Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 17

Bo-’mè, Ithuteng Mohlaleng oa Eunise

Bo-’mè, Ithuteng Mohlaleng oa Eunise

“U se ke oa furalla molao oa ’m’ao. Etsoe ke moqhaka o khahlehang hloohong ea hao le sefaha se setle molaleng oa hao.”​—LIPROV. 1:​8, 9.

PINA EA 137 Mohlala oa Basali ba Tšepahalang

SEO RE TL’O ITHUTA SONA *

Eunise e leng ’mè oa Timothea le nkhono oa hae Loise ba motlotlo ebile ba thabile haholo ha ba mo bona a kolobetsoa (Sheba serapa sa 1)

1, 2. (a) Eunise e ne e le mang, hona ke bothata bofe boo a ileng a kopana le bona? (b) Hlalosa setšoantšo se ka ntle.

 LE HOJA Bibele e sa re letho ka ho kolobetsoa ha Timothea, re se re ka inahanela feela hore na ’mè oa hae Eunise o ne a thabile hakaakang letsatsing leo. (Liprov. 23:​25) Ak’u mo nahane a le motlotlo haholo, a shebile Timothea a eme ka metsing. Oa bososela ha Loise e leng nkhono oa Timothea a atamela pel’a hae ’me a mo tšoara. Oa hlolloa ha Timothea a likela ka metsing. Ho utloahala molumo oa metsi ha Timothea a hlahella ka holim’a oona a bososela. ’Mè oa hae o sitoa ho ithiba ’me oa lla ke thabo. Le hoja ho ne ho se bonolo, Eunise o atlehile ho ruta mora oa hae ho rata Jehova le Mora oa hae, Jesu Kreste. Ke mathata afe ao a ileng a kopana le ’ona ha a ntse a ruta mora oa hae?

2 Batsoali ba Timothea ba ne ba se bolumeling bo le bong. Ntate oa hae e ne e le Mogerike ha nkhono oa hae le ’mè oa hae bona e ne e le Bajuda. (Lik. 16:1) E ka ’na eaba Timothea e ne e ntse e le mocha ha Eunise le Loise e e-ba Bakreste. Empa ntate oa hae eena ha ea ka ea e-ba Mokreste. Ebe Timothea o ne a tla etsa’ng? E tlameha ebe o ne a holile ho lekana hore a ka iketsetsa liqeto. Joale na o ne a tla nka lehlakore la ntate oa hae? Kapa na e ne e tla ba Mokreste?

3. Ho latela Liproverbia 1:​8, 9, Jehova o nka mosebetsi oo bo-’mè ba o etsang oa ho thusa bana ba bona hore e be metsoalle ea hae joang?

3 Bo-’mè ba Bakreste mehleng ena le bona ba rata malapa a bona. Ntho e ka sehloohong eo ba e batlang ke ho thusa bana ba bona hore ba be le setsoalle se haufi le Jehova ’me Jehova Molimo oa rona o ananela boiteko bohle boo ba bo etsang. (Bala Liproverbia 1:​8, 9.) Jehova o thusitse bo-’mè ba bangata ho ruta bana ba bona ho mo rata le ho mo sebeletsa.

4. Bo-’mè ba kopana le mathata afe mehleng ee?

4 Ka tlhaho, bo-’mè ba tšoenyeha ka hore na bana ba bona ba tla khetha ho sebeletsa Jehova joalokaha Timothea a entse. Batsoali ba tseba hantle khatello eo bana ba kopanang le eona lefatšeng lena la Satane. (1 Pet. 5:8) Hape bo-’mè ba bangata ha ba na balekane ba ba thusang ho holisa bana kapa balekane ba bona ha ba sebeletse Jehova. Mohlala, Morali oabo rona Christine * o re: “Monna oa ka e ne e le ntate ea molemo a bile a rata lelapa la hae. Empa o ne a sa batle ha ke thusa bana ba rona hore e be Lipaki Tsa Jehova. Ka lilemo tse ngata ke ne ke lla, ke ipotsa hore na ebe bana ba ka ba tla qetella ba sebelelitse Jehova.”

5. Re tla hlahloba eng sehloohong see?

5 Haeba u ’mè oa Mokreste, le uena joaloka Eunise u ka khona ho thusa bana ba hao ho rata Jehova le ho mo sebeletsa. Sehloohong sena re tla buisana ka hore na u ka etsisa mohlala oa hae joang ho ruta bana ba hao ka seo u se buang le seo u se etsang. Re tla boela re hlahlobe kamoo Jehova a tla u thusa kateng.

