Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 8

Na o Fana ka Keletso e Thabisang Pelo?

Na o Fana ka Keletso e Thabisang Pelo?

“Oli le dibano di thabisa pelo, ka ho tshwanang ho rateha ha motswalle wa motho ho thabisa pelo ka lebaka la keletso ya moya.”​—LIPROV. 27:9.

PINA YA 102 “Le Thuse ba Fokolang”

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1, 2. Morabo rona e mong o ithutileng ka ho fana ka keletso?

 DILEMO tse mmalwa tse fetileng, baholo ba babedi ba ile ba etela moradiwabo rona eo e neng e se e le nako a sa tle dibokeng. E mong wa baholo o ile a bontsha moradiwabo rona mangolo a mmalwa a buang ka ho tla dibokeng. O ile a nahana hore ba kgonne ho mo thusa empa ha ba tsamaya moradiwabo rona o ile a re: “Ha le tsebe letho ka mathata ao ke nang le ona.” Barababo rona ba ile ba fa moradi eo wabo rona keletso ba sa ka ba mo botsa hore na mathata a hae ke afe. Ka hoo, moradiwabo rona ha a ka a utlwa eka ba mo thusitse.

2 Moholo ya neng a balla moradiwabo rona Mangolo o re: “Ka nako eo, ke ne ke nahana hore moradiwabo rona ha a re hlomphe. Empa ke ile ka hlokomela hore ke ne ke bala mangolo ohle a hlokahalang ho ena le ho botsa dipotso tse kang, ‘Ho ntse ho ya jwang?’ ‘Nka o thusa jwang?’ ” Moholo eo o ile a ithuta thuto ya bohlokwa. Hona jwale ke modisa ya nahanelang le ya thusang mohlape.

3. Ke bomang ba ka fanang ka keletso?

 3 Ka ha baholo ke badisa, ba na le boikarabelo ba ho fana ka keletso e hlokahalang. Le ha ho le jwalo, ho ka hlokahala hore ba bang le bona ka phuthehong ba fane ka keletso. Ka mohlala, mora kapa moradiwabo rona a ka fa motswalle wa hae keletso ya Bibele. (Pes. 141:5; Liprov. 25:12) Moradiwabo rona ya hodileng a ka eletsa “basadi ba batjha” ka dintho tse kang tse hlahang lengolong la Tite 2:3-5. Batswadi le bona ba hloka ho fa bana ba bona keletso le ho ba kgalemela. Le hoja sehlooho sena se lebisitswe ho baholo ka ho kgetheha, le rona ka ho tshwanang se ka re thusa hore re fane ka keletso e kgothatsang le e ‘thabisang pelo.’​—Liprov. 27:9.

4. Re tlo bua kang sehloohong see?

4 Sehloohong sena, re tlo bua ka dipotso tse nne tse mabapi le ho fana ka keletso: (1) Ke hobaneng ha re lokela ho fana ka keletso? (2) Na keletso e a hlokahala? (3) Ke mang ya ka fanang ka keletso? (4) O ka fana ka keletso e ka thusang motho jwang?

KE HOBANENG HA RE LOKELA HO FANA KA KELETSO?

5. Haeba moholo a fana ka keletso ka tsela e lerato, seo se ka thusa Mokrestemmoho jwang hore a e amohele? (1 Bakorinthe 13:4, 7)

5 Baholo ba rata bara le baradibabo rona. Ka dinako tse ding, ba bontsha lerato lena ka ho eletsa Mokrestemmoho ya haufi le ho etsa phoso. (Bagal. 6:1) Le ha ho le jwalo, pele moholo a buisana le Mokrestemmoho, ho ka ba molemo hore a hopole dintho tseo moapostola Pauluse a buileng ka tsona mabapi le lerato. O ile a re: “Lerato le a tiisetsa mme le mosa. . . . Le jara dintho tsohle, le dumela dintho tsohle, le tshepa dintho tsohle, le mamella dintho tsohle.” (Bala 1 Bakorinthe 13:4, 7.) Haeba moholo a nahanisisa ka ditemana tsena, di tla mo thusa hore a kgone ho fa bara le baradibabo rona keletso ka tsela e lerato. Haeba motho ya fuwang keletso a bona hore moholo o a mo tsotella, ho ka ba bonolo hore a amohele keletso eo a mo fang yona.​—Bar. 12:10.

