Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 9

Etsisa Jesu ka Hore o Itelle Batho ba Bang

Etsisa Jesu ka Hore o Itelle Batho ba Bang

“Ho fana ho tlisa thabo e kgolo ho feta ho amohela.”​—LIK. 20:35.

PINA YA 17 “Ke a Batla”

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Batho ba Jehova ba etsa mesebetsi efe?

 BIBELE e ile ya bolela esale pele hore batho ba Modimo ba ne ba tla “itlhahisa ka ho rata” ho mo sebeletsa, ba tataiswa ke Jesu. (Pes. 110:3) Boprofeta boo bo a phethahala mehleng ena. Selemo le selemo bahlanka ba Jehova ba qeta dihora tse dimilione mosebetsing wa boboledi. Ba ithaopela ho etsa mosebetsi ona ebile e le ka ditshenyehelo tsa bona. Ba boetse ba thusa Bakrestemmoho le bona ka dintho tseo ba di hlokang, ba a ba kgothatsa le ho ba matlafatsa tumelo. Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba qeta dihora tse ngata ba lokisetsa dipuo le ho etsa maeto a bodisa. Batho ba Jehova ba susumetswa ke eng ho etsa mesebetsi ee yohle? Ba susumetswa ke ho rata Jehova le batho.​—Mat. 22:37-39.

2. Ho latela Baroma 15:1-3, ke mohlala ofe oo Jesu a re behetseng wona?

2 Jesu o re behetse mohlala o motle wa ho beha ditlhoko tsa batho ba bang pele ho tsa hae. Re leka ka hohle ho mo etsisa. (Bala Baroma 15:1-3.) Ho na le melemo eo re tla e fumana ha re mo etsisa. Jesu o ile a re: “Ho fana ho tlisa thabo e kgolo ho feta ho amohela.”​—Lik. 20:35.

3. Re tlo bua ka eng sehloohong see?

3 Sehloohong sena re tla hlahloba dintho tseo Jesu a ileng a di etsa ho thusa batho ba bang, re be re bone hore na re ka etsisa mohlala wa hae jwang. Re tla boela re bue ka hore na re ka etsang hore re be le tabatabelo ya ho thusa batho bang.

ETSISA JESU

Le hoja Jesu a ne a kgathetse, o ile a etsang ha batho ba tla ho yena? (Sheba serapa sa 4)

4. Jesu o ile a beha ditlhoko tsa batho ba bang pele ho tsa hae jwang?

4 Jesu o ile a thusa batho ba bang le ha a ne a kgathetse. Nahana ka seo Jesu a ileng a se etsa ha batho ba bangata ba tla ho yena ha a le pela thaba, mohlomong pela Kapernauma. O ne a qetile bosiu bohle a rapela. E tlameha ebe o ne a kgathetse haholo. Empa e itse ha a bona bongata boo, a hauhela ba futsanehileng le ba kulang. O ile a ba fodisa le ho ba fa puo e kgothatsang ka ho fetisisa e kileng ya fanwa e tsejwang e le Thuto ya Thabeng.​—Luka 6:12-20.

Re ka etsisa boitelo ba Jesu jwang bophelong ba rona? (Sheba serapa sa 5)

5. Batho bao e leng dihlooho tsa malapa ba etsisa mohlala wa Jesu wa ho itela jwang ha ba kgathetse?

5 Ka moo dihlooho tsa malapa di etsisang Jesu ka teng. Nahana ka mohlala ona: Hlooho ya lelapa e fihla hae e kgathetse ka mora ho sebetsa ka thata letsatsi lohle. Le hoja a sa batle ho tshwara borapedi ba lelapa mantsiboyeng ao, o rapela Jehova ka tiyo hore a mo fe matla a hore a bo tshware. Jehova o araba thapelo ya hae mme o tswela pele ka borapedi ba lelapa jwalo ka ka mehla. Thuto ya bohlokwa eo bana ba ithutang yona mantsiboyeng ao, ke hore batswadi ba bona ba nka ho rapela Jehova e le yona ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa.

