Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 6

Na o Kgodisehile Hore Tsela eo Jehova a Etsang Dintho ka Yona e Nepahetse?

Na o Kgodisehile Hore Tsela eo Jehova a Etsang Dintho ka Yona e Nepahetse?

“Ke Lefika, mosebetsi wa hae o phethahetse, etswe ditsela tsohle tsa hae ke toka. Modimo wa botshepehi, eo ho yena ho se nang ho hloka toka; o lokile mme o kgabane.”​—DEUT. 32:4.

PINA YA 3 Matla, Tshepo le Kgodiseho ya Rona

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1, 2. (a) Ke hobaneng ha ho le thata hore batho ba bangata mehleng ee ba tshepe ba boholong? (b) Re tlo bua kang sehloohong see?

 MEHLENG ena batho ba bangata ba thatafallwa ho tshepa batho ba boholong. Ba hlokometse hore hangata mebuso le melao e sireletsa batho ba ruileng le ba nang le matla empa ha e thuse batho ba futsanehileng. Bibele e nepile ha e re: ‘Motho o busitse motho ho mo ntsha kotsi.’ (Moek. 8:9) Hape baetapele ba bang ba bodumedi ba etsa dintho tse mpe mme taba ena e entse hore batho ba bang ba se ke ba tshepa Modimo. Ka hoo ha re ithuta Bibele le motho, re lokela ho mo thusa hore a ithute ho tshepa Jehova le batho bao a ba kgethileng hore ba re etelle pele.

2 Ke nnete hore batho bao re ithutang Bibele le bona ha se bona feela ba hlokang ho ithuta ho tshepa Jehova le mokgatlo wa hae. Esita le haeba re sebeleditse Jehova ka dilemo tse ngata, le ka mohla ha re a lokela ho lebala hore ka mehla tsela eo Jehova a etsang dintho ka yona e nepahetse. Ka dinako tse ding ho ba le maemo a hlahang a ka etsang hore ho be thata ho tshepa Jehova. Sehloohong sena re tlo hlahloba maemo a mararo a ka lekang tumelo ya rona: (1) Ha re bala ditlaleho tse itseng tsa Bibele, (2) ha re fumana tataiso e tswang mokgatlong wa Jehova le (3) ha re tobana le mathata nakong e tlang.

TSHEPA JEHOVA HA O BALA BIBELE

3. Ditlaleho tse ding tsa Bibele di ka etsa hore re se ke ra tshepa Jehova jwang?

 3 Ha re bala Lentswe la Modimo, re ka nna ra ipotsa hore na ke hobaneng ha Jehova a ile a sebetsana le batho ba bang ka tsela e itseng le hore na ke hobaneng ha a ile a etsa diqeto tse itseng. Ka mohlala, bukeng ya Numere re bala ka hore Jehova o ile a ahlolela monna e mong wa Moiseraele lefu ka lebaka la ho rwalla ka Sabatha. Ho Samuele wa bobedi, re ithuta hore dilemo tse makgolo ha morao Jehova o ile a tshwarela Morena Davida ha a ne a entse bofebe a bile a bolaile motho. (Num. 15:32, 35; 2 Sam. 12:9, 13) Re ka nna ra ipotsa ra re: ‘Ke hobaneng ha Jehova a ile a tshwarela Davida ya neng a febile ebile a bolaile empa a ile a ahlolela monna eo e mong lefu ka phoso eo ho bonahalang eka e ne se kgolo hakaalo?’ E le ho araba potso ena, nahana ka dintlha tse tharo tseo re lokelang ho di hopola ha re bala Bibele.

4. Genese 18:20, 21 le Deuteronoma 10:17 di re kgodisa jwang hore diqeto tsa Jehova di nepahetse?

4 Ha se ka mehla Bibele e fanang ka dintlha tsohle. Mohlala, re a tseba hore Davida o ile a bakela diphoso tsa hae e le ka nnete. (Pes. 51:2-4) Empa monna ya ileng a tlola molao wa Sabatha e ne e le motho wa mofuta ofe? Na o ne a swabetse ntho eo a neng a e entse? Na o ne a kile a tlola melao ya Jehova nakong e fetileng? Na o ne a kile a iphapanya kapa a hana ha a lemoswa nakong e fetileng? Bibele ha e hlalose. Le ha ho le jwalo, ntho eo re kgodisehileng ka yona ke hore le ka mohla Jehova a ke ke a “hloka toka.” (Deut. 32:4) Ha Jehova a etsa diqeto ha a susumetswe ke leeme kapa hore na batho ba bang ba reng empa o di etsa a shebile dintlha kaofela. (Bala Genese 18:20, 21; Deuteronoma 10:17.) Ha re ithuta haholo ka Jehova le melao ya hae re tla tshepa diqeto tsa hae le ho feta. Le hoja ha re bala Bibele hona jwale re ke ke ra kgona ho arabela dipotso tseo re nang le tsona kaofela empa re tseba dintlha tse lekaneng ka Modimo wa rona tse re kgodisang hore “o lokile ditseleng tsohle tsa hae.”​—Pes. 145:17.

