Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA BOPHELO

Leeto la ka la Bophelo

Leeto la ka la Bophelo

HA KE ntse ke hahlaula Leoatleng la Mediterranean, ke ile ka hlokomela hore sekepe sa ka se ne se lutla ’me ho ne ho kena metsi a mangata ka sekepeng eaba ho ba le sefefo se matla haholo. Ke ne ke tšohile haholo eaba ke qala ho rapela, e leng ntho eo e neng e se e le nako ke sa e etse. Ke ile ka fihla joang boemong boo? E re ke le tšolele tsona.

Ha ke ne ke le lilemo tse supileng ’na le ba lelapa leso re ne re lula Brazil

Ke hlahetse Netherlands ka selemo sa 1948. Eaba selemo se latelang, lelapa leso le fallela São Paulo e Brazil. Batsoali ba ka ba ne ba lula ba ea kerekeng ’me lelapa leso le ne le lula le bala Bibele ka mor’a lijo tsa mantsiboea. Ka selemo sa 1959 re ile ra falla hape empa lekhetlong lena re ile ra ea Amerika, re ne re lula Massachusetts.

Ntate oa ka o ne a sebetsa ka thata ho hlokomela lelapa leso la batho ba robeli. O ne a sebetsa mesebetsi e fapaneng, a rekisa, a haha litsela ebile a sebetsa k’hamphaning ea lifofane. Lapeng re ne re thabile haholo ha ntate a sebetsa lifofaneng hobane re ne re tla tsamaea haholo.

Ha ke ne ke kena sekolo se phahameng ke ne ke lula ke ipotsa hore na ke batla ho ba eng ha ke hola. E meng ea metsoalle ea ka e ile ea khetha ho ea univesithi, ha e meng eona e ile ea khetha ho kenela sesole. ’Na ke ne ke sa batle ho kenela sesole hobane ke ne ke sa rate ho ngangisana esita le ho loana. Kahoo, ke ile ka khetha ho ea univesithi hobane ke ne ke baleha ho kenela sesole. Ha e le hantle, ntho eo ke neng ke hlile ke e batla e ne e le ho thusa batho hobane ke ne ke nahana hore ke tla thaba.

BOPHELO BA UNIVESITHI

Ke ile ka qeta lilemo tse ngata ke ipotsa hore na ke hobane’ng ha re phela

Haesale ke batla ho tseba hore na batho ba bile teng joang, kahoo ha ke le univesithi ke ile ka khetha ho etsa thuto ea anthropology. Re ne re rutoa hore lintho li iphetotse ’me matichere a rona a ne a lebelletse hore re lumele lintho tseo a re rutang tsona. Litlhaloso tse ling li ne li sa utloahale ’me ke ne ke tlameha ho li kholoa ke se na bopaki.

Tlelaseng eo ke neng ke kena ho eona, re ne re sa rutoe ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng. Ho e-na le hoo, re ne re rutoa hore re sebetse ka thata e le hore re ipabole mosebetsing oa sekolo. Ke ne ke ikutloa ke thabile ha ke qeta nako e ngata le metsoalle ea ka re le liphathing, re noa ebile re tsuba lithethefatsi. Empa thabo eo e ne e sa nke nako e telele. Kahoo, ke ile ka ipotsa: ‘Re phelela’ng?’

Ke ile ka falella toropong ea Boston ’me ka ngolisa univesithing ea moo. Ke ne ke sebetsa ha likolo li koetsoe e le hore ke khone ho patala sekolo, ke moo ke ileng ka kopana le Paki ea Jehova ka lekhetlo la pele. E mong oa batho bao ke neng ke sebetsa le bona o ile a bua le ’na ka boprofeta ba “linako tse supileng” bo hlahang ho Daniele khaolo ea bone eaba oa ntlhalosetsa hore re phela matsatsing a ho qetela. (Dan. 4:​13-17) Ke ile ka hlokomela hore haeba ke ntse ke tsoela pele ke bua le motho enoa ka Bibele ebile ke lumela lintho tseo ke ithutang tsona, ka le leng ho tla hlokahala hore ke fetole bophelo ba ka. Kahoo, ke ne ke leka kahohle ho mo baleha.

