Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 50

Mamela Lentsoe la Molisa ea Molemo

Mamela Lentsoe la Molisa ea Molemo

“Li tla mamela lentsoe la ka.”​—JOH. 10:16.

PINA EA 3 Jehova o re fa Matla le Tšepo

SEO RE TL’O ITHUTA SONA *

1. Ke lebaka lefe le leng leo e ka ’nang eaba Jesu o ile a bapisa balateli ba hae le linku?

JESU o ile a bapisa kamano eo a nang le eona le balateli ba hae, le e teng pakeng tsa molisa le linku tsa hae. (Joh. 10:14) Papiso ena e loketse kaha linku li tseba molisa oa tsona ’me li mamela lentsoe la hae. Monna e mong o ile a bona ha sena se etsahala. O re: “Re ne re batla ho nka linepe tsa linku tse ’maloa ’me re leka ho li bitsa hore li tle ho rona. Empa ha lia ka tsa tla hobane ha li tsebe mantsoe a rona. Ka mor’a moo, ho ile ha tla moshanyana oa molisa, hang-hang feela ha a li bitsa li ile tsa ea ho eena.”

2, 3. (a) Balateli ba Jesu ba bontša joang hore ba mamela lentsoe la hae? (b) Re tl’o bua ka’ng sehloohong see le se latelang?

2 Ntho eo monna eo a e boneng e re hopotsa mantsoe a Jesu mabapi le linku tsa hae e leng barutuoa ba hae. O ile a re: “Li tla mamela lentsoe la ka.” (Joh. 10:16) Empa Jesu o leholimong, joale re ka mo mamela joang? Re bontša hore re mamela lentsoe la Mong’a rona ka ho sebelisa lintho tseo a re rutileng tsona bophelong ba rona.​—Mat. 7:24, 25.

3 Sehloohong sena le se latelang, re tl’o bua ka lithuto tse ling tsa Jesu. Joalokaha re tl’o bona, Jesu o re rutile hore re lokela ho khaotsa ho etsa lintho tse ling ’me re etse tse ling. Re tla qala pele ka ho bua ka lintho tse peli tseo molisa ea molemo a itseng re khaotse ho li etsa.

‘KHAOTSANG HO TŠOENNGOA KE LIPELAELO’

4. Ho ea ka Luka 12:29, ke’ng e ka etsang hore re ‘tšoenngoe ke lipelaelo’?

4 Bala Luka 12:29. Jesu o ile a khothalletsa balateli ba hae hore ba “khaotse ho tšoenngoa ke lipelaelo” mabapi le lintho tseo ba li hlokang hore ba phele. Rea tseba hore keletso ea Jesu e lula e le bohlale ebile e nepahetse. Re batla ho e mamela empa ka linako tse ling ho ba thata hore re etse joalo. Ebe ke hobaneng?

5. Ke hobaneng ha batho ba bang ba ka tšoenyeha ka lintho tseo ba li hlokang?

 5 Batho ba bang ba ka ’na ba tšoenyeha ka lintho tseo ba li hlokang tse kang lijo, liaparo le bolulo. E ka ’na eaba ba lula naheng eo batho ba bangata ba sotlehileng ebile ho leng thata ho fumana mosebetsi. Ho ka ba thata hore ba fumane chelete e lekaneng e le hore ba hlokomele ba malapa a bona. Mohlomong motho ea neng a sebetsa o se a hlokahetse, kahoo lelapa ha le sa na chelete bakeng sa lintho tseo le li hlokang. Hape e ka ’na eaba batho ba bangata ba felletsoe ke mesebetsi ebile ha ho sa na chelete e kenang ka lebaka la seoa sa COVID-19. (Moek. 9:11) Haeba re etsahalletsoe ke lintho tsena kapa tse ling, ke joang re ka mamelang keletso ea Jesu ea hore re khaotse ho tšoenyeha?