5. Ho se phethahale ha rona ho ka ama tsela eo re ahlolang dintho ka yona jwang? (Sheba lebokose le reng “ Ka ha ha re a Phethahala, ha se ka Mehla re ka Utlwisisang Ditaba ka Tsela e Nepahetseng.”)

5 Ha se ka mehla re ka ahlolang ka toka hobane ha re a phethahala. Modimo o re bopile re ena le bokgoni ba ho bontsha makgabane a tshwanang le a hae. Ke ka hoo re batlang ho bona batho ba tshwarwa ka toka. (Gen. 1:26) Empa ka ha ha re a phethahala, re ka nna ra se ke ra ahlola ditaba hantle le hoja re ka nahana hore re na le dintlha kaofela. Ka mohlala, hopola hore Jonase ha a ka a thabiswa ke qeto eo Jehova a ileng a e etsa ya ho hauhela batho ba Ninive. (Jon. 3:10–4:1) Empa nahana ka se ileng sa etsahala ka lebaka la hore Jehova o ile a ba bontsha mohau. Batho ba ka hodimo ho 120 000 ba ile ba bolokeha. Qetellong Jonase ke yena ya sa kang a ahlola ditaba ka toka eseng Jehova.

6. Ke hobaneng ha Jehova a sa tlameha ho re bolella mabaka ao a etsang diqeto ka ona?

6 Ha ho letho le tlamang Jehova hore a bolelle batho mabaka ao a etsang diqeto ka ona. Ke nnete hore nakong e fetileng Jehova o ile a dumella batho ba hae ho ntsha maikutlo ka diqeto tseo a di entseng kapa tseo a neng a tla di etsa. (Gen. 18:25; Jon. 4:2, 3) Hape ka dinako tse ding o ile a hlalosa hore na ke hobaneng ha a etsa diqeto tse itseng. (Jon. 4:10, 11) Le ha ho le jwalo Jehova ha a tlameha ho re bolella mabaka ha a etsa diqeto. Ka ha ke Mmopi wa rona, ha a hloke tumello ya rona pele kapa ka mora hore a etse ntho e itseng.​—Esa. 40:13, 14; 55:9.

TSHEPA JEHOVA HA O FUWA TATAISO

7. Re ka nna ra thatafallwa ke ho etsang, hona hobaneng?

7 Re dumela ka ho feletseng hore ka mehla Jehova o etsa se nepahetseng. Le ha ho le jwalo, bothata boo re ka kopanang le bona ke ho tshepa batho bao a ba kgethileng. Re ka nna ra ipotsa hore na ba etellang pele ka mokgatlong wa Jehova ehlile ba mamela tataiso ya hae kapa ba iketsetsa diqeto tsa bona. E ka nna yaba batho ba bang mehleng ya ha ho ne ho ngolwa Bibele ba ne ba nahana ka tsela eo. Nahana ka mohlala o hlahang  serapeng sa boraro. E ka nna yaba motho ya amanang le monna ya ileng a tlola molao wa Sabatha o ile a ipotsa hore na Moshe o botsitse Jehova pele a ka ahlolela monna eo lefu. E ka nna yaba motswalle wa Uria Mohethe eo Davida a ileng a etsa bofebe le mosadi wa hae, o ile a nahana hore Davida o sebedisitse matla a hae jwalo ka morena ho qoba hore a se ke a bolawa. Jehova o tshepa batho bao a ba kgethileng hore ba etelle pele ka mokgatlong le ka phuthehong. Ka hoo, haeba re sa ba tshepe re ke ke ra re re tshepa Jehova.

