Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 37

“Ke Tla Sisinya Ditjhaba Tsohle”

“Ke Tla Sisinya Ditjhaba Tsohle”

“Ke tla sisinya ditjhaba tsohle, mme dintho tse lakatsehang tsa ditjhaba tsohle di tla kena.”​—HAG. 2:7.

PINA YA 24 Tloong Thabeng ya Jehova

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1, 2. Ke tshisinyeho efe eo ho builweng ka yona e etsahalang mehleng ya rona?

“KA METSOTSWANA feela meaho ya kgale le dishopo di ile tsa qala ho swahlamana.” “Motho e mong le e mong o ne a tshohile . . . Batho ba bangata ba ile ba re ho sisinyeha hoo ho nkile metsotso e ka bang e mmedi feela. Empa nna ke utlwile eka e nkile nako e telele ho na hoo.” Ana ke maikutlo a batho ba bang ba ileng ba pholoha tshisinyeho ya lefatshe e neng e le Nepal ka 2015. Haeba o ne o ka etsahallwa ke ntho ena e tshosang na o ne o ka e lebala ha bonolo?

2 Le ha ho le jwalo, hona jwale re etsahallwa ke tshisinyeho e fapaneng e sa etsahaleng toropong e le nngwe kapa naheng e le nngwe feela. Empa e etsahala ditjhabeng tsohle mme e se e le dilemo jwale e etsahala. Tshisinyeho ena ke eo moprofeta Hagai a buileng ka yona. O ile a re: “Sena ke seo Jehova wa mabotho a se boletseng, ‘Hang hape​—ka mora nakwana e seng kae​—mme ke sisinya mahodimo le lefatshe le lewatle le mobu o omileng.’ ”​—Hag. 2:6.

3. Ke jwang ho sisinyeha hoo ho buuwang ka hona mona ho sa tshwaneng le ho reketla ha lefatshe?

3 Tshisinyeho eo Hagai a buileng ka yona ha e tshwane le ho reketla ha lefatshe ho bakang tshenyo. Ho e na le hoo, e tlisa ditholwana tse ntle. Jehova o ile a re: “Ke tla sisinya ditjhaba tsohle, mme dintho tse lakatsehang tsa ditjhaba tsohle di tla kena; mme ke tla tlatsa ntlo ena ka kganya.” (Hag. 2:7) Boprofeta boo bo ne bo bolelang ho batho ba neng ba phela mehleng ya Hagai? Hona bo bolelang ho rona kajeno? Re tlo araba dipotso tsena sehloohong sena re be re bone hore na re ka sisinya ditjhaba jwang kajeno.

MOLAETSA O KGOTHATSANG MEHLENG YA HAGAI

4. Ke hobaneng ha Jehova a ile a romela moprofeta Hagai ho bahlanka ba hae?

4 Jehova o ile a fa moprofeta Hagai mosebetsi wa bohlokwa. A ko nahane hore na ho ile ha etsahalang pele ho moo. Ho ka etsahala hore Hagai o ne a le hara batho ba ileng ba kgutlela Jerusalema ho tswa Babylona ka selemo sa 537. Hang ka mora hore ba fihle Jerusalema, bahlanka bao ba Jehova ba ile ba haha motheo wa tempele ya Jehova. (Esdr. 3:​8, 10) Empa ho eso ye kae ho ile ha etsahala ntho e nyahamisang. Ba ile ba wa moya hoo ba ileng ba kgaotsa ho sebetsa ka lebaka la ho hanyetswa. (Esdr. 4:4; Hag. 1:​1, 2) Ka hoo, ka selemo sa 520 Jehova o ile a fa Hagai mosebetsi wa hore a tsose Bajuda molota le ho ba kgothalletsa hore ba qete tempele. *​—Esdr. 6:​14, 15.

5. Ke hobaneng ha molaetsa wa Hagai e ne e le o kgothatsang ho bahlanka ba Modimo?

5 Morero wa molaetsa wa Hagai e ne e le ho etsa batho hore ba be le tumelo ho Jehova. Ka sebete moprofeta Hagai o ile a re ho Bajuda ba neng ba nyahame: “ ‘Le be matla, lona batho bohle ba naha,’ ho bolela Jehova, ‘mme le sebetse. Etswe ke na le lona,’ ho bolela Jehova wa mabotho.” (Hag. 2:4) Polelwana e reng “Jehova wa mabotho” e tlameha ebe e ile ya ba kgothatsa haholo. Jehova o na le lebotho le leholohadi la mangeloi a mo mamelang. Ka hoo, Bajuda ba ne ba lokela ho itshetleha ka yena e le hore ba atlehe.

