Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 10

U ka Khona ho Hlobola Botho ba Khale

U ka Khona ho Hlobola Botho ba Khale

“Hlobolang botho ba khale le litloaelo tsa bona.”​—BAKOL. 3:9.

PINA EA 29 Re Phelela ho Sebeletsa Jehova

SEO RE TL’O ITHUTA SONA *

1. U ne u phela bophelo bo joang pele u ithuta Bibele?

 U NE u phela bophelo bo joang pele u ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova? Bongata ba rona ha re batle le ho nahana ka eona taba eo. Ho ka etsahala hore botho ba rona le tsela eo re neng re nahana ka eona e ne e susumetsoa ke seo batho ba reng se nepahetse kapa se fosahetse. Haeba ho joalo, ‘re ne re se na tšepo ’me re ne re se na Molimo lefatšeng.’ (Baef. 2:12) Leha ho le joalo, ka mor’a hore re ithute Bibele bophelo ba rona bo ile ba fetoha.

2. Ke lintho life tse ileng tsa etsahala ha u ntse u ithuta Bibele?

2 Ha u ntse u ithuta Bibele u ile oa hlokomela hore u na le Ntate ea leholimong ea u ratang haholo. U ile oa ithuta hore haeba u batla ho thabisa Jehova le ho ba setho sa lelapa la hae, u lokela ho etsa liphetoho tse kholo bophelong ba hao le tseleng eo u nahanang ka eona. U ile oa boela oa ithuta hore u lokela ho etsa lintho tseo Jehova a reng li nepahetse le ho qoba tseo a reng li fosahetse.​—Baef. 5:3-5.

3. Ho ea ka Bakolose 3:9, 10, Jehova o batla hore re etse’ng, hona re tl’o bua ka eng sehloohong see?

3 Jehova ke ’Mopi oa rona ebile ke Ntate oa rona, kahoo o na le tokelo ea ho bolella litho tsa lelapa la hae hore na li lokela ho itšoara joang. Hape o batla hore pele re kolobetsoa re etse kahohle hore re ‘hlobole botho ba khale le litloaelo tsa bona.’ * (Bala Bakolose 3:9, 10.) Sehlooho sena se tla thusa batho ba batlang ho kolobetsoa hore ba tsebe likarabo tsa lipotso tsena tse tharo: (1) “Botho ba khale” ke bo joang? (2) Ke hobane’ng ha Jehova a batla hore re bo hlobole? (3) Re ka bo hlobola joang? Haeba re se re kolobelitsoe, sehlooho sena se tla re thusa hore re se ke ra khutlela bothong ba khale.

“BOTHO BA KHALE” KE BO JOANG?

4. Motho ea nang le “botho ba khale” o itšoara joang?

4 Hangata motho ea nang le “botho ba khale” o nahana le ho etsa lintho tse fosahetseng. E ka ’na eaba ke motho ea ichebileng boeena, ea koatang kapele, ea se nang teboho le ea ikhohomosang. E ka ’na eaba o thabela ho sheba pornography le ho shebella limovie tsa ntoa kapa tse nang le boitšoaro bo bobe. Ha ho pelaelo hore o na le makhabane a matle ’me e ka ’na eaba o ikoahlaela lintho tse mpe tseo a li buang kapa a li etsang. Leha ho le joalo, ha ho na ntho e mo susumetsang hore a batle ho fetola tsela eo a nahanang le ho itšoara ka eona.​—Bagal. 5:19-21; 2 Tim. 3:2-5.

Ha re hlobola “botho ba khale,” lintho tse mpe li ke ke tsa hlola li re laola (Sheba serapa sa 5) *

5. Re lokela ho hopola eng ka ho hlobola botho ba khale? (Liketso 3:19)

5 Kaofela ha rona re etsa liphoso, kahoo ha ho na motho ea ka khonang ho khaotsa ho nahana le ho etsa lintho tse fosahetseng ka ho felletseng. Ka linako tse ling re tla etsa kapa re bue ntho eo re tla ikoahlaela eona. (Jer. 17:9; Jak. 3:2) Leha ho le joalo, ha re hlobola botho ba khale re ke ke ra lula re nahana le ho etsa lintho tse fosahetseng ’me bophelo ba rona bo tla fetoha.​—Esa. 55:7; bala Liketso 3:19.

