Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 49

Lengolo la Levitike le re Ruta Hore re Tšoare Batho ba Bang Joang?

Lengolo la Levitike le re Ruta Hore re Tšoare Batho ba Bang Joang?

“U rate oa heno joalokaha u ithata.”​—LEV. 19:18.

PINA EA 109 Ratanang ka Pelo Eohle

SEO RE TL’O ITHUTA SONA *

1, 2. Re ithutile’ng sehloohong se fetileng, hona re tl’o bua ka eng sehloohong see?

SEHLOOHONG se fetileng re buile ka likeletso tse ’maloa tse ka re thusang tse hlahang lengolong la Levitike khaolo ea 19. Ka mohlala, temaneng ea boraro Jehova o ile a re Baiseraele ba hlomphe batsoali ba bona. Re bone kamoo re ka sebelisang keletso eo kateng ka hore re thuse batsoali ba rona ka lintho tseo ba li hlokang, ka ho ba khothatsa, ho ba tšelisa le ho ba thusa hore ba lule ba e-na le kamano e ntle le Jehova. Temaneng eona eo, batho ba Molimo ba hopotsoa kamoo ho leng bohlokoa kateng hore ba boloke Sabatha. Re ithutile hore le hoja re se tlas’a molao oa Sabatha kajeno, re ka sebelisa molao-motheo oa eona ka hore letsatsi le letsatsi ho be le nako eo re e behellang ka thoko bakeng sa Jehova. Ka ho etsa joalo, re tla be re bontša hore re batla ho halalela joalokaha Levitike 19:2 le 1 Petrose 1:15 e bontša.

2 Sehloohong sena re tla tsoela pele re hlahloba Levitike khaolo ea 19. Khaolo ena e ka re ruta’ng ka ho nahanela batho ba nang le bokooa, ka ho tšepahala litabeng tsa khoebo le ka ho bontšana lerato? Re batla ho halalela feela joalokaha Molimo a halalela, kahoo a re ke re boneng hore na re ka ithuta’ng.

E-BA MOSA HO BATHO BA NANG LE BOKOOA

Levitike 19:14 e re re lokela ho tšoara batho ba sa boneng le ba sa utloeng litsebeng joang? (Sheba serapa sa 3-5) *

3, 4. Ho ea ka Levitike 19:14, Baiseraele ba ne ba lokela ho tšoara batho ba sa utloeng litsebeng kapa ba sa boneng joang?

3 Bala Levitike 19:14. Jehova o lebelletse hore batho ba hae ba be mosa ho batho ba nang le bokooa. Ka mohlala, Baiseraele ba ne ba sa lokela ho rohaka motho ea sa utloeng litsebeng. Ho mo rohaka ho ne ho akarelletsa ho mo tšosa kapa ho mo bua hampe. Ntho eo e ne e le e mpe haholo eo motho a neng a ka e etsa ho motho ea sa utloeng litsebeng. Kaha o ne a sa utloe seo ba se buang ka eena, o ne a ke ke a khona ho ikarabella.

4 Hape temaneng eona eo ea 14, Molimo o ile a bolella bahlanka ba hae hore ba se ke ba “beha tšitiso ka pel’a sefofu.” Buka e ’ngoe e re ha e bua ka batho ba nang le bokooa: “Batho ba neng ba lula Bochabela bo Hare ba ne ba e-na le tloaelo ea ho tšoara batho bao hampe le ho ba hlekefetsa.” Mohlomong motho ea khopo o ne a ka beha ntho e itseng ka pel’a motho ea sa boneng ho mo utloisa bohloko kapa hobane a batla ho mo tšehisa ka batho. Ntho eo e ne e le mpe hakaakang! Ka lebaka la molao ona, Jehova o thusitse batho ba hae hore ba bone bohlokoa ba ho bontša batho ba nang le bokooa mosa.

