Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 10

O ka Kgona ho Hlobola Botho ba Kgale

O ka Kgona ho Hlobola Botho ba Kgale

“Hlobolang botho ba kgale le ditlwaelo tsa bona.”​—BAKOL. 3:9.

PINA YA 29 Ho Phelela Lebitso la Rona

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. O ne o phela bophelo bo jwang pele o ithuta Bibele?

 O NE o phela bophelo bo jwang pele o ithuta Bibele le Dipaki Tsa Jehova? Bongata ba rona ha re batle le ho nahana ka yona taba eo. Ho ka etsahala hore botho ba rona le tsela eo re neng re nahana ka yona e ne e susumetswa ke seo batho ba reng se nepahetse kapa se fosahetse. Haeba ho jwalo, ‘re ne re se na tshepo mme re ne re se na Modimo lefatsheng.’ (Baef. 2:​12) Le ha ho le jwalo, ka mora hore re ithute Bibele bophelo ba rona bo ile ba fetoha.

2. Ke dintho dife tse ileng tsa etsahala ha o ntse o ithuta Bibele?

2 Ha o ntse o ithuta Bibele o ile wa hlokomela hore o na le Ntate ya lehodimong ya o ratang haholo. O ile wa ithuta hore haeba o batla ho thabisa Jehova le ho ba setho sa lelapa la hae, o lokela ho etsa diphetoho tse kgolo bophelong ba hao le tseleng eo o nahanang ka yona. O ile wa boela wa ithuta hore o lokela ho etsa dintho tseo Jehova a reng di nepahetse le ho qoba tseo a reng di fosahetse.​—Baef. 5:​3-5.

3. Ho ya ka Bakolose 3:9, 10, Jehova o batla hore re etseng, hona re tlo bua ka eng sehloohong see?

3 Jehova ke Mmopi wa rona ebile ke Ntate wa rona, ka hoo o na le tokelo ya ho bolella ditho tsa lelapa la hae hore na di lokela ho itshwara jwang. Hape o batla hore pele re kolobetswa re etse ka hohle hore re ‘hlobole botho ba kgale le ditlwaelo tsa bona.’ * (Bala Bakolose 3:9, 10.) Sehlooho sena se tla thusa batho ba batlang ho kolobetswa hore ba tsebe dikarabo tsa dipotso tsena tse tharo: (1) “Botho ba kgale” ke bo jwang? (2) Ke hobaneng ha Jehova a batla hore re bo hlobole? (3) Re ka bo hlobola jwang? Haeba re se re kolobeditswe, sehlooho sena se tla re thusa hore re se ke ra kgutlela bothong ba kgale.

“BOTHO BA KGALE” KE BO JWANG?

4. Motho ya nang le “botho ba kgale” o itshwara jwang?

4 Hangata motho ya nang le “botho ba kgale” o nahana le ho etsa dintho tse fosahetseng. E ka nna yaba ke motho ya itjhebileng boyena, ya kwatang kapele, ya se nang teboho le ya ikgohomosang. E ka nna yaba o thabela ho sheba pornography le ho shebella dimovie tsa ntwa kapa tse nang le boitshwaro bo bobe. Ha ho pelaelo hore o na le makgabane a matle mme e ka nna yaba o ikwahlaela dintho tse mpe tseo a di buang kapa a di etsang. Le ha ho le jwalo, ha ho na ntho e mo susumetsang hore a batle ho fetola tsela eo a nahanang le ho itshwara ka yona.​—Bagal. 5:19-21; 2 Tim. 3:2-5.

Ha re hlobola “botho ba kgale,” dintho tse mpe di ke ke tsa hlola di re laola (Sheba serapa sa 5) *

5. Re lokela ho hopola eng ka ho hlobola botho ba kgale? (Liketso 3:19)

5 Kaofela ha rona re etsa diphoso, ka hoo ha ho na motho ya ka kgonang ho kgaotsa ho nahana le ho etsa dintho tse fosahetseng ka ho felletseng. Ka dinako tse ding re tla etsa kapa re bue ntho eo re tla ikwahlaela yona. (Jer. 17:9; Jak. 3:2) Le ha ho le jwalo, ha re hlobola botho ba kgale re ke ke ra dula re nahana le ho etsa dintho tse fosahetseng mme bophelo ba rona bo tla fetoha.​—Esa. 55:7; bala Liketso 3:19.

