Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 49

Lengolo la Levitike le re Ruta Hore re Tshware Batho ba Bang Jwang?

Lengolo la Levitike le re Ruta Hore re Tshware Batho ba Bang Jwang?

“O rate wa heno jwalo ka ha o ithata.”​—LEV. 19:18.

PINA YA 109 Ratanang ho Tswa Pelong

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1, 2. Re ithutileng sehloohong se fetileng, hona re tlo bua ka eng sehloohong see?

SEHLOOHONG se fetileng re buile ka dikeletso tse mmalwa tse ka re thusang tse hlahang lengolong la Levitike kgaolo ya 19. Ka mohlala, temaneng ya boraro Jehova o ile a re Baiseraele ba hlomphe batswadi ba bona. Re bone ka moo re ka sebedisang keletso eo ka teng ka hore re thuse batswadi ba rona ka dintho tseo ba di hlokang, ka ho ba kgothatsa, ho ba tshedisa le ho ba thusa hore ba dule ba ena le kamano e ntle le Jehova. Temaneng yona eo, batho ba Modimo ba hopotswa ka moo ho leng bohlokwa ka teng hore ba boloke Sabatha. Re ithutile hore le hoja re se tlasa molao wa Sabatha kajeno, re ka sebedisa molaomotheo wa yona ka hore letsatsi le letsatsi ho be le nako eo re e behellang ka thoko bakeng sa Jehova. Ka ho etsa jwalo, re tla be re bontsha hore re batla ho halalela jwalo ka ha Levitike 19:2 le 1 Petrose 1:​15 e bontsha.

2 Sehloohong sena re tla tswela pele re hlahloba Levitike kgaolo ya 19. Kgaolo ena e ka re rutang ka ho nahanela batho ba nang le bokowa, ka ho tshepahala ditabeng tsa kgwebo le ka ho bontshana lerato? Re batla ho halalela feela jwalo ka ha Modimo a halalela, ka hoo a re ke re boneng hore na re ka ithutang. 

EBA MOSA HO BATHO BA NANG LE BOKOWA

Levitike 19:​14 e re re lokela ho tshwara batho ba sa boneng le ba sa utlweng ditsebeng jwang? (Sheba serapa sa 3-5) *

3, 4. Ho ya ka Levitike 19:​14, Baiseraele ba ne ba lokela ho tshwara batho ba sa utlweng ditsebeng kapa ba sa boneng jwang?

3 Bala Levitike 19:​14. Jehova o lebelletse hore batho ba hae ba be mosa ho batho ba nang le bokowa. Ka mohlala, Baiseraele ba ne ba sa lokela ho rohaka motho ya sa utlweng ditsebeng. Ho mo rohaka ho ne ho akarelletsa ho mo tshosa kapa ho mo bua hampe. Ntho eo e ne e le e mpe haholo eo motho a neng a ka e etsa ho motho ya sa utlweng ditsebeng. Ka ha o ne a sa utlwe seo ba se buang ka yena, o ne a ke ke a kgona ho ikarabella.

4 Hape temaneng yona eo ya 14, Modimo o ile a bolella bahlanka ba hae hore ba se ke ba “beha tshitiso ka pela sefofu.” Buka e nngwe e re ha e bua ka batho ba nang le bokowa: “Batho ba neng ba dula Botjhabela bo Hare ba ne ba ena le tlwaelo ya ho tshwara batho bao hampe le ho ba hlekefetsa.” Mohlomong motho ya kgopo o ne a ka beha ntho e itseng ka pela motho ya sa boneng ho mo utlwisa bohloko kapa hobane a batla ho mo tshehisa ka batho. Ntho eo e ne e le mpe hakaakang! Ka lebaka la molao ona, Jehova o thusitse batho ba hae hore ba bone bohlokwa ba ho bontsha batho ba nang le bokowa mosa.

