Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

O ka Etsang ha o Tshwenyehile?

O ka Etsang ha o Tshwenyehile?

HO TSHWENYEHA ho ka etsa hore re ikutlwe re imetswe haholo. (Liprov. 12:25) Na o kile wa ikutlwa o imetswe ka lebaka la ho tshwenyeha? Na o na le ho utlwa eka ha o sa kgona ho mamella? Haeba ho jwalo ha o mong. Bongata ba rona re kgathetse, re tshwenyehile ebile re imetswe hobane ba bang ba rona re hlokomela setho sa lelapa se kulang, re hlokahalletswe kapa re hlahetswe ke koduwa ya tlhaho. Jwale re ka etsang ha re ikutlwa re tshwenyehile? *

Re ka ithuta dintho tse ngata tseo re ka di etsang ha re tshwenyehile mohlaleng wa Morena Davida. O ile a ba le mathata a mangata mme ka dinako tse ding bophelo ba hae bo ne bo eba kotsing. (1 Sam. 17:34, 35; 18:10, 11) Davida o ne a etsang ha a tshwenyehile? Hona re ka mo etsisa jwang?

DAVIDA O NE A ETSANG HA A TSHWENYEHILE?

Davida o ne a ena le mathata a mangata ka nako e le nngwe. Nahana hore na ho ile ha etsahalang nakong eo a neng a baleha Morena Saule ya neng a batla ho mo bolaya. Ha Davida le banna bao a neng a ena le bona ba kgutla ntweng, ba ile ba tshoha ha ba fumana dira tsa bona di utswitse dintho tsa bona, di tjhesitse matlo a bona ebile di nkile ba malapa a bona. Davida o ile a etsang? “Davida le batho ba neng ba ena le yena ba qala ho phahamisa mantswe le ho lla, ho fihlela ho se ho se na matla ka ho bona a ho hlola ba lla.” Davida o ile a tshwenyeha le ho feta hobane banna bao “ba ne ba re ba mo tlepetsa ka majwe.” (1 Sam. 30:1-6) Davida o ne a ena le mathata a neng a etsahala ka nako e le nngwe. Lelapa la hae le ne le le kotsing, banna bao a neng a ena le bona ba ne ba batla ho mo bolaya ebile Morena Saule o ne a ntse a mo lelekisa. O ka inahanela feela hore na Davida o ne a tshwenyehile hakae!

Davida o ile a etsang ka mora moo? Hanghang o ile a “imatlafatsa ka Jehova Modimo wa hae.” O ile a etsa seo jwang? Davida o ne a dula a kopa hore Jehova a mo thuse a bile a nahana ka moo a ileng a mo thusa ka teng nakong e fetileng. (1 Sam. 17:37; Pes. 18:2, 6) O ne a tseba hore o lokela ho kopa Jehova hore a mo thuse. Ka hoo, o ile a botsa Jehova hore na a etseng. Ka mora moo Davida o ile a etsa seo Jehova a ileng a re a se etse. Ka lebaka leo, Jehova o ile a mo hlohonolofatsa ha mmoho le banna bao a neng a ena le bona mme ba ile ba pholosa ba malapa a bona le ho fumana dintho tsa bona hape. (1 Sam. 30:7-9, 18, 19) Na o hlokometse dintho tse tharo tseo Davida a ileng a di etsa? O ile a rapela hore Jehova a mo thuse, a nahana ka dintho tseo a ileng a mo etsetsa tsona nakong e fetileng a ba a mo mamela. Re ka etsisa Davida jwang? A re bueng ka dintlha tsena tse tharo.

ETSISA DAVIDA HA O TSHWENYEHILE

1. Rapela. Ha o utlwa o tshwenyeha, rapela Jehova hore a o thuse a be a o fe bohlale. O ka imoloha ha o bolella Jehova ntho e nngwe le e nngwe e o tshwenyang. O ka etsa thapelo e kgutshwanyane ka pelong haeba ke sona feela seo maemo a hao a o dumellang hore o se etse ka nako eo. Ka mehla ha re kopa thuso ho Jehova, re bontsha hore re a mo tshepa jwalo ka Davida ya ileng a re: “Jehova ke lefika la ka le qhobosheane ya ka le Mopholosi wa ka. Modimo wa ka ke lefika la ka. Ke tla tshabela ho yena.” (Pes. 18:2) Na ka nnete ho rapela ho ka re thusa? Moradiwabo rona Kahlia wa pulamadiboho o re: “Ha ke qeta ho rapela ke ikutlwa ke ena le kgotso. Ho rapela ho nthusa hore ke nahane jwalo ka Jehova le hore ke mo tshepe haholwanyane.” Ka nnete thapelo ke mpho e tswang ho Jehova e re thusang ha re tshwenyehile.

2. Nahana. Ha o hetla morao, na ho na le mathata ao o a hopolang ao Jehova a ileng a o thusa hore o a mamelle? Ha re nahana ka moo Jehova a ileng a re thusa le ho thusa bahlanka ba hae ba nakong e fetileng, re tla kgaotsa ho tshwenyeha ebile re tla mo tshepa le ho feta. (Pes. 18:17-19) Moholo e mong ya bitswang Joshua o re: “Ho na le dintho tseo ke di ngotseng fatshe tseo ke ileng ka di rapella yaba Jehova o araba dithapelo tsa ka. Di nthusitse ho hopola makgetlo ao ke ileng ka kopa Jehova ntho e itseng yaba o mpha yona.” Ha re dula re nahana ka moo Jehova a ileng a re thusa ka teng nakong e fetileng, re ba le matla a hore re lwantshe ho tshwenyeha.

3. Mamela Jehova. Pele re etsa qeto ya hore na re tla etsang boemong bo itseng, re lokela ho batla keletso Lentsweng la Modimo. (Pes. 19:7, 11) Batho ba bangata ba hlokometse hore ha ba etsa dipatlisiso ka lengolo le itseng, ba kgona ho utlwisisa hore na ba ka le sebedisa jwang bophelong ba bona. Morabo rona Jarrod eo e leng moholo o re: “Ho etsa dipatlisiso ho nthusa hore ke ithute dintho tse ngata ka lengolo le itseng le ho tseba hore na Jehova o batla hore ke etse dintho jwang. Sena se etsa hore ke kgolwe seo ke se balang le ho mamela keletso eo ke e fumanang.” Ha re batla keletso ya Jehova ka Bibeleng ebile re e mamela, re tla dula re thabile le hoja re ena le dintho tse re tshwenyang.

JEHOVA O TLA O THUSA HORE O MAMELLE

Davida o ne a utlwisisa hore o hloka thuso ya Jehova e le hore a lwantshe ho tshwenyeha. O ne a ananela hore ebe Jehova o a mo thusa hoo a ileng a re: “Ka Modimo wa ka nka hlwa lerako. Modimo wa nnete ke Yena ya ntlamang haufiufi ka mafolofolo.” (Pes. 18:29, 32) Re ka nna ra bona eka mathata a rona a tshwana le lebota leo re ke keng ra kgona ho le hlwa. Le ha ho le jwalo, Jehova a ka kgona ho re thusa hore re hlole mathata le ha e le afe a kang lebota. Ha re rapela Jehova, re nahana ka dintho tseo a ileng a re etsetsa tsona nakong e fetileng ebile re mo mamela, re ka kgodiseha hore o tla re fa matla le bohlale e le hore re lwantshe ho tshwenyeha.

^ Motho ya tshwenyehang haholo a ka nna a hloka ho ya ngakeng.