6. Ke hobaneng ha Jehova a re kgothalletsa hore re kgaotse ho nahana le ho etsa dintho tse mpe tse susumetswang ke botho ba kgale?

6 Jehova o re kgothalletsa hore re kgaotse ho nahana le ho etsa dintho tse fosahetseng hobane o re rata haholo ebile o batla hore re thabele bophelo. (Esa. 48:17, 18) O a tseba hore batho ba sa tloheleng ho etsa dintho tse mpe ba ikutlwisa bohloko ha mmoho le batho ba bang mme seo le yena se mo utlwisa bohloko.

7. Ho ya ka Baroma 12:1, 2, re ka kgetha ho etsa eng?

7 Metswalle e meng ya rona le ba bang ba lelapa ba ka nna ba re soma hobane re leka ho fetola tsela eo re phelang ka yona. (1 Pet. 4:3, 4) Ba ka nna ba re re na le tokelo ya ho etsa ntho e nngwe le e nngwe eo re e batlang mme ha re a lokela ho dumella batho ba bang hore ba re bolelle hore na re etse eng. Le ha ho le jwalo, ha se ka mehla batho ba hanang ho mamela melao ya Jehova ba iketsetsang diqeto hobane ba dumella batho ba buswang ke Satane hore ba susumetse tsela eo ba etsang dintho ka yona. (Bala Baroma 12:1, 2.) Kaofela ha rona re lokela ho kgetha hore na re tla dula re apere botho ba kgale bo laolwang ke sebe le lefatshe lena la Satane kapa re tla dumella Jehova hore a fetole bophelo ba rona hona jwale hore re be batho ba molemo.​—Esa. 64:8.

O KA HLOBOLA BOTHO BA KGALE JWANG?

8. Ke eng e ka re thusang hore re qobe ho nahana ka dintho tse fosahetseng le ho di etsa?

8 Jehova o a tseba hore re tla lokela ho sebetsa ka thata e le hore re qobe ho nahana le ho etsa dintho tse fosahetseng. (Pes. 103:13, 14) Le ha ho le jwalo, o re fa bohlale, matla le tshehetso eo re e hlokang hore re fetole botho ba rona a sebedisa Lentswe la hae, moya wa hae le mokgatlo wa hae. Ha ho pelaelo hore o se a ntse a o thusitse. Hona jwale a re bueng ka dintho tseo o ka di etsang tse ka o thusang hore o hlobole botho ba kgale e le hore o kgone ho kolobetswa.

9. Bibele e ka o thusa jwang?

9 Itlhahlobe o sebedisa Bibele. Bibele e tshwana le seipone. E ka o thusa hore o hlahlobe tsela eo o nahanang, o buang le ho etsa dintho ka yona. (Jak. 1:22-25) Motho eo o ithutang Bibele le yena le Bakreste ba bang ba nang le boiphihlelo ba ka o eletsa. Ka mohlala, ba ka sebedisa Bibele ho o thusa ho bona hore na o na le bofokodi bofe le hore o tsebe dintho tseo o kgonang ho di etsa. Ba ka o thusa hore o etse dipatlisiso e le hore o fumane keletso ya Bibele e tla o thusa hore o kgaotse ho etsa dintho tse fosahetseng. Hape Jehova o dula a ikemiseditse ho o thusa. Ke yena ya ka o thusang hobane o a tseba hore na o ikutlwa jwang. (Liprov. 14:10; 15:11) Ka hoo, itlwaetse ho mo rapela le ho ithuta Bibele letsatsi le letsatsi.

