Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 43

U se ke oa Tela!

U se ke oa Tela!

“A re se keng ra tela ho etsa se setle.”​—BAGAL. 6:9.

PINA EA 68 Re Jaleng Peo ea ’Muso

SEO RE TL’O ITHUTA SONA *

1. Ke hobane’ng ha re thabile ebile re le motlotlo?

 REA thaba ebile re motlotlo ho ba Lipaki Tsa Jehova. Re jara lebitso la Molimo ebile rea le phelela ka hore re bolelle batho ka lona ha re etsa mosebetsi oa boboleli le ho etsa barutuoa. Rea thaba ha re khona ho thusa motho ea nang le “tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng” hore a sebeletse Jehova. (Lik. 13:​48) Re ba le maikutlo a tšoanang le a Jesu ha a ne “a nyakalla ka moea o halalelang” ha barutuoa ba hae ba ne ba thabile ha ba tsoa mosebetsing oa boboleli.​—Luka 10:​1, 17, 21.

2. Re ka bontša joang hore mosebetsi oa boboleli ke oa bohlokoa ho rona?

2 Mosebetsi oa boboleli o bohlokoa haholo ho rona. Moapostola Pauluse o ile a khothalletsa Timothea a re: “Ikele hloko kamehla ’me u e le hloko le ho ruta ha hao. . . . kaha ka ho etsa sena u tla ipholosa ’me u pholose le ba u mamelang.” (1 Tim. 4:​16) Bophelo ba batho bo kotsing. Kahoo, re ikela hloko tseleng eo re phelang ka eona kaha re bafo ba ’Muso oa Molimo. Re lula re itšoara ka tsela e tlotlisang Jehova le e lumellanang le molaetsa oo re o bolellang batho. (Bafil. 1:​27) Re bontša hore re ‘ela hloko tsela eo re rutang ka eona’ ka hore re lokisetse hantle pele re ea tšimong le ho kopa Jehova hore a re thuse pele re bua le batho ba bang ka Bibele.

3. Fana ka mohlala o bontšang hore na batho ba ikutloa joang ka molaetsa oa ’Muso.

3 Le hoja re ka sebetsa ka thata mosebetsing oa boboleli, batho ba bangata ba ka ’na ba se ke ba re mamela. A re bueng ka ntho e ileng ea etsahalla Mora oa bo rona Georg Lindal ha a ntse a bolela a le mong libakeng tse fapaneng tsa Iceland ho tloha ka 1929 ho ea ho 1947. O ile a fana ka lingoloa tse ngata empa ha ho motho le ea le mong eo e ileng ea e-ba Paki. O ile a re: “Batho ba bang ba ne ba bonahala ba hanyetsa molaetsa oa Bibele ha bongata bona bo ne bo sa o thabele ho hang.” Le ka mor’a hore ho tle baromuoa ba tsoang Sekolong sa Gileade, ho ile ha feta lilemo tse robong pele batho ba bang Iceland moo ba inehela ho Jehova le ho kolobetsoa. *

4. Re ka ikutloa joang haeba batho ba sa mamele molaetsa oa rona?

4 Re utloa bohloko ha batho ba sa batle ho ithuta Bibele. Re ka ikutloa joaloka Pauluse ea ileng a ba le “mesarelo e meholo le bohloko bo sa khaotseng” hobane Bajuda ba bangata ba ne ba hana ho amohela Jesu e le Mesia ea tšepisitsoeng. (Bar. 9:​1-3) U tla etsa’ng haeba motho eo u ithutang Bibele le eena a sa etse liphetoho ’me le tlameha ho khaotsa ho ithuta le hoja u ile oa sebetsa ka thata ho mo ruta le ho mo rapella? Kapa ho thoe’ng haeba ha u e-s’o thuse motho hore a kolobetsoe? Na u lokela ho ikutloa u le molato mohlomong u nahane hore Jehova ha a hlohonolofatse tšebeletso ea hao? Sehloohong sena re tl’o araba lipotso tse peli: (1) Ke’ng e bontšang hore mosebetsi oa rona oa boboleli o atlehile? (2) Re lokela ho lebella’ng mosebetsing oo?

