ena le tlhompho ya borapedi” e leng Simeone, empa Jehova o ne a mo tseba hore na ke mang mme o ile a mo fa tlotla ya ho bona Jesu ha e sa le lesea le ho profeta ka yena le mme wa hae. (Luka 2:​22, 25-35) Nahana hape ka mohlala wa moprofeta Anna eo e leng mohlolohadi. O ne a le dilemo di 84 empa ho ne ho se “mohla a neng a sa hlokwe tempeleng.” Jehova o ile a mo hlohonolofatsa ka ha o ne a dula a e ya tempeleng ka hore le yena a bone Jesu ha e sa le lesea. Simeone le Anna e ne e le batho ba bohlokwa ho Jehova.​—Luka 2:​36-38.

Moradiwabo rona Didur eo hona jwale a nang le dilemo tse ka hodimo ho 80 o ntse a tswela pele ho sebeletsa Jehova ka botshepehi (Sheba serapa sa 8)

8, 9. Bahlolohadi ba ntse ba tswela pele ho etsang ka mokgatlong wa Jehova?

8 Mehleng ena ho na le ba hodileng bao e leng mehlala e metle bakeng sa batjha. Nahana ka mohlala wa Moradiwabo rona Lois Didur. O ne a le dilemo di 21 ha a ne a qala ho ba pulamadiboho e kgethehileng Canada. Ka mora moo, yena le mohatsae John ba ile ba qeta nako e ngata ba le mosebetsing wa potoloho. Ha morao ba ile ba sebeletsa Bethele e Canada ka dilemo tse fetang 20. Ha moradiwabo rona Lois a ne a ena le dilemo di 58, yena le morabo rona John ba ile ba kopuwa hore ba ilo sebeletsa Ukraine. Ba ne ba tla etsang? Na ba ne ba tla nahana hore ba se ba le baholo haholo hore ba ka sebeletsa naheng e nngwe? Ba ile ba dumela ho ya Ukraine mme morabo rona John o ile a kgethwa hore e be setho sa Komiti ya Lekala. Ka mora dilemo tse supileng morabo rona John a se a hlokahetse, moradiwabo rona Lois o ile a etsa qeto ya ho tswela pele a ntse a sebeletsa Bethele. Hona jwale moradiwabo rona Lois o se a le dilemo di 81, o ntse a tswela pele ho sebeletsa Jehova ka botshepehi Bethele e Ukraine mme ditho tsa lelapa la Bethele di mo rata haholo.

9 Bahlolohadi ba kang Moradiwabo rona Lois ba ka nna ba se elwe hloko hakaalo jwalo ka ha ba ne ba elwa hloko ha banna ba bona ba ntse ba phela empa e ntse e le batho ba bohlokwa. Jehova o rata baradibabo rona haholo ba ileng ba tshehetsa banna ba bona ka dilemo tse ngata mme le hona jwale ba ntse ba tswela pele ba mo sebeletsa ka botshepehi. (1 Tim. 5:3) Ba boetse ba kgothatsa batjha haholo.

10. Morabo rona Tony o behile mohlala ofe o motle?

10 Bara le baradibabo rona ba hodileng ba dulang mahaeng a maqheku le bona e ntse e le ba bohlokwa. Ka mohlala, morabo rona Tony le yena o dula lehaeng leo. O ile a kolobetswa ha a le dilemo di 20 Pennsylvania, U.S.A., ka August 1942. Hang ka mora hore a kolobetswe ho ile ha thwe a kenele sesole. Ka ha o ile a hana o ile a ahlolelwa hore a qete dilemo tse pedi le dikgwedi tse tsheletseng teronkong. Yena le mosadi wa hae Hilda ba hodiseditse bana ba bona ba babedi ka phuthehong. Ka dilemo tse ngata, morabo rona Tony o sebeleditse diphuthehong tse tharo e le molebedi ya okamelang (eo hona jwale a bitswang mohokahanyi wa sehlopha sa baholo) hape e le molebedi wa kopano ya potoloho. O ne a etela teronko, a tshwara diboka ebile a ithuta Bibele le batho. Morabo rona Tony o ntse a tswela pele ho sebeletsa Jehova le ha a se a le dilemo di 98. O ntse a tswela pele ho sebeletsa Jehova ka hohle ka moo a ka kgonang le ho sebetsa le bara le baradibabo rona ka phuthehong.

