Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 17

Bomme, Ithuteng Mohlaleng wa Eunise

Bomme, Ithuteng Mohlaleng wa Eunise

“O se ke wa furalla molao wa mmao. Etswe ke moqhaka o kgahlehang hloohong ya hao le sefaha se setle molaleng wa hao.”​—LIPROV. 1:8, 9.

PINA YA 137 Basadi ba Tshepahalang, Baradibabo Rona ba Bakreste

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

Eunise e leng mme wa Timothea le nkgono wa hae Loise ba motlotlo ebile ba thabile haholo ha ba mo bona a kolobetswa (Sheba serapa sa 1)

1, 2. (a) Eunise e ne e le mang, hona ke bothata bofe boo a ileng a kopana le bona? (b) Hlalosa setshwantsho se ka ntle.

 LE HOJA Bibele e sa re letho ka ho kolobetswa ha Timothea, re se re ka inahanela feela hore na mme wa hae Eunise o ne a thabile hakaakang letsatsing leo. (Liprov. 23:25) A ko mo nahane a le motlotlo haholo, a shebile Timothea a eme ka metsing. O a bososela ha Loise e leng nkgono wa Timothea a atamela pela hae mme a mo tshwara. O a hlollwa ha Timothea a dikela ka metsing. Ho utlwahala modumo wa metsi ha Timothea a hlahella ka hodima wona a bososela. Mme wa hae o sitwa ho ithiba mme o a lla ke thabo. Le hoja ho ne ho se bonolo, Eunise o atlehile ho ruta mora wa hae ho rata Jehova le Mora wa hae, Jesu Kreste. Ke mathata afe ao a ileng a kopana le ona ha a ntse a ruta mora wa hae?

2 Batswadi ba Timothea ba ne ba se bodumeding bo le bong. Ntate wa hae e ne e le Mogerike ha nkgono wa hae le mme wa hae bona e ne e le Bajuda. (Lik. 16:1) E ka nna yaba Timothea e ne e ntse e le motjha ha Eunise le Loise e eba Bakreste. Empa ntate wa hae yena ha ya ka ya eba Mokreste. Ebe Timothea o ne a tla etsang? E tlameha ebe o ne a hodile ho lekana hore a ka iketsetsa diqeto. Jwale na o ne a tla nka lehlakore la ntate wa hae? Kapa na e ne e tla ba Mokreste?

3. Ho latela Liproverbia 1:8, 9, Jehova o nka mosebetsi oo bomme ba o etsang wa ho thusa bana ba bona hore e be metswalle ya hae jwang?

3 Bomme ba Bakreste mehleng ena le bona ba rata malapa a bona. Ntho e ka sehloohong eo ba e batlang ke ho thusa bana ba bona hore ba be le setswalle se haufi le Jehova mme Jehova Modimo wa rona o ananela boiteko bohle boo ba bo etsang. (Bala Liproverbia 1:8, 9.) Jehova o thusitse bomme ba bangata ho ruta bana ba bona ho mo rata le ho mo sebeletsa.

4. Bomme ba kopana le mathata afe mehleng ee?

4 Ka tlhaho, bomme ba tshwenyeha ka hore na bana ba bona ba tla kgetha ho sebeletsa Jehova jwalo ka ha Timothea a entse. Batswadi ba tseba hantle kgatello eo bana ba kopanang le yona lefatsheng lena la Satane. (1 Pet. 5:8) Hape bomme ba bangata ha ba na balekane ba ba thusang ho hodisa bana kapa balekane ba bona ha ba sebeletse Jehova. Mohlala, Moradiwabo rona Christine * o re: “Monna wa ka e ne e le ntate ya molemo a bile a rata lelapa la hae. Empa o ne a sa batle ha ke thusa bana ba rona hore e be Dipaki Tsa Jehova. Ka dilemo tse ngata ke ne ke lla, ke ipotsa hore na ebe bana ba ka ba tla qetella ba sebeleditse Jehova.”

5. Re tla hlahloba eng sehloohong see?

5 Haeba o mme wa Mokreste, le wena jwalo ka Eunise o ka kgona ho thusa bana ba hao ho rata Jehova le ho mo sebeletsa. Sehloohong sena re tla buisana ka hore na o ka etsisa mohlala wa hae jwang ho ruta bana ba hao ka seo o se buang le seo o se etsang. Re tla boela re hlahlobe ka moo Jehova a tla o thusa ka teng.

