Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 11

Tsoela Pele U Apara “Botho bo Bocha” le ka Mor’a Hore U Kolobetsoe

Tsoela Pele U Apara “Botho bo Bocha” le ka Mor’a Hore U Kolobetsoe

“Le ikapese botho bo bocha.”​—BAKOL. 3:10.

PINA EA 49 Re Thabise Jehova

SEO RE TL’O ITHUTA SONA *

1. Ke’ng e ka sehloohong e susumetsang botho ba rona?

 HO SA tsotellehe hore na re na le nako e kae re kolobelitsoe, kaofela ha rona re batla hore re be le botho boo Jehova a bo ratang. E le hore re be le botho boo, re lokela ho laola tsela eo re nahanang ka eona. Hobane’ng? Hobane ntho e ka sehloohong e susumetsang botho ba rona ke tsela eo re nahanang ka eona. Haeba re lula re nahana ka hore na ke joang re ka ikhotsofatsang, re tla bua le ho etsa lintho tse fosahetseng. (Baef. 4:17-19) Empa haeba re lula re nahana ka lintho tse nepahetseng, re ka bua le ho etsa lintho tse tla thabisa Ntate oa rona Jehova.​—Bagal. 5:16.

2. Re tl’o araba lipotso life sehloohong see?

2 Re ithutile sehloohong se fetileng hore re ke ke ra khona ho khaotsa ho nahana ka lintho tse mpe ka ho felletseng empa re ka khetha hore re se ke ra etsa lintho tseo. Pele re kolobetsoa, re lokela ho tlohela ho bua le ho etsa lintho tseo Jehova a li hloileng. Ena ke ntho ea pele ebile e le ea bohlokoa eo re ka e etsang e le hore re hlobole botho ba khale. Leha ho le joalo, e le hore re thabise Jehova, re lokela hore re mamele taelo ena e reng: “Le ikapese botho bo bocha.” (Bakol. 3:10) Sehloohong sena, re tla araba lipotso tsena tse latelang: “Botho bo bocha” ke bo joang? Ke joang re ka aparang botho bo bocha ’me re lule re bo apere?

“BOTHO BO BOCHA” KE BO JOANG?

3. Ho ea ka Bagalata 5:22, 23, “botho bo bocha” ke bo joang, hona motho a ka bo apara joang?

3 Motho ea nang le “botho bo bocha” o etsisa Jehova. O apara botho bo bocha ka hore a be le litholoana tsa moea oa Molimo ’me o lumella moea o halalelang hore o susumetse tsela eo a nahanang ka eona, a ikutloang ka eona le ho etsa lintho ka eona. (Bala Bagalata 5:22, 23.) Ka mohlala, motho ea nang le botho bo bocha o rata Jehova le bahlanka ba Hae. (Mat. 22:36-39) O lula a thabile leha a e-na le mathata. (Jak. 1:2-4) Ke motho ea phehellang khotso. (Mat. 5:9) O mamella batho ba bang ebile o ba bontša mosa. (Bakol. 3:13) O rata se nepahetseng ebile oa se etsa. (Luka 6:35) O bontša ka tsela eo a etsang lintho ka eona hore o na le tumelo e matla ho Ntate oa hae ea leholimong. (Jak. 2:18) O lula a khobile matšoafo ha ba bang ba mo koatisa ’me o bontša boitšoaro ha a lekeha.​—1 Bakor. 9:25, 27; Tite 3:2.

4. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba le makhabane ‘ohle a hlahang ho Bagalata 5:22, 23 le litemaneng tse ling e le hore re apare botho bo bocha?

4 E le hore re apare botho bo bocha, re lokela ho ba le makhabane ’ohle a hlahang ho Bagalata 5:22, 23 le litemaneng tse ling. * Makhabane ana ha a tšoane le seaparo seo u tla lokela ho apara se le seng ka nako empa u lokela ho ba le ’ona kaofela. Ha e le hantle, makhabane ana aa tsamaisana. Ka mohlala, haeba u rata moahelani oa hao u tla khona ho mo mamella le ho mo bontša mosa. Hape e le hore u be motho ea molemo, u lokela ho ba bonolo ’me u be le boitšoaro.

RE KA APARA BOTHO BO BOCHA JOANG?

