Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 9

Etsisa Jesu ka Hore U Itelle Batho ba Bang

Etsisa Jesu ka Hore U Itelle Batho ba Bang

“Ho fana ho tlisa thabo e kholo ho feta ho amohela.”​—LIK. 20:35.

PINA EA 17 “Kea Batla”

SEO RE TL’O ITHUTA SONA *

1. Batho ba Jehova ba etsa mesebetsi efe?

 BIBELE e ile ea bolela esale pele hore batho ba Molimo ba ne ba tla “itlhahisa ka ho rata” ho mo sebeletsa, ba tataisoa ke Jesu. (Pes. 110:3) Boprofeta boo boa phethahala mehleng ena. Selemo le selemo bahlanka ba Jehova ba qeta lihora tse limilione mosebetsing oa boboleli. Ba ithaopela ho etsa mosebetsi ona ebile e le ka litšenyehelo tsa bona. Ba boetse ba thusa Bakreste-’moho le bona ka lintho tseo ba li hlokang, baa ba khothatsa le ho ba matlafatsa tumelo. Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba qeta lihora tse ngata ba lokisetsa lipuo le ho etsa maeto a bolisa. Batho ba Jehova ba susumetsoa ke eng ho etsa mesebetsi ee eohle? Ba susumetsoa ke ho rata Jehova le batho.​—Mat. 22:37-39.

2. Ho latela Baroma 15:1-3, ke mohlala ofe oo Jesu a re behetseng ’ona?

2 Jesu o re behetse mohlala o motle oa ho beha litlhoko tsa batho ba bang pele ho tsa hae. Re leka kahohle ho mo etsisa. (Bala Baroma 15:1-3.) Ho na le melemo eo re tla e fumana ha re mo etsisa. Jesu o ile a re: “Ho fana ho tlisa thabo e kholo ho feta ho amohela.”​—Lik. 20:35.

3. Re tl’o bua ka eng sehloohong see?

3 Sehloohong sena re tla hlahloba lintho tseo Jesu a ileng a li etsa ho thusa batho ba bang, re be re bone hore na re ka etsisa mohlala oa hae joang. Re tla boela re bue ka hore na re ka etsa’ng hore re be le tabatabelo ea ho thusa batho bang.

ETSISA JESU

Le hoja Jesu a ne a khathetse, o ile a etsa’ng ha batho ba tla ho eena? (Sheba serapa sa 4)

4. Jesu o ile a beha litlhoko tsa batho ba bang pele ho tsa hae joang?

4 Jesu o ile a thusa batho ba bang leha a ne a khathetse. Nahana ka seo Jesu a ileng a se etsa ha batho ba bangata ba tla ho eena ha a le pel’a thaba, mohlomong pel’a Kapernauma. O ne a qetile bosiu bohle a rapela. E tlameha ebe o ne a khathetse haholo. Empa e itse ha a bona bongata boo, a hauhela ba futsanehileng le ba kulang. O ile a ba folisa le ho ba fa puo e khothatsang ka ho fetisisa e kileng ea fanoa e tsejoang e le Thuto ea Thabeng.​—Luka 6:12-20.

Re ka etsisa boitelo ba Jesu joang bophelong ba rona? (Sheba serapa sa 5)

5. Batho bao e leng lihlooho tsa malapa ba etsisa mohlala oa Jesu oa ho itela joang ha ba khathetse?

5 Kamoo lihlooho tsa malapa li etsisang Jesu kateng. Nahana ka mohlala ona: Hlooho ea lelapa e fihla hae e khathetse ka mor’a ho sebetsa ka thata letsatsi lohle. Le hoja a sa batle ho tšoara borapeli ba lelapa mantsiboeeng ao, o rapela Jehova ka tieo hore a mo fe matla a hore a bo tšoare. Jehova o araba thapelo ea hae ’me o tsoela pele ka borapeli ba lelapa joaloka kamehla. Thuto ea bohlokoa eo bana ba ithutang eona mantsiboeeng ao, ke hore batsoali ba bona ba nka ho rapela Jehova e le eona ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa.