6. Ke hobane’ng ha Jehova a re khothalletsa hore re khaotse ho nahana le ho etsa lintho tse mpe tse susumetsoang ke botho ba khale?

6 Jehova o re khothalletsa hore re khaotse ho nahana le ho etsa lintho tse fosahetseng hobane o re rata haholo ebile o batla hore re thabele bophelo. (Esa. 48:17, 18) Oa tseba hore batho ba sa tloheleng ho etsa lintho tse mpe ba ikutloisa bohloko hammoho le batho ba bang ’me seo le eena se mo utloisa bohloko.

7. Ho ea ka Baroma 12:1, 2, re ka khetha ho etsa’ng?

7 Metsoalle e meng ea rona le ba bang ba lelapa ba ka ’na ba re soma hobane re leka ho fetola tsela eo re phelang ka eona. (1 Pet. 4:3, 4) Ba ka ’na ba re re na le tokelo ea ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e batlang ’me ha rea lokela ho lumella batho ba bang hore ba re bolelle hore na re etse’ng. Leha ho le joalo, ha se kamehla batho ba hanang ho mamela melao ea Jehova ba iketsetsang liqeto hobane ba lumella batho ba busoang ke Satane hore ba susumetse tsela eo ba etsang lintho ka eona. (Bala Baroma 12:1, 2.) Kaofela ha rona re lokela ho khetha hore na re tla lula re apere botho ba khale bo laoloang ke sebe le lefatše lena la Satane kapa re tla lumella Jehova hore a fetole bophelo ba rona hona joale hore re be batho ba molemo.​—Esa. 64:8.

U KA HLOBOLA BOTHO BA KHALE JOANG?

8. Ke’ng e ka re thusang hore re qobe ho nahana ka lintho tse fosahetseng le ho li etsa?

8 Jehova oa tseba hore re tla lokela ho sebetsa ka thata e le hore re qobe ho nahana le ho etsa lintho tse fosahetseng. (Pes. 103:13, 14) Leha ho le joalo, o re fa bohlale, matla le tšehetso eo re e hlokang hore re fetole botho ba rona a sebelisa Lentsoe la hae, moea oa hae le mokhatlo oa hae. Ha ho pelaelo hore o se a ntse a u thusitse. Hona joale a re bueng ka lintho tseo u ka li etsang tse ka u thusang hore u hlobole botho ba khale e le hore u khone ho kolobetsoa.

9. Bibele e ka u thusa joang?

9 Itlhahlobe u sebelisa Bibele. Bibele e tšoana le seipone. E ka u thusa hore u hlahlobe tsela eo u nahanang, u buang le ho etsa lintho ka eona. (Jak. 1:22-25) Motho eo u ithutang Bibele le eena le Bakreste ba bang ba nang le boiphihlelo ba ka u eletsa. Ka mohlala, ba ka sebelisa Bibele ho u thusa ho bona hore na u na le bofokoli bofe le hore u tsebe lintho tseo u khonang ho li etsa. Ba ka u thusa hore u etse lipatlisiso e le hore u fumane keletso ea Bibele e tla u thusa hore u khaotse ho etsa lintho tse fosahetseng. Hape Jehova o lula a ikemiselitse ho u thusa. Ke eena ea ka u thusang hobane oa tseba hore na u ikutloa joang. (Liprov. 14:10; 15:11) Kahoo, itloaetse ho mo rapela le ho ithuta Bibele letsatsi le letsatsi.

