Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 48

“Le Halalele”

“Le Halalele”

“Le halalele boitshwarong bohle ba lona.”​—1 PET. 1:15.

PINA YA 34 Ho Tsamaya ka Botshepehi

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ke keletso efe eo moapostola Petrose a ileng a e fa Bakreste, hona ke hobaneng ha ho ka bonahala eka ho thata hore re e mamele?

HO SA tsotellehe hore na re na le tshepo ya ho phela lehodimong kapa lefatsheng, re ka fumana molemo ka ho ithuta keletsong eo moapostola Petrose a ileng a e fa Bakreste ba tlotsitsweng ba mehleng ya pele. O ile a re: “Tumellanong le Mohalaledi ya le bitsitseng, le lona le fele le halalele boitshwarong bohle ba lona, hobane ho ngodilwe: ‘Le halalele, hobane ke a halalela.’” (1 Pet. 1:15, 16) Mantsweng ana, re a ithuta hore re ka kgona ho etsisa Jehova eo e leng mohlala o ka sehloohong wa ho halalela. Re lokela ho halalela boitshwarong ba rona. Seo se ka bonahala eka ha se na kgoneha ka ha ha re a phethahala. Petrose o ile a etsa diphoso empa mohlala wa hae o a re bontsha hore re ka ‘halalela.’

2. Re tlo araba dipotso dife sehloohong see?

2 Sehloohong sena, re tla araba dipotso tsena tse latelang: Ho halalela ho bolelang? Bibele e re rutang ka kgalalelo ya Jehova? Re ka bontsha jwang hore re a halalela boitshwarong? Hona ho halalela ho amana jwang le setswalle sa rona le Jehova?

HO HALALELA HO BOLELANG?

3. Batho ba bangata ba nahana hore motho ya halalelang ke ya jwang, empa ke hokae moo re ka fumanang hore ho halalela ho bolelang?

Batho ba bangata ha ba nahana ka motho ya halalelang ba nahana ka motho ya sa thabang, ya aparang diaparo tsa bodumedi le ya sa bososeleng. Empa seo ha se nnete. Jehova o a halalela ebile Bibele e re ke “Modimo ya thabileng.” (1 Tim. 1:11) Batho ba mo sebeletsang ba bitswa ba thabileng. (Pes. 144:15) Jesu o ne a nyatsa batho ba neng ba apara ka tsela e ikgethang ebile ba etsa dintho tse ntle e le hore feela ba bonahale ba lokile ka pela batho ba bang. (Mat. 6:1; Mar. 12:38) Bakreste ba nnete ba ithutile Bibeleng hore na ho halalela ho bolelang. Re a tseba hore Modimo wa rona ya halalelang le ya lerato a ke ke a re re etse ntho eo re ke keng ra kgona ho e etsa. Ka hoo, ha Jehova a re ho rona: “Le halalele,” re a tseba hore ke ntho eo re ka kgonang ho e etsa. Ke nnete hore pele re ka bontsha hore re a halalela boitshwarong, re lokela ho utlwisisa hore na ho halalela ho bolelang.

4. Mantswe “ho halalela” le “kgalalelo” a bolelang?

4 Ho halalela ho bolelang? Ka Bibeleng, mantswe “ho halalela” le “kgalalelo” a bolela ho hlweka boitshwarong le bodumeding. Mantswe ana a ka boela a bolela motho ya sebeletsang Modimo. Ka mantswe a mang, re tla be re halalela haeba re hlwekile boitshwarong, re sebeletsa Jehova ka tsela e loketseng le haeba re le metswalle ya hae. Ho a hlolla ho tseba hore le hoja re sa phethahala mme Jehova yena a phethahetse ebile a halalela, o ntse a batla hore re be metswalle ya hae e haufi.