5. Re ka bontša batho ba nang le bokooa mosa joang?

5 Jesu o ne a bontša batho ba nang le bokooa mosa. Hopola molaetsa oo a ileng a o bolella Johanne Mokolobetsi o reng: “Ba foufetseng baa bona, ba holofetseng baa tsamaea, balepera ba ntse ba hloekisoa ’me ba sa utloeng litsebeng baa utloa, [le] bafu ba ntse ba tsosoa.” Ka mor’a hore batho bohle ba bone mehlolo eo Jesu a ileng a e etsa, ba ile “ba fana ka thoriso ho Molimo.” (Luka 7:20-22; 18:43) Bakreste ba etsisa Jesu ka hore ba bontše batho ba nang le bokooa mosa. Kahoo, re ba bontša mosa, rea ba nahanela hape rea ba mamella. Ke ’nete hore Jehova ha aa re fa matla a ho etsa mehlolo. Leha ho le joalo, re na le monyetla o babatsehang haholo oa ho bolella batho ba nang le bokooa le ba sa tsebeng Molimo ka molaetsa o buang ka Paradeise, eo ho eona ho tl’o phela batho ba phethahetseng le ba nang le kamano e ntle le Molimo. (Luka 4:18) Molaetsa ona o se o ntse o thusa batho ba bangata hore ba rorise Molimo.

TŠEPAHALA LITABENG TSA KHOEBO

6. Levitike khaolo ea 19 e hlalosa Melao e Leshome ka ho eketsehileng joang?

6 Litemana tse ling lengolong la Levitike khaolo ea 19 li hlalosa Melao e Leshome ka ho eketsehileng. Ka mohlala, molao oa borobeli o re: “U se ke oa utsoa.” (Ex. 20:15) Motho e mong a ka ’na a nahana hore haeba a e-s’o ka a nka ntho leha e le efe ea motho e mong o mamela molao oo. Leha ho le joalo, e ka ’na eaba ho na le litsela tse ling tseo a utsoang ka tsona.

7. Rakhoebo a ka tlola molao oa borobeli joang o mabapi le ho utsoa?

7 Rakhoebo a ka ’na a nahana hore ha a e-s’o ka a utsoa letho hobane ha ho mohla a kileng a nkela motho ntho e itseng. Empa na o lula a tšepahala litabeng tsa khoebo? Ho Levitike 19:35, 36 Jehova o ile a re: “Le se ke la etsa ka ho hloka toka ha le ahlola, ha le lekanya, ha le bekha kapa le lekanya lintho tse metsi. Le lokela ho ba le sekala se nepahetseng, boima bo nepahetseng, efa e nepahetseng le hine e nepahetseng.” Kahoo, rakhoebo ea neng a sebelisa likala tse sa nepahalang ha e le hantle o ne a qhekella bareki ebile a ba utsoetsa. Litemana tse ling tsa Levitike khaolo ea 19 li hlakisa ntlha ena.

Ho ea ka Levitike 19:11-13, Mokreste a ka ipotsa lipotso life mabapi le tsela eo a etsang lintho ka eona litabeng tsa khoebo? (Sheba serapa sa 8-10) *

8. Lintlha tse hlahang ho Levitike 19:11-13 li ne li thusa Bajuda joang hore ba sebelise molao-motheo o thehiloeng molaong oa borobeli, hona seo se ka re tsoela molemo joang?

8 Bala Levitike 19:11-13. Mantsoe a qalang a Levitike 19:11 a re: “Le se ke la utsoa.” Temana ea 13 e amahanya ho utsoa le ho se tšepahale litabeng tsa khoebo ha e re: “U se ke oa etsetsa oa heno bolotsana.” Kahoo, motho ea sa tšepahaleng litabeng tsa khoebo ha e le hantle oa utsoa. Molao oa borobeli o ne o bontša hore ho utsoa ho fosahetse. Leha ho le joalo, lintlha tsa lengolo la Levitike li ne li thusa Bajuda ho utloisisa hore na ba ka sebelisa molao-motheo o thehiloeng molaong oo joang bophelong ba bona. Ho nahanisisa ka hore na Jehova o ikutloa joang ka ho se tšepahale le ho utsoa ho ka re tsoela molemo. Re ka ’na ra ipotsa: ‘Ha ke nahana ka Levitike 19:11-13, na ho na le moo ke lokelang ho etsa liphetoho haholo-holo litabeng tsa khoebo?’

