Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 13

Borapeli ba ’Nete bo Tla Eketsa Thabo ea Hao

Borapeli ba ’Nete bo Tla Eketsa Thabo ea Hao

“Jehova, Molimo oa rona, oa tšoaneleha ho amohela khanya le tlhompho le matla.”​—TŠEN. 4:11.

PINA EA 31 Le Tsamaee le Molimo

SEO RE TL’O ITHUTA SONA *

1-2. Re ka etsa’ng hore borapeli ba rona bo amohelehe ho Molimo?

 HA U utloa lentsoe “borapeli” u nahana ka eng? Mohlomong u nahana ka mor’abo rona eo pele a il’o robala a khumamang a rapelang Jehova ho tsoa pelong. Kapa mohlomong u nahana ka lelapa le thabileng le ithutang Bibele.

2 Maemo ao ka bobeli a bontša liketso tsa borapeli. Na Jehova o tla amohela borapeli boo? O tla bo amohela haeba batho ba bo etsang ba leka kahohle ho etsa thato ea hae, ho mo rata le ho mo hlompha. Re rata Jehova haholo. Rea tseba hore o tšoaneloa ke borapeli ebile re batla ho mo sebeletsa ka tsela e nepahetseng.

3. Re tl’o hlahloba eng sehloohong see?

3 Sehloohong sena, re tl’o hlahloba mofuta oa borapeli oo Jehova a neng a o amohela mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele. Re tla boela re hlahlobe lintho tse robeli tse tla re thusa hore borapeli ba rona e be bo amohelehang ho Jehova mehleng ena. Ha re ntse re etsa joalo, motho ka mong a ka nahana hore na a ka ntlafatsa borapeli ba hae joang. Re tla boela re hlahlobe kamoo ho sebeletsa Jehova ka tseIa e nepahetseng ho re thabisang kateng.

BORAPELI BOO JEHOVA A NENG A BO AMOHELA MEHLENG EA HA HO NE HO NGOLOA BIBELE

4. Bahlanka ba Jehova ba mehleng ea pele Jesu a tla lefatšeng ba ile ba bontša joang hore ba rata Jehova ebile baa mo hlompha?

4 Pele Jesu a tla lefatšeng, banna ba tšepahalang ba kang Abele, Noe, Abrahama le Jobo ba ile ba bontša hore ba hlompha Jehova ebile baa mo rata. Joang? Ba ne ba mamela Molimo, ba e-na le tumelo ho eena ebile ba mo etsetsa mahlabelo. Bibele ha e re bolelle ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba ileng ba e etsa. Empa ba ile ba bontša ka ho hlaka hore ba hlompha Jehova ’me o ile a amohela borapeli ba bona. Hamorao Jehova o ile a fa Baiseraele Molao a sebelisa Moshe. Molao oo o ne o bontša kamoo Jehova a batlang hore batho ba mo rapele kateng.

5. Jehova o batla hore balateli ba Jesu ba mo rapele joang?

5 Ka mor’a hore Jesu a shoe a be a tsosoe, Jehova o ne a se a sa lebella hore batho ba mamele Molao oa Moshe. (Bar. 10:4) Bakreste ba ne ba se ba latela molao o mocha, e leng “molao oa Kreste.” (Bagal. 6:2) Ho mamela “molao” oo ho ne ho sa bolele hore ba lokela ho latela melao e mengata kapa ho e tšoara ka hlooho empa ba ne ba lokela ho etsisa mohlala oa Jesu le lithuto tsa hae. Le mehleng ena Bakreste ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho latela mohlala oa Kreste e le hore ba ka khahlisa Jehova. Ka ho etsa joalo baa khatholoha.​—Mat. 11:29.

6. Re tl’o ithuta eng sehloohong see?

6 Ha re ntse re hlahloba ntlha ka ’ngoe ea borapeli ba rona u ka ipotsa, ‘Ke liphetoho life tseo ke seng ke li entse ntlheng ee?’ U ka boela oa ipotsa, ‘Nka ntlafatsa borapeli ba ka joang?’ U lokela ho thabela liphetoho tseo u seng u li entse empa u boetse u lokela ho kopa Jehova hore a u thuse hore u ntlafatse haholoanyane.

BORAPELI BA RONA BO AKARELETSA ENG?