Ho e-na le hore u tšoenyehe haholo ka lintho tseo u li hlokang, lula u kholisehile hore Jehova o tla u thusa (Sheba serapa sa 6-8) *

6. Hlalosa hore na moapostola Petrose o ile a etsahalloa ke’ng.

6 Ka letsatsi le leng, moapostola Petrose le baapostola ba bang ba ne ba le ka sekepeng Leoatleng la Galilea ’me ho ne ho e-na le sefefo eaba ba bona Jesu a tsamaea holim’a metsi. Petrose o ile a re: “Morena, haeba ke uena, ntaele hore ke tle ho uena holim’a metsi.” Ka mor’a moo Jesu o ile a re ho eena “tloo” eaba Petrose o tsoa ka sekepeng, ‘o tsamaea holim’a metsi ’me o leba ho Jesu.’ Hlokomela hore ho etsahetse’ng ka mor’a moo. “Ha a sheba moea oa sefefo, a ba le tšabo ’me, ka mor’a ho qala ho teba, a hoeletsa: ‘Morena, mpholose!’” Jesu o ile a otlolla letsoho la hae ’me a mo pholosa. Ke ha bohlokoa ho hopola hore Petrose o ile a thusoa ke ho lula a shebile Jesu hore a khone ho tsamaea holim’a metsi. Empa hang feela ha Petrose a sheba sefefo o ile a tšoha haholo le ho belaela eaba o qala ho teba.​—Mat. 14:24-31.

7. Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Petrose?

7 Re ka ithuta ho hong mohlaleng oa Petrose. Ha a tsoa ka sekepeng ’me a tsamaea holim’a metsi, o ne a sa lebella hore ho na le ntho e tla mo sitisa ebe o qala ho teba. O ne a batla ho lula a tsamaea holim’a metsi ho fihlela a fihla ho Mong’a hae. Empa o ile a hloleha ho lula a nahanne ka ntho eo a neng a batla ho e finyella. Le hoja re ke ke ra tsamaea holim’a metsi mehleng ena empa re ntse re hloka ho ba le tumelo e le hore re mamelle mathata ao re nang le ’ona. Haeba re sa lule re tšepa Jehova le litšepiso tsa hae, tumelo ea rona e tla fokola joalokaha eka re teba ka har’a mathata a rona. Kahoo, ho sa tsotellehe hore na re na le mathata a mangata hakae a kang lifefo, re lokela ho lula re tšepile Jehova le ho tšepa hore o tla re thusa. Ebe re ka etsa seo joang?

8. Ke’ng e ka re thusang hore re qobe ho tšoenyeha haholo ka lintho tseo re li hlokang?

8 Ho e-na le hore re tšoenyehe ka mathata a rona, re lokela ho tšepa Jehova. Hopola hore Ntate oa rona ea lerato Jehova, o tšepisa hore o tla re hlokomela ka lintho tseo re li hlokang haeba re mo beha pele bophelong ba rona. (Mat. 6:32, 33) Haesale a phethahatsa tšepiso eo. (Deut. 8:4, 15, 16; Pes. 37:25) Haeba Jehova a hlokomela linonyana le lipalesa, ho hlakile hore ha ho hlokahale hore re tšoenyehe ka hore na re tla ja’ng kapa re tla apara’ng. (Mat. 6:26-30; Bafil. 4:6, 7) Joalokaha lerato le susumetsa batsoali hore ba fe bana ba bona lintho tseo ba li hlokang, ka ho tšoanang lerato le susumetsa Ntate oa rona e leng Jehova hore a fe bahlanka ba hae lintho tseo ba li hlokang. Kannete re ka kholiseha hore Jehova o tla re hlokomela.