11. Re ka bontsha jwang hore re nka ba dulang mahaeng a maqheku e le ba bohlokwa?

11 Re ka bontsha jwang hore re hlompha bara le baradibabo rona ba hodileng ba dulang mahaeng a maqheku? Ha ho kgoneha, baholo ba ka ba thusa hore ba tle dibokeng kapa ba mamele diboka le ho etsa mosebetsi wa boboledi. Re ka bontsha hore re a ba rata ka hore re ba etele kapa re ba founele ka video. Re batla ho hlokomela bara le baradibabo rona ba hodileng ka tsela e kgethehileng bao ho ka etsahalang hore ba dula mahaeng a maqheku a hole le diphutheho tsa habo bona. Re lokela ho ela hloko hore re se ke ra lebala bara le baradibabo rona bana ba seng ba hodile. Ba bang ba ka nna ba thatafallwa ke hore ba bue ka bona. Ho tla re kgothatsa haholo haeba re behella nako ka thoko mme re ba botsa dipotso le ho ba mamela ha ba ntse ba re bolella ka dintho tse ileng tsa ba thabisa ka mokgatlong wa Jehova.

12. Re ka fumana hore phuthehong ya habo rona ho na le bara le baradibabo rona ba jwang?

12 Re ka nna ra makatswa ke ho tseba hore ho na le mehlala e babatsehang ya bahlanka ba Jehova ba tshepahalang ba seng ba hodile phuthehong ya habo rona. Moradiwabo rona Harriette o sebeleditse Jehova ka botshepehi ka dilemo tse ngata phuthehong ya ha habo e New Jersey, U.S.A. Ka mora moo o ile a tsamaya ho ilo dula le moradi wa hae. Phuthehong e ntjha eo a ileng a fihlela ho yona, barababo rona ba ile ba ipha nako ya ho mo tseba mme ba ile ba hlokomela hore ke motho wa bohlokwa haholo. O ile a ba kgothatsa ka ho ba bolella dintho tse neng di etsahala tshimong ha a ne a qala ho ithuta Bibele ka selemo sa bo1920. Ka nako eo o ne a dula a tsamaya ka borashe ba meno ha a ilo ruta batho Bibele hobane o ne a tseba hore o ne a ka nna a tshwarwa. Ha e le hantle, ka makgetlo a mabedi ka selemo sa 1933 o ile a qeta beke a le teronkong. Monna wa hae e ne e se Paki empa o ne a mo tshehetsa mme ha a ne a le teronkong monna wa hae o ile a hlokomela bana ba bona ba bararo. Ka nnete batho ba hodileng ba tshepahalang jwalo ka moradiwabo rona Harriette ba lokela ho hlomphuwa.

13. Re ithutileng ka bara le baradibabo rona ba seng ba hodile?

13 Bara le baradibabo rona ba seng ba hodile ke batho ba bohlokwa ka mokgatlong wa Jehova. Ba bone ka moo Jehova a ileng a ba hlohonolofatsa le ho hlohonolofatsa mokgatlo wa hae ka ditsela tse ngata. Ba ithutile dintho tsa bohlokwa diphosong tseo ba ileng ba di etsa. Ba nke e le “sediba sa bohlale” o be o ithute ho bona. (Liprov. 18:4) Haeba o nka nako ho ba tseba o tla ba le tumelo e matla ebile o tla ithuta dintho tse ngata.