10. O ithutileng paleng ya Morabo rona Elie?

10 Kgodiseha hore melao ya Jehova e tla o tswela molemo. Ntho e nngwe le e nngwe eo Jehova a reng re e etse e re tswela molemo. Batho ba mamelang melao ya hae ba a itlhompha, ba thabile ebile ba a tseba hore na ba phelelang. (Pes. 19:7-11) Batho ba etsang dintho tse sa dumellaneng le melao ya Jehova bona ba ba le ditlamorao tse bohloko. A re hlokomeleng dintho tseo Elie a reng o ile a di etsa ha a ne a sa mamele melao ya Modimo. Elie o hodisitswe ke batswadi ba ratang Jehova empa ha a ntse a hola, o ile a ba le metswalle e fosahetseng. O ne a tsuba dithethefatsi, a utswa ebile a itshwere hampe. Elie o re e ne e se e le motho ya bohale le ya ratang ntwa. O re: “Ha e le hantle, ke ne ke etsa ntho e nngwe le e nngwe eo ke ileng ka rutwa hore Mokreste ha a lokela ho e etsa.” Le ha ho le jwalo, Elie ha a ka a lebala dintho tseo a ithutileng tsona ha e sa le motjha. O ile a boela a ithuta Bibele mme a sebetsa ka thata ho tlohela dintho tse mpe tseo a neng a di etsa yaba o kolobetswa ka selemo sa 2000. Ho mamela melao ya Jehova ho ile ha mo thusa jwang? Morabo rona Elie o re: “Ke se ke imolohile kelellong mme le letswalo la ka le hlwekile [kapa ha le sa le molato.]” * Dintho tseo Morabo rona Elie a ileng a di etsa di a bontsha hore batho ba sa mameleng melao ya Jehova ba ikutlwisa bohloko. Ho ntse ho le jwalo, Jehova o ikemiseditse ho ba thusa hore ba fetohe.

11. Jehova o hloile dintho dife?

11 Ithute ho hloya seo Jehova a se hloileng. (Pes. 97:10) Bibele e re Jehova o hloile “mahlo a iphahamisang, leleme la bohata le matsoho a tshollang madi a hlokang molato.” (Liprov. 6:16, 17) O boetse o “hloile motho ya tshollang madi le ya thetsang.” (Pes. 5:6) Jehova o hloile boitshwaro bona haholo mme o ile a bontsha sena ka hore a fedise batho bohle ba neng ba le kgopo ba mehleng ya Noe hobane ba ne ba entse hore ho be le pefo lefatsheng. (Gen. 6:13) A re bueng ka mohlala o mong hape. Jehova o ile a sebedisa moprofeta Malakia ho bontsha hore o hloile batho ba hlalang balekane ba bona ba se nang molato ka bolotsana. Modimo ha a amohele borapedi ba bona ebile ba tla ikarabella ho yena ka tsela eo ba etsang dintho ka yona.​—Mal. 2:13-16; Baheb. 13:4.

Re lokela ho nyonya dintho tseo Jehova a reng di fosahetse jwalo ka ha re nyonya dijo tse bodileng (Sheba serapa sa 11 le 12)

12. Ho ‘nyonya se kgopo’ ho bolelang?

12 Jehova o batla hore re ‘nyonye se kgopo.’ (Bar. 12:9) Lentswe ‘nyonya’ le bolela boikutlo bo matla ba ho hloya ntho e itseng haholo. A ko nahane feela hore na o ne o ka ikutlwa jwang haeba motho a ne a ka o fa dijo tse bodileng. Ho nahana ka tsona feela ho ka etsa hore o ferohe dibete. Ka tsela e tshwanang, re lokela ho nyonya haeba re nahana ka ho etsa ntho e itseng eo re tsebang hore Jehova o re e fosahetse.

13. Ke hobaneng ha re lokela ho qoba ho nahana ka dintho tse fosahetseng?

13 Qoba ho nahana ka dintho tse fosahetseng. Dintho tseo re nahanang ka tsona di susumetsa tsela eo re itshwarang ka yona. Ke ka hoo Jesu a ileng a re ruta hore re qobe ho nahana ka dintho tse ka etsang hore re etse sebe se tebileng. (Mat. 5:21, 22, 28, 29) Re batla ho thabisa Ntate wa rona ya lehodimong. Ka hoo, ke ha bohlokwa hore re qobe ho nahana ka dintho tse fosahetseng hanghang.