8. Tlaleho e ho Liketso 16:4, 5 e tshwana jwang le tsela eo phutheho e sebetsang ka yona mehleng ee?

8 Mehleng ena Jehova o etella pele mokgatlo wa hae o lefatsheng a sebedisa “lekgoba le tshepahalang le le masene.” (Mat. 24:45) Jwalo ka sehlopha se busang sa mehleng ya baapostola, lekgoba lena le etella pele batho ba Modimo lefatsheng lohle le ho fa baholo ba diphutheho tataiso. (Bala Liketso 16:4, 5.) Baholo bona ba etsa bonnete ba hore ba latela tataiso eo diphuthehong. Re ka bontsha hore re tshepa tsela eo Jehova a etsang dintho ka yona ka hore re mamele tataiso eo re e fuwang ke mokgatlo le baholo.

9. Ke neng ho ka bang thata ho tshehetsa diqeto tseo baholo ba di etsang, hona hobaneng?

9 Ka dinako tse ding re ka thatafallwa ke ho tshepa diqeto tseo baholo ba di etsang. Ka mohlala, dilemong tsa morao tjena diphutheho tse ngata le dipotoloho di ile tsa hlophiswa botjha. Maemong a mang baholo ba kopile bahweletsi ho ya diphuthehong tse ding e le hore Diholo Tsa Mmuso di ka ba le batho ba lekaneng. Haeba re kopuwa ho ya diphuthehong tse ntjha ho ka ba thata ho siya metswalle le ba lelapa. Na baholo ba fumana tataiso e tobileng ho tswa ho Jehova ya hore na ba abele mohweletsi e mong le e mong phutheho efe? Ha ho jwalo, mme taba eo e ka etsa hore ho be thata ho mamela tataiso eo re e fuwang. Empa Jehova o tshepela baholo ho etsa diqeto tse jwalo mme le rona re lokela ho ba tshepa. *

10. Ho ya ka Baheberu 13:17, ke hobaneng ha re lokela ho sebedisana hantle le baholo?

10 Ke hobaneng ha re lokela ho tshehetsa diqeto tsa baholo esita le haeba re sa dumellane le tsona? Hobane ka ho etsa jwalo re thusa hore ho be le bonngwe ka phuthehong. (Baef. 4:2, 3) Diphutheho di a atleha ha bohle ka boikokobetso ba tshehetsa diqeto tsa baholo. (Bala Baheberu 13:17.) Ha bohlokwa le ho feta, re bontsha Jehova hore re a mo tshepa ka hore re sebedisane hantle le bao a ba tshepetseng ho re hlokomela.​—Lik. 20:28.

11. Keng e ka re thusang ho matlafatsa tshepo ya rona tataisong eo re e fuwang ke baholo?

11 Re ka matlafatsa tshepo eo re nang le yona tataisong eo baholo ba fanang ka yona haeba re hopola hore ba rapella moya o halalelang ha ba sebetsana le ditaba tse amang phutheho hape ba hlahloba ka hloko melaomotheo ya Bibele le tataiso e tswang mokgatlong wa Jehova. Tabatabelo ya bona ke ho thabisa Jehova le ho hlokomela batho ba hae ka hohle ka moo ho ka kgonehang. Banna bana ba tshepahalang ba a tseba hore ba tla ikarabella ho Jehova ka tsela eo ba hlokomelang batho ba hae ka yona. (1 Pet. 5:2, 3) Nahana ka taba ena: Lefatsheng lena le arohaneng ka lebaka la morabe, bodumedi le dipolotiki, batho ba Jehova ba rapela Modimo a le mong feela wa nnete ba momahane. Ntho ena e etsahala feela hobane Jehova a tshehetsa mokgatlo wa hae.

12. Ke dintho dife tseo baholo ba lokelang ho nahana ka tsona ha ba hlahloba hore na motho o bakile kapa tjhe?

12 Jehova o file baholo boikarabelo bo boima ba ho boloka phutheho e hlwekile. Haeba Mokreste a etsa sebe se tebileng, Jehova o lebelletse hore baholo ba hlahlobe hore na motho eo o lokela ho tloswa ka phuthehong kapa tjhe. Ntho e nngwe eo ba lokelang ho e etsa ke ho fumana hore na motho eo o fela a baketse phoso eo a e entseng. A ka nna a re o bakile empa na o hloile ntho eo a e entseng e le ka nnete? Na o ikemiseditse hore a se ke a pheta sebe seo? Haeba lebaka le leng le entseng hore a etse sebe ke hobane a ena le metswalle e fosahetseng, na o ikemiseditse ho kgaotsa setswalle le batho bao? Baholo ba a rapela ebe ba sheba dintlha kaofela ba ipapisitse le seo Bibele e se buang le hore na mofosi o ikutlwa jwang ka seo a se entseng. Ka mora moo, ba etsa qeto ya hore na mofosi o tla dula e ntse e le karolo ya phutheho kapa tjhe. Maemong a mang a ka tlameha ho kgaolwa.​—1 Bakor. 5:11-13.

