Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 11

Tswela Pele o Apara “Botho bo Botjha” le ka Mora Hore o Kolobetswe

Tswela Pele o Apara “Botho bo Botjha” le ka Mora Hore o Kolobetswe

“Le ikapese botho bo botjha.”​—BAKOL. 3:10.

PINA YA 49 Ho Thabisa Pelo ya Jehova

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Keng e ka sehloohong e susumetsang botho ba rona?

 HO SA tsotellehe hore na re na le nako e kae re kolobeditswe, kaofela ha rona re batla hore re be le botho boo Jehova a bo ratang. E le hore re be le botho boo, re lokela ho laola tsela eo re nahanang ka yona. Hobaneng? Hobane ntho e ka sehloohong e susumetsang botho ba rona ke tsela eo re nahanang ka yona. Haeba re dula re nahana ka hore na ke jwang re ka ikgotsofatsang, re tla bua le ho etsa dintho tse fosahetseng. (Baef. 4:​17-19) Empa haeba re dula re nahana ka dintho tse nepahetseng, re ka bua le ho etsa dintho tse tla thabisa Ntate wa rona Jehova.​—Bagal. 5:16.

2. Re tlo araba dipotso dife sehloohong see?

2 Re ithutile sehloohong se fetileng hore re ke ke ra kgona ho kgaotsa ho nahana ka dintho tse mpe ka ho felletseng empa re ka kgetha hore re se ke ra etsa dintho tseo. Pele re kolobetswa, re lokela ho tlohela ho bua le ho etsa dintho tseo Jehova a di hloileng. Ena ke ntho ya pele ebile e le ya bohlokwa eo re ka e etsang e le hore re hlobole botho ba kgale. Le ha ho le jwalo, e le hore re thabise Jehova, re lokela hore re mamele taelo ena e reng: “Le ikapese botho bo botjha.” (Bakol. 3:​10) Sehloohong sena, re tla araba dipotso tsena tse latelang: “Botho bo botjha” ke bo jwang? Ke jwang re ka aparang botho bo botjha mme re dule re bo apere?

“BOTHO BO BOTJHA” KE BO JWANG?

3. Ho ya ka Bagalata 5:​22, 23, “botho bo botjha” ke bo jwang, hona motho a ka bo apara jwang?

3 Motho ya nang le “botho bo botjha” o etsisa Jehova. O apara botho bo botjha ka hore a be le ditholwana tsa moya wa Modimo mme o dumella moya o halalelang hore o susumetse tsela eo a nahanang ka yona, a ikutlwang ka yona le ho etsa dintho ka yona. (Bala Bagalata 5:​22, 23.) Ka mohlala, motho ya nang le botho bo botjha o rata Jehova le bahlanka ba Hae. (Mat. 22:​36-39) O dula a thabile le ha a ena le mathata. (Jak. 1:​2-4) Ke motho ya phehellang kgotso. (Mat. 5:9) O mamella batho ba bang ebile o ba bontsha mosa. (Bakol. 3:​13) O rata se nepahetseng ebile o a se etsa. (Luka 6:​35) O bontsha ka tsela eo a etsang dintho ka yona hore o na le tumelo e matla ho Ntate wa hae ya lehodimong. (Jak. 2:​18) O dula a kgobile matshwafo ha ba bang ba mo kwatisa mme o bontsha boitshwaro ha a lekeha.​—1 Bakor. 9:​25, 27; Tite 3:2.

4. Ke hobaneng ha re lokela ho ba le makgabane ohle a hlahang ho Bagalata 5:​22, 23 le ditemaneng tse ding e le hore re apare botho bo botjha?

4 E le hore re apare botho bo botjha, re lokela ho ba le makgabane ohle a hlahang ho Bagalata 5:​22, 23 le ditemaneng tse ding. * Makgabane ana ha a tshwane le seaparo seo o tla lokela ho apara se le seng ka nako empa o lokela ho ba le ona kaofela. Ha e le hantle, makgabane ana a a tsamaisana. Ka mohlala, haeba o rata moahelani wa hao o tla kgona ho mo mamella le ho mo bontsha mosa. Hape e le hore o be motho ya molemo, o lokela ho ba bonolo mme o be le boitshwaro.

RE KA APARA BOTHO BO BOTJHA JWANG?