6. Etsa mohlala wa ka moo Jesu a ileng a tela nako ya hae e le hore a ka thusa batho ba bang.

6 Jesu o ne a fa batho ba bang nako le ha a ne a hloka ho ba mong. O nahana hore Jesu o ile a ikutlwa jwang ha a utlwa hore motswalle wa hae Johanne Mokolobetsi o kgaotswe hlooho? E tlameha ebe o ne a utlwile bohloko haholo. Bibele e re: “Ha Jesu a utlwa [ka lefu la Johanne] a tloha moo ka sekepe ho ya sebakeng se thoko bakeng sa ho ya ba mong.” (Mat. 14:10-13) Re ka utlwisisa hore na ke hobaneng ha a ne a batla ho ba mong. Batho ba bang ba batla ho ba bang ha ba utlwile bohloko. Empa Jesu ha a ka a kgona ho ba mong. Batho ba bangata ba ile ba fihla sebakeng seo se ka thoko pele ho yena. Jesu o ile a etsang? O ile a nahana ka ditlhoko tsa bongata boo mme “a susumetswa ke kgauho bakeng sa bona.” O ile a hlokomela hore ba ne ba hloka ho thuswa le ho tshediswa ke Modimo mme a potlakela ho ba thusa. Ha e le hantle o ile a qala ho ba ruta “dintho tse ngata.”​—Mar. 6:31-34; Luka 9:10, 11.

7, 8. Fana ka mohlala wa ka moo baholo ba etsisang Jesu ha ho ena le motho ya hlokang thuso ka phuthehong.

7 Ka moo baholo ba etsisang Jesu ka teng. Re ananela haholo mosebetsi oo baholo ka boitelo ba o etsang molemong wa rona. Boholo ba bara le baradibabo rona ka phuthehong ha ba tsebe mesebetsi yohle eo baholo ba e etsang. Mohlala, barababo rona ba Komiti ya Bohokahanyi le Dipetlele ba potlakela ho thusa Bakrestemmoho le bona ha ba hloka thuso ya bongaka ka tshohanyetso. Hangata maemo ana a tshohanyetso a hlaha bosiu. Empa baholo le ba malapa a bona ba utlwela bara le baradibabo bona ba tsietsing bohloko mme ba nka ho thusa Bakrestemmoho le bona e le ntho e tlang pele.

8 Baholo ba boetse ba kenya letsoho ha ho ena le dikoduwa le ha ho hahwa Diholo Tsa Mmuso le mehaho e meng. Hape baholo ba qeta nako ya bona e ngata ba re ruta ebile ba re kgothatsa. Kaofela bara bana babo rona le ba malapa a bona, ba lokela ho babatswa haholo. E se eka Jehova a ka ba le bona. Ke nnete hore baholo le bona ba lokela ho lekalekanya dintho hantle. Ha ba a lokela ho qeta nako e ngata haholo mesebetsing ya phutheho hoo ba ka hlokomolohang ditlhoko tsa malapa a bona.

KA MOO RE KA ITELANG KA TENG

9. Ho latela Bafilipi 2:4, 5, ke boikutlo bofe boo Bakreste bohle ba lokelang ho ba le bona?

9 Bala Bafilipi 2:4, 5. Ha se baholo feela ba lokelang ho etsisa mohlala wa Jesu wa boitelo. Empa le rona kaofela re lokela ho mo etsisa. Bibele e re o ile “a nka sebopeho sa lekgoba.” (Bafil. 2:7) Nahana hore na re ka ithuta eng mantsweng ao. Lekgoba kapa mohlanka ya molemo o batla ho kgahlisa monga hae. Ka ha re makgoba a Jehova hape re sebeletsa bara le baradibabo rona, re batla ho itella bona haholwanyane. Ditlhahiso tse latelang di ka re thusa ho etsa jwalo.