RUTA BANA BA HAO KA SEO U SE BUANG

6. Joalokaha ho bontšitsoe ho 2 Timothea 3:​14, 15, ho tlile joang hore Timothea e be Mokreste?

6 Ha Timothea e sa le moshanyana, ’mè oa hae o ile a sebetsa ka thata ho mo ruta “lingoliloeng tse halalelang” ho ea kamoo Bajuda ba neng ba li utloisisa kateng. Ke ’nete hore tsebo ea ’mè oa Timothea e ne e fokola hobane o ne a sa tsebe letho ka Jesu Kreste. Ho ntse ho le joalo, thuto eo Timothea a ileng a e fumana ka Mangolong e ne e lekane ho mo thusa hore e be Mokreste. Empa na e ne e tla ba Mokreste? Ha e se e le mohlankana, o ne a e-na le tokelo ea ho ikhethela hore na e tla ba Mokreste. Ho hlakile hore ’mè oa Timothea o ile a nka karolo ho mo ‘susumelletsa ho lumela’ lithuto tse mabapi le Jesu. (Bala 2 Timothea 3:​14, 15.) E tlameha ebe Eunise o ne a thabile hakaakang hore ebe o ile a ruta mora oa hae ka Jehova le hoja ho ne ho se bonolo! Joalokaha lebitso la hae le bolela “tlholo,” Eunise o ile a fela a hlola mathata e le hore a ka ruta Timothea ho rata Jehova le ho mo sebeletsa.

7. Eunise o ne a ka thusa mora oa hae joang le ka mor’a hore a kolobetsoe?

7 Ha Timothea a ne a kolobetsoa, o ile a fihlela mohato oa bohlokoa haholo bophelong ba hae. Empa ’mè oa hae o ne a ntse a tšoenyehile ka eena le ka mor’a hore a kolobetsoe. O ne a tšoenyehile ka hore na Timothea o tla qeta bophelo ba hae a etsa eng. Na o ne a tla tloaelana le batho ba neng ba tla ba le tšusumetso e mpe ho eena? Na o ne a tla ea sekolong Athene ’me a amohele lithuto tsa filosofi tsa bohetene tse rutoang moo? Na o ne a tla senya nako, matla le mahlaha-hlaha a hae a bocha a sebeletsa hore a rue? Eunise o ne a ke ke a etsetsa Timothea liqeto empa o ne a ka mo thusa. Joang? O ne a ka tsoela pele ho sebetsa ka thata ho ruta mora oa hae ho rata Jehova haholo le ho ananela lintho tsohle tseo Jehova le Mora oa hae, ba li etselitseng lelapa. Ha se batsoali bao balekane ba bona eseng barapeli ba Jehova feela ba kopanang le mathata ha ba thusa bana ba bona ho rata Jehova. Leha batsoali ka bobeli ba sebeletsa Jehova, ho ntse ho ka ba thata ho thusa bana ba bona hore ba sebeletse Jehova. Batsoali ba ka ithuta eng mohlaleng oa Eunise?

8. ’Mè a ka thusa monna oa hae joang ho ruta bana ka Jehova?

8 Ithute Bibele le bana ba hao. Bo-’mè ba Bakreste, haeba balekane ba lona ke Lipaki, Jehova o batla hore le ba thuse ho ruta bana ba lona ka eena. Le ka ba thusa ka hore le tšehetse Borapeli ba Lelapa kamehla. U se ke oa tšoaea Borapeli ba Lelapa liphoso, ho e-na le hoo, nahana ka hore na u ka etsa eng hore bo be monate. Mohlomong u ka thusa monna oa hao ho lokisetsa hore na le tla etsa eng Borapeling ba Lelapa. Hape haeba bana ba lona ba holile ho lekana hore ba ka ithuta buka ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! uena le monna oa hao le ka ba ruta.

9. ’Mè eo monna oa hae eseng Paki a ka fumana thuso hokae?