Ha re ntse re tswela pele re nahana jwalo ka Jesu, ho tla ba bonolo hore re etsise botho ba hae (Sheba serapa sa 5, 8, 10, 12 le 14)

5. Ho ba le “kelello ya Kreste” ho bolelang, hona ke hobaneng ha re lokela ho ithuta ka Jesu? (1 Bakorinthe 2:16)

5 Bala 1 Bakorinthe 2:​16. E le hore re apare botho bo botjha, re lokela ho ba le “kelello ya Kreste.” Ka mantswe a mang, re lokela ho ithuta hore na Jesu o nahana jwang mme re mo etsise. O ile a bontsha ditholwana tsa moya wa Modimo ka ho felletseng. Hape o ne a kgona ho bontsha makgabane a Jehova hantle feela jwalo ka ha seipone se sa senyehang se kgona ho etsa hore motho a ipone hantle. (Baheb. 1:3) Ha re ntse re tswela pele ho nahana ka tsela eo Jesu a nahanang ka yona, re tla kgona ho etsa dintho jwalo ka yena le ho etsisa botho ba hae.​—Bafil. 2:5.

6. Re lokela ho hopolang ha re ntse re leka ho apara botho bo botjha?

6 Na ho ka kgonahala hore re etsise Jesu? O ka nna wa re: ‘Jesu o phethahetse ka hoo nke ke ka kgona ho mo etsisa ka ho felletseng!’ Haeba o ikutlwa ka tsela eo, hopola dintlha tsena tse latelang. Ya pele, Jehova o o bopile ka tsela e tla etsa hore o kgone ho tshwana le yena le Jesu. Ka hoo o ka kgona ho ba etsisa mme wa tshwana le bona ho ya boholeng bo itseng. (Gen. 1:​26) Ya bobedi, moya wa Modimo o matla ka ho fetisisa. O ka o thusa hore o etse ntho le ha e le efe eo o neng o ke ke wa kgona ho e etsa. Ya boraro, Jehova ha a lebella hore re bontshe ditholwana tsa moya ka ho phethahetseng hona jwale. Ntate wa rona ya lerato o tla fa batho ba nang le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng lefatsheng dilemo tse sekete ho ba thusa hore ba phethahale. (Tšen. 20:​1-3) Ntho eo Jehova a e hlokang ho rona hona jwale ke hore re etse sohle seo re ka se kgonang le ho mo tshepa hore o tla re thusa.

7. Re tlo bua kang?

7 Re ka etsisa Jesu jwang? Re tlo bua ka makgabane a mane ao moya wa Modimo o etsang hore re be le ona. Re tla bona hore na re ka ithutang tseleng eo Jesu a neng a bontsha makgabane ana ka yona. Hape re tla bua ka tse ding tsa dipotso tse tla re thusa ho bona hore na ke jwang re ka ntlafatsang botho ba rona bo botjha.

8. Jesu o ile a bontsha jwang hore o a re rata?

8 Ka ha Jesu o rata Jehova haholo, o ile a itella yena ha mmoho le rona. (Joh. 14:​31; 15:​13) Tsela eo Jesu a neng a phela ka yona ha a ne a le lefatsheng e ile ya bontsha hore o rata batho haholo. Ka mehla o ne a bontsha batho lerato ebile a ba qenehela le hoja ba bang ba ne ba mo hanyetsa. Ntho e ka sehloohong e neng e bontsha hore Jesu o rata batho ke ka ho ba ruta ka Mmuso wa Modimo. (Luka 4:​43, 44) Jesu o ile a boela a bontsha hore o rata Modimo le batho ka hore a ikemisetse ho utlwiswa bohloko le ho bolawa ke baetsadibe. Ka ho etsa jwalo, o re thusitse hore re be le monyetla wa ho phela ka ho sa feleng.

9. Ke jwang re ka bontshang lerato jwalo ka Jesu?

9 Re ile ra inehela ho Jehova le ho kolobetswa hobane re mo rata. Ka hoo jwalo ka Jesu, re lokela ho bontsha hore re rata Jehova ka tsela eo re tshwarang batho ka yona. Moapostola Johanne o ile a re: “Ya sa rateng morabo, eo a mo boneng, a ke ke a rata Modimo, eo a eso mo bone.” (1 Joh. 4:​20) O ka nna wa ipotsa: ‘Na ke se ke rata batho haholo? Na ke utlwela batho ba bang bohloko le hoja ba sa ntshware hantle? Na lerato le ntshusumetsa hore ke sebedise nako le dintho tseo ke nang le tsona ho thusa batho hore ba ithute ka Jehova? Na ke ikemiseditse ho etsa jwalo le ha batho ba bangata ba sa ananele boiteko boo ke bo etsang kapa ba nkganyetsa? Na ke batla ditsela tsa ho qeta nako e ngata ke ruta batho ba bang Bibele?’​—Baef. 5:​15, 16.

