Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Sebetsa Hantle le Batho ba Bang?

Na U Sebetsa Hantle le Batho ba Bang?

“KE ILE ka ba mabapa le eena ke le mosebetsi ea hloahloa, . . . ke ntse ke nyakaletse ka pel’a hae ka nako eohle.” (Liprov. 8:30) Temana ena e hlalosa kamoo Mora oa Molimo a ileng a sebetsa le Ntate oa hae kateng ka lilemo tse ngata pele a tla lefatšeng. Hape temaneng ena rea ithuta hore Jesu o ne a “nyakaletse” ha a ntse a sebetsa le Molimo.

Ha Jesu a le leholimong, o ile a ithuta makhabane a ileng a mo thusa hore e be mosebetsi-’moho ea molemo. Joale, ha a se a le lefatšeng, e ile ea e-ba mohlala o motle oa motho ea sebetsang hantle le batho ba bang. Mohlala oa Jesu o re tsoela molemo joang? Ha re hlahloba mohlala oa hae, re ka fumana melao-motheo e meraro e ka re thusang ho sebelisana hantle le batho ba bang. Melao-motheo ena e tla re thusa hore re momahane haholoanyane le bara le barali ba bo rona.

Lula u hopola mohlala oa Jehova le Jesu ’me u ikemisetse ho arolelana lintho tseo u li tsebang le basebetsi-’moho le uena

MOLAO-MOTHEO OA PELE: ‘BONTŠANANG TLHOMPHO’

Motho ea sebetsang hantle le ba bang o ikokobelitse. O nka basebetsi-’moho le eena e le ba bohlokoa ebile ha a leke ho etsa eka o tseba haholo ho ba feta. Jesu o ile a ithuta ho ikokobetsa ho Ntate oa hae. Le hoja Jehova e le eena feela eo ka tšoanelo a bitsoang ’Mopi, o ne a batla hore batho ba tsebe ka mosebetsi oa bohlokoa oo Mora oa hae a o entseng. Taba ena re e bona mantsoeng a Molimo ha a ne a re: “A re etse motho ka setšoantšo sa rona.” (Gen. 1:26) Ha Jehova a bua mantsoe ao, Jesu o ile a tseba hore Jehova o ikokobelitse haholo.​—Pes. 18:35.

Ha Jesu a ne a le lefatšeng, le eena o ne a ikokobelitse. Ha batho ba ne ba mo rorisa ka lebaka la lintho tseo a li entseng, o ne a rorisa Molimo. (Mar. 10:17, 18; Joh. 7:15, 16) Jesu o ile a sebeletsa hore a be le khotso le barutuoa ba hae ’me o ne a ba tšoara joaloka metsoalle, eseng makhoba. (Joh. 15:15) O ile a ba a hlatsoa barutuoa ba hae maoto, e le ha a ba ruta hore ba ikokobetse. (Joh. 13:5, 12-14) Le rona re tla be re etsa hantle ha re nka basebetsi-’moho le rona e le ba bohlokoa ho e-na le ho beha lithahasello tsa rona ka pele ho tsa bona. Re ka finyella lintho tse ngata haeba re ‘bontšana tlhompho’ ebile re sa batle hore kamehla thoriso e tle ho rona.​—Bar. 12:10.

Motho ea ikokobelitseng oa hlokomela hore “ha baeletsi ba le bangata ho na le se finyelloang.” (Liprov. 15:22) Ho sa tsotellehe hore na re na le boiphihlelo kapa bokhoni bo bokae, re lokela ho hopola hore ha ho na motho ea tsebang ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Le Jesu o ile a lumela hore ho ne ho e-na le lintho tseo a neng a sa li tsebe. (Mat. 24:36) Hape o ne a thahasella ho tseba hore na barutuoa ba hae ba sa phethahalang ba tseba eng le hore na ba nahana eng. (Mat. 16:13-16) Ke ka lebaka leo basebetsi-’moho le eena ba neng ba ikutloa ba phuthulohile ha ba e-na le eena. Ka tsela e tšoanang, haeba re ikokobelitse ’me re hopola hore ha re tsebe ntho e ’ngoe le e ’ngoe, re bile re mamela maikutlo a batho ba bang, re tla etsa hore ho be le khotso ’me ho tla ba le seo re ‘se finyellang.’

