Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 14

Baholo, Tsoelang Pele ho Etsisa Moapostola Pauluse

Baholo, Tsoelang Pele ho Etsisa Moapostola Pauluse

“E-bang baetsisi ba ka.”​—1 BAKOR. 11:1.

PINA EA 99 Bakreste-’moho le ’Na ba Limilione

SEO RE TL’O ITHUTA SONA *

1-2. Mohlala oa moapostola Pauluse o ka thusa baholo joang mehleng ee?

 MOAPOSTOLA Pauluse o ne a rata bara ba bo. O ile a sebetsa ka thata hore a ba hlokomele. (Lik. 20:31) Ke ka lebaka lena bara le barali ba bo ba neng ba mo rata haholo. Ka lekhetlo le leng ha baholo ba Efese ba utloa hore ha ba sa tla mo bona hape, ho ile “ha tsoha ho lla ho hoholo har’a bona.” (Lik. 20:37) Baholo le bona ba sebetsa ka thata ebile ba rata Bakreste-’moho le bona haholo hoo ba ikemiselitseng ho etsa sohle se matleng a bona ho ba thusa. (Bafil. 2:16, 17) Empa ka linako tse ling, ho ba thata hore baholo ba etse lintho tsohle tseo ba lokelang ho li etsa. Ke’ng e ka ba thusang?

2 Baholo bana ba sebetsang ka thata ba ka hlahloba mohlala oa Pauluse. (1 Bakor. 11:1) Pauluse e ne e le motho joaloka rona. O ne a sa phethahala ’me ka linako tse ling o ne a thatafalloa ke ho etsa se nepahetseng. (Bar. 7:18-20) Hape o ne a e-na le mathata a mangata. Empa Pauluse ha aa ka a felloa ke thabo ’me ha aa ka a emisa ho sebeletsa bara ba bo. Ha baholo ba etsisa Pauluse, ba tla tsoela pele ho sebeletsa Jehova ba thabile leha ba e-na le mathata. A re boneng hore na ba ka etsa seo joang.

3. Re tl’o hlahloba eng sehloohong see, hona ke’ng hape eo re tl’o ithuta eona?

3 Sehloohong sena re tl’o hlahloba lintho tse ’nè tse ka ’nang tsa thatafalla baholo, e leng. (1) ho ba le nako e lekaneng ea ho ea tšimong le ho etsa mesebetsi e meng, (2) ho ba le nako e lekaneng bakeng sa ho khothatsa Bakreste-’moho, (3) ho se nyahamisoe ke mefokolo ea bona le (4) ho sebetsa ’moho le batho ba sa phethahalang. Re tla ithuta hore na ke eng e ileng ea thusa Pauluse le hore na baholo ba ka etsisa mohlala oa hae joang.

HO BA LE NAKO E LEKANENG EA HO EA TŠIMONG LE HO ETSA MESEBETSI E MENG

4. Ke hobane’ng ha ka linako tse ling baholo ba ka thatafalloa ke ho etella pele mosebetsi oa boboleli?

4 Ke hobane’ng ha ho ka ba thata? Ntle le ho etella pele mosebetsing oa boboleli, baholo ba na le mosebetsi o mongata oo ba lokelang ho o etsa. Ka mohlala, baholo ba bangata ba atisa ho tsamaisa liboka tsa har’a beke kapa ho khanna Thuto ea Bibele ea Phutheho. Hape ba fana ka lipuo tse ling. Ba boetse ba koetlisa bahlanka ba sebeletsang ebile ba thabela ho khothatsa Bakreste-’moho le bona. (1 Pet. 5:2) Baholo ba bang ba haha le ho lokisa Liholo Tsa ’Muso le mehaho e meng ea mokhatlo. Ho ntse ho le joalo, mosebetsi o ka sehloohong oo baholo ba o etsang ke ho ruta batho Bibele joaloka ba bang bohle ka phuthehong.​—Mat. 28:19, 20.