6. Etsa mohlala oa kamoo Jesu a ileng a tela nako ea hae e le hore a ka thusa batho ba bang.

6 Jesu o ne a fa batho ba bang nako leha a ne a hloka ho ba mong. U nahana hore Jesu o ile a ikutloa joang ha a utloa hore motsoalle oa hae Johanne Mokolobetsi o khaotsoe hlooho? E tlameha ebe o ne a utloile bohloko haholo. Bibele e re: “Ha Jesu a utloa [ka lefu la Johanne] a tloha moo ka sekepe ho ea sebakeng se thoko bakeng sa ho ea ba mong.” (Mat. 14:10-13) Re ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha a ne a batla ho ba mong. Batho ba bang ba batla ho ba bang ha ba utloile bohloko. Empa Jesu ha aa ka a khona ho ba mong. Batho ba bangata ba ile ba fihla sebakeng seo se ka thoko pele ho eena. Jesu o ile a etsa’ng? O ile a nahana ka litlhoko tsa bongata boo ’me “a susumetsoa ke khauho bakeng sa bona.” O ile a hlokomela hore ba ne ba hloka ho thusoa le ho tšelisoa ke Molimo ’me a potlakela ho ba thusa. Ha e le hantle o ile a qala ho ba ruta “lintho tse ngata.”​—Mar. 6:31-34; Luka 9:10, 11.

7, 8. Fana ka mohlala oa kamoo baholo ba etsisang Jesu ha ho e-na le motho ea hlokang thuso ka phuthehong.

7 Kamoo baholo ba etsisang Jesu kateng. Re ananela haholo mosebetsi oo baholo ka boitelo ba o etsang molemong oa rona. Boholo ba bara le barali babo rona ka phuthehong ha ba tsebe mesebetsi eohle eo baholo ba e etsang. Mohlala, bara babo rona ba Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele ba potlakela ho thusa Bakreste-’moho le bona ha ba hloka thuso ea bongaka ka tšohanyetso. Hangata maemo ana a tšohanyetso a hlaha bosiu. Empa baholo le ba malapa a bona ba utloela bara le barali babo bona ba tsietsing bohloko ’me ba nka ho thusa Bakreste-’moho le bona e le ntho e tlang pele.

8 Baholo ba boetse ba kenya letsoho ha ho e-na le likoluoa le ha ho hahoa Liholo Tsa ’Muso le mehaho e meng. Hape baholo ba qeta nako ea bona e ngata ba re ruta ebile ba re khothatsa. Kaofela bara bana babo rona le ba malapa a bona, ba lokela ho babatsoa haholo. E se eka Jehova a ka ba le bona. Ke ’nete hore baholo le bona ba lokela ho leka-lekanya lintho hantle. Ha baa lokela ho qeta nako e ngata haholo mesebetsing ea phutheho hoo ba ka hlokomolohang litlhoko tsa malapa a bona.

KAMOO RE KA ITELANG KATENG

9. Ho latela Bafilipi 2:4, 5, ke boikutlo bofe boo Bakreste bohle ba lokelang ho ba le bona?

9 Bala Bafilipi 2:4, 5. Ha se baholo feela ba lokelang ho etsisa mohlala oa Jesu oa boitelo. Empa le rona kaofela re lokela ho mo etsisa. Bibele e re o ile “a nka sebopeho sa lekhoba.” (Bafil. 2:7) Nahana hore na re ka ithuta eng mantsoeng ao. Lekhoba kapa mohlanka ea molemo o batla ho khahlisa mong’a hae. Kaha re makhoba a Jehova hape re sebeletsa bara le barali babo rona, re batla ho itella bona haholoanyane. Litlhahiso tse latelang li ka re thusa ho etsa joalo.

