Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 38

Eba Haufi Haholo le Bakrestemmoho le Wena

Eba Haufi Haholo le Bakrestemmoho le Wena

“Ke nyolohela ho Ntate le Ntata lona.”​—JOH. 20:17.

PINA YA 3 Matla, Tshepo le Kgodiseho ya Rona

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Batho ba tshepahalang ba ka bitsa Jehova eng?

LELAPA la barapedi ba Jehova le akarelletsa Jesu e leng “letsibolo la popo yohle” le mangeloi a se nang palo. (Bakol. 1:​15; Pes. 103:​20) Ha Jesu a ntse a le lefatsheng o ile a re batho ba tshepahalang ba ka bitsa Jehova Ntate wa bona. Ha a bua le balatedi ba hae o ile a re Jehova ke ‘Ntate wa hae le Ntate wa bona.’ (Joh. 20:​17) Ka hoo, ha re inehela ho Jehova ebile re kolobetswa re ba ditho tsa lelapa la hae le re ratang.​—Mar. 10:​29, 30.

2. Re tlo bua ka eng sehloohong see?

Batho ba bang ba thatafallwa ke ho dumela hore Jehova ke Ntate ya lerato. Ba bang ha ba nolofallwe ke ho rata bara le baradibabo rona. Sehloohong sena re tlo ithuta hore na Jesu o re thusa jwang hore re nke Jehova e le Ntate wa rona ya lerato eo re ka kgonang ho atamela haufi le yena. Re tla boela re bone ditsela tse ding tseo ka tsona re ka etsisang Jehova ha re sebedisana le Bakrestemmoho le rona.

JEHOVA O BATLA O ATAMELE HAUFI LE YENA

3. Thapelo ya mohlala e re atametsa haufi le Jehova jwang?

3 Jehova ke Ntate ya lerato. Jesu o batla hore re bone Jehova ka tsela eo a mo bonang ka yona, e le motswadi ya lerato eo ho leng bonolo ho mo atamela eseng e le motho feela ya sa nahaneleng le ya fanang ka ditaelo. Re tseba taba ena hobane Jesu o ile a ruta barutuwa ba hae hore ba reng ha ba rapela. Ha a etsa thapelo ya mohlala o ile a qala ka ho re: “Ntata rona.” (Mat. 6:9) Jesu a ka be a ile a re re bitse Jehova “Ya Matla ohle,” “Mmopi,” kapa “Morena wa bosafeleng” e leng ditlotla tse sa fosahalang. (Gen. 49:​25; Esa. 40:​28; 1 Tim. 1:​17) Ho ena le hoo, Jesu o ile a re re mo bitse “Ntate.”

4. Re tseba jwang hore Jehova o batla hore re atamele haufi le yena?

4 Na o thatafallwa ke ho nka Jehova e le Ntate ya lerato? Ba bang ba rona ba ikutlwa ka tsela eo. Re ka thatafallwa ke ho utlwisisa hore na motswadi ya lerato ke ya jwang hobane re hotse ha bohloko. Empa re kgothatswa ke ho tseba hore Jehova o utlwisisa tsela eo re ikutlwang ka yona hantle. O batla ho ba haufi le rona. Ke ka hoo Lentswe la hae le reng: “Atamelang ho Modimo, mme o tla atamela ho lona.” (Jak. 4:8) Jehova o a re rata hape o re tshepisa hore e tla ba Ntate ya molemo ka ho fetisisa eo re ka bang le yena.

5. Ho ya ka Luka 10:​22, Jesu a ka re thusa jwang hore re atamele haufi le Jehova?

5 Jesu a ka re thusa hore re atamele haufi le Jehova. O tseba Jehova hantle ebile o bonahatsa makgabane a hae ka ho phethahetseng. Ke ka hoo a ileng a re: “Ya mponeng o bone le Ntate.” (Joh. 14:9) Jwalo ka abuti a moholo, Jesu o re ruta hore na re ka hlompha, ra mamela, ra qoba ho utlwisa Ntate wa rona bohloko jwang le hore na re ka etsang hore a re amohele. Empa ka ho kgetheha Jesu ha a ntse a le lefatsheng o ile a bontsha ka ho hlaka hore Jehova o mosa hape o lerato haholo. (Bala Luka 10:​22.) A re ke re bueng ka mehlala e seng mekae.