5. Pauluse o behile mohlala ofe mosebetsing oa boboleli?

5 Mohlala oa Pauluse. Ho Bafilipi 1:10 Pauluse oa re bolella hore na ke’ng e mo thusitseng hore e be ’moleli ea atlehang. O re: ‘Le nepisise lintho tsa bohlokoa haholo.’ Pauluse o ile a etsa sona seo. O ile a abeloa ho etsa mosebetsi oa boboleli ’me ka lilemo tse ngata mosebetsi ona o ne o tla pele bophelong ba hae. O ne a ruta batho ka Molimo “phatlalatsa le ka ntlo le ntlo.” (Lik. 20:20) O ne a sa rute ka linako tse itseng feela kapa hanngoe ka beke. O ne a sebelisa monyetla o mong le o mong hore a rute batho ka Molimo. Ka mohlala ha a ntse a emetse metsoalle ea hae Athene, o ile a ruta batho ba tummeng ka Molimo ’me ba bang ba bona ba ile ba amohela molaetsa oo. (Lik. 17:16, 17, 34) Esita leha a ne a le litlamong, o ne a ntse a bua le batho bao a nang le bona ka Molimo.​—Bafil. 1:13, 14; Lik. 28:16-24.

6. Pauluse o ile a koetlisa ba bang hore ba etse’ng?

6 Pauluse o ile a sebelisa nako ea hae hantle. Hangata o ne a mema ba bang hore ba tsamaee le eena mosebetsing oa boboleli. Ka mohlala leetong la hae la pele la borumuoa, o ile a tsamaea le Johanne eo hape a bitsoang Mareka ’me leetong la hae la bobeli o ile a tsamaea le Timothea. (Lik. 12:25; 16:1-4) E tlameha ebe Pauluse o ile a sebetsa ka thata ho koetlisa banna bana hore ba hlophise phutheho, ba khothatse Bakreste-’moho le bona hape e be mesuoe e hloahloa.​—1 Bakor. 4:17.

Etsisa mohlala oa Pauluse ka hore u lule u le malala-a-laotsoe ho bua le batho ka molaetsa oa Bibele (Sheba serapa sa 7) *

7. Baholo ba ka latela keletso ea Pauluse e ho Baefese. 6:14, 15 joang?

7 Seo baholo ba ka ithutang sona. Baholo ba ka etsisa Pauluse ka hore ba etse mosebetsi oa boboleli ka ntlo le ntlo le ho sebelisa menyetla eohle e hlahang ho etsa mosebetsi ona. (Bala Baefese 6:14, 15.) Mohlala, ba ka bua le batho ka Bibele ha ba ile mabenkeleng kapa ha ba le mosebetsing. Hape ha ba thusa ka kaho ea Liholo Tsa ’Muso, ba ka pakela batho ba lulang haufi le moo ba sebetsang teng. Ba ka boela ba pakela batho ba ba rekisetsang lintho. Baholo ba ka etsisa Pauluse ka hore ha ba le mosebetsing oa boboleli ba koetlise ba bang, ho akareletsa le bahlanka ba sebeletsang.

8. Ka linako tse ling ho ka hlokahala hore moholo a etse’ng?

8 Baholo ha baa lokela ho phathahana haholo ka mesebetsi ea phutheho kapa ea potoloho hoo ba ka hlolehang ho fumana nako ea ho etsa mosebetsi oa boboleli. Ka linako tse ling ba ka ’na ba lokela ho hana ho fuoa mesebetsi e eketsehileng e le hore ba ka ba le nako ea ho etsa lintho tse ling tseo ba lokelang ho li etsa. Ka mor’a ho rapela le ho nahanisisa pele ba etsa qeto, ba ka ’na ba hlokomela hore haeba ba ka amohela mosebetsi o itseng, ba ka ’na ba se ke ba e-ba le nako ea ho etsa lintho tse ling tsa bohlokoa haholo. Lintho tseo e ka ba ho tšoara borapeli ba lelapa beke le beke, ho etsa mosebetsi oa boboleli le ho koetlisa bana hore ba etse mosebetsi ona. Ke ’nete hore ho ka ’na ha e-ba thata hore baholo ba bang ba se ke ba amohela boikarabelo bo eketsehileng ha ba bo fuoa. Empa ba ka kholiseha hore Jehova oa utloisisa hore ba batla ho leka-lekanya lintho.