9 Bo-’mè ba bang ba tlameha ho ithuta Bibele le bana ba bona hobane ba se na balekane kapa balekane ba bona e se Lipaki Tsa Jehova. Haeba ho joalo lelapeng la hao, u se ke oa tšoenyeha haholo. Jehova o tla u thusa. Sebelisa lithulusi tseo Jehova a fanang ka tsona a sebelisa mokhatlo oa hae hore u rute bana ba hao. U ka kopa batsoali ba nang le boiphihlelo ba ho holisa bana hore ba u fe litlhahiso tsa kamoo u ka sebelisang lithulusi tsena borapeling ba lelapa. * (Liprov. 11:​14) U ka kopa Jehova hore a u thuse ho sebelisa lipotso ka tsela e bohlale ho fumana hore na bana ba hao ba ikutloa joang le hore na ba nahana eng. (Liprov. 20:5) U ka ba botsa oa re: ‘Ke mathata afe ao le kopanang le ’ona sekolong?’ e le ho qala puisano e ka u thusang ho ithuta lintho tse ngata ka bana ba hao.

10. Ke eng hape eo u ka e etsang ho thusa bana ba hao ho ithuta ka Jehova?

10 Batla litsela tsa ho ruta bana ba hao ka Jehova. Bua ka Jehova le ka lintho tse ngata tseo a u etselitseng tsona. (Deut. 6:​6, 7; Esa. 63:7) Ho etsa joalo ke habohlokoa, haholo-holo ha le sa khone ho ithuta kamehla le bana ba hao ha le le lapeng. Christine eo re buileng ka eena pejana o re: “Kaha ke ne ke e-na le menyetla e fokolang ea ho buisana le bana ba ka ka Jehova, ke ile ka sebelisa monyetla o mong le o mong o hlahang ho bua le bona ka eena. Re ne re otlolla maoto kapa ke palama le bona ka seketsoaneng ebe ke bua le bona ka popo ea Jehova le ka lintho tse ngata tse ka ba thusang hore e be metsoalle ea hae. Ha bana ba ka ba se ba holile ho lekana, ke ile ka ba khothalletsa hore ba ipalle Bibele ka bobona.” Ho ekeletsa moo, bua lintho tse ntle ka mokhatlo oa Jehova le ka bara le barali babo rona. U se ke oa tšoaea baholo liphoso. Lintho tseo u li buang ka baholo li ka thusa bana ba hao hore ba bue le bona ha ba hloka thuso.

11. Ho latela Jakobo 3:​18, ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho etsa hore ho be le khotso ka lapeng?

11 Khothalletsa khotso ka lapeng. Kamehla bontša monna oa hao le bana hore oa ba rata. Bua ka mosa le tlhompho ha u bua ka monna oa hao u be u rute bana ba hao hore le bona ba etse joalo. Ha u etsa joalo ho tla ba bonolo hore bana ba hao ba ithute ka Jehova. (Bala Jakobo 3:​18.) Nahana ka Jozsef eo e leng pula-maliboho e khethehileng ea Romania. Ha a ntse a hola, ntate oa hae o ile a thatafaletsa eena, ’mè oa hae le bana ba-bo ho sebeletsa Jehova. Jozsef o re: “ ’Mè oa ka o ne a sebetsa ka thata hore ho be le khotso ka lapeng. Ha ntate oa ka a ne a e-ba bohale haholo, ’mè oa ka o ne a e-ba bonolo le ho feta. Ha a ne a hlokomela hore re thatafalloa ke ho hlompha le ho mamela ntate oa rona, o ne a buisana le rona ka Baefese 6:​1-3. Ka mor’a moo o ne a bua ka makhabane ao ntate oa rona a nang le ’ona ’me o ne a re thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha re lokela ho mo ananela. Taba eo e ile ea etsa hore ho be le khotso ka lapeng.”

RUTA BANA BA HAO KA SEO U SE ETSANG

12. Ho ea ka 2 Timothea 1:​5, mohlala oa Eunise o ile oa ama Timothea joang?

12 Bala 2 Timothea 1:5. Eunise o ile a behela Timothea mohlala o motle. O ne a mo rutile hore tumelo ea ’nete e bonahatsoa ka liketso. (Jak. 2:​26) Timothea o ne a bona ka ho hlakileng hore liketso tsa ’mè oa hae li susumetsoa ke ho rata Jehova haholo. O ne a hlokomela hore ’mè oa hae o thabisoa ke ho sebeletsa Jehova. Mohlala oa Eunise o ile oa ama Timothea joang? Moapostola Pauluse o ile a re Timothea o ne a e-na le tumelo e matla joaloka ’mè oa hae. Ha hoa ka hoa iketsahalla feela hore Timothea a be le tumelo. O ne a bone mohlala oa ’mè oa hae ’me a etsa qeto ea ho o latela. Ka ho tšoanang, bo-’mè ba bangata mehleng ena ba thusitse malapa a bona ho sebeletsa Jehova “ka ntle ho lentsoe.” (1 Pet. 3:​1, 2) U ka etsa se tšoanang. Joang?