7. Jehova o ikutloa joang ka lithapelo tsa rona tse tsoang pelong?

7 Ho rapela Jehova. Bibele e bapisa lithapelo tsa rona le libano tse lokisitsoeng hantle tse neng li nyeheloa tabernakeleng tseo hamorao li ileng tsa nyeheloa tempeleng. (Pes. 141:2) Libano tseo li ne li hlahisa monko o monate oo Jehova a neng a o amohela. Ka tsela e tšoanang, lithapelo tsa rona tse tsoang pelong lia “mo khahlisa” esita le haeba li le khutšoane. (Liprov. 15:8; Deut. 33:10) Re na le mabaka a utloahalang a ho lumela hore Jehova o thabela ho utloa ha re mo leboha le ha re mo bolella hore rea mo rata. O batla hore re mo bolelle lintho tse re tšoenyang le lintho tseo re li labalabelang. Pele re rapela Jehova, re lokela ho nahana ka ho teba ka seo re tl’o se bua. Ha re etsa joalo, lithapelo tsa rona e tla ba tse khahlisang Ntate oa rona ea leholimong.

8. Ke menyetla efe eo re nang le eona ea ho rorisa Molimo?

8 Ho rorisa Jehova. (Pes. 34:1) Re rorisa Jehova ha re bolella batho kamoo re mo ratang le kamoo re ananelang makhabane le mesebetsi ea hae kateng. Re tla ba le ho hongata hoo re ho buang ka Jehova haeba re ananela lintho tseo a re etselitseng tsona. Ha re nahana ka lintho tsohle tse molemo tseo Jehova a re etselitseng tsona, re tla ba le mabaka a mangata a ho mo rorisa. Mosebetsi oa boboleli o re fa monyetla oa hore re nyehele “ho Molimo sehlabelo sa thoriso, ke hore, litholoana tsa melomo” ea rona. (Baheb. 13:15) Pele re rapela Jehova, re lokela ho nahana ka ho teba hore na re tla re’ng. Ka tsela e tšoanang, pele re bua le batho ka Bibele, re lokela ho nahana hantle hore na re tla re’ng. Re batla hore ‘sehlabelo sa rona sa thoriso’ e be se molemohali. Ke ka lebaka leo re chesehang ha re bua le batho ka Bibele.

9. Joaloka mehleng ea Baiseraele, re fumana melemo efe ka ho ba teng libokeng? Fana ka mohlala oa kamoo liboka li u thusitseng kateng.

9 Ho ea libokeng. Baiseraele ba ile ba fuoa taelo e reng: “Hararo ka selemo, e mong le e mong e motona ho uena o lokela ho hlaha ka pel’a Jehova Molimo oa hao sebakeng seo a tla se khetha.” (Deut. 16:16) Ba ne ba tla siea matlo le masimo ho se na motho ea li sirelelitseng. Jehova o ile a ba tšepisa a re: “Ha ho ea tla lakatsa naha ea hao ha u nyoloha ho ea bona sefahleho sa Jehova Molimo oa hao.” (Ex. 34:24) Kaha Baiseraele ba ne ba tšepa Jehova ka ho feletseng, ba ne ba ea meketeng eo ea selemo le selemo. Ha ba le moo, ba ne ba fumana melemo e mengata. Ka mohlala, ba ne ba ithuta haholo ka Molao oa Molimo, ba nahana kamoo Jehova a leng molemo kateng ho bona ba bile ba thabela ho ba har’a barapeli ba bang ba Jehova. (Deut. 16:15) Re fumana melemo e tšoanang ha re etsa sohle seo re ka se khonang hore re be teng libokeng. Nahana feela hore na Jehova o thaba hakaakang ha re fana ka likarabo tse khutšoane tse lokiselitsoeng hantle.

10. Ke hobane’ng ha ho bina e le karolo ea bohlokoa borapeling ba rona?

10 Ho binela Jehova. (Pes. 28:7) Baiseraele ba ne ba nka ho bina e le ntho ea bohlokoa borapeling ba bona. Morena Davida o ile a khetha Balevi ba 288 hore e be libini tempeleng. (1 Likron. 25:1, 6-8) Mehleng ena re ka bontša Molimo hore rea mo rata ka ho mo binela lipina tsa thoriso. Ha se hore re lokela ho ba likheleke e le hore re binele Jehova. Nahana ka taba ena: Le hoja ha re bua “re khoptjoa hangata,” taba eo ha e re sitise hore re bue ha re le phuthehong kapa re le tšimong. (Jak. 3:2) Ka tsela e tšoanang, re ntse re ka binela Jehova lipina tsa thoriso le hoja re nahana hore ha re likheleke.

11. Joalokaha ho hlalositsoe ho Pesaleme ea 48:13, ke hobane’ng ha re lokela ho ipha nako ea ho ithuta Bibele re le lelapa?