14. Dintho tseo re di buang di bontshang ka rona, hona re lokela ho ipotsa dipotso dife?

14 Laola tsela eo o buang ka yona. Jesu o ile a re: “Dintho tse tswang molomong di tswa pelong.” (Mat. 15:18) Dintho tseo re di buang di bontsha hore na re batho ba jwang. Ka hoo, ipotse dipotso tsena: ‘Na ke bua nnete le hoja ho etsa jwalo ho ka nkenya mathateng? Na ke qoba ho bontsha motho eo e seng molekane wa ka maikutlo a lerato? Na ke qoba ho bua ka boitshwaro bo bobe ka ho felletseng? Haeba motho e mong a nkwatisitse, na ke bua le yena ke kgobile matshwafo?’ Ho nahana ka dipotso tsena ho ka o thusa haholo. Dintho tse mpe tseo re di buang di ka etsa hore re se ke ra tlohela botho ba rona ba kgale feela jwalo ka ha moroko o kopanya seaparo. Ka hoo, haeba o leka ka hohle hore o se ke wa bua dintho tse bohloko, leshano kapa wa bua ka boitshwaro bo bobe, ho tla ba bonolo hore o hlobole botho ba kgale.

15. Ho kgokgothela botho ba rona ba kgale “thupeng” ho bolelang?

15 Ikemisetse ho etsa ntho le ha e le efe e hlokahalang. Moapostola Pauluse o ile a etsa mohlala ho bontsha hore ho bohlokwa haholo ho fetola tsela eo re phelang ka yona. O ile a re re tlameha ho kgokgothela botho ba rona ba kgale “thupeng.” (Bar. 6:6) Jesu o ile a ikemisetsa ho kgokgothelwa thupeng e le hore a thabise Jehova. Ka tsela e tshwanang, le rona e le hore re thabise Jehova re lokela ho ikemisetsa hore re tlohele dintho tseo a di hloileng. Haeba re etsa jwalo re tla ba le letswalo le se nang molato le ho ba le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng. (Joh. 17:3; 1 Pet. 3:21) Re lokela ho hopola hore Jehova a ke ke a fetola melao ya hae e le hore feela a re thabise. Ho ena le hoo, re lokela ho fetola tsela eo re leng ka yona mme re mamele melao ya hae.​—Esa. 1:16-18; 55:9.

16. Ke hobaneng ha o lokela ho dula o lwantsha ditakatso tse fosahetseng?

16 Dula o lwantsha ditakatso tse fosahetseng. Le ka mora hore o kolobetswe, o lokela ho tswela pele ho qoba dintho tse fosahetseng. A re bueng ka pale ya Maurício. Ha e ntse e le motjha, o ile a qala ho ratana le batho ba bong bo tshwanang le ba hae. Ha nako e ntse e ya, o ile a kopana le Dipaki Tsa Jehova mme a qala ho ithuta Bibele le tsona. Ka mora hore a etse diphetoho bophelong ba hae, o ile a kolobetswa ka selemo sa 2002. Le hoja Morabo rona Maurício a se a sebeleditse Jehova ka dilemo tse ngata, o re: “Ke a dumela hore ka dinako tse ding ke ile ka nna ka tlameha ho lwantsha ditakatso tse mpe.” Ha a ka a dumella hore sena se mo nyahamise. Ho ena le hoo o re: “Ke kgothatswa ke ho tseba hore ha ke kgetha ho se latele ditakatso tseo ke thabisa Jehova.” *

17. Keng e o kgothatsang ka se ileng sa etsahalla Moradiwabo rona Nabiha?

17 Kopa hore Jehova a o thuse mme o itshetlehe ka moya wa hae eseng ka matla a hao. (Bagal. 5:22; Bafil. 4:6) Re tlameha ho sebetsa ka thata haeba re batla ho hlobola botho ba rona ba kgale le hore bo dule bo le siyo. Nahana ka se ileng sa etsahalla Nabiha. Ntate wa hae o ile a mo tlohela ha a le dilemo tse tsheletseng feela. O re: “Sena se ile sa nthefula maikutlo mme ka utlwa bohloko haholo.” Ha Nabiha a ntse a hola, o ne a le bohale mme a kwata kapele. O ile a qala ho rekisa dithethefatsi, a tshwarwa mme a qeta dilemo tse mmalwa teronkong. Dipaki tse ding tse neng di etetse teronkong di ile tsa qala ho ithuta Bibele le yena. Nabiha o ile a qala ho etsa diphetoho tse kgolo. O re: “Ho ile ha eba bonolo hore ke tlohele e meng ya mekgwa ya ka e mebe. Empa ho tlohela ho tsuba e ne e le taba e nngwe.” Nabiha o ile a eba le bothata bona nako e fetang selemo mme ha nako e ntse e ya o ile a kgona ho kgaotsa ho tsuba. O kgonne ho hlola bothata boo jwang? O re: “Ka hodima tsohle, ho rapela Jehova ke sa phetse ke hona ho ileng ha nthusa ho tlohela kwae.” Hona jwale ha a bolella batho ba bang o re: “Ke kgodisehile hore haeba ke kgonne ho etsa diphetoho e le hore ke thabise Jehova ha ho na motho ya ka hlolehang ho etsa jwalo!” *