RUTA BANA BA HAO KA SEO O SE BUANG

6. Jwalo ka ha ho bontshitswe ho 2 Timothea 3:14, 15, ho tlile jwang hore Timothea e be Mokreste?

6 Ha Timothea e sa le moshanyana, mme wa hae o ile a sebetsa ka thata ho mo ruta “dingolwa tse halalelang” ho ya ka moo Bajuda ba neng ba di utlwisisa ka teng. Ke nnete hore tsebo ya mme wa Timothea e ne e fokola hobane o ne a sa tsebe letho ka Jesu Kreste. Ho ntse ho le jwalo, thuto eo Timothea a ileng a e fumana ka Mangolong e ne e lekane ho mo thusa hore e be Mokreste. Empa na e ne e tla ba Mokreste? Ha e se e le mohlankana, o ne a ena le tokelo ya ho ikgethela hore na e tla ba Mokreste. Ho hlakile hore mme wa Timothea o ile a nka karolo ho mo ‘susumelletsa ho dumela’ dithuto tse mabapi le Jesu. (Bala 2 Timothea 3:14, 15.) E tlameha ebe Eunise o ne a thabile hakaakang hore ebe o ile a ruta mora wa hae ka Jehova le hoja ho ne ho se bonolo! Jwalo ka ha lebitso la hae le bolela “tlholo,” Eunise o ile a fela a hlola mathata e le hore a ka ruta Timothea ho rata Jehova le ho mo sebeletsa.

7. Eunise o ne a ka thusa mora wa hae jwang le ka mora hore a kolobetswe?

7 Ha Timothea a ne a kolobetswa, o ile a fihlela mohato wa bohlokwa haholo bophelong ba hae. Empa mme wa hae o ne a ntse a tshwenyehile ka yena le ka mora hore a kolobetswe. O ne a tshwenyehile ka hore na Timothea o tla qeta bophelo ba hae a etsa eng. Na o ne a tla tlwaelana le batho ba neng ba tla ba le tshusumetso e mpe ho yena? Na o ne a tla ya sekolong Athene mme a amohele dithuto tsa filosofi tsa bohetene tse rutwang moo? Na o ne a tla senya nako, matla le mahlahahlaha a hae a botjha a sebeletsa hore a rue? Eunise o ne a ke ke a etsetsa Timothea diqeto empa o ne a ka mo thusa. Jwang? O ne a ka tswela pele ho sebetsa ka thata ho ruta mora wa hae ho rata Jehova haholo le ho ananela dintho tsohle tseo Jehova le Mora wa hae ba di etseditseng lelapa. Ha se batswadi bao balekane ba bona eseng barapedi ba Jehova feela ba kopanang le mathata ha ba thusa bana ba bona ho rata Jehova. Le ha batswadi ka bobedi ba sebeletsa Jehova, ho ntse ho ka ba thata ho thusa bana ba bona hore ba sebeletse Jehova. Batswadi ba ka ithuta eng mohlaleng wa Eunise?

8. Mme a ka thusa monna wa hae jwang ho ruta bana ka Jehova?

8 Ithute Bibele le bana ba hao. Bomme ba Bakreste, haeba balekane ba lona ke Dipaki, Jehova o batla hore le ba thuse ho ruta bana ba lona ka yena. Le ka ba thusa ka hore le tshehetse Borapedi ba Lelapa ka mehla. O se ke wa tshwaya Borapedi ba Lelapa diphoso, ho ena le hoo, nahana ka hore na o ka etsa eng hore bo be monate. Mohlomong o ka thusa monna wa hao ho lokisetsa hore na le tla etsa eng Borapeding ba Lelapa. Hape haeba bana ba lona ba hodile ho lekana hore ba ka ithuta buka ya O ka Thaba ka ho sa Feleng! wena le monna wa hao le ka ba ruta.