Jwalo ka Ntate ya lerato, Jehova o ile a matlafatsa Mora wa hae a sebedisa lengeloi (Sheba serapa sa 6) *

6. A ko fane ka mehlala e bontshang hore Jehova o ile a mamela dithapelo tsa Jesu.

6 Jehova o mamela bana ba hae. A re ke re bueng ka hore na Jehova o ile a mamela Mora wa hae wa letsibolo jwang. Ntle ho pelaelo Jehova o ile a mamela dithapelo tse ngata tseo Mora wa hae a ileng a di etsa ha a ntse a le lefatsheng. (Luka 5:​16) O ile a mamela Jesu ha a ne a rapela ka dintho tsa bohlokwa haholo tse kang ha a ne a kgetha baapostola ba 12. (Luka 6:​12, 13) Jehova o ile a boela a utlwa ha Jesu a ne a rapela nakong eo a neng a tshwenyehile haholo. Nakwana pele a ekwa, Jesu o ile a rapela Ntate wa hae ka matla a mo bolella ka teko eo a neng a tlo tobana le yona haufinyane. Jehova o ile a mamela dithapelo tsa Jesu a ba a romela le lengeloi hore le ilo mo kgothatsa.​—Luka 22:​41-44.

7. Ho tseba hore Jehova o mamela dithapelo tsa rona ho etsa hore re ikutlwe jwang?

7 Mehleng ena, Jehova o tswela pele ho mamela dithapelo tsa bahlanka ba hae hape o di araba ka nako e loketseng ebile e le ka tsela e molemo ka ho fetisisa. (Pes. 116:​1, 2) Utlwa ka moo moradiwabo rona e mong wa India a ileng a tiisa taba ena ka teng. O ne a ena le kgatello e matla haholo ya maikutlo mme o ile a rapela Jehova ka matla ka taba eo. O re: “Lenaneo la JW Broadcasting® la May 2019 le ne le etseditswe nna ka ha le ile la mpontsha hore na nka sebetsana le ho tshwenyeha le ho kgathatseha jwang. E ne e le karabo ya dithapelo tsa ka.”

8. Jehova o ile a bontsha ka ditsela dife hore o rata Jesu?

8 Jehova o a re rata ebile o a re tsotella jwalo ka ha a ile a rata Jesu le ho mo hlokomela nakong yohle ha a ne a ena le mathata lefatsheng mona. (Joh. 5:​20) O ile a thusa Jesu hore a be le tumelo e matla, a mo kgothatsa ha a ne a tshwenyehile a ba a mo thusa ka ditlhoko tsa hae. Hape Jehova ha a ka a pata hore o rata Mora wa hae le hore o mo amohetse. (Mat. 3:​16, 17) Ka ha Jesu o ile a dula a itshetlehile ka Ntate wa hae ya lerato ka dinako tsohle, ha a ka a ikutlwa eka ha a na mang wee.​—Joh. 8:16.

9. Re na le bopaki bofe ba hore Jehova o a re rata?

9 Jwalo ka Jesu, kaofela ha rona re ile ra bona ka ditsela tse fapaneng hore Jehova o a re rata. A ko nahane feela, Jehova o re huletse ho yena a ba a re fa lelapa le re ratang le le momahaneng le etsang hore re thabe ebile le a re kgothatsa ha re ena le mathata. (Joh. 6:​44) Jehova o boetse o re fa dintho tse re thusang hore re be le tumelo e matla. O boetse o re thusa hore re be le dintho tseo re di hlokang e le hore re phele. (Mat. 6:​31, 32) Ha re nahana ka moo Jehova a re ratang ka teng re mo rata le ho feta.