9. Molao o ho Levitike 19:13 o ne o sireletsa batho ba hiriloeng joang?

9 Ho na le ntho e ’ngoe e amanang le ho tšepahala eo Mokreste ea nang le khoebo a lokelang ho nahana ka eona. Levitike 19:13 e qetella ka ho re: “Moputso oa mosebetsi ea hiriloeng ha oa lokela ho lula bosiu bohle ho uena ho fihlela hoseng.” Batho ba bangata Iseraele ba ne ba sebetsa lipolasing ’me ba ne ba pataloa qetellong ea letsatsi le leng le le leng. Haeba motho ea hiriloeng a ne a sa pataloe, o ne a tla hloka chelete ea hore a rekele lelapa la hae lijo letsatsing leo. Jehova o ile a re: “O khathatsong ’me o phahamiselitse moea oa hae moputsong oa hae.”​—Deut. 24:14, 15; Mat. 20:8.

10. Re ka ithuta’ng ho Levitike 19:13?

10 Mehleng ena batho ba bangata ba sebetsang ba pataloa hanngoe kapa habeli ka khoeli eseng letsatsi le leng le le leng. Leha ho le joalo, molao-motheo o ho Levitike 19:13 o ntse o sebetsa le mehleng ena. Bahiri ba bang ba qhekella batho bao ba ba sebeletsang ka hore ba ba patale chelete e nyane ho feta eo ba lokelang ho ba fa eona. Baa tseba hore batho ba ba sebeletsang ha ba na boikhethelo empa ba lokela ho sebetsa le hoja ba pataloa lisente. Ha bahiri ba etsa joalo, ka tsela e itseng ba tla be ba lutse ka moputso oa mosebetsi ea hiriloeng. Mokreste ea hirang batho ba bang o lokela ho etsa bonnete ba hore o mamela keletso ena. A re ke re boneng hore na re ka ithuta’ng hape ho Levitike khaolo ea 19.

RATA BATHO BA BANG JOALOKAHA U ITHATA

11, 12. Jesu o ile a hatisa thuto efe ha a ne a qotsa Levitike 19:17, 18?

11 Molimo ha a lebella hore re qobe ho ntša batho ba bang kotsi feela empa o batla hore re etse ho fetang hoo. Re bona sena ho Levitike 19:17, 18. (E bale.) Hlokomela taelo ena e hlakileng e reng: “U rate oa heno joalokaha u ithata.” Mokreste o lokela ho mamela taelo ena haeba a batla ho thabisa Molimo.

12 Jesu o ile a bontša hore molao o ho Levitike 19:18 ke oa bohlokoa haholo. Mofarisi e mong o ile a botsa Jesu a re: “Taelo e kholo ke efe molaong?” Jesu o ile a mo araba a re, “taelo e kholo le ea pele” ke hore u rate Jehova ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao ’ohle le ka kelello ea hao eohle. Ka mor’a moo, Jesu o ile a qotsa Levitike 19:18 ’me a re: “Ea bobeli e joaloka eona, ke ena, ‘U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.’” (Mat. 22:35-40) Ho na le litsela tse ngata tseo re ka bontšang batho ba bang hore rea ba rata empa re ka ithuta tse ling tsa tsona ho Levitike khaolo ea 19.

13. Tlaleho ea Bibele e buang ka Josefa e re thusa ho utloisisa ntlha ea Levitike 19:18 joang?

13 Tsela e ’ngoe eo re ka bontšang hore re rata baahelani ba rona ke ka hore re mamele keletso e ho Levitike 19:18. E re: “U se ke oa iphetetsa kapa oa jara bara ba batho ba heno ka pelo.” Boholo ba rona re tseba motho ea ileng a koatela mosebetsi-’moho, motho ea kenang sekolo le eena kapa e mong oa lelapa ka lilemo tse ngata. Hopola hore bara ba bo Josefa ba leshome ba ne ba mo koatetse haholo hoo ba ileng ba etsa ho hong hobane ba mo hloile. (Gen. 37:2-8, 25-28) Empa Josefa eena ha aa ka a ba tšoara hampe. Ha Josefa a ne a e-na le matla ’me a ne a ka khona ho iphetetsa ho bara ba bo ha aa ka a etsa joalo, ho e-na le hoo o ile a ba bontša mohau. Josefa ha aa ka a lula a ba tšoere ka pelo empa o ile a etsa se ileng sa ngoloa ho Levitike 19:18.​—Gen. 50:19-21.

