Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 12

Na o Bona Seo Zakaria a se Boneng?

Na o Bona Seo Zakaria a se Boneng?

“ ‘Ka moya wa ka,’ ho boletse Jehova wa mabotho.”​—ZAK. 4:6.

PINA YA 73 O re fe Sebete

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ke ntho efe e thabisang eo Bajuda ba botlamuweng ba neng ba e lebelletse?

 BAJUDA ba ne ba thabile haholo. Jehova Modimo o ile a “tsosa moya wa Cyruse morena wa Persia molota” hore a lokolle Baiseraele ba neng ba le Babylona ka dilemo tse ngata. Morena o ile a etsa tsebiso ya hore Bajuda ba kgutlele naheng ya habo bona mme ba “tsosolose ntlo ya Jehova Modimo wa Iseraele.” (Esdr. 1:​1, 3) Taba ena e ne e thabisa haholo hobane e ne e bolela hore ba ne ba tla boela ba rapele Modimo wa nnete naheng eo a neng a ba file yona.

2. Keng eo Bajuda ba neng ba le botlamuweng ba ileng ba kgona ho e etsa ha ba kgutlela Jerusalema?

2 Ka selemo sa 537 B.C.E., Bajuda ba ileng ba tloha pele botlamuweng ba ile ba fihla Jerusalema, e neng e le motsemoholo o ka borwa wa mmuso wa Juda. Bajuda bao ba ile ba qalella ho haha tempele mme ka selemo sa 536 B.C.E., ba ne ba se ba qetile ho etsa motheo wa yona.

3. Bajuda ba ile ba hanyetswa jwang?

3 Ka mora hore Bajuda ba qale ho haha tempele, batho ba bangata ba ile ba leka ho ba thibela. Ditjhaba tse neng di le haufi di ne di “tswela pele ho fokodisa matsoho a setjhaba sa Juda le ho se nyahamisa hore se se ke sa haha.” (Esdr. 4:4) Dintho di ile tsa mpefala le ho feta. Ka selemo sa 522 B.C.E., Artaxerxerse e ile ya eba morena e motjha wa Persia. * Bahanyetsi ba ile ba bona phetoho ena e bileng teng mmusong e le monyetla wa hore ba thibele batho ba neng ba haha tempele ka hore ba ‘rere kgathatso ka molaotaelo.’ (Pes. 94:​20) Ba ile ba bolella Morena Artaxerxerse hore Bajuda ba ne ba rera ho mo fetohela. (Esdr. 4:​11-16) Morena o ile a kgolwa leshano leo la bona mme a laela hore Bajuda ba kgaotse ho haha tempele. (Esdr. 4:​17-23) Ka lebaka leo Bajuda ba ile ba kgaotsa ho haha tempele.​—Esdr. 4:24.

4. Jehova o ile a etsang ka mora hore bahanyetsi ba thibele mosebetsi wa ho haha tempele? (Esaia 55:11)

4 Batho ba naheng eo ba neng ba sa rapele Jehova le ba bang bao e neng e le karolo ya mmuso wa Persia, ba ne ba ikemiseditse ho thibela hore tempele e tsosoloswe. Le ha ho le jwalo, Jehova o ne a batla hore Bajuda ba qete ho haha tempele mme ntho e nngwe le e nngwe eo a batlang hore e etsahale e a phethahala. (Bala Esaia 55:​11.) Jehova o ile a kgetha Zakaria hore e be moprofeta wa hae mme a mo bontsha dipono tse robedi tse thabisang tseo a neng a lokela ho di bolella Bajuda e le hore a ba kgothatse. Dipono tseo di ile tsa thusa Bajuda ho bona hore ha ba a lokela ho tshaba batho ba ba hanyetsang le ho ba kgothalletsa hore ba tswele pele ka mosebetsi oo Jehova a neng a batla hore ba o etse. Pono ya bohlano eo Zakaria a ileng a e bona e ne e le ya sedulwana sa lebone le difate tse pedi tsa mohlwaare.

5. Re tlo bua kang sehloohong see?

5 Kaofela ha rona re a nyahama ka dinako tse ding. Ka hoo, re ka kgothatswa ke pono ya bohlano eo Jehova a ileng a e bontsha Zakaria e le hore a kgothatse Baiseraele. Ho utlwisisa pono ena ho ka re thusa hore re sebeletse Jehova ka botshepehi ha batho ba re hanyetsa, ha maemo a rona a fetoha le ha re fuwa tataiso eo re sa e utlwisiseng.