KE’NG E BONTŠANG HORE MOSEBETSI OA RONA OA BOBOLELI O ATLEHILE?

5. Ke hobane’ng ha mosebetsi oo re o etsetsang Jehova o sa lule o e-ba ka tsela eo re e batlang?

5 Bibele e re motho ea etsang thato ea Molimo “ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang e tla atleha.” (Pes. 1:3) Leha ho le joalo, taba ena ha e bolele hore lintho tsohle li tla etsahala ka tsela eo re e lebeletseng. Kaha kaofela ha rona ha rea phethahala bophelo ba rona bo tletse “likhathatso”. (Jobo 14:1) Ho feta moo, ka nakoana batho ba re hanyetsang ba ka ’na ba atleha ho re thibela ho etsa mosebetsi oa boboleli ka tsela eo re e tloaetseng. (1 Bakor. 16:9; 1 Bathes. 2:​18) Kahoo, Jehova o bontša joang hore re atlehile mosebetsing oa rona oa boboleli? A re boneng mabaka a mang a Mangolo a tla re thusa ho araba potso eo.

Jehova o ananela boiteko ba rona ebang re bolela ka ntlo le ntlo, re ngola mangolo kapa rea founa (Sheba serapa sa 6)

6. Jehova o bontša joang hore mosebetsi oa rona oa boboleli o atlehile?

6 Jehova o sheba boiteko le mamello ea rona. Jehova oa thaba ha re etsa mosebetsi oa rona ka mafolofolo hobane re mo rata, ho sa tsotellehe hore na batho ba bang ba arabela joang. Pauluse o ile a re: “Molimo ha se ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lona le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae, ka hore le sebelelitse bahalaleli ’me le tsoela pele ho sebeletsa.” (Baheb. 6:​10) Jehova o hopola mesebetsi ea rona le lerato leo re ileng ra le bontša le haeba boiteko ba rona bo sa behe litholoana. Kahoo ho sa tsotellehe hore na mosebetsi oa hao o beha litholoana tseo u li lebelletseng kapa che, mantsoe ao Pauluse a ileng a a bua ho Bakorinthe a ka u khothatsa a re’ng: “Mosebetsi oa lona ha se oa lefeela mabapi le Morena.”​—1 Bakor. 15:58.

7. Re ka ithuta’ng nthong eo moapostola Pauluse a e buileng ka tšebeletso ea hae?

7 Moapostola Pauluse e ne e le moromuoa ea hloahloa ea ileng a theha liphutheho tse ncha libakeng tse ngata. Leha ho le joalo, nakong eo a neng a utloa eka ho hlokahala hore a bontše hore ke mosebeletsi oa Kreste haa ka a bua kamoo a thusitseng batho ba bangata kateng hore e be Bakreste. Ho e-na le hoo, ha a ne a ikemela ho batho ba neng ba nka hore ba mo phahametse o ile a re, ke ile ka etsa ‘mesebetsi e mengata haholo.’ (2 Bakor. 11:​23) Joaloka Pauluse re hopole hore ntho ea bohlokoa ho Jehova ke boiteko le mamello ea rona.

8. Re lokela ho hopola’ng ka mosebetsi oa rona?

8 Mosebetsi oa rona o thabisa Jehova. Jesu o ile a romela barutuoa ba hae ba 70 ho il’o bolela ka molaetsa oa ’Muso ’me ba ile ba khutla ba thabile. Ebe ba ne ba thabisitsoe ke’ng? Ba ile ba re: “Esita le bademona ba behoa tlas’a rona ka ho sebelisa lebitso la hao.” Leha ho le joalo, Jesu o ile a ba khalemela a re ho bona: “Le se ke la thabela hore ebe meea e behoa tlas’a lona, empa le thabe ka hobane mabitso a lona a ngotsoe maholimong.” (Luka 10:​17-20) Jesu o ne a tseba hore ba ke ke ba lula ba thabile joalo tšebeletsong ea bona. Ha e le hantle, ha re tsebe hore na ke batho ba bakae ba ileng ba mamela barutuoa eaba e e-ba Bakreste. Ntho ea bohlokoa eo e neng e lokela ho ba thabisa ke ho tseba hore Jehova o ananela boiteko ba bona eseng lintho tseo ba li finyelletseng.