10. U ithutile’ng paleng ea Mor’abo rona Elie?

10 Kholiseha hore melao ea Jehova e tla u tsoela molemo. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a reng re e etse e re tsoela molemo. Batho ba mamelang melao ea hae baa itlhompha, ba thabile ebile baa tseba hore na ba phelela’ng. (Pes. 19:7-11) Batho ba etsang lintho tse sa lumellaneng le melao ea Jehova bona ba ba le litla-morao tse bohloko. A re hlokomeleng lintho tseo Elie a reng o ile a li etsa ha a ne a sa mamele melao ea Molimo. Elie o holisitsoe ke batsoali ba ratang Jehova empa ha a ntse a hola, o ile a ba le metsoalle e fosahetseng. O ne a tsuba lithethefatsi, a utsoa ebile a itšoere hampe. Elie o re e ne e se e le motho ea bohale le ea ratang ntoa. O re: “Ha e le hantle, ke ne ke etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke ileng ka rutoa hore Mokreste ha aa lokela ho e etsa.” Leha ho le joalo, Elie ha aa ka a lebala lintho tseo a ithutileng tsona ha e sa le mocha. O ile a boela a ithuta Bibele ’me a sebetsa ka thata ho tlohela lintho tse mpe tseo a neng a li etsa eaba o kolobetsoa ka selemo sa 2000. Ho mamela melao ea Jehova ho ile ha mo thusa joang? Mor’abo rona Elie o re: “Ke se ke imolohile kelellong ’me le letsoalo la ka le hloekile [kapa ha le sa le molato.]” * Lintho tseo Mor’abo rona Elie a ileng a li etsa lia bontša hore batho ba sa mameleng melao ea Jehova ba ikutloisa bohloko. Ho ntse ho le joalo, Jehova o ikemiselitse ho ba thusa hore ba fetohe.

11. Jehova o hloile lintho life?

11 Ithute ho hloea seo Jehova a se hloileng. (Pes. 97:10) Bibele e re Jehova o hloile “mahlo a iphahamisang, leleme la bohata le matsoho a tšollang mali a hlokang molato.” (Liprov. 6:16, 17) O boetse o “hloile motho ea tšollang mali le ea thetsang.” (Pes. 5:6) Jehova o hloile boitšoaro bona haholo ’me o ile a bontša sena ka hore a felise batho bohle ba neng ba le khopo ba mehleng ea Noe hobane ba ne ba entse hore ho be le pefo lefatšeng. (Gen. 6:13) A re bueng ka mohlala o mong hape. Jehova o ile a sebelisa moprofeta Malakia ho bontša hore o hloile batho ba hlalang balekane ba bona ba se nang molato ka bolotsana. Molimo ha aa amohele borapeli ba bona ebile ba tla ikarabella ho eena ka tsela eo ba etsang lintho ka eona.​—Mal. 2:13-16; Baheb. 13:4.

Re lokela ho nyonya lintho tseo Jehova a reng li fosahetse joalokaha re nyonya lijo tse bolileng (Sheba serapa sa 11 le 12)

12. Ho ‘nyonya se khopo’ ho bolela’ng?

12 Jehova o batla hore re ‘nyonye se khopo.’ (Bar. 12:9) Lentsoe ‘nyonya’ le bolela boikutlo bo matla ba ho hloea ntho e itseng haholo. A k’u nahane feela hore na u ne u ka ikutloa joang haeba motho a ne a ka u fa lijo tse bolileng. Ho nahana ka tsona feela ho ka etsa hore u ferohe libete. Ka tsela e tšoanang, re lokela ho nyonya haeba re nahana ka ho etsa ntho e itseng eo re tsebang hore Jehova o re e fosahetse.

13. Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba ho nahana ka lintho tse fosahetseng?

13 Qoba ho nahana ka lintho tse fosahetseng. Lintho tseo re nahanang ka tsona li susumetsa tsela eo re itšoarang ka eona. Ke kahoo Jesu a ileng a re ruta hore re qobe ho nahana ka lintho tse ka etsang hore re etse sebe se tebileng. (Mat. 5:21, 22, 28, 29) Re batla ho thabisa Ntate oa rona ea leholimong. Kahoo, ke habohlokoa hore re qobe ho nahana ka lintho tse fosahetseng hang-hang.

