Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 13

Borapedi ba Nnete bo Tla Eketsa Thabo ya Hao

Borapedi ba Nnete bo Tla Eketsa Thabo ya Hao

“Jehova, Modimo wa rona, o a tshwaneleha ho amohela kganya le tlhompho le matla.”​—TŠEN. 4:11.

PINA YA 31 Le Tsamaye le Modimo!

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1, 2. Re ka etsang hore borapedi ba rona bo amohelehe ho Modimo?

 HA O utlwa lentswe “borapedi” o nahana ka eng? Mohlomong o nahana ka morabo rona eo pele a ilo robala a kgumamang a rapelang Jehova ho tswa pelong. Kapa mohlomong o nahana ka lelapa le thabileng le ithutang Bibele.

2 Maemo ao ka bobedi a bontsha diketso tsa borapedi. Na Jehova o tla amohela borapedi boo? O tla bo amohela haeba batho ba bo etsang ba leka ka hohle ho etsa thato ya hae, ho mo rata le ho mo hlompha. Re rata Jehova haholo. Re a tseba hore o tshwanelwa ke borapedi ebile re batla ho mo sebeletsa ka tsela e nepahetseng.

3. Re tlo hlahloba eng sehloohong see?

3 Sehloohong sena, re tlo hlahloba mofuta wa borapedi oo Jehova a neng a o amohela mehleng ya ha ho ne ho ngolwa Bibele. Re tla boela re hlahlobe dintho tse robedi tse tla re thusa hore borapedi ba rona e be bo amohelehang ho Jehova mehleng ena. Ha re ntse re etsa jwalo, motho ka mong a ka nahana hore na a ka ntlafatsa borapedi ba hae jwang. Re tla boela re hlahlobe ka moo ho sebeletsa Jehova ka tsela e nepahetseng ho re thabisang ka teng.

BORAPEDI BOO JEHOVA A NENG A BO AMOHELA MEHLENG YA HA HO NE HO NGOLWA BIBELE

4. Bahlanka ba Jehova ba mehleng ya pele Jesu a tla lefatsheng ba ile ba bontsha jwang hore ba rata Jehova ebile ba a mo hlompha?

4 Pele Jesu a tla lefatsheng, banna ba tshepahalang ba kang Abele, Noe, Abrahama le Jobo ba ile ba bontsha hore ba hlompha Jehova ebile ba a mo rata. Jwang? Ba ne ba mamela Modimo, ba ena le tumelo ho yena ebile ba mo etsetsa mahlabelo. Bibele ha e re bolelle ntho e nngwe le e nngwe eo ba ileng ba e etsa. Empa ba ile ba bontsha ka ho hlaka hore ba hlompha Jehova mme o ile a amohela borapedi ba bona. Ha morao Jehova o ile a fa Baiseraele Molao a sebedisa Moshe. Molao oo o ne o bontsha ka moo Jehova a batlang hore batho ba mo rapele ka teng.

5. Jehova o batla hore balatedi ba Jesu ba mo rapele jwang?

5 Ka mora hore Jesu a shwe a be a tsoswe, Jehova o ne a se a sa lebella hore batho ba mamele Molao wa Moshe. (Bar. 10:4) Bakreste ba ne ba se ba latela molao o motjha, e leng “molao wa Kreste.” (Bagal. 6:2) Ho mamela “molao” oo ho ne ho sa bolele hore ba lokela ho latela melao e mengata kapa ho e tshwara ka hlooho empa ba ne ba lokela ho etsisa mohlala wa Jesu le dithuto tsa hae. Le mehleng ena Bakreste ba etsa sohle seo ba ka se kgonang ho latela mohlala wa Kreste e le hore ba ka kgahlisa Jehova. Ka ho etsa jwalo ba a kgatholoha.​—Mat. 11:29.

6. Re tlo ithuta eng sehloohong see?

6 Ha re ntse re hlahloba ntlha ka nngwe ya borapedi ba rona o ka ipotsa, ‘Ke diphetoho dife tseo ke seng ke di entse ntlheng ee?’ O ka boela wa ipotsa, ‘Nka ntlafatsa borapedi ba ka jwang?’ O lokela ho thabela diphetoho tseo o seng o di entse empa o boetse o lokela ho kopa Jehova hore a o thuse hore o ntlafatse haholwanyane.

BORAPEDI BA RONA BO AKARELETSA ENG?