10. Ke jwang re ka reng Jesu o ne a etsa kgotso le batho ba bang?

10 Jesu o ne a etsa kgotso le batho. Ha batho ba ne ba mo tshwara hampe, o ne a sa iphetetse. O ile a ikemisetsa ho etsa kgotso le batho le ho ba kgothalletsa hore ba lokise ditaba le ba bang. Ka mohlala, o ile a ba ruta hore ba lokela ho etsa kgotso le Bakrestemmoho haeba ba batla hore Jehova a amohele tshebeletso ya bona. (Mat. 5:​9, 23, 24) Hape o ile a thusa baapostola ba hae ka makgetlo hore ba kgaotse ho ngangisana ka hore na ke mang e moholo hara bona.​—Luka 9:​46-48; 22:​24-27.

11. Re ka ba batho ba etsang kgotso jwang?

11 Ho ba motho ya etsang kgotso ha ho bolele feela ho qoba ho qabana le ba bang. Re lokela ho etsa kgotso le batho ba bang le ho kgothalletsa bara le baradibabo rona hore ba lokise ditaba le ba bang. (Bafil. 4:​2, 3; Jak. 3:​17, 18) Re ka ipotsa dipotso tsena: ‘Keng eo ke ikemiseditseng ho e tela e le hore ke etse kgotso le batho ba bang? Haeba mora kapa moradiwabo rona a nkutlwisitse bohloko, na ke dula ke mo kwatetse? Na ke emela motho e mong hore a tle ho nna hore re tlo etsa kgotso kapa na ke etsa boiteko ba hore ke ye ho yena le hoja ke nahana hore ke yena ya phoso? Na ha ho loketse ke kgothalletsa batho ba qabaneng hore ba etse kgotso?’

12. Jesu o ile a bontsha batho ba bang mosa jwang?

12 Jesu o ne a le mosa. (Mat. 11:​28-30) O ne a bontsha batho ba bang mosa ka hore a ba nahanele esita le tlasa maemo a thata. Ka mohlala, qalong ha mosadi wa Mofoenisia a ne a kopa Jesu hore a fodise ngwana wa hae ha a ka a dumela empa mosadi eo o ile a bontsha tumelo e matla yaba Jesu o fodisa ngwana wa hae. (Mat. 15:​22-28) Le hoja Jesu a ne a le mosa, ha a ka a qoba ho fana ka keletso. Ka dinako tse ding, o ne a bontsha mosa ka hore a tobe taba ha a kgalemela batho bao a ba ratang. Ka mohlala, ha Petrose a ne a leka ho thibela Jesu ho etsa thato ya Jehova, Jesu o ile a mo kgalemela ka pela barutuwa ba bang. (Mar. 8:​32, 33) Ha a ka a etsa sena hobane a ne a batla ho hlabisa Petrose dihlong empa o ne a batla ho mo kwetlisa le ho thusa barutuwa ba bang hore ba se ke ba iketelletsa pele. Ha ho pelaelo hore Petrose o ile a swaba empa kgalemelo eo e ile ya mo thusa.

13. Ke jwang re ka bontshang batho ba bang mosa?

13 E le hore o bontshe batho bao o ba ratang mosa, ka dinako tse ding ho ka nna ha hlokahala hore o tobe taba ha o ba eletsa. O lokela ho etsisa Jesu ha o ba eletsa ka hore o sebedise melaomotheo e hlahang Lentsweng la Modimo mme o ba nahanele. O lokela ho dumela hore ba batla ho etsa se nepahetseng le ho tshepa hore ka ha ba rata Jehova ebile le wena ba a o rata, ba tla mamela keletso eo o ba fang yona. Ipotse dipotso tsena: ‘Na ke bontsha sebete ka hore ke bue ha ke bona motho eo ke mo ratang a etsa ntho e fosahetseng? Haeba ke hloka ho fa motho keletso, na ke bua ka tsela e mosa kapa ke bua ka tsela e sa nahaneleng? Lebaka la hore ke fane ka keletso ke lefe? Na ke fa motho keletso hobane a ntena kapa hobane ke batla ho mo thusa?’

14. Jesu o ile a bontsha jwang hore o molemo?

14 Jesu o tseba se molemo ebile o a se etsa. O rata Ntate wa hae, ka hoo o dula a etsa se nepahetseng ka lebaka le nepahetseng. Motho ya molemo o dula a batla ditsela tsa ho thusa le ho etsetsa batho ba bang dintho tse molemo. Ha ho a lekana ho tseba hore na ntho e nepahetseng ke efe empa re tlameha ho e etsa ka lebaka le nepahetseng. Motho e mong a ka nna a ipotsa: ‘Na ke ntho e ka kgonehang hore motho a etse ntho e nepahetseng ka lebaka le fosahetseng?’ Ho jwalo. Ka mohlala, Jesu o ile a bua ka batho ba fang batho ba futsanehileng dimpho ebe ba etsa bonnete ba hore batho ba bang ba tseba ka dimpho tseo ba faneng ka tsona e le hore ba ba rorise. Le hoja ba ne ba etsa hantle ka hore ba fane, Jehova ha a ka a thabiswa ke seo.​—Mat. 6:​1-4.