6. Moapostola Pauluse o re behetse mohlala ofe o motle?

6 Moapostola Pauluse e ne e le moholo ya behang mohlala o motle. Ka mohlala, ha Bakreste ba Thesalonika ba ne ba hloka ho eletswa, Pauluse ha a ka a qeaqea ho ba fa keletso. Le ha ho le jwalo, ha Pauluse a ne a ba ngolla lengolo, o ile a qala pele ka ho ba babatsa ka mosebetsi wa bona o tshepahalang, lerato la bona le mamello ya bona. O ile a boela a nahana ka maemo a bona le ho ba bolella hore o a tseba hore bophelo ba bona bo ne bo se bonolo le hore ba ne ba mamelletse mahloriso ka botshepehi. (1 Bathes. 1:3; 2 Bathes. 1:4) O ile a ba a ba bolella hore ke mehlala ho Bakreste ba bang. (1 Bathes. 1:8, 9) E tlameha ebe ba ne ba thabile haholo ha ba utlwa ka moo Pauluse a neng a ba babatsa ka teng. Ha ho pelaelo hore Pauluse o ne a ba rata haholo. Ke ka hoo mangolong a hae a mabedi a yang ho Bathesalonika a ileng a kgona ho ba fa keletso e ka ba thusang.​—1 Bathes. 4:1, 3-5, 11; 2 Bathes. 3:11, 12.

7. Ke hobaneng ha ba bang ba ka nna ba se amohele keletso?

7 Ke eng e ka etsahalang haeba re sa ka ra fana ka keletso ka tsela e nepahetseng? Moholo e mong ya nang le boiphihlelo o re: “Batho ba bang ha ba amohele keletso, eseng hobane keletso eo e fosahetse empa hobane e sa fanwa ka tsela e lerato.” Re ka ithutang tabeng ee? Ha o fa motho keletso hobane o mo rata eseng hobane o tenehile, ho tla ba bonolo hore a e amohele.

NA KELETSO E A HLOKAHALA?

8. Moholo o lokela ho ipotsa dipotso dife pele a ka fana ka keletso?

8 Baholo ha ba a lokela ho potlakela ho fana ka keletso. Pele moholo a fana ka keletso o lokela ho ipotsa: ‘Na ke lokela ho fana ka yona? Na ke kgodisehile hore motho eo o etsa ntho e fosahetseng? Na Bibele e re ntho eo a e etsang e fosahetse? Kapa na ebe ke hobane re sa bone dintho ka ho tshwana?’ Baholo ba lokela ho qoba ho ba “lepotlapotla mantsweng” a bona. (Liprov. 29:20) Haeba moholo a sa kgodiseha hore o lokela ho fa motho keletso, a ka buisana le moholo e mong ho bona hore na ebe motho eo o entse ntho e kgahlanong le Mangolo le hore na ebe o hloka keletso.​—2 Tim. 3:16, 17.

9. Re ithutang ho Pauluse mabapi le ho fana ka keletso tseleng eo motho a aparang le ho itlhopha ka yona? (1 Timothea 2:9, 10)

9 A re bueng ka mohlala ona. A re re mohlomong moholo o tshwenyehile ka tsela eo Mokrestemmoho le yena a aparang kapa a itlhophang ka yona. A ka nna a ipotsa: ‘Na ho na le lengolo la Bibele le mphang lebaka la hore ke fane ka keletso?’ Ka ha moholo eo ha a batle hore ha a fana ka keletso a fane ka maikutlo a hae, a ka nna a botsa moholo e mong hore na o nahanang ka taba eo kapa Mokrestemmoho le yena ya nang le boiphihlelo. Ka mora moo, ba ka nna ba buisana ka keletso ya Pauluse e buang ka moaparo le ho itlhopha. (Bala 1 Timothea 2:9, 10.) Pauluse o ile a bua ka melaomotheo e meng e neng e hlalosa hore Mokreste o lokela ho apara ka tsela e hlomphehang le e tla tlisa thoriso ho Jehova. Empa Pauluse ha a ka a etsa melao ya hore motho o lokela ho apara eng kapa a se ke a apara eng. O ne a tseba hore Bakrestemmoho le yena ha ba rate dintho tse tshwanang. Ka hoo ba ka kgetha hore na ba batla ho apara eng, ha feela e se kgahlanong le Mangolo. Ka hoo haeba baholo ba batla ho bona hore na ba lokela ho fana ka keletso kapa tjhe, ba lokela ho sheba hore na motho eo o apara ka tsela e hlomphehileng.

10. Re lokela ho dula re hopolang ka diqeto tseo batho ba bang ba di etsang?

10 Ke ha bohlokwa ho hopola hore Bakreste ba babedi ba nang le boiphihlelo ba ka etsa diqeto tse sa tshwaneng empa e le tse nepahetseng ka bobedi. Ha re a lokela ho hatella Bakrestemmoho le rona ho etsa ntho eo rona re nahanang hore e nepahetse.​—Bar. 14:10.