11 Ho bala Bibele le ho ruta bana ka Jehova. Ka letsatsi la Sabatha, Baiseraele ba ne ba sa sebetse empa ba ne ba sebelisa letsatsi leo ho matlafatsa setsoalle sa bona le Jehova. (Ex. 31:16, 17) Ba bang ba ne ba ruta bana ba bona ka Jehova le ka melemo ea hae. Le rona mehleng ena re tlameha ho ipha nako ea ho bala le ho ithuta Lentsoe la Molimo. Ho etsa joalo ke karolo ea borapeli ba rona ho Jehova ebile ho re thusa ho atamela haufi le eena. (Pes. 73:28) Ha re ithuta Bibele re le lelapa, re thusa bana ba rona hore e be metsoalle e haufi ea Ntate oa rona ea lerato Jehova.​—Bala Pesaleme ea 48:13.

12. Re ithuta’ng tseleng eo Jehova a ileng a talima batho ba neng ba etsa lisebelisoa tsa tabernakele ka eona?

12 Ho haha le ho lokisa libaka tsa rona tsa borapeli. Bibele e re mosebetsi oa ho etsa tabernakele le lisebelisoa tsa eona e ne e le ‘mosebetsi o halalelang.’ (Ex. 36:1, 4) Le mehleng ena, Jehova o nka ho haha Liholo Tsa ’Muso le libaka tse ling tsa borapeli e le tšebeletso e halalelang. Bara le barali babo rona ba bang ba qeta nako e ngata ba etsa mosebetsi ona. Re ananela mosebetsi oohle oo ba o etsang bakeng sa Jehova. Empa ba ntse ba lokela ho kenya letsoho mosebetsing oa boboleli. Ba bang ba bona ba ka ’na ba batla ho ba bo-pula-maliboho. Baholo ba ka bontša hore ba kenya letsoho mosebetsing ona oa kaho ka ho lumella bara le barali bana babo rona ba sebetsang ka thata hore e be bo-pula-maliboho ha ba tšoaneleha. Ho sa tsotellehe hore na re na le tsebo ka mosebetsi oa kaho kapa che, kaofela ha rona re lokela ho kenya letsoho hore mehaho ena e hloeke e be e lule e le maemong a matle.

13. Re lokela ho talima menehelo eo re e ntšang bakeng sa mosebetsi oa boboleli joang?

13 Ho tšehetsa mosebetsi oa boboleli ka menehelo. Baiseraele ba ne ba sa lokela ho hlaha ka pel’a Jehova ba sa nka letho. (Deut. 16:16) Ba ne ba lokela ho fana ka limpho ho latela kamoo ba neng ba khona kateng. Ka ho etsa joalo, ba ne ba bontša hore ba ananela lintho tsohle tseo Jehova a ba etselitseng tsona. Re ka bontša joang hore re rata Jehova ebile re ananela lintho tsohle tseo a re etsetsang tsona? Tsela e ’ngoe eo re ka etsang joalo ka eona, ke ka ho fana ka monehelo oa phutheho le oa lefatše lohle ho latela kamoo maemo a rona a re lumellang kateng. Moapostola Pauluse o ile a re: “Haeba ho itokisa ho le teng pele, ho amoheleha ka ho khethehileng ho ea ka seo motho a nang le sona, eseng ho ea ka seo motho a se nang sona.” (2 Bakor. 8:4, 12) Jehova o thabela monehelo oo re o ntšang le haeba o se mongata.​—Mar. 12:42-44; 2 Bakor. 9:7.

14. Ho ea ka Liproverbia 19:17, Jehova o ikutloa joang ha re thusa bara le barali babo rona ba hlokang?

14 Ho thusa Bakreste-’moho le rona ba hlokang thuso. Jehova o ile a tšepisa Baiseraele hore o tla ba hlohonolofatsa haeba ba thusa mafutsana. (Deut. 15:7, 10) Kamehla ha re thusa barapeli-’moho le rona ba hlokang, Jehova o nka seo e le ho mo fa mpho. (Bala Liproverbia 19:17.) Mohlala, ha Bakreste ba Filipi ba romella mpho ho Pauluse ha a ne a le teronkong, o ile a re ke “sehlabelo se amohelehang, se khahlisang haholo ho Molimo.” (Bafil. 4:18) Nahana ka batho ba phuthehong ea heno e be oa ipotsa, ‘Na ho na le motho eo nka mo thusang?’ Jehova oa thaba ha a bona re sebelisa nako, matla, bokhoni le lintho tse ling tseo re nang le tsona ho thusa ba hlokang. O nka ho etsa joalo e le karolo ea borapeli ba rona.​—Jak. 1:27.