5. Re ka bontsha batho ba nang le bokowa mosa jwang?

5 Jesu o ne a bontsha batho ba nang le bokowa mosa. Hopola molaetsa oo a ileng a o bolella Johanne Mokolobetsi o reng: “Ba foufetseng ba a bona, ba holofetseng ba a tsamaya, balepera ba ntse ba hlwekiswa mme ba sa utlweng ditsebeng ba a utlwa, [le] bafu ba ntse ba tsoswa.” Ka mora hore batho bohle ba bone mehlolo eo Jesu a ileng a e etsa, ba ile “ba fana ka thoriso ho Modimo.” (Luka 7:​20-22; 18:​43) Bakreste ba etsisa Jesu ka hore ba bontshe batho ba nang le bokowa mosa. Ka hoo, re ba bontsha mosa, re a ba nahanela hape re a ba mamella. Ke nnete hore Jehova ha a re fa matla a ho etsa mehlolo. Le ha ho le jwalo, re na le monyetla o babatsehang haholo wa ho bolella batho ba nang le bokowa le ba sa tsebeng Modimo ka molaetsa o buang ka Paradeise, eo ho yona ho tlo phela batho ba phethahetseng le ba nang le kamano e ntle le Modimo. (Luka 4:​18) Molaetsa ona o se o ntse o thusa batho ba bangata hore ba rorise Modimo.

TSHEPAHALA DITABENG TSA KGWEBO

6. Levitike kgaolo ya 19 e hlalosa Melao e Leshome ka ho eketsehileng jwang?

6 Ditemana tse ding lengolong la Levitike kgaolo ya 19 di hlalosa Melao e Leshome ka ho eketsehileng. Ka mohlala, molao wa borobedi o re: “O se ke wa utswa.” (Ex. 20:15) Motho e mong a ka nna a nahana hore haeba a eso ka a nka ntho le ha e le efe ya motho e mong o mamela molao oo. Le ha ho le jwalo, e ka nna yaba ho na le ditsela tse ding tseo a utswang ka tsona.

7. Rakgwebo a ka tlola molao wa borobedi jwang o mabapi le ho utswa?

7 Rakgwebo a ka nna a nahana hore ha a eso ka a utswa letho hobane ha ho mohla a kileng a nkela motho ntho e itseng. Empa na o dula a tshepahala ditabeng tsa kgwebo? Ho Levitike 19:​35, 36 Jehova o ile a re: “Le se ke la etsa ka ho hloka toka ha le ahlola, ha le lekanya, ha le bekga kapa le lekanya dintho tse metsi. Le lokela ho ba le sekala se nepahetseng, boima bo nepahetseng, efa e nepahetseng le hine e nepahetseng.” Ka hoo, rakgwebo ya neng a sebedisa dikala tse sa nepahalang ha e le hantle o ne a qhekella bareki ebile a ba utswetsa. Ditemana tse ding tsa Levitike kgaolo ya 19 di hlakisa ntlha ena.

Ho ya ka Levitike 19:​11-13, Mokreste a ka ipotsa dipotso dife mabapi le tsela eo a etsang dintho ka yona ditabeng tsa kgwebo? (Sheba serapa sa 8-10) *

8. Dintlha tse hlahang ho Levitike 19:​11-13 di ne di thusa Bajuda jwang hore ba sebedise molaomotheo o thehilweng molaong wa borobedi, hona seo se ka re tswela molemo jwang?

8 Bala Levitike 19:​11-13. Mantswe a qalang a Levitike 19:​11 a re: “Le se ke la utswa.” Temana ya 13 e amahanya ho utswa le ho se tshepahale ditabeng tsa kgwebo ha e re: “O se ke wa etsetsa wa heno bolotsana.” Ka hoo, motho ya sa tshepahaleng ditabeng tsa kgwebo ha e le hantle o a utswa. Molao wa borobedi o ne o bontsha hore ho utswa ho fosahetse. Le ha ho le jwalo, dintlha tsa lengolo la Levitike di ne di thusa Bajuda ho utlwisisa hore na ba ka sebedisa molaomotheo o thehilweng molaong oo jwang bophelong ba bona. Ho nahanisisa ka hore na Jehova o ikutlwa jwang ka ho se tshepahale le ho utswa ho ka re tswela molemo. Re ka nna ra ipotsa: ‘Ha ke nahana ka Levitike 19:​11-13, na ho na le moo ke lokelang ho etsa diphetoho haholoholo ditabeng tsa kgwebo?’