6. Ho ne ho tla etsahalang ka lebaka la tshisinyeho eo Hagai a buileng ka yona?

6 Jehova o ile a re Hagai a bolelle Bajuda molaetsa o neng o bua ka ho sisinngwa ha ditjhaba tsohle. Molaetsa oo o ne o kgothatsa batho ba hahang tempele ba neng ba nyahame. O ne o bontsha hore Jehova o ne a tla sisinya Persia eo e neng e le mmuso wa lefatshe ka nako eo. Ho ne ho tla etsahalang ka mora hore e sisinngwe? Ntho ya pele, bahlanka ba Modimo ba ne ba tla qeta ho haha tempele. Ka mora moo, esita le batho bao eseng Bajuda ba ne ba tla rapela Jehova ha mmoho le bona tempeleng e ntjha. Ka nnete oo e ne e le molaetsa o kgothatsang haholo ho bahlanka ba Modimo.​—Zak. 8:9.

MOSEBETSI O SISINYANG LEFATSHE KAJENO

Na o nka karolo ka ho felletseng mosebetsing o etswang kajeno o sisinyang lefatshe? (Sheba serapa sa 7 le 8) *

7. Hlalosa hore na ke mosebetsi ofe o sisinyang lefatshe oo re o etsang kajeno.

7 Boprofeta ba Hagai bo bolelang ho rona? Le mehleng ee Jehova o sisinya ditjhaba tsohle mme le rona re kentse letsoho tabeng eo. Bopaki ke bona: Ka 1914, Jehova o ile a etsa Jesu Kreste Morena wa Mmuso wa hae o lehodimong. (Pes. 2:6) Ho baetapele ba lefatshe, ho thehwa ha Mmuso oo e ile ya eba ditaba tse bosula. Ntho ena e bolela hore “dinako tse behilweng tsa ditjhaba” e leng nako eo ho neng ho se na morena ya neng a emela Jehova ka ho toba, e ne e se e fihlile pheletsong. (Luka 21:​24) Ka lebaka leo haesale ho tloha ka 1919, bahlanka ba Jehova ba bontsha hore Mmuso wa Modimo ke wona feela o tla fa batho tshepo. Ho bolelwa hona ha ‘ditaba tse molemo tsa mmuso’ ho sisintse lefatshe lohle.​—Mat. 24:14.

8. Ho ya ka Pesaleme ya 2:​1-3, bongata ba ditjhaba bo ile ba etsang ha bo utlwa molaetsa oo?

Batho ba ile ba etsang ha ba utlwa molaetsa oo? Ba bangata ha ba a ka ba o amohela. (Bala Pesaleme ya 2:​1-3.) Ditjhaba di ile tsa halefa. Di ile tsa hana ho amohela Morena eo Jehova a mo kgethileng. Ha di nke molaetsa wa Mmuso oo re o bolelang e le ditaba tse monate ebile mebuso e meng e thibetse mosebetsi wa boboledi. Le hoja bongata ba babusi ba ditjhaba tseo ba re ba sebeletsa Modimo ha ba batle ho tlohela bolaodi le matla a bona. Ka hoo, jwalo ka babusi ba mehleng ya Jesu le mehleng ena babusi ba hanyetsa Mokgethwa wa Jehova ka hore ba hlasele balatedi ba hae ba tshepahalang.​—Lik. 4:​25-28.

9. Jehova o ikutlwa jwang ha ditjhaba di hana ho mo mamela?

9 Jehova o ikutlwa jwang ha ditjhaba di hana ho mo mamela? Pesaleme ya 2:​10-12 e re: “Jwale, Lona marena, le sebedise temohisiso; Itlohelleng hore le kgalemelwe, Lona baahlodi ba lefatshe. Sebeletsang Jehova ka tshabo Le thabe ka ho thothomela. Akang mora, hore A tle a se ke a tuka ke bohale Le tle le se ke la timela tseleng, Etswe bohale ba hae bo tuka ha bonolo. Ho thaba bohle ba tshabelang ho yena.” Ka mosa Jehova o fa bahanyetsi bana monyetla wa hore ba etse qeto e nepahetseng. Ba ntse ba ka kgona ho fetola maikutlo a bona yaba ba amohela Mmuso wa Jehova. Le ha ho le jwalo, nako e se e balehile haholo. Re phela “matsatsing a ho qetela” a tsamaiso ena ya dintho. (2 Tim. 3:1; Esa. 61:2) Ha ho eso ka ho eba le nako e potlakileng jwalo ka ena hore batho ba tsebe nnete mme ba etse diqeto tse nepahetseng.