O KA ETSANG HA BATHO BA O HANYETSA?

Zakaria o bona difate tse pedi tsa mohlwaare tse ntshetsang oli ka sedulwaneng sa lebone se neng se na le mabone a supileng (Sheba serapa sa 6)

6. Pono ya sedulwana sa lebone le difate tse pedi tsa mohlwaare e ho Zakaria 4:​1-3 e ile ya kgothatsa Bajuda jwang? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

6 Bala Zakaria 4:​1-3. Pono ya sedulwana sa lebone le difate tse pedi tsa mohlwaare e ile ya kgothatsa Bajuda hore ba tswele pele ka mosebetsi wa ho haha le hoja ba hanyetswa. E ba kgothaditse jwang? Na o hlokometse hore ditemana tsee di bontsha hore sedulwana sa lebone se ne se dula se na le oli? Difate tse pedi tsa mohlwaare di ne di ntshetsa oli ka sekotlolong ebe ka mora moo oli eo e kena maboneng a supileng a hodima sedulwana sa lebone. Oli ena e ne e etsa hore mabone a dule a kgantshitse. Zakaria o ile a botsa a re: “Dintho tsee di bolelang?” Lengeloi le ile la mo araba ka molaetsa o tswang ho Jehova o reng: “ ‘Eseng ka lebotho la sesole, kapa ka matla, empa ka moya wa ka,’ ho boletse Jehova wa mabotho.” (Zak. 4:​4, 6) Oli e tswang difateng e ne e emela moya o halalelang wa Jehova o ke keng wa fela. Moya o halalelang wa Modimo o ne o le matla ho feta masole a Persia. Ka ha Jehova o ne a thusa batho ba neng ba haha tempele, ba ne ba ka kgona ho qeta mosebetsi wa bona le hoja ba ne ba hanyetswa. Molaetsa oo ba ileng ba o utlwa o ne o kgothatsa haholo. Ntho feela eo Bajuda ba neng ba hloka ho e etsa e ne e le hore ba tshepe Jehova mme ba boele ba hahe tempele. Ba ile ba feela ba etsa jwalo le hoja mosebetsi wa bona o ne o ntse o thibetswe.

7. Ho bile le phetoho efe e ileng ya thusa batho ba neng ba haha tempele?

7 Ka selemo sa 520 B.C.E., ho ile ha eba le phetoho e ileng ya thusa batho ba neng ba haha tempele. Dariuse wa pele e ile ya eba morena e motjha wa Persia. Ka selemo sa bobedi a busa, o ile a hlokomela hore taba ya hore Bajuda ba ne ba thibetswe ho haha tempele e ne e se molaong. Dariuse o ile a re ba qetele ho haha tempele. (Esdr. 6:​1-3) Le hoja qeto eo e ile ya makatsa batho bohle, morena o ne a ntse a tlo fana ka ditaelo tse ding. O ile a re batho ba kgaotse ho hanyetsa Bajuda mme ba ba fe dintho tseo ba di hlokang e le hore ba qetele ho haha tempele. (Esdr. 6:​7-12) Ka hoo, Bajuda ba ile ba qeta ho haha tempele ka selemo sa 515 B.C.E., e leng dilemo tse fetang tse nne ha morao.​—Esdr. 6:15.

Tshepa matla a Jehova ha o hanyetswa (Sheba serapa sa 8)