13. Re ka nna ra tshwenyeha ka eng haeba motswalle kapa setho sa lelapa se kgaolwa?

13 Ke maemong afe re ka thatafallwang ke ho tshepa baholo? Haeba motho ya kgaotsweng e se motswalle ya haufi kapa setho sa lelapa, ho ka nna ha eba bonolo feela hore re amohele qeto ya baholo. Empa a re re motho ya kgaotsweng ke motswalle ya haufi. Re ka nna ra tshwenyeha ka hore baholo ha ba a sheba dintlha ka mahlakoreng ohle, kapa ra ipotsa hore na ba entse qeto eo Jehova a neng a tla e etsa. Keng e ka re thusang ho ba le maikutlo a nepahetseng ka qeto ya baholo?

14. Re ka thuswa keng haeba baholo ba etsa qeto ya hore motswalle kapa setho sa lelapa se lokela ho kgaolwa?

14 Re lokela ho hopola hore ho kgaola ke tokisetso ya Jehova mme ho tswela phutheho molemo hape ho ka tswela le mofosi molemo. Haeba mofosi ya sa bakeng a dula e le karolo ya phutheho, a ka susumetsa ba bang ka phuthehong ho etsa diphoso tse tebileng. (Bagal. 5:9) Ho feta moo, a ka nna a se ke a hlokomela botebo ba sebe seo a se entseng hape a ka nna a se ke a bona ho hlokahala hore a fetole tsela eo a nahanang ka yona le dintho tseo a di etsang e le hore Jehova a mo amohele. (Moek. 8:11) Re ka kgodiseha hore baholo ba nka boikarabello ba bona ka ho teba ha ba etsa qeto ya hore na motho o lokela ho kgaolwa kapa tjhe. Jwalo ka baahlodi ba mehleng ya Baiseraele, baholo ba a hlokomela hore “ha ba ahlolele motho empa ba ahlolela Jehova.”​—2 Likron. 19:6, 7.

HA RE KA TSHEPA JEHOVA HONA JWALE RE TLA MO TSHEPA LE KA MOSO

Re tla thuswa keng ho tshepa le ho latela tataiso eo re tla e fuwa nakong ya matshwenyeho a maholo? (Sheba serapa sa 15)

15. Ke hobaneng ha re lokela ho tshepa tataiso ya Jehova hona jwale ho feta le ha e le neng pele?

15 Ha bofelo bo ntse bo atamela, re lokela ho tshepa tsela eo Jehova a etsang dintho ka yona ho feta le ha e le neng pele. Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Nakong ya matshwenyeho a maholo, re ka nna ra fuwa ditaelo tseo re ka utlwang ho le thata ho di utlwisisa kapa ho di mamela. Re a tseba hore Jehova a ke ke a buisana le rona ka ho toba. A ka nna a re fa ditaelo a sebedisa batho bao a ba kgethileng hore ba re etelle pele. Eo e tla be e se nako ya ho belaella tataiso eo re e fuwang kapa ho ipotsa hore na ehlile ke tataiso e tswang ho Jehova kapa ke qeto eo barababo rona ba etellang pele ba iketseditseng yona. Na o tla tshepa Jehova le mokgatlo wa hae nakong eo ya bohlokwa? Tsela eo ka yona o nkang tataiso ya ba etellang pele hona jwale, e tla o thusa ho arabela potso eo. Haeba o tshepa tataiso eo o e fuwang hona jwale ebile o potlakela ho e mamela, o tla nolofallwa ho etsa jwalo le nakong ya matshwenyeho a maholo.​—Luka 16:10.