ITHUTE HO HONGATA MOHLALENG WA BA SENG BA HODILE

Feela jwalo ka ha Elisha a ile a ithuta ho hongata ho Elia, bara le baradibabo rona ba ka ithuta ho hongata dinthong tseo batho ba ileng ba sebeletsa Jehova ka nako e telele ba ileng ba ba bolella tsona (Sheba serapa sa 14 le 15)

14. Deuteronoma 32:7 e kgothalletsa ba batjha hore ba etseng?

14 Etsa boiteko ba ho bua le ba seng ba hodile. (Bala Deuteronoma 32:7.) Ke nnete hore ha ba sa bona hantle, ba tsamaya butle ebile ba buela tlaase empa ba ntse ba batla ho ba mafolofolo mme ba iketseditse “lebitso le molemo” ho Jehova. (Moek. 7:1) Hopola hore na ke hobaneng ha Jehova a ba nka e le batho ba bohlokwa. Tswela pele o ba hlompha. E ba jwalo ka Elisha ya ileng a batla ho ba le Elia letsatsing la ho qetela ba le ha mmoho. Ka makgetlo a mararo Elisha o ile a re: “Nke ke ka o tlohela.”​—2 Mar. 2:​2, 4, 6.

15. Ke dipotso dife tseo re ka di botsang ba hodileng?

15 Bontsha hore o rata bara le baradibabo rona ba hodileng ka hore ka mosa o ba botse dipotso. (Liprov. 1:5; 20:5; 1 Tim. 5:​1, 2) Ba botse dipotso tse kang tsena: “Ha o ne o le motjha, ke eng e o kgodisitseng hore dintho tseo o ithutileng tsona ke nnete?” “Dintho tse ileng tsa etsahala bophelong ba hao di o thusitse jwang hore o be motswalle ya haufiufi wa Jehova?” “Ke eng e o thusitseng hore o dule o thabile ha o ntse o sebeletsa Jehova?” (1 Tim. 6:​6-8) Ba mamele ha ba ntse ba o bolella ka bophelo ba bona.

16. Ke molemo ofe oo motho ya moholo le motjha ba tla o fumana haeba ba buisana?

16 Ha motho ya hodileng a bua le motjha, ka bobedi ba a kgothatsana. (Bar. 1:​12) Motjha o tla kgodiseha hore Jehova o tsotella batho ba hae mme motho ya seng a hodile yena o tla ikutlwa a ratwa. O tla thabela ho bolella motjha ka moo Jehova a ileng a mo hlohonolofatsa ka teng.

17. Ke hobaneng ha re ka re batho ba hodileng ba ntse ba eba batle le ho feta ha dilemo di ntse di eya?

17 Hangata ha motho a hola, botle ba hae bo a fela empa batho ba tshepahalang ho Jehova ba eba batle le ho feta ha dilemo di ntse di eya. (1 Bathes. 1:​2, 3) Ke hobaneng ha ho le jwalo? Hobane ka dilemo tse ngata ba ile ba dumella moya wa Modimo hore o ba kwetlise le ho ba thusa hore ba be le makgabane a matle. Ha re ntse re tseba bara le baradibabo rona ba hodileng, re ba hlompha ebile re ithuta ho bona, re tla ba nka e le batho ba bohlokwa.

18. Re tlo bua ka eng sehloohong se latelang?

18 Phutheho e eba matla le ho feta eseng feela hobane ba batjha ba ananela ba hodileng empa hobane ba hodileng le bona ba ananela batjha. Sehloohong se latelang re tlo bua ka moo ba hodileng ba ka bontshang hore ba ananela batjha ka phuthehong.

PINA YA 144 Tadima Moputsong!

^ par. 5 Bara le baradibabo rona ba seng ba hodile ba jwalo ka matlotlo a bohlokwa. Sehlooho sena se tlo re kgothalletsa hore re ba ananele le ho feta mme re tlo bona hore na re ka ithuta eng bohlaleng ba bona le dinthong tseo ba ileng ba di etsa bophelong ba bona. Se tlo boela se kgodise ba seng ba hodile hore ke batho ba bohlokwa mokgatlong wa Modimo.