10. Ke dipotso dife tseo re ka ipotsang tsona?

10 Hlahloba tsela eo o ikutlwang ka yona. Ipotse dipotso tse kang tsena: ‘Ke ikemiseditse hakae ho tela nako le matla a ka e le hore ke thuse batho ba bang? Mohlala, ke etsa jwang haeba ke kopuwa hore ke etele morabo rona ya hodileng lehaeng la maqheku kapa ke ye le moradiwabo rona ya hodileng dibokeng? Na ke potlakela ho ithaopa ha ho hlokwa batho ba tla hlwekisa sebaka seo kopano e tlo tshwarelwa ho sona kapa ba tla lokisa Holo ya Mmuso?’ Ha re ne re inehela ho Jehova, re ile ra mo tshepisa hore re tla mo sebeletsa ka sohle seo re nang le sona. O batla hore re sebedise nako ya rona, matla le dintho tseo re nang le tsona ho thusa batho ba bang. Ka hoo o a thaba ha re etsa jwalo. Re ka etsang haeba re bona hore re hloka ho ntlafatsa?

11. Thapelo e ka re thusa jwang hore re batle ho itella batho ba bang?

11 Rapela Jehova ka tiyo. Mohlomong o a hlokomela hore o lokela ho ntlafatsa tseleng eo o itelang ka yona empa o utlwa eka o ke ke wa kgona ho etsa jwalo. Haeba o ikutlwa jwalo, o lokela ho rapela Jehova ka tiyo. Mo phetlele sefuba. Mo bolelle hore na o ikutlwa jwang o be o mo kope hore a o thuse hore o ‘rate o be o sebetse.’​—Bafil. 2:13.

12. Barababo rona ba batjha ba kolobeditsweng ba ka thusa jwang?

12 Haeba o morabo rona e motjha ya kolobeditsweng, kopa Jehova ho o thusa hore o batle ho itella Bakrestemmoho le wena ka phuthehong. Dinaheng tse ngata, baholo ba bangata ho feta bahlanka ba sebeletsang mme boholo ba bahlanka bao ba sebeletsang ha se batjha. Ka ha ho na le batho ba bangata ba tlang ka mokgatlong, re hloka barababo rona ba batjha ba tla thusa baholo ho hlokomela phutheho. O tla thaba haeba o ithaopela ho thusa hohle moo ho hlokehang thuso. Hobaneng? Hobane o tla kgahlisa Jehova, o tla ba le botumo bo botle mme o tla kgotsofatswa ke ho thusa batho ba bang.    

Bakreste ba Judea ba ile ba tshela Noka ya Jordane mme ba balehela motseng wa Pela. Ba ileng ba fihla motseng pele, ba ile ba fa ba qetang ho fihla dijo (Sheba serapa sa 13)

13, 14. Re ka etsang ho thusa bara le baradibabo rona? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

13 Sheba menyetla ya ho thusa batho ba bang. Moapostola Pauluse o ile a re ho Bakreste ba dulang Judea: “Le se ke la lebala ho etsa se molemo le ho arolelana dintho le ba bang, ka ha Modimo o kgahliswa ke mahlabelo a jwalo.” (Baheb. 13:16) Eo e ile ya eba keletso e molemo hakaakang! Nakwana ka mora ho fumana lengolo leo, Bakreste bao ba Judea ba ile ba tlameha ho siya mahae a bona, dikgwebo le beng ka bona bao eseng Bakreste mme ba “qale ho balehela dithabeng.” (Mat. 24:16) Ka nako eo, e ne e le ha bohlokwa haholo hore ba thusane. Haeba pele ho moo ba ile ba sebedisa keletso ya Pauluse ya hore ba arolelane dintho tseo ba nang le tsona le ba bang, ba ka be ba ile ba nolofallwa ke ho tlwaela ho phela ka dintho tse fokolang.

14 Ha se ka mehla bara le baradibabo rona ba ka re bolellang ha ho ena le ntho eo ba e hlokang. Mohlala, e ka nna yaba morabo rona e mong o hlokahalletswe ke molekane. A ka hloka thuso ka dijo, mesebetsi ya lapeng kapa ha ho ena le moo a batlang ho ya teng. Empa a ka nna a se ke a kopa thuso hobane a utlwa eka o tla be a re kgathatsa. A ka thaba haholo haeba re mo thusa le pele a kopa thuso. Ha re a lokela ho nahana hore ho na le motho e mong ya tla mo thusa kapa hore ka mehla ha a hloka thuso o tla bua. Ipotse: ‘Haeba ke ne ke le boemong ba hae, ke ne ke tla thabela hore batho ba bang ba nthuse jwang?’