14. Ke’ng e bontšang hore re lokela ho mamela melao-motheo e thehiloeng molaong o ho Levitike 19:18 mehleng ee?

14 Bakreste ba batlang ho thabisa Molimo ba lokela ho etsisa Josefa ea ileng a tšoarela bara ba bo ho e-na le ho iphetetsa. Sena se lumellana le seo Jesu a ileng a re khothalletsa hore re se etse thapelong ea mohlala ha a ne a re re lokela ho tšoarela batho ba re siteloang. (Mat. 6:9, 12) Ka ho tšoanang moapostola Pauluse o ile a eletsa Bakreste a re: “Le se ke la iphetetsa, baratuoa.” (Bar. 12:19) O ile a boela a re ho bona: “Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong.” (Bakol. 3:13) Melao-motheo ea Jehova ha e fetohe. Re ntse re lokela ho mamela melao-motheo e thehiloeng molaong o ho Levitike 19:18 mehleng ena.

Feela joalokaha ho le molemo hore re se ke ra lula re tšoara leqeba, ka ho tšoanang ha rea lokela ho lula re nahana ka lintho tse re utloisitseng bohloko. Re lokela ho leka kahohle hore re li lebale (Sheba serapa sa 15) *

15. Ke mohlala ofe o re thusang ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha re lokela ho tšoarela le ho leballa batho ba bang?

15 Nahana ka mohlala ona. Motho ea utloileng bohloko a ka bapisoa le motho ea tsoileng leqeba. Maqeba a mang a manyane athe a mang ’ona a maholo. Ka mohlala ha re bula enfelopo re ka ’na ra sehoa ke pampiri eo hanyane. Leqeba leo le ka ’na la e-ba bohloko empa le tla fola kapelenyana. Ka mor’a matsatsi a ’maloa mohlomong u ka ’na oa se ke oa hopola hore na pampiri eo e u sehile hokae. Ka ho tšoanang, lintho tse bohloko tseo batho ba bang ba ka re etsang tsona ha li mpe hakaalo. Ka mohlala, motsoalle oa rona a ka ’na a bua kapa a etsa ntho e itseng e re utloisang bohloko a sa nahana empa re khona ho mo tšoarela habonolo. Leha ho le joalo, haeba re e-na le leqeba le leholo le ka ’na la hloka hore ngaka e le roke le ho le tlamisa. Empa haeba re lula re tšoara leqeba leo ho ka ’na ha etsahala hore le se ke la fola empa le be bohloko le ho feta. Ka masoabi motho a ka ’na a etsa ntho e tšoanang ha a utloisitsoe bohloko haholo. A ka ’na a lula a nahana kamoo motho e mong a mo utloisitsoeng bohloko kateng. Leha ho le joalo, batho ba tšoarang ba bang ka pelo ba ikutloisa bohloko. Ke kahoo ho leng molemo hore re mamele keletso e ho Levitike 19:18.

16. Ho ea ka Levitike 19:33, 34, Jehova o ne a batla hore Baiseraele ba tšoare bajaki joang, hona re ka ithuta’ng tabeng ee?

16 Ha Jehova a ne a laela Baiseraele hore ba rate batho ba bang, o ne a sa bolele hore ba ne ba lokela ho rata batho ba morabe oa bona feela. O ile a boela a ba bolella hore ba lokela ho rata bajaki ba har’a bona. Molaetsa oo o hlakileng re o fumana ho Levitike 19:33, 34. (E bale.) Jehova o ne a batla hore Baiseraele ba tšoare mojaki joaloka “letsoalloa,” le hore ba “mo rate” joalokaha ba ithata. Ka mohlala, Baiseraele ba ne ba lokela ho lumella bajaki le batho ba futsanehileng hore ba khoahlapise tšimong ea bona. (Lev. 19:9, 10) Molao-motheo oa hore re rate bajaki o ntse o sebetsa le ho Bakreste mehleng ena. (Luka 10:30-37) Ka tsela efe? Ho na le batho ba bangata ba tsoang linaheng tse ling ’me ho ka etsahala hore ba bang ba lula haufi le uena. Kahoo, ke ha bohlokoa hore re hlomphe batho bana ba tsoang linaheng tse ling.