TSHWARA LELAPA LA JEHOVA JWALO KA YENA

10. Re ka ithutang tseleng eo Jehova a tshwarang bara le baradibabo rona ka yona?

10 Jehova o rata bara le baradibabo rona. Empa ka dinako tse ding ho ke ke ha eba bonolo hore re bone hore ba a re rata kapa hore rona re ba bontshe hore re a ba rata. Ntle ho moo, re tswa merabeng e sa tshwaneng ebile re hodisitswe ka ditsela tse sa tshwaneng. Hape kaofela ha rona re etsa diphoso tse ka halefisang batho ba bang le ho ba kwatisa. Ho ntse ho le jwalo, kaofela ha rona re ka leka ka matla ho etsa hore ho be le lerato ka lelapeng la Jehova. Ka tsela efe? Ka ho etsisa Ntate wa rona ka hore re rate bara le baradibabo rona. (Baef. 5:​1, 2; 1 Joh. 4:​19) A re ke re boneng hore na re ka ithutang mohlaleng wa Jehova.

11. Jesu o ile a bontsha jwang hore Jehova o na le “qenehelo e bonolo”?

11 Jehova o na le “qenehelo e bonolo.” (Luka 1:​78) Motho ya nang le qenehelo o ameha maikutlo ha a bona batho ba utlwa bohloko ebile o batla ditsela tsa ho ba thusa le ho ba kgothatsa. Tsela eo Jesu a ileng a tshwara batho ka yona e ne e bontsha hore na Jehova o ikutlwa jwang ka bona. (Joh. 5:​19) Ka nako e nngwe ha a bona bongata o ile a “bo hauhela, hobane bo ne bo sohlokehile mme bo qhalakane jwalo ka dinku tse se nang modisa.” (Mat. 9:​36) Jesu o ne a qenehela batho a bile a ba thusa. O ne a fodisa batho ba kulang a bile a kgatholla le bohle ba “sehlang le ba imetsweng.”​—Mat. 11:​28-30; 14:14.

Etsisa Jehova ka hore o be le qenehelo ho Bakrestemmoho le wena hape o be motho ya fanang (Sheba serapa sa 12-14) *

12. Etsa mohlala wa hore na re ka bontsha jwang hore re tsotella Bakrestemmoho le rona.

12 Re lokela ho nahana ka mathata ao Bakrestemmoho le rona ba nang le ona pele re ka ba bontsha hore re a ba tsotella. Mohlala, ho ka etsahala hore ebe moradiwabo rona o kula haholo. Ha ho mohla a buang ka ho kula ha hae empa a ka thaba haholo haeba a ka thuswa ka ditsela tse itseng. O ntse a kgona jwang ho hlokomela lelapa la hae ka ditlhoko tsa lona? Na a ka thabela ho thuswa ka ho pheha le ho hlwekisa ntlo? Kapa mohlomong morabo rona o felletswe ke mosebetsi. Na ho mo fa tjhelete e seng kae le ha a sa tsebe hore na e tswa ho mang ho ke ke ha mo thusa ho fihlela a fumana mosebetsi o mong?

13, 14. Re ka ba batho ba fanang jwang jwalo ka Jehova?

13 Jehova o a fana. (Mat. 5:​45) Ha re a lokela ho emela hore bara le baradibabo rona ba kope thuso ho rona pele re ka ba bontsha hore re a ba kgathalla. Jwalo ka Jehova, re lokela ho ba thusa pele ba tla ho rona. Jehova o re tjhabisetsa letsatsi ka mehla ntle le hore re mo kope. Hape mofuthu wa letsatsi o thusa motho e mong le e mong esita le ba se nang teboho. Na o ke ke wa dumela hore taba ya hore Jehova o re hlokomela ka ditlhoko tsa rona ke bopaki ba hore o a re rata? Ka nnete re rata Jehova ka hore e be o mosa le hore o a fana.