14. Lintho tseo re li buang li bontša’ng ka rona, hona re lokela ho ipotsa lipotso life?

14 Laola tsela eo u buang ka eona. Jesu o ile a re: “Lintho tse tsoang molomong li tsoa pelong.” (Mat. 15:18) Lintho tseo re li buang li bontša hore na re batho ba joang. Kahoo, ipotse lipotso tsena: ‘Na ke bua ’nete le hoja ho etsa joalo ho ka nkenya mathateng? Na ke qoba ho bontša motho eo e seng molekane oa ka maikutlo a lerato? Na ke qoba ho bua ka boitšoaro bo bobe ka ho felletseng? Haeba motho e mong a nkoatisitse, na ke bua le eena ke khobile matšoafo?’ Ho nahana ka lipotso tsena ho ka u thusa haholo. Lintho tse mpe tseo re li buang li ka etsa hore re se ke ra tlohela botho ba rona ba khale feela joalokaha moroko o kopanya seaparo. Kahoo, haeba u leka kahohle hore u se ke oa bua lintho tse bohloko, leshano kapa oa bua ka boitšoaro bo bobe, ho tla ba bonolo hore u hlobole botho ba khale.

15. Ho khokhothela botho ba rona ba khale “thupeng” ho bolela’ng?

15 Ikemisetse ho etsa ntho leha e le efe e hlokahalang. Moapostola Pauluse o ile a etsa mohlala ho bontša hore ho bohlokoa haholo ho fetola tsela eo re phelang ka eona. O ile a re re tlameha ho khokhothela botho ba rona ba khale “thupeng.” (Bar. 6:6) Jesu o ile a ikemisetsa ho khokhotheloa thupeng e le hore a thabise Jehova. Ka tsela e tšoanang, le rona e le hore re thabise Jehova re lokela ho ikemisetsa hore re tlohele lintho tseo a li hloileng. Haeba re etsa joalo re tla ba le letsoalo le se nang molato le ho ba le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng. (Joh. 17:3; 1 Pet. 3:21) Re lokela ho hopola hore Jehova a ke ke a fetola melao ea hae e le hore feela a re thabise. Ho e-na le hoo, re lokela ho fetola tsela eo re leng ka eona ’me re mamele melao ea hae.​—Esa. 1:16-18; 55:9.

16. Ke hobane’ng ha u lokela ho lula u loantša litakatso tse fosahetseng?

16 Lula u loantša litakatso tse fosahetseng. Le ka mor’a hore u kolobetsoe, u lokela ho tsoela pele ho qoba lintho tse fosahetseng. A re bueng ka pale ea Maurício. Ha e ntse e le mocha, o ile a qala ho ratana le batho ba bong bo tšoanang le ba hae. Ha nako e ntse e ea, o ile a kopana le Lipaki Tsa Jehova ’me a qala ho ithuta Bibele le tsona. Ka mor’a hore a etse liphetoho bophelong ba hae, o ile a kolobetsoa ka selemo sa 2002. Le hoja Mor’abo rona Maurício a se a sebelelitse Jehova ka lilemo tse ngata, o re: “Kea lumela hore ka linako tse ling ke ile ka ’na ka tlameha ho loantša litakatso tse mpe.” Ha aa ka a lumella hore sena se mo nyahamise. Ho e-na le hoo o re: “Ke khothatsoa ke ho tseba hore ha ke khetha ho se latele litakatso tseo ke thabisa Jehova.” *

17. Ke’ng e u khothatsang ka se ileng sa etsahalla Morali oabo rona Nabiha?

17 Kopa hore Jehova a u thuse ’me u itšetlehe ka moea oa hae eseng ka matla a hao. (Bagal. 5:22; Bafil. 4:6) Re tlameha ho sebetsa ka thata haeba re batla ho hlobola botho ba rona ba khale le hore bo lule bo le sieo. Nahana ka se ileng sa etsahalla Nabiha. Ntate oa hae o ile a mo tlohela ha a le lilemo tse tšeletseng feela. O re: “Sena se ile sa nthefula maikutlo ’me ka utloa bohloko haholo.” Ha Nabiha a ntse a hola, o ne a le bohale ’me a koata kapele. O ile a qala ho rekisa lithethefatsi, a tšoaroa ’me a qeta lilemo tse ’maloa teronkong. Lipaki tse ling tse neng li etetse teronkong li ile tsa qala ho ithuta Bibele le eena. Nabiha o ile a qala ho etsa liphetoho tse kholo. O re: “Ho ile ha e-ba bonolo hore ke tlohele e meng ea mekhoa ea ka e mebe. Empa ho tlohela ho tsuba e ne e le taba e ’ngoe.” Nabiha o ile a e-ba le bothata bona nako e fetang selemo ’me ha nako e ntse e ea o ile a khona ho khaotsa ho tsuba. O khonne ho hlola bothata boo joang? O re: “Ka holim’a tsohle, ho rapela Jehova ke sa phetse ke hona ho ileng ha nthusa ho tlohela koae.” Hona joale ha a bolella batho ba bang o re: “Ke kholisehile hore haeba ke khonne ho etsa liphetoho e le hore ke thabise Jehova ha ho na motho ea ka hlolehang ho etsa joalo!” *