Ha ke ntse ke le univesithi ke ile ka khetha ho ithutela lintho tse tla nthusa hore ke khone ho sebetsa ke le moithaopi Amerika Boroa. Ke ne ke nahana hore haeba ke thusa batho ka lintho tseo ba li hlokang bophelong ke tla thaba. Ho ntse ho le joalo ke ne ke sa thaba. Ha likolo li koaloa ke ile ka tlohela sekolo hobane ke ne ke nyahame haholo.

LEETO LA KA LA HO BATLA THABO LE NTSE LE TSOELA PELE LIBAKENG TSE HOLE

Ka selemo sa 1970 ka May, ke ile ka fallela Amsterdam e Netherlands ho il’o sebetsa moo ntate oa ka a neng a sebetsa teng lifofaneng. Mosebetsi ona o ne o etsa hore ke tsamaee haholo, ke ne ke etela linaha tse Afrika, linaha tsa Amerika, Europe le Asia. Ke ile ka hlokomela hore ho sa tsotellehe hore na ke ne ke le naheng efe, batho kaofela ba na le mathata ’me ha ho na motho ea tsebang tharollo. Ke ne ke ntse ke batla ho finyella ho hong bophelong ba ka. Kahoo, ke ile ka etsa qeto ea ho khutlela Amerika ’me ka ngolisa univesithing eane e Boston hape.

Leha ke se ke khutletse univesithi, ke ile ka hlokomela hore lithuto tsa moo li ne li sa nthuse hore ke fumane likarabo tsa lipotso tsa ka. Kaha ke ne ke sa tsebe hore ke qale hokae, ke ile ka kopa thuso ho moprofesa oa ka. Ke ne ke maketse hona hoo ha a mpotsa a re: “Ke hobane’ng ha u ntse u tsoela pele u ithuta? Hobane’ng ha u sa tlohelle?” Ha kea ka ka batla le ho inahana habeli eaba ke tlohela univesithi ka ho feletseng.

Ho ne ho ntse ho e-na le ntho e haellang bophelong ba ka, kahoo ke ile ka etsa qeto ea ho kenela sehlopha sa batho se neng se bonahala eka se na le khotso le lerato. ’Na le metsoalle e meng ea ka re ile ra tloha Amerika eaba re ea Acapulco e Mexico. Re ne re phela le mahipi, e leng batho bao ho neng ho bonahala eka ba phela hamonate feela, ba sa batleng mathata le ho khathatseha ka lintho tse ngata. Ha ke ntse ke phela le bona ke ile ka hlokomela hore tsela eo ba phelang ka eona ha e na morero ebile le thabo ea teng ha e tšoarelle. Ho ekeletsa moo, ke ile ka hlokomela hore ha se batho ba buang ’nete ebile ha ba tšepahale.

LEETO LA KA LE NTSE LE TSOELA PELE SEKEPENG

’Na le motsoalle oa ka re ne re batlana le sehleke-hleke se setle

Ka nako eo, ke ile ka qala ho nahana hore na ha ke ne ke le ngoana ke ne ke batla’ng bophelong. Ke ne ke rata leoatle haholo, kahoo ke ne ke batla ho ba mokapotene oa sekepe eseng mosesisi oa sona. E le hore ke khone ho ba mokapotene oa sona, ke ne ke hloka ho ba le sekepe sa ka. Motsoalle oa ka Tom le eena o ne a batla ho ba mokapotene, kahoo re ile ra etsa qeto ea hore re hahlaule leoatle hammoho. Ke ne ke batla ho fumana sehleke-hleke se setle se kang paradeise moo ke tla beng ke lokolohile ebile ho se na melao leha e le efe.