13. Ke hobane’ng ha ’Mè a lokela ho etsa hore setsoalle sa hae le Jehova e be ntho e tlang pele?

13 Etsa hore setsoalle sa hao le Jehova e be ntho e tlang pele. (Deut. 6:​5, 6) Le uena joaloka bo-’mè ba bangata u tela lintho tse ngata. U tela nako, chelete, boroko le lintho tse ling ho hlokomela litlhoko tsa bana ba hao. Empa ha oa lokela ho phathahana haholo hoo u ka salang u se na nako ea ho matlafatsa setsoalle sa hao le Jehova. Kamehla behella ka thoko nako ea ho rapela moo u leng mong, ho ithuta Bibele le ho ea libokeng. Ka ho etsa joalo, u tla atamela haufi le Jehova hape u tla beha mohlala o motle bakeng sa lelapa la hao le batho ba bang.

14, 15. U ithuta’ng mohlaleng oa Leanne, Maria, le João?

14 Nahana ka mehlala ea bana ba ileng ba ithuta ho rata Jehova le ho mo tšepa ka ho sheba mohlala oa bo-’mè ba bona. Morali e moholo oa Christine e leng Leanne o re: “Re ne re sa khone ho ithuta Bibele ha ntate oa rona a le teng hae. Empa ’mè oa rona o ne a ea libokeng kamehla. Le hoja re ne re sa tsebe Bibele hakaalo, lintho tseo a ileng a li etsa li ile tsa re thusa ho ba le tumelo e matla. Re ile ra tseba hore Lipaki Tsa Jehova li ruta ’nete nako e telele le pele re ka ea libokeng.”

15 Ka linako tse ling ntate oa Maria o ne a otla ’mè le bana ha ba tsoa libokeng. Maria o re: “ ’Mè oa ka ke e mong oa barali babo rona ba sebete ka ho fetisisa bao ke ba tsebang. Ha ke sa le ngoana, ka linako tse ling ke ne ke hana ho etsa lintho hobane ke tšaba hore na batho ba bang ba tla re’ng. Empa ho bona kamoo a neng a le sebete kateng le kamoo a neng a beha Jehova pele bophelong ba hae ho ile ha nthusa hore ke se ke ka tšaba batho.” João, eo ntate oa hae a neng a ba hanela ho bua ka Bibele kapa Jehova ha ba le lapeng o re: “Ntho e ileng ea nthusa haholo ke ho hlokomela hore ’mè oa ka o ne a ikemiselitse ho tela ntho e ’ngoe le e ’ngoe e le hore a khahlise ntate oa ka, empa eseng lerato la hae ho Jehova.”

16. Mohlala o motle oa ’mè o ka ama batho ba bang joang?

16 Bo-’mè, hopolang hore mohlala oa lona o ama batho ba bang. O ba ama joang? Nahana kamoo mohlala oa Eunise o ileng oa ama moapostola Pauluse kateng. O ile a ngola hore tumelo ea Timothea e se nang boikaketsi e ile ea “lula pele ho . . . Eunise.” (2 Tim. 1:5) Pauluse o qalile ho bona tumelo ea Eunise neng? Mohlomong o ile a kopana le Loise le Eunise Lystra ha a le leetong la hae la pele la boromuoa ’me e ka ’na eaba o ile a ba thusa ho ba Bakreste. (Lik. 14:​4-18) Nahana feela: Ha Pauluse a ngolla Timothea lilemo tse 15 hamorao, o ne a ntse a hopola liketso tsa Eunise tse bontšang hore o na le tumelo ’me o ile a re ke mohlala o motle o ka etsisoang. Ho hlakile hore mohlala oa hae o ile oa khothatsa moapostola enoa haholo ’me mohlomong o ile oa khothatsa le Bakreste ba bang ba bangata ba neng ba phela mehleng eo. Haeba u holisa bana u se na molekane kapa uena le molekane oa hao ha le bolumeling bo le bong, kholiseha hore mohlala oa hao o matlafatsa batho ba bang ebile oa ba susumetsa.