U KA KHONA HO KOLOBETSOA!

18. Ho ea ka 1 Bakorinthe 6:9-11, ke’ng eo bahlanka ba bangata ba Molimo ba khonneng ho e etsa?

18 Mehleng ea baapostola, batho bao Jehova a neng a ba khethile hore ba il’o busa le Kreste ba ne ba ile ba etsa lintho tse mpe haholo. Ka mohlala, e ne e le bafebi, e le banna ba robalang le banna ba bang ebile e le masholu. Leha ho le joalo, Jehova o ile a ba thusa ka moea oa hae o halalelang hore ba fetole botho ba bona. (Bala 1 Bakorinthe 6:9-11.) Ka ho tšoanang, le kajeno Bibele e thusitse batho ba bangata hore ba fetole bophelo ba bona. * Ba ile ba khona ho tlohela lintho tse mpe tseo ba neng ba li etsa le hoja ho ne ho le thata ho etsa joalo. Mohlala oa bona oa bontša hore le uena u ka khona ho fetola botho ba hao le ho tlohela mekhoa e mebe e le hore u ka khona ho kolobetsoa.

19. Re tl’o ithuta’ng sehloohong se latelang?

19 Ho hlokahala hore motho a sebetse ka thata e le hore a hlobole botho ba khale. Ka ho tšoanang, motho ea batlang ho kolobetsoa o lokela ho sebetsa ka thata e le hore a apare botho bo bocha. Sehlooho se latelang se tla re thusa ho bona hore na ke joang re ka etsang sena le hore na ba bang ba ka re thusa joang.

PINA EA 41 Ka Kopo, Utloa Thapelo ea ka

^ Re lokela ho ikemisetsa ho etsa liphetoho bophelong ba rona hore re khone ho kolobetsoa. Sehlooho sena se tl’o re thusa ho utloisisa hore na botho ba khale ke bo joang, ke hobane’ng ha re lokela ho bo hlobola le hore na re ka bo hlobola joang. Sehlooho se latelang se tla re thusa ho bona hore na re ka tsoela pele re apere botho bo bocha joang le ka mor’a hore re kolobetsoe.

^ TLHALOSO: Ho ‘hlobola botho ba khale’ ho bolela ho tlohela ho nahana le ho etsa lintho tse sa thabiseng Jehova. Re lokela ho tlohela lintho tsena pele re kolobetsoa.​—Baef. 4:22.

^ Bala sehlooho se reng, “Bibele e Fetola Batho​—‘Ke ne ke Hloka ho Khutlela ho Jehova,’” se hlahang ho Molula-Qhooa oa April 1, 2012 e le hore u fumane lintlha tse ling.

^ Bala sehlooho se reng, “Bibele e Fetola Batho​—‘Ba ne ba le Mosa Haholo ho ’na,’” se hlahang ho Molula-Qhooa oa May 1, 2012 e le hore u fumane lintlha tse ling.

^ Bala sehlooho se reng, “Bibele e Fetola Batho​—‘Ke Ile ka ba Ngoanana ea Halefileng le ea Ratang Ntoa,’” se hlahang ho Molula-Qhooa oa October 1, 2012 e le hore u fumane lintlha tse ling.

^ Sheba lebokose le reng, “ Bibele e Fetola Batho.”

^ LITŠOANTŠO: Ho tlohela lintho tse mpe tseo re li etsang ho tšoana le ho hlobola seaparo sa khale.