9. Mme eo monna wa hae eseng Paki a ka fumana thuso hokae?

9 Bomme ba bang ba tlameha ho ithuta Bibele le bana ba bona hobane ba se na balekane kapa balekane ba bona e se Dipaki Tsa Jehova. Haeba ho jwalo lelapeng la hao, o se ke wa tshwenyeha haholo. Jehova o tla o thusa. Sebedisa dithulusi tseo Jehova a fanang ka tsona a sebedisa mokgatlo wa hae hore o rute bana ba hao. O ka kopa batswadi ba nang le boiphihlelo ba ho hodisa bana hore ba o fe ditlhahiso tsa ka moo o ka sebedisang dithulusi tsena borapeding ba lelapa. * (Liprov. 11:14) O ka kopa Jehova hore a o thuse ho sebedisa dipotso ka tsela e bohlale ho fumana hore na bana ba hao ba ikutlwa jwang le hore na ba nahana eng. (Liprov. 20:5) O ka ba botsa wa re: ‘Ke mathata afe ao le kopanang le ona sekolong?’ e le ho qala puisano e ka o thusang ho ithuta dintho tse ngata ka bana ba hao.

10. Ke eng hape eo o ka e etsang ho thusa bana ba hao ho ithuta ka Jehova?

10 Batla ditsela tsa ho ruta bana ba hao ka Jehova. Bua ka Jehova le ka dintho tse ngata tseo a o etseditseng tsona. (Deut. 6:6, 7; Esa. 63:7) Ho etsa jwalo ke ha bohlokwa, haholoholo ha le sa kgone ho ithuta ka mehla le bana ba hao ha le le lapeng. Christine eo re buileng ka yena pejana o re: “Ka ha ke ne ke ena le menyetla e fokolang ya ho buisana le bana ba ka ka Jehova, ke ile ka sebedisa monyetla o mong le o mong o hlahang ho bua le bona ka yena. Re ne re otlolla maoto kapa ke palama le bona ka seketswaneng ebe ke bua le bona ka popo ya Jehova le ka dintho tse ngata tse ka ba thusang hore e be metswalle ya hae. Ha bana ba ka ba se ba hodile ho lekana, ke ile ka ba kgothalletsa hore ba ipalle Bibele ka bobona.” Ho ekeletsa moo, bua dintho tse ntle ka mokgatlo wa Jehova le ka bara le baradibabo rona. O se ke wa tshwaya baholo diphoso. Dintho tseo o di buang ka baholo di ka thusa bana ba hao hore ba bue le bona ha ba hloka thuso.

11. Ho latela Jakobo 3:18, ke hobaneng ha e le ha bohlokwa ho etsa hore ho be le kgotso ka lapeng?

11 Kgothalletsa kgotso ka lapeng. Ka mehla bontsha monna wa hao le bana hore o a ba rata. Bua ka mosa le tlhompho ha o bua ka monna wa hao o be o rute bana ba hao hore le bona ba etse jwalo. Ha o etsa jwalo ho tla ba bonolo hore bana ba hao ba ithute ka Jehova. (Bala Jakobo 3:18.) Nahana ka Jozsef eo e leng pulamadiboho e kgethehileng ya Romania. Ha a ntse a hola, ntate wa hae o ile a thatafaletsa yena, mme wa hae le bana babo ho sebeletsa Jehova. Jozsef o re: “Mme wa ka o ne a sebetsa ka thata hore ho be le kgotso ka lapeng. Ha ntate wa ka a ne a eba bohale haholo, mme wa ka o ne a eba bonolo le ho feta. Ha a ne a hlokomela hore re thatafallwa ke ho hlompha le ho mamela ntate wa rona, o ne a buisana le rona ka Baefese 6:1-3. Ka mora moo o ne a bua ka makgabane ao ntate wa rona a nang le ona mme o ne a re thusa ho utlwisisa hore na ke hobaneng ha re lokela ho mo ananela. Taba eo e ile ya etsa hore ho be le kgotso ka lapeng.”

RUTA BANA BA HAO KA SEO O SE ETSANG

12. Ho ya ka 2 Timothea 1:5, mohlala wa Eunise o ile wa ama Timothea jwang?

12 Bala 2 Timothea 1:5. Eunise o ile a behela Timothea mohlala o motle. O ne a mo rutile hore tumelo ya nnete e bonahatswa ka diketso. (Jak. 2:26) Timothea o ne a bona ka ho hlakileng hore diketso tsa mme wa hae di susumetswa ke ho rata Jehova haholo. O ne a hlokomela hore mme wa hae o thabiswa ke ho sebeletsa Jehova. Mohlala wa Eunise o ile wa ama Timothea jwang? Moapostola Pauluse o ile a re Timothea o ne a ena le tumelo e matla jwalo ka mme wa hae. Ha ho a ka ho a iketsahalla feela hore Timothea a be le tumelo. O ne a bone mohlala wa mme wa hae mme a etsa qeto ya ho o latela. Ka ho tshwanang, bomme ba bangata mehleng ena ba thusitse malapa a bona ho sebeletsa Jehova “ka ntle ho lentswe.” (1 Pet. 3:1, 2) O ka etsa se tshwanang. Jwang?

