Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 43

O se ke wa Tela!

O se ke wa Tela!

“A re se keng ra tela ho etsa se setle.”​—BAGAL. 6:9.

PINA YA 68 Ho Jala Peo Ya Mmuso

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ke hobaneng ha re thabile ebile re le motlotlo?

RE A thaba ebile re motlotlo ho ba Dipaki Tsa Jehova. Re jara lebitso la Modimo ebile re a le phelela ka hore re bolelle batho ka lona ha re etsa mosebetsi wa boboledi le ho etsa barutuwa. Re a thaba ha re kgona ho thusa motho ya nang le “tshekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng” hore a sebeletse Jehova. (Lik. 13:48) Re ba le maikutlo a tshwanang le a Jesu ha a ne “a nyakalla ka moya o halalelang” ha barutuwa ba hae ba ne ba thabile ha ba tswa mosebetsing wa boboledi.​—Luka 10:1, 17, 21.

2. Re ka bontsha jwang hore mosebetsi wa boboledi ke wa bohlokwa ho rona?

2 Mosebetsi wa boboledi o bohlokwa haholo ho rona. Moapostola Pauluse o ile a kgothalletsa Timothea a re: “Ikele hloko ka mehla mme o e le hloko le ho ruta ha hao. . . . ka ha ka ho etsa sena o tla ipholosa mme o pholose le ba o mamelang.” (1 Tim. 4:16) Bophelo ba batho bo kotsing. Ka hoo, re ikela hloko tseleng eo re phelang ka yona ka ha re bafo ba Mmuso wa Modimo. Re dula re itshwara ka tsela e tlotlisang Jehova le e dumellanang le molaetsa oo re o bolellang batho. (Bafil. 1:27) Re bontsha hore re ‘ela hloko tsela eo re rutang ka yona’ ka hore re lokisetse hantle pele re ya tshimong le ho kopa Jehova hore a re thuse pele re bua le batho ba bang ka Bibele.

3. Fana ka mohlala o bontshang hore na batho ba ikutlwa jwang ka molaetsa wa Mmuso.

3 Le hoja re ka sebetsa ka thata mosebetsing wa boboledi, batho ba bangata ba ka nna ba se ke ba re mamela. A re bueng ka ntho e ileng ya etsahalla Morabo rona Georg Lindal ha a ntse a bolela a le mong dibakeng tse fapaneng tsa Iceland ho tloha ka 1929 ho ya ho 1947. O ile a fana ka dingolwa tse ngata empa ha ho motho le ya le mong eo e ileng ya eba Paki. O ile a re: “Batho ba bang ba ne ba bonahala ba hanyetsa molaetsa wa Bibele ha bongata bona bo ne bo sa o thabele ho hang.” Le ka mora hore ho tle baromuwa ba tswang Sekolong sa Gileade, ho ile ha feta dilemo tse robong pele batho ba bang Iceland moo ba inehela ho Jehova le ho kolobetswa. *

4. Re ka ikutlwa jwang haeba batho ba sa mamele molaetsa wa rona?

4 Re utlwa bohloko ha batho ba sa batle ho ithuta Bibele. Re ka ikutlwa jwalo ka Pauluse ya ileng a ba le “mesarelo e meholo le bohloko bo sa kgaotseng” hobane Bajuda ba bangata ba ne ba hana ho amohela Jesu e le Mesia ya tshepisitsweng. (Bar. 9:1-3) O tla etsang haeba motho eo o ithutang Bibele le yena a sa etse diphetoho mme le tlameha ho kgaotsa ho ithuta le hoja o ile wa sebetsa ka thata ho mo ruta le ho mo rapella? Kapa ho thweng haeba ha o eso thuse motho hore a kolobetswe? Na o lokela ho ikutlwa o le molato mohlomong o nahane hore Jehova ha a hlohonolofatse tshebeletso ya hao? Sehloohong sena re tlo araba dipotso tse pedi: (1) Keng e bontshang hore mosebetsi wa rona wa boboledi o atlehile? (2) Re lokela ho lebellang mosebetsing oo?