8. Ke hobaneng ha o lokela ho ba sebete ha batho ba bang ba o hanyetsa?

8 Mehleng ena, bahlanka ba Jehova ba bangata le bona ba a hanyetswa. Ka mohlala, ba bang ba dula dinaheng tseo ba sa kgoneng ho sebeletsa Jehova ka bolokolohi. Dinaheng tseo, bara le baradibabo rona ba ka nna ba tshwarwa le ho “hulanyetswa ka pela babusisi le marena” hore ba fane ka bopaki ho bona. (Mat. 10:​17, 18) Ka dinako tse ding, mmuso o ka fetoha mme bara le baradibabo rona ba ka kgona ho sebeletsa Jehova ka bolokolohi. Athe ka dinako tse ding, moahlodi ya mosa a ka etsa qeto e tla dumella bahlanka ba Jehova hore ba mo sebeletse ka bolokolohi. Dipaki tse ding di hanyetswa ka tsela e nngwe e fapaneng. Di dula dinaheng tseo di nang le bolokolohi ba ho sebeletsa Jehova empa di hloriswa ke ba malapa ba ikemiseditseng ho di thibela hore di sebeletse Modimo. (Mat. 10:​32-36) Maemong a mangata, ba lelapa ba kgaotsa ho re hanyetsa ha ba hlokomela hore ba ke ke ba kgona ho re thibela ho sebeletsa Jehova. Hape maemong a mang batho ba neng ba lwantsha bara le baradibabo rona e ile ya eba Dipaki tse tjhesehang. O se ke wa kgaotsa ho sebeletsa Jehova ha o hloriswa, ho ena le hoo o be sebete. Ha o a lokela ho tshaba letho hobane Jehova o o thusa ka moya wa hae o halalelang.

O KA ETSANG HA MAEMO A HAO A FETOHA?

9. Ke hobaneng ha Bajuda ba bang ba ile ba utlwa bohloko ha ba bona motheo wa tempele e ntjha?

9 Bajuda ba bang ba neng ba se ba hodile ba ile ba lla ha ba bona motheo wa tempele e ntjha. (Esdr. 3:​12) Ba ne ba bone tempele e ntle eo Solomone a neng a e hahile mme ba nahana hore tempele ena e ntjha ha se letho ha e bapiswa le eo ya kgale. (Hag. 2:​2, 3) Ba ne ba utlwa bohloko haholo ha ba bapisa ditempele tsena tse pedi. Pono ya Zakaria e ne e tla ba thusa jwang hore ba boele ba thabe?

10. Mantswe a lengeloi a ho Zakaria 4:​8-10, a ile a thusa Bajuda jwang hore ba se ke ba utlwa bohloko?

10 Bala Zakaria 4:​8-10. Lengeloi le ne le bolelang ha le ne le re Bajuda ba ne ba tla “thaba mme ba bone sekitiloto letsohong la [mmusisi wa Mojuda] Zorobabele”? Sekitiloto ke thulusi e sebediswang ho bona hore na ntho e itseng e otlolohile hantle kapa tjhe. Lengeloi le ile la tiisetsa bahlanka ba Modimo hore le hoja tempele ena e ne e le ya maemo a tlaase ha e bapiswa le ya pele, e ne e tla fela mme e be ka tsela eo Jehova a batlang hore e be ka yona. Bajuda ba ne ba lokela ho thabela tempele hobane Jehova le yena o ne a tla e thabela. Ntho e neng e le ya bohlokwa ho Jehova e ne e le hore ba mo rapele ka tsela eo a e batlang tempeleng e ntjha. Haeba Bajuda ba ne ba ka ameha ka ho rapela Jehova ka tsela eo a e batlang le ho mo thabisa, ba ne ba tla boela ba thabe.

O se ke wa nyahama ha maemo a hao a fetoha (Sheba serapa sa 11 le 12) *

11. Ke maemo afe a thatafallang bahlanka ba Jehova mehleng ee?

11 Ha ho bonolo hore ba bang ba rona re amohele ha maemo a rona a fetoha. Ba bang ba neng ba le tshebeletsong e kgethehileng ya nako e tletseng ka nako e telele, ba ile ba kopuwa hore ba tlohele mesebetsi eo ba neng ba e etsa mme ba fuwa e meng. Ba bang ba ile ba lokela ho tlohela mosebetsi oo ba neng ba o rata hobane ba se ba hodile. Ha se mohlolo hore re utlwe bohloko ha sena se etsahala. Qalong re ka nna ra se ke ra utlwisisa kapa ra dumellana le qeto e entsweng. Re ka nna ra hopola tsela eo dintho di neng di le ka yona pele ho phetoho ena. Hape re ka nna ra nyahama mme ra nahana hore ha re sa etsetsa Jehova ho hokaalo. (Liprov. 24:​10) Pono ya Zakaria e ka re thusa jwang hore re dule re sebeletsa Modimo ka hohle ka moo re ka kgonang?