9. Re ka ithuta’ng ho se ileng sa etsahalla banyalani ba bang?

9 A re bueng ka ntho e ileng ea etsahala e re bontšang kamoo Jehova a re hlokomelang ka lintho tseo re li hlokang kateng. Banyalani ba tšebeletsong ea nako e tletseng ba ile ba tsamaea hora kaofela ka koloi ea bona ea khale ho il’o lata barali ba bo rona ba lulang kampong ea baphaphathehi hore ba ee libokeng. Mora oa bo rona o ile a re: “Ka mor’a liboka, re ile ra memela barali bana ba bo rona lapeng empa ra hlokomela hore ha re na lijo tseo re tla ba fa tsona.” Banyalani baa ba ile ba etsa joang? Mora oa bo rona o re: “Ha re fihla lapeng, ho ne ho e-na le lipolasetiki tse peli tse kholo tse tšetseng lijo monyakong oa rona. Re ne re sa tsebe hore na ke mang a ileng a li beha moo. Jehova o ile a re hlokomela.” Ha nako e ntse e ea, koloi ea banyalani bana e ile ea robeha. Ba ne ba e hloka e le hore ba ee tšebeletsong ea tšimo empa ba ne ba se na chelete ea ho e lokisa. Ba ile ba isa koloi ea bona karacheng hore ba tsebe hore na e tla hloka bokae hore e lokisoe. Ha e ntse e le moo, monna e mong o ile a fihla karacheng ’me a ba botsa a re: “Ke koloi ea mang ee?” Mora oa bo rona o ile a re ke ea hae ’me e hloka ho lokisoa. Monna eo o ile a re: “Taba eo ha se bothata. Mosali oa ka o batla koloi e tšoanang le ena hantle le ka ’mala. U ka nthekisetsa eona ka bokae?” Mora oa bo rona o ile a rekisetsa monna eo koloi ’me qetellong a ba le chelete e lekaneng hore a ka reka koloi e ’ngoe. O ile a re: “Ha ke tsebe hore na nka hlalosa tsela eo re neng re thabile ka eona joang letsatsing leo. Re ne re tseba hore ntho ena ha ea iketsahalla feela. E ne e le Jehova ea re thusang.”

10. Pesaleme ea 37:5 e re khothalletsa hore re etse’ng e le hore re khaotse ho tšoenyeha ka lintho tseo re li hlokang?

10 Ha re mamela molisa oa rona ea molemo ’me re khaotsa ho tšoenyeha haholo ka lintho tseo re li hlokang, re ka kholiseha hore Jehova o tla re fa tsona. (Bala Pesaleme ea 37:5; 1 Pet. 5:7) Nahana ka mathata ao re buileng ka ona  serapeng sa bohlano. E ka ’na eaba Jehova o ntse a sebelisa hlooho ea lelapa kapa motho ea re hirileng ho re thusa hore re be le lintho tseo re li hlokang letsatsi le letsatsi. Haeba re felloa ke mosebetsi kapa hlooho ea lelapa e se e sa khone ho re hlokomela, re ka kholiseha hore Jehova o tla re fa lintho tseo re li hlokang ka tsela e itseng. A re bueng ka ntho e ’ngoe hape eo molisa ea molemo a re khothallelitseng hore re khaotse ho e etsa.

“KHAOTSANG HO AHLOLA”

Ho sheba lintho tse ntle tseo batho ba li etsang ho ka re thusa hore re khaotse ho ba ahlola (Sheba serapa sa 11, 14-16) *

11. Ho ea ka Matheu 7:1, 2 Jesu o ile a re re khaotse ho etsa’ng, hona ke hobane’ng ha ho ka ba thata ho mamela taelo eo?

11 Bala Matheu 7:1, 2. Jesu o ne a tseba hore bamameli ba hae ke batho ba sa phethahalang ’me ba rata ho sheba liphoso tsa batho ba bang. Ke kahoo a ileng a re: “Khaotsang ho ahlola.” Re ka ’na ra leka ka matla hore re se ke ra ahlola Bakreste-’moho le rona empa ka linako tse ling re ka hloleha ho etsa joalo. Haeba re hlokomela hore ka linako tse ling re tšoaea-tšoaea batho ba bang liphoso, re lokela ho etsa’ng? Mamela Jesu ’me u sebetse ka thata hore u khaotse ho ahlola batho ba bang.

12, 13. Ho nahanisisa ka tsela eo Jehova a ileng a tšoara Morena Davida ka eona ho ka re thusa joang hore re khaotse ho ahlola batho ba bang?