“WA HALALELA, WA HALALELA, WA HALALELA JEHOVA”

5. Re ka ithutang ka Jehova ho mangeloi a tshepahalang?

5 Jehova o hlwekile ka ditsela tsohle. Re ithuta sena ho tswa ho dirafime, e leng mangeloi a haufi le terone ya hae. A mang a ona a ile a re: “Wa halalela, wa halalela, wa halalela Jehova wa mabotho.” (Esa. 6:3) Ka ha mangeloi ana a halalela, a kgona ho ba le setswalle se haufi le Modimo eo le yena a halalelang. Ke ka hona ho thweng sebaka seo lengeloi le neng le eba ho sona se a halalela. Ke sona se ileng sa etsahala ha Moshe a ne a le ka pela sehlahla se meutlwa se neng se tuka.​—Ex. 3:2-5; Josh. 5:15.

Polelo e reng “Kgalalelo ke ya Jehova” e ne e ngotswe lekapeng la kgauta le neng le le ka hodima tuku ya moprista ya phahameng (Sheba serapa sa 6 le 7)

6, 7. (a) Ho ya ka Exoda 15:1, 11, Moshe o ile a hatisa jwang taba ya hore Jehova o a halalela? (b) Keng e neng e hopotsa Baiseraele hore Jehova o a halalela? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

6 Ka mora hore Moshe a tataise Baiseraele hore ba fete Lewatleng le Lefubedu, o ile a hatisa bohlokwa ba hore Modimo wa bona Jehova o a halalela. (Bala Exoda 15:1, 11.) Boitshwaro ba Baegepeta ba neng ba sebeletsa medimo ya bohata bo ne bo bontsha hore ho hang ha ba halalele. Bakanana ba neng ba rapela medimo ya bohata le bona ba ne ba sa halalele. Borapedi ba bona bo ne bo akarelletsa ho etsa mahlabelo ka bana le boitshwaro bo ditshila ba ho etsa thobalano. (Lev. 18:3, 4, 21-24; Deut. 18:9, 10) Empa Jehova yena ho fapana le medimo eo ya bohata, a ke ke a bolella barapedi ba hae hore ba etse ntho le ha e le efe e sa hlwekang. O halalela ka ho felletseng. E le hore a hopotse Baiseraele seo, o ile a re mantswe ao a ngolwe lekapeng la kgauta le neng le le ka hodima tuku ya moprista ya phahameng. Mantswe a neng a ngotswe lekapeng leo a ne a re: “Kgalalelo ke ya Jehova.”​—Ex. 28:36-38.

7 Mantswe ao a neng a ngotswe lekapeng leo, a ne a kgodisa motho e mong le e mong ya a bonang hore ka nnete Jehova o a halalela. Empa haeba Moiseraele a ne a sa kgone ho bona lekapa leo hobane a le hole le moprista ya phahameng, na o ne a ka fetwa ke molaetsa oo wa bohlokwa? Ha ho jwalo. Moiseraele e mong le e mong o ne a utlwa molaetsa oo ha Molao o ne o balwa ka pela banna, basadi le bana. (Deut. 31:9-12) Haeba o ne o ka ba teng moo, o ne o tla utlwa ho balwa mantswe ana a reng: “Ke nna Jehova Modimo wa lona; . . . le halalele hobane ke a halalela.” “Le halalele ho nna, hobane nna Jehova ke a halalela.”​—Lev. 11:44, 45; 20:7, 26.

8. Re ithutang ho Levitike 19:2 le 1 Petrose 1:14-16?

8 Hona jwale a re bueng ka mantswe ao Jehova a ileng a re a ballwe Baiseraele bohle a hlahang ho Levitike 19:2. Jehova o ile a re ho Moshe: “Bua le phutheho yohle ya bara ba Iseraele, o re ho bona, ‘Le lokela ho halalela, hobane nna Jehova Molimo wa lona ke a halalela.’” E ka nna yaba Petrose o ile a qotsa mantswe a hlahang temaneng eo nakong eo a neng a kgothalletsa Bakreste hore ba “halalele.” (Bala 1 Petrose 1:14-16.) Ke nnete hore kajeno ha re tlasa Molao wa Moshe. Le ha ho le jwalo, mantswe a Petrose a netefatsa seo re ithutang sona ho Levitike 19:2, hore Jehova o a halalela mme bohle ba mo ratang ba lokela ho leka ka thata hore ba halalele. Re lokela ho etsa jwalo ho sa tsotellehe hore na re na le tshepo ya ho phela lehodimong kapa lefatsheng.​—1 Pet. 1:4; 2 Pet. 3:13.