KE MANG YA LOKELANG HO FANA KA KELETSO?

11, 12. Moholo o lokela ho ipotsang haeba ho hlokahala hore a fane ka keletso, hona hobaneng?

11 Haeba ho hlakile hore keletso e a hlokahala, potso ke hore na ke mang ya lokelang ho fana ka yona. Pele moholo a ka eletsa moradiwabo rona ya nyetsweng kapa ngwana, o lokela ho kopana le hlooho ya lelapa eo ho ka etsahalang hore e batle ho itharollela bothata. * Kapa hlooho ya lelapa e ka nna ya kopa ho ba teng ha moholo eo a fana ka keletso. Hape jwalo ka ha re bone  serapeng sa boraro, ho ka nna ha eba le nako eo ho tla hlokahala hore moradiwabo rona ya hodileng a fane ka keletso ho moradiwabo rona e motjha.

12 Ho na le ntho e nngwe hape eo moholo a lokelang ho nahana ka yona. A ka nna a ipotsa: ‘Na ke nna ya tshwanelehang ho fana ka keletso kapa ho molemo hore motho e mong a bue le motho eo ke batlang ho mo fa keletso?’ Ka mohlala, haeba motho a na le ho ikutlwa e se wa bohlokwa, ho ka ba bonolo ho yena hore a mamele keletso eo a e fuwang ke moholo ya kileng a ba boemong ba hae. Moholo ya kileng a ba boemong ba motho eo, o tla kgona ho mo nahanela a be a bue dintho tse tla mo thusa. Le ha ho le jwalo, baholo bohle ba na le boikarabelo ba ho kgothatsa Bakrestemmoho le bona le ho ba thusa hore ba etse diphetoho tse hlokahalang ho ya ka Mangolo. Ka hoo, ntho ya bohlokwa ke hore motho a fuwe keletso haeba a e hloka, ho sa tsotellehe hore na ho na le moholo ya kileng a ba boemong ba hae kapa tjhe.

O KA FANA KA KELETSO E KA THUSANG MOTHO JWANG?

Ke hobaneng ha baholo ba Bakreste ba lokela ho potlakela ho mamela? (Sheba serapa sa 13 le 14)

13, 14. Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore moholo a mamele pele a fana ka keletso?

13 Ikemisetse ho mamela. Ha moholo a lokisetsa ho fana ka keletso, o lokela ho ipotsa: ‘Ke eng seo ke se tsebang ka maemo a mora kapa moradiwabo rona? Ke eng e etsahalang bophelong ba hae? Na o na le mathata ao ke sa a tsebeng? O hloka ho thuswa ka eng hona jwale?’

14 Molaomotheo o hlahang lengolong la Jakobo 1:19 o ka thusa batho ba fanang ka keletso. Jakobo o ile a re: “Motho e mong le e mong a potlakele ho utlwa, a diehe ho bua, a diehe ho halefa.” Moholo a ka nna a nahana eka o tseba maemo ohle a Mokrestemmoho empa na ka nnete o a a tseba? Liproverbia 18:13 e re hopotsa hore “ha mang kapa mang a araba taba pele a e utlwa, hoo ke bowatla ho yena le tlotlollo.” Ho ka ba molemo ho kopa motho hore a hlalose mathata a hae. Ho ka ba hantle hore moholo a mamele pele a ka bua. Hopola seo re ithutileng sona ka moholo eo re buileng ka yena qalong. O ile a hlokomela hore ho ena le hore ebe o ile a bua ka dintho tseo a neng a di lokiseditse qalong, a ka be a ile a botsa moradiwabo rona dipotso tse kang: “Ho ntse ho ya jwang?” “Nka o thusa jwang?” Ha baholo ba ipha nako ya ho tseba ka maemo a bara le baradibabo rona, ba ka ba boemong bo botle ba ho ba thusa le ho ba kgothatsa.

15. Baholo ba ka sebedisa keletso e hlahang ho Liproverbia 27:23 jwang?

15 Tseba mohlape. Jwalo ka ha re buile qalong, ho fana ka keletso e ka thusang motho ha ho bolele feela ho bala mangolo a mmalwa kapa ho fana ka ditlhahiso tse itseng. Bara le baradibabo rona ba lokela ho hlokomela hore re a ba tsotella, re a ba utlwisisa le hore re batla ho ba thusa. (Bala Liproverbia 27:23.) Baholo ba lokela ho etsa sohle seo ba ka se kgonang hore e be metswalle ya bara le baradibabo rona.