12 Ho nahanisisa ka mohlala oa Jehova ho ka re thusa haholo. O sheba lintho tse ntle tseo batho ba li etsang. Re bona sena tseleng eo a ileng a tšoara Morena Davida ka eona ha a ne a entse libe tse tebileng. Ka mohlala, o ile a etsa bofebe le Bathe-sheba, a ba a etsa hore monna oa hae a bolaoe. (2 Sam. 11:2-4, 14, 15, 24) Ntho eo Davida a ileng a e etsa e ile ea utloisa eena, lelapa la hae le basali ba bang ba hae bohloko. (2 Sam. 12:10, 11) Ka letsatsi le leng, Davida o ile a hloleha ho tšepa Jehova ka ho felletseng ka hore a laele hore banna ba masole a Iseraele ba baloe, e leng ntho eo Jehova a neng a sa mo laela hore a e etse. E ka ’na eaba Davida o ile a etsa joalo hobane a ikhohomosa ebile a tšepile hore lebotho lena la hae le leholo le tla mo sireletsa. Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo? Baiseraele ba 70 000 ba ile ba bolaoa ke lefu la seoa.​—2 Sam. 24:1-4, 10-15.

13 Haeba u ne u lula Iseraele ka nako eo, u ne u tla ikutloa joang ka Davida? Na u ne u tla nahana hore Jehova ha a lokela ho mo tšoarela? Jehova eena ha aa ka a nahana joalo. O ne a amehile haholo ka hore Davida o ile a bakela libe tsa hae le hore o ile a mo tšepahalla bophelo bohle ba hae. Kahoo, Jehova o ile a tšoarela Davida ka libe tse tebileng tseo a ileng a li etsa. Jehova o ne a tseba hore Davida o mo rata haholo le hore o ne a batla ho etsa se nepahetseng. Na ha u thabisoe ke taba ea hore Molimo oa rona o sheba lintho tse ntle tseo re li etsang le makhabane a rona?​—1 Mar. 9:4; 1 Likron. 29:10, 17.

14. Ke’ng e thusitseng Bakreste hore ba khaotse ho ahlola batho ba bang?

14 Haeba Jehova a sa lebella hore re phethahale, le rona ha rea lokela ho lebella hore batho ba bang ba phethahale empa re lokela ho sheba lintho tse ntle tseo ba li etsang. Hangata ho ba bonolo hore re bone mefokolo ea batho ba bang ’me re ba ahlole. Leha ho le joalo, motho ea etsisang Jehova o sebelisana hantle le batho ba bang le hoja a tseba mefokolo ea bona. Taemane e ka bonahala e se ntle haeba e e-s’o ka e sehoa hantle empa motho ea bohlale oa tseba hore ka mor’a hore e sehoe hantle le ho polechoa e tla ba ntle haholo. Ha rea lokela ho ameha ka mefokolo ea batho empa re lokela ho sheba makhabane a bona a matle.

15. Ho nahana ka maemo a batho ba bang ho ka re thusa joang hore re se ke ra ba ahlola?

15 Ntle le ho sheba makhabane a batho ba bang, ke’ng hape e ka re thusang hore re se ke ra ba ahlola? Leka ho nahana hore na ho etsahala’ng bophelong ba bona. A re bueng ka tlaleho ena. Ka letsatsi le leng tempeleng, Jesu o ile a bona mohlolohali ea hlokang a akhela licheletana tse peli tsa boleng bo tlaase ka letloleng la polokelo. Jesu ha aa ka a re: “Ke hobane’ng ha a sa tšele tse ngatanyana?” Ho e-na le hore Jesu a amehe ka hore na mohlolohali eo o fane ka bokae, o ile a nahana ka maemo a hae le hore na ke hobane’ng ha a ile a tšela chelete eo kamoo eaba oa mo babatsa ka ho etsa sohle seo a ka se khonang.​—Luka 21:1-4.

