Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lefatsheng Lohle Batho ba Angwa ke Lehloyo

Lefatsheng Lohle Batho ba Angwa ke Lehloyo

Lefatsheng lohle batho ba utlwa bohloko ka lebaka la lehloyo.

Hangata ditabeng le metjheng ya puisano ho na le batho ba buang dipuo tse bontshang lehloyo, ba bang ba romela melaetsa e hlohlelletsang lehloyo, ba bang bona ba hloile batho ba merabe e meng. Batho ba bangata ba a kgethollwa, ba a songwa, ba a rohakwa mme ba bang dintho tsa bona di a senngwa. Lehloyo le hohle.

Makasine ena e ruta hore na re ka hlola lehloyo jwang. Taba ena ha se toro feela. Lefatsheng mona ho se ho ntse ho ena le batho ba bangata ba hlotseng lehloyo.