O KA KGONA HO KOLOBETSWA!

18. Ho ya ka 1 Bakorinthe 6:9-11, keng eo bahlanka ba bangata ba Modimo ba kgonneng ho e etsa?

18 Mehleng ya baapostola, batho bao Jehova a neng a ba kgethile hore ba ilo busa le Kreste ba ne ba ile ba etsa dintho tse mpe haholo. Ka mohlala, e ne e le bafebi, e le banna ba robalang le banna ba bang ebile e le mashodu. Le ha ho le jwalo, Jehova o ile a ba thusa ka moya wa hae o halalelang hore ba fetole botho ba bona. (Bala 1 Bakorinthe 6:9-11.) Ka ho tshwanang, le kajeno Bibele e thusitse batho ba bangata hore ba fetole bophelo ba bona. * Ba ile ba kgona ho tlohela dintho tse mpe tseo ba neng ba di etsa le hoja ho ne ho le thata ho etsa jwalo. Mohlala wa bona o a bontsha hore le wena o ka kgona ho fetola botho ba hao le ho tlohela mekgwa e mebe e le hore o ka kgona ho kolobetswa.

19. Re tlo ithutang sehloohong se latelang?

19 Ho hlokahala hore motho a sebetse ka thata e le hore a hlobole botho ba kgale. Ka ho tshwanang, motho ya batlang ho kolobetswa o lokela ho sebetsa ka thata e le hore a apare botho bo botjha. Sehlooho se latelang se tla re thusa ho bona hore na ke jwang re ka etsang sena le hore na ba bang ba ka re thusa jwang.

PINA YA 41 Ka Kopo, Utlwa Thapelo ya Ka

^ Re lokela ho ikemisetsa ho etsa diphetoho bophelong ba rona hore re kgone ho kolobetswa. Sehlooho sena se tlo re thusa ho utlwisisa hore na botho ba kgale ke bo jwang, ke hobaneng ha re lokela ho bo hlobola le hore na re ka bo hlobola jwang. Sehlooho se latelang se tla re thusa ho bona hore na re ka tswela pele re apere botho bo botjha jwang le ka mora hore re kolobetswe.

^ TLHALOSO: Ho ‘hlobola botho ba kgale’ ho bolela ho tlohela ho nahana le ho etsa dintho tse sa thabiseng Jehova. Re lokela ho tlohela dintho tsena pele re kolobetswa.​—Baef. 4:22.

^ Bala sehlooho se reng, “Bibele e Fetola Batho​—‘Ke ne ke Hloka ho Kgutlela ho Jehova,’” se hlahang ho Molula-Qhooa wa April 1, 2012 e le hore o fumane dintlha tse ding.

^ Bala sehlooho se reng, “Bibele e Fetola Batho​—‘Ba ne ba le Mosa Haholo ho Nna,’” se hlahang ho Molula-Qhooa wa May 1, 2012 e le hore o fumane dintlha tse ding.

^ Bala sehlooho se reng, “Bibele e Fetola Batho​—‘Ke Ile ka ba Ngwanana ya Halefileng le ya Ratang Ntwa,’” se hlahang ho Molula-Qhooa wa October 1, 2012 e le hore o fumane dintlha tse ding.

^ Sheba lebokose le reng, “ Bibele e Fetola Batho.”

^ DITSHWANTSHO: Ho tlohela dintho tse mpe tseo re di etsang ho tshwana le ho hlobola seaparo sa kgale.