Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U ka Etsan’g ha U Tšoenyehile?

U ka Etsan’g ha U Tšoenyehile?

HO TŠOENYEHA ho ka etsa hore re ikutloe re imetsoe haholo. (Liprov. 12:​25) Na u kile oa ikutloa u imetsoe ka lebaka la ho tšoenyeha? Na u na le ho utloa eka ha u sa khona ho mamella? Haeba ho joalo ha u mong. Bongata ba rona re khathetse, re tšoenyehile ebile re imetsoe hobane ba bang ba rona re hlokomela setho sa lelapa se kulang, re hlokahalletsoe kapa re hlahetsoe ke koluoa ea tlhaho. Joale re ka etsa’ng ha re ikutloa re tšoenyehile? *

Re ka ithuta lintho tse ngata tseo re ka li etsa’ng ha re tšoenyehile mohlaleng oa Morena Davida. O ile a ba le mathata a mangata ’me ka linako tse ling bophelo ba hae bo ne bo e-ba kotsing. (1 Sam. 17:​34, 35; 18:​10, 11) Davida o ne a etsa’ng ha a tšoenyehile? Hona re ka mo etsisa joang?

DAVIDA O NE A ETSA’NG HA A TŠOENYEHILE?

Davida o ne a e-na le mathata a mangata ka nako e le ’ngoe. Nahana hore na ho ile ha etsahala’ng nakong eo a neng a baleha Morena Saule ea neng a batla ho mo bolaea. Ha Davida le banna bao a neng a e-na le bona ba khutla ntoeng, ba ile ba tšoha ha ba fumana lira tsa bona li utsoitse lintho tsa bona, li chesitse matlo a bona ebile li nkile ba malapa a bona. Davida o ile a etsa’ng? “Davida le batho ba neng ba e-na le eena ba qala ho phahamisa mantsoe le ho lla, ho fihlela ho se ho se na matla ka ho bona a ho hlola ba lla.” Davida o ile a tšoenyeha le ho feta hobane banna bao “ba ne ba re ba mo tlepetsa ka majoe.” (1 Sam. 30:​1-6) Davida o ne a e-na le mathata a neng a etsahala ka nako e le ’ngoe. Lelapa la hae le ne le le kotsing, banna bao a neng a e-na le bona ba ne ba batla ho mo bolaea ebile Morena Saule o ne a ntse a mo lelekisa. U ka inahanela feela hore na Davida o ne a tšoenyehile hakae!

Davida o ile a etsa’ng ka mor’a moo? Hang-hang o ile a “imatlafatsa ka Jehova Molimo oa hae.” O ile a etsa seo joang? Davida o ne a lula a kopa hore Jehova a mo thuse a bile a nahana kamoo a ileng a mo thusa kateng nakong e fetileng. (1 Sam. 17:​37; Pes. 18:​2, 6) O ne a tseba hore o lokela ho kopa Jehova hore a mo thuse. Kahoo, o ile a botsa Jehova hore na a etse’ng. Ka mor’a moo Davida o ile a etsa seo Jehova a ileng a re a se etse. Ka lebaka leo, Jehova o ile a mo hlohonolofatsa hammoho le banna bao a neng a e-na le bona ’me ba ile ba pholosa ba malapa a bona le ho fumana lintho tsa bona hape. (1 Sam. 30:​7-9, 18, 19) Na u hlokometse lintho tse tharo tseo Davida a ileng a li etsa? O ile a rapela hore Jehova a mo thuse, a nahana ka lintho tseo a ileng a mo etsetsa tsona nakong e fetileng a ba a mo mamela. Re ka etsisa Davida joang? A re bueng ka lintlha tsena tse tharo.

ETSISA DAVIDA HA U TŠOENYEHILE

1. Rapela. Ha u utloa u tšoenyeha, rapela Jehova hore a u thuse a be a u fe bohlale. U ka imoloha ha u bolella Jehova ntho e ’ngoe le e ’ngoe e u tšoenyang. U ka etsa thapelo e khutšoanyane ka pelong haeba ke sona feela seo maemo a hao a u lumellang hore u se etse ka nako eo. Kamehla ha re kopa thuso ho Jehova, re bontša hore rea mo tšepa joaloka Davida ea ileng a re: “Jehova ke lefika la ka le qhobosheane ea ka le Mopholosi oa ka. Molimo oa ka ke lefika la ka. Ke tla tšabela ho eena.” (Pes. 18:2) Na kannete ho rapela ho ka re thusa? Morali oabo rona Kahlia oa pula-maliboho o re: “Ha ke qeta ho rapela ke ikutloa ke e-na le khotso. Ho rapela ho nthusa hore ke nahane joaloka Jehova le hore ke mo tšepe haholoanyane.” Kannete thapelo ke mpho e tsoang ho Jehova e re thusang ha re tšoenyehile.

2. Nahana. Ha u hetla morao, na ho na le mathata ao u a hopolang ao Jehova a ileng a u thusa hore u a mamelle? Ha re nahana kamoo Jehova a ileng a re thusa le ho thusa bahlanka ba hae ba nakong e fetileng, re tla khaotsa ho tšoenyeha ebile re tla mo tšepa le ho feta. (Pes. 18:​17-19) Moholo e mong ea bitsoang Joshua o re: “Ho na le lintho tseo ke li ngotseng fatše tseo ke ileng ka li rapella eaba Jehova o araba lithapelo tsa ka. Li nthusitse ho hopola makhetlo ao ke ileng ka kopa Jehova ntho e itseng eaba o mpha eona.” Ha re lula re nahana kamoo Jehova a ileng a re thusa kateng nakong e fetileng, re ba le matla a hore re loantše ho tšoenyeha.

3. Mamela Jehova. Pele re etsa qeto ea hore na re tla etsa’ng boemong bo itseng, re lokela ho batla keletso Lentsoeng la Molimo. (Pes. 19:​7, 11) Batho ba bangata ba hlokometse hore ha ba etsa lipatlisiso ka lengolo le itseng, ba khona ho utloisisa hore na ba ka le sebelisa joang bophelong ba bona. Mor’abo rona Jarrod eo e leng moholo o re: “Ho etsa lipatlisiso ho nthusa hore ke ithute lintho tse ngata ka lengolo le itseng le ho tseba hore na Jehova o batla hore ke etse lintho joang. Sena se etsa hore ke kholoe seo ke se balang le ho mamela keletso eo ke e fumanang.” Ha re batla keletso ea Jehova ka Bibeleng ebile re e mamela, re tla lula re thabile le hoja re e-na le lintho tse re tšoenyang.

JEHOVA O TLA U THUSA HORE U MAMELLE

Davida o ne a utloisisa hore o hloka thuso ea Jehova e le hore a loantše ho tšoenyeha. O ne a ananela hore ebe Jehova oa mo thusa hoo a ileng a re: “Ka Molimo oa ka nka hloa lerako. Molimo oa ’nete ke eena ea ntlamang haufi-ufi ka mafolofolo.” (Pes. 18:​29, 32) Re ka ’na ra bona eka mathata a rona a tšoana le lebota leo re ke keng ra khona ho le hloa. Leha ho le joalo, Jehova a ka khona ho re thusa hore re hlole mathata leha e le afe a kang lebota. Ha re rapela Jehova, re nahana ka lintho tseo a ileng a re etsetsa tsona nakong e fetileng ebile re mo mamela, re ka kholiseha hore o tla re fa matla le bohlale e le hore re loantše ho tšoenyeha.

^ ser. 2 Motho ea tšoenyehang haholo a ka ’na a hloka ho ea ngakeng.