7. Jehova o ikutlwa jwang ka dithapelo tsa rona tse tswang pelong?

7 Ho rapela Jehova. Bibele e bapisa dithapelo tsa rona le dibano tse lokisitsweng hantle tse neng di nyehelwa tabernakeleng tseo ha morao di ileng tsa nyehelwa tempeleng. (Pes. 141:2) Dibano tseo di ne di hlahisa monko o monate oo Jehova a neng a o amohela. Ka tsela e tshwanang, dithapelo tsa rona tse tswang pelong di a “mo kgahlisa” esita le haeba di le kgutshwane. (Liprov. 15:8; Deut. 33:​10) Re na le mabaka a utlwahalang a ho dumela hore Jehova o thabela ho utlwa ha re mo leboha le ha re mo bolella hore re a mo rata. O batla hore re mo bolelle dintho tse re tshwenyang le dintho tseo re di labalabelang. Pele re rapela Jehova, re lokela ho nahana ka ho teba ka seo re tlo se bua. Ha re etsa jwalo, dithapelo tsa rona e tla ba tse kgahlisang Ntate wa rona ya lehodimong.

8. Ke menyetla efe eo re nang le yona ya ho rorisa Modimo?

8 Ho rorisa Jehova. (Pes. 34:1) Re rorisa Jehova ha re bolella batho ka moo re mo ratang le ka moo re ananelang makgabane le mesebetsi ya hae ka teng. Re tla ba le ho hongata hoo re ho buang ka Jehova haeba re ananela dintho tseo a re etseditseng tsona. Ha re nahana ka dintho tsohle tse molemo tseo Jehova a re etseditseng tsona, re tla ba le mabaka a mangata a ho mo rorisa. Mosebetsi wa boboledi o re fa monyetla wa hore re nyehele “ho Modimo sehlabelo sa thoriso, ke hore, ditholwana tsa melomo” ya rona. (Baheb. 13:​15) Pele re rapela Jehova, re lokela ho nahana ka ho teba hore na re tla reng. Ka tsela e tshwanang, pele re bua le batho ka Bibele, re lokela ho nahana hantle hore na re tla reng. Re batla hore ‘sehlabelo sa rona sa thoriso’ e be se molemohadi. Ke ka lebaka leo re tjhesehang ha re bua le batho ka Bibele.

9. Jwalo ka mehleng ya Baiseraele, re fumana melemo efe ka ho ba teng dibokeng? Fana ka mohlala wa ka moo diboka di o thusitseng ka teng.

9 Ho ya dibokeng. Baiseraele ba ile ba fuwa taelo e reng: “Hararo ka selemo, e mong le e mong e motona ho wena o lokela ho hlaha ka pela Jehova Modimo wa hao sebakeng seo a tla se kgetha.” (Deut. 16:​16) Ba ne ba tla siya matlo le masimo ho se na motho ya di sireleditseng. Jehova o ile a ba tshepisa a re: “Ha ho ya tla lakatsa naha ya hao ha o nyoloha ho ya bona sefahleho sa Jehova Modimo wa hao.” (Ex. 34:​24) Ka ha Baiseraele ba ne ba tshepa Jehova ka ho feletseng, ba ne ba ya meketeng eo ya selemo le selemo. Ha ba le moo, ba ne ba fumana melemo e mengata. Ka mohlala, ba ne ba ithuta haholo ka Molao wa Modimo, ba nahana ka moo Jehova a leng molemo ka teng ho bona ba bile ba thabela ho ba hara barapedi ba bang ba Jehova. (Deut. 16:​15) Re fumana melemo e tshwanang ha re etsa sohle seo re ka se kgonang hore re be teng dibokeng. Nahana feela hore na Jehova o thaba hakaakang ha re fana ka dikarabo tse kgutshwane tse lokiseditsweng hantle.

10. Ke hobaneng ha ho bina e le karolo ya bohlokwa borapeding ba rona?

10 Ho binela Jehova. (Pes. 28:7) Baiseraele ba ne ba nka ho bina e le ntho ya bohlokwa borapeding ba bona. Morena Davida o ile a kgetha Balevi ba 288 hore e be dibini tempeleng. (1 Likron. 25:​1, 6-8) Mehleng ena re ka bontsha Modimo hore re a mo rata ka ho mo binela dipina tsa thoriso. Ha se hore re lokela ho ba dikgeleke e le hore re binele Jehova. Nahana ka taba ena: Le hoja ha re bua “re kgoptjwa hangata,” taba eo ha e re sitise hore re bue ha re le phuthehong kapa re le tshimong. (Jak. 3:2) Ka tsela e tshwanang, re ntse re ka binela Jehova dipina tsa thoriso le hoja re nahana hore ha re dikgeleke.

11. Jwalo ka ha ho hlalositswe ho Pesaleme ya 48:​13, ke hobaneng ha re lokela ho ipha nako ya ho ithuta Bibele re le lelapa?