KENG E BONTSHANG HORE MOSEBETSI WA RONA WA BOBOLEDI O ATLEHILE?

5. Ke hobaneng ha mosebetsi oo re o etsetsang Jehova o sa dule o eba ka tsela eo re e batlang?

5 Bibele e re motho ya etsang thato ya Modimo “ntho e nngwe le e nngwe eo a e etsang e tla atleha.” (Pes. 1:3) Le ha ho le jwalo, taba ena ha e bolele hore dintho tsohle di tla etsahala ka tsela eo re e lebelletseng. Ka ha kaofela ha rona ha re a phethahala bophelo ba rona bo tletse “dikgathatso”. (Jobo 14:1) Ho feta moo, ka nakwana batho ba re hanyetsang ba ka nna ba atleha ho re thibela ho etsa mosebetsi wa boboledi ka tsela eo re e tlwaetseng. (1 Bakor. 16:9; 1 Bathes. 2:18) Ka hoo, Jehova o bontsha jwang hore re atlehile mosebetsing wa rona wa boboledi? A re boneng mabaka a mang a Mangolo a tla re thusa ho araba potso eo.

Jehova o ananela boiteko ba rona ebang re bolela ka ntlo le ntlo, re ngola mangolo kapa re a founa (Sheba serapa sa 6)

6. Jehova o bontsha jwang hore mosebetsi wa rona wa boboledi o atlehile?

6 Jehova o sheba boiteko le mamello ya rona. Jehova o a thaba ha re etsa mosebetsi wa rona ka mafolofolo hobane re mo rata, ho sa tsotellehe hore na batho ba bang ba arabela jwang. Pauluse o ile a re: “Modimo ha se ya sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi wa lona le lerato leo le ileng la le bontsha bakeng sa lebitso la hae, ka hore le sebeleditse bahalaledi mme le tswela pele ho sebeletsa.” (Baheb. 6:10) Jehova o hopola mesebetsi ya rona le lerato leo re ileng ra le bontsha le haeba boiteko ba rona bo sa behe ditholwana. Ka hoo ho sa tsotellehe hore na mosebetsi wa hao o beha ditholwana tseo o di lebelletseng kapa tjhe, mantswe ao Pauluse a ileng a a bua ho Bakorinthe a ka o kgothatsa a reng: “Mosebetsi wa lona ha se wa lefeela mabapi le Morena.”​—1 Bakor. 15:58.

7. Re ka ithutang nthong eo moapostola Pauluse a e buileng ka tshebeletso ya hae?

7 Moapostola Pauluse e ne e le moromuwa ya hlwahlwa ya ileng a theha diphutheho tse ntjha dibakeng tse ngata. Le ha ho le jwalo, nakong eo a neng a utlwa eka ho hlokahala hore a bontshe hore ke mosebeletsi wa Kreste ha a ka a bua ka moo a thusitseng batho ba bangata ka teng hore e be Bakreste. Ho ena le hoo, ha a ne a ikemela ho batho ba neng ba nka hore ba mo phahametse o ile a re, ke ile ka etsa ‘mesebetsi e mengata haholo.’ (2 Bakor. 11:23) Jwalo ka Pauluse re hopole hore ntho ya bohlokwa ho Jehova ke boiteko le mamello ya rona.