Ho nka nako ho thusa bana hore ba rate Jehova. U se ke oa tela (Sheba serapa sa 17)

17. U lokela ho etsa joang ha ngoana oa hao a sa batle ho sebeletsa Jehova le hoja u sebelitse ka thata ho mo ruta ka eena?

17 U ka etsa joang haeba ho bonahala eka boiteko ba hao ba ho thusa ngoana oa hao ha bo atlehe? Hopola hore ho ruta ngoana ho nka nako. Joalokaha ho bontšitsoe setšoantšong, ha u jala peo ka linako tse ling u ka ipotsa hore na e tla hola ebe e behe litholoana. Le hoja u ke ke oa etsa hore semela se behe litholoana, u tsoela pele u se nosetsa e le hore se tle se hole. (Mar. 4:​26-29) Ka tsela e tšoanang, ka linako tse ling ’mè a ka ’na a ipotsa hore na boiteko ba hae ehlile bo thusa bana ba hae ho rata Jehova. U ke ke oa etsetsa bana ba hao liqeto. Empa ha u tsoela pele ho etsa sohle seo u ka se khonang ho ba ruta, u ba fa monyetla oa hore e be metsoalle ea Molimo.​—Liprov. 22:6.

ITŠETLEHE KA THUSO EA JEHOVA

18. Jehova a ka thusa bana ba hao joang hore e be metsoalle ea hae?

18 Haesale ho tloha khale Jehova a thusa bana hore e be metsoalle ea hae. (Pes. 22:​9, 10) A ka thusa le bana ba hao hore e be metsoalle ea hae haeba ba rata. (1 Bakor. 3:​6, 7) Esita le haeba bana ba hao ba sa sebeletse Jehova ka lipelo tsohle, o tla tsoela pele a ba rata. (Pes. 11:4) Haeba ba etsa lintho tse bontšang hore ba batla ho thabisa Jehova, o ikemiselitse ho ba thusa ho ba metsoalle ea hae. (Lik. 13:​48; 2 Likron. 16:9) O tla u thusa ho bua ntho e loketseng ka nako e nepahetseng eo bana ba hao ba hlokang ho e utloa ka eona. (Liprov. 15:​23) Kapa a ka susumetsa mora kapa morali oabo rona ka phuthehong ho ba bontša botsoalle. Esita leha bana ba hao ba se ba holile, Jehova a ka ba hopotsa lintho tseo u ba rutileng tsona ha ba ntse ba hola. (Joh. 14:​26) Jehova o tla u putsa ha u ntse u tsoela pele ho koetlisa bana ba hao ka lintho tseo u li buang le tseo u li etsang.

19. Ke hobane’ng ha u ka kholiseha hore Jehova o tla u amohela?

19 Jehova o tla tsoela pele a u rata ho sa tsotellehe hore na bana ba hao ba etsa liqeto life. Oa u rata hobane le uena oa mo rata. Haeba u motsoali ea holisang bana u le mong, Jehova o tšepisa hore e tla ba Ntate oa bana ba hao hape e be Mosireletsi oa hao. (Pes. 68:5) Bana ke bona ba ka iketsetsang qeto ea hore na ba tla sebeletsa Jehova kapa che. Empa Jehova o tla u rata haeba u ikitlaetsa ebile u tsoela pele ho ba le tšepo ea hore o tla u thusa.

PINA EA 134 Bana ke Letlotlo

^ ser. 5 Sehloohong sena re tla bua ka seo bo-’mè ba Bakreste ba ka ithutang sona mohlaleng oa Eunise ’mè oa Timothea le hore na ba ka thusa bana ba bona joang hore ba tsebe Jehova le ho mo rata.

^ ser. 4 Mabitso a mang a fetotsoe.

^ ser. 9 Ka mohlala, sheba thuto ea 50 bukeng ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! le sehlooho se reng “Litlhahiso Tsa se ka Ithutoang Nakong ea Borapeli ba Lelapa le Thuto ea Botho,” ho Molula-Qhooa oa August 15, 2011, maq. 6-7.