10. Ke lipotso life tseo re ka ipotsang tsona?

10 Hlahloba tsela eo u ikutloang ka eona. Ipotse lipotso tse kang tsena: ‘Ke ikemiselitse hakae ho tela nako le matla a ka e le hore ke thuse batho ba bang? Mohlala, ke etsa joang haeba ke kopuoa hore ke etele mor’abo rona ea holileng lehaeng la maqheku kapa ke ee le morali oabo rona ea holileng libokeng? Na ke potlakela ho ithaopa ha ho hlokoa batho ba tla hloekisa sebaka seo kopano e tl’o tšoareloa ho sona kapa ba tla lokisa Holo ea ’Muso?’ Ha re ne re inehela ho Jehova, re ile ra mo tšepisa hore re tla mo sebeletsa ka sohle seo re nang le sona. O batla hore re sebelise nako ea rona, matla le lintho tseo re nang le tsona ho thusa batho ba bang. Kahoo oa thaba ha re etsa joalo. Re ka etsa’ng haeba re bona hore re hloka ho ntlafatsa?

11. Thapelo e ka re thusa joang hore re batle ho itella batho ba bang?

11 Rapela Jehova ka tieo. Mohlomong oa hlokomela hore u lokela ho ntlafatsa tseleng eo u itelang ka eona empa u utloa eka u ke ke oa khona ho etsa joalo. Haeba u ikutloa joalo, u lokela ho rapela Jehova ka tieo. Mo phetlele sefuba. Mo bolelle hore na u ikutloa joang u be u mo kope hore a u thuse hore u ‘rate u be u sebetse.’​—Bafil. 2:13.

12. Bara babo rona ba bacha ba kolobelitsoeng ba ka thusa joang?

12 Haeba u mor’abo rona e mocha ea kolobelitsoeng, kopa Jehova ho u thusa hore u batle ho itella Bakreste-’moho le uena ka phuthehong. Linaheng tse ngata, baholo ba bangata ho feta bahlanka ba sebeletsang ’me boholo ba bahlanka bao ba sebeletsang ha se bacha. Kaha ho na le batho ba bangata ba tlang ka mokhatlong, re hloka bara babo rona ba bacha ba tla thusa baholo ho hlokomela phutheho. U tla thaba haeba u ithaopela ho thusa hohle moo ho hlokehang thuso. Hobane’ng? Hobane u tla khahlisa Jehova, u tla ba le botumo bo botle ’me u tla khotsofatsoa ke ho thusa batho ba bang.

Bakreste ba Judea ba ile ba tšela Noka ea Jordane ’me ba balehela motseng oa Pela. Ba ileng ba fihla motseng pele, ba ile ba fa ba qetang ho fihla lijo (Sheba serapa sa 13)

13, 14. Re ka etsa’ng ho thusa bara le barali babo rona? (Sheba setšoantšo se ka ntle.)

13 Sheba menyetla ea ho thusa batho ba bang. Moapostola Pauluse o ile a re ho Bakreste ba lulang Judea: “Le se ke la lebala ho etsa se molemo le ho arolelana lintho le ba bang, kaha Molimo o khahlisoa ke mahlabelo a joalo.” (Baheb. 13:16) Eo e ile ea e-ba keletso e molemo hakaakang! Nakoana ka mor’a ho fumana lengolo leo, Bakreste bao ba Judea ba ile ba tlameha ho siea mahae a bona, likhoebo le beng ka bona bao eseng Bakreste ’me ba “qale ho balehela lithabeng.” (Mat. 24:16) Ka nako eo, e ne e le habohlokoa haholo hore ba thusane. Haeba pele ho moo ba ile ba sebelisa keletso ea Pauluse ea hore ba arolelane lintho tseo ba nang le tsona le ba bang, ba ka be ba ile ba nolofalloa ke ho tloaela ho phela ka lintho tse fokolang.

14 Ha se kamehla bara le barali babo rona ba ka re bolellang ha ho e-na le ntho eo ba e hlokang. Mohlala, e ka ’na eaba mor’abo rona e mong o hlokahalletsoe ke molekane. A ka hloka thuso ka lijo, mesebetsi ea lapeng kapa ha ho e-na le moo a batlang ho ea teng. Empa a ka ’na a se ke a kopa thuso hobane a utloa eka o tla be a re khathatsa. A ka thaba haholo haeba re mo thusa le pele a kopa thuso. Ha rea lokela ho nahana hore ho na le motho e mong ea tla mo thusa kapa hore kamehla ha a hloka thuso o tla bua. Ipotse; ‘Haeba ke ne ke le boemong ba hae, ke ne ke tla thabela hore batho ba bang ba nthuse joang?’