’Na le Tom re ile ra ea Arenys de Mar pel’a Barcelona e Spain. Ha re fihla moo re ile ra reka sekepe se ka bang limithara tse 9.4 se bitsoang Llygra. Re ile ra lokisa sekepe seo e le hore re khone ho hahlaula leoatle hamonate. Kaha re ne re sa potlaka leetong lena la rona, re ile ra ntša enjene eaba re sebelisa sebaka seo sa eona ho beha metsi ao re tla a noa. E le hore re khone ho tsamaisa sekepe sa rona, re ile ra reka masokoana a mabeli a sekepe a limithara tse hlano. Qetellong re ile ra qala leeto la rona la ho ea Seychelles e Indian Ocean. Re ne re tl’o tsamaea lebopong le ka Bophirimela ho Afrika ’me re tsamaee joalo ho fihlela re ilo pota Cape of Good Hope e Afrika Boroa. Re ne re sheba linaleli, limmapa, libuka le lintho tse ling tse re thusang ho fumana tsela ea rona habonolo. Ke ne ke hloletsoe hore lintho tsena li ne li khona ho re thusa hore re tsebe moo re leng teng.

Ho e-s’o ee kae, re ile ra hlokomela hore sekepe sena sa rona sa khale sa mapolanka se ke ke sa khona ho re beha moo re batlang ho ea teng. Se ne se lutla ’me ho ne ho kena metsi a ka bang lilithara tse 22 hora e ’ngoe le e ’ngoe. Joalokaha ke se ke boletse qalong, ho ile ha e-ba le sefefo se matla. Ke ne ke tšohile haholo ’me ke ile ka rapela Molimo ka eona nako eo, e leng ntho eo ke neng ke se ke qetetse khale ho e etsa, hore haeba a ka re sireletsa ke tla etsa bonnete ba hore ke mo tseba haholoanyane. Sefefo se ile sa khutsa eaba le ’na ke phethahatsa tšepiso ea ka.

Ha re ntse re le leetong la rona ke ile ka qala ho bala Bibele. U se u ka inahanela feela hore ke ne ke balla moo ho leng hotle joang. Ke pota-potiloe ke metsi a Leoatle la Mediterranean, ke bona mefuta e fapaneng ea litlhapi ebile ke khona ho bonela hole. Bosiu ke ne ke thabela ho bona linaleli tse ngata ’me seo se ne se nkholisa hore Molimo o teng ebile o rata batho.

Ka mor’a libeke tse seng kae re ntse re le leoatleng, re ile ra fihla boema-kepeng ba Alicante e Spain. Re ile ra leka ho rekisa sekepe sa rona e le hore re khone ho reka se seng se beterenyana. Ha rea ka ra makala hore ebe re ile ra sokola ho rekisa seketsoana sena sa rona se lutlang ebile se se na enjene. Taba ena e ile ea mpha monyetla oa hore ke khone ho bala Bibele.

Ha ke ntse ke bala Bibele ke ile ka hlokomela hore ha se buka feela tjee empa ke buka e ka re thusang hore re thabe bophelong. Ke ne ke khahloa ke kamoo Bibele e buang ka ho hlakileng kateng ka ho phela bophelo bo hloekileng. Ke ne ke boetse ke makatsoa ke hore batho ba bangata ho akareletsa le ’na, re ipitsa Bakreste empa tsela eo re phelang ka eona ha e lumellane le seo Bibele e se rutang.

Ke ne ke ikemiselitse hore ke fetole bophelo ba ka, kahoo ke ile ka tlohela ho tsuba lithethefatsi. Ke ne ke ipotsa hore na ho na le batho ba phelang ka melao-motheo ea Bibele ’me haeba ba teng ke ne ke batla ho kopana le bona. Ke ile ka rapela ka lekhetlo la bobeli ka kopa Molimo hore a nthuse hore ke ba fumane.

LEETO LA KA LA HO BATLA BOLUMELI BA ’NETE

Ke ne ke nahana hore ke lokela ho ea likerekeng kaofela, ka tsela eo ke ne ke tla khona ho fumana bolumeli ba ’nete . Ha ke ntse ke itsamaela literateng tsa Alicante, ke ile ka bona mehaho e mengata ea likereke tse fapaneng. Kaha bongata ba likereke tseo bo ne bo e-na le litšoantšo tse rapeloang, ke ne ke khona ho bona kapele hore bona ha se bona bolumeli ba ’nete .