12. Pono ya Zakaria e ka re thusa jwang hore re dule re thabile le ha maemo a rona a ka fetoha?

12 Ho ka ba bonolo hore re tlwaele maemo a matjha haeba re bona dintho ka tsela eo Jehova a di bonang ka yona. Jehova o etsa dintho tse hlollang mehleng ena mme re na le monyetla o moholo wa hore re be basebetsimmoho le yena. (1 Bakor. 3:9) Le hoja mesebetsi ya rona e ka fetoha, Jehova yena o tla dula a re rata. Haeba phetoho e entsweng mokgatlong wa Modimo e o ama ka ho toba, o se ke wa ingamangama ka hore na ke hobaneng ha ho entswe phetoho eo. Ho ena le hore o batle hore bophelo ba hao bo tshwane le ba “matsatsi a pele,” o lokela ho kopa Jehova hore a o thuse hore o bone dintho tse ntle tse etsahalang bophelong ba hao hona jwale. (Moek. 7:​10) Ho ena le hore o nahane ka dintho tseo o seng o sa kgone ho di etsa, nahana ka dintho tsohle tseo o ka kgonang ho di etsa. Pono ya Zakaria e re ruta hore ke ha bohlokwa hore re se ke ra nyahama ha maemo a rona a fetoha. Ha re sa nyahame re tla dula re thabile ebile re tshepahala le ha maemo a rona a ka fetoha.

O KA ETSANG HA O UTLWA HO LE THATA HORE O MAMELE TATAISO?

13. Ke hobaneng ha Baiseraele ba bang ba ne ba ka nahana hore ha se ntho e utlwahalang hore ho hahwe tempele hape?

13 Mosebetsi wa ho tsosolosa tempele o ne o thibetswe. Ho ntse ho le jwalo, banna ba neng ba kgethilwe hore ba etelle setjhaba pele, e leng Moprista ya Phahameng Jeshua (Joshua) le Mmusisi Zorobabele ba ile “ba qala ho tsosolosa ntlo ya Modimo.” (Esdr. 5:​1, 2) E ka nna yaba Bajuda ba bang ba ne ba nahana hore qeto eo ha e utlwahale. Bajuda ba ne ba ke ke ba kgona ho pata hore ba ntse ba haha tempele mme dira tsa bona di ne di tla leka ka hohle ho ba thibela. Banna ba babedi ba neng ba etella pele e leng Joshua le Zorobabele, ba ne ba lokela ho kgodiseha hore Jehova o ntse a ba thusa. Jehova o ile a ba kgodisa jwang?

14. Ho ya ka Zakaria 4:​12, 14, Jehova o ile a kgodisa Moprista ya Phahameng Joshua le Mmusisi Zorobabele jwang?

14 Bala Zakaria 4:​12, 14. Ditemaneng tsena lengeloi le hlalosetsa moprofeta ya tshepahalang wa Modimo hore difate tse pedi tsa mohlwaare di emela “batlotsuwa ba babedi” e leng Joshua le Zorobabele. Banna bao ba babedi ba eme “haufi le Morena wa lefatshe lohle” e leng Jehova ka tsela ya tshwantshetso. Ka nnete oo e ne e le monyetla o babatsehang! Jehova o ne a ba tshepa. Ka hoo Baiseraele ba ne ba lokela ho tshepa tataiso ya Modimo le diqeto tseo ba di etsang, ho sa tsotellehe hore na ba bolellwa hore ba etseng.

15. Re ka bontsha jwang hore re mamela tataiso ya Jehova e tswang ka Lentsweng la hae?

15 Tsela e nngwe eo Jehova a tswelang pele ho tataisa bahlanka ba hae mehleng ena, ke ka ho sebedisa Lentswe la hae Bibele. O sebedisa Bibele ho re bolella hore na re mo sebeletse jwang ka tsela eo a tla e amohela. Re ka bontsha jwang hore re mamela tataiso eo re e fumanang ka Lentsweng la Modimo? Ka ho ipha nako ya ho le bala le ho le utlwisisa. Ipotse: ‘Ha ke bala Bibele kapa dingolwa tsa rona, na ke ema hanyane mme ke nahanisise ka seo ke se balang? Na ke leka ho utlwisisa dintho tse ka Bibeleng tseo ho leng thata ho di utlwisisa? Kapa na ke balla ho qeta?’ (2 Pet. 3:​16) Haeba re ipha nako ya ho nahanisisa ka dintho tseo Jehova a re rutang tsona, re tla kgona ho mamela tataiso ya hae le ho etsa mosebetsi wa boboledi.​—1 Tim. 4:​15, 16.