Ha re ntse re tsoela pele re nahana joaloka Jesu, ho tla ba bonolo hore re etsise botho ba hae (Sheba serapa sa 5, 8, 10, 12 le 14)

5. Ho ba le “kelello ea Kreste” ho bolela’ng, hona ke hobane’ng ha re lokela ho ithuta ka Jesu? (1 Bakorinthe 2:16)

5 Bala 1 Bakorinthe 2:16. E le hore re apare botho bo bocha, re lokela ho ba le “kelello ea Kreste.” Ka mantsoe a mang, re lokela ho ithuta hore na Jesu o nahana joang ’me re mo etsise. O ile a bontša litholoana tsa moea oa Molimo ka ho felletseng. Hape o ne a khona ho bontša makhabane a Jehova hantle feela joalokaha seipone se sa senyehang se khona ho etsa hore motho a ipone hantle. (Baheb. 1:3) Ha re ntse re tsoela pele ho nahana ka tsela eo Jesu a nahanang ka eona, re tla khona ho etsa lintho joaloka eena le ho etsisa botho ba hae.​—Bafil. 2:5.

6. Re lokela ho hopola’ng ha re ntse re leka ho apara botho bo bocha?

6 Na ho ka khonahala hore re etsise Jesu? U ka ’na oa re: ‘Jesu o phethahetse kahoo nke ke ka khona ho mo etsisa ka ho felletseng!’ Haeba u ikutloa ka tsela eo, hopola lintlha tsena tse latelang. Ea pele, Jehova o u bopile ka tsela e tla etsa hore u khone ho tšoana le eena le Jesu. Kahoo u ka khona ho ba etsisa ’me oa tšoana le bona ho ea boholeng bo itseng. (Gen. 1:26) Ea bobeli, moea oa Molimo o matla ka ho fetisisa. O ka u thusa hore u etse ntho leha e le efe eo u neng u ke ke oa khona ho e etsa. Ea boraro, Jehova ha a lebella hore re bontše litholoana tsa moea ka ho phethahetseng hona joale. Ntate oa rona ea lerato o tla fa batho ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng lilemo tse sekete ho ba thusa hore ba phethahale. (Tšen. 20:1-3) Ntho eo Jehova a e hlokang ho rona hona joale ke hore re etse sohle seo re ka se khonang le ho mo tšepa hore o tla re thusa.

7. Re tl’o bua ka’ng?

7 Re ka etsisa Jesu joang? Re tl’o bua ka makhabane a mane ao moea oa Molimo o etsa’ng hore re be le ’ona. Re tla bona hore na re ka ithuta’ng tseleng eo Jesu a neng a bontša makhabane ana ka eona. Hape re tla bua ka tse ling tsa lipotso tse tla re thusa ho bona hore na ke joang re ka ntlafatsang botho ba rona bo bocha.

8. Jesu o ile a bontša joang hore oa re rata?

8 Kaha Jesu o rata Jehova haholo, o ile a itella eena hammoho le rona. (Joh. 14:31; 15:13) Tsela eo Jesu a neng a phela ka eona ha a ne a le lefatšeng e ile ea bontša hore o rata batho haholo. Kamehla o ne a bontša batho lerato ebile a ba qenehela le hoja ba bang ba ne ba mo hanyetsa. Ntho e ka sehloohong e neng e bontša hore Jesu o rata batho ke ka ho ba ruta ka ’Muso oa Molimo. (Luka 4:43, 44) Jesu o ile a boela a bontša hore o rata Molimo le batho ka hore a ikemisetse ho utloisoa bohloko le ho bolaoa ke baetsalibe. Ka ho etsa joalo, o re thusitse hore re be le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng.

9. Ke joang re ka bontšang lerato joaloka Jesu?

9 Re ile ra inehela ho Jehova le ho kolobetsoa hobane re mo rata. Kahoo joaloka Jesu, re lokela ho bontša hore re rata Jehova ka tsela eo re tšoarang batho ka eona. Moapostola Johanne o ile a re: “Ea sa rateng mor’abo, eo a mo boneng, a ke ke a rata Molimo, eo a e-s’o mo bone.” (1 Joh. 4:20) U ka ’na oa ipotsa: ‘Na ke se ke rata batho haholo? Na ke utloela batho ba bang bohloko le hoja ba sa ntšoare hantle? Na lerato le ntšusumetsa hore ke sebelise nako le lintho tseo ke nang le tsona ho thusa batho hore ba ithute ka Jehova? Na ke ikemiselitse ho etsa joalo leha batho ba bangata ba sa ananele boiteko boo ke bo etsang kapa ba nkhanyetsa? Na ke batla litsela tsa ho qeta nako e ngata ke ruta batho ba bang Bibele?’​—Baef. 5:15, 16.

