Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 36

Ananela Bacha ba ka Phuthehong

Ananela Bacha ba ka Phuthehong

“Botle ba bahlankana ke matla a bona.”​—LIPROV. 20:29.

PINA EA 88 Nthute Thato ea Hao

SEO RE TL’O ITHUTA SONA *

1. Re ka ikemisetsa ho etsa’ng ha re ntse re hola?

HA RE ntse re hola re ka ’na ra utloa re tšaba hore Jehova a ke ke a re sebelisa joaloka pele. Ke ’nete hore ha re sa na matla ao re neng re e-na le ’ona ha re ne re le bacha. Leha ho le joalo, re ka sebelisa bohlale le boiphihlelo boo re nang le bona ho thusa bacha hore ba sebelisoe mokhatlong oa Jehova le hore ba amohele mesebetsi e eketsehileng. Moholo e mong o ile a re: “Ha ke hlokomela hore ha ke sa khona ho etsa lintho tseo ke neng ke tloaetse ho li etsa ka lebaka la botsofali, ke ile ka ananela hore ebe ho na le barab’abo rona ba bacha ba khonang ho etsa mosebetsi.”

2. Re tl’o bua ka’ng sehloohong see?

2 Sehlooho se fetileng se bontšitse kamoo bacha ba ka ithutang lintho tse ngata kateng ha e e-ba metsoalle ea batho ba baholo. Sehloohong sena re tl’o bona kamoo makhabane a kang boikokobetso, boinyenyefatso, kananelo le ho fana a ka thusang batho ba baholo hore ba sebelisane le bacha, e leng se tla thusa batho bohle ka phuthehong.

IKOKOBETSE

3. Ho ea ka Bafilipi 2:​3, 4, Mokreste ea ikokobelitseng o lokela ho etsa’ng, hona ho etsa joalo ho tla mo thusa joang?

Batho ba holileng ba lokela ho ikokobetsa haeba ba batla ho thusa bacha. Motho ea ikokobelitseng o nka batho ba bang ba mo phahametse. (Bala Bafilipi 2:​3, 4.) Batho ba holileng ba ikokobelitseng baa utloisisa hore ho na le litsela tse ngata tsa ho etsa mosebetsi ka phuthehong tse lumellanang le Mangolo le tse sebetsang. Kahoo, ha baa lebella hore batho ba etse lintho ka tsela eo ba neng ba li etsa ka eona khale. (Moek. 7:​10) Le hoja ho na le lintho tse ngata tseo ba ka li rutang bacha, baa utloisisa hore “boemo ba lefatše lena boa fetoha” le hore ho ka ’na ha hlokahala hore ba ithute litsela tse ncha tsa ho etsa lintho.​—1 Bakor. 7:31.

Ba holileng ba ruta ba bang lintho tseo ba ithutileng tsona(Sheba serapa sa 4 le 5) *

4. Balebeli ba potoloho ba etsisa Balevi joang?

Batho ba holileng ba ikokobelitseng baa hlokomela hore ha ba ntse ba hola ba ke ke ba khona ho etsa lintho joaloka pele. Ka mohlala, nahana ka balebeli ba potoloho. Ha ba e-ba lilemo li 70 ba kopuoa hore ba etse mosebetsi o fapaneng. Ho ka ’na ha e-ba thata hore ba etse joalo. Ba ne ba thabela ho thusa Bakreste-’moho, ba rata mosebetsi oo oa bona ebile ba ntse ba batla ho o etsa. Leha ho le joalo, baa utloisisa hore ho ka ba molemo hore mosebetsi oo o etsoe ke barab’abo rona ba bacha. Kahoo, ba etsisa Balevi ba Baiseraele ba neng ba lokela ho khaotsa ho sebeletsa tabernakeleng ha ba e-ba lilemo li 50. Balevi bao ba holileng ba ne ba thabile ho sa tsotellehe hore na ba etsa mosebetsi ofe. Ba ne ba etsa mesebetsi eo ba e fuoeng ka mafolo-folo ’me ba thusa bacha kahohle kamoo ba ka khonang kateng. (Num. 8:​25, 26) Mehleng ena, le hoja barab’abo rona ba holileng bao e neng e le bapotolohi ba sa etele liphutheho, ba ntse ba thusa le ho khothatsa liphutheho tseo ba leng ho tsona.