14 Bara le baradibabo rona ba bangata ba etsisa Ntate wa rona ka hore e be bona ba qalang pele ka ho bontsha ba bang hore ba a ba kgathalla. Mohlala, ka 2013 lehodiotswana le bitswang Super Typhoon Haiyan le ile la baka tshenyo e kgolo Philippines. Bara le baradibabo rona ba bangata ba ile ba senyehelwa ke mahae a bona le thepa. Empa lelapa labo bona lefatsheng lohle le ile la potlakela ho ba tshehetsa. Ba bangata ba ile ba fana ka menehelo ha ba bang bona ba ile ba eba teng kahong moo ba ileng ba lokisa le ho haha botjha matlo a ka bang 750 ka nako e ka tlase ho selemo. Nakong ya sewa sa Corona, Dipaki di ile tsa sebetsa ka thata ho thusa Bakrestemmoho le tsona. Ha re potlakela ho thusa lelapa lena labo rona re bontsha hore re a le rata.

15, 16. Ho ya ka Luka 6:​36, ke ntho efe ya bohlokwa eo re ka e etsang ho bontsha hore re etsisa Ntate wa rona Jehova?

15 Jehova o mohau hape o a tshwarela. (Bala Luka 6:​36.) Letsatsi ka leng Jehova o a re tshwarela. (Pes. 103:​10-14) Balatedi ba Jesu ba ne ba sa phethahala empa o ile a ba bontsha mohau le ho ba tshwarela. O ne a bile a ikemiseditse ho tela bophelo ba hae e le hore dibe tsa rona di ka tshwarelwa. (1 Joh. 2:​1, 2) Na ha o utlwe o batla ho atamela haufi le Jehova le Jesu hobane ba le mohau ebile ba tshwarela?

16 Re hodisa lerato le teng ka lelapeng lena la Jehova haeba re ‘tshwarelana ka bolokolohi.’ (Baef. 4:​32) Ke nnete hore ho tshwarela batho ba bang ha se ntho e bonolo ka dinako tse ding. Ka hoo re lokela ho sebetsa ka thata ntlheng eo. Moradiwabo rona e mong o re sehlooho sa Molula-Qhooa se reng “Tshwarelanang ka Bolokolohi” se ile sa mo thusa ho etsa jwalo. * O re: “Ho bala sehlooho sena ho nthusitse hore ke utlwisise hore na ho tshwarela batho ba bang ho ntswela molemo jwang. Se ile sa hlalosa hore ho ikemisetsa ho tshwarela batho ba bang ha ho bolele hore o dumela hore ha ba a etsa phoso kapa hona hore ha ba a o utlwisa bohloko. Empa ho tshwarela ho bolela hore ha o batle ho jara motho eo ka pelo le hore o batla ho dula o ena le kgotso.” Ha re tshwarela bara le baradibabo rona ka bolokolohi re bontsha hore re a ba rata le ho etsisa Ntate wa rona Jehova.

THABELA HO BA SETHO SA LELAPA LA JEHOVA

Ba batjha le ba baholo ba bontshitse hore ba rata badumedimmoho le bona (Sheba serapa sa 17) *

17. Ho ya ka Matheu 5:​16, re ka bontsha jwang hore re hlompha Ntate wa rona?

17 Ke ntho e thabisang haholo ho ba setho sa lelapa le leholohadi la matjhaba. Re batla hore batho ba bangata ka hohle ka moo ho ka kgonehang ba rapele Modimo wa rona ha mmoho le rona. Re nahanne ka taba ena re lokela ho ela hloko hore re se ke ra etsa eng kapa eng e ka etsang hore Jehova kapa bahlanka ba hae ba hlahe hampe. Re leka ho itshwara ka tsela e tla etsa hore batho ba batle ho mamela molaetsa wa Mmuso.​—Bala Matheu 5:16.