MOSEBETSI OA BOHLOKOA O SA BOLELOANG HO LEVITIKE KHAOLO EA 19

17, 18. (a) Levitike 19:2 le 1 Petrose 1:15 li re khothalletsa hore re etse’ng? (b) Ke mosebetsi ofe oa bohlokoa oo moapostola Petrose a re khothallelitseng hore re o etse?

17 Levitike 19:2 le 1 Petrose 1:15 li khothalletsa batho ba Molimo hore ba halalele. Litemana tse ling tse ngata tse ho Levitike khaolo ea 19 li ka re thusa ho bona hore na re lokela ho etsa’ng e le hore re thabise Jehova. Re hlahlobile litemana tse bontšang lintho tseo re lokelang ho li etsa le tseo re lokelang ho li qoba. * Mangolo a Segerike a Bakreste a bontša hore Jehova o ntse a batla hore re sebelise melao-motheo ena bophelong ba rona. Empa ho na le ntho e ’ngoe hape eo moapostola Petrose a buang ka eona.

18 Re ka ’na ra lula re sebeletsa Jehova le ho etsetsa batho ba bang lintho tse ntle. Leha ho le joalo, Petrose o khothallelitse Bakreste hore ba etse ntho e ’ngoe hape ea bohlokoa. Pele Petrose a re khothalletsa hore re halalele boitšoarong bohle ba rona o ile a re: “Hlomellang likelello tsa lona bakeng sa tšebetso.” (1 Pet. 1:13, 15) Tšebetso eo e ne e akarelletsa’ng? Petrose o ile a re bara ba bo Kreste ba tlotsitsoeng ba ne ba tla “‘bolela hohle makhabane a hlomphehang’ a ea [ba] bitsitseng.” (1 Pet. 2:9) Ha e le hantle Bakreste bohle mehleng ena, ba na le monyetla o babatsehang oa ho etsa mosebetsi ona oa bohlokoa o thusang batho ho feta lintho tse ling tseo re li etsang. Kannete bahlanka ba Molimo ba halalelang ba na le mosebetsi o ikhethang oa ho bolela le ho ruta batho molaetsa oa Bibele ka cheseho. (Mar 13:10) Ha re etsa sohle seo re ka se khonang ho sebelisa melao-motheo e ho Levitike khaolo ea 19, re tla be re bontša hore re rata Molimo oa rona le batho ba bang. Hape re bontša hore re batla ho halalela boitšoarong bohle ba rona.

PINA EA 111 Mabaka a Rona a ho Thaba

^ ser. 5 Bakreste ha ba tlas’a Molao oo Molimo a neng a o file Moshe empa Molao oo o bua ka lintho tse ngata tseo re lokelang ho li etsa le tseo re lokelang ho li qoba. Ho ithuta ka Molao ona ho ka re thusa hore re rate batho ba bang re be re khahlise Molimo. Sehlooho sena se tla re thusa ho utloisisa kamoo re ka sebelisang lithuto tse ho Levitike khaolo ea 19.

^ ser. 17 Litemana tseo re sa buang ka tsona lihloohong tsena li bua ka ho bontša leeme, ho etselletsa batho ba bang, ho ja mali, ho sebelisana le meea, bonohe le boitšoaro bo hlephileng.​—Lev. 19:15, 16, 26-29, 31.​—Sheba sehlooho se reng “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” se makasineng ena.

^ ser. 52 LITŠOANTŠO: Mora oa bo rona o thusa mora oa bo rona ea sa utloeng litsebeng hore a buisane le ngaka.

^ ser. 54 LITŠOANTŠO: Mora oa bo rona ea nang le khoebo ea ho penta o fa motho ea mo sebeletsang mokholo oa hae.

^ ser. 56 LITŠOANTŠO: Morali oa bo rona a ka khona ho lebala ka leqeba le lenyane leo a nang le lona habonolo. Empa na o tla khetha ho lebala ka leqeba le leholo leo a nang le lona?