Ka ho khetheha, ho bohlokoa hore baholo ba etsise Jesu tabeng ena ka hore ba bontše boikokobetso ha ba sebetsa hammoho. Ba lokela ho hopola hore moea o halalelang o ka sebetsa ho moholo leha e le ofe sehlopheng sa baholo. Haeba libokeng tsa bona baholo ba etsa hore motho e mong le e mong a ikutloe a lokolohile ho fana ka maikutlo a hae, ba tla etsa liqeto tse tla tsoela phutheho eohle molemo.

MOLAO-MOTHEO OA BOBELI: “HO BA LE KAHLOLO E MOLEMO HA LONA HO KE HO TSEJOE”

Motho ea sebelisanang hantle le batho ba bang o na le kahlolo e molemo litšebelisanong tsa hae le bona. Ke motho ea tenyetsehang. Jesu o ile a ba le menyetla e mengata ea ho bona kamoo Ntate oa hae a nang le kahlolo e molemo kateng. Ka mohlala, Jehova o ile a mo romela hore a tl’o pholosa batho kahlolong ea lefu e neng e ba tšoanetse.​—Joh. 3:16.

Jesu o ne a tenyetseha ha ho hlokahala kapa ha ho loketse ho etsa joalo. Hopola kamoo a ileng a thusa mosali oa Mofoenisia kateng le hoja a ne a rometsoe ho ba ntlo ea Iseraele. (Mat. 15:22-28) O ne a boetse a e-na le kahlolo e molemo ha ho tluoa tabeng ea lintho tseo a neng a li lebelletse ho barutuoa ba hae. Ka mor’a hore Petrose motsoalle oa hae ea haufi a mo latole ka pel’a batho, Jesu o ne a ikemiselitse ho mo tšoarela. Hamorao o ile a fa Petrose boikarabelo ba bohlokoa. (Luka 22:32; Joh. 21:17; Lik. 2:14; 8:14-17; 10:44, 45) Mohlala oa Jesu o bontša ka tsela e hlakileng hore re lokela ho etsa hore “ho ba le kahlolo e molemo ha [rona] ho ke ho tsejoe ke batho bohle” ka hore re be batho ba tenyetsehang.​—Bafil. 4:5.

Ho ba le kahlolo e molemo ho boetse ho tla etsa hore re feto-fetohe e le hore re ka sebetsa ka khotso le batho ba mefuta eohle. Jesu o ne a sebelisana hantle le batho ba neng ba mo potolohile hoo lira tsa hae tse mona li ileng tsa mo qosa ka hore ke “motsoalle oa babokelli ba lekhetho le baetsalibe” ba neng ba mamela molaetsa oa hae. (Mat. 11:19) Na joaloka Jesu, le rona re ka atleha ho sebelisana hantle le batho ba bang ba fapaneng le rona? Mora oa bo rona Louis ea sebelitseng le batho ba bangata ba mefuta e sa tšoaneng ha e ne e le molebeli oa potoloho le ha a ne a le Bethele o re: “Ho sebetsa le batho ba bang ba sa phethahalang ho tšoana le ho haha lerako ka majoe a sa lekaneng ka boholo. Kaha majoe ha a lekane, ho hlokahala boiteko bo eketsehileng empa ho ka khoneha ho haha lerako le otlolohileng. Ke ile ka tlameha ho etsa liphetoho tseleng eo ke etsang lintho ka eona e le hore nka sebetsa ka khotso le batho ba bang le hore mosebetsi o phethoe.” Boo ke boikutlo bo botle.