15. Re lokela ho etsa’ng haeba re batla ho thusa batho ba bang?

15 E-ba motho ea atamelehang. Mohlomong u tseba bara le barali babo rona phuthehong ea heno ba lulang ba thusa batho ba bang. Ha ba etse hore re ikutloe eka rea ba khathatsa. Rea tseba hore ba ikemiselitse ho re thusa ’me re batla ho ba etsisa. Mor’abo rona Alan, e leng moholo ea lilemo li 45 o batla hore e be motho ea atamelehang. Ha Mor’abo rona Alan a bua ka mohlala oa Jesu, o re: “Jesu o ne a phathahane empa batho bohle, ba banyane le ba baholo ba ne ba mo rata ebile ba sa tšabe ho mo kopa thuso. Ba ne ba tseba hore Jesu o ba tsotella e le kannete. Le ’na ke batla ho etsisa Jesu, ke tsebahale ke le motho ea atamelehang, ea botsoalle le ea tsotellang.”

16. Pesaleme ea 119:59, 60 e ka re thusa joang ho latela mohlala oa Jesu haufi-ufi?

16 Ha rea lokela ho nyahama haeba re sa khone ho etsisa Jesu ka ho feletseng. (Jak. 3:2) Motho ea rutoang a ke ke a khona ho etsisa mosuoe oa hae ka ho phethahetseng. Empa ha a ithuta liphosong tsa hae a bile a leka ho etsisa mosuoe oa hae, o tla tsoela pele ho ntlafatsa. Ka tsela e tšoanang, le rona haeba re sebelisa lintho tseo re ithutileng tsona Bibeleng, re tla ntlafatsa ’me re latele mohlala oa Jesu haufi-ufi.​—Bala Pesaleme ea 119:59, 60.

MELEMO EA HO ITELA

Ha baholo ba etsisa mohlala oa Jesu oa boitelo, ba behela bacha mohlala (Sheba serapa sa 17) *

17, 18. Re tla fumana melemo efe haeba re itela joaloka Jesu?

17 Haeba re ithaopela ho thusa, batho ba bang le bona ba tla susumelletseha ho re etsisa. Moholo ea bitsoang Tim o re: “Bara babo rona ba bang e ba bahlanka ba sebeletsang esale bacha. Ntho e ’ngoe e ba thusitseng ke hore ba ile ba bona batho ba neng ba ithaopela ho thusa batho ba bang ’me ba ne ba batla ho tšoana le bona. Bara bana babo rona ba bacha ba thusa phutheho ’me ba tšehetsa baholo.”

18 Batho ba bangata mehleng ena ba ichebile bobona. Empa batho ba Jehova bona ha ba joalo hohang. Re susumetsoa ke tsela eo Jesu a neng a itella batho ba bang ka eona ’me re ikemiselitse ho mo etsisa. Ke ’nete hore re ke ke ra khona ho etsisa Jesu ka ho phethahetseng empa re ka latela “mehato ea hae haufi-ufi.” (1 Pet. 2:21) Haeba re leka kahohle ho etsisa Jesu, re tla thaba hobane re tla be re khahlisa Jehova.

PINA EA 13 A re Etsiseng Kreste

^ ser. 5 Kamehla Jesu o ne a hlokomela litlhoko tsa batho ba bang ho feta tsa hae. Sehloohong sena re tl’o hlahloba litsela tseo re ka etsisang mohlala oa hae ka tsona. Re tla boela re ithute hore na ha re itella batho ba bang re tla fumana melemo efe.

^ ser. 57 LITŠOANTŠO: Mor’abo rona Dan e mocha, o shebile ha baholo ba etetse ntate oa hae sepetlele. O susumetsoa ke mohlala oa baholo bao. Sena se etsa hore a batle ho thusa ba bang ka phuthehong. Mor’abo rona e mong e mocha e leng Ben o bona tsela eo Dan a tsotellang ba bang ka eona. Ben o etsisa mohlala oa Dan ka hore a thuse ha ho hloekisoa Holo ea ’Muso.