HO BA MOLISA EA TSOTELLANG MOHLAPE

9. Baholo ba ka thatafalloa ke ho etsa’ng ka lebaka la ho phathahana?

9 Ke hobane’ng ha ho ka ba thata? Batho ba Jehova ba tobana le mathata a mangata. Matsatsing ana a ho qetela, kaofela ha rona re hloka ho khothatsoa, ho thusoa le ho tšelisoa. Ka linako tse ling, ba bang ba hloka thuso e le hore ba qobe ho etsa lintho tse fosahetseng. (1 Bathes. 5:14) Ke ’nete hore baholo ba ke ke ba tlosa liteko tsohle tseo batho ba Molimo ba kopanang le tsona. Ho ntse ho le joalo, Jehova o batla hore baholo ba etse sohle seo ba ka se khonang ho khothatsa le ho sireletsa linku tsa hae. Joale, baholo ba nang le lintho tse ngata tseo ba lokelang ho li etsa, ba ka khothatsa Bakreste-’moho le bona joang?

Babatsa ba bang u be u ba matlafatse (Sheba serapa sa 10 le 12) *

10. Ho ea ka 1 Bathesalonika 2:7, Pauluse o ile a etsa’ng e le hore a hlokomele batho ba Jehova?

10 Mohlala oa Pauluse. Pauluse o ne a lula a batla menyetla ea ho babatsa le ho khothatsa Bakreste-’moho le eena. Ke habohlokoa hore baholo ba etsise mohlala oa Pauluse ka hore ba rate Bakreste-’moho le bona le ho ba tsotella. (Bala 1 Bathesalonika 2:7.) Pauluse o ile a kholisa Bakreste-’moho le eena hore oa ba rata ebile le Jehova oa ba rata. (2 Bakor. 2:4; Baef. 2:4, 5) Pauluse o ne a nka litho tsa phutheho e le metsoalle ea hae ’me o ne a qeta nako a e-na le bona. O ile a bontša hore oa ba tšepa ka ho ba bolella lintho tse mo tšoenyang le mefokolo ea hae. (2 Bakor. 7:5; 1 Tim. 1:15) Leha ho le joalo, Pauluse ha aa ka a tšoenyeha haholo ka mathata a hae. Empa o ne a batla ho thusa Bakreste-’moho le eena.

11. Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a khalemela Bakreste-’moho le eena?

11 Ka linako tse ling Pauluse o ne a khalemela Bakreste-’moho le eena. Empa o ne a sa ba khalemele hobane a ne a koatile. O ne a etsa joalo hobane a ne a ba tsotella ebile a batla ho ba sireletsa likotsing tse ka ba hlahelang. O ile a bua ka tsela e bonolo e neng e tla ba thusa hore ba khone ho amohela khalemelo. Ka mohlala, lengolong la hae le eang ho Bakorinthe, Pauluse o ile a ba khalemela ka matla. Ka mor’a ho ba ngolla lengolo leo, o ile a romela Tite ho bona. O ile a thaba haholo ha a utloa hore ba amohetse khalemelo eo.​—2 Bakor. 7:6, 7.

12. Baholo ba ka matlafatsa Bakreste-’moho le bona joang?

12 Seo baholo ba ka ithutang sona. Baholo ba ka etsisa mohlala oa Pauluse ka ho qeta nako ba e-na le Bakreste-’moho le bona. Ba ka etsa sena ka hore ba fihle esale ka nako libokeng e le hore ba ka khothatsana le Bakreste-’moho. Hangata ha ho hlokahale nako e telele ho fa mora kapa morali oabo rona khothatso eo a e hlokang. (Bar. 1:12; Baef. 5:16) Moholo ea etsisang mohlala oa Pauluse o sebelisa Bibele ha a khothatsa bara le barali babo rona le ho ba kholisa hore Jehova oa ba rata. O boetse o bolella ba tlhokomelong ea hae hore oa ba rata. O buisana le bona hangata ’me o lula a batla menyetla ea ho ba babatsa. Ha moholo a fana ka keletso, o fana ka eona a sebelisa Lentsoe la Molimo. O toba taba empa o bua ka mosa e le hore motho ea fuoang keletso a ka e amohela.​—Bagal. 6:1.

HO SE NYAHAMISOE KE MEFOKOLO EA BONA

13. Ho se phethahale ha baholo ho ka ba ama joang?

13 Ke hobane’ng ha ho ka ba thata? Baholo ha baa phethahala. Le bona ba etsa liphoso joaloka motho e mong le e mong. (Bar. 3:23) Ka linako tse ling, baholo ba ka thatafalloa ke ho bona mefokolo ea bona ka tsela e nepahetseng. Ba bang ba ka tšoenyeha haholo ka ho se phethahale ha bona hoo ba ka qetellang ba nyahame. Ba bang ba ka ’na ba iphapanyetsa mefokolo ea bona hoo ba ka hlolehang ho etsa liphetoho tse hlokahalang.