9. Molao o ho Levitike 19:​13 o ne o sireletsa batho ba hirilweng jwang?

9 Ho na le ntho e nngwe e amanang le ho tshepahala eo Mokreste ya nang le kgwebo a lokelang ho nahana ka yona. Levitike 19:​13 e qetella ka ho re: “Moputso wa mosebetsi ya hirilweng ha o a lokela ho dula bosiu bohle ho wena ho fihlela hoseng.” Batho ba bangata Iseraele ba ne ba sebetsa dipolasing mme ba ne ba patalwa qetellong ya letsatsi le leng le le leng. Haeba motho ya hirilweng a ne a sa patalwe, o ne a tla hloka tjhelete ya hore a rekele lelapa la hae dijo letsatsing leo. Jehova o ile a re: “O kgathatsong mme o phahamiseditse moya wa hae moputsong wa hae.”​—Deut. 24:​14, 15; Mat. 20:8.

10. Re ka ithutang ho Levitike 19:13?

10 Mehleng ena batho ba bangata ba sebetsang ba patalwa hanngwe kapa habedi ka kgwedi eseng letsatsi le leng le le leng. Le ha ho le jwalo, molaomotheo o ho Levitike 19:​13 o ntse o sebetsa le mehleng ena. Bahiri ba bang ba qhekella batho bao ba ba sebeletsang ka hore ba ba patale tjhelete e nyane ho feta eo ba lokelang ho ba fa yona. Ba a tseba hore batho ba ba sebeletsang ha ba na boikgethelo empa ba lokela ho sebetsa le hoja ba patalwa disente. Ha bahiri ba etsa jwalo, ka tsela e itseng ba tla be ba dutse ka moputso wa mosebetsi ya hirilweng. Mokreste ya hirang batho ba bang o lokela ho etsa bonnete ba hore o mamela keletso ena. A re ke re boneng hore na re ka ithutang hape ho Levitike kgaolo ya 19.

RATA BATHO BA BANG JWALO KA HA O ITHATA

11, 12. Jesu o ile a hatisa thuto efe ha a ne a qotsa Levitike 19:​17, 18?

11 Modimo ha a lebella hore re qobe ho ntsha batho ba bang kotsi feela empa o batla hore re etse ho fetang hoo. Re bona sena ho Levitike 19:​17, 18. (E bale.) Hlokomela taelo ena e hlakileng e reng: “O rate wa heno jwalo ka ha o ithata.” Mokreste o lokela ho mamela taelo ena haeba a batla ho thabisa Modimo.

12 Jesu o ile a bontsha hore molao o ho Levitike 19:​18 ke wa bohlokwa haholo. Mofarisi e mong o ile a botsa Jesu a re: “Taelo e kgolo ke efe molaong?” Jesu o ile a mo araba a re, “taelo e kgolo le ya pele” ke hore o rate Jehova ka pelo ya hao yohle le ka moya wa hao wohle le ka kelello ya hao yohle. Ka mora moo, Jesu o ile a qotsa Levitike 19:​18 mme a re: “Ya bobedi e jwalo ka yona, ke ena, ‘O rate moahelani wa hao jwalo ka ha o ithata.’ ” (Mat. 22:​35-40) Ho na le ditsela tse ngata tseo re ka bontshang batho ba bang hore re a ba rata empa re ka ithuta tse ding tsa tsona ho Levitike kgaolo ya 19.

13. Tlaleho ya Bibele e buang ka Josefa e re thusa ho utlwisisa ntlha ya Levitike 19:​18 jwang?

13 Tsela e nngwe eo re ka bontshang hore re rata baahelani ba rona ke ka hore re mamele keletso e ho Levitike 19:​18. E re: “O se ke wa iphetetsa kapa wa jara bara ba batho ba heno ka pelo.” Boholo ba rona re tseba motho ya ileng a kwatela mosebetsimmoho, motho ya kenang sekolo le yena kapa e mong wa lelapa ka dilemo tse ngata. Hopola hore bara babo Josefa ba leshome ba ne ba mo kwatetse haholo hoo ba ileng ba etsa ho hong hobane ba mo hloile. (Gen. 37:​2-8, 25-28) Empa Josefa yena ha a ka a ba tshwara hampe. Ha Josefa a ne a ena le matla mme a ne a ka kgona ho iphetetsa ho bara babo ha a ka a etsa jwalo, ho ena le hoo o ile a ba bontsha mohau. Josefa ha a ka a dula a ba tshwere ka pelo empa o ile a etsa se ileng sa ngolwa ho Levitike 19:​18.​—Gen. 50:​19-21.

