Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Levitike 19:16 e na le taelo e reng motho a se ke a “ema kgahlanong le madi a” motho e mong. Taelo ee e bolelang, hona re ka ithuta eng ho yona?

Jehova o ile a bolella Baiseraele hore ba lokela ho halalela. E le ho ba thusa hore ba halalele, o ile a re: “O se ke wa tjhalaka hara batho ba heno ka morero wa ho etselletsa. O se ke wa ema kgahlanong le madi a wa heno. Ke nna Jehova.”​—Lev. 19:​2, 16.

Polelwana e reng “ema kgahlanong le” ke phetolelo e nepahetseng ya mantswe ana ho tswa Seheberung empa polelwana ee e bolelang? Buka e nngwe ya Sejuda e buang ka Levitike e re: “Karolo ena ya temana . . . ho thata ho e utlwisisa hobane ho thata ho tseba hore na ho bolelwa eng ka polelwana ya Seheberu eo ha e le hantle e bolelang ‘o se ke wa ema hodima kapa ka pela.’”

Ditsebi tse ding di nahana hore polelwana ena e amana le temana ya 15 e reng: “Le se ke la etsa ka ho hloka toka kahlolong. Le se ke la tshwara ya tlaase ka leeme, mme le se ke la emela e moholo. Le ahlole wa habo lona ka toka.” (Lev. 19:15) Ka hoo, taelo e hlahang temaneng ya 16 e reng motho a se ke a “ema kgahlanong le” e mong e ne e ka bolela hore Baiseraele ha ba a lokela ho etsa letho ka ho hloka toka makgotleng a dinyewe, ditabeng tsa kgwebo kapa ka lapeng. Hape Moiseraele o ne a sa lokela ho etsa letho ka bolotsana e le hore a fumane molemo o itseng. Ke nnete hore ha re a lokela ho etsa dintho tsena empa ho na le tsela e nngwe e hlakileng haholo ya ho utlwisisa polelwana ena e hlahang temaneng ya 16.

Ela hloko karolo e qalang ya temana ya 16. Modimo o laela batho ba hae hore ba se ke ba tsamaya ba ntse ba etselletsa batho ba bang. Ke nnete hore ha motho e mong a seba batho ba bang a ka baka mathata. Empa ho etselletsa motho e mong ho hobe le ho feta. (Liprov. 10:19; Moek. 10:12-14; 1 Tim. 5:11-15; Jak. 3:6) Hangata motho ya etselletsang o bua ditaba tseo e seng nnete ka boomo ho senya botumo ba motho e mong. Motho ya etselletsang a ka nna a fana ka bopaki ba bohata kgahlanong le motho e mong le hoja ho etsa jwalo ho ka beha bophelo ba motho eo kotsing. Hopola hore ho na le banna ba ileng ba fana ka bopaki ba bohata kgahlanong le Nabothe mme ka lebaka leo o ile a tlepetswa ka majwe a se na molato. (1 Mar. 21:8-13) Ka hoo, jwalo ka ha ho boletswe karolong ya bobedi ya Levitike 19:16, motho ya etselletsang a ka ema kgahlanong le madi a motho e mong ka ho etsa hore a bolawe.

Ho feta moo, motho a ka etselletsa e mong hobane a mo hloile. 1 Johanne 3:​15 e re: “E mong le e mong ya hloileng morabo ke mmolai, mme le a tseba hore ha ho mmolai eo bophelo bo sa feleng bo dutseng ho yena.” Hape ka mora hore Modimo a re: “O se ke wa ema kgahlanong le madi a wa heno,” o ile a boela a re: “O se ke wa hloya moreno ka pelong ya hao.”​—Lev. 19:17.

Ka hoo, taelo e sa tlwaelehang e hlahang ho Levitike 19:​16, e fana ka keletso e matla ho Bakreste ya hore re tlameha ho qoba ho ba le menahano e mebe le ho etselletsa batho ba bang. Haeba re “ema kgahlanong le” motho e mong ka hore re mo etselletse hobane re sa mo rate kapa re mo monela, e ka nna ya eba bopaki ba hore re mo hloile. Bakreste ba lokela ho qoba ka ho feletseng ho hloya batho ba bang.​—Mat. 12:​36, 37.