13. Ke hobaneng ha Mme a lokela ho etsa hore setswalle sa hae le Jehova e be ntho e tlang pele?

13 Etsa hore setswalle sa hao le Jehova e be ntho e tlang pele. (Deut. 6:5, 6) Le wena jwalo ka bomme ba bangata o tela dintho tse ngata. O tela nako, tjhelete, boroko le dintho tse ding ho hlokomela ditlhoko tsa bana ba hao. Empa ha o a lokela ho phathahana haholo hoo o ka salang o se na nako ya ho matlafatsa setswalle sa hao le Jehova. Ka mehla behella ka thoko nako ya ho rapela moo o leng mong, ho ithuta Bibele le ho ya dibokeng. Ka ho etsa jwalo, o tla atamela haufi le Jehova hape o tla beha mohlala o motle bakeng sa lelapa la hao le batho ba bang.

14, 15. O ithutang mohlaleng wa Leanne, Maria, le João?

14 Nahana ka mehlala ya bana ba ileng ba ithuta ho rata Jehova le ho mo tshepa ka ho sheba mohlala wa bomme ba bona. Moradi e moholo wa Christine e leng Leanne o re: “Re ne re sa kgone ho ithuta Bibele ha ntate wa rona a le teng hae. Empa mme wa rona o ne a ya dibokeng ka mehla. Le hoja re ne re sa tsebe Bibele hakaalo, dintho tseo a ileng a di etsa di ile tsa re thusa ho ba le tumelo e matla. Re ile ra tseba hore Dipaki Tsa Jehova di ruta nnete nako e telele le pele re ka ya dibokeng.”

15 Ka dinako tse ding ntate wa Maria o ne a otla Mme le bana ha ba tswa dibokeng. Maria o re: “Mme wa ka ke e mong wa baradibabo rona ba sebete ka ho fetisisa bao ke ba tsebang. Ha ke sa le ngwana, ka dinako tse ding ke ne ke hana ho etsa dintho hobane ke tshaba hore na batho ba bang ba tla reng. Empa ho bona ka moo a neng a le sebete ka teng le ka moo a neng a beha Jehova pele bophelong ba hae ho ile ha nthusa hore ke se ke ka tshaba batho.” João, eo ntate wa hae a neng a ba hanela ho bua ka Bibele kapa Jehova ha ba le lapeng o re: “Ntho e ileng ya nthusa haholo ke ho hlokomela hore mme wa ka o ne a ikemiseditse ho tela ntho e nngwe le e nngwe e le hore a kgahlise ntate wa ka, empa eseng lerato la hae ho Jehova.”

16. Mohlala o motle wa Mme o ka ama batho ba bang jwang?

16 Bomme, hopolang hore mohlala wa lona o ama batho ba bang. O ba ama jwang? Nahana ka moo mohlala wa Eunise o ileng wa ama moapostola Pauluse ka teng. O ile a ngola hore tumelo ya Timothea e se nang boikaketsi e ile ya “dula pele ho . . . Eunise.” (2 Tim. 1:5) Pauluse o qadile ho bona tumelo ya Eunise neng? Mohlomong o ile a kopana le Loise le Eunise Lystra ha a le leetong la hae la pele la boromuwa mme e ka nna yaba o ile a ba thusa ho ba Bakreste. (Lik. 14:4-18) Nahana feela: Ha Pauluse a ngolla Timothea dilemo tse 15 ha morao, o ne a ntse a hopola diketso tsa Eunise tse bontshang hore o na le tumelo mme o ile a re ke mohlala o motle o ka etsiswang. Ho hlakile hore mohlala wa hae o ile wa kgothatsa moapostola enwa haholo mme mohlomong o ile wa kgothatsa le Bakreste ba bang ba bangata ba neng ba phela mehleng eo. Haeba o hodisa bana o se na molekane kapa wena le molekane wa hao ha le bodumeding bo le bong, kgodiseha hore mohlala wa hao o matlafatsa batho ba bang ebile o a ba susumetsa.

