Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na o sa Hopola?

Na o sa Hopola?

Na o badile dihlooho tsa Tora ya ho Lebela tsa selemong see ka hloko? Haeba ho jwalo, leka ho bona hore na o ka araba dipotso tse latelang:

Jakobo 5:​11 e etsa hore re kgodisehe ka eng ha e re Jehova o na le “lerato le mofuthu haholo mme o mohau”?

Re a tseba hore Jehova o susumetswa ke mohau hore a re tshwarele diphoso tsa rona. Hape Jakobo 5:​11 e re kgodisa hore Jehova o tla re thusa. Re etsa hantle ha re mo etsisa.​—w21.01, leq. 21.

Ke hobaneng ha Jehova a entse tokisetso ya bohlooho?

O entse jwalo hobane a re rata. Bohlooho bo etsa hore lelapa la Jehova le etse dintho ka kgotso le ka tlhophiso. Setho se seng le se seng sa lelapa se etsang dintho tumellanong le tokisetso ena se a tseba hore na ke mang ya lokelang ho etsa diqeto le hore na ke mang ya nang le boikarabelo ba ho bona hore diqeto tseo di a phethwa.​—w21.02, leq. 3.

Ke hobaneng ha Bakreste ba lokela ho ba hlokolosi ha ba romela melaetsa ba sebedisa metjha ya puisano?

Haeba motho a etsa qeto ya ho sebedisa metjha ya puisano, o lokela ho kgetha hore na o tla bua le bomang. Ho ka ba thata ho etsa jwalo haeba a kene ka hara group e nang le batho ba bangata haholo. (1 Tim. 5:​13) Hape ho ka ba le dikotsi tse hlahang ha re jala ditaba tseo ho sa tsebisahaleng hantle hore na ke nnete le ha re sebedisa bara le baradibabo rona ka sepheo sa ho iketsetsa tjhelete.​—w21.03, leq. 31.

Ke hobaneng ha Modimo a ile a dumella hore Jesu a utlwe bohloko a be a shwe?

Lebaka la pele ke hore Jesu o ne a lokela hore a fanyehwe thupeng e le hore Bajuda ba tloswe thohako. (Bagal. 3:​10, 13) Lebaka la bobedi ke hore Jehova o ne a kwetlisa Jesu hore e tle e be Moprista ya Phahameng wa ka moso. La boraro ke hore Jehova o ile a dumella hore Jesu a utlwe bohloko e le ho paka hore batho ba ka dula ba tshepahala le ha ba lekwa ka ditsela tsohle. (Jobo 1:​9-11)​—w21.04, leq. 16-17.

O ka etsang haeba ho le thata hore o fumane batho tshimong?

Leka ho fumana batho nakong eo ba leng teng malapeng a bona. Leka ho bolela molaetsa wa Bibele dibakeng tse sa tshwaneng. O ka boela wa leka mekgwa e sa tshwaneng, jwalo ka ho ngola mangolo.​—w21.05, leq. 15-16.

Moapostola Pauluse o ne a bolelang ha a re: “Ka molao ke ile ka shwa mabapi le molao”? (Bagal. 2:19)

Molao oo Modimo a neng a o file Moshe o ile wa bontsha ka ho hlaka hore batho ha ba a phethahala hape o ne o lebisa Baiseraele ho Kreste. (Bagal. 3:​19, 24) Sena se ile sa etsa hore Pauluse a amohele Kreste. Ka ho etsa jwalo, Pauluse o ile a “shwa mabapi le molao,” o ne a se a lokolohile ho wona.​—w21.06, leq. 31.

Jehova o re behetse mohlala wa ho ba le mamello jwang?

Jehova o mamelletse ho senngwa ha lebitso la hae, ho phephetswa ha bobusi ba hae, ho se mamele ha bana ba bang ba hae, mashano a Satane, mathata ao bahlanka ba hae ba bang le ona, ho hlolohelwa metswalle ya hae e hlokahetseng, ha batho ba kgopo ba hlorisa ba bang le ho senngwa ha popo ya hae.​—w21.07, leq. 9-12.

Josefa o re behetse mohlala ofe wa ho ba le mamello?

O ile a mamella ha barababo ba mo tshwara hampe. Taba eo e ile ya qetella ka hore a etselletswe ka leshano a be a kenngwe tjhankaneng ka dilemo tse ngata Egepeta.​—w21.08, leq. 12.

Hagai 2:​6-9, 20-22 e profeta ka ho sisinya hofe ha tshwantshetso?

Ditjhaba ha di amohele molaetsa wa Mmuso empa batho ba bangata ba se ba amohetse nnete. Haufinyane ditjhaba di tla sisinngwa ha di fediswa.​—w21.09, leq. 15-19.

Ke hobaneng ha re sa lokela ho tela ha re etsa mosebetsi wa boboledi?

Jehova o bona boiteko boo re bo etsang ebile o a thaba. Haeba re sa kgathale ebile re sa tele re tla fumana bophelo bo sa feleng.​—w21.10, leq. 25-26.

Levitike kgaolo ya 19 e ka re thusa jwang ho sebedisa keletso e reng: “Le halalele boitshwarong bohle ba lona”? (1 Pet. 1:15)

Ho ka etsahala hore ebe temana ena e qotsitswe ho Levitike 19:2. Kgaolo ya 19 e na le mehlala e mengata ya ka moo re ka sebedisang 1 Petrose 1:​15 bophelong ba rona ba letsatsi le letsatsi.​—w21.12, leq. 3-4.