HO SISINYEHA HO AMA BATHO JWANG?

10. Hagai 2:​7-9 e bua ka dintho dife tse ntle tse tliswang ke ho sisinyeha?

10 Tshisinyeho eo Hagai a buileng ka yona e etseditse batho ba bang dintho tse ntle. O re ka lebaka la ho sisinyeha hona “dintho tse lakatsehang [batho ba dipelo di ntle] tsa ditjhaba tsohle di tla” rapela Jehova. * (Bala Hagai 2:​7-9.) Esaia ha mmoho le Mikea ba ile ba re dintho tse tshwanang di tla etsahala “karolong e qetellang ya matsatsi.”​—Esa. 2:​2-4; Mik. 4:​1, 2.

11. Morabo rona e mong o ile a etsang ha a qala ho utlwa molaetsa wa Mmuso?

11 A ko bone hore na molaetsa o sisinyang lefatshe o ile wa etsang ho Morabo rona Ken ya sebetsang ntlokgolo. O ntse a hopola hantle lekgetlo la pele leo a ileng a utlwa molaetsa wa Mmuso ka lona dilemong tse ka bang 40 tse fetileng. Morabo rona Ken o re: “Ha ke ne ke qala ho ithuta Lentswe la Modimo ke ile ka thabiswa ke ho tseba hore re phela matsatsing a ho qetela. Ke ile ka bona hore e le hore Modimo a nkamohele le hore ke fumane bophelo bo sa feleng ke lokela ho tlohela lefatshe lena le sa tsitsang mme ke eme ke tiile ka lehlakoreng la Jehova. Hanghang feela ke ile ka rapela ka taba eo. Ke ile ka tlohela lefatshe yaba ke balehela Mmusong wa Modimo o sireletsehileng o ke keng wa sisinngwa.”

12. Tempele ya Jehova e ntse e tlatswa ka kganya jwang matsatsing aa a ho qetela?

12 Ho hlakile hore Jehova o ntse a hlohonolofatsa bahlanka ba hae. Matsatsing ana a ho qetela re bone palo ya batho ba rapelang Modimo e ntse e eketseha haholo. Ka 1914 re ne re le dikete tse seng kae feela. Hona jwale ho se ho ena le batho ba ka hodimo ho dimilione tse robedi ba sebeletseng Modimo mme selemo le selemo batho ba bangata ba keteka Sehopotso le rona. Ka tsela ena mabala a tempele ya Jehova e lefatsheng e leng tokisetso ya borapedi bo hlwekileng a tletse “dintho tse lakatsehang tsa ditjhaba tsohle.” Lebitso la Jehova le ntse le halaletswa ke diphetoho tseo batho bana ba di etsang ha ba apara botho bo botjha.​—Baef. 4:​22-24.

Batho ba Modimo lefatsheng lohle ba thabela ho bolella batho ba bang ka Mmuso wa Modimo (Sheba serapa sa 13)

13. Ke boprofeta bofe hape bo phethahaditsweng ke diketsahalo tsee tse thabisang? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

13 Dintho tsena tse thabisang tse etsahetseng di phethahaditse boprofeta bo bong ho akarelletsa le bo ho Esaia kgaolo ya 60. Temana ya 22 kgaolong eo e re: “E monyenyane o tla fetoha ba sekete, mme ya fokolang e be setjhaba se matla. Nna, Jehova, ke tla ho potlakisa ka nako ya teng.” Ho etsahala ntho e nngwe e thabisang ka lebaka la batho ba bangata ba qalang ho rapela Jehova. “Dintho [tsena] tse lakatsehang” kapa batho bana, ba tla ba ena le tsebo le bokgoni bo sa tshwaneng ebile ba ikemiseditse ho bolela ‘ditaba tse molemo tsa mmuso.’ Ha e le hantle, jwalo ka ha Esaia a boletse, “lebese la ditjhaba” le a fumaneha bakeng sa bahlanka ba Jehova. (Esa. 60:​5, 16) Ka thuso ya banna le basadi bana ba ratehang, mosebetsi wa boboledi o ntse o etswa dinaheng tse 240 le dingolwa di ntse di hatiswa ka dipuo tse fetang tse sekete.