5. U ithuta’ng mohlaleng oa mor’abo rona Dan le morali’abo rona Katie?

5 Nahana ka mohlala oa mor’abo rona Dan ea sebelelitseng e le molebeli oa potoloho ka lilemo tse 23. Ha a e-ba lilemo li 70, eena le mohatsa oa hae Katie ba ile ba kopuoa hore e be bo-pula-maliboho ba khethehileng. Ebe ba ntse ba e-ea joang mosebetsing oa bona o mocha? Mor’abo rona Dan o re hona joale o maphatha-phathe ho feta leha e le neng pele. O na le mesebetsi eo a e etsang ka phuthehong, o thusa barab’abo rona hore e be bahlanka ba sebeletsang hape o koetlisa bahoeletsi hore ba bolele molaetsa oa Bibele litoropong le literonkong. Lona ba holileng, ho sa tsotellehe hore na le tšebeletsong ea nako e tletseng kapa che le ka etsa lintho tse ngata ho thusa batho ba bang. Le ka etsa joalo joang? Leka ho tloaela maemo a hao a macha, ipehele lintho tseo u batlang ho li finyella ’me u amehe ka lintho tseo u khonang ho li etsa e seng tseo u sa khoneng ho li etsa.

INYENYEFATSE

6. Etsa mohlala o bontšang hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re inyenyefatse.

6 Motho ea inyenyefalitseng o tseba lintho tseo a ke keng a khona ho li etsa. (Liprov. 11:2) Kaha o inyenyefalitse ha aa lebella ho etsa lintho tseo a ke keng a khona ho li etsa. Kahoo, o tla lula a thabile le ho sebetsa ka thata. Re ka bapisa motho ea inyenyefalitseng le ea khannang koloi moepeng. Mokhanni o lokela ho fokotsa lebelo la koloi e le hore a khone ho hloa moepa oo. Ke ’nete hore koloi e tla tsamaea butle empa e tla tsoela pele e tsamaea. Ka ho tšoanang, motho ea inyenyefalitseng oa tseba ha e le nako ea hore a etse liphetoho le hore a etse lintho butle e le hore a tsoele pele a sebeletsa Jehova le ho thusa batho ba bang.​—Bafil. 4:5.

7. Barzilai o ile a bontša joang hore o inyenyefalitse?

7 Nahana ka mohlala oa Barzilai ea neng a le lilemo li 80 ha Morena Davida a mo kopa hore a sebeletse ntlong ea borena. Kaha Barzilai o ne a inyenyefalitse ha aa ka a amohela kopo eo ea morena. Barzilai o ne a tseba hore ho na le lintho tseo a ke keng a khona ho li etsa ka lebaka la ho hola, kahoo o ile a buella Kimhame ea neng a ntse a le mocha hore e be eena ea sebeletsang ntlong ea borena. (2 Sam. 19:​35-37) Joaloka Barzilai, barab’abo rona ba holileng ba thabela ho lumella bacha hore e be bona ba etsang mosebetsi.

Morena Davida o ile a amohela qeto ea Molimo ea hore mora oa hae o ne a tla haha tempele (Sheba serapa sa 8)

8. Morena Davida o ile a bontša joang hore o inyenyefalitse ha a ne a batla ho haha tempele?

8 Morena Davida le eena ke mohlala o motle oa motho ea neng a inyenyefalitse. O ne a batla ho hahela Jehova ntlo ka pelo ea hae eohle. Leha ho le joalo, ha Jehova a mo bolella hore mosebetsi oo o ne o tla etsoa ke Solomone ea neng a ntse a le mocha, Davida o ile a amohela qeto ea Jehova ’me a tšehetsa mosebetsi oo oa ho haha kahohle-hohle. (1 Likron. 17:4; 22:5) Davida ha aa ka a nahana hore ke eena ea neng a tšoaneleha ho etsa mosebetsi ona hobane Solomone a ne a le mocha ebile a se na boiphihlelo. (1 Likron. 29:1) Davida o ne a tseba hore tempele e ne e tla hahuoa hobane Jehova a hlohonolofalitse mosebetsi oo e seng ka lebaka la lilemo kapa boiphihlelo ba ba etellang pele. Batho ba holileng mehleng ena ba etsisa Davida ka hore ba sebetse ka thata esita le ha ba fumana mesebetsi e fapaneng mokhatlong oa Molimo. Baa tseba hore Jehova o tla hlohonolofatsa bacha ba etsang mosebetsi oo ba neng ba o etsa pele.