Ka Sontaha se seng motšehare, ke ne ke lutse leralleng pel’a metsi ke bala Jakobo 2:​1-5, e bontšang hore ho fosahetse hore motho a rate ba bang hobane feela e le barui. Ha ke khutlela morao sekepeng sa rona, ke ile ka feta mohaho o mong tjena o neng o bonahala eka ke sebaka sa borapeli, o neng o e-na le letšoao le ngotsoeng “Holo ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova.”

Ke ile ka re, ‘e re nke ke kene ke bone hore na mona ho etsahala’ng, ke bone hore na ba tla nkamohela.’ Ha ke kena Holong ea ’Muso ke ne ke sa roala lieta, ke e-na le litelu ebile ke apere bokate e tabohileng. Ke ile ka bontšoa moo nka lulang teng, ke ile ka lula pel’a nkhono e mong ea neng a mpontša mangolo ao sebui se neng se re re a bale. Ke ne ke maketse haholo ha batho ba tla ho ’na ba tl’o ntumelisa ka lerato ka mor’a liboka. Ntate e mong o ile a ’memela ha hae hore re il’o buisana ka Bibele empa hobane ke ne ke e-s’o qete ho e bala kaofela, ke ile ka re: “Ke tla u tsebisa ha ke tla.” Leha ho le joalo, ke ile ka tsoela pele ho ea libokeng tsohle.

Libeke tse seng kae ka mor’a moo, ke ile ka ea ha ntate eane eaba o araba lipotso tsa ka tseo ke neng ke e-na le tsona ka Bibele. Beke ka mor’a moo, o ile a mpha mokotla o tletseng liaparo tse ntle. O ile a mpolella hore mong’a liaparo tseo o koaletsoe teronkong ka lebaka la ho mamela molao oa Bibele oa hore re ratane le hore re se ke ra rata ntoa. (Esa. 2:4; Joh. 13:​34, 35) Ke ile ka kholiseha hore mona ke fumane ntho eo esale ke e batla, e leng batho ba mamelang melao ea Bibele ea boitšoaro. Ke ne ke se ke sa batle ho fumana sebaka se setle empa ke ne ke se ke batla ho tseba Bibele ka ho tebileng. Kahoo, ke ile ka khutlela Netherlands.

KE BATLA MOSEBETSI

Ke nkile matsatsi a mane hore ke ee toropong ea Groningen e Netherlands. Ke ne ke hloka mosebetsi e le hore ke khone ho itlhokomela. Ke ile ka kenya kopo ea mosebetsi shopong ea mapolanka ’me foromo ea teng e ne e e-na le potso e reng ke bolumeling bofe. Ke ile ka ngola hore ke “Paki ea Jehova.” Ha mong’a shopo a sheba foromo ea ka ke ile ka bona sefahleho sa hae se fetoha. O ile a re: “Ke tla u founela” empa ha aa ka a etsa joalo.

Ke ile ka ea shopong e ’ngoe ea mapolanka ’me ka botsa mong’a shopo hore na o hloka motho ea ka mo thusang. O ile a kopa hore ke mo bontše mangolo a ka a sekolo le hore na ke ile ka sebetsa kae. Ke ile ka mo bolella hore nkile ka lokisa sekepe sa mapolanka. Ke ne ke maketse ha a re ho ’na: “U ka ’na oa qala ho sebetsa kajeno haeba u ka etsa ntho ena e le ’ngoe feela. U se ke oa baka mathata shopong ea ka hobane ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova ’me ke phela ka melao-motheo ea Bibele.” Ke ne ke maketse haholo eaba le ’na kea araba ke re, “Le ’na ke Paki ea Jehova!” Kaha ke ne ke e-na le moriri o motelele ebile ke e-na le litelu, mong’a shopo o ile a hlokomela hore ha ke Paki. Kahoo o ile a re: “Ho lokile ke tla ithuta Bibele le uena!” Ke ne ke thabetse seo haholo. Ke ile ka bona hore na ke hobane’ng ha mong’a shopo ea pele a sa ka a khutlela ho ’na. Jehova o ne a arabela lithapelo tsa ka. (Pes. 37:4) Ke ile ka sebetsa selemo kaofela shopong ea mora oa bo rona eo. Ha ke ntse ke sebetsa moo, o ile a nthuta Bibele eaba ke kolobetsoa ka January 1974.