NAKO YA HO ETSA QETO

14. Ke qeto efe eo batho ba lokelang ho e etsa hona jwale?

14 Nakong ena ya bofelo, ho sisinngwa ha ditjhaba ho qobella batho hore ba etse qeto. Na ba tla tshehetsa Mmuso wa Modimo kapa na ba tla tshepa mebuso ya lefatshe lee? Ena ke qeto ya bohlokwa eo kaofela re lokelang ho e etsa. Le hoja bahlanka ba Jehova ba mamela molao wa Mmuso o busang moo ba dulang teng ba dula ba sa nke lehlakore dipolotiking. (Bar. 13:​1-7) Ba a tseba hore Mmuso wa Modimo ke wona feela tharollo ya mathata ohle a batho. Mmuso oo ha se karolo ya lefatshe lena.​—Joh. 18:​36, 37.

15. Lengolo la Tšenolo le bua ka teko efe e kgolo ya ho tshepahala?

15 Lengolo la Tšenolo le re ho tshepahala ha bahlanka ba Modimo ho tla lekwa matsatsing a ho qetela. Teko eo e tla etsa hore re hanyetswe le ho hloriswa ka matla. Mebuso ya lefatshe lena e tla batla hore re e rapele e be e re hlorise haeba re hana ho e tshehetsa. (Tšen. 13:​12, 15) E tla “qobella batho bohle, ba banyenyane le ba baholo, le ba ruileng le ba futsanehileng, le ba lokolohileng le makgoba, hore ba fuwe letshwao matsohong a bona a matona kapa diphatleng tsa bona.” (Tšen. 13:​16) Makgoba a mehleng ya kgale a ne a ena le matshwao a neng a bontsha hore na a sebeletsa bomang. Ka tsela e tshwanang, batho bohle mehleng ena ba tla lebellwa hore ba be le letshwao la tshwantshetso matsohong kapa diphatleng tsa bona. Diketso tsa bona le dintho tseo ba di nahanang di tla bontsha hore ke ditho tsa mekga ya dipolotiki le hore ba a di tshehetsa.

16. Ke hobaneng ha ho potlakile hore re tshepahalle Jehova le ho feta hona jwale?

16 Na re tla amohela letshwao lee la tshwantshetso mme re tshehetse mebuso ya dipolotiki? Batho ba hanang ho ba le letshwao lena ba tla ba le mathata le ho ba kotsing. Lengolo la Tšenolo le tswela pele ka ho re: “Ho se ke ha eba le ya ka kgonang ho reka kapa ho rekisa ha e se motho ya nang le letshwao.” (Tšen. 13:​17) Empa bahlanka ba Modimo ba a tseba hore o tla etsang ho batho ba nang le letshwao bao ho buuweng ka bona ho Tšenolo 14:​9, 10. Ho ena le hore bona ba be le letshwao leo, ha e le hantle ho tla ba jwalo ka ha eka ba ngotse matsohong a bona polelwana e reng “Ke wa Jehova.” (Esa. 44:5) Ena ke nako ya hore re etse bonnete ba hore re tshepahalla Jehova ka matla. Haeba re etsa jwalo, Jehova o tla thabela hore re ba hae.

TSHISINYEHO YA HO QETELA

17. Re lokela ho hopolang ka mamello ya Jehova?

17 Jehova o bontshitse hore o na le mamello haholo feela matsatsing ana a ho qetela. Ha a batle hore motho le ha e le ofe a timetswe. (2 Pet. 3:9) O file batho bohle monyetla wa hore ba bake le ho etsa qeto e nepahetseng. Empa mamello ya hae ho na le moo e fellang teng. Batho ba hanang monyetla ona ba tla iphumana ba le boemong bo tshwanang hantle le ba Faro mehleng ya Moshe. Jehova o ile a re ho Faro: “Etswe ka nako ena nka be ke otlile wena le batho ba hao ka lefu la sewa mme o ka be o fedisitswe lefatsheng. Empa, ha e le hantle, ke o bolokile o phela ka lebaka lena, ka morero wa hore ke o bontshe matla a ka le hore lebitso la ka le bolelwe lefatsheng lohle.” (Ex. 9:​15, 16) Qetellong ditjhaba tsohle di tla tseba hore Jehova ke yena feela Modimo wa nnete. (Ezek. 38:​23) Di tla mo tseba jwang?