Tshepa tataiso eo “lekgoba le tshepahalang le le masene” le o fang yona (Sheba serapa sa 16) *

16. Ke eng e tla re thusa ho mamela tataiso eo re e fuwang ke “lekgoba le tshepahalang le le masene” haeba re sa e utlwisise hantle?

16 Tsela e nngwe hape eo Jehova a re tataisang ka yona ke ka “lekgoba le tshepahalang le le masene.” (Mat. 24:​45) Ka dinako tse ding a ka le fa tataiso eo re sa e utlwisiseng hantle. Ka mohlala, re ka nna ra bolellwa hore na re etseng ho itokisetsa koduwa e itseng ya tlhaho ebe re nahana hore koduwa eo e ke ke ya etsahala sebakeng seo re dulang ho sona. Kapa re ka nna ra nahana hore lekgoba le tshepahalang le hlokolosi haholo nakong ya sewa. Re lokela ho etsang haeba re nahana hore ditaelo tseo re di fuwang ha di utlwahale? Re ka nahana ka moo ho mamela Joshua le Zorobabele ho ileng ha tswela Baiseraele molemo ka teng. Re ka boela ra nahana ka ditlaleho tse ding tsa Bibele tseo re ileng ra di bala. Ka dinako tse ding, bahlanka ba Modimo ba ile ba fuwa tataiso e neng e bonahala e sa utlwahale empa e ile ya pholosa bophelo ba bona.​—Baahl. 7:7; 8:10.

BONA SEO ZAKARIA A SE BONENG

17. Pono ya sedulwana sa lebone le difate tse pedi tsa mohlwaare e ile ya thusa Bajuda jwang?

17 Le hoja pono ya bohlano ya Zakaria e ne e sa bue ka dintho tse ngata, e ile ya thusa Bajuda hore ba tswele pele ka mosebetsi wa ho haha le ho sebeletsa Jehova ka tjheseho. Ba ne ba bona ha Jehova a ba tshehetsa le ho ba tataisa ha ba ne ba etsa seo ba ithutileng sona ponong ya Zakaria. Jehova o ile a sebedisa moya wa hae o halalelang ho ba thusa hore ba tswele pele ka mosebetsi wa bona le hore ba boele ba thabe.​—Esdr. 6:16.

18. Pono ya Zakaria e ka o thusa jwang?

18 Pono ya Zakaria ya sedulwana sa lebone le difate tse pedi tsa mohlwaare e ka o thusa haholo. Re ithutile hore e ka o thusa hore o be le matla a ho mamella ha o hanyetswa, o thabe ha maemo a hao a fetoha mme o tshepe tataiso eo o e fuwang le hoja o sa e utlwisise. O lokela ho etsang ha o ba le mathata? Ntlha ya pele, bona seo Zakaria a se boneng e leng hore Jehova o tsotella bahlanka ba hae. Ka mora moo o etse seo o se bonang ka hore o tshepe Jehova le ho tswela pele o mo sebeletsa ka pelo ya hao yohle. (Mat. 22:​37) Ha o etsa jwalo, Jehova o tla o thusa hore o dule o mo sebeletsa o thabile ka ho sa feleng.​—Bakol. 1:​10, 11.

PINA YA 7 Jehova ke Matla a Rona

^ Jehova o ile a bontsha moprofeta Zakaria dintho tse thabisang. Dipono tseo Zakaria a di boneng, di ile tsa thusa yena le bahlanka ba Jehova hore ba be le matla a ho tsosolosa borapedi ba nnete le hoja ho ne ho se bonolo. Dipono tseo di ka re thusa hore re sebeletse Jehova ka botshepehi ho sa tsotellehe mathata ao re nang le ona. Sehloohong sena, re tlo bua ka dintho tsa bohlokwa tseo re ka ithutang tsona ponong ya Zakaria ya sedulwana sa lebone le difate tsa mohlwaare.

^ Dilemo ha morao mehleng ya Mmusisi Nehemia, ho ile ha eba le morena e mong ya bitswang Artaxerxerse ya neng a tshwara Bajuda hantle.

^ DITSHWANTSHO: Morabo rona o a hlokomela hore o lokela ho tlwaela maemo a hae a matjha a bakilweng ke ho kula le botsofadi.

^ DITSHWANTSHO: Moradiwabo rona o nahanisisa ka taba ya hore Jehova o tshehetsa “lekgoba le tshepahalang le le masene,” feela jwalo ka ha a ile a tshehetsa Joshua le Zorobabele.