“LE HALALELE BOITSHWARONG BOHLE BA LONA”

9. Re tla fumana molemo ofe ha re hlahloba lengolo la Levitike kgaolo ya 19?

9 Ka ha re batla ho thabisa Modimo wa rona ya halalelang, re batla ho ithuta hore na re ka etsang e le hore re halalele. Jehova o a re bolella hore na re ka etsa seo jwang ho Levitike kgaolo ya 19. Setsebi sa Seheberu e leng Marcus Kalisch se ile sa ngola sa re: “Kgaolo ena ya Levitike e ka nna yaba ke ya bohlokwa ka ho fetisisa lengolong la Levitike le dibukeng tse hlano tsa Bibele tse qalang.” Hopola hore lengolo la Levitike kgaolo ya 19 le qala ka mantswe a reng: “Le halalele.” Hona jwale a re ke re hlahlobeng ditemana tse mmalwa tse hlahang kgaolong ena tse re rutang ditsela tsa ka moo re ka bontshang hore re a halalela bophelong ba rona.

Molao o buang ka batswadi o hlahang ho Levitike 19:3 o lokela ho susumelletsa Bakreste hore ba nahane ka eng? (Sheba serapa sa 10-12) *

10, 11. Levitike 19:3 e re re lokela ho etsang, hona ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore re etse jwalo?

10 Ka mora hore Jehova a bolelle Baiseraele hore ba lokela ho halalela, o ile a re: “E mong le e mong o lokela ho tshaba mmae le ntatae . . . Ke nna Jehova Modimo wa lona.”​—Lev. 19:2, 3.

11 Ho hlakile hore ke ntho ya bohlokwa hore re mamele taelo ya Modimo ya hore re hlomphe batswadi ba rona. Hopola seo Jesu a ileng a se bua ha monna e mong a ne a mo botsa a re: “Ke etse molemo ofe e le hore ke fumane bophelo bo sa feleng?” Ntho e nngwe eo Jesu a ileng a mo bolella yona ke hore o ne a lokela ho hlompha mmae le ntatae. (Mat. 19:16-19) Jesu o ne a nyatsa Bafarisi le bangodi hobane ba ne ba leka ka hohle hore ba se ke ba hlokomela batswadi ba bona mme ka tsela eo, ba ne ba “entse lentswe la Modimo lefeela.” (Mat. 15:3-6) “Lentswe la Modimo” le ne le akarelletsa molao wa bohlano ho Melao e Leshome ha mmoho le oo re o balang ho Levitike 19:3. (Ex. 20:12) Re boele re hopole hore taelo e hlahang ho Levitike 19:3 ya hore re hlomphe batswadi ba rona, e hlaha ka mora mantswe a reng: “Le lokela ho halalela, hobane nna Jehova Modimo wa lona ke a halalela.”

12. Ho ya ka Levitike 19:3, re ka ipotsa potso efe?

12 Ha re nahana ka taelo eo Jehova a re fileng yona ya hore re hlomphe batswadi ba rona, re ka nna ra ipotsa: ‘Na ke hlompha batswadi ba ka?’ Haeba o bona eka ho na le dintho tseo o sa di etsang hantle, o ka etsa qeto hona jwale ya hore o lokise. Ke nnete hore o ke ke wa fetola dintho tseo o di entseng nakong e fetileng empa o ka etsa sohle seo o ka se kgonang hona jwale ho qeta nako le batswadi ba hao le ho ba thusa. Mohlomong o ka lokisetsa hore ho be le nako eo o e qetang o ena le bona. Kapa mohlomong o ka ba thusa ka ho ba rekela dintho tseo ba di hlokang, wa ba thusa hore ba be le setswalle se haufi le Jehova le ho mo sebeletsa kapa o ka ba kgothatsa le ho ba tshedisa. Ha o etsa jwalo, o tla be o bontsha hore o mamela taelo e hlahang ho Levitike 19:3.