BORAPELI BA ’NETE BOA RE THABISA

15. Ke hobane’ng ha borapeli ba rona e se moroalo le hoja bo hloka nako le boitelo ba rona?

15 Re hloka nako le boitelo e le hore re be barapeli ba ’nete. Empa ho etsa joalo ha se moroalo. (1 Joh. 5:3) Hobane’ng? Re sebeletsa Jehova hobane re mo rata. Nahana ka ngoana e monyenyane ea batlang ho fa ntate oa hae mpho. A ka ’na a qeta nako e ngata a toroeela ntate oa hae setšoantšo. Ngoana eo, ha a ikoahlaele nako eo a e qetileng a ntse a toroea. O rata ntate oa hae ebile o thabela ho mo fa mpho eo. Ka tsela e tšoanang, kaha re rata Jehova, re thabela ho sebelisa nako le matla a rona ho mo sebeletsa.

16. Ho ea ka Baheberu 6:10, Jehova o ikutloa joang ka lintho tseo e mong le e mong oa rona a li etsang ho mo thabisa?

16 Batsoali ha baa lebella hore ba fumane mpho e tšoanang ho tsoa ho bana bohle ba bona. Baa hlokomela hore bana ha ba tšoane ’me le seo ba se etsang se ke ke sa tšoana. Ka tsela e tšoanang, Ntate oa rona ea leholimong o utloisisa maemo a e mong le e mong oa rona. Mohlomong u etsa ho fetang hoo batho ba bang ba ho etsang. Mohlomong ha u khone ho etsa lintho tseo batho ba bang ba li etsang hobane oa kula, u tsofetse kapa u na le boikarabelo ba lelapa. U se ke oa nyahama. (Bagal. 6:4) Jehova a ke ke a lebala mosebetsi oa hao. O tla thaba haeba u fana ka sohle seo u ka se khonang ebile e le ka sepheo se nepahetseng. (Bala Baheberu 6:10.) Jehova o tseba lintho tseo u ka ratang ho li etsa. O batla hore u thabe u be u khotsofatsoe ke lintho tseo u khonang ho mo etsetsa tsona.

17. (a) Re ka etsa’ng haeba re thatafalloa ke ho etsa lintho tse itseng tse amang borapeli ba rona? (b) Lintho tse hlahang lebokoseng le reng “ Eketsa Thabo ea Hao” li u thusitse joang?

17 Re ka etsa’ng haeba re thatafalloa ke ho etsa lintho tse ling tseo re buileng ka tsona, tse kang ho ithuta Bibele kapa ho bua le batho ka Molimo? Re tla thaba ebile re tla rua molemo haeba re etsa lintho tseo khafetsa. Re ka tšoantša borapeli ba rona le ho etsa lintho tse itseng, tse kang ho ikoetlisa kapa ho bapala seletsa sa ’mino. Haeba re sa ikoetlise kapa ho bapala seletsa sa ’mino khafetsa, re ke ke ra khona ho ntlafatsa. Ho tla etsahala’ng haeba re etsa lintho tsee letsatsi le leng le le leng? Qalong re ka ’na ra li etsa metsotso e seng mekae feela ebe ha nako e ntse e ea re eketsa nako. Ha re bona melemo ea boitelo ba rona, re tla laba-labela hore nako ea ho ikoetlisa kapa ho bapala seletsa sa ’mino e fihle ebile re tla natefeloa ke ho etsa joalo. Re ka etsa joalo le borapeling ba rona.

18. Ke ntho efe ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re ka e etsang, hona ho tla etsahala’ng ha re etsa joalo?

18 Ho etsa sohle seo re ka se khonang borapeling ba rona ho Jehova ke ntho ea bohlokoa haholo eo re ka e etsang. Ha re etsa joalo, re tla thabela bophelo bo monate le bo khotsofatsang ’me re be le tšepo ea ho sebeletsa Jehova ka ho sa feleng. (Liprov. 10:22) Le hona joale re na le khotso hobane rea tseba hore Jehova o tla re thusa ha re kopana le mathata. (Esa. 41:9, 10) Re na le mabaka a utloahalang a ho thaba ha re sebeletsa Ntate oa rona ea lerato hobane o tšoaneloa ke “ho amohela khanya le tlhompho” ho tsoa popong eohle ea hae!​—Tšen. 4:11.

PINA EA 24 Tloong Thabeng ea Jehova

^ Re lokela ho sebeletsa Jehova kaha ke eena ea bopileng lintho tsohle. Jehova o amohela borapeli ba rona haeba re mamela melao le melao-motheo ea hae. Sehloohong sena, re tl’o tšohla lintho tse robeli tseo re ka li etsang borapeling ba rona. Re tla ithuta kamoo re ka ntlafatsang kateng linthong tsena le kamoo ho etsa joalo ho ka re thabisang kateng.