15. Re lokela ho etsang haeba re batla ho thusa batho ba bang?

15 Eba motho ya atamelehang. Mohlomong o tseba bara le baradibabo rona phuthehong ya heno ba dulang ba thusa batho ba bang. Ha ba etse hore re ikutlwe eka re a ba kgathatsa. Re a tseba hore ba ikemiseditse ho re thusa mme re batla ho ba etsisa. Morabo rona Alan, e leng moholo ya dilemo di 45 o batla hore e be motho ya atamelehang. Ha Morabo rona Alan a bua ka mohlala wa Jesu, o re: “Jesu o ne a phathahane empa batho bohle, ba banyane le ba baholo ba ne ba mo rata ebile ba sa tshabe ho mo kopa thuso. Ba ne ba tseba hore Jesu o ba tsotella e le ka nnete. Le nna ke batla ho etsisa Jesu, ke tsebahale ke le motho ya atamelehang, ya botswalle le ya tsotellang.”

16. Pesaleme ya 119:59, 60 e ka re thusa jwang ho latela mohlala wa Jesu haufiufi?

16 Ha re a lokela ho nyahama haeba re sa kgone ho etsisa Jesu ka ho feletseng. (Jak. 3:2) Motho ya rutwang a ke ke a kgona ho etsisa mosuwe wa hae ka ho phethahetseng. Empa ha a ithuta diphosong tsa hae a bile a leka ho etsisa mosuwe wa hae, o tla tswela pele ho ntlafatsa. Ka tsela e tshwanang, le rona haeba re sebedisa dintho tseo re ithutileng tsona Bibeleng, re tla ntlafatsa mme re latele mohlala wa Jesu haufiufi.​—Bala Pesaleme ya 119:59, 60.

MELEMO YA HO ITELA

Ha baholo ba etsisa mohlala wa Jesu wa boitelo, ba behela batjha mohlala (Sheba serapa sa 17) *

17, 18. Re tla fumana melemo efe haeba re itela jwalo ka Jesu?

17 Haeba re ithaopela ho thusa, batho ba bang le bona ba tla susumelletseha ho re etsisa. Moholo ya bitswang Tim o re: “Barababo rona ba bang e ba bahlanka ba sebeletsang esale batjha. Ntho e nngwe e ba thusitseng ke hore ba ile ba bona batho ba neng ba ithaopela ho thusa batho ba bang mme ba ne ba batla ho tshwana le bona. Bara bana babo rona ba batjha ba thusa phutheho mme ba tshehetsa baholo.”

18 Batho ba bangata mehleng ena ba itjhebile bobona. Empa batho ba Jehova bona ha ba jwalo hohang. Re susumetswa ke tsela eo Jesu a neng a itella batho ba bang ka yona mme re ikemiseditse ho mo etsisa. Ke nnete hore re ke ke ra kgona ho etsisa Jesu ka ho phethahetseng empa re ka latela “mehato ya hae haufiufi.” (1 Pet. 2:21) Haeba re leka ka hohle ho etsisa Jesu, re tla thaba hobane re tla be re kgahlisa Jehova.

PINA YA 13 Kreste, Mohlala wa Rona

^ Ka mehla Jesu o ne a hlokomela ditlhoko tsa batho ba bang ho feta tsa hae. Sehloohong sena re tlo hlahloba ditsela tseo re ka etsisang mohlala wa hae ka tsona. Re tla boela re ithute hore na ha re itella batho ba bang re tla fumana melemo efe.

^ DITSHWANTSHO: Morabo rona Dan e motjha, o shebile ha baholo ba etetse ntate wa hae sepetlele. O susumetswa ke mohlala wa baholo bao. Sena se etsa hore a batle ho thusa ba bang ka phuthehong. Morabo rona e mong e motjha e leng Ben o bona tsela eo Dan a tsotellang ba bang ka yona. Ben o etsisa mohlala wa Dan ka hore a thuse ha ho hlwekiswa Holo ya Mmuso.