14. Ho ea ka Bafilipi 4:13, boikokobetso bo ile ba thusa Pauluse joang hore a sebetsane le mefokolo ea hae?

14 Mohlala oa Pauluse. Kaha Pauluse o ne a ikokobelitse, o ile a hlokomela hore o hloka thuso e le hore a ka sebetsana le mefokolo ea hae. O ne a hloka thuso ea Molimo. Nakong e fetileng, Pauluse o ne a kile a hlorisa Bakreste. Empa hamorao o ile a utloisisa hore ntho eo a neng a e etsa e ne e fosahetse ’me o ne a ikemiselitse ho fetoha. (1 Tim. 1:12-16) Jehova o ile a thusa Pauluse ’me e ile ea e-ba moholo ea lerato, ea mosa le ea ikokobelitseng. O ne a tseba hore o na le mefokolo empa ha aa ka a lula a ngongoreha ka eona. Ho e-na le hoo, o ne a lumela hore Jehova o tla mo tšoarela. (Bar. 7:21-25) Pauluse o ne a sa lebella hore a phethahale. Empa o ile a sebetsa ka thata hore a be le makhabane a Bokreste ’me o ile a ikokobetsa le ho itšetleha ka Jehova hore a mo thuse e le hore a ka etsa mosebetsi oa hae.​—1 Bakor. 9:27; bala Bafilipi 4:13.

Sebetsa ka thata ho hlola mefokolo ea hao (Sheba serapa sa 14 le 15) *

15. Baholo ba ka thusoa ke eng ho ba le pono e nepahetseng ka mefokolo ea bona?

15 Seo baholo ba ka ithutang sona. Baholo ha baa khethoa hobane ba phethahetse. Leha ho le joalo, Jehova o lebelletse hore ba lumele liphoso tsa bona ’me ba etse liphetoho moo ho hlokahalang. (Baef. 4:23, 24) Moholo o lokela ho itlhahloba a sebelisa Lentsoe la Molimo e le hore a bone hore na ke hokae moo a lokelang ho etsa liphetoho. Haeba a etsa joalo, Jehova o tla mo thusa hore a thabe ’me e be moholo ea molemo.​—Jak. 1:25.

HO SEBETSA ’MOHO LE BATHO BA SA PHETHAHALANG

16. Ho ka etsahala’ng haeba moholo a lula a shebile mefokolo ea ba bang?

16 Ke hobane’ng ha ho ka ba thata? Ho ka ba bonolo hore baholo ba bone mefokolo ea bara le barali babo rona ka phuthehong kaha ba qeta nako ba e-na le bona. Haeba ba se hlokolosi, ba ka ’na ba teneha, ba se ke ba e-ba mosa kapa ba tšoaea-tšoaea ba bang liphoso. Pauluse o ile a eletsa Bakreste hore Satane o tla thaba haeba ba ba joalo.​—2 Bakor. 2:10, 11.

17. Pauluse o ne a talima Bakreste-’moho le eena joang?

17 Mohlala oa Pauluse. O ne a lula a nahana ka lintho tse ntle tseo Bakreste-’moho le eena ba li etsang. O ne a tseba hore le bona ba etsa liphoso hobane ka linako tse ling liphoso tseo li ne li mo utloisa bohloko. Pauluse o ne a tseba hore ha motho a etsa phoso, taba eo ha e bolele hore ke motho ea mobe. O ne a rata Bakreste-’moho le eena ’me a lula a bona lintho tse ntle tseo ba li etsang. Ha Bakreste-’moho le eena ba thatafalloa ke ho etsa se nepahetseng, o ne a batla ho ba thusa hobane a nahana hore ba na le boikemisetso ba ho etsa se nepahetseng.