9. Ho ea ka Bagalata 6:​7-9, ho tla etsahala’ng haeba re mamella boboleling?

9 Haeba re mamella boboleling re tla fumana bophelo bo sa feleng. Ha re jala le ho kotula peo ea ’nete ea ’Muso ka pelo eohle re boetse re jala ka “sepheo sa ho jalla moea” ka ho lumella moea o halalelang oa Molimo hore o sebetse ho rona ka bolokolohi. Haeba re sa ‘tele’ kapa hona ho ‘khathala,’ Jehova o re tšepisa hore re tla fumana bophelo bo sa feleng ho sa tsotellehe hore na re thusa batho ba bang hore ba kolobetsoe kapa che.​—Bala Bagalata 6:​7-9.

RE LOKELA HO LEBELLA’NG MOSEBETSING OA BOBOLELI?

10. Ke’ng e etsang hore batho ba mamele molaetsa oa rona?

10 Taba ea hore na batho ba tla mamela molaetsa kapa che e itšetlehile ka bona. Jesu o ile a hlalosa taba ena ha a ne a bua ka papiso ea mojali ea ileng a jala peo mefuteng e fapaneng ea mobu eaba e-ba le litholoana mobung o mong. (Luka 8:​5-8) Jesu o ile a re mobu o emela batho ba amohelang “lentsoe la Molimo” ka litsela tse sa tšoaneng. (Luka 8:​11-15) Joaloka mojali eo, re ke ke ra khona ho laola litholoana tse tla hlahisoa ke mosebetsi oa rona kaha li itšetlehile ka boemo ba lipelo tsa batho ba re mamelang. Boikarabelo ba rona ke ho tsoela pele re jala peo ea molaetsa oa ’Muso. Joalokaha moapostola Pauluse a boletse, “e mong le e mong o tla amohela moputso oa hae ho ea ka mosebetsi oa hae,” eseng ho ea ka litholoana tsa mosebetsi oa hae.​—1 Bakor. 3:8.

Le hoja Noe a ile a bolela ka botšepehi ka lilemo tse ngata, o ile a kena ka arekeng le lelapa la hae feela. Noe o ile a mamela Molimo nthong e ’ngoe le e ’ngoe. (Sheba serapa sa 11)

11. Ke hobane’ng ha Noe e ne e le “ ’moleli oa ho loka” ea atlehileng? (Sheba setšoantšo se ka ntle.)

11 Batho ba ne ba sa batle ho mamela lipaki tsa Jehova tsa nako e fetileng. Ka mohlala, Noe e bile “ ’moleli oa ho loka” ka lilemo tse ngata. (2 Pet. 2:5) Ha ho pelaelo o ne a tšepile hore batho ba bang ba tla mo mamela empa Jehova ha aa ka a re ntho eo e tla etsahala. Ho e-na le hoo, ha Noe a ntse a haha areka Molimo o ile a re ho eena: “U tla kena ka arekeng, uena hammoho le bara ba hao le mosali oa hao le basali ba bara ba hao.” (Gen. 6:​18) Hape a nahanne ka hore na areka e ne e tla ba kae, e ka ’na eaba Noe o ile a hlokomela hore ha se batho ba bangata ba neng ba tla mo mamela. (Gen. 6:​15) Ha e le hantle, ha ho motho le ea le mong lefatšeng leo le khopo ea ileng a mamela molaetsa oa Noe. (Gen. 7:7) Na Jehova o ile a nka Noe a hlolehile ho etsa mosebetsi oa boboleli? Le letho. Ho Molimo mosebetsi oa Noe e ne e le o atlehileng kaha o ile a phetha ka botšepehi ntho eo Jehova a ileng a mo kopa hore a e etse.​—Gen. 6:22.