QETELLONG KE FUMANA HORE NA KE PHELELA’NG

Ka mor’a khoeli ke ile ka kenela tšebeletso ea bopula-maliboho, e leng ntho e ileng ea etsa hore ke thabe haholo. Khoeli e latelang ke ile ka fallela Amsterdam ho il’o tšehetsa sehlopha se secha sa puo ea Sepanishe. Ke ne ke thabela ho ruta batho Bibele ka puo ea Sepanishe le Sepotoketsi. Ka May 1975, ke ile ka qala ho sebeletsa ke le pula-maliboho e khethehileng.

Ka letsatsi le leng, morali oa bo rona Ineke eo le eena e neng e le pula-maliboho e khethehileng, o ile a tla libokeng tsa rona tsa Sepanishe le motho eo a ithutang Bibele le eena ea tsoang Bolivia. ’Na le Ineke re ile ra qala ho ngollana mangolo e le hore re ka tsebana haholoanyane ’me re ile ra hlokomela hore re le babeli re batla ho finyella lintho tse tšoanang bophelong. Re ile ra nyalana ka 1976 ’me ra tsoela pele ho sebeletsa re le bo-pula-maliboho ba khethehileng ho fihlela ka 1982 ha re ne re mengoa hore re il’o ba karolo ea tlelase ea bo-73 ea Gileade. Re ne re maketse ebile re thabile ha re ne re abeloa ho il’o sebeletsa ka Bochabela ba Afrika, re ile ra sebeletsa Mombasa e Kenya. Ka 1987, re ile ra abeloa ho il’o sebeletsa Tanzania, moo mosebetsi oa rona o neng o se o sa thibeloa. Re ile ra sebeletsa moo ka lilemo tse 26 eaba re khutlela Kenya hape.

’Na le mosali oa ka re ne re thabela ho thusa batho hore ba ithute ’nete ea Bibele Bochabela ba Afrika

Ho thusa batho ba ikokobelitseng hore ba ithute ’nete ea Bibele ho re thusitse hore re tsebe hore na re phelela’ng. Ka mohlala, motho oa pele eo ke neng ke ithuta Bibele le eena Mombasa e ne e le monna eo ke neng ke kopane le eena nakong eo ke neng ke etsa boboleli ba phatlalatsa. Ka mor’a hore ke mo fe limakasine tse peli o ile a re: “Ke lokela ho etsa’ng ha ke qeta ho li bala?” Beke e latelang, re ile ra qala ho ithuta Bibele re sebelisa buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, e neng e qeta ho lokolloa ka Seswahili. O ile a kolobetsoa selemo ka mor’a moo ’me a sebeletsa e le pula-maliboho ea kamehla. Ho tloha ka nako eo, eena le mosali oa hae ba se ba thusitse batho ba ka bang 100 hore ba inehele ho Jehova ’me ba kolobetsoe.

’Na le Ineke re bone kamoo Jehova a hlohonolofatsang bahlanka ba hae hore ba thabele bophelo

Ha ke qala ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha re phela, ke ile ka ikutloa joaloka mohoebi ea tsamaeang ea ileng a fumana perela ea bohlokoa ’me a sa batle ho lahleheloa ke eona. (Mat. 13:​45, 46) Ke ne ke batla ho qeta nako e ngata ke thusa batho hore ba tsebe hore na ke hobane’ng ha re phela. ’Na le mosali oa ka re bone kamoo Jehova a thusang batho ba hae hore ba thabele bophelo.