13. (a) Ke taelo efe hape eo re e fumanang ho Levitike 19:3? (b) Re ka etsisa mohlala wa Jesu o hlahang ho Luka 4:16-18 jwang mehleng ee?

13 Levitike 19:3 e re ruta ntho e nngwe hape ka ho halalela. E bua ka ho boloka Sabatha. Ka ha Bakreste ha ba tlasa Molao, ha re boloke Sabatha ya beke le beke. Le ha ho le jwalo, re ka ithuta ho hongata tseleng eo Baiseraele ba neng ba boloka Sabatha ka yona le hore na ho e boloka ho ne ho ba tswela molemo jwang. Sabatha e ne e le nako eo ka yona motho e mong le e mong a neng a sa etse mosebetsi le ha e le ofe empa o ne a tsepamisa mohopolo wa hae ho sebeletseng Modimo. * Ke ka hoo Jesu a neng a ya synagogeng motseng wa habo ka letsatsi la Sabatha mme a bala Lentswe la Modimo. (Ex. 31:12-15; bala Luka 4:16-18.) Taelo ya Jehova e hlahang ho Levitike 19:3 e reng le ‘boloke disabatha tsa [hae]’ e lokela ho re kgothalletsa hore re iketsetse nako letsatsi le letsatsi ya hore re sebeletse Modimo. Na o nahana hore ho na le diphetoho tseo o lokelang ho di etsa e le hore o mamele taelo eo? Haeba ka mehla o iketsetsa nako ya hore o sebeletse Jehova, seo se tla etsa hore o be le setswalle se haufi le yena, e leng ntho eo o lokelang ho e etsa e le hore o halalele.

MATLAFATSA SETSWALLE SA HAO LE JEHOVA

14. Ke nnete efe ya bohlokwa e phetwang ka makgetlo ho Levitike kgaolo ya 19?

14 Levitike kgaolo ya 19 e bua ka makgetlo ka nnete e ka re thusang hore re dule re halalela. Temana ya bone e qetella ka mantswe a reng: “Ke nna Jehova Modimo wa lona.” Mantswe ao le a tshwanang le ona a hlaha ka makgetlo a 16 kgaolong ena. Sena se re hopotsa molao wa pele o reng: “Ke nna Jehova Modimo wa hao . . . O se ke wa ba le medimo e meng kgahlanong le sefahleho sa ka.” (Ex. 20:2, 3) Mokreste e mong le e mong ya batlang ho halalela, o lokela ho etsa bonnete ba hore ha ho na ntho kapa motho ya bohlokwa ho feta setswalle sa hae le Jehova. Ka ha re Dipaki Tsa Jehova, re ikemiseditse ho qoba ho etsa ntho le ha e le efe e ka hlomphollang lebitso la hae le halalelang.​—Lev. 19:12; Esa. 57:15.