8. Re lokela ho hopolang ka mosebetsi wa rona?

8 Mosebetsi wa rona o thabisa Jehova. Jesu o ile a romela barutuwa ba hae ba 70 ho ilo bolela ka molaetsa wa Mmuso mme ba ile ba kgutla ba thabile. Ebe ba ne ba thabisitswe ke eng? Ba ile ba re: “Esita le bademona ba behwa tlasa rona ka ho sebedisa lebitso la hao.” Le ha ho le jwalo, Jesu o ile a ba kgalemela a re ho bona: “Le se ke la thabela hore ebe meya e behwa tlasa lona, empa le thabe ka hobane mabitso a lona a ngotswe mahodimong.” (Luka 10:17-20) Jesu o ne a tseba hore ba ke ke ba dula ba thabile jwalo tshebeletsong ya bona. Ha e le hantle, ha re tsebe hore na ke batho ba bakae ba ileng ba mamela barutuwa yaba e eba Bakreste. Ntho ya bohlokwa eo e neng e lokela ho ba thabisa ke ho tseba hore Jehova o ananela boiteko ba bona eseng dintho tseo ba di finyelletseng.

9. Ho ya ka Bagalata 6:7-9, ho tla etsahalang haeba re mamella boboleding?

9 Haeba re mamella boboleding re tla fumana bophelo bo sa feleng. Ha re jala le ho kotula peo ya nnete ya Mmuso ka pelo yohle re boetse re jala ka “sepheo sa ho jalla moya” ka ho dumella moya o halalelang wa Modimo hore o sebetse ho rona ka bolokolohi. Haeba re sa ‘tele’ kapa hona ho ‘kgathala,’ Jehova o re tshepisa hore re tla fumana bophelo bo sa feleng ho sa tsotellehe hore na re thusa batho ba bang hore ba kolobetswe kapa tjhe.​—Bala Bagalata 6:7-9.

RE LOKELA HO LEBELLANG MOSEBETSING WA BOBOLEDI?

10. Keng e etsang hore batho ba mamele molaetsa wa rona?

10 Taba ya hore na batho ba tla mamela molaetsa kapa tjhe e itshetlehile ka bona. Jesu o ile a hlalosa taba ena ha a ne a bua ka papiso ya mojadi ya ileng a jala peo mefuteng e fapaneng ya mobu yaba eba le ditholwana mobung o mong. (Luka 8:5-8) Jesu o ile a re mobu o emela batho ba amohelang “lentswe la Modimo” ka ditsela tse sa tshwaneng. (Luka 8:11-15) Jwalo ka mojadi eo, re ke ke ra kgona ho laola ditholwana tse tla hlahiswa ke mosebetsi wa rona ka ha di itshetlehile ka boemo ba dipelo tsa batho ba re mamelang. Boikarabelo ba rona ke ho tswela pele re jala peo ya molaetsa wa Mmuso. Jwalo ka ha moapostola Pauluse a boletse, “e mong le e mong o tla amohela moputso wa hae ho ya ka mosebetsi wa hae,” eseng ho ya ka ditholwana tsa mosebetsi wa hae.​—1 Bakor. 3:8.

Le hoja Noe a ile a bolela ka botshepehi ka dilemo tse ngata, o ile a kena ka arekeng le lelapa la hae feela. Noe o ile a mamela Modimo nthong e nngwe le e nngwe. (Sheba serapa sa 11)

11. Ke hobaneng ha Noe e ne e le “mmoledi wa ho loka” ya atlehileng? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

11 Batho ba ne ba sa batle ho mamela dipaki tsa Jehova tsa nako e fetileng. Ka mohlala, Noe e bile “mmoledi wa ho loka” ka dilemo tse ngata. (2 Pet. 2:5) Ha ho pelaelo o ne a tshepile hore batho ba bang ba tla mo mamela empa Jehova ha a ka a re ntho eo e tla etsahala. Ho ena le hoo, ha Noe a ntse a haha areka Modimo o ile a re ho yena: “O tla kena ka arekeng, wena ha mmoho le bara ba hao le mosadi wa hao le basadi ba bara ba hao.” (Gen. 6:18) Hape a nahanne ka hore na areka e ne e tla ba kae, e ka nna yaba Noe o ile a hlokomela hore ha se batho ba bangata ba neng ba tla mo mamela. (Gen. 6:15) Ha e le hantle, ha ho motho le ya le mong lefatsheng leo le kgopo ya ileng a mamela molaetsa wa Noe. (Gen. 7:7) Na Jehova o ile a nka Noe a hlolehile ho etsa mosebetsi wa boboledi? Le letho. Ho Modimo mosebetsi wa Noe e ne e le o atlehileng ka ha o ile a phetha ka botshepehi ntho eo Jehova a ileng a mo kopa hore a e etse.​—Gen. 6:22.