11 Ho bala Bibele le ho ruta bana ka Jehova. Ka letsatsi la Sabatha, Baiseraele ba ne ba sa sebetse empa ba ne ba sebedisa letsatsi leo ho matlafatsa setswalle sa bona le Jehova. (Ex. 31:​16, 17) Ba bang ba ne ba ruta bana ba bona ka Jehova le ka melemo ya hae. Le rona mehleng ena re tlameha ho ipha nako ya ho bala le ho ithuta Lentswe la Modimo. Ho etsa jwalo ke karolo ya borapedi ba rona ho Jehova ebile ho re thusa ho atamela haufi le yena. (Pes. 73:​28) Ha re ithuta Bibele re le lelapa, re thusa bana ba rona hore e be metswalle e haufi ya Ntate wa rona ya lerato Jehova.​—Bala Pesaleme ya 48:13.

12. Re ithutang tseleng eo Jehova a ileng a tadima batho ba neng ba etsa disebediswa tsa tabernakele ka yona?

12 Ho haha le ho lokisa dibaka tsa rona tsa borapedi. Bibele e re mosebetsi wa ho etsa tabernakele le disebediswa tsa yona e ne e le ‘mosebetsi o halalelang.’ (Ex. 36:​1, 4) Le mehleng ena, Jehova o nka ho haha Diholo Tsa Mmuso le dibaka tse ding tsa borapedi e le tshebeletso e halalelang. Bara le baradibabo rona ba bang ba qeta nako e ngata ba etsa mosebetsi ona. Re ananela mosebetsi wohle oo ba o etsang bakeng sa Jehova. Empa ba ntse ba lokela ho kenya letsoho mosebetsing wa boboledi. Ba bang ba bona ba ka nna ba batla ho ba bopulamadiboho. Baholo ba ka bontsha hore ba kenya letsoho mosebetsing ona wa kaho ka ho dumella bara le baradi bana babo rona ba sebetsang ka thata hore e be bopulamadiboho ha ba tshwaneleha. Ho sa tsotellehe hore na re na le tsebo ka mosebetsi wa kaho kapa tjhe, kaofela ha rona re lokela ho kenya letsoho hore mehaho ena e hlweke e be e dule e le maemong a matle.

13. Re lokela ho tadima menehelo eo re e ntshang bakeng sa mosebetsi wa boboledi jwang?

13 Ho tshehetsa mosebetsi wa boboledi ka menehelo. Baiseraele ba ne ba sa lokela ho hlaha ka pela Jehova ba sa nka letho. (Deut. 16:​16) Ba ne ba lokela ho fana ka dimpho ho latela ka moo ba neng ba kgona ka teng. Ka ho etsa jwalo, ba ne ba bontsha hore ba ananela dintho tsohle tseo Jehova a ba etseditseng tsona. Re ka bontsha jwang hore re rata Jehova ebile re ananela dintho tsohle tseo a re etsetsang tsona? Tsela e nngwe eo re ka etsang jwalo ka yona, ke ka ho fana ka monehelo wa phutheho le wa lefatshe lohle ho latela ka moo maemo a rona a re dumellang ka teng. Moapostola Pauluse o ile a re: “Haeba ho itokisa ho le teng pele, ho amoheleha ka ho kgethehileng ho ya ka seo motho a nang le sona, eseng ho ya ka seo motho a se nang sona.” (2 Bakor. 8:​4, 12) Jehova o thabela monehelo oo re o ntshang le haeba o se mongata.​—Mar. 12:​42-44; 2 Bakor. 9:7.

14. Ho ya ka Liproverbia 19:​17, Jehova o ikutlwa jwang ha re thusa bara le baradibabo rona ba hlokang?

14 Ho thusa Bakrestemmoho le rona ba hlokang thuso. Jehova o ile a tshepisa Baiseraele hore o tla ba hlohonolofatsa haeba ba thusa mafutsana. (Deut. 15:​7, 10) Ka mehla ha re thusa barapedimmoho le rona ba hlokang, Jehova o nka seo e le ho mo fa mpho. (Bala Liproverbia 19:​17.) Mohlala, ha Bakreste ba Filipi ba romella mpho ho Pauluse ha a ne a le teronkong, o ile a re ke “sehlabelo se amohelehang, se kgahlisang haholo ho Modimo.” (Bafil. 4:​18) Nahana ka batho ba phuthehong ya heno e be o a ipotsa, ‘Na ho na le motho eo nka mo thusang?’ Jehova o a thaba ha a bona re sebedisa nako, matla, bokgoni le dintho tse ding tseo re nang le tsona ho thusa ba hlokang. O nka ho etsa jwalo e le karolo ya borapedi ba rona.​—Jak. 1:27.