15. Ditemana tse hlahang ho Levitike kgaolo ya 19 tse buang ka mahlabelo di lokela ho re susumelletsa hore re etseng?

15 Baiseraele ba ne ba bontsha hore ba nka Jehova e le Modimo wa bona ka hore ba mamele melao ya hae. Levitike 18:4 e re: “Le lokela ho phetha diqeto tsa ka tsa boahlodi, mme le lokela ho boloka ditaelo tsa ka tse hlomamisitsweng e le hore le tsamaye ka tsona. Ke nna Jehova Modimo wa lona.” Kgaolo ya 19 e bua ka tse ding tsa “ditaelo” tseo tse neng di filwe Baiseraele. Ka mohlala, ditemana tsa 5-8, 21, 22 di bua ka mahlabelo a diphoofolo. Baiseraele ba ne ba lokela ho etsa mahlabelo ao ka tsela e neng e sa tlo ‘silafatsa ntho e halalelang ya Jehova.’ Ho bala ditemana tsena ho lokela ho re susumelletsa hore re batle ho thabisa Jehova le ho mo fa mahlabelo a thoriso ao a a amohelang jwalo ka ha Baheberu 13:15 e re kgothalletsa.

16. Keng e ka re hopotsang phapang e teng pakeng tsa batho ba sebeletsang Modimo le ba sa mo sebeletseng?

16 E le hore re halalele re lokela ho bontsha hore re fapane le batho ba sa sebeletseng Modimo. Ho etsa seo ho ka ba thata. Ka dinako tse ding bana bao re kenang sekolo le bona, batho bao re sebetsang le bona, ba malapa bao e seng Dipaki le batho ba bang, ba ka re hatella hore re etse dintho tse ka re thibelang ho sebeletsa Jehova ka tsela eo a batlang hore re mo sebeletse ka yona. Ha seo se etsahala, re lokela ho etsa qeto ya bohlokwa. Ke eng e ka re thusang hore re etse qeto e nepahetseng? Nahana ka molaomotheo ona o hlahang ho Levitike 19:19 o reng: “Le se ke la apara diaparo tsa ditshwele tsa mefuta e mmedi, tse loheletsweng ha mmoho.” Molao oo o ne o thusa ho kgetholla Baiseraele ho ditjhaba tse neng di ba potapotile. Mehleng ena, ha se phoso hore Mokreste a apare seaparo se entsweng ka mefuta e fapaneng ya masela. Empa ha re batle ho tshwana le batho bao tumelo ya bona kapa mekgwa ya bona e sa dumellaneng le seo Bibele e se rutang, ho sa tsotellehe hore na ke bana bao re kenang sekolo le bona, batho bao re sebetsang le bona kapa ba malapa a rona. Ke nnete hore re rata ba malapa a rona le baahelani ba rona. Le ha ho le jwalo, ha re etsa diqeto tsa bohlokwa bophelong re batla hore re se ke ra tshwana le batho ba sa sebeletseng Jehova. Hopola hore haeba re batla ho halalela, ke ha bohlokwa hore re etse qeto ya ho sebeletsa Modimo.​—2 Bakor. 6:14-16; 1 Pet. 4:3, 4.

Baiseraele ba ne ba lokela ho ithuta eng ho Levitike 19:23-25, hona ke eng seo wena o ithutang sona ditemaneng tseo? (Sheba serapa sa 17-18) *

17, 18. Ke thuto efe ya bohlokwa eo re ka ithutang yona ho Levitike 19:23-25?

17 Mantswe a reng, “Ke nna Jehova Modimo wa lona” e tlameha ebe a ile a thusa Baiseraele hore ba nke kamano ya bona le Jehova e le ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa bophelong ba bona. Ba ne ba tla etsa seo jwang? Levitike 19:23-25 e a bontsha hore ba ne ba lokela ho etsa eng. (E bale.) Nahana ka hore na mantswe ana a ne a tla bolelang ho Baiseraele ka mora hore ba kene Naheng e Tshepisitsweng. Haeba motho a ne a lema difate bakeng sa dijo, o ne a sa lokela ho ja ditholwana tsa tsona ka dilemo tse tharo. Ka selemo sa bone, ditholwana tseo di ne di iswa sehalalelong sa Modimo. Ka selemo sa bohlano ke hona motho ya neng a lemme sefate a neng a ka ja ditholwana tsa sona. E tlameha ebe molao ona o ile wa thusa Baiseraele hore ba utlwisise hore ba se ke ba etelletsa dithahasello tsa bona pele. Jehova o ne a batla hore ba tshepe hore o tla ba hlokomela le hore ho mo sebeletsa ho tle pele bophelong ba bona. Hape o ne a tla etsa bonnete ba hore ba na le dijo tse lekaneng. Modimo o ne a ba kgothalletsa hore ba fane ka dimpho sehalalelong e leng sebaka seo ba neng ba rapela ho sona.