12. Moprofeta Jeremia o ile a dula a thabile jwang tshebeletsong ya hae le hoja a ne a sa mamelwe ebile a hanyetswa?

12 Ka tsela e tshwanang, moprofeta Jeremia o ile a bolela molaetsa wa Modimo ka dilemo tse fetang tse 40 ho batho ba neng ba sa batle ho mo mamela le ba neng ba mo hanyetsa. O ile a nyahamiswa ke ho ‘nyediswa le ho songwa’ ke bahanyetsi ba hae hoo a ileng a nahana ka ho tlohela mosebetsi wa hae. (Jer. 20:8, 9) Empa Jeremia ha a ka a tela. Keng e ileng ya mo thusa hore a dule a thabile tshebeletsong ya hae? O ile a ameha ka dintho tsena tse pedi tsa bohlokwa. Ntho ya pele ke hore molaetsa wa Modimo oo Jeremia a neng a o bolella batho o ne o bua ka “bokamoso le tshepo.” (Jer. 29:11) Ya bobedi, Jeremia e ne e le moemedi wa Jehova. (Jer. 15:16) Le rona re bolella batho molaetsa o nang le tshepo ebile re jere lebitso la Jehova ka ha re Dipaki tsa hae. Ha re ameha ka dintho tsena tse pedi, re tla thaba ho sa tsotellehe hore na batho ba amohela molaetsa wa rona kapa tjhe.

13. Re ithutang papisong ya Jesu e ho Mareka 4:26-29?

13 Ho nka nako hore motho a be le tumelo. Jesu o ile a bua ka taba ena papisong ya mojadi ya ileng a robala. (Bala Mareka 4:26-29.) Ditholwana tsa mosebetsi wa mojadi eo di ile tsa ba teng butlebutle mme ha ho letho le lekaalo leo a ileng a le etsa. Le wena o ka nna wa se ke wa bona hore na o sebeletsa hokae hobane ho nka nako hore motho a be le tumelo ebile ho tsamaya ka mekgahlelo. Jwalo ka ha molemi a ke ke a qobella dijalo tsa hae hore di hole ka tsela eo yena a e batlang, re ke ke ra qobella motho eo re ithutang le yena hore a be le tumelo kapele ka moo rona re ka ratang ka teng. Ka hoo, o se ke wa nyahama kapa hona ho tela haeba a nka nako pele a etsa diphetoho. Jwalo ka ho lema, ho etsa barutuwa ho hloka mamello.​—Jak. 5:7, 8.

14. Ke mohlala ofe o bontshang hore ho nka nako hore batho ba mamele molaetsa wa rona?

14 Dibakeng tse ding mosebetsi wa rona wa boboledi o ka nka nako pele o beha ditholwana. A re bueng ka moradiwabo rona Gladys le moradiwabo rona Ruby Allen ba ileng ba eba bopulamadiboho ba ka mehla ka 1959 toropong e nngwe e profenseng ya Quebec, Canada. * Batho ba ne ba sa batle ho mamela molaetsa wa Mmuso ka ha batho ba toropong eo ba ne ba susumetswa le ho hatellwa ke kereke ya Khatholike. Moradiwabo rona Gladys o re: “Re ile ra tsamaya ka ntlo le ntlo ka dihora tse robedi ka letsatsi ka dilemo tse pedi ho se motho ya reng re kene! Batho ba ne ba tla monyako ebe ba kwala dikgaretene tse menyakong. Empa ha re a ka ra tela.” Ha nako e ntse e ya, batho ba ile ba fetola tsela eo ba neng ba ikutlwa ka yona mme ba qala ho mamela. Hona jwale ho na le diphutheho tse tharo toropong eo.​—Esa. 60:22.

