Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re ka Kgona ho Hlola Lehloyo

Re ka Kgona ho Hlola Lehloyo

Na o kile wa hlouwa?

Haeba ha ho jwalo, ho ka etsahala hore o kile wa bona ha batho ba bang ba hlouwa. Hangata re utlwa ditlaleho tsa batho ba hloriswang ka lebaka la hobane ba tswa dinaheng tse ding kapa hobane e le ba morabe o mong kapa ba ratana le batho ba bong bo tshwanang. Ka lebaka la sena, mebuso e mengata e beha melao ya hore ho fanwe ka kotlo ho batho ba etsang dintho tse bontshang hore ba hloile batho ba bang.

Hangata batho ba hloilweng le bona ba hloya ba bang, ebe ba iphetetsa ka hore le bona ba ba etse dintho tse bohloko. Sena se etsa hore lehloyo le se ke la fela ntle le haeba ho ena le motho ya ka le thibelang.

Mohlomong o kile wa utlwa bohloko ka lebaka la ho kgethollwa, ho songwa, ho rohakwa kapa ho tshoswa ke motho ya reng o tla o etsa ntho e itseng. Maemong a mang, lehloyo le bontshwa ka ditsela tse kang ho senya thepa ya batho ba bang, ho ba beta le ho ba bolaya.

Makasine ena e tla araba dipotso tsena tse latelang mme e bontshe ka moo re ka kgonang ho hlola lehloyo ka teng:

  • Ke hobaneng ha lehloyo le atile hakaale?

  • Ke jwang re ka hlolang lehloyo?

  • Na ho na le nako eo lehloyo le tla ke le fele?