Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na u sa Hopola?

Na u sa Hopola?

Na u balile lihlooho tsa Molula-Qhooa tsa selemong see ka hloko? Haeba ho joalo, leka ho bona hore na u ka araba lipotso tse latelang:

Jakobo 5:11 e etsa hore re kholisehe ka eng ha e re Jehova o na le “lerato le mofuthu haholo ’me o mohau”?

Rea tseba hore Jehova o susumetsoa ke mohau hore a re tšoarele liphoso tsa rona. Hape Jakobo 5:11 e re kholisa hore Jehova o tla re thusa. Re etsa hantle ha re mo etsisa.​—w21.01, leq. 21.

Ke hobane’ng ha Jehova a entse tokisetso ea bohlooho?

O entse joalo hobane a re rata. Bohlooho bo etsa hore lelapa la Jehova le etse lintho ka khotso le ka tlhophiso. Setho se seng le se seng sa lelapa se etsang lintho tumellanong le tokisetso ena sea tseba hore na ke mang ea lokelang ho etsa liqeto le hore na ke mang ea nang le boikarabelo ba ho bona hore liqeto tseo lia phethoa.​—w21.02, leq. 3.

Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho ba hlokolosi ha ba romela melaetsa ba sebelisa mecha ea puisano?

Haeba motho a etsa qeto ea ho sebelisa mecha ea puisano, o lokela ho khetha hore na o tla bua le bo-mang. Ho ka ba thata ho etsa joalo haeba a kene ka har’a group e nang le batho ba bangata haholo. (1 Tim. 5:13) Hape ho ka ba le likotsi tse hlahang ha re jala litaba tseo ho sa tsebisahaleng hantle hore na ke ’nete le ha re sebelisa bara le barali ba bo rona ka sepheo sa ho iketsetsa chelete.​—w21.03, leq. 31.

Ke hobane’ng ha Molimo a ile a lumella hore Jesu a utloe bohloko a be a shoe?

Lebaka la pele ke hore Jesu o ne a lokela hore a fanyehoe thupeng e le hore Bajuda ba tlosoe thohako. (Bagal. 3:10, 13) Lebaka la bobeli ke hore Jehova o ne a koetlisa Jesu hore e tle e be Moprista ea Phahameng oa ka moso. La boraro ke hore Jehova o ile a lumella hore Jesu a utloe bohloko e le ho paka hore batho ba ka lula ba tšepahala le ha ba lekoa ka litsela tsohle. (Jobo 1:9-11)​—w21.04, leq. 16-17.

U ka etsa’ng haeba ho le thata hore u fumane batho tšimong?

Leka ho fumana batho nakong eo ba leng teng malapeng a bona. Leka ho bolela molaetsa oa Bibele libakeng tse sa tšoaneng. U ka boela oa leka mekhoa e sa tšoaneng, joaloka ho ngola mangolo.​—w21.05, leq. 15-16.

Moapostola Pauluse o ne a bolela’ng ha a re: “Ka molao ke ile ka shoa mabapi le molao”? (Bagal. 2:19)

Molao oo Molimo a neng a o file Moshe o ile oa bontša ka ho hlaka hore batho ha baa phethahala hape o ne o lebisa Baiseraele ho Kreste. (Bagal. 3:19, 24) Sena se ile sa etsa hore Pauluse a amohele Kreste. Ka ho etsa joalo, Pauluse o ile a “shoa mabapi le molao,” o ne a se a lokolohile ho oona.​—w21.06, leq. 31

Jehova o re behetse mohlala oa ho ba le mamello joang?

Jehova o mamelletse ho senngoa ha lebitso la hae, ho phephetsoa ha bobusi ba hae, ho se mamele ha bana ba bang ba hae, mashano a Satane, mathata ao bahlanka ba hae ba bang le ’ona, ho hloloheloa metsoalle ea hae e hlokahetseng, ha batho ba khopo ba hlorisa ba bang le ho senngoa ha popo ea hae.​—w21.07, leq. 9-12.

Josefa o re behetse mohlala ofe oa ho ba le mamello?

O ile a mamella ha bara ba bo ba mo tšoara hampe. Taba eo e ile ea qetella ka hore a etselletsoe ka leshano a be a kenngoe chankaneng ka lilemo tse ngata Egepeta.​—w21.08, leq. 12.

Hagai 2:6-9, 20-22 e profeta ka ho sisinya hofe ha tšoantšetso?

Lichaba ha li amohele molaetsa oa ’Muso empa batho ba bangata ba se ba amohetse ’nete . Haufinyane lichaba li tla sisinngoa ha li felisoa.​—w21.09, leq. 15-19.

Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tela ha re etsa mosebetsi oa boboleli?

Jehova o bona boiteko boo re bo etsang ebile oa thaba. Haeba re sa khathale ebile re sa tele re tla fumana bophelo bo sa feleng.—w21.10, leq. 25-26.

Levitike khaolo ea 19 e ka re thusa joang ho sebelisa keletso e reng: “Le halalele boitšoarong bohle ba lona”? (1 Pet. 1:15)

Ho ka etsahala hore ebe temana ena e qotsitsoe ho Levitike 19:2. Khaolo ea 19 e na le mehlala e mengata ea kamoo re ka sebelisang 1 Petrose 1:15 bophelong ba rona ba letsatsi le letsatsi.​—w21.12, leq. 3-4.