15. 1 Bakorinthe 3:6, 7 e re rutang mabapi le ho etsa barutuwa?

15 Ho etsa barutuwa ho hloka batho ba bangata. Ho hlokahala phutheho yohle ho thusa motho hore a kolobetswe. (Bala 1 Bakorinthe 3:6, 7.) Mohlala, mohweletsi o fa motho ya thabelang ho ithuta pampitshana kapa makasine. Mohweletsi eo o fumana hore a ke ke a hlola a kgona ho kgutlela ho motho eo, ka hoo o kopa mohweletsi e mong hore a mo etele. Ka mora moo, mohweletsi eo e mong o qadisa thuto ya Bibele le yena. Ha ba ntse ba ithuta, o mema bara le baradibabo rona mme ba kgothatsa motho enwa ka ditsela tse fapaneng. Mora kapa moradiwabo rona e mong le e mong eo moithuti a kopanang le yena o tla mo thusa hore a be le tumelo e matla. Ka hoo jwalo ka ha Jesu a boletse, mojadi le mokotudi ba ka thaba ha mmoho nakong ya kotulo.​—Joh. 4:35-38.

16. O ka thabiswa keng tshebeletsong ya hao le hoja o kula kapa o se o se na matla?

16 O tla etsang haeba ha o kgone ho dula o bolela le ho ruta batho ka Bibele ka lebaka la hore o a kula kapa ha o sa na matla? O ka kgona ho dula o thabiswa ke ntho eo o kgonang ho e etsa. A ko nahane ka Morena Davida nakong eo yena le bahlanka ba hae ba neng ba pholosa malapa a bona le thepa ya bona ho Baamaleke. Banna ba 200 ba ne ba kgathetse haholo hore ba ka lwana, ka hoo ba ile ba sala ba katile thepa. Ka mora hore Davida le banna bao ba hlole ntwa, Davida o ile a re batho bohle ba arolelane thepa ka ho lekana. (1 Sam. 30:21-25) Ntho ena e tshwana hantle le mosebetsi wa rona wa ho etsa barutuwa lefatsheng lohle. Kaofela ha rona re tla thaba haeba re kenya letsoho mosebetsing ona wa boboledi ho thusa batho ba batjha hore ba kolobetswe.

17. Re ka leboha Jehova kang?

17 Re leboha Jehova ka tsela e lerato eo a nkang tshebeletso ya rona ka yona. O a tseba hore re ke ke ra laola hore na mosebetsi wa rona o fana ka ditholwana dife. Ho ntse ho le jwalo, o bona boiteko ba rona le ka moo re mo ratang ka teng mme o a re putsa. O boetse o re ruta hore na re ka thaba jwang ha re ntse re kenya letsoho mosebetsing wa ho etsa batho barutuwa. (Joh. 14:12) Ka hoo, re ka kgodiseha hore re tla dula re thabisa Modimo ha feela re sa tele.

PINA YA 67 ‘Bolelang Lentswe’

^ par. 5 Re a thaba ha batho ba batla ho ithuta Bibele empa re utlwa bohloko ha ba sa etse jwalo. O tla etsang haeba motho eo o ithutang Bibele le yena a sa etse diphetoho? Kapa o tla etsang haeba ha o eso thuse motho hore a kolobetswe? Na o tla etsa qeto ya hore o hlolehile ho etsa barutuwa? Sehloohong sena, re tla bona hore na re ka atleha jwang mosebetsing wa boboledi le ho o thabela ho sa tsotellehe hore na batho ba a re mamela kapa tjhe.

^ par. 3 Bala Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ya 2005 leq. 205-211.

^ par. 14 Bala pale ya bophelo ya moradiwabo rona Gladys Allen e nang le sehlooho se reng, “Ke ne Nke ke ka Fetola Letho!” ho Molula-Qhooa wa September 1, 2002.