18 Mantswe a hlahang ho Levitike 19:23-25 a re hopotsa seo Jesu a ileng a se bua Thutong ya hae ya Thabeng. O ile a re: “Kgaotsang ho tshwenyeha ka . . . hore na le tla jang kapa le tla nwang.” O ile a tswela pele a re: “Ntata lona wa lehodimo o a tseba hore le hloka dintho tsena tsohle.” Jehova o tla re hlokomela feela jwalo ka ha a hlokomela dinonyana. (Mat. 6:25, 26, 32) Re kgodisehile hore Jehova o tla re hlokomela hape re fa batho ba hlokang thuso “dimpho tsa mohau” moo batho ba bang ba sa re boneng. Re boetse re fana ka monehelo bakeng sa ditshenyehelo tsa phutheho. Jehova o a bona ha re fana ka monehelo e le hore re tshehetse borapedi ba hae mme o tla re putsa. (Mat. 6:2-4) Ha re fana, re a bontsha hore re utlwisisa dintho tseo re ithutileng tsona ho Levitike 19:23-25.

19. Ho ithuta tse ding tsa ditemana tsa Levitike ho o thusitse jwang?

19 Re hlahlobile ditemana tse mmalwa tse hlahang ho Levitike kgaolo ya 19 mme di re thusitse ho utlwisisa hore na ke jwang re ka bang jwalo ka Modimo wa rona ya halalelang. Ha re mo etsisa, re a bontsha hore re leka ho ‘halalela boitshwarong bohle ba rona.’ (1 Pet. 1:15) Batho ba bangata ba sa sebeletseng Jehova ba hlokometse hore batho ba mo sebeletsang ba itshwere hantle. Ha e le hantle, boitshwaro boo bo botle bo etsa hore batho ba bang ba tlotlise Jehova. (1 Pet. 2:12) Empa ho na le dintho tse ding tse ngata tseo re ka ithutang tsona ho Levitike kgaolo ya 19. Sehlooho se latelang se tla bua ka ditemana tse ding tse hlahang kgaolong ena mme se tla re thusa ho utlwisisa ditsela tse ding tseo re ka ‘halalelang’ jwalo ka ha Petrose a ile a re kgothalletsa.

PINA YA 80 “Latswang Mme le Bone Hore Jehova o Molemo”

^ par. 5 Re rata Jehova haholo mme re batla ho mo thabisa. Jehova o a halalela mme o lebelletse hore le bahlanka ba hae ba halalele. Na ho a kgonahala hore batho ba sa phethahalang ba halalele? E, ho a kgonahala. Ho hlahlobisisa keletso ya moapostola Petrose ha a ne a bua le badumedimmoho le yena le ditaelo tseo Jehova a ileng a di fa Baiseraele ba mehleng ya pele, ho tla re thusa ho bona hore na re ka halalela jwang boitshwarong bohle ba rona.

^ par. 13 Ho fumana dintlha. tse ding ka Sabatha le hore na re ka ithuta eng ho yona, sheba sehlooho se reng “‘Ho na le Nako e Behilweng’ Bakeng sa ho Sebetsa le ho Phomola” se hlahang Toreng ya ho Lebela ya December 2019.

^ par. 57 DITSHWANTSHO: Mora ya seng a hodile o qeta nako le batswadi ba hae, o a ba etela le mosadi wa hae le ngwana wa hae mme o bua le bona ka mehla.

^ par. 59 DITSHWANTSHO: Moiseraele o hlahloba tse ding tsa ditholwana tsa sefate seo a se lemmeng.