BORAPEDI BA NNETE BO A RE THABISA

15. Ke hobaneng ha borapedi ba rona e se morwalo le hoja bo hloka nako le boitelo ba rona?

15 Re hloka nako le boitelo e le hore re be barapedi ba nnete. Empa ho etsa jwalo ha se morwalo. (1 Joh. 5:3) Hobaneng? Re sebeletsa Jehova hobane re mo rata. Nahana ka ngwana e monyenyane ya batlang ho fa ntate wa hae mpho. A ka nna a qeta nako e ngata a toroyela ntate wa hae setshwantsho. Ngwana eo, ha a ikwahlaele nako eo a e qetileng a ntse a toroya. O rata ntate wa hae ebile o thabela ho mo fa mpho eo. Ka tsela e tshwanang, ka ha re rata Jehova, re thabela ho sebedisa nako le matla a rona ho mo sebeletsa.

16. Ho ya ka Baheberu 6:​10, Jehova o ikutlwa jwang ka dintho tseo e mong le e mong wa rona a di etsang ho mo thabisa?

16 Batswadi ha ba a lebella hore ba fumane mpho e tshwanang ho tswa ho bana bohle ba bona. Ba a hlokomela hore bana ha ba tshwane mme le seo ba se etsang se ke ke sa tshwana. Ka tsela e tshwanang, Ntate wa rona ya lehodimong o utlwisisa maemo a e mong le e mong wa rona. Mohlomong o etsa ho fetang hoo batho ba bang ba ho etsang. Mohlomong ha o kgone ho etsa dintho tseo batho ba bang ba di etsang hobane o a kula, o tsofetse kapa o na le boikarabelo ba lelapa. O se ke wa nyahama. (Bagal. 6:4) Jehova a ke ke a lebala mosebetsi wa hao. O tla thaba haeba o fana ka sohle seo o ka se kgonang ebile e le ka sepheo se nepahetseng. (Bala Baheberu 6:​10.) Jehova o tseba dintho tseo o ka ratang ho di etsa. O batla hore o thabe o be o kgotsofatswe ke dintho tseo o kgonang ho mo etsetsa tsona.

17. (a) Re ka etsang haeba re thatafallwa ke ho etsa dintho tse itseng tse amang borapedi ba rona? (b) Dintho tse hlahang lebokoseng le reng “ Eketsa Thabo ya Hao” di o thusitse jwang?

17 Re ka etsang haeba re thatafallwa ke ho etsa dintho tse ding tseo re buileng ka tsona, tse kang ho ithuta Bibele kapa ho bua le batho ka Modimo? Re tla thaba ebile re tla rua molemo haeba re etsa dintho tseo kgafetsa. Re ka tshwantsha borapedi ba rona le ho etsa dintho tse itseng, tse kang ho ikwetlisa kapa ho bapala seletsa sa mmino. Haeba re sa ikwetlise kapa ho bapala seletsa sa mmino kgafetsa, re ke ke ra kgona ho ntlafatsa. Ho tla etsahalang haeba re etsa dintho tsee letsatsi le leng le le leng? Qalong re ka nna ra di etsa metsotso e seng mekae feela ebe ha nako e ntse e ya re eketsa nako. Ha re bona melemo ya boitelo ba rona, re tla labalabela hore nako ya ho ikwetlisa kapa ho bapala seletsa sa mmino e fihle ebile re tla natefelwa ke ho etsa jwalo. Re ka etsa jwalo le borapeding ba rona.

18. Ke ntho efe ya bohlokwa ka ho fetisisa eo re ka e etsang, hona ho tla etsahalang ha re etsa jwalo?

18 Ho etsa sohle seo re ka se kgonang borapeding ba rona ho Jehova ke ntho ya bohlokwa haholo eo re ka e etsang. Ha re etsa jwalo, re tla thabela bophelo bo monate le bo kgotsofatsang mme re be le tshepo ya ho sebeletsa Jehova ka ho sa feleng. (Liprov. 10:​22) Le hona jwale re na le kgotso hobane re a tseba hore Jehova o tla re thusa ha re kopana le mathata. (Esa. 41:​9, 10) Re na le mabaka a utlwahalang a ho thaba ha re sebeletsa Ntate wa rona ya lerato hobane o tshwanelwa ke “ho amohela kganya le tlhompho” ho tswa popong yohle ya hae!​—Tšen. 4:11.

PINA YA 24 Tloong Thabeng ya Jehova

^ Re lokela ho sebeletsa Jehova ka ha ke yena ya bopileng dintho tsohle. Jehova o amohela borapedi ba rona haeba re mamela melao le melaomotheo ya hae. Sehloohong sena, re tlo tshohla dintho tse robedi tseo re ka di etsang borapeding ba rona. Re tla ithuta ka moo re ka ntlafatsang ka teng dinthong tsena le ka moo ho etsa jwalo ho ka re thabisang ka teng.