12. Moprofeta Jeremia o ile a lula a thabile joang tšebeletsong ea hae le hoja a ne a sa mameloe ebile a hanyetsoa?

12 Ka tsela e tšoanang, moprofeta Jeremia o ile a bolela molaetsa oa Molimo ka lilemo tse fetang tse 40 ho batho ba neng ba sa batle ho mo mamela le ba neng ba mo hanyetsa. O ile a nyahamisoa ke ho ‘nyelisoa le ho songoa’ ke bahanyetsiba hae hoo a ileng a nahana ka ho tlohela mosebetsi oa hae. (Jer. 20:​8, 9) Empa Jeremia ha aa ka a tela. Ke’ng e ileng ea mo thusa hore a lule a thabile tšebeletsong ea hae? O ile a ameha ka lintho tsena tse peli tsa bohlokoa. Ntho ea pele ke hore molaetsa oa Molimo oo Jeremia a neng a o bolella batho o ne o bua ka “bokamoso le tšepo.” (Jer. 29:​11) Ea bobeli, Jeremia e ne e le moemeli oa Jehova. (Jer. 15:​16) Le rona re bolella batho molaetsa o nang le tšepo ebile re jere lebitso la Jehova kaha re Lipaki tsa hae. Ha re ameha ka lintho tsena tse peli, re tla thaba ho sa tsotellehe hore na batho ba amohela molaetsa oa rona kapa che.

13. Re ithuta’ng papisong ea Jesu e ho Mareka 4:​26-29?

13 Ho nka nako hore motho a be le tumelo. Jesu o ile a bua ka taba ena papisong ea mojali ea ileng a robala. (Bala Mareka 4:​26-29.) Litholoana tsa mosebetsi oa mojali eo li ile tsa ba teng butle-butle ’me ha ho letho le lekaalo leo a ileng a le etsa. Le uena u ka ’na oa se ke oa bona hore na u sebeletsa hokae hobane ho nka nako hore motho a be le tumelo ebile ho tsamaea ka mekhahlelo. Joalokaha molemi a ke ke a qobella lijalo tsa hae hore li hole ka tsela eo eena a e batlang, re ke ke ra qobella motho eo re ithutang le eena hore a be le tumelo kapele kamoo rona re ka ratang kateng. Kahoo, u se ke oa nyahama kapa hona ho tela haeba a nka nako pele a etsa liphetoho. Joaloka ho lema, ho etsa barutuoa ho hloka mamello.​—Jak. 5:​7, 8.

14. Ke mohlala ofe o bontšang hore ho nka nako hore batho ba mamele molaetsa oa rona?

14 Libakeng tse ling mosebetsi oa rona oa boboleli o ka nka nako pele o beha litholoana. A re bueng ka morali oa bo rona Gladys le morali oa bo rona Ruby Allen ba ileng ba e-ba bo-pula-maliboho ba kamehla ka 1959 toropong e ’ngoe e profenseng ea Quebec, Canada. * Batho ba ne ba sa batle ho mamela molaetsa oa ’Muso kaha batho ba toropong eo ba ne ba susumetsoa le ho hatelloa ke kereke ea K’hatholike. Morali oa bo rona Gladys o re: “Re ile ra tsamaea ka ntlo le ntlo ka lihora tse robeli ka letsatsi ka lilemo tse peli ho se motho ea reng re kene! Batho ba ne ba tla monyako ebe ba koala likharetene tse menyakong. Empa ha rea ka ra tela.” Ha nako e ntse e ea, batho ba ile ba fetola tsela eo ba neng ba ikutloa ka eona ’me ba qala ho mamela. Hona joale ho na le liphutheho tse tharo toropong eo.​—Esa. 60:22.