18. U ithuta’ng tseleng eo Pauluse a ileng a thusa Evodia le Syntike ka eona? (Bafilipi 4:1-3)

18 Ka mohlala, nahana kamoo Pauluse a ileng a thusa barali ba bo ba babeli ba phuthehong ea Filipi. (Bala Bafilipi 4:1-3.) Ho ne ho e-na le taba eo Evodia le Syntike ba neng ba sa lumellane ka eona e ileng ea etsa hore e se ke ea hlola e e-ba metsoalle. Pauluse o ile a ba mosa ’me ha aa ka a ba tšoaea liphoso empa o ile a sheba makhabane a bona. Barali bana ba bo ba tšepahalang ba ne ba sebelelitse Jehova ka nako e telele. Pauluse o ne a tseba hore Jehova oa ba rata. Kaha Pauluse o ne a e-na le boikutlo bo botle ka barali bana ba bo, o ile a ba khothalletsa hore ba lokise litaba. O ne a shebile lintho tse ntle tseo ba bang ba li etsang ’me o ile a lula a thabile le ho etsa hore ho lule ho e-na le khotso ka phuthehong.

Qoba ho ahlola ba bang (Sheba serapa sa 19) *

19. (a) Ke joang baholo ba ka lulang ba e-na le maikutlo a matle ka Bakreste-’moho? (b) Re ithuta’ng setšoantšong sa moholo ea hloekisang Holo ea ’Muso?

19 Seo baholo ba ka ithutang sona. Baholo, shebang makhabane ao bara le barali babo rona ba nang le ’ona. Kaofela ha rea phethahala empa e mong le e mong o na le makhabane a ratehang. (Bafil. 2:3) Ke ’nete hore ka linako tse ling baholo ba lokela ho fa bara le barali babo rona keletso. Joaloka Pauluse, baholo ba lokela ho sebetsa ka thata e le hore ba qobe ho sheba liphoso tseo bara le barali ba bo rona ba li etsang. Ba lokela ho hopola hore bara le barali babo rona ba rata Jehova, ba mo sebeletsa ba sa khaotse ebile ba batla ho etsa lintho tse nepahetseng. E mong le e mong ka phuthehong o tla ikutloa a ratoa haeba baholo ba ameha ka ho sheba makhabane a bara le barali babo rona.

TSOELANG PELE HO ETSISA PAULUSE

20. Baholo ba ka tsoela pele ho ithuta mohlaleng oa Pauluse joang?

20 Ho na le lintho tse ngata tseo baholo ba ka ithutang tsona mohlaleng oa Pauluse. Mohlala, u ka ea ho Watch Tower Publications Index oa sheba sehlooho se reng “Pauluse” ebe u sheba sehloohoana se reng “mohlala bakeng sa baholo” se fumanehang ka Senyesemane. Ha u ntse u bala lintlha tse hlahang moo, ipotse, ‘Mohlala oa Pauluse o ka nthusa joang hore ke lule ke thabile ha ke ntse ke etsa mosebetsi oa ka ke le moholo?’

21. Baholo ba ka kholiseha ka eng?

21 Baholo, hopolang hore Jehova o batla hore le tšepahale eseng hore le phethahale. (1 Bakor. 4:2) Jehova o ne a ananela mosebetsi oohle o boima oo Pauluse a neng a o etsa le botšepehi ba hae. Kholisehang hore Molimo o ananela mosebetsi oo le mo etsetsang oona. Jehova a ke ke a ‘lebala mosebetsi oa lona le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae, ka hore le sebelelitse bahalaleli ’me le tsoela pele ho sebeletsa.’​—Baheb. 6:10.

PINA 87 Tloong le Khatholloe

^ Re ananela haholo mosebetsi o boima oo baholo ba o etsang ho re thusa. Sehloohong sena, re tl’o buisana ka lintho tse ’nè tseo ka linako tse ling ho seng bonolo hore baholo ba li etse. Re tla boela re hlahlobe hore na mohlala oa moapostola Pauluse o ka ba thusa joang hore ba etse lintho tsena. Sehlooho sena se tl’o re thusa hore re ikenye lieteng tsa baholo ’me re bontše hore rea ba rata le ho ba tšehetsa.

^ LITŠOANTŠO: Mor’abo rona o bua le mosebetsi-’moho ka molaetsa oa Bibele ha ba chaisa mosebetsing.

^ LITŠOANTŠO: Moholo o khothatsa mor’abo rona ea tloaetseng ho itšehla thajana.

^ LITŠOANTŠO: Mor’abo rona o eletsa mor’abo rona e mong eo ho nang le ntho e mo koatisitseng.

^ LITŠOANTŠO: Moholo ha a fele pelo ha mor’abo rona e mong a emisa ho etsa mosebetsi oo a ithaopetseng oona hobane ho e-na le ntho e mo sitisang.