10. Ke joang re ka reng Jesu o ne a etsa khotso le batho ba bang?

10 Jesu o ne a etsa khotso le batho. Ha batho ba ne ba mo tšoara hampe, o ne a sa iphetetse. O ile a ikemisetsa ho etsa khotso le batho le ho ba khothalletsa hore ba lokise litaba le ba bang. Ka mohlala, o ile a ba ruta hore ba lokela ho etsa khotso le Bakreste-’moho haeba ba batla hore Jehova a amohele tšebeletso ea bona. (Mat. 5:9, 23, 24) Hape o ile a thusa baapostola ba hae ka makhetlo hore ba khaotse ho ngangisana ka hore na ke mang e moholo har’a bona.​—Luka 9:46-48; 22:24-27.

11. Re ka ba batho ba etsang khotso joang?

11 Ho ba motho ea etsang khotso ha ho bolele feela ho qoba ho qabana le ba bang. Re lokela ho etsa khotso le batho ba bang le ho khothalletsa bara le barali babo rona hore ba lokise litaba le ba bang. (Bafil. 4:2, 3; Jak. 3:17, 18) Re ka ipotsa lipotso tsena: ‘Ke’ng eo ke ikemiselitseng ho e tela e le hore ke etse khotso le batho ba bang? Haeba mora kapa morali oabo rona a nkutloisitse bohloko, na ke lula ke mo koatetse? Na ke emela motho e mong hore a tle ho ’na hore re tl’o etsa khotso kapa na ke etsa boiteko ba hore ke ee ho eena le hoja ke nahana hore ke eena ea phoso? Na ha ho loketse ke khothalletsa batho ba qabaneng hore ba etse khotso?’

12. Jesu o ile a bontša batho ba bang mosa joang?

12 Jesu o ne a le mosa. (Mat. 11:28-30) O ne a bontša batho ba bang mosa ka hore a ba nahanele esita le tlas’a maemo a thata. Ka mohlala, ha mosali oa Mofoenisia a ne a mo kopa hore a folise ngoana oa hae, o ile a bua le eena ka tsela e mosa. Qalong Jesu ha aa ka a etsa ntho eo a neng a e kopa empa mosali eo o ile a bontša tumelo e matla eaba Jesu o folisa ngoana oa hae. (Mat. 15:22-28) Le hoja Jesu a ne a le mosa, ha aa ka a qoba ho fana ka keletso. Ka linako tse ling, o ne a bontša mosa ka hore a tobe taba ha a khalemela batho bao a ba ratang. Ka mohlala, ha Petrose a ne a leka ho thibela Jesu ho etsa thato ea Jehova, Jesu o ile a mo khalemela ka pel’a barutuoa ba bang. (Mar. 8:32, 33) Ha aa ka a etsa sena hobane a ne a batla ho hlabisa Petrose lihlong empa o ne a batla ho mo koetlisa le ho thusa barutuoa ba bang hore ba se ke ba iketelletsa pele. Ha ho pelaelo hore Petrose o ile a soaba empa khalemelo eo e ile ea mo thusa.

13. Ke joang re ka bontšang batho ba bang mosa?

13 E le hore u bontše batho bao u ba ratang mosa, ka linako tse ling ho ka ’na ha hlokahala hore u tobe taba ha u ba eletsa. U lokela ho etsisa Jesu ha u ba eletsa ka hore u sebelise melao-motheo e hlahang Lentsoeng la Molimo ’me u ba nahanele. U lokela ho lumela hore ba batla ho etsa se nepahetseng le ho tšepa hore kaha ba rata Jehova ebile le uena baa u rata, ba tla mamela keletso eo u ba fang eona. Ipotse lipotso tsena: ‘Na ke bontša sebete ka hore ke bue ha ke bona motho eo ke mo ratang a etsa ntho e fosahetseng? Haeba ke hloka ho fa motho keletso, na ke bua ka tsela e mosa kapa ke bua ka tsela e sa nahaneleng? Lebaka la hore ke fane ka keletso ke lefe? Na ke fa motho keletso hobane a ntena kapa hobane ke batla ho mo thusa?’

14. Jesu o ile a bontša joang hore o molemo?

14 Jesu o tseba se molemo ebile oa se etsa. O rata Ntate oa hae, kahoo o lula a etsa se nepahetseng ka lebaka le nepahetseng. Motho ea molemo o lula a batla litsela tsa ho thusa le ho etsetsa batho ba bang lintho tse molemo. Ha hoa lekana ho tseba hore na ntho e nepahetseng ke efe empa re tlameha ho e etsa ka lebaka le nepahetseng. Motho e mong a ka ’na a ipotsa: ‘Na ke ntho e ka khonehang hore motho a etse ntho e nepahetseng ka lebaka le fosahetseng?’ Ho joalo. Ka mohlala, Jesu o ile a bua ka batho ba fang batho ba futsanehileng limpho ebe ba etsa bonnete ba hore batho ba bang ba tseba ka limpho tseo ba faneng ka tsona e le hore ba ba rorise. Le hoja ba ne ba etsa hantle ka hore ba fane, Jehova ha aa ka a thabisoa ke seo.​—Mat. 6:1-4.