9. Mor’abo rona oa setho sa Komiti ea Lekala o ile a bontša joang hore o inyenyefalitse?

9 Mor’abo rona Shigeo ke mohlala oa motho ea ileng a bontša hore o inyenyefalitse mehleng ena. Ka 1976 ha a le lilemo li 30, o ile a khethoa hore e be setho sa Komiti ea Lekala. Ka 2004 o ile ea e-ba mohokahanyi oa Komiti ea Lekala. Hamorao o ile a hlokomela hore o ne a se a se na matla joaloka pele le hore o ne a sa khone ho etsa mosebetsi oa hae kapele. O ile a rapela ka taba ena ’me a nahanisisa ka melemo e ka bang teng ha mor’abo rona e mocha e e-ba mohokahanyi. Le hoja mor’abo rona Shigeo e se e se mohokahanyi, o ntse a sebelisana hantle le litho tsa Komiti ea Lekala. Mohlala oa Barzilai, Morena Davida le mor’abo rona Shigeo o bontša hore motho ea ikokobelitseng le ea inyenyefalitseng o nahana haholo ka lintho tseo bacha ba khonang ho li etsa e seng tseo ba lokelang ho ithuta tsona. O talima bacha e le basebetsi-’moho e seng batho bao a hlolisanang le bona.​—Liprov. 20:29.

E-BA MOTHO EA ANANELANG

10. Batho ba holileng ba ikutloa joang ka bacha ba ka phuthehong?

10 Batho ba holileng ba nka bacha e le limpho tse tsoang ho Jehova ebile baa ba ananela. Ha ba ntse ba felloa ke matla, baa ananela hore ebe bacha ba ikemiselitse ebile ba khona ho etsa mesebetsi ka phuthehong.

11. Ruthe 4:​13-16 e bontša joang hore batho ba baholo ba fumana molemo ha ba lumela ho thusoa ke bacha?

11 Ka Bibeleng re fumana mohlala o motle oa Naomi ea neng a se a holile ea ileng a lumela hore mocha a mo thuse. Qalong Naomi o ile a khothalletsa ngoetsi ea hae Ruthe eo e neng e le mohlolohali hore a khutlele ho batho ba habo. Leha ho le joalo, ha Ruthe a tsitlella ho khutlela le eena Bethlehema, Naomi o ile a lumela hore a mo tšehetse. (Ruthe 1:​7, 8, 18) Qeto eo e ile ea tsoela basali bao ba babeli molemo. (Bala Ruthe 4:​13-16.) Batho ba holileng ba ikokobelitseng ba etsisa mohlala oa Naomi.

12. Moapostola Pauluse o ile a bontša joang hore ke motho ea ananelang?

12 Moapostola Pauluse o ne a ananela hore ebe barab’abo ba ile ba mo thusa. Ka mohlala, o ile a leboha Bakreste ba Filipi ka limpho tseo ba ileng ba mo romella tsona. (Bafil. 4:​16) O ile a bontša hore o ananela thuso ea Timothea. (Bafil. 2:​19-22) Hape Pauluse o ile a leboha Molimo ka batho ba ileng ba mo khothatsa ha a ne a isoa teronkong Roma. (Lik. 28:​15) Pauluse e ne e le motho ea mafolo-folo, ea neng a e-ea libakeng tse hole ho bolela litaba tse molemo le ho matlafatsa liphutheho. Leha ho le joalo, o ne a ikokobelitse ’me a lumella bara le barali ba bo hore ba mo thuse.

13. Ba holileng ba ka bontša joang hore ba ananela bacha?

13 Lona ba holileng le ka bontša hore le ananela bacha ba ka phuthehong ka litsela tse ngata. Haeba ba batla ho le lata ka koloi, ho ea lishopong kapa ho le thusa ka lintho tse ling tseo le li hlokang, amohelang thuso ea bona. Nka thuso ea bona e le tsela eo Jehova a bontšang hore oa u rata. Batho ba u thusang e ka ba metsoalle ea hao e meholo. U ka lula u thusa metsoalle ea hao ea bacha hore e be le kamano e ntle le Jehova ’me oa e bolella kamoo u thabelang ho e bona e sebetsa ka thata ka phuthehong. Ikemisetse ho qeta nako le bona le ho ba qoqela ka bophelo ba hao. Ha u etsa joalo u tla iponahatsa u le ‘ea lebohang’ Jehova ka bacha bao a ba huletseng ka phuthehong.​—Bakol. 3:​15; Joh. 6:​44; 1 Bathes. 5:18.

E-BA MOTHO EA FANANG

14. Morena Davida o ile a bontša joang hore ke motho ea fanang?

14 Mohlaleng oa Morena Davida rea hlokomela hore ke habohlokoa hore ba holileng e be batho ba fanang. O ile a fana ka monehelo o mongata ho tšehetsa mosebetsi oa ho haha tempele. (1 Likron. 22:​11-16; 29:​3, 4) O ile a etsa joalo le hoja thoriso e ne e tla fumanoa ke mora oa hae Solomone. Haeba ha re sa na matla a ho thusa ha ho etsoa mesebetsi ea ho haha mokhatlong oa Jehova, re ka tšehetsa mesebetsi ena ka ho tsoela pele re nehela kamoo re ka khonang. Hape re ka thusa bacha ka lintho tseo re ithutileng tsona ka lilemo tse ngata.