14. Ke eng e bontshang hore re lokela ho mamela melaomotheo e thehilweng molaong o ho Levitike 19:​18 mehleng ee?

14 Bakreste ba batlang ho thabisa Modimo ba lokela ho etsisa Josefa ya ileng a tshwarela bara babo ho ena le ho iphetetsa. Sena se dumellana le seo Jesu a ileng a re kgothalletsa hore re se etse thapelong ya mohlala ha a ne a re re lokela ho tshwarela batho ba re sitelwang. (Mat. 6:​9, 12) Ka ho tshwanang moapostola Pauluse o ile a eletsa Bakreste a re: “Le se ke la iphetetsa, baratuwa.” (Bar. 12:​19) O ile a boela a re ho bona: “Tswelang pele le mamellana le ho tshwarelana ka bolokolohi haeba le ha e le mang a ena le sesosa sa pelaelo kgahlanong le e mong.” (Bakol. 3:​13) Melaomotheo ya Jehova ha e fetohe. Re ntse re lokela ho mamela melaomotheo e thehilweng molaong o ho Levitike 19:​18 mehleng ena.

Feela jwalo ka ha ho le molemo hore re se ke ra dula re tshwara leqeba, ka ho tshwanang ha re a lokela ho dula re nahana ka dintho tse re utlwisitseng bohloko. Re lokela ho leka ka hohle hore re di lebale (Sheba serapa sa 15) *

15. Ke mohlala ofe o re thusang ho utlwisisa hore na ke hobaneng ha re lokela ho tshwarela le ho leballa batho ba bang?

15 Nahana ka mohlala ona. Motho ya utlwileng bohloko a ka bapiswa le motho ya tswileng leqeba. Maqeba a mang a manyane athe a mang ona a maholo. Ka mohlala ha re bula enfelopo re ka nna ra sehwa ke pampiri eo hanyane. Leqeba leo le ka nna la eba bohloko empa le tla fola kapelenyana. Ka mora matsatsi a mmalwa mohlomong o ka nna wa se ke wa hopola hore na pampiri eo e o sehile hokae. Ka ho tshwanang, dintho tse bohloko tseo batho ba bang ba ka re etsang tsona ha di mpe hakaalo. Ka mohlala, motswalle wa rona a ka nna a bua kapa a etsa ntho e itseng e re utlwisang bohloko a sa nahana empa re kgona ho mo tshwarela ha bonolo. Le ha ho le jwalo, haeba re ena le leqeba le leholo le ka nna la hloka hore ngaka e le roke le ho le tlamisa. Empa haeba re dula re tshwara leqeba leo ho ka nna ha etsahala hore le se ke la fola empa le be bohloko le ho feta. Ka maswabi motho a ka nna a etsa ntho e tshwanang ha a utlwisitswe bohloko haholo. A ka nna a dula a nahana ka moo motho e mong a mo utlwisitsweng bohloko ka teng. Le ha ho le jwalo, batho ba tshwarang ba bang ka pelo ba ikutlwisa bohloko. Ke ka hoo ho leng molemo hore re mamele keletso e ho Levitike 19:18.

16. Ho ya ka Levitike 19:​33, 34, Jehova o ne a batla hore Baiseraele ba tshware bajaki jwang, hona re ka ithutang tabeng ee?

16 Ha Jehova a ne a laela Baiseraele hore ba rate batho ba bang, o ne a sa bolele hore ba ne ba lokela ho rata batho ba morabe wa bona feela. O ile a boela a ba bolella hore ba lokela ho rata bajaki ba hara bona. Molaetsa oo o hlakileng re o fumana ho Levitike 19:​33, 34. (E bale.) Jehova o ne a batla hore Baiseraele ba tshware mojaki jwalo ka “letswallwa,” le hore ba “mo rate” jwalo ka ha ba ithata. Ka mohlala, Baiseraele ba ne ba lokela ho dumella bajaki le batho ba futsanehileng hore ba kgwahlapise tshimong ya bona. (Lev. 19:​9, 10) Molaomotheo wa hore re rate bajaki o ntse o sebetsa le ho Bakreste mehleng ena. (Luka 10:​30-37) Ka tsela efe? Ho na le batho ba bangata ba tswang dinaheng tse ding mme ho ka etsahala hore ba bang ba dula haufi le wena. Ka hoo, ke ha bohlokwa hore re hlomphe batho bana ba tswang dinaheng tse ding.