15. Ke joang re ka bang batho ba molemo?

15 Re ka khona ho ba batho ba molemo haeba re etsa lintho tse nepahetseng ka mabaka a nepahetseng. U lokela ho ipotsa: ‘Na ha ke tseba hore na se nepahetseng ke sefe kea se etsa? Lebaka la ka la ho etsa lintho tse molemo ke lefe?’

KE JOANG BOTHO BA RONA BO BOCHA BO KA LULANG BO LE MAEMONG A MATLE?

16. Ke’ng eo re lokelang ho e etsa letsatsi le letsatsi, hona hobane’ng?

16 Ha rea lokela ho nahana hore ka mor’a hore re kolobetsoe re se re qetile ho apara botho bo bocha le hore ha ho sa hlokahala hore re bo nchafatse. Botho bo bocha bo tšoana le seaparo se secha seo re hlokang ho lula re se hlokomela. Tsela e ’ngoe eo re ka etsang sena ka eona ke ka hore letsatsi le letsatsi re batle litsela tsa ho bontša litholoana tsa moea oa Molimo. Hobane’ng? Hobane Jehova o khona ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ebile moea oa hae o halalelang o matla. (Gen. 1:2) Kahoo, litholoana tsa moea li ka re susumelletsa hore re etse ho hong. Ka mohlala, morutuoa Jakobo o ile a re: “Tumelo e se nang mesebetsi e shoele.” (Jak. 2:26) Litholoana tse ling tsa moea oa Molimo le tsona li ka re susumelletsa hore re etse ho hong. Kamehla ha re bontša litholoana tsa moea, sena se bontša hore moea oa Molimo oa re thusa.

17. Re lokela ho etsa’ng haeba re hloleha ho bontša litholoana tsa moea?

17 Bakreste bao e seng e le nako ba kolobelitsoe le bona ka linako tse ling ba ka hloleha ho bontša litholoana tsa moea. Leha ho le joalo, ke habohlokoa hore re se ke ra tela. Nahana ka mohlala ona, haeba u tabotse seaparo sa hao seo u se ratang na u ka se lahla hang-hang? Che. Maemong a mangata u tla leka hore u se lokise haeba ho khonahala, ka mor’a moo u tla etsa bonnete ba hore oa se baballa. Ka tsela e tšoanang, u se ke oa nyahama haeba ka linako tse ling u hloleha ho bontša motho e mong lerato, mosa kapa ho mo mamella. Haeba u kopa tšoarelo ho tloha pelong, sena se ka etsa hore le lule le le metsoalle. Ikemisetse ho etsa lintho hantle nakong e tlang.

18. Re ka kholiseha ka’ng?

18 Re ananela mohlala oo Jesu a re behetseng oona. Ha re ntse re etsisa tsela eo a nahanang ka eona, ho tla ba bonolo hore re etse lintho joaloka eena. Hape haeba re etsa lintho joaloka Jesu, ho tla ba bonolo hore re lule re apere botho bo bocha. Sehloohong sena re buile ka litholoana tse ’nè feela tsa moea oa Molimo. E ka ba hantle hore u iphe nako ea ho hlahloba tse ling tsa litholoana tsena tsa moea oa Molimo e le ho bona hore na u ka ntlafatsa hokae. U ka fumana lihlooho tse buang ka litholoana tsa moea ho Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova tlas’a sehlooho se reng, “Bophelo ba Bokreste” ebe u ea ho “Tholoana Tsa Moea.” U ka kholiseha hore Jehova o tla u thusa haeba u leka ho apara botho bo bocha ebile u lula u bo apere.

PINA EA 127 Ke Lokela ho ba Motho ea Joang?

^ Re ka khona ho apara “botho bo bocha” ho sa tsotellehe hore na re holisitsoe joang. Re ka etsa seo ka hore re tsoele pele ho fetola tsela eo re nahanang ka eona ’me re leke ho etsisa Jesu. Sehloohong sena, re tl’o ithuta kamoo Jesu a neng a nahana le ho etsa lintho kateng. Re tla boela re bone hore na ke joang re ka tsoelang pele re mo etsisa le ka mor’a hore re kolobetsoe.

^ Bagalata 5:22, 23 ha e bue ka makhabane ’ohle ao moea oa Molimo o ka re thusang hore re be le ’ona. Sheba sehlooho se reng, “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” ho Molula-Qhooa oa June 2020 e le hore u fumane lintlha tse ling.