18. Re ka thuswa keng hore re bolele ka sebete?

18 Ka dinako tse ding batho ba bang ba ka re soma kapa ba re hlorisa hobane feela re mamela Ntate wa rona. Empa re tla etsang haeba re tshoha ha re bua le batho ba bang ka dintho tseo re di dumelang? Re ka tshepa Jehova le Mora wa hae hore ba tla re thusa. Jesu o ile a tiisetsa barutuwa ba hae hore ha ba a tlameha ho tshwenyeha ka hore na ba tla bua jwang kapa na ba tla reng. O ne a bolelang? O ile a re: “Seo le tla se bua le tla se fuwa ka hora eo; etswe ha se lona ba buang, empa ke moya wa Ntata lona o buang ka lona.”​—Mat. 10:​19, 20.

19. Fana ka mohlala wa motho ya ileng a fana ka bopaki ka sebete.

19 A ko nahane ka mohlala wa morabo rona Robert. Nakong e fetileng ha a sa tswa qala ho ithuta Bibele a bile a e na le tsebo e fokolang ya yona, o ile a hlaha ka pela lekgotla la sesole Afrika Borwa. Ka sebete o ile a hlalosetsa lekgotla hore o batla ho dula a sa kenelle sesoleng hobane a rata Bakrestemmoho le yena. O ne a rata ho ba setho sa lelapa la Jehova. Moahlodi o ile a mo botsa a re: “Barabeno ke bomang?” Morabo rona Robert o ne a sa lebella potso eo empa kapelepele o ile a hopola temana ya letsatsi ya mohlang oo. E ne e le Matheu 12:​50 e reng: “Ka ha mang kapa mang ya etsang thato ya Ntate ya lehodimong, eo ke moreso, le moradieso, le mme.” Le hoja morabo rona Robert a ne a sa tswa qala ho ithuta Bibele, moya wa Jehova o ile wa mo thusa hore a arabe potso eo le tse ding tse ngata tseo a neng a sa di lebella. E tlameha ebe Jehova o ne a le motlotlo ka morabo rona Robert. Hape Jehova o boetse o ikotla sefuba ka rona ha re itshetleha ka yena e le hore re bolelle batho molaetsa wa hae ka sebete le tlasa maemo a thata.

20. Re lokela ho ikemisetsa ho etsang? (Johanne 17:​11, 15)

20 E se eka re ka tswela pele re thabela ho ba ditho tsa lelapa lena le re ratang. Re na le Ntate ya molemo ka ho fetisisa eo re ka bang le yena ha mmoho le bara le baradibabo rona ba re ratang haholo. Ha re a lokela hore le ka mohla re nke dintho tsena hanyane. Satane le balatedi ba hae ba kgopo ba leka ho etsa hore re belaelle taba ya hore Jehova o a re rata hape ba leka ho etsa hore re se ke ra ba le bonngwe. Le ha ho le jwalo, Jesu o ile a re rapella ho Ntate wa hae hore a re lebele e le hore lelapa lena la rona le ka dula le momahane. (Bala Johanne 17:​11, 15.) Jehova o ntse a arabela thapelo eo. Jwalo ka Jesu, e se eka re ke ke ra belaella taba ya hore Ntate wa rona o a re rata le hore o a re tshehetsa. A re ikemisetseng ho tswela pele re eba haufi haholo le lelapa lena la rona.

PINA YA 99 Dimiriade Tsa Barabeso

^ par. 5 Re thabela ho ba le monyetla o babatsehang wa ho ba karolo ya lelapa le re ratang la bara le baradibabo rona. Kaofela ha rona re batla ho hodisa lerato le teng hara rona. Re ka kgona jwang ho etsa joalo? Ka ho etsisa tsela eo Ntate wa rona ya lerato a re tshwarang ka yona le ka ho etsisa mohlala wa Jesu le wa Bakrestemmoho le rona.

^ par. 57 DITSHWANTSHO: Jehova o ile a romela lengeloi serapeng sa Gethesemane hore le ilo matlafatsa Jesu.

^ par. 59 DITSHWANTSHO: Nakong ya sewa sa Corona batho ba bangata ba ile ba sebetsa ka thata ho fana ka dijo.

^ par. 61 DITSHWANTSHO: Mme o thusa moradi wa hae ho romela lengolo le kgothatsang ho morabo rona ya teronkong.