18. (a) Ke mofuta ofe o mong wa ho sisinyeha o hlahang ho Hagai 2:​6, 20-22? (b) Re tseba jwang hore mantswe a Hagai a tla phethahala nakong e tlang?

18 Dilemo tse ngata ka mora hore Hagai a shwe, moapostola Pauluse o ile a bontsha hore mantswe a hlahang ho Hagai 2:​6, 20-22 a tla phethahala nakong e tlang. (E bale.) O ile a re: “Hona jwale o tshepisitse, ha a re: ‘Hang hape ke sa ntse ke tla hlokola eseng lefatshe feela empa le lehodimo.’ Jwale polelo “hang hape ke sa ntse” e bontsha ho tloswa ha dintho tse ntseng di sisinngwa e le dintho tse entsweng, e le hore dintho tse ntseng di sa sisinngwe di ka sala.” (Baheb. 12:​26, 27) Ho fapana le ho sisinyeha ho hlahang ho Hagai 2:​7, ho sisinyeha hona ho bolela timetso ya ka ho sa feleng ho batho ba tshwanang le Faro ba hanang ho dumela hore Jehova ke yena ya nang le tokelo ya ho busa.

19. Keng e sa tlo sisinyeha, hona re tseba jwang?

19 Keng e sa tlo sisinyeha kapa hona ho suthiswa? Pauluse o tswela pele ka ho re: “Ka lebaka leo, ka ha re tla amohela mmuso o ke keng wa sisinngwa, a re tsweleng pele ho ba le mosa o sa tshwanelang, oo ka wona ka ho amohelehang re ka etsetsang Modimo tshebeletso e halalelang ka tshabo ya bomodimo le tshabo e nang le tlhompho.” (Baheb. 12:​28) Ka nnete ha tshisinyeho ena e fela, ke Mmuso wa Modimo feela o tla beng o sa sisinngwa. O tla dula o tiile.​—Pes. 110:​5, 6; Dan. 2:44.

20. Ke qeto efe eo batho ba lokelang ho e etsa, hona re ka ba thusa jwang?

20 Ena ha se nako ya ho raha qhebelele. Batho ba tlameha ho kgetha hore na ba tla tswela pele ba tshehetsa lefatshe lena le yang timetsong kapa ba tla sebetsa ka thata hore ba etse thato ya Modimo e tla etsa hore ba phele ka ho sa feleng. (Baheb. 12:​25) Mosebetsi wa rona wa boboledi, o tla thusa batho hore ba kgone ho etsa qeto ka taba ena ya bohlokwa. E se eka re ka thusa ba bangata ba ratehang hore ba etse qeto ya ho tshehetsa Mmuso wa Modimo. A re duleng re hopola mantswe a Morena wa rona Jesu a reng: “Ditaba tsena tse molemo tsa mmuso di tla bolelwa lefatsheng lohle leo ho ahilweng ho lona hore e be bopaki ho ditjhaba tsohle; jwale e ntano ba hona bofelo bo tla tla.”​—Mat. 24:14.

PINA YA 40 Re ba Mang?

^ par. 5 Sehlooho sena se tlo re fa kutlwisiso e ntjha ka lengolo la Hagai 2:7. Re tla ithuta hape hore na re ka kenya letsoho jwang mosebetsing o thabisang o sisinyang ditjhaba tsohle. Re tla boela re bone hore ho na le batho ba amohelang mosebetsi ona o sisinyang hape ho na le ba sa o amoheleng.

^ par. 4 Re a tseba hore mosebetsi wa Hagai o ile wa atleha hobane tempele e ile ya qetwa ho hahwa ka selemo sa 515.

^ par. 10 Ena ke kutlwisiso e ntjha eo re nang le yona. Nakong e fetileng re ile ra re ho sisinngwa ha ditjhaba tsohle ha se hona ho entseng hore batho ba dipelo di ntle ba sebeletse Jehova. Bala sehlooho sa “Dipotso Tse Tswang ho Babadi” ho Molula-Qhooa wa May 15, 2006.

^ par. 63 DITSHWANTSHO: Hagai o ile a kgothalletsa bahlanka ba Modimo hore ba tsosolose tempele ka mafolofolo hape bahlanka ba Modimo ba mehleng ena ba bolela molaetsa wa Modimo ka mafolofolo. Banyalani ba etsa mosebetsi o sisinyang lefatshe lohle o buang ka tshisinyeho ya ho qetela e tlang.