15. Ke’ng eo Pauluse a ileng a e fa Timothea?

15 Nahana hape ka mohlala oa moapostola Pauluse oa ho fana. O ile a mema Timothea hore a tsamaee le eena maetong a hae a boromuoa ’me o ile a mo ruta mekhoa ea ho bolela le ho ruta. (Lik. 16:​1-3) Pauluse o ile a koetlisa Timothea hore a khone ho bolela le ho ruta litaba tse molemo ka tsela e atlehang. (1 Bakor. 4:​17) Ka mor’a moo, Timothea o ile a sebelisa lintho tseo a ithutileng tsona ho Pauluse ho koetlisa batho ba bang.

16. Ke hobane’ng ha mor’abo rona Shigeo a koetlisa ba bang?

16 Batho ba holileng kajeno ha ba tšabe hore ba ke ke ba hlola ba sebelisoa ha ba koetlisa bacha hore ba etse mosebetsi oo ba neng ba o etsa ka phuthehong. Ka mohlala, ka lilemo tse ngata mor’abo rona Shigeo eo re buileng ka eena o ne a koetlisa barab’abo rona ba bacha ba litho tsa Komiti ea Lekala. O ile a etsa joalo e le hore a tšehetse mosebetsi oa ’Muso o etsoang naheng eo a sebeletsang ho eona. Kahoo, ha nako ea hore a tlohele ho ba mohokahanyi e fihla, ho ne ho e-na le mor’abo rona ea koetlisitsoeng hantle eo e neng e tla ba mohokahanyi. Mor’abo rona Shigeo e bile setho sa Komiti ea Lekala ka lilemo tse fetang 45 ’me o ntse a tsoela pele a sebelisa lintho tseo a ithutileng tsona ho thusa barab’abo rona ba bacha. Barab’abo rona ba tšoanang le mor’abo rona Shigeo ke tlhohonolofatso e kholo ho batho ba Molimo.

17. Ho ea ka Luka 6:​38, batho ba baholo ba ka fa bacha eng?

17 Bara le barali ba bo rona ba holileng le mehlala e metle e bontšang hore ho ba le tumelo le ho sebeletsa Jehova ka botšepehi ke ntho e molemo ka ho fetisisa bophelong. Mohlala oa lona o bontša hantle hore ke ntho e ntle ho ithuta melao-motheo ea Bibele le ho e sebelisa bophelong. Le hoja le tseba kamoo lintho li neng li etsoa kateng nakong e fetileng, le bona bohlokoa ba hore le itloaetse ho etsa lintho ka tsela e ncha. Barab’abo rona ba holileng ba sa tsoa ho kolobetsoa, le lona le ka thusa ba bang ka litsela tse ngata. Le ka ba bolella kamoo ho ithuta ka Jehova le se le holile ho le thabisitseng kateng. Bacha ba tla thabela ho le mamela ha le ba qoqela ka bophelo ba lona le lintho tseo le ithutileng tsona. Haeba u ‘itloaetsa ho fana’ ka ho sebelisa lintho tseo u ithutileng tsona bophelong ho koetlisa ba bang, Jehova o tla u hlohonolofatsa haholo.​—Bala Luka 6:38.

18. Ba holileng le bacha ba ka thusana joang?

18 Ba holileng ba ratehang, ha le ntse le e-ba metsoalle ea bacha le tla khona ho khothatsana. (Bar. 1:​12) Batho ba baholo ba na le lintho tseo bacha ba se nang tsona, ka ho tšoanang ho na le lintho tseo bacha ba nang le tsona tseo batho ba baholo ba se nang tsona. Batho ba baholo ba na le bohlale le boiphihlelo boo ba bo fumaneng ha ba ntse ba hola. Bacha bona ba mahlaha-hlaha ebile ba na le matla. Ha bacha le batho ba baholo e e-ba metsoalle, ba rorisa Ntate oa rona ’me e e-ba tlhohonolofatso ka phuthehong.

PINA EA 90 Le Khothatsane

^ ser. 5 Liphutheho tsa ha bo rona li hlohonolofalitsoe ka bacha ba bangata ba sebetsang ka thata ho tšehetsa mokhatlo oa Jehova. Ho sa tsotellehe hore na batho ba baholo ba tsoa setsong sefe, ba ka thusa bacha hore ba sebelise matla a bona ka botlalo tšebeletsong ea Jehova.

^ ser. 55 LITŠOANTŠO: Ha molebeli oa potoloho a e-ba lilemo li 70, eena le mosali oa hae ba ile ba fuoa mosebetsi o mocha. Lintho tse ngata tseo ba ithutileng tsona li ba thusa hore ba koetlise ba bang phuthehong eo ba leng ho eona hona joale.