MOSEBETSI WA BOHLOKWA O SA BOLELWANG HO LEVITIKE KGAOLO YA 19

17, 18. (a) Levitike 19:2 le 1 Petrose 1:​15 di re kgothalletsa hore re etseng? (b) Ke mosebetsi ofe wa bohlokwa oo moapostola Petrose a re kgothalleditseng hore re o etse?

17 Levitike 19:2 le 1 Petrose 1:​15 di kgothalletsa batho ba Modimo hore ba halalele. Ditemana tse ding tse ngata tse ho Levitike kgaolo ya 19 di ka re thusa ho bona hore na re lokela ho etsang e le hore re thabise Jehova. Re hlahlobile ditemana tse bontshang dintho tseo re lokelang ho di etsa le tseo re lokelang ho di qoba. * Mangolo a Segerike a Bakreste a bontsha hore Jehova o ntse a batla hore re sebedise melaomotheo ena bophelong ba rona. Empa ho na le ntho e nngwe hape eo moapostola Petrose a buang ka yona.

18 Re ka nna ra dula re sebeletsa Jehova le ho etsetsa batho ba bang dintho tse ntle. Le ha ho le jwalo, Petrose o kgothalleditse Bakreste hore ba etse ntho e nngwe hape ya bohlokwa. Pele Petrose a re kgothalletsa hore re halalele boitshwarong bohle ba rona o ile a re: “Hlomellang dikelello tsa lona bakeng sa tshebetso.” (1 Pet. 1:​13, 15) Tshebetso eo e ne e akarelletsang? Petrose o ile a re bara babo Kreste ba tlotsitsweng ba ne ba tla “ ‘bolela hohle makgabane a hlomphehang’ a ya [ba] bitsitseng.” (1 Pet. 2:9) Ha e le hantle Bakreste bohle mehleng ena, ba na le monyetla o babatsehang wa ho etsa mosebetsi ona wa bohlokwa o thusang batho ho feta dintho tse ding tseo re di etsang. Ka nnete bahlanka ba Modimo ba halalelang ba na le mosebetsi o ikgethang wa ho bolela le ho ruta batho molaetsa wa Bibele ka tjheseho. (Mar 13:​10) Ha re etsa sohle seo re ka se kgonang ho sebedisa melaomotheo e ho Levitike kgaolo ya 19, re tla be re bontsha hore re rata Modimo wa rona le batho ba bang. Hape re bontsha hore re batla ho halalela boitshwarong bohle ba rona.

PINA YA 111 Mabaka a ho Thaba

^ par. 5 Bakreste ha ba tlasa Molao oo Modimo a neng a o file Moshe empa Molao oo o bua ka dintho tse ngata tseo re lokelang ho di etsa le tseo re lokelang ho di qoba. Ho ithuta ka Molao ona ho ka re thusa hore re rate batho ba bang re be re kgahlise Modimo. Sehlooho sena se tla re thusa ho utlwisisa ka moo re ka sebedisang dithuto tse ho Levitike kgaolo ya 19.

^ par. 17 Ditemana tseo re sa buang ka tsona dihloohong tsena di bua ka ho bontsha leeme, ho etselletsa batho ba bang, ho ja madi, ho sebedisana le meya, bonohe le boitshwaro bo hlephileng.​—Lev. 19:​15, 16, 26-29, 31.​—Sheba sehlooho se reng “Dipotso Tse Tswang ho Babadi” se makasineng ena.

^ par. 52 DITSHWANTSHO: Morabo rona o thusa morabo rona ya sa utlweng ditsebeng hore a buisane le ngaka.

^ par. 54 DITSHWANTSHO: Morabo rona ya nang le kgwebo ya ho penta o fa motho ya mo sebeletsang mokgolo wa hae.

^ par. 56 DITSHWANTSHO: Moradiwabo rona a ka kgona ho lebala ka leqeba le lenyane leo a nang le lona ha bonolo. Empa na o tla kgetha ho lebala ka leqeba le leholo leo a nang le lona?