Ke eng e ka etsang hore ho be bonolo hore baholo ba fane ka keletso? (Sheba serapa sa 16)

16. Ke eng e ka thusang baholo hore ba fane ka keletso e sebetsang?

16 Baholo ha ba a lokela ho etsa hore bara le baradibabo rona ba nahane hore ba bua le bona feela ha ba batla ho ba fa keletso kapa ha ba entse phoso. Ho ena le hoo, ba lokela ho dula ba buisana le bara le baradibabo rona le ho bontsha hore ba a ba kgathalla ha ba ena le mathata. Moholo e mong ya nang le boiphihlelo o re: “Haeba o etsa jwalo, o tla ba le setswalle se setle le bona. Nakong eo o lokelang ho fana ka keletso ho tla ba bonolo ho etsa jwalo.” Hape ho tla ba bonolo hore motho ya fuwang keletso a e amohele.

Ke hobaneng ha moholo a lokela ho ba le mamello le mosa ha a fana ka keletso? (Sheba serapa sa 17)

17. Ke maemong afe ao ka ho kgetheha moholo a lokelang ho bontsha mamello le mosa?

17 Bontsha mamello le mosa. Ho hlokahala hore motho a be le mamello le mosa haholoholo haeba qalong motho ya fuwang keletso ya Mangolo a sa e amohele. Moholo ha a lokela ho teneha haeba mora kapa moradiwabo rona a sa amohele keletso ya hae kapa a sa e sebedise ka yona nako eo. Bibele e re ka Jesu: “Ha ho lehlaka le tletleraneng leo a tla le silakanya, mme ha ho kgwele ya lebone ya folakse e kunkelang eo a tla e tima.” (Mat. 12:20) Nakong eo moholo a rapelang a le mong, o lokela ho kopa Jehova hore a thuse motho ya fuwang keletso hore a e amohele a be a e sebedise. Ho ka nna ha nka nako hore motho ya fuwang keletso a nahane ka yona. Haeba moholo a bontsha mamello le mosa, ho tla ba bonolo hore motho ya fuwang keletso a e amohele. Ka hoo, ho hlokahala hore ka dinako tsohle keletso e thehwe Lentsweng la Modimo.

18. (a) Ke eng seo re lokelang ho dula re se hopola ha re fana ka keletso? (b) Jwalo ka ha re bona setshwantshong se lebokoseng, batswadi ba ntse ba buisana ka eng?

18 Ithute diphosong tsa hao. Ka ha ha re a phethahala, ho ke ke ha eba bonolo hore re latele seo re ithutileng sona sehloohong sena ka tsela e phethahetseng. (Jak. 3:2) Ke nnete hore re etsa diphoso, le ha ho le jwalo re lokela ho ithuta ho tsona. Ha bara le baradibabo rona ba bona hore re a ba rata, ho tla ba bonolo hore ba re tshwarele haeba re ba utlwisitse bohloko ka seo re se buileng kapa seo re se entseng.​—Sheba lebokose le reng, “ Molaetsa o Yang ho Batswadi.”

RE ITHUTILENG?

19. Re lokela ho etsang e le hore bara le baradibabo rona ba thabe?

19 Re hlokometse hore ha ho bonolo ho fana ka keletso e ka thusang motho e mong. Ha re a phethahala, le batho bao re ba fang keletso ha ba a phethahala. Ka hoo, dula o hopola seo o ithutileng sona sehloohong sena. Etsa bonnete ba hore o na le mabaka a nepahetseng a ho fana ka keletso. Hape ipotse hore na ho hlokahala hore ho fanwe ka keletso le hore na o motho ya nepahetseng ho fana ka yona. Pele o fa motho keletso mo botse dipotso mme o mo mamele ka hloko e le hore o ka utlwisisa mathata a hae. Leka ho bona dintho ka tsela eo a di bonang ka yona. Eba bonolo mme o be motswalle wa bara le baradibabo rona. Hopola hore re batla hore keletso eo re fanang ka yona e be e thusang motho le e ‘thabisang pelo.’​—Liprov. 27:9.

PINA YA 103 Modimo o re File Badisa

^ Ka dinako tse ding ha ho bonolo ho fana ka keletso. Ha ho hlokahala hore re fane ka yona, re ka etsa jwalo jwang ka tsela e tla thusa batho ba bang le ho ba kgothatsa? Sehlooho sena se tla thusa baholo ka ho kgetheha hore ba fane ka keletso eo ho tla ba bonolo hore batho ba e mamele le ho e sebedisa.

^ Sheba sehlooho se reng, “Baholo ba ka Sebedisa Matla ao Modimo a ba Fileng Ona Jwang ka Phuthehong?” ho Tora ya ho Lebela ya February 2021.