15. Ke jwang re ka bang batho ba molemo?

15 Re ka kgona ho ba batho ba molemo haeba re etsa dintho tse nepahetseng ka mabaka a nepahetseng. O ka nna wa ipotsa: ‘Na ha ke tseba hore na se nepahetseng ke sefe ke a se etsa? Lebaka la ka la ho etsa dintho tse molemo ke lefe?’

KE JWANG BOTHO BA RONA BO BOTJHA BO KA DULANG BO LE MAEMONG A MATLE?

16. Keng eo re lokelang ho e etsa letsatsi le letsatsi, hona hobaneng?

16 Ha re a lokela ho nahana hore ka mora hore re kolobetswe re se re qetile ho apara botho bo botjha le hore ha ho sa hlokahala hore re bo ntjhafatse. Botho bo botjha bo tshwana le seaparo se setjha seo re hlokang ho dula re se hlokomela. Tsela e nngwe eo re ka etsang sena ka yona ke ka hore letsatsi le letsatsi re batle ditsela tsa ho bontsha ditholwana tsa moya wa Modimo. Hobaneng? Hobane Jehova o kgona ho etsa ntho e nngwe le e nngwe ebile moya wa hae o halalelang o matla. (Gen. 1:2) Ka hoo, ditholwana tsa moya di ka re susumelletsa hore re etse ho hong. Ka mohlala, morutuwa Jakobo o ile a re: “Tumelo e se nang mesebetsi e shwele.” (Jak. 2:​26) Ditholwana tse ding tsa moya wa Modimo le tsona di ka re susumelletsa hore re etse ho hong. Ka mehla ha re bontsha ditholwana tsa moya, sena se bontsha hore moya wa Modimo o a re thusa.

17. Re lokela ho etsang haeba re hloleha ho bontsha ditholwana tsa moya?

17 Bakreste bao e seng e le nako ba kolobeditswe le bona ka dinako tse ding ba ka hloleha ho bontsha ditholwana tsa moya. Le ha ho le jwalo, ke ha bohlokwa hore re se ke ra tela. Nahana ka mohlala ona, haeba o tabotse seaparo sa hao seo o se ratang na o ka se lahla hanghang? Tjhe. Maemong a mangata o tla leka hore o se lokise haeba ho kgonahala, ka mora moo o tla etsa bonnete ba hore o a se baballa. Ka tsela e tshwanang, o se ke wa nyahama haeba ka dinako tse ding o hloleha ho bontsha motho e mong lerato, mosa kapa ho mo mamella. Haeba o kopa tshwarelo ho tloha pelong, sena se ka etsa hore le dule le le metswalle. Ikemisetse ho etsa dintho hantle nakong e tlang.

18. Re ka kgodiseha kang?

18 Re ananela mohlala oo Jesu a re behetseng ona. Ha re ntse re etsisa tsela eo a nahanang ka yona, ho tla ba bonolo hore re etse dintho jwalo ka yena. Hape haeba re etsa dintho jwalo ka Jesu, ho tla ba bonolo hore re dule re apere botho bo botjha. Sehloohong sena re buile ka ditholwana tse nne feela tsa moya wa Modimo. E ka ba hantle hore o iphe nako ya ho hlahloba tse ding tsa ditholwana tsena tsa moya wa Modimo e le ho bona hore na o ka ntlafatsa hokae. O ka fumana dihlooho tse buang ka ditholwana tsa moya ho Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova tlasa sehlooho se reng, “Bophelo ba Bokreste” ebe o ya ho “Tholoana Tsa Moya.” O ka kgodiseha hore Jehova o tla o thusa haeba o leka ho apara botho bo botjha ebile o dula o bo apere.

PINA YA 127 Ke Tshwanetse ho ba Motho wa Mofuta Ofe?

^ Re ka kgona ho apara “botho bo botjha” ho sa tsotellehe hore na re hodisitswe jwang. Re ka etsa seo ka hore re tswele pele ho fetola tsela eo re nahanang ka yona mme re leke ho etsisa Jesu. Sehloohong sena, re tlo ithuta ka moo Jesu a neng a nahana le ho etsa dintho ka teng. Re tla boela re bone hore na ke jwang re ka tswelang pele re mo etsisa le ka mora hore re kolobetswe.

^ Bagalata 5:​22, 23 ha e bue ka makgabane ohle ao moya wa Modimo o ka re thusang hore re be le ona. Sheba sehlooho se reng, “Dipotso Tse Tswang ho Babadi” ho Tora ya ho Lebela ya June 2020 e le hore o fumane dintlha tse ding.