15. 1 Bakorinthe 3:​6, 7 e re ruta’ng mabapi le ho etsa barutuoa?

15 Ho etsa barutuoa ho hloka batho ba bangata. Ho hlokahala phutheho eohle ho thusa motho hore a kolobetsoe. (Bala 1 Bakorinthe 3:​6, 7.) Mohlala, mohoeletsi o fa motho ea thabelang ho ithuta pampitšana kapa makasine. Mohoeletsi eo o fumana hore a ke ke a hlola a khona ho khutlela ho motho eo, kahoo o kopa mohoeletsi e mong hore a mo etele. Ka mor’a moo, mohoeletsi eo e mong o qalisa thuto ea Bibele le eena. Ha ba ntse ba ithuta, o mema bara le barali ba bo rona ’me ba khothatsa motho enoa ka litsela tse fapaneng. Mora kapa morali oa bo rona e mong le e mong eo moithuti a kopanang le eena o tla mo thusa hore a be le tumelo e matla. Kahoo joalokaha Jesu a boletse, mojali le mokotuli ba ka thaba hammoho nakong ea kotulo.​—Joh. 4:​35-38.

16. U ka thabisoa ke’ng tšebeletsong ea hao le hoja u kula kapa u se u se na matla?

16 U tla etsa’ng haeba ha u khone ho lula u bolela le ho ruta batho ka Bibele ka lebaka la hore oa kula kapa ha u sa na matla? U ka khona ho lula u thabisoa ke ntho eo u khonang ho e etsa. A k’o nahane ka Morena Davida nakong eo eena le bahlanka ba hae ba neng ba pholosa malapa a bona le thepa ea bona ho Baamaleke. Banna ba 200 ba ne ba khathetse haholo hore ba ka loana, kahoo ba ile ba sala ba katile thepa. Ka mor’a hore Davida le banna bao ba hlole ntoa, Davida o ile a re batho bohle ba arolelane thepa ka ho lekana. (1 Sam. 30:​21-25) Ntho ena e tšoana hantle le mosebetsi oa rona oa ho etsa barutuoa lefatšeng lohle. Kaofela ha rona re tla thaba haeba re kenya letsoho mosebetsing ona oa boboleli ho thusa batho ba bacha hore ba kolobetsoe.

17. Re ka leboha Jehova ka’ng?

17 Re leboha Jehova ka tsela e lerato eo a nkang tšebeletso ea rona ka eona. Oa tseba hore re ke ke ra laola hore na mosebetsi oa rona o fana ka litholoana life. Ho ntse ho le joalo, o bona boiteko ba rona le kamoo re mo ratang kateng ’me oa re putsa. O boetse o re ruta hore na re ka thaba joang ha re ntse re kenya letsoho mosebetsing oa ho etsa batho barutuoa. (Joh. 14:​12) Kahoo, re ka kholiseha hore re tla lula re thabisa Molimo ha feela re sa tele.

PINA EA 67 ‘Bolelang Lentsoe’

^ ser. 5 Rea thaba ha batho ba batla ho ithuta Bibele empa re utloa bohloko ha ba sa etse joalo. U tla etsa’ng haeba motho eo u ithutang Bibele le eena a sa etse liphetoho? Kapa u tla etsa’ng haeba ha u e-s’o thuse motho hore a kolobetsoe? Na u tla etsa qeto ea hore u hlolehile ho etsa barutuoa? Sehloohong sena, re tla bona hore na re ka atleha joang mosebetsing oa boboleli le ho o thabela ho sa tsotellehe hore na batho baa re mamela kapa che.

^ ser. 3 Bala Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2005 leq. 205-211.

^ ser. 14 Bala pale ea bophelo ea morali oa bo rona Gladys Allen e nang le sehlooho se re’ng, “Ke ne Nke ke ka Fetola Letho!” ho Molula-Qhooa oa September 1, 2002.