Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na o Sebetsa Hantle le Batho ba Bang?

Na o Sebetsa Hantle le Batho ba Bang?

“KE ILE ka ba mabapa le yena ke le mosebetsi ya hlwahlwa, . . . ke ntse ke nyakaletse ka pela hae ka nako yohle.” (Liprov. 8:30) Temana ena e hlalosa ka moo Mora wa Modimo a ileng a sebetsa le Ntate wa hae ka teng ka dilemo tse ngata pele a tla lefatsheng. Hape temaneng ena re a ithuta hore Jesu o ne a “nyakaletse” ha a ntse a sebetsa le Modimo.

Ha Jesu a le lehodimong, o ile a ithuta makgabane a ileng a mo thusa hore e be mosebetsimmoho ya molemo. Jwale, ha a se a le lefatsheng, e ile ya eba mohlala o motle wa motho ya sebetsang hantle le batho ba bang. Mohlala wa Jesu o re tswela molemo jwang? Ha re hlahloba mohlala wa hae, re ka fumana melaomotheo e meraro e ka re thusang ho sebedisana hantle le batho ba bang. Melaomotheo ena e tla re thusa hore re momahane haholwanyane le bara le baradibabo rona.

Dula o hopola mohlala wa Jehova le Jesu mme o ikemisetse ho arolelana dintho tseo o di tsebang le basebetsimmoho le wena

MOLAOMOTHEO WA PELE: ‘BONTSHANANG TLHOMPHO’

Motho ya sebetsang hantle le ba bang o ikokobeditse. O nka basebetsimmoho le yena e le ba bohlokwa ebile ha a leke ho etsa eka o tseba haholo ho ba feta. Jesu o ile a ithuta ho ikokobetsa ho Ntate wa hae. Le hoja Jehova e le yena feela eo ka tshwanelo a bitswang Mmopi, o ne a batla hore batho ba tsebe ka mosebetsi wa bohlokwa oo Mora wa hae a o entseng. Taba ena re e bona mantsweng a Modimo ha a ne a re: “A re etse motho ka setshwantsho sa rona.” (Gen. 1:26) Ha Jehova a bua mantswe ao, Jesu o ile a tseba hore Jehova o ikokobeditse haholo.​—Pes. 18:35.

Ha Jesu a ne a le lefatsheng, le yena o ne a ikokobeditse. Ha batho ba ne ba mo rorisa ka lebaka la dintho tseo a di entseng, o ne a rorisa Modimo. (Mar. 10:17, 18; Joh. 7:15, 16) Jesu o ile a sebeletsa hore a be le kgotso le barutuwa ba hae mme o ne a ba tshwara jwalo ka metswalle, eseng makgoba. (Joh. 15:15) O ile a ba a hlatswa barutuwa ba hae maoto, e le ha a ba ruta hore ba ikokobetse. (Joh. 13:5, 12-14) Le rona re tla be re etsa hantle ha re nka basebetsimmoho le rona e le ba bohlokwa ho ena le ho beha dithahasello tsa rona ka pele ho tsa bona. Re ka finyella dintho tse ngata haeba re ‘bontshana tlhompho’ ebile re sa batle hore ka mehla thoriso e tle ho rona.​—Bar. 12:10.

Motho ya ikokobeditseng o a hlokomela hore “ha baeletsi ba le bangata ho na le se finyellwang.” (Liprov. 15:22) Ho sa tsotellehe hore na re na le boiphihlelo kapa bokgoni bo bokae, re lokela ho hopola hore ha ho na motho ya tsebang ntho e nngwe le e nngwe. Le Jesu o ile a dumela hore ho ne ho ena le dintho tseo a neng a sa di tsebe. (Mat. 24:36) Hape o ne a thahasella ho tseba hore na barutuwa ba hae ba sa phethahalang ba tseba eng le hore na ba nahana eng. (Mat. 16:13-16) Ke ka lebaka leo basebetsimmoho le yena ba neng ba ikutlwa ba phuthulohile ha ba ena le yena. Ka tsela e tshwanang, haeba re ikokobeditse mme re hopola hore ha re tsebe ntho e nngwe le e nngwe, re bile re mamela maikutlo a batho ba bang, re tla etsa hore ho be le kgotso mme ho tla ba le seo re ‘se finyellang.’

Ka ho kgetheha, ho bohlokwa hore baholo ba etsise Jesu tabeng ena ka hore ba bontshe boikokobetso ha ba sebetsa ha mmoho. Ba lokela ho hopola hore moya o halalelang o ka sebetsa ho moholo le ha e le ofe sehlopheng sa baholo. Haeba dibokeng tsa bona baholo ba etsa hore motho e mong le e mong a ikutlwe a lokolohile ho fana ka maikutlo a hae, ba tla etsa diqeto tse tla tswela phutheho yohle molemo.

MOLAOMOTHEO WA BOBEDI: “HO BA LE KAHLOLO E MOLEMO HA LONA HO KE HO TSEJWE”

Motho ya sebedisanang hantle le batho ba bang o na le kahlolo e molemo ditshebedisanong tsa hae le bona. Ke motho ya tenyetsehang. Jesu o ile a ba le menyetla e mengata ya ho bona ka moo Ntate wa hae a nang le kahlolo e molemo ka teng. Ka mohlala, Jehova o ile a mo romela hore a tlo pholosa batho kahlolong ya lefu e neng e ba tshwanetse.​—Joh. 3:16.