16. Tsela eo re tshepang dikahlolo tsa Jehova ka yona e tla lekwa jwang nakong e tlang?

16 Re boetse re lokela ho nahana ka ho teba ka hore na re tla etsang ha re bona tsela eo Jehova a tla ahlola batho ka yona ha a fedisa lefatshe lena le kgopo. Re tshepa hore ba bangata ba sa sebeletseng Jehova hona jwale, ho akarelletsa beng ka rona bao eseng Dipaki, ba tla mo sebeletsa pele bofelo bo fihla. Ka Armagedone, Jehova a sebedisa Jesu, o tla etsa qeto ya moshwelella ka bokamoso ba bona. (Mat. 25:31-33; 2 Bathes. 1:7-9) Ha se rona ba tla etsa qeto ya hore na ke bomang bao Jehova a tla ba bontsha mohau le bao a ke keng a ba bontsha wona. (Mat. 25:34, 41, 46) Na re tla tshepa dikahlolo tsa Jehova kapa re tla kgaotsa ho mo sebeletsa hobane re sa dumellane le diqeto tseo a di entseng? Ho hlakile hore re lokela ho matlafatsa tsela eo re tshepang Jehova ka yona hona jwale e le hore re tle re mo tshepe ka ho feletseng nakong e tlang.

17. Re tla rua molemo jwang ditshepisong tsa Jehova ka mora hore lefatshe lee le fediswe?

17 Nahana hore na re tla ikutlwa jwang lefatsheng le letjha ha re bona dintho tse etsahetseng ka lebaka la diqeto tsa Jehova. Bodumedi ba bohata bo tla be bo se bo le siyo, ho tla be ho se na borakgwebo ba meharo kapa mebuso e ileng ya hatella batho le ho ba sotla ka dilemo tse ngata. Re ke ke ra hlola re kula, re tsofala le ho hlokahallwa ke batho bao re ba ratang. Satane le bademona ba hae ba tla tlangwa ka dilemo tse sekete. Dintho tsohle tse mpe tse etsahetseng ka lebaka la bofetohedi ba bona di ke ke tsa hlola di eba teng. (Tšen. 20:2, 3) Re tla thaba haholo hore ebe re ile ra tshepa tsela eo Jehova a ileng a etsa dintho ka yona.

18. Re ithutang mohlaleng wa Baiseraele o tlalehilweng ho Numere 11:4-6 le 21:5?

18 Na bophelo lefatsheng le letjha bo tla ba le dintho tse tla etsa hore ho be thata ho tshepa tsela eo Jehova a etsang dintho ka yona? Ka mohlala, nahana ka se ileng sa etsahala nakwana ka mora hore Baiseraele ba lokollwe bokgobeng Egepeta. Ba bang ba ile ba qala ho tletleba ka hore ba lakatsa dijo tseo ba neng ba di ja Egepeta mme ba ile ba nyatsa dijo tseo Jehova a neng a ba file tsona e leng manna. (Bala Numere 11:4-6; 21:5.) Na ho ka etsahala hore re ikutlwe ka tsela e tshwanang ka mora matshwenyeho a maholo? Ha re tsebe hore na re tla ba le mosebetsi o mokae wa ho hlwekisa lefatshe e le hore qetellong e be paradeise. Ho ka etsahala hore ebe ho tla ba le mosebetsi o mongata mme bophelo bo ke ke ba eba bonolo qalong. Na re tla kgotsofalla dintho tseo Jehova a tla re fa tsona ka nako eo? Ntho eo re kgodisehileng ka yona ke ena: Haeba re ananela dintho tseo Jehova a re fang tsona hona jwale, re tla ananela le ho feta dintho tseo a tla re fa tsona ka nako eo.

19. O ka akaretsa dintlhakgolo tsa sehlooho see jwang?

19 Tsela eo Jehova a etsang dintho ka yona ka mehla e nepahetse. Re lokela ho kgodiseha ka taba eo. Hape re lokela ho tshepa batho bao Jehova a ba tshepetseng ho re etella pele. Le ka mohla o se ke wa lebala mantswe ao Jehova a ileng a a bua a sebedisa moprofeta wa hae Esaia ha a ne a re: “Matla a lona e tla ba ho dula le sa kgathatseha mme le ena le tshepo.”—Esa. 30:15.

PINA YA 98 Mangolo a Buduletswe ke Modimo

^ Sehlooho sena se tlo re thusa ho bona bohlokwa ba ho matlafatsa tshepo ya rona ho Jehova le batho bao a ba kgethileng hore ba re etelle pele. Re tla boela re bone hore na ho etsa jwalo ho re tswela molemo jwang hona jwale le hore na ho tla re thusa jwang nakong e tlang ha re kopana le mathata.

^ Ka dinako tse ding ho ka ba le maemo a ka tlamang motho kapa lelapa hore le se ke la tloha phuthehong eo le leng ho yona. Sheba Tšebeletso ea Rona ea ’Muso ya November 2002, “Lebokose la Dipotso.”