16. Re ka ithuta’ng nthong e ileng ea etsahalla morali oa bo rona Veronica?

16 Ntho e ileng ea etsahalla morali oa bo rona Veronica ea re bontša hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re nahane ka maemo a batho ba bang. Phuthehong eo a neng a le ho eona, ho ne ho e-na le ’mè ea holisang mora oa hae a le mong. Morali oa bo rona Veronica o re: “Ho ea ka ’na, ba ne ba sa ee libokeng le tšimong kamehla. Ntho ena e ne e etsa hore ke ba ahlole. Empa ka tsatsi le leng, ke ile ka tsamaea le morali enoa oa bo rona tšimong. O ile a mpolella hore mora oa hae o na le bothata ba kelello. O ne a etsa sohle seo a ka se khonang hore ba be le lintho tseo ba li hlokang le hore ba lule ba e-na le kamano e ntle le Jehova. Ka lebaka la bothata ba mora oa hae, ka linako tse ling o ne a ea libokeng tsa phuthehong e ’ngoe.” Morali oa bo rona Veronica o re: “Ke ne ke sa tsebe hore bophelo ba hae bo boima hakana. Hona joale ke se ke ananela le ho hlompha morali enoa oa bo rona haholo ka lebaka la lintho tseo a li etsang e le hore a sebeletse Jehova.”

17. Jakobo 2:8 e re re etse’ng, hona re ka etsa joalo joang?

17 Re lokela ho etsa’ng haeba re hlokomela hore re ile ra ahlola Mokreste-’moho le rona? Re lokela ho hopola hore re tlameha ho rata bara le barali ba bo rona. (Bala Jakobo 2:8.) Hape re lokela ho rapela Jehova ka tieo, re mo kope hore a re thuse hore re khaotse ho ahlola batho ba bang. Re lokela ho etsa se lumellanang le lithapelo tsa rona ka hore re qete nako re e-na le motho eo re ileng ra mo ahlola. Ho etsa joalo ho tla etsa hore re mo tsebe haholoanyane. Re ka mo kopa hore a sebetse le rona tšimong kapa ra mo memela lijong. Ha re ntse re tseba Mokreste-’moho le rona haholoanyane, re ka leka ho etsisa mohlala oa Jehova le Jesu ka hore re shebe lintho tse ntle tseo a li etsang. Ha re etsa joalo, re tla be re bontša hore re mamela taelo ea molisa oa rona ea molemo e reng re khaotse ho ahlola batho ba bang.

18. Re ka bontša joang hore re mamela lentsoe la molisa ea molemo?

18 Joalokaha linku li mamela lentsoe la molisa oa tsona, le balateli ba Jesu ba mamela lentsoe la hae. Haeba re leka kahohle ho khaotsa ho tšoenyeha ka lintho tseo re li hlokang le ho khaotsa ho ahlola batho ba bang, Jehova le Jesu ba tla hlohonolofatsa boiteko ba rona. Ebang re karolo ea “mohlatsoana” kapa re ba “linku tse ling,” e se eka re ka tsoela pele re mamela lentsoe la molisa ea molemo. (Luka 12:32; Joh. 10:11, 14, 16) Sehloohong se latelang, re tla bua ka lintho tse peli tseo Jesu a ileng a laela barutuoa ba hae hore ba li etse.

PINA EA 101 Re Sebetsa re Momahane

^ ser. 5 Ha Jesu a ne a re linku tsa hae li tla mamela lentsoe la hae, o ne a bolela hore barutuoa ba hae ba tla mamela lintho tseo a li rutang ba be ba li sebelise bophelong ba bona. Sehloohong sena, re tl’o bua ka lithuto tse peli tsa Jesu mabapi le ho khaotsa ho tšoenyeha ka lintho tseo re li hlokang le ho khaotsa ho ahlola batho ba bang. Re tlo bona hore na re ka mamela keletso ea hae joang.

^ ser. 51 LITŠOANTŠO: Mora oa bo rona o felletsoe ke mosebetsi, ha a na chelete e lekaneng bakeng sa ho hlokomela lelapa la hae ebile o hloka bolulo. A ka tšoenyeha haholo hoo a ka sitisehang hore a behe Jehova pele bophelong ba hae.

^ ser. 53 LITŠOANTŠO: Mora oa bo rona o fihla ka mor’a nako libokeng. Empa o bontša makhabane a matle ha a bua le monna e mong ka molaetsa oa Bibele, ha a thusa motho ea holileng le ha a hloekisa Holo ea ’Muso.