Jesu o ne a tenyetseha ha ho hlokahala kapa ha ho loketse ho etsa jwalo. Hopola ka moo a ileng a thusa mosadi wa Mofoenisia ka teng le hoja a ne a rometswe ho ba ntlo ya Iseraele. (Mat. 15:22-28) O ne a boetse a ena le kahlolo e molemo ha ho tluwa tabeng ya dintho tseo a neng a di lebelletse ho barutuwa ba hae. Ka mora hore Petrose motswalle wa hae ya haufi a mo latole ka pela batho, Jesu o ne a ikemiseditse ho mo tshwarela. Ha morao o ile a fa Petrose boikarabelo ba bohlokwa. (Luka 22:32; Joh. 21:17; Lik. 2:14; 8:14-17; 10:44, 45) Mohlala wa Jesu o bontsha ka tsela e hlakileng hore re lokela ho etsa hore “ho ba le kahlolo e molemo ha [rona] ho ke ho tsejwe ke batho bohle” ka hore re be batho ba tenyetsehang.​—Bafil. 4:5.

Ho ba le kahlolo e molemo ho boetse ho tla etsa hore re fetofetohe e le hore re ka sebetsa ka kgotso le batho ba mefuta yohle. Jesu o ne a sebedisana hantle le batho ba neng ba mo potolohile hoo dira tsa hae tse mona di ileng tsa mo qosa ka hore ke “motswalle wa babokelli ba lekgetho le baetsadibe” ba neng ba mamela molaetsa wa hae. (Mat. 11:19) Na jwalo ka Jesu, le rona re ka atleha ho sebedisana hantle le batho ba bang ba fapaneng le rona? Morabo rona Louis ya sebeditseng le batho ba bangata ba mefuta e sa tshwaneng ha e ne e le molebedi wa potoloho le ha a ne a le Bethele o re: “Ho sebetsa le batho ba bang ba sa phethahalang ho tshwana le ho haha lerako ka majwe a sa lekaneng ka boholo. Ka ha majwe ha a lekane, ho hlokahala boiteko bo eketsehileng empa ho ka kgoneha ho haha lerako le otlolohileng. Ke ile ka tlameha ho etsa diphetoho tseleng eo ke etsang dintho ka yona e le hore nka sebetsa ka kgotso le batho ba bang le hore mosebetsi o phethwe.” Boo ke boikutlo bo botle.

Motho ya sebetsang hantle le batho ba bang ha a leke ho dula a ba laola ka hore a se ke a ba bolella dintho tseo ba hlokang ho di tseba

Ke maemong afe ao re ka bontshang hore re na le tshebedisanommoho le batho ba diphuthehong tsa habo rona? Re na le monyetla wa ho etsa jwalo ha re le dihlopheng tsa rona tsa tshebeletso ya tshimo. Re ka nna ra sebetsa le bahweletsi ba nang le boikarabelo ba lelapa bo sa tshwaneng le ba rona kapa ba sa lekaneng le rona ka dilemo. Re ka fetola tsela eo re sebetsang ka yona kapa mokgwa oo re bolelang molaetsa wa Bibele ka wona e le hore le bona ba ka thabela tshebeletso haholwanyane.

MOLAOMOTHEO WA BORARO: “ITOKISETSE HO AROLELANA”

Motho ya sebetsang hantle le batho ba bang o dula a ‘itokiseditse ho arolelana.’ (1 Tim. 6:18) E tlameha ebe ha Jesu a ntse a sebetsa le Ntate wa hae o ile a hlokomela hore Jehova ha a pate dintho. Ha Jehova a “lokisetsa mahodimo,” Jesu o ne a “le teng” mme o ne a ka ithuta ho yena. (Liprov. 8:27) Ha morao Jesu le yena o ile a thabela ho arolela barutuwa ba hae ‘dintho tseo a di utlwileng’ ho Ntate wa hae. (Joh. 15:15) Re ka etsisa mohlala wa Jehova ka hore re bolelle bara le baradibabo rona dintho tseo re ithutileng tsona. Motho ya sebetsang hantle le batho ba bang ha a leke ho dula a ba laola ka hore a se ke a ba bolella dintho tseo ba hlokang ho di tseba kapa tse tla ba thusa. O thabela ho bolella batho ba bang dintho tse molemo tseo a ithutileng tsona.

Re ka boela ra kgothatsa basebetsimmoho le rona. Na ha re ikutlwe re thabile ha motho e mong a hlokomela boiteko boo re bo etsang mme a re leboha ho tswa pelong? Jesu o ile a bolella basebetsimmoho le yena dintho tse ntle tseo a neng a di bona ho bona. (Bapisa le Matheu 25:19-23; Luka 10:17-20.) O ile a boela a ba bolella hore ba ne ba tla “etsa mesebetsi e meholo ho” ya hae. (Joh. 14:12) Bosiung ba pele a shwa, o ile a babatsa baapostola ba hae ba tshepahalang a re: “Ke lona ba nkgomaretseng ditekong tsa ka.” (Luka 22:28) O se o ka inahanela hore na mantswe a hae a ile a ba kgothatsa hakakaang le ho etsa hore ba tiise le ho feta. Le rona haeba re kgothatsa basebetsimmoho le rona, ba tla thaba ebile ba tla sebetsa ka thata le ho feta.

O KA KGONA HO SEBETSA LE BATHO HANTLE

Morabo rona Kayode o re: “Ha ho hlokahale hore motho e be ya phethahetseng hore a sebetse hantle le batho ba bang empa a ka etsa hore batho ba sebetsang le yena ba thabe le hore mosebetsi o ba bebofalle.” Na o mosebetsimmoho ya jwalo? Mohlomong o ka botsa bara le baradibabo rona ba bang hore na o mosebetsimmoho ya jwang. Haeba ba thabela ho sebetsa le wena jwalo ka ha barutuwa ba Jesu ba ne ba thabela ho sebetsa le yena, jwale o ka bua mantswe a tshwanang le a moapostola Pauluse ha a ne a re: “Re basebetsimmoho bakeng sa thabo ya lona.”​—2 Bakor. 1:24.