Motho ea sebetsang hantle le batho ba bang ha a leke ho lula a ba laola ka hore a se ke a ba bolella lintho tseo ba hlokang ho li tseba

Ke maemong afe ao re ka bontšang hore re na le tšebelisano-’moho le batho ba liphuthehong tsa habo rona? Re na le monyetla oa ho etsa joalo ha re le lihlopheng tsa rona tsa tšebeletso ea tšimo. Re ka ’na ra sebetsa le bahoeletsi ba nang le boikarabelo ba lelapa bo sa tšoaneng le ba rona kapa ba sa lekaneng le rona ka lilemo. Re ka fetola tsela eo re sebetsang ka eona kapa mokhoa oo re bolelang molaetsa oa Bibele ka ’ona e le hore le bona ba ka thabela tšebeletso haholoanyane.

MOLAO-MOTHEO OA BORARO: “ITOKISETSE HO AROLELANA”

Motho ea sebetsang hantle le batho ba bang o lula a ‘itokiselitse ho arolelana.’ (1 Tim. 6:18) E tlameha ebe ha Jesu a ntse a sebetsa le Ntate oa hae o ile a hlokomela hore Jehova ha a pate lintho. Ha Jehova a “lokisetsa maholimo,” Jesu o ne a “le teng” ’me o ne a ka ithuta ho eena. (Liprov. 8:27) Hamorao Jesu le eena o ile a thabela ho arolela barutuoa ba hae ‘lintho tseo a li utloileng’ ho Ntate oa hae. (Joh. 15:15) Re ka etsisa mohlala oa Jehova ka hore re bolelle bara le barali ba bo rona lintho tseo re ithutileng tsona. Motho ea sebetsang hantle le batho ba bang ha a leke ho lula a ba laola ka hore a se ke a ba bolella lintho tseo ba hlokang ho li tseba kapa tse tla ba thusa. O thabela ho bolella batho ba bang lintho tse molemo tseo a ithutileng tsona.

Re ka boela ra khothatsa basebetsi-’moho le rona. Na ha re ikutloe re thabile ha motho e mong a hlokomela boiteko boo re bo etsang ’me a re leboha ho tsoa pelong? Jesu o ile a bolella basebetsi-’moho le eena lintho tse ntle tseo a neng a li bona ho bona. (Bapisa le Matheu 25:19-23; Luka 10:17-20.) O ile a boela a ba bolella hore ba ne ba tla “etsa mesebetsi e meholo ho” ea hae. (Joh. 14:12) Bosiung ba pele a shoa, o ile a babatsa baapostola ba hae ba tšepahalang a re: “Ke lona ba nkhomaretseng litekong tsa ka.” (Luka 22:28) U se u ka inahanela hore na mantsoe a hae a ile a ba khothatsa hakakaang le ho etsa hore ba tiise le ho feta. Le rona haeba re khothatsa basebetsi-’moho le rona, ba tla thaba ebile ba tla sebetsa ka thata le ho feta.

U KA KHONA HO SEBETSA LE BATHO HANTLE

Mora oa bo rona Kayode o re: “Ha ho hlokahale hore motho e be ea phethahetseng hore a sebetse hantle le batho ba bang empa a ka etsa hore batho ba sebetsang le eena ba thabe le hore mosebetsi o ba bebofalle.” Na u mosebetsi-’moho ea joalo? Mohlomong u ka botsa bara le barali ba bo rona ba bang hore na u mosebetsi-’moho ea joang. Haeba ba thabela ho sebetsa le uena joalokaha barutuoa ba Jesu ba ne ba thabela ho sebetsa le eena, joale u ka bua mantsoe a tšoanang le a moapostola Pauluse ha a ne a re: “Re basebetsi-’moho bakeng sa thabo ea lona.”​—2 Bakor. 1:24.