Ho nka nako ho thusa bana hore ba rate Jehova. O se ke wa tela (Sheba serapa sa 17)

17. O lokela ho etsa jwang ha ngwana wa hao a sa batle ho sebeletsa Jehova le hoja o sebeditse ka thata ho mo ruta ka yena?

17 O ka etsa jwang haeba ho bonahala eka boiteko ba hao ba ho thusa ngwana wa hao ha bo atlehe? Hopola hore ho ruta ngwana ho nka nako. Jwalo ka ha ho bontshitswe setshwantshong, ha o jala peo ka dinako tse ding o ka ipotsa hore na e tla hola ebe e behe ditholwana. Le hoja o ke ke wa etsa hore semela se behe ditholwana, o tswela pele o se nosetsa e le hore se tle se hole. (Mar. 4:26-29) Ka tsela e tshwanang, ka dinako tse ding Mme a ka nna a ipotsa hore na boiteko ba hae ehlile bo thusa bana ba hae ho rata Jehova. O ke ke wa etsetsa bana ba hao diqeto. Empa ha o tswela pele ho etsa sohle seo o ka se kgonang ho ba ruta, o ba fa monyetla wa hore e be metswalle ya Modimo.​—Liprov. 22:6.

ITSHETLEHE KA THUSO YA JEHOVA

18. Jehova a ka thusa bana ba hao jwang hore e be metswalle ya hae?

18 Haesale ho tloha kgale Jehova a thusa bana hore e be metswalle ya hae. (Pes. 22:9, 10) A ka thusa le bana ba hao hore e be metswalle ya hae haeba ba rata. (1 Bakor. 3:6, 7) Esita le haeba bana ba hao ba sa sebeletse Jehova ka dipelo tsohle, o tla tswela pele a ba rata. (Pes. 11:4) Haeba ba etsa dintho tse bontshang hore ba batla ho thabisa Jehova, o ikemiseditse ho ba thusa ho ba metswalle ya hae. (Lik. 13:48; 2 Likron. 16:9) O tla o thusa ho bua ntho e loketseng ka nako e nepahetseng eo bana ba hao ba hlokang ho e utlwa ka yona. (Liprov. 15:23) Kapa a ka susumetsa mora kapa moradiwabo rona ka phuthehong ho ba bontsha botswalle. Esita le ha bana ba hao ba se ba hodile, Jehova a ka ba hopotsa dintho tseo o ba rutileng tsona ha ba ntse ba hola. (Joh. 14:26) Jehova o tla o putsa ha o ntse o tswela pele ho kwetlisa bana ba hao ka dintho tseo o di buang le tseo o di etsang.

19. Ke hobaneng ha o ka kgodiseha hore Jehova o tla o amohela?

19 Jehova o tla tswela pele a o rata ho sa tsotellehe hore na bana ba hao ba etsa diqeto dife. O a o rata hobane le wena o a mo rata. Haeba o motswadi ya hodisang bana o le mong, Jehova o tshepisa hore e tla ba Ntate wa bana ba hao hape e be Mosireletsi wa hao. (Pes. 68:5) Bana ke bona ba ka iketsetsang qeto ya hore na ba tla sebeletsa Jehova kapa tjhe. Empa Jehova o tla o rata haeba o ikitlaetsa ebile o tswela pele ho ba le tshepo ya hore o tla o thusa.

PINA YA 134 Bana ke Letlotlo le Tswang ho Modimo

^ Sehloohong sena re tla bua ka seo bomme ba Bakreste ba ka ithutang sona mohlaleng wa Eunise mme wa Timothea le hore na ba ka thusa bana ba bona jwang hore ba tsebe Jehova le ho mo rata.

^ Mabitso a mang a fetotswe.

^ Ka mohlala, sheba thuto ya 50 bukeng ya O ka Thaba ka ho sa Feleng! le sehlooho se reng “Ditlhahiso Tsa se ka Ithutwang Nakong ya Borapedi ba Lelapa le Thuto ya Botho,” ho Molula-Qhooa wa August 15, 2011, maq. 6-7.